This corpus kindly provided for the Dasher project by:
De Schryver, Gilles-Maurice. 2002. Web for/as Corpus: A Perspective for the African Languages. Nordic Journal of African Studies 11/2: 266-282. 

http://www.up.ac.za/academic/libarts/afrilang/webtocorpus.pdf

SOUTH AFRICAN QUALIFICATIONS AUTHORITY ACT, NO.58 OF 1995OFISI YA MOPRESIDENTE
No. 1521. 4 Mphalane 1995
Nomoro ya 16725 LESEDINYANA LA DITSEBISO TSA MMUSO LA LA 4 MPHALANE 1995
Molao wa nomoro ya mashome a mahlano a metso e robedi selemong sa 1995: MOLAO WA 
BOLAODI BA MANGOLO A THUTO WA SELEMO SA 1995
Ho etswa tsebiso mona hore Mopresidente wa naha o dumelletse tshebediso ya Molao 
o latelang o phatlalatswang mona hore motho e mong le e mong a tsebe ka ona: -
MOLAO
Ho kgothaletsa tshebediso le ntshetsopele ya Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a 
Thuto mme ka lona lebaka lena ho thehwa Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa 
le ho sebetsana le ditaba tse amanang le molao ona.
(Sengolwa se ngotsweng ka senyesemane se saenetswe ke Mopresidente).(Tumello ya 
sona ya etswa ka la 28 Lwetse 1995.)
MOLAO ona o lokela ho sebediswa ke Palamente ya Afrika Borwa ka tsela ena e 
latelang: -
Ditlhaloso
  Mantswe a latelang a tla hlaloswa ka tsela ena e latelang Molaong ona haese 
  feela ha ditaba tseo a sebedisitsweng ho tsona di fetohile - 
    Lentswe lena "Bolaodi" le bolela Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa e 
    leng bolaodi bo thehilweng ho latela karolwana ya boraro: (viii) 
    "Kopanelo" ke lentswe le bolelang kopanelo kapa tshebedisano kgwebong e 
    ngodisitsweng ka molao ofe kapa ofe mme e fana ka thuto kapa thupelo ho 
    basebetsi ba yona: (v) 
    "Mookamedi-kakaretso" ke lentswe le bolelang Mookamedi-kakaretso wa Thuto; 
    (i) 
    Ka "Letona" ho bolelwa Letona la Thuto mme mabapi le ditaba tse hlahellang 
    dikarolong tsa 4(2), 4(3), 4(4), 4(5), 4(6), 5(1)(c), 11, 13(2), 14 le 15(2) 
    Letona la Thuto le sebedisana le Letona la Mesebetsi; (vi) 
    Ka "Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thuto" ho bolelwa Moralo wa Setjhaba wa 
    Mangolo a Thuto o dumelletsweng ke Letona bakeng sa ngodiso ya dihlopha tsa 
    thuto le mangolo a thuto; (vii) 
    "mosebetsi wa botitjhere" ho bolelwa mokgatlo kapa kopano eo e leng setho sa 
    Lekgotla la Dikamano Mesebetsing ya Thuto ho latela Molao wa Dikamano 
    Mesebetsing ya Thuto e le Molao wa nomoro ya lekgolo, mashome a mane a metso 
    e tsheletseng wa selemo sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a 
    metso e meraro mme o ananelwa ke Letona ho latela ona Molao ona: (ii) 
    "ho laela" ho bolelwa ho laela ka ho sebedisa molawana; (x) 
    ka "lengolo la thuto" ho bolelwa kananelo ya phumano ya palo e itseng ya 
    matshwao esita le ditshwanelo tse ding tsa boemo bo itseng ba thuto ho 
    latela Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thuto kamoo mekgatlo e fapaneng e ka 
    laolang ka teng e ngodisitsweng ho phetha morero ona ke Bolaodi ba Mangolo a 
    Thuto mona Afrika Borwa; (iv) 
    Ka "ngodiso" ho bolelwa hore e ngodisitswe ho latela Moralo wa Setjhaba wa 
    Mangolo a Thuto; (iii) 
    "sehlopha" ho bolelwa boemo bo itseng bo lebeletsweng thutong le thupelo 
    ekasitana le mekgwa e bo amang ya hlahlobo. (ix) 
Sepheo sa Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thuto
  Sepheo sa Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thuto ke sena se latelang: 
    ho etsa maralo o kopaneng kapa o akaretsang wa manane a thuto; 
    ho akofisa, ho ntshetsa pele le ho tiisa tswelopele ka hare ho thuto, 
    thupelo esita le bokamoso ba mesebetsi e fapaneng; 
    ho phahamisa katleho le boleng ba thuto le thupelo bo kgabileng; 
    ho potlakela ho rarolla mathata a bakilweng ke kgethollo e bileng teng ka 
    nko e fetileng mesebetsing ya thuto, thupelo le ho latela menyetla e 
    fapaneng ya mesebetsi; mme ka hona 
    ho kgothaletsa tswelopele ya moithuti e mong le e mong esita le tswelopele 
    ya setjhaba le moruo wa sona ka kakaretso. 
Ho thehwa ha Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa
  Mona ho thehwa lekgotla le laolang le bitswang Bolaodi ba Mangolo a Thuto 
  Afrika Borwa. 
Molao wa Motheo wa Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa
  (1) Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo tla ba le modulasetulo ya tla 
  amohelwa mosebetsing ho latela karolwana ya bobedi, ditho tsa bolaodi tsona di 
  tla amohelwa ho latela karolwana ya boraro le ya bone, athe mohlanka wa 
  lekgotla la phethahatso yena o tla amohelwa mosebetsing ho latela karolwana ya 
  bosupa. 
  (2) Letona le tla amohela motho ya nang le boiphihlelo le boitsebelo bo 
  phethahetseng mabapi le ditaba tse amang mesebetsi ya Bolaodi ba Mangolo a 
  Thuto Afrika Borwa hore e be modulasetulo wa Bolaodi.
  (3) Letona le tla amohela batho ba latelang hore e be ditho tsa Bolaodi ba 
  Mangolo a Thuto Afrika Borwa ka tsela e boletsweng karolwaneng ya bone -
    setho se le seng se thonngwa ke Mookamedi-kakaretso; 
    setho se le seng se thonngwa ke dihlooho tse fapaneng tsa mafapha a thuto a 
    porofense; 
    setho se le seng se thonngwa ke Mookamedi-kakaretso wa Lefapha la Mesebetsi 
    setho se le seng se thonngwa ke Lekgotla la Setjhaba la Thupelo 
    ditho tse pedi di thonngwa ke mekgatlo e emetseng mesebetsi e fapaneng; 
    ditho tse pedi di thonngwa ke mekgatlo e emetseng mesebetsi ya kgwebo; 
    setho se le seng se thonngwa ke Komiti ya Dihlooho tsa Diyunivesithi e 
    thehilweng ho latela karolo ya botshelela ya Molao wa Diyunivesithi wa 
    selemo sa sekete, makgolo a robong, mashome a mahlano a metso e mehlano 
    (Molao wa nomoro ya mashome a tsheletseng a motso o mong wa selemo sa 
    sekete, makgolo a robong, mashome a mahlano a metso e mehlano); 
    setho se le seng se thonngwa ke Lekgotla la Dihlooho tsa Dithekenikono le 
    thehilweng ho latela karolwana ya bobedi ya Molao wa Dithekenikono wa selemo 
    sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e meraro (Molao wa 
    lekgolo, mashome a mabedi le metso e mehlano wa selemo sa sekete, makgolo a 
    robong, mashome a robong a metso e meraro); 
    setho se le seng se thonngwang lekgotla la setjhaba le emelang dihlooho tsa 
    dikolo tsa thupelo ya matitjhere mme lekgotla leo le ananelwa ke Letona 
    bakeng sa morero ona; 
    setho se le seng se thonngwang lekgotla la setjhaba le emelang dihlooho tsa 
    dikolo tsa thupelo ya mesebetsi ya matsoho mme lekgotla leo le ananelwa ke 
    Letona bakeng sa morero ona; 
    setho se le seng se thonngwang makgotla a setjhaba a emelang dikolo tsa 
    thupelo kantle ho thupelo ya matitjhere le thupelo ya mesebetsi ya matsoho 
    mme makgotla ana a ananelwa ke Letona bakeng sa morero ona; 
    setho se le seng se thonngwang makgotla a setjhaba a emelang thuto ya motheo 
    esita le thupelo ya batho ba baholo mme makgotla ao a ananelwa ke Letona 
    bakeng sa morero ona; 
    setho se le seng se thonngwa ke makgotla a setjhaba a emelang ntshetsopele 
    ya ngwana ya ntseng a hola mme makgotla ao a ananelwa ke Letona bakeng sa 
    morero ona; 
    ditho tse pedi tse thonngwang ke lefapha la mesebetsi ya thuto ya 
    botitjhere, 
    ditho tse pedi tse thonngwang ke makgotla a setjhaba a emelang barupedi mme 
    makgotla ao a ananelwa ke Letona bakeng sa morero ona; 
    setho se le seng se thonngwang ke makgotla a setjhaba a emelang thuto e 
    ikgethileng, thuto ya batho ba nang le ditlhoko tse ikgethileng mme makgotla 
    ao a ananelwa ke Letona bakeng sa morero ona; 
    batho ba sa feteng palo ya botshelela ba kgethwang ke Letona kamoo a ka 
    fumang ho lokela ka teng; 
    ditho tse sa feteng bobedi tse kenyeleditsweng Bolaoding bona ke Bona 
    Bolaodi ba Mangolo a thuto Afrika Borwa kaho rata ha Bolaodi mme mabitso ana 
    a hlahisitswe ho Letona bakeng sa kananelo le kamohelo. 
  (4) Bakeng sa ho fumana batho ba ka thonngwang ho ba ditho tsa Bolaodi jwalo 
  ka ha ho boletswe karolwaneng ya boraro, Letona le tla tsebisa Lesedinyaneng 
  la Ditsebiso tsa mmuso hore o batla batho ba ka kgethelwang ho ba ditho tsa 
  Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa. Ka lebaka lena Letona le tla kopa 
  lekgotla kapa mokgatlo ofe kapa ofe ho e boletsweng karolwaneng ya boraro hore 
  ba hlahise mabitso a batho bao ka lebaka la boiphihlelo le boitsebelo ba bona 
  malebana le mesebetsi ya Bolaodi bona ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa ba ka 
  lokelang ho ba ditho tsa Bolaodi. Ha mabitso ana a se a fumanwe, ho tla 
  tadingwa boemedi, ke ho re, mabitso ana a emetse makgotla kapa mekgatlo efe ho 
  e boletsweng ka hodimo.
  (5) Bakeng sa ho thonya batho ho latela seratswana sa (n) sa karolwana ya 
  boraro, ho tla thonngwa feela motho a le mong bakeng sa mokgatlo o mong le o 
  mong o emetsweng.
  (6) Setho sa Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa se tla ba le hona ho 
  sebetsa Bolaoding bona nako e sa feteng dilemo tse tharo. Nako ena e tla 
  laolwa ke Letona ka nako eo setho se amohelwang mosebetsing ona wa bohlokwa. 
  Setho sona seo se ka boela sa amohelwa hape nako e lekanang le ya pele ha nako 
  ya hae eo a neng a e abetswe pele e se e fedile.
  (7) Ha Letona le lokela ho tlatsa sekgeo se hlahileng Bolaoding bona ba 
  Mangolo a Thuto Afrika Borwa, le tla sebetsa ho ya ka boemedi ba makgotla kapa 
  mekgatlo e hlahellang karolwaneng ya boraro.
  (8) Ditho tse bolelwang karolwaneng ya bobedi le ya boraro di tla amohela 
  motho ya itseng ho ba setho sa lekgotla la phethahatso ho ya ka tse 
  lebeletsweng ke Bolaodi ba Mangolo a thuto Afrika Borwa. Kamohelo ena e tla 
  amohelwa le ho tiiswa ke Letona la Thuto mme le sebedisana le Letona la 
  Ditjhelete.
Mesebetsi ya Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa
  (1) Ho ya ka ditaelo tse hlahisitsweng karolwaneng ya bobedi, Bolaodi ba 
  Mangolo a Thuto mona Afrika Borwa bo tla - 
    (i) hlokomela hore ho be le tswelopele mesebetsing ya Moralo wa Setjhaba wa 
    Mangolo a Thuto; le hore 
    (ii Bolaodi bo etsa le ho phatlalatsa maano le mekgwa ya tataiso bakeng sa -
      ngodiso ya mekgatlo e ikarabelang bakeng sa ho theha dihlopha tse itseng 
      tsa thuto le mangolo a itseng a thuto; le 
      kananelo ya mekgatlo e ikarabelang bakeng sa ho hlokomela le ho lekola 
      katleho ya tse fihleletsweng ke dihlopha le mangolo ao a thuto; 
    ho hlokomela hore ho be le tshebediso e phethahetseng ya Moralo wa Setjhaba 
    wa Mangolo a Thuto, mme ho akaretswa le - 
      kamohelo kapa kananelo ya mekgatlo e boletsweng seratswaneng sa (a) le ho 
      ajwa ha mesebetsi e itseng eo mekgatlo ena e lokelang ho e phetha; 
      ngodiso ya dihlopha tsa setjhaba le mangolo a thuto; 
      mehato e lokelang ho latelwa bakeng sa ho hlokomela hore ho ikamahangwe le 
      ditaelo tsa kananelo; le 
      mehato e lokelang ho latelwa hore dihlopha tse itseng thutong esita le 
      mangolo a thuto a itseng a boemong bo tshwanang le boemo ba mangolo a 
      thuto a dikolo tse ding lefatshe ka bophara ba lona; 
    ho eletsa Letona mabapi le ditaba tse amanang le ngodiso ya dihlopha tsa 
    thuto esita le ona mangolo a thuto; le ho 
    ba le boikarabelo ba ho laola ditjhelete tsa Bolaodi ba Mangolo a Thuto 
    Afrika Borwa. 
  (2) Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo tla kgothaletsa hore ho latelwe 
  sepheo sa Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thuto jwalo ka ha se hlahella 
  karolong ya bobedi. Bolaodi bo tla boela bo kgothaletsa hore ho phethwe 
  mesebetsi ya Bolaodi jwalo ka ha e hlahella karolwaneng ya pele -
    kamora ho kopana le ho buisana le mafapha a itseng a mmuso, mekgatlo ya 
    mmuso, dikgwebo tse kgolo, mekgatlo le ditsha tsa thuto tse nang le 
    boikarabelo bo itseng ho tsa thuto, thupelo le ho ntshwa ha mangolo a thuto 
    bakeng sa ho feta dihlopha tse itseng e leng se laolwang ke Moralo wa 
    Setjhaba wa Mangolo a Thuto. 
    ho tlotla le ho ananela bokgoni ba Palamente le makgotla a etsang melao ho 
    latela karolo ya lekgolo, mashome a mabedi a metso e tsheletseng ya Molao wa 
    Motheo, esita le matla le mesebetsi ya makgotla a busang a yunivesithi kapa 
    diyunivesithi le thekenikono kapa tsona dithekenikono jwalo ka ha ho 
    boletswe Molaong ofe kapa ofe wa Palamente. 
Mesebetsi ya mohlanka wa lekgotla la phethahatso
  (1) Mohlanka wa lekgotla la phethahatso o tla - 
    ikarabella ho Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bakeng sa ho phetha 
    mesebetsi ho latela Molao ona; 
    laola le ho lekola mosebetsi wa bahlanka le basebeletsi ba bang ba Bolaodi 
    ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa; le ho ba 
    mohlanka ya hlokomelang ya hlokomelang matlotlo kapa ditjhelete tsa Bolaodi 
    tse keneng, ditefello tse entsweng le thepa e sa tsitsang e rekisitsweng ke 
    Bolaodi. 
  (2) Mohlanka wa lekgotla la phethahatso o tla tshehetswa phethahatsong ya 
  mesebetsi ya hae (ho latela karolwana ya pele) ke bahlanka ba bang esita le 
  basebeletsi ba bang ba Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa ho ya kamoo 
  yena mohlanka wa lekgotla leo la phethahatso a ka fumanang ho tshwaneleha ka 
  teng bakeng sa morero ona.
Boikarabelo ba Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa
  (1) 
    Bolaodi ba Mangolo a thuto Afrika Borwa bo ka theha dikomiti kapa makgotlana 
    mme ba amohela batho bao eseng ditho tsa Bolaodi hore e be ditho tsa 
    makgotlana ana. 
    Bolaodi bo tla amohela modulasetulo bakeng sa lekgotlana le leng le le leng. 

    Bolaodi bo ka fedisa kapa ho tsosolosa lekgotlana botjha. 
    Bolaodi bo ka arola boikarabelo ba bona haese feela boikarabelo bo 
    boletsweng karolong ena lekgotlaneng lefe kapa lefe. Le ha ho le jwalo, 
    matla a Bolaodi a keke a nkuwa ke lekgotlana leo motjhaotjhele mme ke ka 
    hona Bolaodi bona ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo ka fedisang matla ao a 
    adimilweng lekgotlana ka nako efe kapa efe. 
    Bolaodi bo ka etsa sehlomathiso qetong ya lekgotlana kapa ba qhelela qeto    
     eo ya lekgotlana thoko. 
  (2) Bolaodi bo ka rarolla mathata a diqhwebeshano a amanang le phethahatso ya 
  mesebetsi e boletsweng karolong ya bohlano.
  (3) Bolaodi bo ka amohela le ho rekisa matlotlo a bona.
  (4) Bolaodi ba Mangolo a Thuto mona Afrika Borwa bo na le matla a ho laela 
  hore ho etswe diphuputso mabapi le phethahatso ya mesebetsi ya bona haeba ho 
  hlokeha jwalo.
  (5) Bolaodi bo ka phetha mosebetsi ofe kapa ofe oo Letona la Thuto le fumanang 
  o tshwanela ho phethwa mme e le mosebetsi o amang Moralo wa Setjhaba wa 
  Mangolo a Thuto.
Dikopano tsa Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa le makgotlana
  (1) Dikopano tsa Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa kapa dikopano tsa 
  lekgotlana di tla tshwarwa ka dinako le dibaka tseo modulasetulo wa Bolaodi 
  kapa wa lekgotlana a ka laelang ka teng, ho latela se lokelang ho etswa ka 
  nako eo. 
  (2) Tsamaiso ya kopano ya Bolaodi kapa ya lekgotlana e keke ya thunthetswa le 
  ho senngwa ke ho ba siyo ha setho se itseng sa Bolaodi kapa sa lekgotlana ka 
  tsela efe kapa efe.
  (3) Haeba modulasetulo wa Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa kapa wa 
  lekgotlana a le siyo, ditho tse teng kopanong di tla kgetha setho se itseng 
  hara ditho tse teng mohlang oo hore se etelle kopano eo pele letsatsing leo.
  (4) Bolaodi bo ka fana ka melao e amang tsamaiso ya dikopano tsa bona kapa 
  kopano ya lekgotlana esita le palo ya ditho se lokelang ho teng pele kopano e 
  ka qala bakeng sa dikopano tseo.
Ho tswa mosebetsing ha ditho tsa Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa
  Modulasetulo kapa setho sefe kapa sefe sa Bolaodi se boletsweng karolong ya 
  bone (tharo) 4(3) se tla rola marapo kapa ho tswa mosebetsing ona wa Bolaodi 
  haeba - 
    haeba thepa ya hae e jewa kapa haeba a buisana ka tsela e itseng le batho ba 
    mo fang ditjhelete ka tselanyana e itseng; 
    haeba a fumanwa e le motho ya sa phelang hantle kelellong ho latela molao 
    ofe kapa ofe; 
    a ba siyo dikopanong tsa Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa ka makgetlo 
    a mararo ka ntle ho tsebiso ya Bolaodi ka ho se be teng ha hae; 
    haeba a tsebisa Letona ka lengolo hore o itokolla mosebetsing oo; kapa 
    haeba a fumanwa a le molato lekgotleng la dinyewe bakeng sa molato ofe kapa 
    ofe mme a ahlolwa ka ntle le ho lefiswa molato oo nakong eo a ntseng a le 
    tshebetsong ya Bolaodi. 
Ditjhelete tsa Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa
  (1) Ditjhelete tsa Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa di arotswe tjena - 
    ditjhelete tse laolwang ke Palamente bakeng sa ho phetha merero ya Bolaodi 
    ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa; 
    ditjhelete tseo Bolaodi bo di fumaneng ka lebaka la melawana e entsweng ho 
    latela karolo ya leshome le metso e mene; 
    ditjhelete tse fumanweng ka tsela ya kadimo e entsweng ke Bolaodi ba Mangolo 
    a Thuto le ka tumello ya Letona la Thuto le ka tshebedisano le Letona la 
    Ditjhelete; 
    dimpho, dinyehelo le ditefello tsa mesebetsi e entsweng tse amohetsweng ke 
    Bolaodi; esita le 
    tswala ya matsete a Bolaodi. 
  (2) Bolaodi bo tla sebedisa ditjhelete tsa bona bakeng sa tefello ya mesebetsi 
  ya bona.
    (3) 
    (a) Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo tla hlahisa pehelo ya 
    ditjhelete qetellong ya selemo se seng le se seng sa ditjhelete ka nako e 
    badilweng ke Letona. Pehelo ena ya ho kena le ho tswa ha ditjhelete e lokela 
    ho ba sebopehong se batlwang ke Letona e le hore e tle e amohelwe. 
    (b) Ditjhelete tse boletsweng karolwaneng ya (nngwe) (a) di tla sebediswa ho 
    latela ditaelo tsa pehelo e boletsweng seratswaneng sa (a) mme tjhelete efe 
    kapa efe e setseng e ne e sa lebellwa e tla fetisetswa selemong se 
    hlahlamang sa ditjhelete e le tjhelete eo Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika 
    Borwa bo nang le yona.
  (4) Ho latela ditaelo tse hlahiswang karolwaneng ya (nngwe)(a), Bolaodi bo ka 
  tsetela karolo ya ditjhelete tsa bona ho ya kamoo Letona la Thuto hammoho le 
  Letona la Ditjhelete ba ka laolang ka teng.
  (5) Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo ka qosa tefo bakeng sa: -
    Ngodiso le kananelo; le 
    Mesebetsi efe kapa efe eo Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo e 
    entseng. 
Bahlanka le basebeletsi ba Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa
  Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo ka amohela bahlanka le basebeletsi 
  ba bona ho latela dintlha tsa tataiso malebana le ho amohelwa ha basebetsi tse 
  beilweng ke Bolaodi ka tumello ya Letona la Thuto ka tshebedisano le Letona la 
  Ditjhelete haeba ho hlokeha ho etsa jwalo ho latela Molao ona. 
Meputso le tjhelete ya tshehetso ya ditho tsa Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika 
Borwa esita le makgotlana
  Modulasetulo hammoho le setho sefe kapa sefe sa Bolaodi ba Mangolo a Thuto 
  Afrika Borwa kapa lekgotla ho latela karolwana ya supa (nngwe) mme ba sa 
  amohelwa ka dinako tsohle mosebetsing ona ke mmuso, ba ka lefuwa ke Bolaodi ba 
  Mangolo a Thuto Afrika Borwa bakeng sa mesebetgsi eo ba e phethileng bakeng sa 
  Bolaodi kapa lekgotlana - 
    Tjhelete ya leeto, ya marobalo le tjhelete e nngwe ya tlatsetso; le 
    Tjhelete e nngwe hape ya tlatsetso lehlakoreng la modulasetulo ho ya kamoo 
    Letona la Thuto hammoho le Letona la Ditjhelete ba ka laelang ka teng. 
Tshwaro ya dibuka le pehelo ya ditjhelete
  (1) Dibuka tsa mekitlane le dipehelo tsa ditjhelete tsa Bolaodi ba Mangolo a 
  Thuto mona Afrika Borwa di tla hlahlojwa qetellong ya selemo se seng le se 
  seng sa ditjhelete ke Mohlahlobi-kakaretso wa dibuka. 
  (2) Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo tla hlahisa pehelo ya bona 
  nakong e sa feteng dikgwedi tse tsheletseng kamora hoba selemo sa ditjhelete 
  se fele ho Letona la Thuto. Pehelo ena e malebana le mesebetsi eo Bolaodi bo e 
  phethileng nakong ya selemo seo se fedileng sa ditjhelete. Ba tla be ba 
  hlahise le pehelo malebana le bohlahlobi ba dibuka esita le ho kena le ho 
  sebediswa ha tjhelete selemong seo sa ditjhelete.
  (3) Jwale Letona le tla hlahisa Palamenteng dikopi tsa dipehelo, hlahlobo ya 
  dibuka hammoho le pehelo ya ho kena le ho sebediswa ha tjhelete jwalo ka ha e 
  boletswe karolwaneng ya bobedi. Sena se tla etsahala matsatsing a leshome le 
  metso e mene kamora hoba Letona le amohele dipehelo tsena. Haeba e le 
  tswelopele ya tlwaelo ya dikopano tsa Palamente kapa e se e tlwaelehileng, 
  pehelo e ntse e lokela ho etswa ka matsatsi a leshome le metso e mene kamora 
  hoba Palamente e qale ka kopano ya yona ya tlwaelo.
Melawana
  Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Bowa bo na le tokelo ya ho iketsetsa 
  melawana empa ka tumello ya Letona la Thuto. Melawana ena e malebana le :- 
    Taba efe kapa efe eo Molao ona o e dumellang; 
    ditjhelete tse lokelang ho leshwa Bolaodi mabapi le ditaba tse boletsweng 
    karolong ya leshome(hlano)(a) le (b); esita le 
    taba efe kapa efe eo e laolwang ke molawana o itseng ho latela Molao ona. 
Phetoho ya makgotlana a ntseng a le teng
  (1) Mokgatlo ofe kapa ofe o etsang mesebetsi e tshwanang le mesebetsi e 
  etswang ke Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa o tla nne o tswelle ho etsa 
  mosebetsi wa ona ho fihlela mokgatlo oo o fediswa kapa mesebetsi ya ona e 
  fetolwa. 
  (2) Ha ho na mokgatlo o tla fediswa kapa mohlomong mesebetsi ya mokgatlo oo e 
  fetolwe ha ese feela ha Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa hammoho le ona 
  mokgatlo oo ka bobedi e le mekgatlo e ileng ya kopana ho buisana ka tse tla 
  etsahala ha mokgatlo oo o fediswa kapa ha ho etswa phetoho ya mofuta oo eista 
  le yona tshebediso ya Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thuto. Ho tla etswa 
  kgothaletso ya ditaba tsena ho Letona la Thuto.
  (3) Karolo ena ha e ame mokgatlo ofe kapa ofe o thehilweng ke molao wa 
  yunivesithi o ikgethileng.
Kgutsufatso ya lebitso la molao
  Molao ona o tla tsejwa ka hore ke Molao wa Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika 
  Borwa wa selemo sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e 
  mehlano. 




Sefoka se setjha sa Afrika Borwa
Moralo le setshwantsho sa Sefoka se setjha
Sefoka se setjha ke letoto la dikarolo tse hlophisitsweng ka didikadikwe tse pedi tse arohaneng tseo se seng se behilweng hodima se seng hape.
Lepetjo - !ke e: /xarra //ke, le ngotsweng ka puo ya seKhoisan ya batho ba /Xam, mme lona le bolela hore: batho ba fapafapaneng kopanang. Le shebana le maiteko a mang le a mang a ho matlafatsa kopano mahareng a mohopolo le ketsahalo. Ka bophara le etsa boipiletso setjhabeng hore se kopane mme se be ntho e le nngwe e motlotlo ka botjhaba ba sona - Kopano ya ditjhaba tse Fapaneng.
Meno a matelele a tlou - a emetse bohlale, matla, boitshwaro le bosafeleng.
Diqwapi - tse bopjwang ke meno a matelele ka sedikadikweng - di emetse tlhahiso, kgolo le ntshetsopele ya bokgoni, phepo ya batho le mahlakore a temo a mobu.
Thebe - sebopeho sa thebe ya kgauta se tshwana le moropa. E na le mesebetsi e mmedi: ho hlahisa tjhebahalo le tshireletso ya semoya.
Ditshwantsho tsa batho - di nkuwe ditshwantshong tse lejweng la Linton, e leng mohlala o tsebahalang haholo wa Bonono ba Majwe ba Afrika Borwa bo behilweng mane Misiamong wa Afrika Borwa o Cape Town. Ma-Khoisan, e leng baahi ba kgale ba tsejwang naheng ya rona, ba paka botho le botjhaba ba rona bo tshwanang jwalo ka ma-Afrika Borwa. Ditshwantsho di bontshwa ka mokgwa wa ho dumedisana, e leng ntho e bontshang kopano. Hona hape ho emetse le qalo ya ho fetoha ha motho ka mong hore a ikamahanye le setjhaba mme le ka hodima moo, Botho bo kopanetsweng.
Lerumo le koto - matshwao ka bobedi a thireletso le bolaodi - hape di emetse le maoto a matla a mmamolangwane. Lerumo le koto di robaditswe fatshe, ho bontsha kgotso.
Protea - letshwao la botle ba naha ya rona le katleho ya bokgoni ba rona jwalo ka setjhaba jwalo ka ha re pheelletse ho fihlela Tsosoloso ya Afrika - e emetse le kopano e akaretsang ya dintho tsohle tse holang ho tswa mobung mme di hlokometswe ho tswa ka hodimo.
Mmamolangwana - jwalo ka ha a tshwantshwa a fofa - ditlamorao tsa kgolo ya tlhaho le lebelo. Nonyana e matla eo maoto a yona - a bontshwang ka lerumo le koto - a e sebeletsang hantle haholo ha e tsoma dinoha, e leng ntho e bontshang tshireletso ya setjhaba kgahlanong le dira tso sona. Ke moromuwa wa mahodimo ya sebedisang mohau wa hae lefatsheng, mme ka tsela ena ke letshwao la borena ba ya mahodimong. Mapheo a yona a phahametseng hodimo ke letshwao la ho nyoloha ha setjhaba sa rona, mme ka nako e tshwanang e ntse e re sireletsa.
Letsatsi le tjhabang - letshwao la kganya le botle. Le bontsha tshepiso ya tswalo botjha, bokgoni ba mehopolo e mafolofolo, tsebo, kahlolo e nepahetseng le matla a thato. Ke letshwao la mohlodi wa bophelo, wa kganya le Botho ka kakaretso.
Sebopeho se felletseng sa Sefoka se kopanya sedikadikwe se ka tlase le se ka hodimo ka letshwao le ke keng la lekangwa. Tsela e kopanyang bokantle ba lehlakore bo tlase ba sebopeho se nang le mothinya, ho ya kena meleng ya meno a matelele, ka kgutlapono (horizon) ka hodimo moo letsatsi le tjhabang ka hodimo, e bopa sebopeho sa lehe le bopang lefatshe ka bophara, seo mmamolangwane a hlahang ho sona. Hantlentle mohopolo ona o bontsha tswalo botjha ya moya wa setjhaba sa rona se seholo haholo hape sa bahale.
Seabo sa Sefoka
Ke letshwao le ka hodimodimo le bonahalang la Naha. Se hlahella dipampiring tsohle tsa semmuso tsa mmuso tse jwalo ka: diphasepoto, ditifikeiti tsa manyalo, tsa tswalo, tsa ho hlokahala le tsa dikolo. Sefoka se setjha se kena sebakeng sa seo se neng se sebediswa Afrika Borwa ho tloha ka la 17 Lwetse 1910. Phetoho ena e bontsha maikemisetso a Mmuso a ho etsa hore ho elwe hloko diphetoho tsa demokrasi mona Afrika Borwa ekasitana le moya o motjha wa ho rata naha ya habo rona.
Tshebetso ya Moralo
Lefapha la Bonono, Setso, Saense le Theknoloji le ile la kopa mehopolo ya setjhaba selemong se fetileng mabapi le Sefoka se setjha. Ka ho ya ka mehopolo e fumanweng, mmoho le tlhahiso tsa Kabinete, ho ile ha ngolwa dintlha tse kgutshwanyane. Tshebetso ya Dikgokahano le Tlhahisoleseding tsa Mmuso, e leng Government Communication and Information System (GCIS), e ile ya ya ho Design South Africa - mokga o akaretsang o emetseng di-ejensi tsa meralo naheng ka bophara - ho ya fana ka puo e kgutshwane ho batho ba leshome ba hlahelletseng ka mahetla tshebetsong tsa ho rala. Ho ile ha kgethwa batho ba bararo ba sebetsang ka ho rala hore ba hlahise mehopolo ya bona ho Kabinete. Moralo wa Mong. Iaan Bekkers e bile ona o ileng wa kgethwa ho ba Sefoka se setjha. Ke molaodi wa FCB Group, mme o entse meralo e mengata ya tjhebahalo ya mekgatlo bakeng sa mekga ya mmuso le ya porafete.
Sefoka se setjha se ntshetsapele mohopolo wa Batho Pele
Batho Pele ke polelwana ya Sesotho e bolelang "ho behwa ha batho ka sehloohong", mme yona e tlama ditshebeletso tsa setjhaba hore di sebeletse batho bohle ba Afrika Borwa. Dintlha tsa bohlokwa mmoho le metheo ya Batho Pele di tshehetsa Sefoka sa Naha. Ka la 1 Mphalane 1997, ditshebeletso tsa setjhaba di ile tsa ba le letsholo le mabapi le Batho Pele, leo sepheo sa lona e neng e le ho ntlafatsa phumantsho ya ditshebeletso setjhabeng.
Batho Pele ke maikemisetso a ho fihlela metheo le dintho tsa bohlokwa:
* Ditherisano tsa kgafetsa ka boleng ba ditshebeletso tseo ho fanwang ka tsona. 
* Ho beha maemo a amohelehileng a ditshebeletso ka ho bolela ka ho hlaka boleng ba ditshebeletso tse lebelletsweng. 
* Ho eketsa kgonahalo ya ho fihlela ditshebeletso haholoholo bakeng sa bao neng ba tingwa menyetla kgale. 
* Ho etsa bonnete ba hore ho ba le maemo a hodimo a hlompho ka ho latela maemo a amohelehileng a behilweng bakeng sa tsela ya ho tshwara bareki. 
* Ho fana ka tlhahiso-leseding e eketsehileng hape e ntlafetseng ya ditshebeletso e le hore bareki ba ba le tlhahiso-leseding e tshwanetseng. 
* Ho eketsa ho hloka sephiri le ho sebeletsa pepeneneng ka tsela eo ho fanwang ka ditshebeletso. 
* Ho lokisa dintho tseo ho sa atlehwang ka tsona ekasitana le diphoso e le hore ho tle ho rarollwe mathata, kapa ho shebanwe le ona ka tsela e nang le tshepo. 
* Ho fana ka boleng ho botle ka ho fetisisa bakeng sa tjhelete e le hore bareki ba tle ba bone hore lekgetho la bona le sebetsa hantle hape ka tsela e lokileng. 
Re tshwanela ho sebetsa mmoho, re le Mmuso le setjhaba, ho etsa metheo ya Batho Pele e be ya sebele bakeng sa setjhaba se sebeletsang bophelo bo ntlafetseng.
Compiled by: Government Communication and Information System (GCIS), April 2000
Tlhekelo
Rona, setjhaba sa Afrika Borwa,
Re elellwa makgopo a maoba le maobeng a rona;
Re tlotla ba hlokofaditsweng ka lebaka la toka le tokoloho naheng ya rona;
Re tlotla bao ba ileng ba sebeletsa ho aha le ho ntshetsa pele naha ya rona; mme
Re dumela hore Afrika Borwa ke naha ya bohle ba phelang ho yona, re kopane, le ha re fapane.
Ka lebaka lena, ka tataiso ya baemedi ba rona ba kgethilweng ka bolokolohi,
re ananela Molao ona wa Motheo e le molao o ka sehloohong wa Repaboliki hore o tle -
O fedise diphapang tsa maoba le maobeng mme re thehe setjhaba se itshetlehileng hodima maemo
a demokrasi, toka setjhabeng le ditokelo tsa motheo tsa botho;
O thee metheo ya setjhaba sa demokrasi le se lokolohileng moo mmuso o itshetlehileng ka
ditabatabelo tsa setjhaba mme moahi e mong le e mong a sireleditswe ke molao;
O ntlafatse maemo a bophelo a baahi bohle mme ho be ho kgothaletswe bokgoni ba motho e mo
ng le e mong; le
Ho aha Afrika Borwa e kopaneng le ya demokrasi e phethahetseng e le puso e nang le boikemelo
hara matjhaba.
Modimo o ke o sirelletse batho ba habo rona
Nkosi Sikelel'ifrika. Morena boloka setjhaba sa heso.
God sen Suid-Afrika. God bless South Africa.
Mudzimu fhatutshedza Afurika. Hosi katekisa Afrika.
Kgaolo ya 1
Dipehelo tsa Motheo
Rephaboloki ya Afrika Borwa
1. Rephaboliki ya Afrika Borwa ke naha ya puso ya setjhaba ka setjhaba e ikemetseng mme
e thehilwe hodima maemo a latelang:
(a) Seriti sa botho, katleho ya tekano le tswelopele ya ditokelo tsa botho le bolokolohi.
(b) Ho se kgetholle ho ya ka morabe le bong.
(c) Bookamedi ba Molao wa Motheo le taolo ya molao.
(d) Kgetho e akaretsang ya batho ba baholo, lenane la kgetho la naha yohle, dikgetho tsa ka
mehla, le tsamaiso ya mekga e mengata ya mmuso wa demokrasi, ho kgothaletsa boikarabelo, ho
tsotella le ho hloka sephiri.
Bookamedi ba Molao wa Motheo
2. Molao ona wa Motheo o okametse melao yohle ya Rephaboliki ; molao kapa boitshwaro
bo sa dumellaneng le Molao wa Motheo ha o a loka, mme ditshwanelo tseo o di behang di lokela
ho phethwa.
Boahi
3. (1) Boahi ba Afrika Borwa bo kenyeletsa bohle.
(2) Baahi bohle ba -
(a) a lekana ka ditokelo, ditshwanelo le melemo ya boahi; le
(b) ho lekana ka ditokelo le boikarabelo ba baahi.
(3) Ketso ya molao e lokela o hlophisetsa phihlello, tahlehelo le poloko ya boahi.
Pina ya setjhaba
4. Pina ya setjhaba ya Rephaboliki e taolong ya Mopresidente ka kgoeletso.
Folakga ya setjhaba
5. Folakga ya setjhaba e na le botsho, botala, mmala wa kgauta, bosweu , bofubedu le
bopotswa, jwalo ka ha e hlalositswe ya ba ya takwa Shejulung ya 1.
Dipuo
6. (1) Dipuo tsa semmuso tsa Rephaboliki ke Sesotho sa Leboa, Sesotho, Setswana,
Seswati, Sivenda, Setsonga, Seburu, Senyesemane, Sendebele, Sexhosa le Sezolo.
(2) Ha ho nahanwa ka ho qepha ha tshebediso ya puo tsa batho ba rona dilemong tse fetileng
le maemo a tsona, mmuso o etse matsapa le mekutu ho phahamisa le ho ntshetsa pele tshebediso
ya dipuo tsena.
(3) (a) mebuso ya naha le ya diprovense e ka sebedisa dipuo tse itseng tsa mmuso mabapi
le mmuso, ho hlokometswe tshebediso, maemo a ditaba, ditshenyehelo, maemo mabatoweng, le
ho hlophiswa, ka tekano ditlhoko le boikgethelo ba baahi bohle kapa provensing eo e amehang;
empa mmuso wa setjhaba le mmuso wa provense ka nngwe e lokela ho ba le bonyane puo tse
pedi tsa mmuso.
(b) Bomasepala ba hlokomele tshebediso ya puo le boikgethelo ba baahi ba yona.
(4) Mmuso wa setjhaba le diprovense, ka ho sebedisa molao le maemo, e lokela ho laola le
ho hlokomela tshebediso ya dipuo tsa mmuso. Re sa kgelohe dipehelong tsa molawana wa (2),
dipuo tsohle tsa mmuso di lokela ho lekana ka maemo mme di tshwarwe ka ho tshwana.
(5) Mokgatlo wa Dipuo Tsohle tsa Afrika tsa Afrika Borwa e lokela ho
(a) kgothalletsa le ho etsa maemo a ho ntshetsa pele le tshebediso -
(i) ya dipuo tsohle tsa mmuso;
(ii) dipuo tsa Khoi, Nama le San; mmoho le
(iii) puo ya dimumu.
(b) ho phahamisa le ho hlompha -
(i) dipuo tsohle tse sebediswang ka mehla ke ditjhaba tsa Afrika Borwa, ho kenyeletswa
Sejeremane, Segirike, Sekujarati, Sehundi, Setamili, Seteleku le Seurdu; le
(ii) Searabia, Seheberu, Sesanskriti le dipuo tse ding tse sebediswang mabapi le bodumedi
Afrika Borwa.
Kgaolo ya 2
BILI YA DITOKELO
Ditokelo
7. (1) Bili ena ya Ditokelo ke tshiya ya demokrasi mona Afrika Borwa. E boloka ditokela
tsa batho bohle naheng ya rona, ebile e amohela melemo ya puso ka setjhaba, a seriti sa botho,
tekano le tokoloho.
(2) Puso e lokela ho hlompha, ho sirelletsa, ho kgothalletsa le ho phethahatsa ditokelo tse
Biling ena ya Ditokelo.
(3) Ditokela tse Biling ena ya Ditokelo di tlamehile ho ikamahanya le meedi e teng kapa
lebisitsweng ho molawana wa 36, kapa tse boletsweng kaekae Biling.
Tshebetso
8. (1) Bili ya Ditokelo e tlama motho ofe kapa ofe le ya molaong ha eba, ho fihlela moo,
e sebetsang teng, ho lebeletswe tokelo le tokelo ya mosebetsi o mong le o mong.
(2) Pehelo e Biling ya Ditokelo e tlama batho le batho molaong, ha feela ho tshwaneleha, ha
ho tadingwa sebopeho sa tokelo eo le ho tlameha ho beilweng ke tokelo.
(3) Ha ho sebediswa dipehelo tsa Bili ya Ditokelo, bathong le batho ba molaong ho latela
molawana wa (2), hore lekgotla le -
(a) tle le fane ka ho sebetsa ka tokelo Biling, e tle e sebetse, kapa moo ho hlokahalang, le
ntshetse pele, molao wa naha ho kwala sekgeo se sehilweng ke molao o etswang tebang le tokelo
eo; hape
(b) o ka ntshetsa pele molao wa naha ho fokotsa tokelo, ha feela phokotso eo e dumellana le
dipehelo tsa molawana wa 36(1).
(4) Batho ba molaong ba lokelwa ke ditokelo tse Biling ya Ditokelo ho ya ka moo ho
hlokehang ka teng ka ditokelo le sebopeho sa motho ya molaong.
Tekano
9. (1) Batho bohle ba tshwarwa ka ho tshwana, mme ba na le tokelo e tshwanang ya ho
sireletswa le ho una melemo ya molao.
(2) Tekano e akaretsa ho sebediswa le ho lekana ha ditokelo tsohle tse le bolokolohi.Ho
ntshetsa pele katleho ya tekano, ho etswa ha molao le mekgwa e meng ya ho sireletsa kapa ho
tswellisa batho pele, kapa mekga ya batho, ba leng morao ka lebaka la kgethollo e sa lokang e ka
phethwang.
(3) Puso e se kgetholle mang kapa mang ka baka la botjhaba, bong, botona le botshehadi,
boimana, lenyalo, morabe kapa mofuta, mmala, motho wa bong bo bong, dilemo, bohole,
bodumedi, monahano o itseng, tumelo, setso, puo, le tswalo.
(4) Ho se be le motho ya kgethollang e mong ka lebaka lefe kapa lefe ho ya ka pehelo ya
molawana wa (3). Molao o thehilweng o sebediswe ho thibela kapa ho phema ho hloka toka.
(5) Kgethollo ka labaka kapa mabaka a ngotsweng molawaneng wa (3) ha e a loka ho fihlela
ho ka fumanwa bonnete ba hore kgethollo e lokile.
Seriti sa botho
10. Motho e mong le e mong o na le seriti sa tlholeho le tokelo ya hore seriti sa hae se
hlomphuwe se be se sireletswe.
Bophelo
11. Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho phela.
Bolokolohi le tshireletso ya botho
12. (1) Motho e mong le e mong o na le tokelo ya tokoloho le tshireletso, e kenyeletsang
tokelo ya -
(a) ho se amohuwe bolokolohi ka ntle ho lebaka kapa toka;
(b) ho se tshwarwe ntle ho qoso;
(c) ho se be le mofuta ofe kapa ofe wa dikgoka ho tswa setjhabeng kapa mafapheng a
ikemetseng;
(d) ho se hlokofatswe ka tsela efe kapa efe; le ho
(e) se tshwarwe kapa ho se kgalemelwe ka sehloho, ekaba ka bobe bofe kapa bofe kapa ka
mokgwa o tlotlollang.
(2) Mang le mang o na le tokelo ya ho phuthuloha mmeleng le maikutlong, ho akarelletswa
tokelo ya -
(a) ho iketsetsa qeto ka phumano ya thari;
(b) ya tshireletso le taolo mmeleng ya bona; mmoho le
(c) le ho se sebediswe diphuputsong tsa kalafi kapa saense ntle ho tumello ya hae.
Bokgoba, bohlanka le ho sebediswa ka qobello
13. Ha ho motho ya lokelang ho etswa lekgoba, mohlanka/lekgabunyane kapa ho sebediswa
ka qobello.
Ho phela o sa tshwenngwe
14. Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho phela a sa tshwenngwe,ho akarelletswa le
tokelo ya hore-
(a) mmele wa hae kapa lelapa la hae le se phenyekollwe;
(b) thepha ya hae e se phenyekollwe;
(c) leruo la hae le se nkuwe ka mahahapa; kapa
(d) ho se be le ho mamela ha moto a bua le ba bang ka tsela ya kgokahanyi.
Bolokolohi ba bo dumedi, tumelo le maikutlong
15. (1) E mong le e mong o na le tokelo ya ho iphelela ka moo a batlang ka teng, le ka
tumelo, mehopolo, bodumedi le tjhadimo ya hae.
(2) Ditshebeletso tsa bodumedi di dumelletswe mesebetsing ya puso kapa e tsheheditsweng
ke puso; ha feela -
(a) ditshebeletso tseo di phethisa melawana e behilweng ke bolaodi ba setjhaba ba nang le
tokelo;
(b) di tshwarwa ka ho tshwana; le
(c) batho ba tla ka ntle ho qobello ka ho ithaopa.
(3) (a) Molawana ona ha o thibele ho etswa ha molao ho akaretsa -
(i) ho nyadiswa ka moetlo ofe kapa ofe kapa ka tsamaiso ya bodumedi, boikgethelo kapa
molao wa lelapa; kapa
(ii) ditsamaiso tsa boikgethelo le molao wa lelapa ka moetlo ofe kapa ofe kapa o latelwang
ke batho ba bodumedi bo itseng.
(b) Ho amohela ho latela temana ya (a) e tsepame hodima le molawana ona le dipehelo tse
ding tsa Molao wa Motheo.
Bolokolohi ba ho hlahisa maikutlo
16. (1) Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho hlahisa maikutlo ka bolokolohi, ho
kenyeletswa le -
(a) bolokolohi ba phatlalatso tsa dingolwa le diphatlalatso tse ding;
(b) bolokolohi ba ho amohela kapa ho phatlalatsa tsebiso kapa mehopolo;
(c) bolokolohi ba ho qapa eng kapa eng ya bokgabane; le
(d) bolokolohi ba borutehi le bolokolohi badiphuputso tsa saense.
(2) Tokelo e ngotsweng molawaneng wa (1) ha e kenyeletse-
(a) propaganda ya ntwa;
(b) hlohleletso ya dikgoka;kapa
(c) kgothaletso ya lehloyo la mofuta o mong, morabe, bong kapa bodumedi, mme hoo ho
kgothalletsa ho baka kotsi.
Dikopano, mekoloko ya boipelaetso, ditletlebo
17. Motho e mong le mong o na le tokelo, ya ho bokana ka kgotso le ba bang, a sa hlomela,
ho etsa mekoloko ya boipelaetso , le ho nehelana ka diphethishene.
Bolokolohi ba kamano
18. Motho e mong le e mong o na le bolokolohi ba kamano le mekgatlo.
Ditokelo tsa dipolotiki
19. (1) Moahi e mong le e mong o na le tokelo ya ho iketsetsa kgetho ya dipolotiki, e
kenyeletsang tokelo -
(a) ya ho theha mokga wa dipolotiki;
(b) ho kenela merero ya, kapa ho batlela mokga oo ditho; mmoho le
(c) ho tswela mokga wa dipolotiki letsholo, le ho jala mehopolo ya lona.
(2) Moahi e mong le e mong o na le tokelo ya ho kenela dikgetho tse se nang dithibelo, tse
sa kgetheng, tse etswang nako le nako tsa ho etswa ha molao o thehilweng ka Molao wa Motheo.
(3) Motho e mong le e mong e moholo o na le tokelo-
(a) ya ho kgetha dikgethong tsa ho etswa ha molao o thehilweng Molao wa Motheo, mme
a etse jwalo ka sephiri, a be a a
(b) kenele ho kgethelwa merero ya setjhaba mme ha a kgethwa a nke maemo ao a a
kgethetsweng.
Boahi
20. Ha ho moahi ya ka amohuwang boahi ba hae.
Bolokolohi ba ho falla le ba bodulo
21. (1) Motho e mong le e mong o na le bolokolohi ba ho itsamaela ka moo a ratang.
(2) Motho e mong le e mong o na le bolokolohi ba ho falla Repaboliking.
(3) Moahi e mong le e mong o na le bolokolohi ba ho kena, a dula, a bile a aha hohle
Repaboliking.
(4) Moahi e mong le e mong o na le tokelo ya ho ba le paseporoto.
Bolokolohi ba kgwebo, mosebetsi le botsebi
22. Moahi e mong le e mong o na le tokelo ya ho ikgethela kgwebo, mosebetsi kapa
botsebi.Tshebetso ya kgwebo, mesebetsi kapa botsebi e ka laolwa ka molao.
Dikamano mosebetsing
23. (1) Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho sebetswa ka toka mosebetsing.
(2) Mosebetsi e mong le e mong o na le tokelo-
(a) ya ho theha e bile e ba setho sa mokgatlo wa basebetsi;
(b) ya ho kenela merero le mesebetsi ya mokgatlo wa basebetsi; le
(c) ho ngala mosebetsi.
(3) Ramosebetsi e mong le e neng e mong o na le tokelo -
(a) ya ho theha le ho ba setho sa mokgatlo wa boramosebetsi; le
(b) ho kenela merero le mesebetsi ya mokgatlo wa boramosebetsi.
(4) Mokgatlo o mong le o mong wa basebetsi le mokgatlo o mong le o mong wa
boramesebetsi o na le tokela ya ho-
(a) ipehela tsamaiso, mananeo le merero;
(b) ho hlopisa;
(c) ho fihlella ditumellano tse kopanetsweng; le
(d) ho theha le ho ba setho sa federeshene.
(5) Mokgatlo o mong le o mong wa basebetsi, mokgatlo wa boramesebetsi le ramosebetsi ba
na le tokelo ya ho buisana e le sehlopha. Lekgotla le etsang molao la Setjhaba le ka sebetsa ka
molao hore le laole puisano tsa sehlopha. Ho fihlela maemong ao e leng hore molao o entsweng
o ka kgina tumellano Kgaolong ena, ho kginwa ho dumellane le karolo ya 36(1).
(6) Lekgotla le etsang molao la Setjhaba le ka amohela ditlhophiso tsa tshireletso tsa mokgatlo
wa basebetsi jwalo ka ha e jerwe ditumellanong tsa dipuisano tsa sehlopha. Ho fihlela maemong
ao e leng hore molao o entsweng o ka kgina tumellano Kgaolong ena, ho kginwa ho dumellane
le karolo ya 36(1).
Tikoloho
24. Motho e mong le e mong o na le tokelo-
(a) ya tikoloho e seng kotsi bophelong ba bona kapa boiketlong ba bona; le
(b) ya ho sireletsa tikoloho, molemong wa meloko ya kajeno le e tlang, ka ho etswa ha molao
le mekgwa e meng e-
(i) thibelang tshilafaloo ya tikoloho le phokodiso ya tlholeho;
(ii) kgothalletsa polokeho ya tlhaho; mmoho le
(iii) ho fumana ntshetso pele ya tlhaho e ka sebediswang le tshebediso ya mehlodi ya tlhaho
ho ntse ho kgothalletswa tswelopele e amohelehang ya moruo le phedisano.
Leruo
25. (1) Ha ho motho ya ka amohuwang leruo la hae ka ntle ha e le ka molao o akaretsang,
mme ha ho molao o ka dumellang hore motho a amohuwe leruo la hao ka ntle ho lebaka.
(2) Leruo le ka nkuwa mothong feela ka tlasa taelo ya molao o sebetsang ka kakaretso -
(a) mabapi le merero ya setjhaba kapa molemong wa setjhaba; le
(b) ho ya ka ho putswa,tefello eo le nako le mokgwa wa ho lefella, mme o tla dumellwa ke
bao ba amehang kapa nahanelwang kapa ba amohetswe ke lekgotla.
(3) Tefello ya ho lefa le nako le mokgwa wa ho lefa di tshwanela ho sebetswa ka toka mme
di tshwane, mme di bontshe tumellano pakeng ditabatabelo tsa setjhaba le ditabatabelo tsa ba
amehang,ho ntse ho hlokometswe mabaka ohle a bohlokwa, mmoho le-
(a) tshebediso ya leruo nakong ena;
(b) nalane ya fumana le tshebediso ya leruo;
(c) theko ya leruo mmarakeng;
(d) hore puso e tsetetse ho le hokae le hore thepa eo e tla ntlafatswa ka tjhelete e kae; le
(e) sepheo sa ho nka leruo leo.
(4) Mabapi le molawana ona-
(a) ditabatabelo tsaa setjhaba di kenyeletsa maikemisetso a setjhaba a tjhadimo e ntjha ya
naha, le diphetoho e le hore ho be le phihlelo e lekaneng ya mehlodi ya tlhaho ya Afrika Borwa;
le
(b) leruo ha le felle maemong a naha feela.
(5) Puso e lokela ho etsa matsapa ohle a molao o etswang le mekutu e meng, maemong a teng
a mehlodi, ho kgothaletsa maemo a dumellang , baahi ba le naha ka ho lekana.
(6) Motho kapa setjhabana seo ho tshwareng ha sona naha ho sa lokang ho ya ka molao ka
lebaka la melao e ya maobeng ya kgethollo ka mmala kapa ditlwaelo e lokela, jwalo ka ha e
behetswe Molao wa Palamente, ekaba ka ho tshwara naha eo e sireleditsweng ka molao, kapa ka
ho kgutlisetsa ho lekanang.
(7) Motho kapa setjhabana se amohilweng naha ya sona ka mora 19 Phupjane 1913 ka lebaka
la melao ya dilemo tse fetileng tsa kgethollo ka mmala kapa ditlwaelo, o na le hona ho ka, jwalo
ka ha ho behetswe Molaong wa Palamente, a ka tshwara naha, hoo ho dumelletsweng ka molao,
kapa ya kgutlisetswa ho monnga yona.
(8) Ho se be le pehelo efe kapa efe ya molawana ona e ka sitisang puso ho ka sebetsa ka
molao o etswang ho fumana naha, metsi le diphetoho tse ding tse tsamaelanang le tseo, e le ho
lokisa bophelo ba kgethollo e fetileng ya mmala, ha feela ho ke ke ha sebetswa ka dipehelo tsa
karolo ena di itshetlehile hodima dipehelo tsa karolo ya 36 (1).
(9) Palamente e tlameha ho phethisa molao oo ho lebisitsweng ho ona dikarolong tsa (6).
Matlo
26. (1) Motho e mong be e mong o na le tokelo ya ho ba le ntlo e tshwanelehang.
(2) Puso e lokela ho etsa ka hohlehohle ho ya ka molao le ka matsapa a mang, ho ya ka matla
a teng, ho fihlella tokelo ena ya tswelopele.
(3) Ho se ke ha eba le motho ya ka ntshwang ka sheshe lapeng la hae, kapa eo lalapa la hae
la heletswa, ka ntle ho taelo ya lekgotla ka mora ho hoba lekgotla le hlahlobisise mabaka ohle. Ho
sa be le molao o dumellang ho lelekwa ntle ho lebaka.
Bophelo bo botle ba mmele, dijo, metsi le tshireletso ya setjhaba
27. (1) Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho fihlella -
(a) ditshebeletso tsa bophelo bo botle, ho kenyeletswa le ditshebelletso tsa thari;
(b) dijo le metsi a lekaneng; le
(c) tshireletso ya phedisano,ho kenyeletswa, ha eba ba sitwa ho iphedisa le bohle ba matleng
a hae, ba fumane thuso e lokelang ya phedisano.
(2) Puso e tlamehile ho etsa ka hohlehohle ho ya ka molao le ka matsapa, ho ya ka matla a
teng, ho fihlella maemo a ditokelo tsena.
(3) Ho se be le motho ya hanelwang phekolo nakong ya tshohanyetso.
Bana
28. (1) Ngwana e mong le e mong o na le tokelo ya -
(a) ho ba le lebitso le boahi ho tloha tswalong;
(b) ho ba le tlhokomelo ya lelapa kapa ya batswadi, kapa ho hlokomela e nngwe feela e
lokileng ha a tloswa tlhokomelong ya lelapa;
(c) ho fumana phepo ya sebele, bodulo, tshebeletso ya bophelo bo botle le ditshebeletso tsa
boahisani;
(d) ho sireletswa ho tlatlapuweng, ho se hlokomelwe, tlhekefetsong, kapa tlontlollong;
(e) ho sireletswa mekgweng ya mesebetsi ya ho sebedisa bana;
(f) ho se lebellwe kapa ho se dumellwe ho sebetsa kapa ho fana ka ditshebeletso tse -,
(i) sa lokelang motho wa dilemo tsa ngwana eo; kapa
(ii) ka beang ngwana kotsing; le ya thuto, le ya mmele, kapa ya bophelo bo botle ba boko,
kapa moya kapa boitshwaro kapa phedisano;
(g) ho se kwallwe tjhankaneng ka ntle ha ha eba ha ho na tsela e nngwe, ha eba ho jwalo, ha
ho kenyeletswa ditshwanelo tseo ngwana a di fumanang ho latela dikarolo tsa 12 le 35, ngwana
a ka kwallwa tjhankaneng nako e nyenyane feela e loketseng, mme o na le tokelo ya ho -
(i) bewa moo ho se nang batho ba boholo ba dilemo tse fetang 18; le
(ii) tshwarwa ka tsela e, le ho bolokwa maemong a, tsamaelanang le dilemo tsa ngwana;
(h) ho be le ramolao ya hlokometseng ngwana ka mong, ka ditshenyehelo tsa mmuso, ha a
hlaha lekgotleng, ha eba mohlomong ho sa ahlolwe ka toka; mme
(i) a se sebediswe ntweng, le ho sireletsa ka nako ya ntwa.
(2) Ditabatabelo tsa ngwana ke tsa bohlokwa mererong yohle e tadimaneng le yena ke tsona.
(3) Karolong ena, ha ho buuwa ka"ngwana" ho bolelwa motho eo dilemo tsa hae di leng ka
tlase ho tse18.
Thuto
29. (1) Motho e mong le e mong o na le tokelo ya-
(a) ho fumana thuto ya motheo, ho kenyelletswa le thuto ya batho ba baholo ya motheo; le
(b) ho ntshetsa thuto pele, eo puso ho latela maemo a lokileng, e tlamehang ho hlokomela
hore e fihlellwe le ho fumaneha.
(2) E mong le e mong o na le tokelo ya ho rutwa ka puo ya semmuso kapa dipuo tseo ba
ikgethelang tsona mekgatlong ya thuto ya setjhaba thutong eo e ka sebediswang teng. E le ho ka
hlokomela ho fihlellwa ha bonolo, le tshebediso, tokelo ena, puso e hlokomele mekgwa e meng
ya thuto e ka sebediswang, ho kenyeletswa mekgatlo e rutang ka puo e le nngwe, ho hlokomelwa
-
(a) ho lekalekana;
(b) tshebetso; le
(c) tlhokeho ya ho lokisa dietsahetseng tse fetileng tsa molao wa kgethollo le diketsahalo.
(3) Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho theha le ho boloka, ka ditshenyehelo tsa
hae, mokgatlo wa thuto o ikemetseng o -
(a) sa kgetholleng ho ya ka mofuta;
(b) ngodisitsweng pusong; le
(c) bolokang maemo a seng tlase le ha ho bapiswa maemo a mekgatlo ya thuto ya setjhaba.
(4) Karolwana ya (3) ha e kgetholle ditshehetso tsa puso tsa mekgatlo ya thuto e ikemetseng.
Puo le setso
30. Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho sebedisa puo le ho phela ka setso seo a
ikgethetseng sona, empa ha ho motho ya etsang jwalo a sa latele dipehelo tsa Bili ya Ditshwanelo.
Ditjhabana tsa setso, bodumedi le puo
31. (1) Batho bao e leng ditho tsa setjhabana sa setso, bodumedi kapa puo ba se ke ba
thibelwa tokelo, le ditho tse ding tsa setjhaba;
(a) ho thabela setso, ho phetha bodumedi ba bona le ho sebedisa puo ya bona ; le
(b) ho theha, ho ba ditho le ho boloka setso, bodumedi le puo ya mekgatlo ya bona le makala
a mang a setjhaba.
(2) Ditshwanelo karolwaneng ya (1) e ke ke ya sebediswa ka tsela eo e sa tsamaelaneng le
pehelo ya Bili ya Ditshwanelo.
Ho tsebiswa
32. (1) Motho e mong le e mong o tlameha ho tseba ka -
(a) tsebiso efe kapa efe e pusong; le
(b) tsebiso efe kapa efe eo motho e mong a e tsebang mme e hlokeha ho bolokeng ditokelo
dife kapa dife.
(2) Ho etswa ha molao wa setjhaba ho sebediswe hore ho tle ho phethahatswe ditshwanelo
tsena, mme o fane ka ditsela tse ka imollang morwalo wa taolo le tjhelete pusong.
Ho phethahatswa feela ha taolo
33. (1) Motho e mong le e mong o lokelwa ke tshebetso ya taolo e molaong, e
utlwahalang ebile e tsamaiswa ka toka.
(2) Motho e mong le e mong eo ditshwanelo tsa hae di amehileng ka lebaka la phethiso ya
taolo o na le tokelo ya ho fumana mabaka a ngotsweng.
(3) Ho etswa ha molao wa setjhaba ho sebediswe hore ho tle ho phethahatswe ditshwanelo
tsena, mme di tle di -
(a) fane ka ho hlahloba se phethilweng ka taelo lekgotleng kapa moo ho lokelang teng,
lekgotla le ikemetseng le sa yeng ka leeme;
(b) tlame puso hore e phethahatse ditshwanelo tse karolong ya (1) le (2); le
(c) o kgothalletsa taolo e matla.
Ho fihlella makgotla
34. Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho ba le tletlebo e ka rarollwang ka molao ka
pela bohle lekgotleng kapa, moo ho lokelang, ho ka ba le lekgotla kapa kopano e nngwe e
ikemetseng e sa sebetse ka leeme.
Batho ba tshwerweng, ba kgolehong le ba qositsweng
35. (1) Motho e mong le e mong ya tshwerweng ka hobane ho thwe o robile molao, o na
le tokelo ya -
(a) ho kgutsa;
(b) ho tsebiswa ka pelepele -
(i) ka tokelo ya ho kgutsa; le
(ii) ka tse tla etsahala ha a sa kgutse;
(c) ho se qobellwe ho etsa maipolelo kapa ho dumela molato, ho ka sebediswang e le bopaki
bo mo tlamang;
(d) ho tliswa lekgotleng la dinyewe ka pelepele ka moo ho ka kgonahalang ka teng, empa e
se be ka mora -
(i) dihora tse 48 ka mora hoba a tshwarwe; kapa
(ii) qetellong ya lekgotla la pele ha ho se ho fetile dihora tse 48, ha eba dihora tse 48 di fela
ka mora nako ya mosebetsi ya ho dula ha lekgotla kapa ka letsatsi leo e seng la ho dula ha
lekgotla;
(e) hang feela ha a hlaha la ho qala ka pela lekgotla ka mora ho hoba a tshwarwe, mme a
ahlolwe, kapa a hlalosetswe ka mabaka a ho kwallwa kgolehong ho ya ho ile, kapa a lokollwe;
mme
(f) a lokollwe kgolehong ha ho dumeletseha ho ya ka toka, ho latelwa maemo a utlwahalang.
(2) Motho e mong le e mong ya kgolehong ho kenyelletswa le motshwaruwa e mong le e
mong ya seng a ahlotswe, o na le tokelo -
(a) ya ho tsebiswa ka pele hore o tshwaretsweng;
(b) ya ho ikgethela, le ho buisana le, moemedi wa molao, mme a tsebiswe ka pelepele ka
tokela ena;
(c) hore puso e be le moemedi wa molao ya emelang motho ya tshwerweng ke mmuso, ka
tefello ya mmuso, ha a sa sebetswe ka toka, mme a tsebiswe ka pelepele ka tokelo ena;
(d) ya ho batlisisa ka boyena lebaka la ho iswa kgolehong ka lekgotleng, mme ha eba ho
kwallwa ho se molaong, a lokollwe;
(e) ya ho kwallwa ka tlasa maemo a dumellanang le tshwaro ya batho, ho kenyeletswa
bonyane ho phetha le pehelo, ka ditshenyehelo tsa mmuso, ho fumana kgoleho e lokileng, phepo
e ntle, ho ka bala dingolwa, le thuso ya booki; le
(f) ho ba le ho ka buisana le ho ka tjhakelwa ke batho ba kang -
(i) monna/mofumahadi kapa molekane;
(ii) leloko;
(iii) moeletsi wa bodumedi wa boikgethelo; le
(iv) ngaka ya boikgethelo.
(3) Moqosuwa e mong le e mong o na le tokelo ya hore nyewe ya hae e ahlolwe ntle ho
leeme, ho kenyeletswa tokelo ya -
(a) ho tsebiswa ka qoso ya hae a be a fuwe dintlha tse lekaneng hore a tsebe ho ikarabella;
(b) ho fuwa nako e lekaneng le boitokisetso hore a tsebe ho hlophisa boipuello ba hae;
(c) ho hlaha lekgotleng lefe kapa lefe;
(d) hore nyewe ya hae e qale e be e felle ntle ho tshenyo ya nako e sa hlokeheng;
(e) ho ba teng ha nyewe e buuwa;
(f) ho ikgethela, le ho emelwa, ke mmuelli, le ho tsebiswa ka tokelo ena ka potlako;
(g) hore mmuso o batlele moqosuwa mmuelli, ka ditshenyehelo tsa mmuso, ha eba ho ka ba
le ho se ahlole ka toka, mme a be a tsebiswe ka tokelo ena ka potlako;
(h) hore a nkuwe a se na molato, a kgutse, a be a se ke a fana ka bopaki ha ho ntse ho buuwa
ka nyewe;
(i) ho fana ka bopaki le ho nyatsa bopaki boo ho fanwang ka bona kgahlanong le yena;
(j) ho se qobellwe ho fana ka bopaki boo ka bona a ka itshwarisang;
(k) hore nyewe e qhojwe ka puo eo moqosuwa a e utlwisisang kapa ha ho sa kgonahale ho
tolokwe ka puo eo moqosuwa a e utlwisisang;
(l) ho se ahlolelwe ketso kapa ho se phethise ketso e itseng nakong eo ketsahalo e neng e se
tlolo ya molao kapa e sa phethwang molaong wa naha kapa wa matjhaba;
(m) ho se tsekiswe ka tlolo ya molao ka ketso kapa ho se phethise ketso eo motho a seng a
ile a lokollwa kapa a fumanwa a le molato ka yona;
(n) ho fumantshwa molemo wa kotlo o tlase ho e boimaima e beetsweng tlolo eo ya molao
ha eba nakong e pakeng tsa tlolo eo ya molao le ya kahlolo kotlo eo e ile ya fetolwa; mme
(o) ya ho etsa boipiletso, ho kopa hore lekgotla le tadime nyewe eo hape, lekgotleng le leholo.
(4) Ka mehla ha karolo ena e kgothaletsa hore motho a fumane tsebiso, tsebiso eo e behwe
ka puo eo motho eo a e utlwisisang.
(5) Bopaki bofe kapa bofe bo fumanweng ka mokgwa o kgahlanong le tokelo efe kapa efe
e ngotsweng Biling ya Ditshwanelo bo lokelwa ho qhelelwa thoko ha eba ha bo ka amohelwa bo
ka tshwaetsa kahlolo ka tsela efe kapa efe kapa bahla hella bo le kotsi tsamaisong ya toka.
Ho sehelwa moedi ha ditshwanelo
36. (1) Ditokelo tse Biling ya Ditshwanelo di ka nna tsa sehelwa meedi feela ho latela
molao o sebediswang ka kakaretso ho fihlela moedi o be o amoheleha le ho ba wa toka setjhabeng
sa demokrasi o thehilwe hodima botho, ho lekana le tokoloho, ho kenyeletswa dintlha tsohle tsa
bohlokwa tse kang -
(a) sebopeho sa tokelo;
(b) bohlokwa ba sepheo sa pehelo ya moedi;
(c) sebopeho le boholo ba pehelo ya moedi;
(d) kamano pakeng tsa pehelo ya moedi le sepheo sa yona; le
(e) mokgwa o kginang hanyenyane ho fihlela sepheo sa ona.
(2) Ka ntle ha eba ho boletswe karolwaneng ya (1) kapa pehelong efe kapa efe ya Molao wa
Motheo, ho se be molao o sehelang tokelo efe kapa efe moedi e ngotsweng Biling ya
Ditshwanelo.
Maemo a qomatsi
37. (1) Maemo a qomatsi a ka nna a phatlalatswa feela ka Molao wa Palamente, ha feela
-
(a) ha setjhaba se le kotsing ya ntwa, tlhaselo, merusu, pherekano, kodua, kapa tlokotsi efe
kapa efe ya setjhaba; le
(b) kgoeletso e loketse ho boloka kgotso le tsamiso e ntle.
(2) Kgoeletso ya maemo a qomatsi, le molao o entsweng kapa ketso efe kapa efe e entsweng
ka lebaka la se etsahetseng ka mora moo, e ka etsahala feela -
(a) ha e lebeletswe ho etsahala; le
(b) ha e sa fete matsatsi a 21 ho tloha letsatsing la phatlalatso, ka ntle ha eba Seboka sa
Setjhaba se nka qeto ya ho lelefatsa kgoeletso. Seboka se ka lelefatsa kgoeletso ya maemo a
qomatsi e seng ho feta dikgwedi tse tharo ka nako e le nngwe. keketso ya pele ya maemo a
qomatsi e lokela ho ba ka qeto e amohetsweng ka kgetho e tsheheditsweng ke boholo ba ditho
tsa Seboka. Keketso e latelang e etswe ka qeto e amohetsweng ka thuso ya kgetho ya bonyane
diphesente tse 60 ya ditho tsa Seboka. Qeto eo ka ho ya ka dipehelo tsa temana ena e ka nnang
ya amohelwa ha feela ho ile ha buisanwa pepeneneng Sebokeng.
(3) Lekgotla lefe kapa lefe le nang le tshwanelo le ka etsa qeto ka matla ka -
(a) kgoeletso ya maemo a qomatsi;
(b) keketso efe kapa efe ya maemo a qomatsi; kapa
(c) molao o ka etswang , kapa ha etswa ho hong, ho latela kgoeletso ya maemo a qomatsi.
(4) Molao o etswang ofe kapa ofe ho latela phatlalatso ya maemo a qomatsi o ka fapana le
Bili ya Ditshwanelo ho fihlela feela -
(a) ha phapang e hlokwa ke qomatsi; le
(b) molao o etswang -
(i) o dumellana le ditlamo tsa Rephaboliki tlasa molao wa matjhaba e sebediswang maemong
a qomatsi;
(ii) o dumellane le karolo ya (5); mme
(iii) o phatlalatswa Gazeteng ya Mmuso ka pele ka moo ho ka kgonehang ka teng ho phethwa.
(5) Ha ho Molao wa Palamente o ka dumellang ho kgoeletswa ha maemo a qomatsi, le molao
o entsweng kapa o ka etswang ho latela kgoeletso, o ka dumella kapa le ho laela -
(a) ho leballwa ha puso, kapa mang kapa mang, ho ya ka ketso e seng molaong;
(b) Kgeloho efe kapa efe karolong ena; kapa
(c) Kgeloho efe kapa efe e karolong e boletsweng lenaneng la 1 ya Lenaneo la Ditshwanelo
tse ke keng tsa Tlolwa, jwalo ka ha ho bontshitswe ka thoko ho karolo ya lenane la 3 ya lenaneo.
1 2 3
Nomoro ya Lebitso La Boholo boo tshwanelo e
Karolo Karolo sireleditsweng ka bona
9 Tekano Mabapi le kgethollo e sa lokang bophelo,
bong, tumelo kapa puo
10 Seriti sa botho Kaofela
11 Bophelo Kaofela
12 Bolokolohi le Mabapi le dikarolwana tsa (1) (d) le (e) le
Tshireletso ya motho (2) (c) feela.
13 Bokgoba, mofo le Mabapi le bokgoba le bofo feela
mosebetsi ka qobello
28 Bana Mabapi le karolwana ya (1) (d) , (1) (e);
ditokelo temanyaneng ya(i) le (ii) ya
karolwana ya (1) (g); le
karolwana ya 1 (i) mabapi le bana ba dilemo
tse 15 le ba ka tlaase ka dilemo
35 Batho ba tshwerweng, Mabapi le karolwana (1) (a) (b) le (c)
ba kgolehong le ba (2) (d);
qosuwang ditokelo ditemaneng ts (a) ho fihlela ho (o)
tsa karolwana ya (3), ho sa kenyeletswe temana ya (d)
karolwana ya (4); le
karolwana ya (5) mabapi le ho se kenngwe
ha bopaki ha eba tumello ya bopaki boo bo ka kgotla ho ye
ka leeme.
(6) Ka mehla ha motho a kwalletswe ka ntle ho qoso lebaka ka la ho se sebedise ditokelo e
tswalwang ke kgoeletso ya maemo a qomatsi, ho hlokomelwe maemo a latelang:
(a) motho e moholo eo e leng setho sa lelapa kapa motswalle wa moqosuwa a tsebiswe ka
pelepele ka moo ho ka kgonahalang ka teng, hore motho eo o kgolehong.
(b) ho phatlalatswe tsebiso Gazeteng ya Mmuso wa Setjhaba matsatsing a mahlano ao
motshwaruwa a isitsweng kgolehong ka ona, ho bolelwe lebitso la motshwaruwa le sebaka seo
a leng kgolehong ho sona, mme ho bolelwe le molao wa qomatsi oo a tshwerweng ka ona.
(c) motshwaruwa a dumellwe ho ikgethela, mme a be a etelwe neng kapa neng ha ho
kgonahala, ke ngaka.
(d) motshwaruwa a dumellwe ho ikgethela, mme a be a etelwe neng kapa neng ha ho
kgonahala ke leqwetha.
(e) lekgotla le hlahlobisise ho tshwarwa ha motshwaruwa, empa e se ke ya eba ka mora
matsatsi a 10 ka mora ho hoba motho a tshwarwe, mme lekgotla le lokela ho mo lokolla ka ntle
ha eba ho a hlokeha ho boloka kgotso le botsitso ha a ntse a le kgolehong.
(f) motshwaruwa ya ke keng a lokollwa ho ya ka dipehelo tsa temana ya (e) kapa ya ke keng
a lokollwa ho ya ka ho lekolwa ha temana ena, a ka ngolla kgotla ho lekola ho kwallwa ha hae
nako e nngwe le e nngwe ka mora matsatsi a 10 ka mora ho lekolwa ho fetileng, mme nyeweng
efe kapa efe, lekgotla le lokolle motshwaruwa ka ntle ha eba ho lokela ho mo kwalla ho boloka
kgotso le botsitso.
(g) motshwaruwa o lokela ho dumellwa ho hlaha ka pela lekgotla ka boyena ha ho lekolwa
kgoleho ya hae, mme a emelwe ke leqwetha dipuisanong tseo, mme a be a etse kopo e kgahlanong
le ho holehwa ha hae hape.
(h) puso e lokela ho hlahisa mabaka lekgotleng a ngotsweng a hlalosang ho kwallwa ha
motshwaruwa nako e telele, mme e be e nehe motshwaruwa kgatiso ya mabaka ao bonyane
matsatsi a mabedi pele lekgotla le lekodisisa kgoleho eo.
(7) Ha lekgotla le lokolla motshwaruwa, motho eo a ke ke a boela a tshwarwa hape ka lebaka
la mabaka ona ao ka ntle ha eba puso e ka bontsha ka mabaka a utlwahalang hore motho eo a
boele a kwallwe hape.
(8) Dikarolwana tsa (6) le (7) ha di sebetse bakeng sa batho bao e seng baahi ba Rephaboliki
mme ba tshwerweng ka lebaka la dibetsa tsa ntwa tsa matjhaba. Feela puso e lokela ho itshetleha
ka dipehelo tsa molao wa matjhaba wa botho ho batho bao.
Qobello ya ditshwanelo
38. Motho e mong le e mong ya hlahellang karolong bua a se na bopaki ena o na le tokelo ya
ho ya lekgotleng le tshwanelehileng, a ka hore tokelo e hlahellang Biling ya Ditshwanelo e robilwe
kapa ha e a loka, mme lekgotla le ka thusa ka tharollo e lokelang, ho ballwa le kgoeletso ya
ditokelo. Batho ba ka etsang kopo lekgotleng ke -
(a) motho e mong le e mong ya ipuellang;
(b) motho e mong le e mong ya emelang e mong ya ke keng a ba emela ka mabitso a bona;
(c) motho e mong le e mong ya ikgakantseng eka ke, kapa a emetse motho e mong ya ke keng
a ikemela, sehlopha, kapa mokgopi wa batho; le
(d) motho e mong le e mong ya emelang ditabatabelo tsa setjhaba; le
(e) mokgatlo o emelang ditabatabelo tsa ditho tsa ona.
Tlhaloso ya ditshwanelo
39. (1) Ha ho hloloswa Bili ya Ditshwanelo, lekgotla kapa ditho tsa lekgotla kapa seboka
-
(a) le lokela ho kgothalletsa melemo ya metheo ya bophelo e pontsheng le demokrasi ya
setjhaba e thehilweng hodima botho, tekano le bolokolohi;
(b) le hlokomele molao wa matjhaba; hape
(c) le ka nna la hlokomela molao wa baditjhaba.
(2) Ha ho hlaloswa molao o etswang, le ha ho ntshetswa pele molao kapa molao wa setso
lekgotla le leng le le leng, pitso kapa seboka le lokela ho kgothalletsa maikutlo, sepheo, le
maikemisetso a Bili ya Ditshwanelo.
(3) Bili ya Ditshwanelo ha e thibele boteng ba ditokelo tse ding kapa bolokolohi bo bong
ananelwang kapa bo beilweng hodima molao wa setso, kapa molao o etswang, ho fihlela moo di
seng di sa tsamaelane le Bili ya Ditshwanelo.
KGAOLO YA 3
mmuso wa tshebedisano
Mmuso wa Rephaboliki
40. (1) Mona Rephaboliking , puso e bopilwe ka mmuso wa naha, mebuso ya diprovense
le mebuso ya metse; e leng mebuso e sa tshwaneng, e sebedisanang, ebile e nyalellana.
(2) Makala ohle a mmuso a lokela ho hlokomela le ho ikamahanya le metheo e Kgaolong ena,
mme e sebetse ho ya ka meedi e sehilweng ya Kgaolo ena.
Metheo ya mmuso wa tshebedisano le dikamano tsa mebuso
41. (1) Makala ohle a mmuso le mafapha ohle a puso tlhopisong ka nngwe ya makala, a
lokela ho -
(a) boloka kgotso, kopano ya setjhaba, le ho se arohane ha Rephaboliki;
(b) boloka boiketlo ba batho ba Rephaboloki;
(c) fana ka bokgoni, pontsheng, ka boikarabelo le ka tshebedisano ka mmuso bakeng sa
Rephaboliki kaofela;
(d) tshepahala Molaong wa Motheo, Rephaboliking, le setjhabeng sa yona;
(e) ho hlompha boemo ba Molao wa Motheo, mekgatlo, matla le mesebetsi ya mmuso
makaleng a mang;
(f) ho se inkele matla afe kapa afe kapa mosebetsi ofe kapa ofe, ka ntleho eo ba e abetsweng
ka Molao wa Motheo;
(g) sebedisa matla a ona le ho phetha mesebetsi ya ona ka tsela ya ho itshunyatshunya
dibakeng, mesebetsing kapa boleng ba mmuso makaleng a mang; le
(h) sebedisana ka kutlwano le ho tshepana le tumellano ka ho -
(i) kgothalletsa setswalle;
(ii) thusana le ho tshehetsana;
(iii) tsebisana le ho rerisana tabeng tse re amang ka ho tshwana;
(iv) sebedisana le ho etsa melao mmoho;
(v) ikamahanya le ditsamaiso tseo ho dumellwang ka tsona; le
(vi) qoba diqosano makgotleng.
(2) Molao wa Palamente o tlameha ho -
(a) ela hloko kapa ho theha makala le mekgatlo ho kgothaletsa le ho bebofatasa dikamano tsa
nyalano ya mebuso.
(b) lokisetsa mekgwa ya ho sebetsa le ditsela tsa ho bebofatsa ho fedisa diqhwebeshano
pakeng tsa mebuso.
(3) Lekala la puso le amehang qhwebeshanong e pakeng tsa mebuso, le leke ka matla ho
fedisa qhwebeshano ka mekgwa le ditsamaiso tse behetsweng sepheo sena; mme le fuputse metjha
yohle ya ditharollo, pele le ka ya lekgotleng ho rarolla qaka ena.
(4) Ha lekgotla le sa kgotsofala hore ditlhoko tsa karolwana ya (3) e phethisitswe, le ka nna
la buse tsa qhwebeshano eo makaleng a amehang a mmuso.
KGAOLO YA 4
PALAMENTE
Sebopeho sa Palamente
42. (1) Palamente e bopilwe ka -
(a) Seboka sa Setjhaba; le
(b) Lekgotla la Diprovense tsa setjhaba.
(2) Seboka sa Setjhaba le Lekgotla la Diprovense tsa Setjhaba di sebedisana ka ho etsa molao
ka tsela e hlalositsweng Molaong wa Motheo.
(3) Seboka sa Setjhaba se kgethilwe hore se emele batho le hore se hlokomele hore ho be le
puso ya Molao wa Motheo. Hona ho etswa ka ho kgetha Mopresidente, ka ho fana ka seboka sa
setjhaba se tla hlokomela ditaba tsa setjhaba, ka ho fetisa molao le ho hlahloba le ho hlokomela
mesebetsi ya phethahatso.
(4) Lekgotla la Diprovense la Setjhaba le emela diprovense ho hlokomela ditabatabelo tsa
diprovense makaleng a mmuso.Le etsa hona ka ho sebetsa ditsamaisongtsa ho etswa ha molao le
ka hao theha seboka sa setjhaba ho hlokomela ditaba tsa setjhaba tse amanang le diprovense.
(5) Mopresidente a ka bitsa Palamente neng kapa neng ho tla tshohla merero e kgethehileng.
(6) Palamente e tshwarelwa Motsekapa, empa Molao wa Palamente o phethiswang ho latela
dikarolo tsa 76( 1) le (5), ho ka nahanwa hore Palamente e tshwarelwe sebakeng se seng.
Bolaodi ba ho etswa ha molao ba Rephaboliki
43. Mona Rephaboliking, bolaodi ba ho etsa molao -
(a) ba lekala la mmuso wa setjhaba bo matleng a Palamente, ka moo karolo ya 44 e hlalosang
ka teng;
(b) ba lekala la mmuso wa provense bo matleng a ho etswa, ha molao wa provense eo, ka
moo karolo ya 104 e hlalosang ka teng; mme
(c) ba mmuso wa selehae bo matleng a Makgotla a Mmasepala, ka moo karolo ya 156 e
hlalosang ka teng.
Bolaodi ba ho etswa ha molao setjhabeng
44 (1) Bolaodi ba ho etswa ha molao jwalo ka ha bo beilwe Palamenteng -
(a) bo fa Seboka sa Setjhaba matla -
(i) a ho fetola Molao wa Motheo;
(ii) a ho fetisa molao o lebaneng le morero ofe kapa ofe, ho kenyeletswa morero o ka hara
tshebetso e lenaneng le Shejulung ya 4, empa ho sa kenyeletswe, ho latela karolo ya (2), morero
o sebakeng sa mosebetsi lenaneng le Shejulung ya 5; mmoho le
(iii) ho abela matla a ho etsa molao ofe kapa ofe, ka ntle ho matla a ho fetola Molao wa
Motheo, ho lekala lefe kapa lefe le etsang molao lefapheng le leng la mmuso; le
(b) a fa Lekgotla la Diprovense tsa Setjhaba matla -
(i) a ho sebetsa ho fetola Molao wa Motheo, ho ya ka dipehelo tsa karolo ya 74;
(ii) ho fetisa ho ka ya 76, molao o entsweng mabapi le morero ofe kapa ofe o ka hara
tshebetso e lenaneng le Shejulung ya 4, le morero ofe kapa ofe o batlwang ke Molao wa Motheo
hore o fetiswe ho latela karolo ya 76; mmoho le
(iii) ho nahana ka, ho latela karolo ya 75, molao ofe kapa ofe o fetisweng ke Seboka sa
Setjhaba.
(2) Palamente e ka nna ya kena mahareng ka ho fetisa molao, ho latela karolo ya 76(1) , ho
latela morero o welang sebakeng sa sa mosebetsi se lenaneng le Shejulung ya 5, ha eba ho hlokeha
-
(a) ho boloka tshireletso ya setjhaba;
(b) ho boloka bonngwe ba moruo;
(c) ho boloka maemo a bohlokwa a setjhaba;
(d) ho thea maemo a seng makae a hlokehang ho ka thusa ka ditshehetso; kapa
(e) ho thibela ketsahalo e sa tlwaelehang e entswe ke provense e nahanelang ditabatabelo tsa
provense e nngwe kapa naha yohle.
(3) Molao o tobaneng le morero o hlokehang bakeng sa, kapa o ka etsahalang, ho
sebedisweng ka katleho ho ya ka mosebetsi o lenaneng la Shejulu ya 4, maikemisetsong ohle,
molao o latelang morero o lenaneng la Shejulu ya 4.
(4) Moo palamente e sebedisang matla a yona, e tlangwa feela ke Molao wa Motheo, mme
e lokela ho sebetsa ho ya ka, le ho ya ka meedi e sehilweng, Molao wa Motheo.
Melao le ditaelo le dikomiti tse kopanetsweng
45. (1) Seboka sa Setjhaba le Lekgotla la Diprovense tsa Setjhaba, di lokela ho theha
komiti e kopanetsweng ya ho etsa melao le ditaelo tse mabapi le merero ya Seboka le Lekgotla,
ho kenyeletswa melao le ditaelo tsa -
(a) ho lekola ditsamaiso e le ho bebofatsa mosebetsi wa ho beha melao, ho kenyeletswa le ho
sehela nako meedi ya ho qetela mohatong ofe kapa ofe mosebetsing;
(b) ho theha dikomiti tse kopanetsweng mme di bopilwe ka baemedi ba Seboka le Lekgotla
ho lekola le ho tlaleha ka Dibili tse hopotsweng karolong ya 74 le 75;
(c) ho theha dikomiti tse kopanetsweng tse bopilweng ka Molao wa Motheo bonyane selemo
se seng le se seng; le
(d) laola merero ya -
(i) komiti e kopantsweng ya melawana
(ii) komiti ya Bonamodi
(iii) komiti ya tekoloho ya Molao wa Motheo
(iv) dikomiti tse kopanetsweng tse hlomilweng tlasa temana ya (b)
(2) Ditho tsa Khabinete, ditho tsa Seboka sa Setjhaba le baemedi Lekgotleng la Setjhaba la
Diprovense di na le menyetla le ditumelo komiting ya kopanelo ya Seboka le Lekgotla jwalo ka
ha ba na le tsona Sebokeng kapa Lekgotleng.
Seboka sa Setjhaba
Sebopeho le dikgetho
46. (1) Seboka sa Setjhaba se bopilwe ka ditho tse seng ka tlase ho 350 mme di sa fete
palo ya basadi le banna ya 400 ba kgethilweng ho ba ditho ka tsamaiso ya kgetho e -
(a) e balletsweng ka molao wa setjhaba;
(b) e theilweng hodima lenane la bakgethi la setjhaba;
(c) e hlalosang hore bonyane bakgethi ba be le dilemo tse 18; hape
(d) e tswalang, kakaretso, boemedi bo lekalekanang.
(2) Molao wa Palemente o fane ka mokgwa wa ho laola palo ya ditho tsa Seboka sa Setjhaba.
Ditho
47. (1) Moahi e mong le e mong ya nang le tshwanelo ya ho kgetha ditho tsa Seboka sa
Setjhaba o na le tshwanelo ya ho ba setho sa Seboka, ka ntle ho -
(a) mang kapa mang ya thontsweng ke, kapa a sebeletsa, puso mme a amohela moputso ka
ho thonngwa hoo kapa mosebetsioo, ka ntle ho -
(i) Mopresidente, Motlatsi wa Mopresidente, Matona le Batlatsi ba Matona; le
(ii) basebetsi ba bang ba diofisi bao mesebetsi ya tsona e tsamaisanang le mesebetsi ya bo
etswa ha molao ya setjhaba;
(b) baemedi ba dutseng tsitsitseng mosebetsing Lekgotleng la Setjhaba la Diprovense, kapa
ditho tsa lekgotla la ho etsa molao la provense kapa lekgotla la mmasepala;
(c) boramolao ba sa leng melatong;
(d) motho ofe kapa ofe ya sa itekanelang kelellong ho ya ka lekgotla la Rephaboliki; kapa
(e) mang kapa mang eo, ka mora hoba karolo ena e sebediswe, a fumanwe a le molato mme
a ba a ahlolelwa tjhankaneng nako ya dikgwedi tse 12 a sa fuwe monyetla wa faene, e ka ba
Rephaboliking, kapa ka ntle ho yona, ha eba ketso eo a e ahloletsweng e le tlolo ya molao ka hara
Rephaboliki, empa, ho se be motho ya tadingwang jwalo ka motho ya seng a ahlotswe ho fihlela
boipiletso ba hae kgahlanong le ho fumanwa a le molato le kahlolo ho phethw, kapa ho fihlela
nako ya ho etsa boipiletso e fetile. Ho se amohelwe ho ya ka temana ena e fella ka mora dilemo
tse hlano kahlolo e se e qetilwe.
(2) Motho eo e ke keng ya eba setho sa Seboka sa Setjhaba ho ya ka karolwana ya (1) (a)
kapa (b) e ka nna ya eba nkgetheng wa Seboka, ha feela a phethisa meedi le dipehelo tse ding tse
hlomilweng ke lekgotla la ho etsa molao.
(3) Motho a ka lahlehelwa ka botho ba Seboka sa Setjhaba, ha motho eo -
(a) a kgaotsa ho kgethwa;
(b) ha a le siyo Sebokeng ka ntle ho tumello maemong ao ka ona melawana le ditaelo tsa
Seboka di qosang tahlehelo ya botho.
(4) Dikgeo ha di hlahella Sebokeng sa Setjhaba se tlatswe ho ya ka dipehelo tsa lekgotla la
ho etsa molao.
Kano kapa boitlamo
48. Pele ditho tsa Seboka sa Setjhaba di qala ho sebetsa Sebokeng, di tlameha ho ikana kapa
ho itlamela botshepehi Rephaboliking le ho ikokobetseng ka tlasa Molao wa Motheo, ho ya ka
Shejulu ya 2.
Bolelele ba Seboka sa Setjhaba
49. (1) Seboka sa Setjhaba se kgethelwa ho ba teng ka dilemo tse hlano.
(2) Ha Seboka sa Setjhaba se qhalwa ho ya ka karolo ya 50, kapa ha se fela, Mopresidente,
ka kgoeletso, o lokela hore a phatlalatse le ho bea letsatsi la dikgetho, le tlamehang ho tshwarwa
matsatsing a 90 a mohla Seboka se qhadilweng ka ona, kapa nako ya sona e fetile.
(3) Ha sephetho sa dikgetho tsa Seboka sa Setjhaba se sa phatlalatswe ka nako e badilweng
ho latela karolo ya 190 kapa ha dikgetho di ka tsa qhelelwa thoko ke lekgotla, Mopresidente, ka
kgoeletso, o lokela ho phatlalatsa le ho bea mohla dikgetho , tse tlamehang ho tshwarawa
matsatsing a 90 a ho feta ha nako eo kapa a mohlang oo dikgetho di ileng tsa beelwa ka thoko.
(4) Seboka sa Setjhaba se dula se tshwanela ho sebetsa ho tloha ka nako eo se qhalaneng ka
sona, kapa nako ya sona e feta, ho fihlela letsatsi pele ho letsatsi la pele la dikgetho la Seboka se
seng.
Ho qhalwa ha Seboka sa Setjhaba pele ho nako e beilweng
50. (1) Mopresidente a ka qhala Seboka sa Setjhaba ha -
(a) Seboka se nkile qeto e tlamang ho qhaleha, mme se tsheheditswe ke boholo ba ditho tsa
sona; mme
(b) ho se ho fetile dilemo tse tharo Seboka se kgethilwe.
(2) Mopresidente ya tshwereng mokobobo, a qhale Seboka sa Setjhaba, ha eba -
(a) ho hlahile sekgeo sa ofising ya Mopresidente; le
(b) ha Seboka se sa kgethe Mopresidente e motjha pele ho feta matsatsi a 30 ho tloha ha
sekgeo se hlahile.
Dikopano le dinako tsa phomolo
51. (1) Ka mora dikgetho, kopano ya pele ya Seboka sa Setjhaba se lokela ho dula nakong
e itseng le ka letsatsi le beilweng ke Mopresidente wa Lekgotla la Molao wa Motheo, empa e seng
ka mora matsatsi a 14 a tsebiso ya sephetho sa dikgetho. Seboka sa Setjhaba se ka ipehela nako
le bolelele ba dikopano tse ding le dikano tsa kgefutso.
(2) Mopresidente a ka nna a bitsa kopano ya Seboka sa Setjhaba e ikgethileng neng kapa neng
feela, ho tla tshohla merero e potlakileng.
(3) Dikopano tsa Seboka sa Setjhaba di dumelletswe dibakeng tseo e seng sebaka sa
Palamente feela ho ya ka ditabatabelo tsa setjhaba, tshireletso kapa ho lokela, mme ha ho ngotswe
melaong le ditaelong tsa Seboka.
Modulasetulo wa palamente le motlatsi wa hae
52. (1) Kopanong ya pele ka mora dikgetho, kapa ha ho hlokeha ho tlatsa sekgeo, Seboka
sa Setjhaba se lokela ho kgetha Modulasetulo wa palamente le Motlatsi wa hae ho ditho tsa sona.
(2) Mopresidente wa Lekgotla la Molao wa Motheo o lokela hore e be modulasetulo wa
kopano e kgethang Modulasetulo wa palamente,kapa a thonye moahlodi e mong ho ba
modulasetulo. Modulasetulo wa palamente e eba modulasetulo ha ho kgethwa Motlatsi wa
modulasetulo wa palamente.
(3) Tsamaiso e bolelwang Shejulung ya 3 e sebediswa ha ho kgethwa Modulasetulo wa
palamente le Motlasi wa hae.
(4) Seboka sa Setjhaba se ka tlosa Modulasetulo wa palamente kapa Motlasi wa hae
mosebetsing ka ho etsa qeto. Boholo ba ditho tsa Seboka bo lokela ho ba teng ha ho nkuwa qeto.
(5) Ho ya ka melawana le ditaelo, Seboka sa Setjhaba se ka kgetha hara ditho tsa sona
baduladitulo ba bang hore ba thusane le Modulasetulo wa palamente le Motlatsi wa hae.
Diqeto
53. (1) Ka ntle ha eba Molao wa Motheo o hlalosa ka mokgwa o mong -
(a) boholo ba ditho tsa Seboka sa Setjhaba bo lokela ho ba teng ha ho kgethwa Bili kapa ha
ho ba le phetolo ya Bili;
(b) bonyane nngwe tharong ya ditho e lokela ho ba teng pele ho kgethwa morero ofe kapa ofe
o ka Sebokeng; hape
(c) merero yohle e tshohlwang ke Seboka e lokela ho lekolwa bongata ba dikgetho tse
nkilweng.
(2) Setho sa Seboka sa Setjhaba seo e leng modulasetulo kopanong ya Seboka ha se na
bolokolohi ba ho kgetha, empa -
(a) se lokela ho etsa kgetho ya makgaolakgang ha ho e na le palo ya bahanyetsani e lekanang
ka mahlakoreng a mabedi; mme
(b) a ka etsa kgetho ya tharollo moo qeto e lokelang ho nkwa teng ka tshehetso ya dikgetho
tsa pedi borarong tsa ditho.
Ditokelo tsa ditho tsa Khabinete Sebokeng sa Setjhaba
54. Mopresidente le setho sefe kapa sefe sa Khabinete seo e seng setho sa Seboka sa Setjhaba
ba ka nna ba ba teng dikopanong tsa Seboka, ba ba bua, empa ba se ke ba kgetha.
Matla a Seboka sa Setjhaba
55. (1) Ka ho sebedisa matla a sona a ho etsa molao, Seboka sa Setjhaba se ka -
(a) tshohla, sa fetisa, fetola kapa sa qhelela thoko molao o beilweng pela Seboka;
(b) qala kapa lokisetsa mela, ka ntle ho dibili tsa tjhelete.
(2) Seboka sa Setjhaba se lokela ho hlopisa mekgwa ya tshebetso -
(a) ya ho hlokomela hore makala ohle a phethahatso a puso makaleng a mmuso a ikarabella
ho sona; mme
(b) ya ho tshehetsa ho hlokomela -
(i) tshebediso ya matla a phethahatso setjhabeng, mmoho le tshebedio ya molao; le
(ii) lekala lefe kapa lefe la puso.
Bopaki kapa tsebiso e fuwang Seboka sa Setjhaba
56. Seboka sa Setjhaba kapa e nngwe ya dikomiti tsa sona e ka -
(a) bitsa motho ofe kapa ofe ho tla fana ka bopaki a ikanne kapa a itlamme, kapa ho tla fana
ka ditokomane;
(b) kopa motho ofe kapa ofe kapa mokgatlo ofe kapa ofe ho tlaleha ho ona;
(c) qobella, ho ya ka molao wa setjhaba kapa ka melawana le ditaelo, mang kapa mang kapa
mokgatlo dumellana le pitso kapa dikopo ho ya ka temana ya (a) kapa (b); mme
(d) amohela dithapedi, boemedi kapa dipehelo tse tswang ho mang kapa mang ya mang ya
nang le tjhesehelo.
Ditlhophiso tsa lehae, ditsamaiso le mekgwa ya tshebetso ya Seboka sa Setjhaba
Setjhaba
57. (1) Seboka sa Setjhaba se ka -
(a) lekanya le ho laola ditlhopiso tsa sona tsa lehae, ditsamaiso le mekgwa ya tshebetso; le
(b) ho etsa melawana le ditaelo mabapi le mesebetsi, ho hlokometswe boemedi le ho sebetsa
mmoho ka demokrasi, boikarabelo, pepeso le ho kenya letsoho ha setjhaba.
(2) Melawana le ditaelo tsa Seboka sa Setjhaba di lokela ho fana ka -
(a) motheo, sebopeho, matla, mesebetsi, mekgwa ya tshebetso le nako ya ho ba teng ha
dikomiti;
(b) ho kenya letsoho ditsamaisong tsa Seboka, le dikomiti tsa tsona, hara mekga e teng e
menyenyane ya dipolotiki e emetsweng Sebokeng, ka tsela e tsamaelanang le demokrasi;
(c) thuso ya tjhelete le ya taolo ho mokga o mong le o mong wa dipolotiki o emetsweng
Sebokeng ho ya ka ho lekalekana ka boemedi ba tsona, ho dumella mokga o mong le o mong le
moetapele wa yona ho phetha mesebetsi ya yona Sebokeng ka bokgabane; le
(d) kamohelo ya moetapele wa mokga o moholo wa kganyetso sebokeng jwalo ka Moetapele
wa Kganyetso.
Tokelo
58. (1) Ditho tsa Khabinete le ditho tsa Seboka sa Setjhaba -
(a) di na le bolokolohi ba ho bua Sebokeng le dikomiting tsa sona, ho latelwa melawana le
ditaelo tsa sona; le
(b) ha di tlangwe ke melao ya kahisano kapa ya bosenyi, ho tshwarwa, ho hlahlelwa
tjhankaneng, kapa ditshenyo mabapi le -
(i) eng kapa eng eo di e buileng, ya hlahiswa ka pela, kapa ya fetisetswa, Sebokeng kapa
dikomiting dife kapa dife tsa sona; kapa
(ii) eng kapa eng e senotsweng ka lebaka la se di se buileng, sa hlahiswa pejana, kapa sa
fetisetswa, Sebokeng kapa dikomiti dife kapa tsa sona.
(2) Ditshwanelo le diteballo tse ding tsa ditho tsa Seboka sa Setjhaba, tsa ditho tsa Khabinete
le ditho tsa Seboka di ka ballwa ke molao o etswang.
(3) Meputso, ditumello le melemo e nehwang ditho tsa Seboka sa Setjhaba, ke molato o
tobaneng le Mokotla wa Matlotlo ka Makgetho wa Setjhaba.
Ho fihlella ha setjhaba le ho sebetsa Sebokeng sa Setjhaba
59. (1) Seboka sa Setjhaba se lokela ho -
(a) lokisetsa ho kenya letsoho ha setjhaba mesebetsing ya ho etsa melao le mesebetsi e meng
ya Seboka le dikomiti tsa sona, hong le
(b) tsamaisa morero wa Sona pepeneneng, mme se kopane, mme bao ba dikomiti, setjhabeng,
empa ho nkuwe mehato e utlwahalang -
(i) ho laola ho fihlella ha setjhaba, ho kenyeletswa le ho fihlellwa ha phatlalatso, Sebokeng
le dikomiting tsa sona; le
(ii) ho etsa monyetla wa hore motho e mong le emong a setjhwe, mme moo ho loketseng teng,
ho hanelwa ho kena, kapa ho tloswa ha, mang kapa mang.
Lekgotla la diprovense la setjhaba
Popeho ya Lekgotla la Setjhaba
60. (1) Lekgotla la Setjhaba la Diprovense le bopilwe ka baromuwa bo le bong bo
bopilweng ka baromelwa ba leshome ba tswang provenseng ka nngwe.
(2) Baromuwa ba leshome ke -
(a) baromuwa ba bane ba kgethehilweng ,e leng -
(i) Tonakgolo ya provense kapa ha Tonakgolo a le siyo, setho sefe kapa sefe sa lekgotla la
ho etsa molao wa provense eo se thontsweng ke Tonakgolo ho phethisa mesebetsi e akaretsang
kapa e itseng ya Lekgotla la Diprovense tsa Setjhaba; le
(ii) ditho tse ding tse tharo tse kgethehileng; mmoho le
(b) ditho tse tsheletseng tse sebetsang moo ka botlalo di thontswe ho latela dipehelo tsa
karolo ya 61 (2).
(3) Tonakgolo ya provense, kapa ha Tonakgolo a le siyo, setho se seng sa boromuwa ba
provense, se thontsweng ke Tonakgolo, se lokela ho etella baromuwa ba provense pele.
Kabo ya baromuwa
61. (1) Mekga e kenetseng ho etswa ha molao wa provense e na le tokelo ya ho ba le
baemedi hara baromuwa ba provense eo ka mokgwa o ngotsweng Karolong ya B ya Shejulu ya
3.
(2) Pele ho matsatsi a 30 ka mora ho phatlalatswe diphetho tsa dikgetho tsa lekgotla le etsang
molao wa provense, lekgotla le etsang molao , hore le tle le be le bonnete ba hore mekga e
menyenyane Lekgotleng hore e latela tsela ya demokrasi, e lokela ho -
(a) ho lekanya, ho ya ka molao wa setjhaba, hore ke palo e kae ya ditho tsa mokga ka mong
tseo e ka bang baromuwa ba ka mehla mme ke ba ba bakae bao e tla bang baromuwa ba
kgethehileng; mme
(b) ho thonngwe baromuwa ba ka mehla ho ya ka kgetho ya mekga.
(3) Lekgotla le etsang molao, le dumellana le Tonakgolo le baetapele ba mekga e nang le
tokela ya ho ba le baromuwa ba kgethehileng Lekgotleng la Setjhaba la Diprovense, le lokela ho
thonya baromuwa ba kgethehileng hara ditho tsa lekgotla la molao, jwalo ka ha ho hlokahala ka
nako le nako.
(4) Lekgotla le etsang molao, ha mmoho le Tonakgolo le baetapele ba mekga ba lokela ho
fumana baemedi ba ikgethileng boemeding ba provense, e lokela ho ba baemedi ba thontsweng,
jwalo ka ha ho hlokeha ka mehla, ho tswa ho ditho tsa lekgotla le etsang molao.
Baromuwa ba ka mehla
62. (1) Motho ya thontsweng ho ba moromuwa wa ka mehla o tlamehile ho kgethelwa ho
ba setho sa lekgotla la provense.
(2) Ha motho eo e leng setho sa lekgotla la ho etsa molao la provense a thonywa ho ba
moromuwa wa ka mehla, motho eo o kgaotsa ho ba setho sa lekgotla le etsang molao.
(3) Baromuwa ba ka mehla ba thonyetswa nako e felang pejana ho kopano ya pele ya lekgotla
le etsang molao la provense ka mora dikgetho tse hlahlamang.
(4) Motho o kgaotsa ho ba moromuwa wa ka mehla ha eba motho eo -
(a) a kgaotsa ho kgethelwa ho ba setho sa lekgotla le etsang molao ka mabaka a mang le a
mang feela ntle ha eba a thonyeditswe ho ba moromuwa wa ka mehla;
(b) a thonyeditswe ho ba setho sa Khabinete;
(c) a se a sa tshetjwe ke lekgotla le etsang molao la provense, mme a bitswe hape ke mokga
o mo thontseng ho ba setho sa ka mehla; kapa
(d) a kgaotsa ho ba setho sa mokga o thontseng motho eo mme a bitswa ke mokga oo; kapa
(e) a le siyo Lekgotleng la Setjhaba la Diprovense ka ntle ho tumellano mabakeng ao melao
le ditaelo tsa Lekgotla di hlalosang ho se be setho e le moromuwa wa ka mehla.
(5) Dikgeo tse hlahang hara baromelwa ba ho ya,ho ile di lokela ho kwalwa ka mokgwa o
bolelwang ke molaoketsuwa wa naha.
(6) Pele baromuwa ba ka mehla ba sebetsa Lekgotleng la Setjhaba la Diprovense, ba lokela
ho ikana kapa ho itlama hore ba tla tshepahala Repaboliking ba be ba ikokobelletse Molao wa
Motheo, jwalo ka ha ho ngotswe Shejulung ya 2.
Dikopano tsa Lekgotla la Setjhaba
63. (1) Lekgotla la Setjhaba le ka ikgethela nako le bolelele ba nako ba dikopano tsa lona
le dinako tsa kgefutso.
(2) Mopresidente a ka nna a bitsetsa Lekgotla la Setjhaba la Diprovense kopanong e ka thoko
neng kapa neng hore ho tshohla merero e kgethehileng.
(3) Dikopano tsa Lekgotla la Diprovense la Setjhaba di dumelletswe ho ka tshwarelwa kae
kapa kae ka ntle ho Palamenteng ka lebaka la ditabatabelo tsa setjhaba, tshireletso kapa ho ho
tshwaneleha, le ha ho ka ba le nehelano ho ya ka melao le ditaelo tsa Lekgotla.
Modulasetulo le Batlatsi ba modulasetulo
64. (1) Lekgotla la Setjhaba la Diprovense le lokela ho ikgethela modulasetulo le Batlatsi
ba modulasetulo hara baromuwa.
(2) Modulasetulo le e mong wa Motlatsi wa modulasetulo ba kgethwa hara baromuwa ba ka
mehla mengwaha e mehlano ka ntle ha eba nako ya bona ya boromuwa e fela pele ho nako.
(3) Motlatsi wa modulasetulo e mong o kgethelwa selemo se le seng feela, mme o lokela ho
hlahlangwa ke boromuwa ba provense e nngwe, e le hore provense ka nngwe e na le boemedi le
yona.
(4) Mopresidente wa Lekgotla ka Molao wa Motheo o lokela hore e be modulasetulo ha ho
kgethwa Modulasetulo, kapa a thonye moahlodi e mong ho sebetsa jwalo. Modulasetulo e ba
modulasetulo ha ho kgethwa Batlatsi wa modulasetulo.
(5) Mokgwa wa ho sebetsa o hlophisitsweng Shejulung ya 3 o sebetsa le kgethong ya
Modulasetulo le Motlatsi wa modulasetulo.
(6) Lekgotla la Setjhaba e ka nna la tlosa Modulasetulo kapa Motlatsi wa modulasetulo
maemong a hae.
Diqeto
65. (1) Ntle ho moo Molao wa Motheo o hlalosang ka mokgwa o mong -
(a) provense ka nngwe e na le kgetho e le nngwe feela mme e etsetswa provense ke moetapele
wa baromuwa ba yona; hape
(b) dipotso tsohle tseo ho buisanwang ka tsona Lekgotleng la Setjhaba di a dumellwa ha
bonyane diprovense tse hlano di kgethela kamohela ya tsona.
(2) Molao wa Palamente, o fetisitsweng ka mokgwa o hlaloswang karolong ya 76 (1) kapa
(2) , o lokela ho lokistetsa tsamaiso e tshwanang eo ka yona diprovense di nehang boromuwa ba
tsona matla a ho ba kgethela.
Ho kenya letsoho ha ditho tsa lekgotla la phethahatso la setjhaba
66. (1) Ditho tsa Khabinete le Batlatsi ba Matona ba ka ba teng, mme ba ka ba ba bua ka,
Lekgotleng la Setjhaba la Diprovense, empa ba ke ke ba kgetha.
(2) Lekgotla la Setjhaba la Diprovense le ka kopa setho sa Khabinete, Motlatsi wa Letona
kapa mosebeletsi wa mmuso lekgotleng la phethahatso la setjhaba la provense ho ba teng
kopanong ya Lekgotla kapa komiting ya Lekgotla.
Ho kenya letsoho ha baemedi ba mmuso wa selehae
67. Baemedi ba nakwana ba sa feteng leshome ba thontsweng ke mmuso o hlophisitsweng wa
selehae, ho ya ka karolo ya 163, ho emela mafapha a mmasepala, ba ka kenya letsoho ha ho
hlokeha dipuisanong tsa Lekgotla la Setjhaba la Diprovense, empa ba ke ke ba kgetha.
Matla a Lekgotla la Setjhaba
68. Ha e sebedisa matla a yona a ho etsa molao, Lekgotla la Setjhaba la Diprovense le ka -
(a) tshohla, la fetisa, la fetola, la eletsa hore ho etswe phetoho, kapa la qhelela thoko molao
o entsweng Lekgotleng ho ya ka Kgaolo ena; hape
(b) qapa kapa ho hlophisetsa molao o entsweng o ka sebediswang jwalo ka ha o ngotswe
Shejulung ya 4 kapa molao o entsweng o mong oo ho bolelwang ka ona karolong ya 76 (3) ,
empa o ke ke wa qapa kapa wa hlophisa Dibili tsa tjhelete.
Bopaki kapa tsebiso e behetsweng Lekgotla la Setjhaba
69. Lekgotla la Sejhaba la Diprovense kapa e nngwe ya dikomiti tsa lona e ka -
(a) bitsa mang kapa mang ho tla hlahela ka pela lona, a tlo fana ka bopaki a ikanne kapa a
itlamme kapa a tlo fana ka ditokomane;
(b) qosa mokgatlo ofe kapa ofe kapa motho ofe kapa ofe ho tlaleha ho lona;
(c) qobella, ho ya ka molao o entsweng wa setjhaba kapa ka melao le ditaelo, motho ofe kapa
ofe ho dumellana le samane ho ya ka dipehelo tsa temana ya (a) kapa (b) ; le ho
(d) amohela ditletlebo, boemedi kapa dipehelo tsa motho ofe kapa ofe ya nang le tjheseho.
Ditlhophiso tsa lehae, ditsamaiso le mekgwa ya tshebetso ya Lekgotla la Setjhaba
70. (1) Lekgotla la Setjhaba le na le tokelo ya-
(a) ho akanya le ho laola ditlhophiso tsa lehae, ditsamaiso le mekgwa ya tshebetso ya lona;
le
(b) ho etsa melawana le ditaelo tse tobaneng le merero ya yona, ho ntse ho hlokometswe
boemedi le ho kenya letsoho ka , demokrasi, boikarabelo, ho hlahisa ditaba pepeneneng le ho
sebetsa setjhabeng.
(2) Melao le ditaelo tsa Lekgotla la Setjhaba la Diprovense e tshwanetse ho lokisetsa -
(a) ho thehwa, sebopeho, matla, mesebetsi, ditsamaiso le bolelele ba nako ba dikomiti tsa lona;
(b) ho sebetsa ha diprovense kaofela ditsamaisong tsa lona ka mokgwa o tshwanelang
demokrasi; le
(c) ho kenya letsoho ditsamaisong tsa Lekgotla, le dikomiting, le ho mekga yohle ya dipolotiki
e menyenyane e emetsweng Lekgotleng, ka moo demokrasi e tshwanelang ho tsamaiswa ka teng,
ha taba e tlamehile hore ho etswe qeto ka yona ho ya ka karolo ya 75.
Ditokelo
71. (1) Baromuwa ba Lekgotla la Setjhaba la Diprovense, le bohle bao ho hlalositsweng
ka bona karolong ya 66 le 67 -
(a) ha ba le ka Lekgotleng kapa dikomiting tsa lona, ba na le bolokolohi ba ho bua, feela ba
bolokile melao le ditaelo tsa yona; hape
(b) ba ke ke ba qoswa makgotleng a baahisani kapa a bosenyi ka lebaka la seo ba se buileng
kapa ba se hlahisang kapa ba fana ka sona Lekgotleng kapa dikomiting dife kapa dife tsa lona,
kapa -
(i) seo ba se buileng, ba se hlahisitseng pejana, kapa ba faneng ka sona, Lekgotleng kapa
dikomiting tsa lona; kapa
(ii) ho senolotsweng ka lebaka la seo ba se boletseng, ba se hlahisitseng pejana, kapa ba
faneng ka sona, Lekgotleng kapa dikomiting tsa lona.
(2) Ditokelo le ditokollo tsa Lekgotla la Setjhaba la Diprovense, baromuwa Lekgotleng le
batho ba hlalositsweng dikarolong tsa 66 le 67, ba ka ballelwa ke lekgotla le etsang molao la
setjhaba.
(3) Meputso, ditlhapiso le melemo e lefuwang ditho tsa ka mehla tsa Lekgotla la Setjhaba la
Diprovense di tswa Letloleng la Makgetho a Setjhaba.
Ho fihlella ha setjhaba ho le ho kenya letsoho Lekgotleng la Setjhaba
72. (1) Lekgotla la Setjhaba la Diprovense le lokela ho -
(a) kgothalletsa ho kenya letsoho ha setjhaba ditshebetsong tsa ho etsa molao tsa Lekgotla,
le dikomiti tsa lona; le ho
(b) phethisa merero ya lona ka mokgwa o se nang lekunutu, le be le tshware dikopano tsa lona
le tsa dikomiti tsa lona pepeneneng; le tsa dikomiti tseo, pepeneneng, -
(i) ho laola phihlello ya setjhaba, mmoho le ya bophatlalatsi, Lekgotleng le dikomiting tsa
lona;
(ii) le be le lokisetse ho hlahlojwa mmeleng ha mang kapa mang, mme, ha ho hlokahala; ho
hanela motho ho kena kapa ho mo ntsha dikopanong.
(2) Lekgotla la Setjhaba la Diprovense di ke ke tsa kgetholla setjhaba, le bophatlalatsi,
kopanong ya komiti ka ntle ha eba e lokile mme e nepahetse pepeneneng le setjhabeng sa
demokrasi
Tsamaiso ya Lekgotla la Setjhaba le etsang molao
Dibili tsohle
73. (1) Bili efe kapa efe e ka hlahiswa Sebokeng sa Setjhaba.
(2) ke feela setho sa khabinete, kapa Motlatsi wa Letona, kapa setho, kapa komiti ya Seboka
sa Setjhaba, e ka hlahisang Bili ka Sebokeng; empa ka setho feela sa Khabinete se ikarabellang
ho tsa ditjhelete tssa setjhaba se ka hlahisang Bili ya tjhelete Sebokeng.
(3) Bili, ka ntle ho Bili ya tjhelete, e leng tshebetsong se hlahisitsweng Shejulung ya 4 kapa
e hlalositsweng karolong ya 76 (3) , e ka hlahiswang Lekgotleng la Setjhaba la Diprovense.
(4) Ke feela setho kapa komiti ya Lekgotla la Setjhaba la Diprovense le ka hlahisang Bili
Lekgotleng.
(5) Bili e fetisitsweng ke Seboka sa Setjhaba e lokela ho lebiswa Lekgotleng la Setjhaba la
Diprovense, ha eba e lokela ho tshohlwa ke Lekgotla; Bili e fetisitsweng ke Lekgotla e lokela ho
lebiswa Sebokeng.
Dibili tse fetolang Molao wa Motheo
74. (1) Karolo ya 1 le karolwana ena di ka fetolwa ka Bili e fetisitsweng ke -
(a) Seboka sa Setjhaba, le kgetho e tshehetsang ya bonyane diphesente tse 75 tsa ditho tsa sona;
le
(b) Lekgotla la Setjhaba la Diprovense, ka kgetho e tshehetsang ya bonyane diprovense tse
tsheletseng.
(2) Kgaolo ya 2 e ka fetolwa ho ya ka Bili -
(a) Lekgotla la Setjhaba, ka tshehetso ya kgetho ya bonyane peditharong ya ditho tsa yona;
le
(b) Lekgotla la Diprovense la Setjhaba, ka tshehetso ya kgetho ya dirpovense tse tsheletseng.
(3) Pehelo efe kapa efe ya Molao wa Motheo e ka fetolwa ka Bili e fetisitsweng -
(a) ke Seboka sa Setjhaba, ka tshehetso ya kgetho ya bonyane peditharong ya ditho tsa yona;
le
(b) ka lekgotla la Diprovense tsa Setjhaba, ka tshehetso ya kgetho ya bonyane diprovense tse
tsheletseng, ha eba phetolo e -
(i) amana le taba e tsamaelanang le Lekgotla;
(ii) e fetola meedi ya provense, matla, mesebetsi kapa mekgatlo; kapa
(iii) e fetola dipehelo tse sebetsanang le ditaba tsa provense ka ho toba.
(4) Bili e fetolang Molao wa Motheo e ke ke ya kenya dipehelo ka ntle ho diphetolo tsa
Molao wa Motheo le ditaba tse tsamaelanang le diphetoho.
(5) Bonyane matsatsi a 30 pele Bili e fetolang Molao wa Motheo e hlahiswa ho ya ka karolo
ya 73 (2), motho kapa komiti e ikemiseditseng ho hlahisa Bili e lokela ho -
(a) phatlalatsa Gazeteng ya Mmuso ya setjhaba, leho, ya ka melawana le ditaelo tsa Seboka
sa Setjhaba, boitsebiso ba phetolo e hlahisitseng hore e tshohlwe ke setjhaba;
(b) nehela, ho ya ka melawana le ditaelo tsa Seboka, dintlha tseo ho lekgotla la molao la
provense hore ba hlahise maikutlo; le
(c) nehela, ho ya ka melawana le ditaelo tsa Lekgotla la Diprovense la Setjhaba, dintlha tseo
tsa Seboka hore di buisanwe, ha eba phetolo e sisintsweng ha se phetolo e hlokang ho fetiswa ke
Lekgotla.
(6) Ha Bili e fetolang Molao wa Motheo e hlahiswa, motho kapa komiti e hlahisang Bili e
lokela ho nehela ditlhahiso tse ngotsweng dife kapa dife tse fumanweng ho tswa setjhabeng le
makgotleng a etsang molao a provense -
(a) ho Modulasetulo wa palamente ya behileng ditaba Sebokeng sa Setjhaba; le
(b) ho ya ka diphetolo tseo ho builweng ka tsona karolwaneng ya (1), (2) kapa (3)(b), ho
Modulasetulo wa Lekgotla la Diprovense tsa Setjhaba ka ho beya ditaba Lekgotleng.
(7) Bili e fetolang Molao wa Motheo e keke ya bewa paneng kgethwa Sebokeng sa Setjhaba
matsatsing a 30 a -
(a) ho hlahiswa ha yona, ha eba Seboka se dutse ha Bili e hlahiswa.
(b) ho tekwa ha yona Sebokeng, ha eba Seboka se phomotse ha Bili e hlahisitswe.
(8) Ha eba bili eo ho hlalositsweng ka yona karolwaneng ya (3)(b), kapa karolo efe kapa efe
ya Bili, e ama provense e itseng feela ya provense kapa diprovense, Lekgotla la Diprovense la
Setjhaba le ke ke la fetisa Bili kapa karolo e nepahetseng ka ntle ha eba e amohetswe ke lekgotla
le etsang molao kapa Makgotla a etsang molao a provense kapa diprovense tse amehang.
(9) Bili e fetolang Molao wa Motheo o fetisitsweng ke Seboka sa Setjhaba le, moo e ka
sebetsang, ke Lekgotla la Diprovense la Setjhaba, e lebiswe ho Mopresidente ho e ananela.
Dibili tse tlwaelehileng tse sa ameng diprovense
75. (1) Ha Seboka sa Setjhaba se fetisa Bili e welang ka thoko ho dibaka tsa tshebetso tse
badilweng Shejulung ya 74 kapa 75, Bili eo e lokela ho fetisitswa Lekgotleng la Setjhaba la
Diprovense mme e sebetswe ka mokgwa ona:
(a) Lekgotla le lokela ho -
(i) fetisa Bili eo;
(ii) fetisa Bili mme e fetolwe ho ya ka ditshisinyo tsa yona; kapa
(iii) Bili eo e qhelelwe thoko.
(b) Ha Lekgotla le fetisa Bili ntle ho ho sisinya diphetoho tsa Bili, Bili e fetisetswe ho
Mopresidnte hore a e ananele.
(c) Ha Lekgotla le qhelela Bili thoko kapa le e fetisa empa e batla diphetolo pele, Seboka sa
Setjhaba se lokela ho boela se tshohla Bili eo, e kentse phetolo e sisintsweng ke Lekgotla, e be
e -
(i) boele e fetise Bili eo hape, e ka ba ka kapa ka ntle ho diphetholo; kapa
(ii) etse qeto ya ho se tswelle pele ka Bili eo.
(d) Bili e fetisitsweng ke Seboka sa Setjhaba ho ya ka dipehelo tsa temana ya (c), e lokela ho
fetisetswa ho Mopresidente hore a e ananele.
(2) Moo Lekgotla la Setjhaba la Diprovense le kgetha taba ho ya ka karolo ena, karolo ya 65
ha e sebetse; bakeng sa hoo -
(a) moromuwa ka mong wa baromuwa ba provense o na le kgetho e le nngwe;
(b) karolo e le nngwe ho tse tharo tsa baromuwa ba lokela ho ba teng pele ho ka kgethwa taba
eo; mme
(c) taba e kgaolwa ka boholo ba palo ya dikgetho tse entsweng, empa ha ho na le dikgetho
tse lekanang mahlakoreng a mabedi, moromuwa eo e leng modulasetulo a ka etsa kgetho e tla
rarolla mathata.
Dibili tse tlwaelehileng tse amang diprovense
76. (1) Ha Seboka sa Setjhaba se fetisa Bili eo hlalositseng karolwaneng ya (3), (4) kapa
(5), Bili eo e lokela ho fetisetswa Lekgotleng la Setjhaba la Diprovense mme e sebetswe ka
mokgwa ona:
(a) Seboka se lokela ho -
(i) fetisa Bili;
(ii) fetisa Bili e fetotsweng; kapa
(iii) qhelela Bili thoko.
(b) Ha eba Lekgotla le fetisa Bili e sa fetolwa, Bili e lokela hore ho fanwe ka yona ho
Mopresidente hore a e amohele.
(c) Ha eba Lekgotla le fetisa Bili e fetotsweng, Bili e fetotsweng e lokela ho fetisetswa
Lekgotleng la Setjhaba, mme ha Lekgotla le fetisa Bili e fetotsweng e lokela ho fetisetswa ho
Mopresidente hore a e ananele.
(d) Ha Lekgotla le qhelela thoko Bili, kapa ha Lekgotla le hana ho fetisa Bili e fetotsweng e
isitsweng ho yona ho ya ka dipehelo tsa temana ya (c), le moo ho lokelang, Bili e fetotsweng, e
lokela ho fetisetswa Komiting ya Bonamodi, e ka dumellana ka -
(i) Bili e le jwalo ka ha e fettisitswe ke Lekgotla;
(ii) Bili e fetotsweng jwalo ka ha e fetisitswe ke Seboka; kapa
(iii) tlhahiso e nngwe ya Bili.
(e) Ha Komiti ya Bonamodi e sa dumellane ka matsatsi a 30 ho tloha mohla Bili e fetisitsweng
ka ona, bili eo e a thisa ka ntle ha eba Seboka se fetisa Bili, empa Bili e lokela ho iswa ho
Mopresidente hore a e ananele.
(f) Ha Komiti ya Bonamodi e dumellana ka Bili e le jwalo ka ha e fetisitswe ke Lekgotla la
Setjhaba, Bili e lokela ho fetisitswa Sebokeng sa Setjhaba; mme ha seboka se ka fetisa Bili, Bili
e lokela ho fetisetswa ho Mopresidente hore a e ananele.
(g) Ha Komiti ya Bonamodi e ka dumellana ka Bili e fetostweng jwalo ka ha e fetisitswe ke
Seboka sa Setjhaba, mme ha e fetisitswe ke Lekgotla la Seboka, e lokela ho fetisetswa ho
Mopresidente hore a e ananele.
(h) Ha Komiti ya Bonamodi e dumellana ka tlhahiso e nngwe ya Bili, tlhahiso eo ya Bili e
lokela ho fetisetswa Lekgotleng la Setjhaba le Sebokeng sa Setjhaba, e lokela ho fetisetswa ho
Mopresidentehore a e ananele.
(i) Ha Bili e fetisitsweng Sebokeng sa Setjhaba ho ya ka dipehelo tsa temana ya (f) kapa (h)
e sa fetiswe ke Seboka, Bili eo e a thisa ka ntle ha eba Seboka se fetisa Bili ka tshehetso ya
bonyane pedi tharong ya ditho tsa yona.
(j) Ha eba Bili e lebisitsweng ho Seboka ho ya ka temana ya (g) kapa (h) ha e a fetiswa ke
Seboka, Bili eo e a thisa, empa Bili jwalo ka ha e fetisitswe qalong ke Seboka e ka fetiswa hape
ke Seboka, empa ka tshehetso ya bonyane pedi tharong ya ditho.
(k) Bili e fetisitsweng ke Seboka ho ya ka temana ya (e), (i) kapa (j) e lokela ho nehelwa
Mopresidente ho e ananela.
(2) Ha Lekgotla la Diprovense la Setjhaba le fetisa Bili e lebisitsweng karolwaneng ya (3),
Bili e lokela ho lebiswa ho Seboka sa Setjhaba mme e sebetswe ho ya ka mokgwa o latelang:
(a) Seboka se lokela ho -
(i) fetisa Bili;
(ii) fetisa Bili e fetotsweng; kapa
(iii) hana Bili.
(b) Bili e fetisitsweng ke Seboka ho ya ka temana ya (a)(i) e lokela ho nehlwa Mopresidente
ho e ananela.
(c) H Seboka se fetisitse Bili e fetotsweng, Bili e fetotsweng e lebiswe Lekgotleng, mme ha
eba Lekgotla le fetisa Bili e fetotsweng, e lokela ho nehelwa Mopresidente ho e ananela.
(d) Ha eba Bili e a hanwa, kapa ha eba Lekgotla le hana ho fetisa Bili e lebisitsweng ho yaka
temana ya (c), Bili le, moo e ka sebediswang, e ka fetolwa le yona Bili mme e lebiswe Komiting
ya Bonamodi, e ka dumelang ka -
(i) Bili e fetisitsweng ke Lekgotla;
(ii) Bili e fetotsweng jwalo ka ha e fetisitswe ke Seboka; kapa
(iii) kgatiso e nngwe ya Bili.
(e) Ha eba Komiti ya Bonamodi e dumela ka Bili jwalo ka ha e fetisitswe ke Lekgotla, Bili
e lokela ho lebiswa Sebokeng, mme ha e ba Seboka se fetisa Bili, Bili e lokela ho nehellwa
Mopresidente ho e ananela.
(f) Ha Komiti ya Bonamodi e dumela ka Bili jwalo ka ha e fetisitswe ke Lekgotla, Bili e
lebiswe Sebokeng, mme ha eba Seboka se fetisa Bili, Bili e lokela ho nehelwa Mopresidente a e
ananele.
(g) Ha eba Komiti ya Bonamodi e dumela ka ho fetolwa ha Bili jwalo ka hae fetisitswe ke
Lekgotla, Bili e lebiswe Lekgotleng, mme ha eba e fetisitswe ke Lekgotla, e lokela ho nehelwa
Mopresidente ho e ananela.
(h) Ha eba Komiti ya Bonamodi e dumela ka kgatiso e nngwe ya Bili, Kgatiso eo ya Bili e
lokela ho lebiswa Lekgotleng le Sebokeng, mme ha eba e fetisitswe ke Lekgotla la Seboka, e
lokela ho nehelwa Mopresidente a e ananele.
(i) Ha eba Bili e lebisitswe Sebokeng ho yaka temana ya (f) kapa (h) ha e fetiswe ke Seboka,
Bili e a thisa.
(3) Bili e ka nna ya sebetswa ka mokgwa o badilweng karolong ya (1) kapa (2) ha e tobane
le lekgotla le etsang molao e nahannweng karolong tse latelang:
(a) karolo ya 65 (2)
(b) karolo ya 163;
(c) karolo ya 182;
(d) karolo ya 195 (3) le (4);
(e) karolo ya 196; le
(f) karolo ya 197.
(4) Bili e lokela ho sebetswa ka mokgwa o bolelwang ke karolo ya (1) ha eba e se Bili ya
tjhelete, mme e tobane le lekgotla le etsang molao -
(a) o hopotsweng ke karolo ya 44 (2) kapa 220 (3) kapa
(b) o hopotsweng sebakeng se seng Kgaolong ya 13, mme o ama ditabatabelo tsa ditjhelete
tsa mmuso wa provense.
(5) Bili eo ho nahannweng ka yona karolong ya 42 (6) e lokela ho sebetswa ho ya ka mokgwa
o thehilweng wa karolwana ya (i) ha eba e fana ka molao -
(a) ha Seboka sa Setjhaba se kgetha Bili, dipehelo tsa karolo ya 53 (1) ha e sebetse; empa, Bili
e ka fetiswa ke boholo ba ditho tsa Seboka tse entseng kgetho mabapi le; le
(b) ha eba Bili e lebiswe Komiting ya Bonamodi, melawana e latelang e a sebediswa:
(i) Ha eba Seboka sa Setjhaba se nahana ka Bili e nahannweng karolwaneng ya (i) (g) kapa
(h), Bili eo e ka fetiswa ke boholo ba ditho tsa Seboka ka kgetho mabapi le yona.
(ii) Ha eba Seboka sa Setjhaba se nahana Bili e nahannweng karolwaneng ya (i) (e), (i) kapa
(j), Bili eo e ka fetiswa ha feela pedi tharong ya ditho tsa Seboka ka kgetho le yona.
(6) Karolo ena ha e sebetse Dibiling tsa tjhelete.
Dibili tsa tjhelete
77. (1) Bili e abang ditjhelete kapa e behang lekgetho, ditefello kapa -ditlameho ke Bili
ya ditjhelete. Ke Bili ya tjhelete feela e ka abang ditjhelete, ya batla lekgetho kapa ditlameho, mme
Bili ya tjhelete e se ke ya sebetsana le morero ofe kapa ofe o mong ntle ho ho beha ditefello tsa
tshebetso, kapa difaene dife kapa dikotlo tse ding tsa tjhelete. Ho lokela hore ho be teng molao
o entsweng o fanang ka tsela eo Palamente e ka fetolang Bili ya tjhelete.
(2) Bili ya tjhelete e lokela ho tshohlwa ka mokgwa o behilweng karolong ya 75. Molaoa wa
Palamente o lokela ho nehela mokgwa wa ho fetola Dibili tsa tjhelete ka pela Palamente
Komiti ya Bonamodi
78. (1) Komiti ya Bonamodi e bopilwe ka
(a) ditho tse robong tsa Seboka sa Naha sa lekgotla le etsang molao tse kgethilweng ke
Seboka ka mokgwa o behilweng ke melawana le ditaelo tsa seboka e le o etsang hore mekga e
emele la ho latelana eo e emetsweng ka yona ka hara Seboka, mmoho le
(b) moromuwa a le mong ho tswa ho baromelwa ba provense ka nngwe ba khanseleng ya
Diprovense tsa Naha, mme a thontswe ke baromuwa ba habo.
(2) Komiti ya Bonamodi e tla be e dumellana ka tlhahiso ya bili kapa e entse qeto ka taba, ha
tlhahiso eo, kapa lehlakore leo la taba le tshehetswa ka -
(a) bonyane ke baemedi ba bahlano ba Seboka sa Naha se etsang molao; le
(b) bonyane ke baemedi ba bahlano ba Lekgotla la Diprovense tsa Naha.
Kananelo ya Dibili
79. (1) Mopresidente o lokela ho ananela, a be a saenele Bili e fetisitsweng ho ya ka
dipehelo tsa Kgaolo ena, kapa ha Mopresidente a le lekgonono ka ho ba molaong ha Bili le molao
wa Motheo, a e kgutlisetse Sebokeng sa Setjhaba hore e tle e tshohlwe hape.
(2) Melawana ya kopanelo e lokela ho fumantsha mokgwa wa ho, le ka moo ho ka,
kenelwang ho tshohlwa hape ha Bili ke Seboka sa Setjhaba le Lekgotla la Setjhaba la Diprovense.
(3) Lekgotla la Setjhaba la Diprovense le lokela ho kenya letsoho ha ho tshohlwa hape bili eo
Mopresidente a e buseditseng Palamenteng ha:
(a) pelaelo ya Mopresidente ya ho ba molaong wa motheo wa Bili e lebisa ho ditaba tsa
tsamaiso e kenyeletsang Lekgotla; kapa
(b) karolo ya 74(1),(2) kapa (3)(b) kapa 76 o neng o sebediswa ho fetiseng Bili.
(4) Ha eba ka mora ho tshohlwa hape, Bili e akarelletsa dipehelo tsa Mopresidente,
Mopresidente o lokela ho ananela a be a e saenele, ho seng jwalo, Mopresidente o lokela -
(a) ho ananela a be a saenele Bili, kapa
(b) a e lebise Lekgotleng la molao wa Motheo hore le etse qeto ka tumellano ya yona molao.
(5) Ha Lekgotla le Molao wa Motheo le etsa qeto ya hore Bili e dumellano le Molao wa
Motheo, Mopresidente o lokela ho ananela le e saena.
Dikopo ka ditho tsa Seboka sa Setjhaba Lekgotleng la Molao wa Motheo
80. (1) Ditho tsa Seboka sa Setjhaba di ka kopa Lekgotleng la Molao wa Motheo hore
taelo e hlalosang hore kaofela kapa karolo ya Molao wa Motheo o fetisitsweng ke Seboka ha o
dumellane le Molao wa Motheo.
(2) Kopo -
(a) e lokela ho tshehetswa, bonyane ke nngwebobeding ya ditho tsa Seboka; le
(b) ho etswa pele ho feta matsatsi a 30 ka mora hore Mopresidente a e ananele a be a e
saenele e le Molao.
(3) Lekgotla la Molao wa Motheo le ka laela hore kaofela kapa karolo ya Molao oo ho
tsekisanwang ka ona ho ya ka ya (1) ho o sebetsa ho fihlela Lekgotla le etsa qeto ka tshebediso
ha -
(a) tabatabelo ya toka e hloka hona; mme
(b) kopo e na le monyetla wa ho atleha.
(4) Ha kopo e sa atlehe, Lekgotla la Molao wa Motheo le ka laela hore bakopi ba lefe
ditshenyehelo ha kopo e sa ka ya bontsha hore e ke ke ya atleha.
Phatlalatso ya Melao
81. Bili e ananetsweng ya ba ya saenelwa ke Mopresidente e fetoha Molaso wa Motheo wa
Palamente, mme e lokela ho phatlalatswa hanghang, e be e sebetse ha e se e phatlaladitswe kapa
nakong e tlang ho ya ka dipehelo tsa Molao.
Poloko ya Melao ya Palamente
82. Kgatiso e saennweng ya Molao wa Palamente ke bopaki bo felletseng ka dipehelo tsa
Molao le, ka mora phatlalatso, o tshepelwe Lekgotla la Molao wa Motheo hore le o boloke.
KGAOLO YA 5
MOPRESIDENTE LE LEKGOTLA LA
SETJHABA LA PHETHAHATSO
Mopresidente
83. Mopresidente -
(a) Ke Hlooho ya Puso le hlooho ya lekgotla la phethahatso la setjhaba;
(b) o lokela ho boloka, a sireletse a be a boulelle Molao wa Motheo jwalo ka molao o
okametseng e meng ka hara ka hara Rephaboliki; hape
(c) o ntshetse pele kopano ya setjhaba le se ka tswellisang Rephaboliki pele.
Matla le mosebetsi wa Mopresidente
84. (1) Mopresidente o na le matla ao a a filweng ke Molao wa Motheo le lekgotla le
etsang molao, mmoho le o hlokehang hore a tle a phethise mesebetsi ya Hlooho ya puso le ya
hlooho ya lekgotla la setjhaba la phethahatso.
(2) Mopresidente o ikarabella ho -
(a) dumeleng le ho saeneng Dibili;
(b) kgutlisetsa Bili Palamenteng hore e tle e hlahlojwe hape hore e loketse Molao wa Motheo;
(c) kgutlisetsa Bili Lekgotleng la Molao wa Motheo hore le etse qeto ka tumellano ya yona
le Molao wa Motheo;
(d) bitseng Seboka sa Setjhaba, Lekgotla la Setjhaba la Diprovense kapa Palamente ho tla
kopana ka nako e sa tlwaelehang e tshohle morero o ikgethileng;
(e) kgetho efe kapa efe eo Molao wa Motheo kapa lekgotla le etsang molao le batlang
Mopresidente hore a e etse, jwalo ka ha e se hlooho ya lekgotla la phethahatso;
(f) thonya dikhomishene tsa dipatlisiso;
(g) etsa kgoeletso setjhabeng ho tshwara referandamo ho ya ka Molao wa Palamente;
(h) amohela le ho ananela baemedi ba mebuso le baemedi ba dikgwebo ba mebuso ya
baditjhaba;
(i) thonya manqosa, baemedi ba nang le matla a phethahetseng, baemedi ba mebuso;
(j) tshwarela kapa ho lokolla disenyi le ho hlakola difaene, dikotlo kapa ditahlehelo; le
(k) tlotla.
Bolaodi ba phethahatso ba Rephaboliki
85. (1) Matla a phethahatso Rephaboliking a diatleng tsa Mopresidente.
(2) Mopresidente o sebedisa matla a phethahatso mmoho le ditho tse ding tsa Khabinete; ka
-
(a) ho sebedisa lekgotla le etsang molao;
(b) ho ntshetsa pele le ho sebedisa lewano la setjhaba;
(c) ho hokahanya mesebetsi ya mafapha a puso le ditaelo; le
(d) ho lokisetsa le ho thea lekgotla le etsang molao; le
(e) ho phethisa mesebetsi e meng ya phethahatso eo ba e abetsweng ke Molao wa Motheo le
lekgotla la setjhaba le etsang molao.
Ho kgethwa ha Mopresidente
86. (1) Ka mora kopano ya pele ya dukgetho tsa yona, le moo ho hlokehang teng ho tlatsa
sekgeo sa mosebetsi, Seboka sa Setjhaba se kgethe mosadi kapa monna ho ditho tsa sona ho ba
Mopresidente.
(2) Mopresidente wa Lekgotla la Molao wa Motheo e be modulasetulo wa dikgetho tsa
Mopresidente, kapa ho thongwe moahlodi e mong ho ba modulasetulo. Tsamaiso e ngotsweng
Shejulung ya 3 e sebediswa le ho kgetheng Mopresidente.
(3) Dikgetho tsa ho tlatsa sekgeo mosebetsing wa Mopresidente di lokela ho tshwarwa ka
nako le ka letsatsi le behilweng ke Mopresidente wa Lekgotla la Molao wa Motheo, empa ho se
fete matsatsi a 30 a hoba ho qalwe ka mosebetsi.
Nako ya ho qala ho sebetsa ya Mopresidente
87. Ha o kgethetswe ho ba Mopresidente, eba o tla lahlehelwa ke maemo a ho ba setho sa
Seboka sa Setjhaba, le ka hara matsatsi a mahlano, a be a se a ikanne kapa ho itlamela botshepehi
Rephaboloking le ho ikokobelletsa Molao wa Motheo jwalo ka ha ho bolelwa Shejulung ya 2.
Mopresidente o sebetsa nako e kae
88. (1) Mopresidente o qala ho sebetsa ha a kena mosebetsing mme a qetelle ha ho hlaha
mosebetsi kapa ha e mong ya kgethilweng e eba Mopresidente.
(2) Ha ho motho ya lokelang ho ba Mopresidente ka makgetlo a latelanang ka bobedi; empa,
ha motho a kgethetswe hore a sebetse e le Mopresidente, nako e pakeng tsa ho kgethwa hoo le
dikgetho tse latelang tsa Mopresidente ha e ballwe e le nako ya mosebetsi.
Ho tloswa ha Mopresidente
89. (1) Seboka sa Setjhaba, ka qeto e tsheheditsweng ke bonyane pedi- tharong ya ditho
tsa sona, se ka tlosa Mopresidente mosebetsing ha -
(a) ho tlolwa Molao wa Motheo kapa molao;
(b) ho ba le boitshwaro bo bobe; kapa
(c) ho hloleha ho sebetsa hantle.
(2) Mang kapa mang ya ntshitsweng mosebetsing wa Bopresidente ho ya ka karolwana ya (1)
(a) kapa (b) a ke ke a fola molemo ofe kapa ofe wa mosebetsi oo, mme a ke ke a sebetsa
mosebetsi ofe kapa ofe wa setjhaba.
Motlatsi wa Mopresidente
90. (1) Ha Mopresidente a le siyo Rephaboliking kapa a sitwa ho phetha mesebetsi ya
Bopresidente, kapa ha ho se na Mopresidente e mong; mosebeletsi wa mmuso ka ho hlahlamana
o tla tswa a sa tshwere marapo a Bopresidente:
(a) Motlatsi wa Mopresidente.
(b) Letona le thontsweng ke Mopresidente.
(c) Letona le thontsweng ke ditho tse ding tsa Khabinete.
(d) Motsamaisi wa dipuisano, ho fihlela seboka sa Setjhaba se thonya setho se seng sa sona.
(2) Motlatsi wa Mopresidente o na le matla a boikarabelo, matla le mesebetsi ya
Mopresidente.
(3) Pele a nka boikarabelo, ditokelo le mesebetsi ya Mopresidente, Motlatsi wa Mopresidente,
o lokela ho ikana kapa ho itlamela botshepehI Rephaboliking le ho ikokonelletsa Molao wa
Motheo, ka moo ho ngotsweng Shejulung ya 2.
Khabinete
91. (1) Khabinete e bopilwe ka Mopresidente, e leng hlooho ya Khabinete, Motlatsi wa
Mopresidente le Matona.
(2) Mopresidente o thonya Motlatsi wa Mopresidente le Matona, a be a ba abele matla le
mesebetsi, mme a ka tebelwa mosebetsing.
(3) Mopresidente -
(a) o lokela ho kgetha Motlatsi wa Mopresidente hara ditho tsa Seboka sa Setjhaba;
(b) a ka ikgethela palo efe kapa efe feela ya Matona hara ditho tsa Seboka sa Setjhaba; mme
(c) a se kgethe Matona a fetang a mabedi ho bao e seng ditho tsa Seboka sa Setjhaba.
(4) Mopresidente o lokela ho thonya setho sa Khabinete hore e be moetapele wa merero ya
mmuso Sebokeng sa Setjhaba.
(5) Motlatsi wa Mopresidente o lokela ho thusa Mopresidente ho phethiseng mesebetsi ya
mmuso.
Botshepehi le boikarabelo
92. (1) Motlatsi wa Mopresidente le Matona ba na le boikarabelo ka matla le mesebetsi
ya phethahatso eo ba e abetsweng ke Mopresidente.
(2) Ditho tsa Khabinete di na le boikarabelo mmoho le ka bomong Palamenteng mabapi le
mesebetsi ya tsona.
(3) Ditho tsa Khabinete di lokela -
(a) ho sebetsa ho ya ka Molao wa Motheo; mme
(b) ho tekela Palamente ditlaleho tse phethahetseng le ka mehla mabapi le merero e matleng
a tsona.
Batlatsi ba Matona
93. Mopresidente a ka nna a thonya Batlatsi ba ditho tsa Seboka sa Setjhaba hore ba thuse
ditho tsa Khabinete, mme ba ka tebelwa mosebetsing.
Ho tswela pele ha Khabinete ka mora dikgetho
94. Ha ho tshwerwe kgetho ya Seboka sa Setjhaba, Khabinete, Motlatsi wa Mopresidente,
Matona le Batlatsi ba Matona ba ntse ba na le tokelo ya ho tswella pele ka mosebetsi, ho fihlela
motho ya kgethetsweng ho ba Mopresidente ke Seboka se hlahlamang seo, a ba a kena
mosebetsing.
Kano kapa boitlamo
95. Pele Motlatsi wa Mopresidente, Matona le Batlatsi ba Matona ba qala ho sebetsa, ba
lokela hore ba nke kano kapa ba itlamele ka botshepehi Rephaboliking le ho ikokobelletsa Molao
wa Motheo, ho ya ka moo ho ngotsweng Shejulung ya 2.
Boitshwaro ba ditho tsa Khabinete le Batlatsi ba Matona
96. (1) Ditho tsa Khabinete le Batlatsi ba Matona ba lokela ho sebetsa ho ya ka mokgwa
wa tshebetso e kgabane ya boitshwaro e balletsweng ke lekgotla le etsang molao la setjhaba.
(2) Ditho tsa Khabinete le Batlatsi ba Matona ba ke ke -
(a) ba sebetsa mosebetsi o mong oo ba ka putswang ho ona.
(b) ba sebetsa ka mokgwa o sa dumellaneng le maemo a bona, kapa ba ikenya maemong a
nang le kotsi ya kgohlano pakeng tsa mesebetsi ya bona ya semmuso le boikarabelo ba bona; kapa
(c) ba sebedisa maemo a bona kapa tsebo eo ba e tshepetsweng ho ithusa kapa ho putsa
motho e mong ntle ho tshwanelo.
Ho fetiswa ha mesebetsi
97. Ka ho etsa kgoeletso, Mopresidente a ka fetisetsa ho setho sa Khabinete-
(a) taolo ya lekgotla lefe kapa lefe le etsang molao le tshepetsweng setho se seng le se seng;
kapa
(b) matla afe kapa afe kapa mosebetsi o tshepetsweng lekgotla le etsang molao sethong se
seng.
Kabelo ya nakwana ya mesebetsi
98. Mopresidente a ka abela setho se seng sa Khabinete matla kapa mosebetsi wa setho se
seng se leng siyo mosebetsing kapa se sitwang ho phethisa taolo kapa mesebetsi eo.
Kabo ya mesebetsi
99. Setho sa Khabinete se ka abela matla le mosebetsi ofe kapa ofe o tlamehang ho phethwa
ho ya ka Molao wa Palamente ho setho sa Lekgotla le Phethahetseng la provense. Mosebetsi o
tlameha ho -
(a) ba le tumellano mahareng a setho sa Khabinete le setho sa Lekgotla la Phethahatso kapa
Lekgotla la Masepala;
(b) dumellana le Molao wa Palamente ho ya ka moo matla a lokelang kapa mosebetsi o
phethilwe;
(c) e sebetsa ka mora kgoeletso ya Mopresidente.
Tlhokomelo ya setjhaba ya taolo ya provense
100. (1) Ha provense e hloleha kapa e sa phethise ditshwanelo tsa yona tsa phethahatso ho
ya ka lekgotla le etsang molao kapa Molao wa Motheo, lekgotla la setjhaba la phethahatso le ka
hlaha ka thuso ka ho etsa bonnete ba ho phethisa dithswanelo, ho kenyeletswa -
(a) ho fana ka tataiso e lebisitsweng lekgotleng la phethahatso la provense, e hlalosang boholo
ba ho hloleha ho phethisa ditshwanelo tsa yona; le
(b) ka ho nka boikarabelo ka tshwanelo e lokelang provenseng eo ho ya ka moo ho ka
hlokahalang bakeng sa -
(i) ho boloka maemo a bohlokwa a setjhaba kapa ho fihlella maemo a tlase a ho sebeletsa;
(ii) ho boloka kopano ya moruo;
(iii) ho boloka tshireletso ya setjhaba; kapa
(iv) ho thibela hore provense e se ke ya etsa letho le lebe la ho nahanela provense e nngwe
kapa naha yohle.
(2) Ha eba lekgotla la setjhaba la phethahatso le itshunyatshunya provenseng ho ya ka
dipehelo tsa karolwana ya (1) (b) -
(a) tsebiso ya ho itshunyatshunya e tekelwe Lekgotla la setjhaba la Diprovense nakong ya
matsatsi a 14 hoba kopano e dule ka mora ho itshunyatshunya ho qadile;
(b) ho itshunyatshunya ho fele ka ntle ha eba ho dumelletswe ke lekgotla matsatsing a 30 a
kopano ya pele ka mora ho itshunyatshunya ho qadile.
(c) Lekgotla le lekole ho itshunyatshunya kgafetsa mme le hlahise dikeletso tse loketseng
lekgotleng la phethahatso la setjhaba.
(3) Lekgotla le etsang molao le ka laola tshebetso e qadilweng karolong ena.
Diqeto tsa lekgotla la phethahatso
101. (1) Qeto e ngotsweng ke Mopresidente e lokela ho saenwa ke setho se seng sa
Khabinete ha eba -
(a) qeto e entsweng ho ya ka dipehelo tsa lekgotla le etsang molao; mme
(b) molao o entsweng o wela ka tlasa sebaka sa tshebetso se filweng setho se seng sa
Khabinete.
(2) Dikgoeletso, melawana le mekgwa e meng ya lekgotla le etsang molao le mekgwa e meng
ya ho etsa molao e fihlellwe ke setjhaba.
(3) Dikgoeletso, melawana le disebediswa tse ding tse ka tlase tsa molao di fihlellwe ke
setjhaba.
(4) Lekgotla le etsang molao la Setjhaba le ka qaqisa mokgwa oo, le boholo boo, disebediswa
tse hlalositsweng karolwaneng ya (3) e lokela ho ba -
(a) ho tekwa Palamenteng; le
(b) ho amohelwa ke Palamente.
Ditshisinyo tsa ho se tshepe
102. (1) Ha eba Seboka sa Setjhaba, ka kgetho e tshehetswang ke boholo ba ditho, le fetisa
tshisinyo ya ho se tshepe Khabineteng ho sa ballwe le Mopresidente, Mopresidente a thehe hape
Khabinete botjha.
(2) Ha eba Seboka sa setjhaba, ka kgetho e tshehetswang ke boholo ba ditho tsa sona, se
fetisa tshisinyo ya ho se tshepe ho Mopresidente, Mopresidente le ditho tse ding tsa Khabinete le
Batlatsi ba Matona ba bang ba lese mosebetsi.
KGAOLO YA 6
Diprovense
Diprovense
103. (1) Rephaboliki e na le diprovense tse latelang:
(a) Kapa Botjhabela
(b) Freistata
(c) Kgauteng
(d) Ha Zolo-Natala
(e) Mpumalanga
(f) Kapa Leboya
(g) Provense ya Leboya
(h) Leboya le Bophirimela
(i) Kapa Bophirimela
(2) Meedi ya diprovense tsena ke e neng e le teng ha Molao wa Motheo o ne o sebediswa.
Makgotla a etsang molao a Diprovense
Bolaodi ba lekgotla le etsang molao la Diprovense
104. (1) Bolaodi ba lekgotla le etsang molao la provense bo diatleng tsa lekgotla le etsang
molao la provense, mme bo neha lekgotla le etsang molao la provense matla a -
(a) ho fetisa molao wa motheo wa provense kapa ho fetola molao wa motheo ofe kapa ofe
feela o fetisitsweng ke yona ho ya ka dipehelo tsa dikarolo tsa 142 le 143;
(b) ho fetisa molao provenseng bakeng sa provense o tobane le -
(i) morero ofe kapa ofe o sebakeng sa tshebetso se ngotsweng Shejulung ya 4;
(ii) morero ofe kapa ofe o sebakeng sa tshebetso se ngotsweng Shejulung ya 5; mmoho le
(iii) morero ofe kapa ofe o ka thoko ho dibaka tseo tsa tshebetso, o abetsweng provense ka
ho otloloha ke lekgotla le etsang molao; mmoho le
(iv) morero ofe kapa ofe oo pehelo ya Molao wa Motheo e nahanneng ka hore molao wa
provense o phethwe; le
(c) ho abela Lekgotla la Masepela provenseng eo, matla a ho etsa molao.
(2) Lekgotla le etsang molao la provense, ka qeto e tshehedistweng ke pedi-borarong tsa
ditho tsa yona, e ka kopa Palamente ho fetola lebitso la provense eo.
(3) Lekgotla le etsang molao la provense le tlangwa feela ke molao wa motheo mme, ha eba
e fetile molao wa motheo wa provense eo, le ke molao wa oo, mme e lokela ho sebetsa ka tsela
eo, le meedi ya, Molao wa Motheo le molao wa motheo wa provense eo.
(4) Lekgotla le etsang molao la provense ho latela taba ya bohlokwa ya, kapa e tsamaelanang
le eo, ho sebediswa ka botlalo ka matla a taba e lenaneng le shejulung ya 4, ke ya dintlha tsohle
tsa ho etswa ha molao tabeng e lenaneng le Shejulung ya 4.
(5) Lekgotla le etsang molao la provense le ka kgothaletsa Sebokeng sa Setjhaba molao o
amanang le taba efe kapa efe e ka thoko ho bolaodi ba lekgotla le etsang molao, kapa ho ya ka
Molao wa Palamente o okametseng molao wa provense.
Sebopeho le kgetho ya makgotla a etsang molao a diprovense
105. (1) Lekgotla le etsang molao la provense le bopilwe ka basadi le banna ba
kgathetsweng ho ba ditho, ho ya ka dipehelo tsa tsamaiso ya dikgetho -
(a) e hlophisitsweng ka lekgotla la setjhaba la molao;
(b) e thehilwe hodima karolo ya provense eo ya lenaneo la setjhaba la bakgethi le akaretsang;
(c) le hlalosa hore bakgethi ba be bonyane dilemo tse 18;
(d) sephetho, ka kakaretso, ka tekanyo e lekanang ya boemedi.
(2) Lekgotla le etsang molao la provense le bopilwe ka ditho tse 30 le tse 80 ka palo. Palo ya
ditho, e ka fapanang provenseng ka provense, e sebetswa ka mokgwa o behilweng ke lekgotla la
setjhaba le etsang molao.
Ditho
106. (1) Moahi ka mong ya nang le tshwanelo ya ho kgethela Seboka sa Setjhaba, o na le
tokelo ya ho ba setho sa lekgotla le etsang molao la provense, ntle ho -
(a) Mang kapa mang ya thontsweng ke, kapa ya tshebetsong ya puso, a bile a fumana tefo ka
ho fumana mosebetsi hoo kapa tshebeletso eo, ka ntle ho -
(i) Tonakgolo le ditho tse ding tsa Lekgotla la Phethahatso la provense; mmoho le
(iii) basebeletsi ba mmuso ba bang bao mesebetsi ya bona e nyalanang le mesebetsi ya ditho
tsa lekgotla le etsang molao la provense, mme ha ba ha etswa phatlalatso ya hore e nyalane le
mesebetsi eo, ke molao o entsweng wa naha;
(b) ditho tsa Seboka sa Setjhaba, baromuwa ba ka mehla ba Lekgotla la Setjhaba la
Diprovense kapa ditho tsa Lekgotla la Masepela;
(c) boramelato ba so ka ba ntshwa melatong ya bona;
(d) mang le mang eo ho phatlaladitsweng hore ha a itekanela hloohong ke Lekgotla la Molao
la Rephaboliki; kapa
(e) mang kapa mang, eo ha karolo ena e sebetsa, a tla be a ahloletswe ho hlola tjhankaneng
nako ya kgwedi tse fetang 12, ke ntle ho boikgethelo ba ho lefa molato, e ka ba ka Rephaboliking
kapa ka ntle ho yona ha ketso eo e neng e le tlolo ya molao, ke tlolo ya molao ka Rephaboliking,
empa ho se be le a mong eo ho nahannweng hore o ahloletswe kapa o fumanwe a le molato ho
fihlela sephetho sa boipiletso boo a bo entseng kgahlanong le kahlolo kapa ho fumanwa a le
molato, se etswa kapa nako ya boipiletso e feta. Ho hlakolwa ka tlasa temana ena e feta ka mora
dilemo tse hlano hoba kahlolo e phethwe.
(2) Motho ya sa tshwanelang ho kgethelwa ho ba setho sa lekgotla le etsang molao la
provense ho ya ka dipehelo tsa karolo ya (1) (a) kapa (b) e ka nna ya eba nkgetheng wa lekgotla
le etsang molao, ho ya ka meedi kapa mabaka a lekgotla la setjhaba le etsang molao.
(3) Motho a ka lahlehelwa ke botho ba hae ba lekgotla le etsang molao ha motho eo -
(a) a se a ke ke a kgethwa; kapa
(b) ha a se a sa tle dikopanong tsa lekgotla le etsang molao ka ntle ho tumello maemong ao
melawana le ditaelo tsa lekgotla le etsang molao di behileng ho se be teng ha batho ka teng.
(4) Dikgeo tse teng lekgotleng lae etsang molao, di lokela ho tlatswa ho ya ka dipehelo tsa
lekgotla le etsang molao.
Kano le Boitlamo
107. Pele ditho tsa lekgotla le etsang molao la provense di ka qala ho sebetsa lekgotleng, di
lokela ho naka kano kapa boitlamo ba botshepehi mabapi le Rephaboliki le boikokobetso Molaong
wa Motheo, ho ya ka Shejulu ya 2.
Nako ya ho ba teng ha lekgotla la provense
108. (1) Lekgotla le etsang molao la provense le kgethelwa nako ya dilemo tse hlano.
(2) Ha lekgotla le etsang molao le ka qhalwa ho ya ka dipehelo tsa karolo ya 109, kapa ha
nako ya lona e fela, Tonakgolo ya provense eo, ka kgoeletso, e lokela ho phatlalatsa dikgetho le
letsatsi la tsona, mme di lokela ho tshwarwa nakong ya matsatsi a 90 a nako eo lekgotla le etsang
molao le qhalwang ka yona, kapa dipehelo tsa lona di fetileng.
(3) Ha eba sephetho sa dikgetho tsa lekgotla la provense le etsang molao ha le a phatlalatswa
nakong e balletsweng karolo ya 190, kapa ha dikgetho di ka beelwa ka thoko ke lekgotla la
moalo, Mopresidente, o lokela ho phatlalatsa, a be a behe letsatsi le leng la dikgetho tse ntjha, ka
kgoeletso, mme di lokela ho tshwarwa nakong ya matsatsi a 90 ka mora ho fela ha nako eo kapa
letsatsi leo dikgetho di behetsweng ka thoko lona.
(4) Lekgotla le etsang molao la provense le ntse le na le matla a ho sebetsa ho tloha mohlang
le qhalwang kapa nako ya lona e fela, ho fihlela pele ho letsatsi la dikgetho tsa lekgotla le etsang
molao le leng.
Ho qhala ha makgotla a etsang molao a diprovense pele nako e balletsweng e fela
109. (1) Mopresidente wa provense o lokela ho qhala lekgotla le etsang molao la provense
ha eba -
(a) lekgotla le etsang molao le amohetse qeto ya ho qhala tshehetso ho ya ka bongata ba ditho
tsa yona; hape
(b) dilemo tse tharo di fetile esale lekgotla le etsang molao le kgethilwe.
(2) Mopresidente ya tshwereng mokobobo o lokela ho qhala lekgotla le etsang molao la
provense ha eba -
(a) ho na le sekgeo sa mosebetsi wa Mopresidente; le ha
(b) lekgotla le etsang molao le hloleha ho kgetha Mopresidente nakong ya matsatsi a 30 ka
mora hoba sekgeo se hlahelle.
Kopano le dinako tsa phomolo
110. (1) Ka mora dikgetho, kopano ya pele ya lekgotla le etsang molao la provense le
lokela ho dula, mme mohla letsatsi le nako e behilweng ke moahlodi ya thontsweng ke
Mopresidente wa Lekgotla la Molao wa Motheo, empa ho se fete matsatsi a 14 ka mora
phatlalatso ya dikgetho. lekgotla le etsang molao la provense le ka beha nako le makgetlo a
dikopano tse ding le dinako tsa phomolo.
(2) Tonakgolo ya provense a ka epa pitso ya lekgotla le etsang molao la provense ho ba
kopanong e potlakileng neng kapa neng feela ho tla phetha merero e potlakileng.
(3) Lekgotla le etsang molao le ka ikgethela moo le batlang ho kopanela teng ka mehla.
Motsamaisi wa dipuisano le Motlatsi wa Motsamaisi wa dipuisano
111. (1) Kopanong ya pele ya yona ka mora dikgetho, ha ho hlokeha hore ho kwalwe
sekgeo, lekgotla le etsang molao la provense le lokela ho kgetha Motsamaisi wa dipuisano le
Motlatsi wa Motsamaisi wa dipuisano ho ditho tsa yona.
(2) Moahlodi ya thontsweng ke Mopresidente wa Lekgotla la Molao wa Motheo, o lokela ho
ba modulasetulo wa dikgetho tsa Motsamaisi wa dipuisano. Motsamaisi wa dipuisano e tla ba
modulasetulo dikgethong tsa Motlatsi wa Motsamaisi wa dipuisano.
(3) Tsamaiso e ngotsweng Shejulung ya 3 e sebdiswa ha ho kgethwa Batsamaisi ba Dipuisano
le Batsamaisi ba dipuisano.
(4) Lekgotla le etsang molao la provense le ka tlosa Motsamaisi wa dipuisano kapa Motlatsi
wa Motsamaisi wa dipuisano mosebetsing ka ho etsa qeto. Bongata ba ditho tsa lekgotla le etsang
molao di be teng ha ho nkuwa qeto.
(5) Ho ya ka melawana le ditaelo tsa yona, lekgotla le etsang molao la provense le ka kgetha
dithong tsa lona badulasetulo ba bang ho thusana le Motsamaisi wa dipuisano le Motlatsi wa
Motsamaisi wa dipuisano.
Diqeto
112. (1) Ka ntle ha eba Molao wa Motheo o hlalosang ka mokgwa mong -
(a) boholo ba ditho tsa lekgotla le etsang molao la provense bo lokela ho ba teng pele ho ka
kgethwa Bili kapa phetolo ya Bili;
(b) bonyane karolo e le nngwe-borarong ya ditho e lokela ho ba teng pele ho ka kgethwa taba
efe kapa efe pele ho lekgotla le etsang molao; mme
(c) dipotso tsohle pele ho buisanwa ka tsona ke lekgotla le etsang molao la provense di
nahanwa ke boholo ba dikgetho tse entsweng.
(2) Modulasetulo wa lekgotla le etsang molao la provense a ke ke a kgetha dipuisanong empa
-
(a) o lokela ho etsa kgetho e fanang ka tharollo ha ho na le dikgetho tse lekaneng ka
mahlakoreng a mabedi a dipuisano; le
(b) hore a ka etsa dikgetho tsa dipuisano ha taba eo ho buisanweng ka yona e ka qetwa ka
tshehetso ya dikgetho tsa bonyane karolo tse pedi borarong tsa ditho.
Ditokelo tsa baromuwa ba ka mehla lekgotleng le etsang molao la provense
113. Baromuwa ba provense ba ka mehla Lekgotleng la Setjhaba la Diprovense ba ka ba teng,
mme ba ka bua, lekgotleng le etsang molao wa provense le dikomiting tsa bona, empa ba ke ke
ba kgetha. Lekgotla le etsang molao kapa ho dikomiting tsa lona.
Matla a makgotla a etsang molao a diprovense
114. (1) Ha le sebdisa matla a lona a ho etsa molao, lekgotla le etsang molao la provense,
le ka -
(a) tshohla, fetisa, fetola kapa ya qhelela thoko Bili efe kapa efe e ka pela lona; ya ba ya
(b) qapa kapa ya hlophisa molao o entsweng, ka ntle ho ho lokisetsa ditsela -
(2) Lekgotla le etsang molao la provense le lokela ho lokisetsa ditsela -
(a) tsa ho hlokomedisisa hore makala ohle a provense a phethahatso a puso provenseng a
ikarabella ho yona; e be e
(b) behe leihlo hodima -
(i) tshebediso ya bolaodi ba phethahatso ba provense provenseng, le ho sebediswa ha mola
o entsweng; mmoho le
(ii) lekala lefe kapa lefe la puso provenseng.
Bopaki kapa tsebiso e ka pela makgotla a etsang molao
115. Lekgotla le etsang molao la provense kapa komiti efe kapa efe ya lona e ka ho -
(a) mema mang le mang ho tla hlahella ka pela lona ho tla fana ka bopaki ka ho ikana le ho
itlama kapa ho fana ka ditokomane;
(b) batla hore motho ofe kapa ofe kapa mokgatlo wa provense o tlalehe ho lona;
(c) qobella, ho ya ka dipehelo tsa lekgotla le etsang molao kapa melawana le ditaelo, motho
ofe kapa ofe kapa mokgatlo o tsamaelanang le dimemo kapa tlhoko ho ya ka dipehelo tsa temana
ya (a) kapa (b); le
(d) ho amohela diphethishene, boemedi kapa dithomelo tse tswang ho mang kapa mang ya di
kgothaletseng.
Ditlhophiso tse ka hare, ditsamaiso le mekgwa ya makgotla a etsang molao a diprovense
116. (1) Lekgotla le etsang molao la provense le ka -
(a) lekanya le ho laola ditlhophiso tsa lona tse ka hare, ditsamaiso le mekgwa; le ho
(b) iketsetsa melao le ditaelo tse tobaneng le merero ya lona, ho ntse ho hopolwa boemedi le
puso ya setjhaba ka setjhaba ya tshebedisano, biokarabelo, ho sebletsa ditaba pepeneneng le ho
kenya letsoho ha setjhaba.
(2) Melawana le ditaelo tsa lekgotla le etsang molao la provense le lokela ho hlophisetsa -
(a) ho thehwa, sebopeho, matla, mesebetsi, ditsamaiso le nako ya tshebetso ya dikomiti tsa
lona;
(b) ho kenya letsoho ditshebetsong tsa lekgotla le etsang molao ha mekga yohle e menyenyane
e emetsweng lekgotleng le etsang molao ka mokgwa o itshetlehileng ka puso ya setjhaba ka
setjhaba;
(c) ho thusa ka tjhelete le taolo ho mokga o mong le o mong wa dipolotiki o emetsweng
lekgotleng le etsang molao, ka ho lekalekana ka boemedi, ho thusa mokga o mong le o mong le
moetapele wa ona ho sebetsa ka lekgotleng le etsang molao; le
(d) ho amohelwa ha moetapele wa mokga o nang le ditho tse nyenyane lekgotleng le etsang
molao, jwalo ka Moetapele wa Kganyetsano.
Ditokelo
117. (1) Ditho tsa lekgotla le etsang molao la provense le baromuwa ba ka mehla ba
provense ba Lekgotla la Setjhaba la Diprovense -
(a) ba ka ipuela feela lekgotleng le etsang molao le dikomiting tsa lona, ho ya ka melao ya
lona le ditaelo; le
(b) ba ke ke ba qoswa makgotleng a dinyewe tsa phedisano le a tsa bosenyi, ho tshwarwa,
kapa ho senyeha -
(i) taba efe kapa efe eo ba e buileng, ba e hlahisitseng pejana, kapa ya romelwa ho, lekgolta
le etsang molao kapa dikomiti dife kapa dife tsa lona; kapa
(ii) ntho e nngwe le e nngwe eo ba e buileng, mme ya hlahiswa pejana, kapa ya romelwa ho,
lekgotla le etsang molao kapa ka e nngwe le e nngwe ya dikomiti tsa lona; kapa
(2) Menyetla e meng le ditshireletso tsa lekgotla le etsang molao la provense le ditho tsa lona,
di ka balellwa ka lekgotla la setjhaba le etsang molao.
(3) Meputso, didumellwa le dikuno tse leshwang ditho tsa lekgotla le etsang molao la
provense ke melato e leshwang ho tswa Lekgotleng la Lekgetho la Provense.
Ho fihlella ha setjhaba le ho kenya letsoho makgotleng a etsang molao a provense
118. (1) Lekgotla le etsang molao la provense le leokela ho -
(a) kgothaletsa ho kenya letsoho ha setjhaba lekgotleng le etsang molao le ditshebeletsong
tse ding tse etsang molao le dikomiti tsa lona; le ho
(b) tsamaisa morero wa lona pepeneneng, le ho tshwara dikopano tsa lona, le tsa dikomoti tsa
lona, pepeneneng, empa ho nkuwe mehato e utlwahalang -
(i) ho laola ho fihlella ha setjhaba, ho kenyeletswa ho fihlella phatlalatso, lekgotleng la molao
le dikomiti tsa lona; le
(ii) ho nehelana ho setjhaba motho e mong le e mong moo ho hlokehang, ho se dumellwe ho
kena, kapa ho tloswa ha, motho e mong le e mong.
(2) Molao wa provense e lokela ho nehela mokgwa oo ka ona molao wa provense o ka nna
wa fetola Bili ya tjhelete.
Tlahahiso ya Dibili
119. Ke ditho feela tsa Lekgotla la Phethahatso la provense kapa komiti kapa setho sa lekgotla
le etsang molao la provense le ka hlahisang Bili lekgotleng le etsang molao; empa ke feela setho
sa lekgotla la Phethahatso se ikarabellang ho tsa ditjhelete provenseng, se ka hlahisang Bili ya
tjhelete lekgotleng le etsang molao.
Dibili tsa Tjhelete
120. (1) Bili e abang tjhelete kapa e lefisang makgetho, ditefello le ditlameho ke Bili ya
Tjjhelete. Ke feela Bili ya tjhelete e ka abang ditjhelete kapa ya qosa makgetho, ditefiso le
ditlameho, mme Bili ya ditjhelete ha e a tshwanela ho mama morero ofe kapa ofe o mong, ka ntle
le ho qosa ditefiso tsa tshebediso, kapa molato, kapa dikotlo tse ding tsa ditjhelete.
(2) Molao wa provense o lokela ho hlophisetsa tsamaiso eo ka yona lekgotla le etsang molao
wa provense le ka fetolang Bili ya tjhelete ka teng.
Ho dumela Dibili
121. (1) Tonakgolo ya provense e lokela ho ka ananela Bili le ho e saenela e fetisitswe ke
lekgotla le etsang molao la provense ho ya ka dipehelo tsa Kgaolo ena kapa, ha eba Tonakgolo
a le lekgonono ka tumellano ya Bili, e kgutlisetswe lekgotleng le etsang molao ho ya e
hlahlobisisa.
(2) Ha eba, ka mora ho ho tebisa maikutlo, Bili e dumellana le ho se kgotsofale ha Tonakgolo,
Tonakgolo a dumele le ho saena Bili; ha e sa dumellane le ho se kgotsofale ha Tonakgolo,
Tonakgolo a ka -
(a) ananela le ho saenela Bili eo; kapa
(b) a e fetisetse Lekgotleng la Molao wa Motheo hore le etse qeto ka tumellano ya ho ba
Molao wa Motheo.
(3) Ha eba Lekgotla la Molao wa Motheo le ka etsa qeto ka hore Bili e itshetlehile ka Molao
wa Motheo, Tonakgolo a e ananele mme a e saenele.
Kopo ka ditho Lekgotleng la Molao wa Motheo
122. (1) Ditho tsa lekgotla le etsang molao la provense di ka kopa Lekgotleng la Molao wa
Motheo hore ho be le taelo ya ho phatlalatsa molao ohle kapa karolo ya ona ka molao o
kgahlanong le amolao wa a Motheo.
(2) Kopo -
(a) e lokela ho tshehetswa ke bonyane 20 phesente ya ditho tsa lekgotla le etsang molao; mme
(b) e etswe matsatsing a 30 a letsatsi leo Tonakgolo a e ananetseng ka lona mme a ba a
saenele Molao oo.
(3) Lekgotla la Molao wa Motheo le ka laela hore Molao ohle kapa karolo ya ona eo e leng
ntlha ya kopo ya dipehelo tsa karolwana ya (1) ha e na matla ho fihlela Lekgotla le entseng qeto
ka kopo, ha eba -
(a) hona ho tla ba molemong wa toka; mme
(b) kopo e na le hona ho ka atleha.
(4) ha eba ha e a atleha Lekgotla la Molao wa Motheo le ka laela hore bakopi ba lefe
ditshenyehelo ha eba kopo e ke ke ya atleha.
Phatlalatso ya Melao ya provense
123. Bili e ananetsweng ya ba ya saenelwa ke Tonakgolo wa provense e tla ba Molao wa
provense, e phatlalatswe ka pele mme e sebediswe ha e phatlaladitswe kapa nakong e latelang e
lekanyeditswe ho ya ka tsa Molao.
Poloko ya Melao ya provense
124. Kgatiso e saennweng ya Molao wa provenseke bopaki bo felletseng ba dipehelo tsa Molao
oo, mme ho ba o phatlalatswe, e lokela ho nehelwa Lekgotla la Molao wa Motheo hore e tle e
bolokwe.
Makgotla a phethahatso a Diprovense
Bolaodi ba makgotla a phethahatso ba diprovense
125. (1) Bolaodi ba makgotla a phethahatso ba provense bo diatleng tsa Tonakgolo ya
provense eo.
(2) Tonakgolo o sebedisa matla a bolaodi ba phethahatso, ha mmoho le ditho tse ding tsa
Lekgotla la Phethahatso, ka ho -
(a) sebedisa molao o entsweng wa provense provenseng;
(b) sebedisa melao yohle ya setjhaba e entsweng mafapheng ohle a tshebetso tse lenaneng la
Shejulu ya 4 kapa ya 5 ka ntle ha eba Molao wa Motheo kapa Molao wa Palamente o ka hlophisa
ka tsela e nngwe;
(c) ba le taolo provenseng, lekgotla le etsang molaong mafapheng a tshebetsong mme a le
lenaneng le Shejulung ya 4 kapa ya 5 ka ntle ha eba Molao wa Motheo kapa Molao wa Palamente
o e hlophisa ka tsela e nngwe;
(d) nthsetsa pele le ho sebedisa leano la provense;
(e) hokahanya mesebetsi ya mafapha a provense le taolo;
(f) lokisetsa le ho qapa molao wa provense;
(g) phethisa mosebetsi ofe kapa ofe p abetsweng ho ya ka dipehelo tsa Molao wa Motheo
kapa Molao wa Palamente.
(3) Provense e na le matla a bolaodi a phethahatso ho ya ka dipehelo tsa karolwana ya (2) (b)
ho fihlela moo provense e nang le matla a taolo a ho ba le boikarabelo. Mmuso wa setjhaba, ho
ya ka molao o entsweng kapa ditsela tse ding, o tlameha ho thusa provense ho ntshetsa pele matla
a provense a hlokehang ho phethisa ka botlalo le ka ho etsa mesebetsi ya bona e hlalositsweng
karolwaneng ya (2).
(4) Kgohlano efe kapa efe e mabapi le matla a taolo a provense ho ya ka mosebetsi ofe kapa
ofe e lebiswe Lekgotleng la Setjhaba la Diprovense hore ho tle ho etswe qeto matsatsing a 30 a
letsatsi leo ho builweng ka lona Lekgotleng.
(5) Ho ya ka karolo ya 100, ho sebediswa ha molao wa provense provenseng ke matla a
phethahatso a ikgethileng a provense.
(6) Lekgotla la phethahatso la provense le lokela ho sebetsa ho ya ka-
(a) Molao wa Motheo; le
(b) Molao wa Motheo wa provense, ha eba Molao wa Motheo o fedisitswe provenseng.
Kabo ya mosebetsi
126. Setho sa Lekgotla la Phethahtso la provense se ka nna sa abela matla afe kapa afe
mosebetsi o tlamehileng ho phethwa kapa ho etswa ho ya ka dipehelo tsa Molao wa Palamente,
kapa Molao wa provense, Lekgotleng la Masepala. Mosebetsi o -
(a) lokela ho ba ka dipehelo tsa tumellano mahareng a setho se nepahetseng sa Lekgotla la
Phethahatso le Lekgotla la Masepala;
(b) e lokela ho dumellana le Molao ho ya ka dipehelo tseo matla a nepahetseng kapa
mosebetsi o tsamaiswang kapa o phethwang ka teng; mme
(c) e etsahala ka lebaka la kgoeletso ka Tonakgolo.
Matla le mesebetsi ya Ditonakgolo
127. (1) Tonakgolo ya provense o na le matla le mesebetsi e abetsweng maemo ao ke
Molao wa Motheo le molao o etswang ofe kapa ofe.
(2) Tonakgolo ya provense o ikarabella ho -
(a) ananela le ho saenela Dibili;
(b) busetsa Bili lekgotleng le etsang molao la provense hore e yo hlahlojwa hore Bili eo e
maemong a Molao wa Motheo;
(c) fetisetsa Bili Lekgotleng la Molao wa Motheo ho etsa qeto ka maemo a Bili ho ya ka
Molao wa Motheo;
(d) epa pitso ya lekgotla le etsang molao ho ba kopanong ya tshohanyetso hore ho tshohlwe
ditaba tsa bohlokwa;
(e) thonya dikhomishene tsa dipatlisiso; le
(f) phatlalatsa referendamo provenseng ho ya ka molao wa setjhaba.
Ho kgethwa ha Ditonakgolo
128. (1) Kopanong ya yona ya pele, ka mora dikgetho, le haho hlokeha ho tlatsa sekgeo
sa mosebetsi, lekgotla la provense le tlameha ho kgetha moasadi kapa monna hara ditho tsa yona
hore e be Tonakgolo ya provense.
(2) Moahlodi ya thontsweng ke Mopresidente wa Lekgotla la Molao wa Motheo o lokela ho
ba modulasetulo ha ho kgethwa Tonakgolo. Tsamaiso e ngotsweng Shejulung ya 3 e sebediswa
ha ho kgethwa Tonakgolo.
(3) Dikgetho tsa ho kwala sekgeo sa mosebetsi wa Tonakgolo di lokela ho tshwarwa
letsatsing le ka nako e behilweng ke Mopresidente wa Lekgotla la Molao wa Motheo, empa ho
se fete matsatsi a 30 sekgeo sa mosebetsi se hlahile.
Ditonakgolo di kena neng mosebetsing
129. Motho ya kgethetsweng ho ba Tonakgolo o lokela ho kena mosebetsing pele ho feta
matsatsi a mahlano, a ikanne kapa a itlamme ka botshepehi Rephaboliking le boikokobetso ba
Molao wa Motheo, ho ya ka dipehelo tsa shejulu ya 2.
Nako ya tshebetso ya Ditonakgolo le ho tloswa ha bona
130. (1) Nako ya tshebetso ya Tonakgolo e qala mohlang a kenang mosebetsing mme e fele
ha ho hlaha sekgeo kapa mohlang motho ya kgethetsweng ho ba Tonakgolo.
(2) Ha ho motho ya lokelang ho ba Tonakgolo ka mokgetlo a fetang a mabedi, empa ha
motho a ne a kgethetswe ho kwala sekgeo ofising ya Tonakgolo, nako e pakeng tsa dikgetho tseo
le dikgetho tsa Tonakgolo ya hlahlamang, ha e ballwe jwalo ka mosebetsi o mong.
(3) Lekgotla le etsang molao la provense, ho ya ka qeto e nkilweng ka kgetho e
tsheheditsweng ya bonyane ditho tse pedi borarong, ho ka tloswa Tonakgolo mosebetsing ka tlasa
mabaka a latelang -
(a) ho tlolwa ka ntle ho molao ha Molao wa Motheo kapa molao;
(b) boitshwaro bo bobe ka ho fetisisa; kapa
(c) ho hloleha ho phethisa mesebetsi ya ofisi.
(4) Mang kapa mang ya tlositsweng ofising ya Tonakgolo ho ya ka karolwana ya (3) (a) kapa
(b) a ke ke a fumana kotulo ya ofisi eo, mme a ke ke a sebetsa kae kapa kae ofising ya mmuso.
Ditonakgolo tse tshwereng mokobobo
131. (1) Ha Tonakgolo a le siyo kapa a sitwa ho phethisa mesebetsi ya maemo a
Botonakgolo, kapa nakong eo ho hlahileng ofising ya Tonakgolo, mosebeletsi wa mmuso ka ho
hlahlamana o tshwarela Tonakgolo marapo -
(a) Setho sa Lekgotla la Phethahatso se thontsweng ke Tonakgolo.
(b) Setho sa Lekgotla la Phethahatso se thontsweng ke ditho tse ding tsa Lekgotla la
Phethahatso.
(c) Motsamaisi wa dipuisano, ho fihlela lekgotla le etsang molao le kgetha setho se seng sa
lona.
(2) Tonakgolo ya tshwereng mokobobo o na le boikarabelo, matla le mesebetsi ya Tonakgolo.
(3) Pele a nka boikarabelo, matla le, mesebetsi ya Tonakgolo, Tonakgolo ya tshwereng
mokobobo o lokela ho nka kano kapa boitlamo ba botshepehi malebana le Rephaboliki le
boikokobetso tlasa Molao wa motheo, ka moo ho ngotsweng Shejulung ya 2.
Makgotla a Phethahatso
132. (1) Lekgotla la Phethahatso la provense le bopilwe ka Tonakgolo eo e leng hlooho ya
Lekgotla, le ditho tse seng ka tlase ho tse hlano mme di sa fete leshome ka palo tse thontsweng
ke Tonakgolo hara ditho tsa lekgotla le etsang molao la provense.
(2) Tonakgolo ya provense ke yena ya thonyang ditho tsa Lekgotla la Phethahatso,ho ba abela
matla le mosebetsi, mme o na le tokelo ya ho ba leleka.
Boikarabelo
133. (1) Ditho tsa Lekgotla la Phethahatso ya provense di na le boikarabelo mesebetsing
ya phethahatso eo di e abetsweng ke Tonakgolo.
(2) Ditho tsa Lekgotla la Phethahatso ya provense di na le boikarabelo ha mmoho le ka bo
mong ba ikarabella ho lekgotleng le etsang molao ka phethiso ya mesebetsi ya bona.
(3) Ditho tsa Lekgotla la Phethahatso ya provense di lokela ho -
(a) sebetsa ho ya ka taolo ya Molao wa motheo mme, ha molao wa motheo o se o fetisitswe
provenseng, le moalo oo wa motheo; le
(b) ho fa lekgotla le etsang molao ditlaleho tse felletseng le tsa ka mehla ka merero eo ba e
sebedisang.
Ho tswelapele ha Makgotla a phethahatso ka mora dikgetho
134. Nakong eo ho tshwarwang dikgetho tsa lekgotla le etsang molao tsa diprovense, Lekgotla
la Phethahatso le ditho tsa lona di kgona ho sebetsa tswanelo ho fihlela motho ya kgethilweng ho
ba Tonakgolo a be a kena mosebetsing.
Kano kapa boitlamo
135. Pele ditho tsa Lekgotla la Phethahatso la provense di qala ho etsa mesebetsi ya tsona, di
lokela ho ikana kapa ho itlama hore di tla ba le botshepehi Rephaboliking le ho ikokobeletsa
Molao wa motheo ho ya ka Shejulu ya 2.
Boitshwaro ba ditho tsa Makgotla a Phethahatso
136. (1) Ditho tsa Lekgotla a Phethahatso la provense di lokela ho sebetsa ho ya ka taolo
ya maemo a boitshwaro e balletsweng ke lekgotla le etsang molao la setjhaba.
(2) Ditho tsa Lekgotla la Phethahatso tsa provense di se ke -
(a) tsa etsa mosebetsi ofe kapa ofe oo ba ka putswang ka ona;
(b) tsa phela ka mokgwa o sa dumellaneng le maemo a tsona, kapa tsa ikenya mathateng a
hore ho be teng kgohlano mahareng a boikarabelo ba bona ba mmuso maphelo a bona; kapa
(c) tsa sebedisa maemo a tsona kapa tsebiso efe kapa efe e matleng a tsona kapa ho ithuisa
kapa ho atla motho e mong feela ka ntle ho tokelo.
Ho fetiswa ha mosebetsi
137. Ka ho etsa kgoeletso,Tonakgolo a ka abela setho sa Lekgotla la Phethahatso -
(a) tsamaiso ya molao ofe kapa ofe o entsweng o neng o abetswe setho se seng; kapa
(b) matla afe kapa afe kapa mosebetsi oo molao o entsweng o neng o o beile matleng a setho
se seng.
Kabelo ya nakwana ya ho abelwa mesebetsi
138. Tonakgolo ya provense e ka abela setho sa Lekgotla la Phethahatso, matla afe kapa afe
kapa mosebetsi wa setho se seng se siyo mosebetsing kapa se sa tsebe ho phethisa tshwanelo kapa
ho phethisa mosebetsi oo.
Tlhokomelo ya provense ya mmuso wa selehae
139. (1) Ha masepala a sitwa kapa a sa phethise mosebetsi wa hae wa bohlokwa ho ya ka
dipehelo tsa lekgotla le etsang molao, phethahatso e lokelang e ka itshunyatshunya ka ho etsa ho
hong ho lokileng ho hlokomela phethahatso ya boitlamo boo, ho kenyeletswa -
(a) ho phethisa taelo ho Lekgotla la Masepala, e hlalosang boholo ba ho hlolwa ho phethisa
ditokelo le ho hlalosa mehato e hlokehang ho fihlella ditokelo; le
(b) ka ho nka boikarabelo mabapi le ditokelo masepaleng eo ka moo ho hlokahalang ka teng
-
(i) ho boloka maemo a bohlokwa a setjhaba kapa ho kgotsofatsa maemo mabapi le ho fana
ka tshebeletso;
(ii) ho thibela Lekgotla leo la Masepala ho etsa hampe kgahlanong le ditabatabelo masepala
kapa provenseng kaofela ha yona; kapa
(iii) ho boloka tshebedisano ya moruo.
(2) Ha setho sa phethahatso sa provense se itshunyatshunya mererong ya masepala ho ya ka
karolwana ya (1) (b) -
(a) ho itshunyatshunya hoo ho lokela ho kgaotswa ka ntle ha eba ho ka amohelwa ke setho
sa Khabinete se ikarabellang ho tsa mmuso wa selehae pele ho feta matsatsi a 14 a ketso eo;
(b) tsebiso ya ho itshunyatshunya e behlwe lekgotla le etsang molao la prevense le Lekgotla
la Setjhaba la Diprovense matsatsing a 14 a dikopano tsa ona di dutse ka mora hoba provense e
itshunyatshunye;
(c) ho itshunyatshunya hona ho lokela ho kgaotsa ka ntle ha eba ho amohetswe ke Lekgotla
pele ho feta matsatsi a 30 e qadile ho kopana; mme
(d) Lekgotla le lokela ho nna e lekola ho itshunyatshunya hoo kgafetsa, mme le nne le fane
ka dikeletso tse tshwanelang lekgotleng la phethahatso ya provense.
(3) Lekgotla le etsang molao la setjhaba le ka laola tsamaiso e thehilweng ke karolo ena.
Diqeto tsa phethahatso
140. (1) Qeto ya Tonakgolo wa provense e ngolwe ha eba e -
(a) nkuwa ho ya ka dipehelo tsa molao; kapa
(b) tla baka ho hong ho ya ka molao.
(2) Qeto e ngotsweng ke Tonakgolo e saenwe hape ke setho se seng sa Lekgotla la
Phethahatso ha eba qeto eo e ama mosebetsi o abetsweng setho seo se seng.
(3) Dikgoeletso, melao le disebediswa tse ding tsa melawana ya provense di lokela ho
fihlellwa ke setjhaba.
(4) Lekgotla le etsang molao la provense le ka hlalosa mokgwa oo ka ona, le boholo boo,
disebediswa tse hlalositsweng karolwaneng ya (3) e tlameha ho -
(a) behelwa lekgotla le etsang molao; le
(b) ananelelwa ke lekgotla le etsang molao la provense.
Ditlhahiso tsa ho se tshepe
141. (1) Ha eba lekgotla le etsang molao la provense, ho ya ka kgetho e tshehetswang ke
boholo ba ditho tsa yona, le hlahisa tshisinyo ya ho se tshepe Lekgotleng la Phethahatso ho sa
kenyeletswe Tonakgolo, Tonakgolo o lokela ho bopa Lekgotla botjha.
(2) Ha lekgotla le etsang molao la provense, le tshehetswa ke boholo ba ditho tsa lona, mme
le hlahise tshisinyo ya ho se tshepe Tonakgolo,Tonakgolo le ditho tse ding tsa Lekgotla la
Phethahatso di lokela ho tlohela mosebetsi.
Melao ya motheo ya Diprovense
Kananelo ya melao ya motheo ya provense -
142. Lekgotla le etsang molao la provense le ka fetisa molao wa motheo wa provense kapa,
moo ho hlokehang, le ka fetola molao oo wa motheo, ha eba bonyane karolo ya pedi borarong
ya ditho e dumellana le Bili.
Dikahare tsa molao wa motheo wa provense
143. (1) Molao wa motheo wa provense kapa phetolo ya molao wa motheo, ha e a lokela
ho fetofetoha le Molao ona wa motheo, empa e ka fana ka -
(a) sebopeho sa lekgotla le etsang molao le sa phethahatso le mekgwa ya ho phatha mosebetsi
e sa tshwaneng le eo ho fanweng ka yona Kgaolong ena; kapa
(b) mokgatlo, seabo, matla le maemo a morena, moo ho lokelang teng.
(2) Dipehelo tse ngotsweng molaong wa motheo wa provense kapa phetolo ya molao wa
motheo ho ya ka dipehelo tse ditemana tsa (a) kapa (b) tsa karolwana ya (1) -
(a) di lokela ho nyalellana le maemo a karolo ya 1 le Kgaolo ya 3; mme
(b) e se nehe provense matla afe kapa afe kapa mosebetsi o welang ka -
(i) ka thoko ho sebaka sa tshebetso sa provense ho ya ka Shejulu ya 4 le ya 5; kapa
(ii) ka thoko ho matla le mesebetsi e abetsweng provense ke dikarolo tse ding tsa Molao wa
motheo.
Tiiseletso ya melao ya motheo ya provense
144. (1) Ha lekgotla le etsang molao la provense le fetisa molao wa motheo, kapa e fetola
molao wa motheo, Motsamaisi wa dipuisano wa lekgotla le etsang molao o lokela ho fetisa tse
ka hara molao wa motheo oo kapa phetolo ya molao wa motheo Lekgotleng la Molao wa motheo
hore o tiiseletswe.
(2) Ho se be dikahare tsa molao wa motheo kapa phetolo ya molao wa motheo e bang molao
ho fihlela Lekgotla la Molao wa motheo le tiisa hore -
(a) tekese eo e fetisitswe tlasa dipehelo tsa karolwana ya 142; hape
(b) tekese kaofela e dumellana le dipehelo tsa sekeshene ya 14
Ho saena, phatlalatso le ho boloka ha meloa ya motheo ya provense
145. (1) Tonakgolo ya provense o lokela ho dumela, a be a saenele temana ya molao wa
motheo wa provense kapa phetolo ya molao wa motheo e tiiseditsweng ke Lekgotla la Molao wa
Motheo.
(2) Temana e ananetsweng ya ba ya saenelwa ke Tonakgolo e lokela ho phatlalatswa
Gazeteng ya Mmuso ya setjhaba mme di e sebediswa ka yona nako eo ha e phatlalatswa kapa
nakong e tlang e tsamaelanang le molao wa motheo kapa phetolelo.
(3) Temana e saennweng ya molao wa motheo wa provense kapa phetolo ya molao wa
motheo ke yona bopaki ba bo phethahetseng ba dipehelo tsa yona le, ka mora phatlalatso, di
lokela ho fetisetswa polokelong Lekgotleng la Molao wa Motheo.
Melao e Lwantshanang
Dikgohlano pakeng tsa molao o etswang wa setjhaba le wa diprovense
146. (1) Karolo ena e sebetsa kgohlanong e pakeng tsa molao o etswang wa setjhaba le wa
provense o ka tlasa sebaka sa tshebetso se ngotsweng Shejulung ya 4.
(2) Molao o etswang wa setjahaba o sebetsa ka ho tshwana naheng kaofela, o tla hlakola
molao o etswang wa provense ha e meng ya maemo a latelang e ka pahethwa -
(a) molao o etswang wa setjhaba o sebetsana le merero e ke keng ya laolwa hantle ka molao
o etswang o sebediswang ke diprovense tse fapaneng ka bonngwe;
(b) ditabatabelo tsa naha yohle di qosa hore taba eo e sebetswe ka ho tshwana naheng yohle,
mme molao o etswang wa setjhaba o fana ka ho tshwano eo ka ho theha -
(i) ditlwaelo le maemo;
(ii) meralo; kapa
(iii) maano a naha
(c) Molao o etswang wa setjhaba o a hlokeha bakeng sa -
(i) ho boloka tshireletso ya setjhaba;
(ii) ho boloka kopano ya moruo;
(iii) ho sireletsa kgwebo e akaretsang e mabapi le tsamaiso ya thepa, ditshebeletso, matlotlo
le mosebetsi;
(iv) ntshetso pele ya mesebetsi ya moruo naheng yohle;
(v) ntshetso pele ya menyetla e lekanang kapa phihlello e lekanang ho ditshebeletso tsa
mmuso; kapa
(vi) tshireletso ya tikoloho.
(3) Molao wa Setjhaba wa diprovense o okametse molao wa provense ha eba molao wa
provense o ikemiseditse ho thibela ketso e ka bang ha e amohelehe ya provense -
(a) tse ka sitisang makgabane a moruo, bophelo bo botle le tshirelletseho ya provense e nngwe
kapa ya naha ka kakaretso;kapa
(b) tse ka sitisang ho kenngwa tshebetsong ha leano la naha, kgwebong.
(4) Ha ho na le ho se dumele ka hore molao wa setjhaba o loketse sepheo se balletsweng
karolwaneng ya (2) (c), mme ho se dumele hoo ho hlahiswa kgotla hore ho nkuwe qeto, lekgotla
le amohele kapa le qhelele thoko molao ka Lekgotla la Setjhaba la Diprovense.
(5) Molao wa provense o okametse molao wa setjhaba ha eba karolo ya (2) kapa ya (3) e sa
sebetse.
(6) (a) Melao ya naha le ya diprovense, e bolelwang dikarolwaneng tsa (1) ho isa ho (5), e
akarelletsa molao o bopilweng ka Molao wa provense, ha feela molao oo o ananetswe ke
Lekgotla la Setjhaba la Diprovense.
(7) Ha Lekgotla la Setjhaba la Diprovense le sa ananele molao o bolelwang karolwaneg ya
(6), le lokela hore pele matsatsi a 30, fela hoba e etse qeto, e fane ka mabaka, bolaoding bo
rometseng molao oo ho yona ho yona.
(8) Ha eba Lekgotla la provense le sa amohele qeto matsatsing a 30 ho duleng ha lona kgetlo
la pele ka mora ho hoba molao o lebiswe ho lona, molao o nahanelwe mabaka ohle jwalo ka ha
a mohetswe ke Lekgotla.
Dikgohlano tse ding
147. (1) Ha eba ho teng kgohlano pakeng tsa molao wa setjhaba le pehelo e itseng ya molao
wa motheo wa provense, ka-
(a) morero oo ka ona Molao wa motheo ona o hlokang,kapa o hopotseng phetisa ya
molaoketsuwa wa naha, molaoketsuwa wa naha o fekisa pehelo eo e amehang ya molao wa
motheo wa provense; kapa
(b) bonamodi ka molao wa setjhaba, tlasadipehelo tsa karolo ya 44 (2), molao wa setjhaba o
tla okamela pehelo ya molao wa motheo wa provense; kapa
(c) morero o dibakeng tsa tshebetso tse badilweng Shejulung ya 4, karolo ya 146, e sebetsa
jwalo ka ha eka pehelo e amehang, ya molao wa motheo wa provense, ke molao wa provense o
bolelwang karolong eo.
(2) Molao wa setjhaba o bolelwang karolong ya 44 (2),o okametse molao wa provense tabeng
ya merero e bolelwang dibakeng tsa tshebetso tse Shejulung ya 5.
Dikgohlano tse ke keng tsa rarollwa
148. moo ngangisano ka kgohlano e ke keng ya rarollwa ke lekgotla, molao wa setjhaba o
okametse wa provense kapa molao wa motheo wa provense.
Boemo ba molao o entsweng o se nang matla
149. Qeto ya lekgotla e reng molao o okametseng o mong ha e etse hore molao o okametseng
e se hlole o ba le matla, feela molao oo o tla dula o sa sebetse, ha feela kgohlano e ntse e le teng
Tlhaloso ya kgohlano
150. Ha ho tshohlwe taba ya kgohlano e bonahalang pakeng tsa molao wa setjhaba le wa
provense, kapa pakeng tsa molao wa setjhaba le molao wa motheo wa provense, lekgotla le leng
le le leng, le lokela ho ikgethela tlhakiso, efe kapa efe, e nang le mabaka, ya molao oo, kapa molao
oo wa motheo, e thusang hore kgohlano e qojwe, ka hodima tlhakiso e nngwe e ka bakang
kgohlano.
KGAOLO YA 7
Mebuso ya metse
Maemo a bomasepala
151. (1) Makala a tshebetso a mmuso wa metse a bopilwe ka bomasepala, ba lokelang ho
kgethelwa naha yohle ya Rephaboliki.
(2) Bolaodi ba phethahatso le ba lekgotla le etsang molao bo beilwe diatleng tsa Lekgotla la
Masepala.
(3) Masepala o na le tokela ya ho busa, ka boithaopo, merero ya metse ya baahi ba hae, ho
ya ka taolo ya molao o entsweng wa setjhaba le wa provense, jwalo ka ha o hlahisitswe Molaong
wa Motheo.
(4) Mmuso wa setjhaba le wa provense e ke ke ya itshunya kapa ya sitisa bokgoni kapa tokelo
ya masepala ya ho sebedisa matla a hae kapa ho phethisa mosebetsi.
Sepheo sa mmuso wa motse
152. (1) Dipheo sa mmuso wa metse ke -
(a) ho nehela baahi puso ya demokrasi e nang le boikarabelo;
(b) ho hlokomela phano ka ditshebeletso ho baahi ka mokgwa o tswellang;
(c) ho ntshetsa pele tswelopele ya baahi le kgwebo;
(d) ho ntshetsa pele tikoloho e bolokehileng e fanang ka bophelo bo botle setjhabeng;
(e) ho kgothaletsa baahi le mekgatlo ya baahi ho kenya letsoho mererong ya mmuso wa
motse.
(2) Masepala o lokela ho leka, ho ya ka matla a ditjhelete le taolo, ho fihlela maikemisetso a
ngotsweng karolwaneng ya (1).
Mesebetsi ntshetsong pele ya masepala
153. Masepala o lokela ho -
(a) theha le ho laola tsamaiso, ditekanyetso, tekanyetso le merero e hlophisitsweng, le ela
hloko dintlha tsa motheo tsa setjhaba, le ho ntshetsa pele tswelopele ya moruo ya baahi; le
(b) kenya letsoho mananeong a tswelopele a setjhaba le provense.
Bomasepala mmusong wa tshebedisano
154. (1) Mebuso ya setjhaba le ya provense, ka ditsela tsa lekgotla le etsang molao le ka
ditsela tse ding di lokela ho tshehetsa le ho matlafatsa bokgoni ba bomasepala ho sebetsa merero
ya bona, ho sebedisa matla a bona le ho phethisa mesebetsi ya bona.
(2) Bili ya setjhaba kapa ya provense e amang boemo, mekgatlo, matla kapa mesebetsi ya
mebuso ya selehae e lokela ho phatlalletswa baahi hore ba e hlahlobe ba be ba hlahise maikutlo
mabapi le yona pele e hlahisetswa Seboka sa Setjhaba kapa lekgotla la provense le etsang molao,
ka mokgwa o tla dumella hore ho be le mmuso selehae, masepala ya hlophisitsweng, le batho ba
bang ba nang le kgahleho hore ba be le boemedi ho ya ka Bili.
Ho thehwa ha bomasepala
155. (1) Ho na le mekga e latelang ya masepala:
(a) Mokga wa A: Masepala ya nang le phethahatso ya masepala e ikgethileng le matla a molao
tikolohong ya ona.
(b) Mokga wa B: Masepala ya arolelanang matla a phethahatso le molao a masepala
tikolohong ya ona le Mokga wa C wa masepala dibakeng tseo e welang ho tsona.
(c) Mokga wa C: Masepala ya nang le matla a phethahatso le molao tikolohong e
kenyeletsang masepala e mengata.
(2) Molao wa Setjhaba o hlalose mefuta e fapaneng ya masepala e ka thehwang mokgeng ka
mong.
(3) Molao wa Setjhaba o lokela ho -
(a) theha teko e laolang ha sebaka se tlameha ho ba le mokga o le mong wa A wa masepala
kapa ha e tlameha ho ba le masepala ya mekga ya B le C ha mmoho;
(b) ho ya ka karolo ya 229, ho etswe pehelo mabapi le lekala le nepahetseng la matla le
mesebetsi mahareng a bomasepala ha sebaka se na le bomasepala mokgeng wa B le C ha mmoho.
Karolo ya matla le mesebetsi mahareng a mokga wa B wa masepala le mokga wa C wa masepala
e ka fapana le karolo ya matla le mesebetsi mahareng a mokga wa B o mong wa Masepala le
mokga wa C wa Masepala.
(4) Molao o lebisitsweng karolwaneng ya (3) o lokela ho nehelana ka ditshebeletso tsa
masepala ka tsela e lekanang le e ka tswellang.
(5) Molao wa provense o lokela ho laola mefuta e fapaneng ya masepala ho thehwa
provenseng.
(6) Mmuso o mong le o mong wa provense o lokela ho theha bomasepala provenseng ka tsela
a tshwanang le molao o phethwang ka dikarolwana tsa (2) le (3) le, ka molao kapa mekgwa e
meng, o lokela ho -
(a) nehelana ka tlhokomelo le tshehetso ya mmuso wa metse provenseng; le
(b) ntshetsapele tswelopele ya matlaa mmuso wa metse hore bomasepala ba sebetse le ho laola
ditaba tsa bona.
(7) Mmuso wa Setjhaba, ho ya ka karolo ya 44, le mebuso ya provense matla a ho etsa molao
le phethahatso ho hlokomela phethahatso e tswileng matsoho ka bomasepala ho ya ka ditaba tse
hlahelang Dishejulung tsa 4 le 5, ka ho laola matla a bomasepala ka matla a bona a phethahatso
a lebisang karolong ya 156(1).
Matla le mesebetsi ya bomasepala
156 (1) Masepala o na le matla a phethahatso ho ya ka, le tokelo ya tsamaiso ya, -
(a) merero ya mmuso wa metse e ngotsweng Karolong ya B ya Shejulung ya 4 le Karolong
ya B Shejulung ya 5; mmoho le
(b) morero ofe kapa ofe o mong oo a o abetsweng kapa oo a o romilweng ke lekgotla le
etsang mola la setjhaba kapa provense.
(2) Masepala a ka etsa kapa a phethahatsa melawana mabapi le tsamaiso e phethahetseng ya
merero eo e nang le nako ho e laola.
(3) Ho ya ka dipehelo tsa karolo ya 151 (4), molawana o kgahlanong le lekgotla le etsang
molao la setjhaba le la provense ha o sebetse. Ha eba ho na le kgohlano pakeng tsa molawana le
lekgotla le etsang molao la setjhaba le provense ha o sebetse ka lebaka la kgohlano eo ho
lebisitsweng ho yona karolong ya 149, molawana o amohelwe o nepahetse ha feela molao oo o
entsweng o ka sebediswa.
(4) Mmuso wa setjhaba le wa provense o lokela ho abela kapa ho romela ho masepala, ka
tumellano le ho ya maemo a teng, tsamaiso ya Karolo ya A ya Shejulu ya 5 o ho hlokehang hore
o be le kamano le mmuso wa selehae; ha -
(a) morero oo o ka laolwa ka ho phethahala motseng; mme
(b) masepala o na le bokgoni ba ho o laola.
(5) Masepala o na le tokelo ya ho sebedisa matla afe kapa afe morerong o hlokahalang, kapa,
bakeng sa, tshebetso e phethahetseng ya mesebetsi ya ona.
Sebopeho le ho kgethwa ha Makgotla a Masepala
157. (1) Lekgotla la Masepala le bopilwe ka -
(a) ditho tse kgethilweng ho ya ka taolo ya dikarolwana tsa (2),(3), (4) le (5); kapa
(b) ha eba di hlophisitswe ke lekgotla le etsang molao la setjahaba -
(i) ditho di thontswe ke Lekgotla le leng la Masepala hore di emele Lekgotla leo le leng; kapa
(ii) ditho ha mmoho tse kgethilweng ho ya ka tsamaiso ya temana ya (a) le ditho tse
kgethilweng ka taolo ya karolwana ya (b) (i).
(2) Ho kgethwa ha ditho tsa Lekgotla la Masepala jwalo ka ha ho lebeletswe karolwaneng ya
(1) (a), ho bolela hore ho lokela ho tsamaiswa ka taolo ya lekgotla le etsang molao wa setjhaba,
o lokelang ho hlalosa tsamaiso -
(a) boemedi ba tekano ho ya ka karolo ya masepala ya lenane la divoutu tsa setjhaba, mme
e nehelana ka ho kgethwa ha ditho lenaneng la bonkgetheng ba mokga e ngotswe ho ya ka
boikgethelo ba lenane la mokga; kapa
(b) boemedi ba tekano jwalo ka ha ho hlalositswe temaneng ya (a) ho kopantswe le tsamaiso
ya boemedi ba didika bo theilweng ka karolo ya masepala ya lenane la bakgethi la setjahaba.
(3) Tsamaiso ya dikgetho ho ya ka dipehelo tsa karolwana ena (2) e lokela ho netefatsa hore
palo ya ditho kaofela tse kgethilweng mokgeng ka mong e paka palo ya divoutu tse ngodisitsweng
bakeng sa mekga eo.
(4) Ha eba tsamaiso ya dikgetho e kenyeletsa boemedi ba didika, ho arolwa ha didika tseo ho
lokela ho etswa bolaodi boikemetseng bo thontsweng ho ya ka dipehelo tsa, bo bile bo sebetsa
ho ya ka, ditsamaiso le dihlahlobo tse balletsweng ke lekgotla le etsang molao la setjhaba.
(5) Motho a ka kgetha masepaleng feela ha eba motho eo o ngodisitswe karolong eo ya
masepala , ya lenaneo la bakgethi ba setjhaba.
(6) Lekgotla le etsang molao la setjhaba leo ho lebisitsweng ho lona karolong ya 157 (1) (b)
le lokela ho thea tsamaiso e dumellang mekga le tjantjello e hlahellang Lekgotleng la Masepela
ka ho thonya, mme le be le boemedi bo botle.
Ditho tsa Makgotla a Masepala
158. (1) Moahi e mong le e mong ya nang le tokelo ya ho kgetha Lekgotla la Masepala o
na le tokelo ya ho kgethelwa ho ba setho sa Lekgotla leo; ntle le
(a) mang kapa mang ya thontsweng ke, kapa ya tshebeletsong ya, masepala a bile a fumana
moputso ka ho thonngwa hoo, kapa tshebetso eo, mme a e so ka a tshwarelwa ho sitisweng ho
ya ka lekgotla le etsang molao wa setjhaba;
(b) mang kapa mang ya thontsweng ke, kapa a le tshebeletsong ya Puso boemong bo bong,
mme a fumana moputso ka ho thonngwa hoo, kapa mosebetsi oo, a bile a sitiseha ho ba setho sa
Lekgotla LA Masepala ho ya ka dipehelo tsa lekgotla le etsang molao la setjhaba.
(c) mang kapa mang ya ntshitsweng ho ka kgetha Sebokeng sa Setjhaba ' kapa a ntshitswe
ho ya ka dipehelo tsa karolo ya 47 (1) (c), (d) kapa (e) ho ba setho sa Seboka;
(d) setho sa Seboka sa Setjhaba, moromuwa wa Lekgotla la Setjhaba la Diprovense kapa
setho sa lekgotla le etsang molao la provense; empa ho ntshuwa hona ha ho ame setho sa
Lekgotla la Masepala le emetseng mmuso wa motse Lekgotleng la Masepala; kapa
(e) setho sa Lekgotla le leng la Masepala; empa ho ntshuwa hona ha ho ame setho sa Lekgotla
la Masepala le emetse Lekgotla Lekgotleng le leng la Masepala la tlhophiso ya yona e sa
tshwaneng.
(2) Motho ya ke keng a kgethelwa ho ba setho sa Lekgotla la Masepalaho ya ka dipehelo tsa
karolo ya (1) (a),(b),(d) le (e), e ka nna ya eba nkgetheng wa Lekgotla, ho ya ka meedi kapa
maemo a thehilweng ke lekgotla le etsang molao la setjhaba.
Dipehelo tsa Makgotla a Masepala
159. Lekgotla leo Khansele ya Masepala e le dulang tshebetsong, e se fete dilemo tse nne, ho
ya ka taolo ya molaoketsuwa wa naha.
Mekgwa ya tshebetso ya selehae
160. (1) Lekgotla la Masepala -
(a) le etsa diqeto tse amang ho etswa ha matla ohle le tshebetso ya mesebetsi yohle ya
masepala;
(b) le kgethe modulasetulo;
(c) le ka kgetha komiti ya phethahatso le dikomiti tse ding, ho ya ka molao wa setjhaba; le
(d) a ka hira basebetsi ba bohlokwa ho etsa mosebetsi o tswileng matsoho.
(2) Mesebetsi e latelang e ke ke ya eba ya boramuwa ka Lekgotla la Masepala
(a) ho fetiswa ha melawana;
(b) ho amohelwa ha tekanyetso;
(c) ho kenngwa ha ditefello le makgetho a mang, dibotha le mesebetsi; le
(d) ho nyollwa ha dikadimo.
(3) (a) Boholo ba ditho tsa Lekgotla la Masepala e be teng pele kgetho e ke ke ya nka ka
taba efe kapa efe.
(b) Dipotso tsohle tse amang ditaba tse boletsweng karolwana ya (2) di laolwa ke qeto e
nkuweng ke Lekgotla la Masepala ka tshehetso ya kgetho ya boholo ba ditho tsa yona.
(c) Dipotso tsohle tse ding tse ka behetsweng Lekgotla la Masepala di nahanetswe ke boholo
ba dikgetho tse nkilweng.
(4) Ha ho molawana o ka fetiswang ke Lekgotla la Masepala ka ntle ha eba -
(a) ditho tsohle tsa Lekgotla di filwe tsebiso e nepahetseng; le
(b) molawana o sisintsweng o phatlaladitswe hore setjhaba se hlahise maikutlo.
(5) Molao wa setjhaba o ka nehelana ka teko e ka laolang -
(a) boholo ba Lekgotla la Masepala;
(b) hore na Mekgatlo ya Masepala e ka kgetha komiti ya phethahatso kapa komiti efe kapa
efe e nngwe; kapa
(c) boholo ba komiti ya phethahatso kapa komiti efe kapa efe e nngwe ya Lekgotla la
Masepala.
(6) Lekgotla la Masepala le ka nnala etsa melawana e ballang melao le ditaelo mabapi le -
(a) ditlhophiso tse ka hare;
(b) seo ese etsang le mekgwa ya tshebetso; le
(c) motheo, sebopeho, mekgwa ya tshebetso, matla le mesebetsi ya dikomiti tsa ona.
(7) Lekgotla la Masepala le lokela ho sebeletsa pepeneneng, mme le ka kgaotsa dikopano tsa
lona, kapa tsa dikomiti tsa tsona, ha ho hlokeha ho etsa jwalo ho nahanwang ka sebopeho sa
mosebetsi o etswang.
(8) Ditho tsa Lekgotla la Masepala ba tlamehile ho kenya letsoho dipuong le bao e leng ba
dikomiti ka tsela eo -
(a) e dumella mekga le ditabatabelo tse hlahellang ka hara Lekgotla hore le emlwe hantle;
(b) e tsamaelana le demokrasi; le
(c) e ka laolwa ke molao wa setjhaba.
Ditokelo
161. Molao wa provense, o itshetlehile ka molao wa setjhaba, o ka hlophisetsa ditshwanelo le
diteballo, bakeng sa Makgotla le ditho tsa tsona.
Phatlalatso ya melawana ya masepala
162. (1) Molawana wa motse o kena tshebetsong ha o se o phatlaladitswe gazeteng ya
provense eo.
(2) Gazete ya semmuso ya provense e lokela ho phatlalatsa molawang wa masepala, ka kopo
ya masepala eo.
(3) Melawana ya masepala e lokela ho fihlellwa ke bohle.
Mmuso wa selehae o hlophisitsweng
163. Molao wa Palamente o fetisitsweng tlasa taolo ya sekeshene ya 76 o lokela ho -
(a) dumella kananelo ya ditlhophiso tsa naha, le tsa provense, tse emetseng bomasepala;
(b) lekola ditsamaiso tseo ka tsona mmuso wa motse o ka -
(i) rerisanang le mmuso wa naha le wa provense ka;
(ii) thonya ditho tse ka kenyang letsoho Lekgotleng la Setjhaba la Diprovense;
(iii) thonya batho bakeng sa Khomishene ya Matlotlo le Taolo ya Matlotlo.
Merero e meng
164. Merero e tobaneng le mmuso wa motse, e seng teng, Molaong wa motheo, e ka hlongwa
ka molao wa setjhaba kapa wa provense o ithetlehileng ka molao wa setjhaba.
KGAOLO YA 8
Makgotla le Taolo ya Toka
Bolaodi ba Toka
165. (1) Bolaodi ba toka bo diatleng tsa makgotla.
(2) Ka taolo, makgotla a itjere; a laolwa feela, ke Molao oo wa motheo, le molao, oo a
lokelang ho o sebedisa, ntle le ho sekamela lehlakoreng, lefe kapa lefe, ntle le letswalo; kgethollo
kapa tshekisetso.
(3) Ha ho motho, kapa lekala la puso le tokelo ya ho itshunyatshunya ditshebetsong tsa
makgotla.
(4) Ka thuso ya molaoketsuwa le matsapa a mang, makala a puso a lokela ho thusana le
makgotla le ha a sirelletsa, hore boitjaro, ho hloka tshekamelo, seriti, phihlelleho le kutlwahalo,
di tle di netefatswe.
(5) Taelo kapa qeto eo lekgotla le e entseng e tlama batho bohle ba amehang esita le makala
ohle a puso a amehang.
Mokgwa wa tshebetso wa toka
166. Makgotla a Rephaboliki a Rephaboliki a hlophilwe tjena -
(a) Lekgotla la Molaotheo;
(b) Lekgotla le Phahameng la Boipiletso;
(c) Makgotla a Phahameng; mona ho akarelletswa le lekgotla, lefe feela, le phahameng la
boipiletso, le ka hlongwang ka Molao wa Palamente, hore le sebetsane le boipiletso bo tswang
Makgotleng a Phahameng;
(d) Makgotla a Bomaseterata; mmoho le
(e) Makgotla a mang feela a ka thehwang kapa ho ya ka Molao wa Palamente; lekgotla lefe
feela, la boemo bo tshwanang le ba Makgotla a Phahameng kapa Makgotla a Bomaseterata.
Lekgotla la molao wa motheo
167. (1) Legotla la Molao wa motheo le bopilwe ka - Mookamedi; Motlatsi wa Mookamedi
le baahlodi ba bang, ba robong.
(2) Ngangisano kapa potso e behelang Lekgotla la Molao wa motheo le lokela ho sebetswa
ke baahlodi ba robileng meno e mmedi, ka palo, bonyane.
(3) Lekgotla la Molao wa motheo -
(a) ke lona le okametseng ohle ditabeng tse amanang le Molao wa motheo ;
(b) le sebetsana feela; le taba tse mabapi le Molao wa motheo le tse ding tse amanang le
diqeto tse entsweng ka Molao wa motheo ; hape
(c) le etsa qeto ya makgaolakgang ka hore eng, feela, e tshetlehilwe ka Molao wa motheo,
kapa tjhee, le hore a ekaba taba e amana le qeto, e tobaneng le Molao wa motheo.
(4) Ke feela, Lekgotla la Molao wa motheo le ka -
(a) etsang qeto dingangisanong tse pakeng tsa makala a puso, naheng, kapa provenseng, ka
boemo Molaong wa motheo, matla le ditsehebetso tsa makala afe feela a puso.
(b) etsang qeto ka tumellano ya Bili ya Palamente kapa provense le Molao wa motheo; feela
hona ho ka etsahala fela, tlasa mabaka, a hopotsweng karolong ya 79 kapa 121;
(c) etsa qeto ka dikopo tsa mosebetsi tse hopoletsweng karolo ya 80 kapa 122;
(d) etsa qeto ka ho ba molao wa motheo hwa phetolo efe kapa efe Molaong wa motheo;
(e) etsa qeto hore Palamente kapa Mopresidente o hlolehile ho phethisa ditokelo tsa Molao
wa motheo.
(f) tiiseletsa molao wa motheo wa provense ho ya ka dipehelo tsa karolo ya 144.
(5) Ke Lekgotla la Molao wa motheo le ka etsang qeto ya makgaolakgang ka hore na Molao
wa Palamente, wa Provense, wa provense, kapa ketso ya Mopresidente, e itshetlehile ka Molao
wa motheo, kapa tjhee; mme le lokela ho tiiseletsa taolo efe, feela, ya ho se sebetse, e ntshitsweng
ke Lekgotla le Phahamengi la Boipiletso. Lekgotla le Phahameng, kapa lekgotla la boemo bo
lekanang, pele taelo eo, e ka ba le matla, a tshebetso.
(6) Ka thuso ya molao wa setjhaba, kapa melawana ya Lekgotla la Molao wa motheo, motho
o lokela ho dumellwa ho, ha e le tabatabelong ya molao le ka tumello ya Lekgotla la Molao wa
motheo -
(a) itlisetsa taba Lekgotleng la Molao wa motheo, ntle ho potoloho kapa
(b) ka ho otloloha, a etse boipiletso, Lekgotleng la Molao wa motheo, ho tswa lekgotleng lefe
kapa lefe; ha hona ho ka ba molemong wa toka, feela a fumane tumello ya Lekgotla la Molao wa
motheo, pele
(7) Taba e amanang le Molao wa motheo e akarelletsa taba efe kapa efe ya tlhaloso,
tshireletso kapa tshebediso ya Molao wa motheo.
Makgotla a Phahameng a Boipiletso
168. (1) Lekgotla le Phahameng la Boipiletso le bopilwe ka Moahlodi e Moholo, Motlatsi
wa Moahlodi e Moholo, le palo e itseng ya baahlodi ba boipiletso ba hlomamisitsweng ka Molao
wa Palamente.
(2) Taba e tlisitsweng Lekgotleng le Phahameng la Boipiletso, le lokela ho sebetswa ke palo,
e behilweng ke Molao wa Palamente, ya baahlodi.
(3) Lekgotla le Phahameng la Boipiletso, le ka etsa qeto ka boipiletso bo tobaneng la taba efe
kapa efe. Ke lona Lekgotla le ka hodimo ho makgotla ohle a boipiletso, ntle ha taba e le e
tobaneng le Molaotheo; mme le ka diya nyewe, feela ha e le-
(a) boipiletso;
(b) taba tse tobaneng le boipiletso;
(c) taba e nngwe, feela e lebisitsweng ho lona, tlasa mabaka a hlaloswang ka Molao wa
Palamente.
Makgotla a Phahameng
169. Makgotla a phahameng a ka akanya hore -
(a) taba efe kapa efe ya molao wa motheo ka ntle ho taba e -
(i) ke Lekgotla la Molao wa Motheo le ka akanyang; kapa
(ii) le tlameha ho sebetsa ho ya ka Molao wa Palamente ho ya lekgotleng le leng le nang le
matla a tshwanang le a Lekgotla le Phahameng; le
(b) taba efe kapa efe e sa rerelwang lekgotla le leng ho ya ka Molao wa Palamente.
Makgotla a bommaseterata le makgotla a mang
170. Makgotla a Bommaseterata, le makgotla a mang, kaofela a ka etsa diqeto, tabeng efe kapa
efe, eo Molao wa Palamente o dumellang yona, empa lekgotla leo boemo ba lona bo leng ka tlase
ho ba Lekgotla le Phahameng, ha le na tokelo ya ho tshohla kapa ho etsa qeto ka tumellano ya
molao ofe le Molao wa motheo, esita le ketso efe feela ya Mopresidente.
Mekgwa ya tshebetso makgotleng
171. Makgotla ohle a sebetsa tlasa taolo ya molao wa setjhaba, mme melawana le ditsamaiso
tsa ona a lokela hore a di dumellwe ke ona.
Matla a makgotla a molao ditabeng tsa molao wa motheo
172. (1) Moo lekgotla le nang le matla a hoo tshohla taba e amanang le Molao wa motheo
-
(a) le lokela hore le phatlalatse hore molao ofe kapa ofe, kapa ketso efe kapa efe, e sa
dumellaneng le Molao wa motheo , ha e na tokelo ya ho sebetsa ho ya kamoo e sa dumellaneng
le Molao wa motheo ka teng.
(b) le ka fana ka taelo e nang le toka, ebile e se na tshekamelo ya ka kae kapa ka kae; hong
le
(i) taelo e kgaolang tshebetso e qalang moraong ya phatlalatso ya tlhokeho ya matla; mmoho
le
(ii) taelo e emisang tshebetso ya phatlalatso ya ho se sebetse, ka nako e itseng, tlasa dipehelo
tse itseng, hore bolaodi bo amehang, bo nang le tshwanelo bo tle bo fumantshwe sebaka, sa ho
lokisa phoso eo.
(2) (a) Lekgotla le Phahameng la Boipiletso, Lekgotla le phahameng kapa Lekgotla le
leng la boemo bo lekanang, le ka etsa taelo ka kamano ya Molao wa Palamente kapa wa
Provense, esita le ketso efe feela ya Mopresidente; feela taelo e reng ha ho tumellano le Molao
wa motheo e ke ke ya kena tshebetsong ho fihlela Lekgotla la Molao wa motheo, le e ananela.
(b) Lekgotla le fanang ka qeto ya tlhokahalo ya tshebetso, leka etsa thibela ya nakwana kapa
ya fana ka tshihlollo ya nakwana, ho ba lehlakoreng le itseng, la phehisano, kapa le ka etsa
kgefutso, tshebetsong ya ngangisano, ho fihlela Lekgotla la Molao wa motheo, le etsa qeto ka
tshebetso ya Molao oo, kapa ketso eo.
(c) Ke Molao wa setjhaba o lokelang ho lokiselletsa phethisetso ya qeto e supang ho se
dumellane le Molao wa motheo Lekgotleng la Molao wa motheo.
(d) Motho ofe kapa ofe, kapa lekala la mmuso le nang le tjhesehelo, le ka etsa boipiletso, kapa
ka bo lona, la etsa kopo, Lekgotleng la Molao wa motheo hore le ananele, kapa le fetolo taelo ya
ho se sebetse molaong wa motheo e entsweng le lekgotla la dipehelo tsa karolwana ena.
Matla a ona
173. Lekgotla la Molao wa motheo, Lekgotla le Phahameng la Boipiletso le Makgotla a
Phahameng, ka boona a na le matla a ho sireletsa le ho laola ditsamaiso tsa ona, le ho tswellisa
molao wa botjhaba, ho hlokoimetswe a toka.
Ho kgethwa ha basebeletsi ba mmuso ba toka
174. (1) Mosadi kapa monna ofe kapa ofe ya nang le thupelo e tshwanelehang, ebile e le
motho wa sebele, a ka thonngwa ho ba motshwari wa tsa toka. Motho, mang kapa mang, ya
thonngwang ho ba setho sa Lekgotla la Molao wa motheo , o lokela hore e be e le moahi wa
Afrika Borwa.
(2) ho a hlokahala hore ha ho thonngwa ditho tsa botshwari ba tsa toka ho bontshwe ka moo
setjhaba sa Afrika Borwa se bopilweng ka teng ho ya ka merabe le bong.
(3) Ka morao ho hore a rerisane le Khomishene ya Ditshebeletso tsa Toka le baetapele ba
mekgwa e nang le baemedi Sebokeng sa Setjhaba sa Lekgotla le etsang molao , Mopresidente,
jwalo ka hlooho ya phethahatso ya naha, o thonya Mookamedi le Motlatsi wa Mookamedi wa
Lekgotla la Molao wa motheo, e re ha a se a rerisane le Khomishene ya Ditshebeletso tsa Toka,
a thonye Moahlodi e Moholo le Motlatsi wa Moahlodi e Moholo.
(4) Baahlodi ba bang ba lekgotla la phethathatso ba thonngwa ke Mopresidente e leng hlooho
ya phethahatso ya setjhaba, ka mora hore a rerisane le Mookamedi wa Lekgotla la Molaotheo le
baetapele ba mekga e emetswng Sebokeng sa Setjhaba sa sa Lekgotla le etsang molao, sebetsa
ka mokgwa ona;
(a) Khomishene ya Ditshebeletso tsa Toka e loka ho etsa lenaneo la mabitso a bathonngwa
le nang le mabitso a mararo ka hodimo ho palo ya batho ba lokelang ho thonngwa, mme e nehe
Mopresidente lenaneo leo.
(b) Mopresidente o ka thonya batho bao a ba batlang, ka lenaneo lena, mme a be a tsebise
tsebise Khomishene ya Ditshebeletso tsa Toka, a bile a fana ka mabaka, haeba ba bang ba
bathonngwa ba sa amohelehe, mme ho ntse ho hlokahala hore ho thonngwe.
(c) Khomishene ya Ditshebeletso tsa Toka e lokela ho tlaselletsa lenaneo leo ka bathonngwa
mabitso a mang mme Mopresidente o lokela ho thonya motho kapa batho ba kwalang dikgeo tse
salletseng, ka lenaneo le tlatselleditsweng.
(5) Ka dinako tsohle, bonyane, bathonngwa ba bane, e be batho, bao nakong ya ho thonngwa
ha bona, hore ba keng Lekgotleng la Molao wa motheo, e neng e ntse e le baahlodi.
(6) Mopresidente o lokela hore ha a thonya baahlodi bohle, ba bang, a be a eleditswe ke
Khomishene ya Ditshebelletso tsa Toka.
(7) Batshwari ba bang ba tsa toka, ba lokela ho thonngwa ka dipehelo tsa dipehelo tsa Molao
wa Palamente, o lokelang ho esa bonnete ba hore ho thonngwa, ho phahamiswa, ho tloswa
sebakeng se itseng ba iswa ho se seng, kapa ho lelekwa, kapa ho kgalemelwa ha batshwari bana,
ba tsa toka, ho etsahala ho se kgethollo kapa tshekisetso.
(8) Pele batshwari ba tsa mosebetsing ba lokela ho etsa kano kapa boitlamo, jwalo ka ha ho
boletswe Shejulung ya 2, hore ba tla boulella ba be ba sirelletse Molao wa motheo.
Baahlodi ba tshwereng mokobobo
175. (1) Mopresidente a ka thonya kenya mosadi kapa monna hore tshwarele mohlaodi wa
Lekgotla la Molao wa motheo, ha eba ho hlahile sekgeo kapa ha moahlodi a le siyo. Mohlaodi eo
a thonngwe ka keletso ya setho sa Khabinete, se ikarabellang ho tsa toka, sona se sebetsa ka
tumellano le Mookamedi wa Lekgotla la Molao wa motheo le Moahlodi e Moholo.
(2) Setho sa Khabinete se ikarabellang ho tsa tsamaiso ya toka se lokela thonya baahlodi ba
bang ba tshwereng mokobobo hore ba kene makgotleng a mang ka mora hoba a rerisane le
moahlodi e moholo wa lekgotla leo moahlodi ya tshwereng mokobobo a tlang ho sebetsa ho lona.
Dipehelo tsda mosebetsi le tefo
176. (1) Moahlodi wa Lekgotla la Molao wa motheo o thonngwa hore a tle a sebetse ka
dilemo tse 12, e leng nako e ke keng ya tsoselletswa, feela o lokela ho phomola mosebetsing ha
fihla dilemong tse 70.
(2) Baahlodi ba bang ba dula mosebetsing ho fihlela ba ntshwa tshebetsong tlasa taolo ya
Molao o tlasa taolo ta molao wa Palamente.
(3) Meputso, ditumello le dikuno tsa baahlodi, di ke ke tsa fokotswa.
Ho ntshuwa mosebetsing
177. (1) Moahlodi a ka ntshwa mosebetsing, ha feela-
(a) Khomishene ya Ditshebeletso tsa Toka e ka fumana hore moahlodi eo ke seqhwala; ho
hang ha sa na boiphihlelo kapa o fumanwe a le molato wa ketso e mpehadi; hape
(b) Seboka sa setjhaba sa Lekgotla le etsang molao se ka batla hore moahlodi a ntshwe
mosebetsing, ka qeto e tshehetswang ke dikarolo tse pedi ho tse tharo tsa ditho tsa sona.
(2) Mopresidente a tlose moahlodi mosebetsing ha ho amohetswe e laelang hore moahlodi a
tloswe.
(3) Mopresidente, ka keletso ya Khomishene ya Tshebeletso ya Molao, a ka kgaola moahlodi
mosebetsing eo e leng motsamaisi wa mosebetsi ho ya karolwana ya (1)
Khomishene ya ditshebeletso tsa toka
178. (1) Ho na le Khomishene ya Ditshebeletso tsa toka e bopilweng ka -
(a) Moahlodi e moholo eo e leng modulasetulo wa dikopano tsa Khomishene;
(b) Mookamedi wa Lekgotla la Molao wa motheo;
(c) Moahlodi e Moholo a le mong ya thontsweng ke Baahlodi Phahametseng ba bang;
(d) Setho sa Khabinete se ikarabellang ho tsa toka, kapa moemedi wa sona, ya thontsweng
ke setho seo sa Khabinete;
(e) Babuelli ba babedi, ba ntseng ba le mosebetsing ba thontsweng ke moifo wa babuelli hore
ba emele barupellwa ba babuelli kaofela, mme ba thontswe ke Mopresidente;
(f) Babuelli ba babedi, ba ntseng ba le mosebetsing ba thontsweng ke moifo wa babuelli hore
a emele barupellwa ba babuelli kaofela, mme ba thontswe ke Mopresidente.
(g) Morupelli a le mong, wa molao, ya thontsweng ke barupelli ba molao, Diyunivesiting tsa
Afrika Borwa;
(h) Batho ba tsheletseng bao Seboka sa Setjhaba sa Lekgotla le etsang molao se ikgethetseng
bona, hara ditho tsa sona, bao ho bona, bonyane, ba bararo e leng ditho tsa mekga ya kganyetsong
bao ho bona bonyane ba bararo e leng ditho tsa mekgwa ya kganyetso e teng Sebokeng.
(i) Baromuwa ba ho ya ho ile, ba bane bao mmoho ba kgethilweng ke Lekgotla la Setjhaba
la Diprovense, ka tshehetso ya dikgetho tsa diprovense tse tsheletseng bonyane;
(j) batho ba bane, ba thontsweng ke Mopresidente jwalo ka ha e le hlooho ya phethahatso
ya naha,haba a rerisane baetapele ba mekga e nang le ditho Sebokeng sa Lekgotla le etsang molao
la setjhaba; hape
(k) ha ho tadimanwe le merero e tobaneng e Lekala la Provense kapa la Tikoloho le lekgotla
le phahameng, Moahlodi ya Phahameng wa lekala leo le Tonakgolo, kapa moedi ya kgethilweng
Tonakgolo ya provense.
(2) Ha eba palo ya batho ba thontsweng moilong wa diadvokheiti kapa babuelli ba lekana le
palo ya dikgeo tse lokelang ho kwalwa ho ya ka dipehelo tsa karolwna ya (1) (c) kapa (f), e
lekana le palo ya dikgeo tse lokelang ho kwalwa, Mopresidente o lokela ho ba kenya dikgeong
tseo. Ha palo ya batho ba thontsweng e leta palo ya dikgeo tse lokelang ho kwalwa, Mopresidente
ha a se a rerisane le motho ya amehang,o lokela ho kwalwa dikgeo tse teng ka batho ba
thontsweng, a hlokometse hore ba kgethilweng ba emetse sebopeho sa mosebetsi ohle.
(3) Ditho tsa Khomishene tse thontsweng ke Lekgotla la Setjhaba la Diprovense di tla dula
tshebetsong ho fihlela ho kenngwa ba bang sebokeng sa bona mmoho, kapa ho fihlela sekgeo se
seng sa bona se buleha. Ditho tse ding tse thontsweng kapa tsa kgethelwa Khomishene ba sebetsa
ho fihlela ba tloswa ke bao ba ba thontseng kapa ba ba kgethileng.
(4) Matla le mesebetsi ya Khomishene ya Ditshebeletso tsa Toka ke tseo e di filweng ke
Molao wa motheo le Molao wa setjhaba.
(5) Khomishene ya Ditshebeletso tsa Toka e tla eletsa mmuso wa setjhaba mererong e
tobaneng le basebeletsi ba tsa toka le tsamaiso tsa tsa toka, empa ha e tshohla taba ele kapa ele
ntle ho ho thonngwa ha moahlodi,e ka kopana ntle ho ditho tse thontsweng tlasa dipehelo tsa
sabosekeshene ya (1) (h) le (i).
(6) Khomishene ya Ditshebeletso tsa Toka e ka ipehela tsamaiso tsa yona empa diqeto tsa
Khomishene di nkwe ka bongata ba ditho tsa yona
Bookamedi ba botjhutjhisi
179. (1) Rephaboliki yohle ho na le bolaodi bo le bong ba ho tjhutjhisa bo bopilweng ka
ditaolo tsa molao wa setjhaba, mme bo bopilwe ka
(a) Mookamedi wa Setjhaba wa Botjhutjhisi ,eo e leng hlooho ya balaodi ba batjhutjhisi, mme
o thonngwa ke Mopresidente jwalo ka hlooho ya phethahatso ya naha, le
(b) Baokamedi ba tsa Botjhutjhisi le batjhutjhisi jwalo ka ha molao wa setjhaba o bolela ka
Molao wa Palamente.
(2) Bookamedi ba batjhutjhisi sa na le matla a ho kganna diqoso tsa botlokotsebe ka lebitso
la puso le ho phethisa tsohle tse amanang le tsamaiso ya diqoso tsa botlokotsebe.
(3) Molao wa setjhaba o lokela ho netetatsa hore Baokamedi ba tsa Botjhutjhisi:
(a) ba na le mangolo a lokelang,hape
(b) ba ikarabella mererong ya ho tjhutjhisa dinyewe tse itseng ho hlokometswe dipehelo tsa
karolwaneng ya (5)
(4) Molaoketsuwa wa naha o lokela ho netefatsa hore bookamedi ba ho tjhutjhisa mosebetsi
wa bona ntle ho letswalo tshabo, kgethollo kapa leeme
(5) Mookamedi wa Setjhaba wa Botjhutjhisi o lokela ho -
(a) ha a se a dumellane le Letona a bile a se a rerisane le Baokamedi ba tsa Botjhutjhisi ho
qapa leano la ho tjhutjhisa le lokelang hore le hlomphuwe ha ho tjhutjhiswa.
(b) hore a lane ka ditataiso tsa leano tse ba lokelang ho ikokobeletsa tsona tsamaisong ho
tjhutjhisa
(c) ko kena tsamaisong ya ho tjhutjhisa ha ho sa ikamahanngwe le ditataiso tsa leano,hape
(d) a ka boela a lekodosisa qeto ya ho qosa kapa ho se qose ka mora ho rerisana le
Mookamedi wa tsa ho tjhutjhisa ya amehang hoba a lumane boipiletso bo hlahang ho ba amehang
ka nako e behilweng ke Mookamedi wa Setjahaba wa tsa Botjhutjhisi.
(i) Moqosuwa.
(ii) Moqosi.
(iii) Motho ofe kapa ofe kapa mokga ofe kapa ofe eo Mookamedi wa Setjhaba a nahanang
hore o tla tshwaneleha.
(6) Setho sa Khabinete se ikarabellang ho tsa toka se lokela ho nka boikarabelo ba ho qetela
tebang le bolaodi ba tsamaiso ya ho tjhutjhisa
(7) Merero yohle e meng e amang le bolaodi ba ho tjhutjhisa e lokela ho laolwa ke molao wa
setjhaba.
Ditaba tse ding tse amang taolo le toka
180. Merero e meng e mabapi le tsamaiso ya tsa toka, e sa hlahelleng Molaong motheo, e lokela
ho tsamaiswa ka molao wa setjhaba, ho kenyelletswa le -
(a) mananeo a thupello ya baokamedi ba tsa toka;
(b) mekga ya sebetsana le dipehelo ka balodi ba tsa toka;
(c) ho kenya letsoho ha batho ba bang ka ntle ho basebeletsi ba toka lekgotleng.
KGAOLO YA 9
Metheo ya puso e tshehetsang
PUSO YA SETJHABA KA SETJHABA ya melao wa motheo
Metheo le ditheo tse tataisang
181. (1) Metheo ena e latelang ya puso e matlafatsa demokrasi e tsamaiswang ka
Molaotheo mona Rephaboliking;
(a) Mosireletsi wa Setjhaba
(b) Khomishene ya Ditokelo tsa Botho
(c) Khishemene ya Kgothalletso le Tshireletso ya Ditokelo tsa Setso, Borapedi le Dipuo
(d) Khomishene ya Tekano ya Bong
(e) Mohlahlobi wa Ditokomane tsa Molao
(f) Khomishene ya Dikgetho
(2) Metheo ena e ikemetse,e laolwa feela ke Molao wa motheo le molao mme e lokela ho
hloka leeme hape e lokela ho phethisa mesebetsi ya yona le ho sebedisa matla a ona ntle ho
tshabo,kgethollo le leeme
(3) Makala a puso a lokela ho thusana le ho sireletsa metheo ena ka melao-ketswa le mekgwa
e meng ho netefatsa hore e ikemetse,ha ena tshekamelo,ena le seriti ebile e sebetsa ka katleho.
(4) Ho se be motho kapa la puso le itshohlometsang tshebetsong ya metheo ena.
(5) Metheo ena e ikarabella Palamenteng mme e lokela ho fana ka raporoto hang ka selemo
e hlahisang ka moo e sebeditseng.
Mosireletsi wa Setjhaba
Tshebetso ya mosireletsi wa setjhaba
182. (1) Mosireletsi wa Setjhaba o na le matla ana a laolwang ke molaoketswa wa naha
(a) ho phenya boitshwaro ketso efe kapa mererong ya puso kapa tsamaisong ya bohle eo ho
thweng ha e a tshwaneleha kapa eo ho belaelwang hore ha e a tshwaneleha kapa eo ho belaelwang
hore ha e a tshwaneleha kapa e ka hlahisang ho se tshwanekehe kapa tshekamelo lehlakoreng lefe
kapa lefe.
(b) ho etsa raporoto ka ketso eo; le
(c) mme a nke mehato e lokisang ketso eo.
(2) Mosireletsi wa Setjhaba o na le matla le ditshebeletso tse ding tseo a di newang ke molao
ketswa wa naha.
(3) Mosireletsi wa Setjhaba a ke ke a phenya diqeto lekgotla.
(4) Batho le baahi bohle ba na le tokelo ya ho fihlella Mosireletsi wa Setjhaba.
(5) Batho bohle ba na le tokelo ya ho fihlella raporoto efe kapa efe a entsweng ke Mosireletsi
wa Setjhaba ntle ha maemo a sa tlwaelehang jwalo ka ha a laolwa ke molao ketswa a bontsha hore
e be sephiri.
Nako ya tshebetso
183. Mosireletsi wa Setjhaba o tla dula mosebetsing nako ya dilemo tse supileng.
Khomishene ya ditshwanelo tsa Botho
Mesebetsi ya Khomishene ya Ditshwanelo tsa Botho
184. (1) Khomishene ya Ditshwanelo tsa Botho e lokela ho -
(a) kgothaletsa tlhompho ya ditshwanelo tsa botho le tlwaelo ya ditshwanelo tsa botho;
(b) ho kgothaletsa ho sireletswa, ntshetsopele le ho fihlellwa ha ditshwanelo tsa botho; le
(c) ho hlokomela le hlahloba ho phethahatswa ha ditshwanelo tsa botho Rephaboloking.
(2) Khomishene ya Ditshwanelo tsa Botho e na le matla, jwalo ka ha e laolwa ke lekgotla le
etsang molao la setjhaba, le tlamehile ho phetha mesebetsi ya lona, ho kenyeletswa le matla -
(a) a ho fuputsa le ho tlaleha ka ho phethwa ha ditshwanelo tsa botho;
(b) ho hlokomela ho boloka ho fetola ka tshwanelo moo ditshwanelo tsa botho di ileng tsa se
ke tsa phethiswa teng.
(c) ho tswela pele ka diphuputso; le
(d) ho ruta.
(3) Khomishene ya Ditshwanelo tsa Botho e lokela ho fumana tlhahisoleseding ho tswa
lekaleng la puso le amehang selemo le selemo mabapi le mehato e nkilweng hore ho phethiswe
ditokelo tse Biling ya Ditshwanelo tsa,matlo,bophelo bo botle,dijo,metsi,paballeho kahisanong le
thuto le tikoloho.
(4) Khomishene ya Ditshwanelo tsa Botho e na le matla a ekelletsang le mesebetsi e beilweng
ke Seboka sa Lekgotla la setjhaba le etsang molao.
Khomishene ya Ntshetsopele le Tshireletso ya Ditokelo tsa Setso, Bodumedi le Ditjhaba ka Dipuo
tse fapaneng
Ditshebetso tsa khomishene
185. (1) Khomishene ya Kgothaletso le Tshireletso ya Ditshwanelo tsa Setso, Bodumedi
le Dipuo tsa Morabe e na le sepheo sena sa bohlokwa -
(a) Ho kgothalletsa hlompho ya ditokelo tsa merabe tsa setso, bodumedi le dipuo.
(b) Ho kgothaletsa ho aha le ho hodisa kgotso, setswalle botho le mamello baahisaneng ba
setso, bodumedi le dipuo tse tshwanang tse thehilweng ka tekano, ho sa kgethollwe le ho
ikamahanya ka bolokolohi.
(c) Ho kgothalletsa ho thehwa,ka tlasa molaoketsuwa wa naha,ha lekgotla la setho le tse ding
molemong wa merabe e itseng.
(2) Ka taolo ya molao wa setjhaba,Khomishene e na le matla ao e a hlokang bakeng sa ho
lihlella sepheo sa yona mmoho le matla a ho lekola, ho fuputsa, ho batlisisa, ho ruta, ho nonya
maikutlo, ho eletsa le ho etsa diraporoto ke ditaba tse amang ditokelo tsa merabe ya setso,
bodumedi le dipuo tse tshwanang.
(3) Khomishene e ka etsa tlaleho ka eng kapa eng e amanang le matla le tshebetso ya yona
Khomisheneng ya Ditshwanelo tsa Botho hore yona e tle e e fuputse.
(4) Ka taolo ya molao wa setjhaba, Khomishene e nste e na le matla le mesebetsi e meng e
tlatselletsang.
Sebopeho sa khomishene
186. (1) Palo ya ditho tsa Khomishene ya Kgothaletso le Tshireletso ya Tekano ya Bong
e lokela ho kgothalletsa tlhokomelo ya tekano ya bong le ntshetsopele, tshireletso le phihlello ya
tekano ya bong.
(2) Sebopeho sa Khomishene se lokela ho -
(a) seemelwe ke baemedi bohle ba setso, tumelo le dipuo tsa Afrika Borwa; le
(b) ho emela bong ka bophara Afrika Borwa.
(3) Khomishene ya Tekano ya Bong e na le matla le ditshebetso tse ding tse laolwa ke molao
wa setjhaba.
Khomishene ya tekano ya bong
Disthebeletso tsa khomishene ya tekano ya bong
187. (1) Khomishene ya Tekano ya Bong e lokela ho kgothaletsa tlhokomelo ya tekano ya
bong le ntshetsopele,tshireletso le phihlello ya tekano ya bong
(2) Khomishene ya Tekano ya Bong e na le a hlokahalang hore e kgone ho phethisa mesebetsi
ya yona,ho kenyelletswa le matla a ho lekola,ho hlahlobisisa,ho ruta,ho susumelletsa,ho eletsa le
ho etsa diraporoto ka dintho tse amang tekano ya bong.Matla ana a laolwa ke molao wa setjhaba.
(3) Khomishene ya Tekano ya Bong e na le matla le ditshebetso tse ding tse laolwang ke
molao wa setjhaba.
Mohlahlobi Kakaretso
mesebetsi ya mohlahlobi Kakaretso
188. (1) Mohlahlobi wa dibuka tsa molao o lokela ho hlaola a be a etse raporoto ka melato,
ditatamente tsa ditjhelete le taolo ya tjhelete ya -
(a) mafapha ohle a puso ya naha le ya diprovense
(b) mebuso yohle ya metse, le
(c) lekala lefe kapa lefe leo motheo wa lona o sebetsang diakhaonto tse hlokwang ke
ketsamolao ya naha kapa profense hore e hlaolwe ke Mohlahlobi wa dibuka tsa molao.
(2) Ho ya ka mesebetsi e ekeditsweng jwalo ka ha e balletswe karolwaneng ya (1), mme e
ikamahantse ho ya ka molao o entsweng, Mohlahlobi-Kakaretso a ka hlahloba le ho tlaleha ka
melato, ditjhelete le taolo ya tjhelete ya -
(a) mokgatlo ofe kapa ofe o fuwang tjhelete ke Letlole la Matlotlo la Setjhaba kapa Letlole
la Matlotlo la Provense kapa ka masepala; kapa
(b) mokgatlo ofe kapa ofe o fuweng matla ho ya ka molao ofe kapa ofe wa ho amohela
tjhelete mabapi le ditabatabel tsa setjhaba.
(3) Mohlahlobi wa dibuka tsa molao o lokela ho hlaola a be a fane ka diraporoto Sebokeng
sa Lekgotla le etsang molao le balaodi ba bang ba angwang ke hlaolo jwalo ka ha molao ketsuwa
o bolela.Ditlaleho Sebokeng sa Lekgotla le etsang molao le balaodi ba bang ba angwang ke hlaolo
jwalo ka ha molao o bolela. Ditlaleho tsohle di likela ho phatlalatswa.
(4) Mohlahlodi Kakaretso o na le Matla a ekeditsweng le mesebetsi e balletsweng ke lekgotla
le etsang molao la setjhaba.
Nako ya tshebetso
189. Mohlahlobi wa dibuka tsa molao o dula mosebetsing nako ya dilemo tse hlano e sa
tsotsollotsweng e pakeng tsa dilemo tse hlano le tse leshome.
Khomishene ya Dikgetho
Mesebetsi ya Khomishene ya Kgetho
190. (1) Khomishene ya Dikgetho e lokela -
(a) ho laola dikgetho tsa diketsamolao tsa naha,provense le
(b) ho netefatsa di tsamaiso ka bolokolohi le ntle ho leeme; le
(c) ho phatlalatsa diphetho ka pelepele ka moo ho ka kgonahalang jwalo ka ho molao o
bolela.
(2) Khomishene ya Dikgetho e na le matla le ditshebetso tse ekelletsang tse bewang ke molao
wa setjhaba.
Sebopeho sa khomishene ya dikgetho
191. Khomishene ya Dikgetho e lokela ho botjwa ka batho ba bararo bonyane. Palo ya ditho
le nako ya tshebetso e lokelwa ho bewa ke molao wa setjhaba.
Bolaodi bo ikemetseng ba ho laola kgaso
Bolaodi ba kgaso
192. Molao wa setjhaba o lokela ho hloma bolaodi bo ikemetseng hore botle bo tsamaiso kgaso
molemong wa setjhaba le ho etsetsa hore ho be taka le hore ho hlahiswe mehopolo e pepeneneng
ya baahi ba Afrika Borwa.
Dipehelo tse akaretsang
Ho kenngwa mesebetsing
193. (1) Mosireletsi wa Setjhaba le ditho tsa Khomishene efe kapa efe e qapilweng ka
Kgaolo ena di lokela hore e be banna le bassadi bao e leng baahi ba Afrika Borwa,ba loketseng
ba bile ba tshwanela ho kenngwa maemong a itseng ba bile ba tshwaneleha ho ya ka molao wa
setjhaba.
(a) ba e leng Maafrika Borwa;
(b) ba loketse mosebetsi ebile ke batho ba tshepahalang ho ka sebetsa mosebetsi oo ba o
filweng; le
(c) ho sebetsa ho ya ka ditlhoko dife kapa dife tseo lekgotla le etsang molao la setjhaba le di
batlang.
(2) Ho hlokeha ha Khomishene e thehilweng ke Kgaolo ena ho totobatsa ka sebopeho sa
bophara ba morabe le bong ba Afrika Borwa bo lokela ho hopolwa ha ho hirwa ditho.
(3) Mohlahlobi wa dibuka tsa molao e lokela hore e be mosadi kapa monna eo e leng moahi
wa Afrika Borwa mme e be motho ya tshwanelehang le ya matla ho ka sebetsa phetha mosebetsi
oo. Tsebo e ikgethileng ya, kapa nakwana a sebebtsa ka, ho hlahloba dibuka tsa molao, ditjhelete
tsa mmuso le taolo ya setjhaba di nkelwe hloohong ha ho kgethwa Mohlahlobi wa Dibuka tsa
Molao
(4) Mopresidente, ka dikgothaletso tsa Seboka sa Setjhaba, a kgethe Mosireletsi wa Setjhaba,
Mohlahlobi wa Dibuka tsa Molao le ditho tsa -
(a) Khomishene ya Ditokelo tsa Botho;
(b) Khomishene ya Tekano ya Bong; le
(c) Khomishene ya Dikgetho.
(5) Seboka sa Setjhaba se lokela ho kgothaletsa batho ba -
(a) kgethilweng ke komiti ya Seboka ka ditho tse lekelekanang tsa mekga yohle e emetsweng
Sebokeng; le
(b) amohetsweng ke Seboka ka qeto e amohetsweng ka kgetho e tsheheditsweng -
(i) bonyane diphesente tse 60 tsa ditho tsa Seboka, ha eba dikgothaletso di ama ho kgethwa
ha Mosireletsi wa Setjhaba ka Mohlahlobi wa Dibuka tsa Molao; kapa
(ii) boholo ba ditho tsa Seboka , ha eba dikgothaletso tse amang dikgetho tsa ditho tsa
Khomishene.
(6) Ho kenya letsoho ha setjhaba dikgothaletsong ho ka ba teng jwalo ka ha ho nahannwe
karolong ya 59 (1)(a).
Ho ntshwa mosebetsing
194. (1) Mosireletsi wa Setjhaba, Mohlahlobi wa Dibuka tsa Molao kapa setho sa
Khomishene e theilweng tlasa Kgaolo ena se ka ntshwa mosebetsing feela ka baka la -
(a) boitshwaro bo bobe, boqhwala kapa ho se tsebe;
(b) phihlello ya boemo boo ka komiti ya Seboka sa Setjhaba; le
(c) kamohelo ya Palamente ya qeto e batlang hore motho eo a tloswe mosebetsing.
(2) Qeto ya Seboka sa Setjhaba e amang ho tloswa mosebetsing ha -
(a) Mosireletsi wa Setjhaba kapa Mohlahlobi wa Dibuka tsa Molao ho lokela ho amohelwa
ka kgetho e tshehetswang ya bonyane pedi tharong ya ditho tsa Seboka; kapa
(b) setho sa khomishene se lokela ho amohelwa ka tshehetso ya kgetho ya boholo ba ditho
tsa Seboka.
(3) Mopresidente -
(a) a ka emisa mosebetsi nakwana nakong efe kapa efe ka mora ho qala ha dipuisano tsa
komiti ya Seboka sa Setjhaba hore motho eo a tloswe; le
(b) ho tlosa motho mosebetsing ka mora hore Seboka se amohele qeto e ipiletsang hore
motho eo a tloswe.
KGAOLO YA 10
TAOLO YA SETJHABA
Melemo ya motheo le melao e laolang taolo ya setjhaba
195. (1) Taolo ya setjhaba e lokela ho laolwa ke melemo ya puso ya setjhaba ka setjhaba
le metheo e ngotsweng Molaong wa Motheo, ho kenyeletswa le tse latelang:
(a) Boemo bo phahameng ba boitshwaro bo lokileng tshebetsong, bo lokela ho kgothaletswa.
(b) Tshebetso e tswileng matsoho, ya moruo le e atlehileng e kgothaletswe.
(c) Taolo ya setjhaba e lokela ho ba ya ntshetsopele.
(d) Ditshebeletso di nehelanwe ntle ho kgethollo, ka toka, ka ho lekana ho sa uwe ka leeme.
(e) Ditlhoko tsa batho di boulellwe, mme setjhaba se kgothalletswe ho kenya letsoho haho
qatjwa leano.
(f) Taolo ya setjhaba e be le boikarabelo.
(g) Setjhaba se tsebiswe taba e nngwe le e nngwe ka nako, mme ba tsebe ho fihlella tsebise
eo e nepahetseng.
(h) Taolo ya ho sebedisa bokgoni ba batho le ditshebetso tsa ho ntshetsa pele mesebetsi, ho
hodisa bokgoni ba batho, e tlwaetswe batho.
(i) Taolo ya setjhaba e lokela ho emela batho bohle ba Afrika Borwa, ho mme ho fumana
mesebetsi le bolaodi di itshetlehe hodima bokgoni, nnete, ho se ye ka leeme, le ho lokisa ho se
lekane hwa mehleng e le ho fihlella boemedi bo batsi.
(2) Metheo e latelang e sebediswe ho -
(a) taolong ya makala ohle a mmuso;
(b) makaleng a mmuso; le
(c) dikgwebong tsa mmuso.
(3) Lekgotla le etsang molao le lokela ho hlokomedisisa ntshetsopele ya melemo le metheo
e ngotsweng karolwaneng ya (1).
(4) Ho kenngwa mosebetsing ha batho ba bangata taolong ya setjhaba ho ya ka leano ha ho
thibelwe, empa lekgotla le etsang molao la setjhaba le lokela ho laola ho fuwa mosebetsi
itshebeletsong tsasetjhaba.
(5) Lekgotla le etsang molao le laolang taolo ya setjhaba e ka hlahisa phapang mahareng a
mesebetsi, ditaolo kapa mekgatlo.
(6) Sebopeho le mesebetsi ya dikarolo tse fapaneng, ditaolo kapa le mekgatlo ya taolo ya
setjhaba ke dintlha tsa bohlokwa tse lokelang tadimisiswa ha ho etswa molao o laolang taolo ya
setjhaba.
Khomishene ya Ditshebeletso tsa Setjhaba
196. (1) Ho na le Khomishene ya Ditshebeletso tsa Setjhaba e le nngwe Rephaboliking ho
ntshetsa pele melemo le metheo ya taolo ya setjhaba ditshebeletsong tsa setjhaba.
(2) Khomishene e ikemetse ka boyaona mme e se ye ka leeme le hore e laolwe ke lekgotla le
etsang molao.
(3) Provense ka nngwe e ka ikgethela moemedi ya tlang ho thonyetswa ho ba Khomisheneng.
(4) Ditho tsa Khomishene tse kgethilweng ke diprovense di ka sebedisa matla mme tsa
phethisa mesebetsi ya Khomishene diprovenseng tsa bona, ho ya ka moo ho balletsweng ka teng
lekgotleng le etsang molao.
(a) ho ntshetsa pele melemo le metheo e ngotsweng karolong ya 195, mafapheng ohle a
tshebeletso ya setjhaba;
(b) ho fuputsa, ho hlokomela le ho hlahloba mokgatlo le taolo, le ditlwaelo tsa basebeletsi,
ya tshebeletso ya setjhaba.
(c) ho sisinya mehato e tla hlokomela ho phethwa ho atlehang le o hlwahlwa tshebeletsong
ya setjhaba;
(d) ho fana ka tataiso e ikemiseditseng hore ditsamaiso tsa basebeletsi tse mabapi le ho
thaotuwa, ho lebiswa mafapheng a mang, ho phahamiswa le ho tebelwa di tsamaelana le melemo
le ditheo tse ngotsweng karolong ya 195;
(e) ho tlaleha ho ya ka mesebetsi le diketso tsa tseo ba di etsang, ho kenyeletswa le phuputso
eo e ka e etsang le ditataiso le dikeletso tseo e ka fanang ka tsona, le ho fana ka hlahlobo ya e tla
bontsha boholo bo ka tsamaelanang le ditheo tse ngotsweng karolong ya 195; le
(f) mohlomong ho ya ka boyona kapa ka ho amohela tletlebo efe kapa efe -
(i) ho fuputsa le ho hlahloba ho sebediswa ha basebeletsi le ditlwaelo tsa taolo ya setjahaba,
le ho tlalehela bolaodi ba lekgotla la phethahatso le lekgotla le etsang molao;
(ii) ho fuputsa ditletlebo tsa basebeletsi tshebeletsong ya setjhaba mabapi le diketso tsa
basebeletsi ba molao le ditlohelo, le ho kgothaletsa dtokiso tse nepahetseng;
(iii) ho hlokomela le ho fuputsa ho tsamaelana le ditsamaiso tse ka sebediswang tshebeletsong
ya setjhaba; le
(iv) ho eletsa makala a setjhaba le a provense ya puso ka ditlwaelo tsa basebeletsi
tshebeletsong ya setjhaba, ho kenyeletswa le tseo tse tsamaelanang le ho thaotuwa, ho
fumantshwa mosebetsi, ho lebiswa sebakeng se seng, ho tebelwa mosebetsing le ditaba tse ding
tsa maikemeisetso a mosebetsi a basebeletsi tshebeletsong ya setjhaba.
(5) Khomishene e ikarabella Sebokeng sa Setjhaba.
(6) Khomishene e tlalehele bonyane hang ka selemo ho ya ka karolwana ya (4)(e) -
(a) Sebokeng sa Setjhaba; le
(b) ho ya ka msebetsi ya yona provenseng, ho lekgotla le etsang molao la provense eo.
(7) Khomishene e na le dikhomishenara tse 14 tse latelang mme di kgethilwe ke Mopresidente:
(a) Bakhomishenara ba babhlano ba amohetswe ke Seboka sa Setjhaba ho ya ka karolwana
ya (8)(a); le
(b) khomishenara a le mong wa provense ka nngwe a thontswe ke Tonakgolo wa provense
ho ya ka karolwana (8)(b).
(8) (a) Khomishenara ya kgethilweng ho ya ka karolwana ya (7)(a) e lokela ho -
(i) kgothaletswa ke komiti ya Seboka sa Setjhaba se nang le boemedi ba palohare ba ditho
tsa mekga yohle e emetsweng Sebokeng; le
(ii) amohelwa ke Seboka ka qeto e amohetsweng ka tshehetso ya kgetho ya bongata ba ditho
tsa yona.
(b) Khomishenara ya thontsweng ke Tonakgolo ya provense o lokela ho -
(i) kgothaletswa ke komiti ya lekgotla le etsang molao la provense le bopilweng ka ditho tsa
plaohare tsa mekga yohle e emetsweng lekgotleng le tetsang molao; le
(ii) amohelwa ke lekgotla le etsang molao ka qeto e amohetsweng ka tshehetso ya kgetho ya
bongata ba ditho tsa yona.
(9) Molao wa Palamente o lokela ho laola mokgwa wa tshebetso wa ho kgethwa ha
bokhomishenara.
(10) Khomishenara a kgethwe nako ya dilemo tse hlano, eo e ka ntjhafatswang ka nako e le
nngwe feela ya ho ba mosebetsing, mme e be mosadi kapa monna eo e leng -
(a) moahi wa Afrka Borwa; le
(b) motho ya kwenneng ya nang le tsebo ya, a sebeditse nako e telele, taolong, bolaoding kapa
ho fana ha ditshebeletso tsa setjhaba.
(11) Khomishenara a ka tebelwa mosebetsing ha -
(a) a itshwere hampe, ho holofala kapa ho hloleha mosebetsing;
(b) seo komiti ya Seboka sa Setjhaba e ka se fuputsang kapa mabapi le khomishenara ya
thontsweng ke lekgotla le etsang molao ke Tonakgolo ya provense, ka komiti ya lekgotla le
etsang molao la provense; le
(c) ho amohelwa ha Seboka kapa lekgotla le etsang molao la provense, la qeto ka tshehetso
ya kgetho ya bongata ba ditho ba batlang hore khomishenara a tloswe.
(12) Mopresidente a tebele khomishenara ya jwalo mosebetsing -
(a) ho amohelwa ke Seboka ka qeto e ipiletsang hore khomishenara ya jwalo a tebelwe; kapa
(b) tsebiso e ngotsweng ke Tonakgolo hore lekgotla le etsang molao la provense le amohetse
qeto e ipiletsang hore khomishenara a tebelwe.
(13) Bokhomishenara bao ho hhlalositsweng ka bona karolwaneng ya (7)(b) ba sebetsa ka moo
ba ratang le ho phetha mesebetsi ya Khomishenara diprovenseng tsa bona jwalo ka ha ho
hlalositswe molaong wa setjhaba.
Ditshebeletso tsa Setjhaba
197. (1) Taolong ya setjhaba ho na le ditshebeletso tsa setjhaba tsa Rephaboliki. tse
lokelang ho sebetsa, mme di hlohlomiswe ka tshwanelo, ho ya ka lekgotla le etsang molao, mme
le lokelang ho phethisa mano a mmuso o busang kajeno ka botshepehi.
(2) Mabaka le dipehelo tsa ho kenngwa mosebetsing ditshebeletsong tsa setjhaba di lokela ho
laolwa ka lekgotla le etsang molao. Basebetsi ba lokela ho fumana penshene e laolwang ke
lekgotla le etsang molao.
(3) Ho se be mosebeletsi wa ditshebeletsong tsa setjhaba ya tlang ho fumana menyetla e fetang
ya ba bang kapa ho belaelwa feela ka hobane a tshehetsa mokga o itseng wa dipolotiki.
(4) Mebuso ya provense e lokela ho tahota, ho fana ka mesebetsi, ho phahamisa batho
mebetsing, ho falliswa mosebetsing le ho tebelwa ha ditho tsa tshebeletso ya setjhaba mesebetsing
ya taolo moralong wa ho thswana le maemo a tshwanang a sebedisetswang setjhaba.
KGAOLO YA 11
DITSHEBELETSO TSA TSHIRELETSO
Metheo e laolang
198. Metheo e latelang e tsamaisong tshireletso mona Rephaboliking -
(a) Tshireletso naheng yohle e lokela ho paka maikemisetso a Maafrika Borwa ohle, ka bong
le ka kakaretso jwalo ka setjhaba, hore ba phele jwalo ka batho ba maemo a lekanang, ba phela
ka kgotso le kutlwano, ba se na tshabo, ba sa hloke, mme ba ipatlela bophelo bo lokileng.
(b) Ho nkuwe qeto ya ho phela ka kgotso le kutlwano ho thibela moahi e mong le emomng
wa Afrika Borwa ho ka lwana ntweng, setjhabeng kapa matjhabeng, ka ntle ha ho hlalositswe ho
ya ka Molao wa Motheo kapa molao wa setjhaba.
(c) Tshireletso ya setjhaba e taolong ya Palamente le lekgotleng la phethahatso ya setjhaba.
(d) Tshireletso ya setjhaba e ka tlasa bolaodi ba Palamente le lekgotla la phethahatso la
setjhaba.
Ho thehwa, sebopeho le taolo ya ditshebeletso tsa tshireletso tsa naha
199. (1) Ditshebeletso tsa tshireletso ya Rephaboliki di bopilwe ka makgotla a tshireletso
a ngatanngwe, tshireletso ya sepolesa e ngatanngwe mme ditshebeletso tsa sephiri tse thehilweng
ho ya ka dipehelo tsa Molao wa Motheo.
(2) Lekgotla la tshireletso ke lona feela lekgotla la mabotho a dumeletsweng ka molao
Rephaboliking.
(3) Ntle le ho ditshebeletso tsa tshireletso tse thehilweng ka dipehelo tsa Molao wa Motheo,
ho ka nna ha thehwa dihlopha tse ding tsa mekgatlo ya tshireletso kapa ditshebeletso tse ding ho
ya ka molao wa setjhaba.
(4) Ditshebeletso tsa tshireletso di lokela ho botjwa ho ya ka dipehelo tsa molao wa setjhaba
di be di laolwe ka ona.
(5) Ditshebeletso tsa tshireletso di lokela ho sebetsa mme di rute ditho tsa bona ho sebetsa ka
tataiso ya Molao wa Motheo le ha mmoho le se tlwaelehileng molaong wa matjhaba le ditumelano
tse entsweng le ditjhaba tse ding, tse tlamang Rephaboliki.
(6) Ho se be teng setho sa ditshebeletso tsa tshireletso se phethisang taelo eo ho leng
pepeneneng hore e fosahetse.
(7) Ditshebeletso tsa tshireletso kapa ditho tsa tsona ha di dumellwe ho tswellisa ditshebetso
tsa tsona ka mokgwa o:
(a) sitisang ditabatabelo tsa mokga o itseng wa sepolotiki ha tsona di dumellwa ke dipehelo
tsa Molao wa Motheo.
(b) ntshetsang pele ditabatabelo tsa sephiri tsa mokga wa sepolotiki.
(8) Ho fana ka tshebetso e bonahalang ditheong tsa ho sebeletsa pepeneneng le ka
boikarabelo, dikomiti tsa mekga e mengata ya palamente e lokela ho hlokomela ditshebeletso
tsohle tsa tshireletso ka tsela e laolwang ke lekgotla le etsang molao la setjhaba kapa melao le
dithswanelo tsa Palamente.
Boitshireletso
Makgotla a tshireletso
200. (1) Lebotho la tshireletso le lokela ho botjwa le ho tsamaiswa jwale ka lebotho la
bahlabani le mamelang molao le ditaelo.
(2) Sepheo sa Lebotho la Tshireletso ke hore le tshireletse le be hlokomele polokeho ya
Rephaboliki, paballo ya naha ya yona le batho ba yona ka moo dipehelo tsa molao wa matjhaba
a laolang tshebediso ya dikgoka ka teng.
Boikarabelo ba Sepolotiki
201. (1) Ho lokela ho be le setho sa Khabinete se ikarabellang mererong ya tshireletso.
(2) Moo mabotho a tshireletso a sebediswang ho thusana le sepolesa kapa ho sireletsa
Rephaboliki, Mopresidente o lokela ho tsebisa Palamente, ka nako e loketseng a bile a fana ka
dintlha tse loketseng, mabapi le:
(a) tshebedisano le tshebeletso ya sepolesa;
(b) ho sireletsa Rephaboliki; kapa
(c) ho phethisa ditshwanelo tsa matjhaba.
(3) Ha lebotho la tshireletso le sebedisetswa lebaka lefe kapa lefe le boletsweng karolwaneng
ya (2), Mopresidente o lokela ho tsebisa Palamente ka pele le ho fana ka dintlha tse felletseng, ka
-
(a) mabaka a ho sebediswa a lebotho la tshireletso;
(b) sebaka moo lebotho le tla sebediswa teng;
(c) ho tla sebediswa batho ba bakae; le
(d) nako eo lebotho le tla sebediswang ka yona.
(4) Ha eba Palamente e sa kopane matsatsing a supileng ka mora hore lebotho la tshireletso
le sebediswe jwalo ka ha ho hlalositswe karolwaneng ya (2), Mopresidente o lokela ho fana ka
tsebiso e hlokahalang ya karolwana ya (3) komiting e nepahetseng e hlokometseng.
Taolo ya mabotho a tshireletso
202. (1) Jwalo ka hlooho ya phethahatso ya naha, Mopresidente ke Molaodi e Moholo wa
Mabotho a Tshireletso mme o lokela ho thonya ofisiri e le nngwe kapa diofisiri tse fetang
bonngwe tse kgolo hore di laole mabotho a tshireletso.
(2) Taolo ya mabotho a tshireletso e tsamaiswe ka taolo ya setho sa Khabinete se ikarabelang
mererong ya ditshireletso
Nako ya maemo a tshireletso ya naha
203. (1) Mopresidente a ka phatlalatsa nako ya maemo a tshireletso naha, empa o lokela
ho tsebisa Palamente a bile a hlahisa dintlha ka botlalo:
(a) ka mabaka a kgweletsa eo
(b) sebaka seo ho sona ho sebediswang dikgoka
(c) le palo ya batho ba amehang
(2) Ha eba Palamente e sa kopana nakong eo ho hwelehetswang nako ya maemo a tshireletso
ya naha, Mopresidente o lokela ho bitsetsa Palamente kopanong e potlakileng pele ho feta
matsatsi a supileng ka mora kgweletso.
(3) Maemo a nako ya tshireletso ya naha a iphetela feela ntle le ha Palamente e ananela
kgweletso pele ho feta matsatsi a supileng.
Bongodi ba baahi tshirletsong
204. Ho lokela ho thehwe bongodi bo bopilweng ka baahi ka taolo ya molao wa naha o
laolwang ke setho sa Khabinete se ikarabelang mererong ya tshireletso, bo be bo phethise
ditshebetso tse ding tseo setho setho sa Khabinete se ikarabelang ho tsa tshireletso se ka bo
nehang tsona kapa ka taolo ya molao oo.
Sepolesa
Ditshebeletso tsa Sepolesa
205. (1) Ditshebeletso tsa sepolesa sa naha di lokela hore di ralwe ka mokgwa oo ka ona
di tlang ho sebetsa naheng yohle, diprovenseng, hape ha ho hlokahala, metseng.
(2) Molao wa setjhaba o lokela ho rala taba ya matla le ditshebetso tsa ditshebeletso tsa
sepolesa, o be o etse sepolesa se kgone ho phethisa boikarabello ba sona.
(3) Sepheo le maikemisetso a sepolesa ke ho thibela le ho fuputsa tlolo ya molao le
botlokotsebe, ho tsitsisa maemo hara baahi le hore se sireletse se be se ntlafatse paballeho baahi
bohle ba Rephaboliki le phahlo ya bona.
Boikarabelo ba sepolotiki
206. (1) Setho sa Khabinete se lokela ho ikarabela ho tsa sepolesa mme se qaqe leano la
naha la tsamaiso ya sepolesa, ha a se rerisane le mebuso ya diprovense a bile a hlokometse le
ditlhoko tsa diprovense.
(2) Leano la bopolesa la setjhaba le ka etsa pehelo e fapaneng ya maano ho ya ka ditlhoko tsa
diprovense tse fapaneng ka mora ho hore e nahane ka ditlhoko tsa bopolesa le dintlha tsa
bohlokwa tsa diprovnese tsena.
(3) Provense ka nngwe e tlamehile ho -
(a) hlokomela boitshwaro ba mapolesa;
(b) hlokomela mosebetsi o hlwahlwa wa tshebetso ya sepolesa, ho kenyeletswa le ho amohela
ditlaleho ka tshebeletso ya sepolesa;
(c) ntshetsa pele dikamano tse ntle mahareng a sepolesa le setjhaba;
(d) hlahloba ho atleha ha bopolesa bo bonahalang; le
(e) hokahanya le setho sa Khabinete se ikarabellang bopoleseng mabapi le bosenyi le bopolesa
provenseng.
(4) Phethahatso ya provense e ikarabella mesebetsing ya bopolesa;
(a) e behilwe ho yona ho ya ka Kgaolo ena;
(b) e filwe mosebetsi ona ho ya ka lekgotla le etsang molao la setjhaba; le
(c) ho abelwa yona leanong la setjhaba.
(5) Hore ho tle ho phethehe mesebetsi e ngotsweng Karolong ya (3), provense -
(a) e ka fuputsa, kapaya kgetha khomishene ya dipatliso ka ditletlebo dife kapa dife tsa ho se
sebetse hantle kapa ho hloka kamano mahareng a sepolesa le bopolesa.
(b) e lokela ho etsa dikgothaletso ho setho sa Khabinete ya ikarabellang bopoleseng.
(6) Ha a fumana tletlebo e tlisitsweng ke lekgotla la provense, mokgatlo wa ditletlebo wa
sepolesa o ikemetseng o thehilweng ke lekgotla le etsang molao le lokela ho fuputsa boitshwaro
bo bobe kapa molato o etswang ke setho sa tshebeletso ya sepolesa provenseng.
(7) Lekgotla le etsang molao la setjhaba le lokela ho fana ka moralo wa ho theha, wa matla,
wa mesebetsi le ho laolwa ha ditshebeletso tsa sepolesa sa masepala.
(8) Komiti e nang le setho sa Khabinete le ditho tsa Lekgotla la Phethahatso tse ikarabellang
ho hlokomela bopolesa e lokela ho thehwa ho hlokomela tshebedisano e matla mahareng a
mafapha a mmuso.
(9) Lekgotla le etsang molao la provense le ka nna la kopa khomishenara wa provense ho
hlaha ka pela lona kapa dikomiti dife kapa dife ho arabela dipotso.
Taolo ya tshebeletso ya sepolesa
207. (1) Mopresidente, e leng hlooho ya phethahatso ya naha o lokela ho thonya mosadi
kapa monna hore e be Mokhomishene wa Sepolesa sa Setjhaba ya tlang ho laola le ho tsamaisa
ditshebeletso tsa sepolesa.
(2) Mokhomishenara wa Sepolesa sa naha o lokela ho laola le ho tsamaisa ditshebeletso tsa
sepolesa ka ditataiso tsa setho sa Khabinete se ikarabelang mererong ya sepolesa.
(3) Mokhomishenara wa Sepolesa sa naha o lokela ho thonya mosadi kapa monna ho ba
mokhomishenara provenseng ka nngwe, ho ya ka taolo ya molao wa naha.
(4) Bakhomishenara ba diprovense ba ikarabela tsamaisong ya sepolesa
(a) jwale ka ha ho ngotswe molaong wa naha
(b) tlasa taolo ya Mokhomishenara wa Naha ya ho laola le ho tsamaisa ditshebelletso tsa
sepolesa ka dipehelo ts sabosekeshene ya (2).
(5) Khomishenara wa provense o lokela ho tlalehela lekgotla le etsang molao la provense
selemo se seng le se seng ka tsa bopolesa provenseng, mme a romele kgatiso ya tlaleho ho
Khomishenara ya Setjhaba.
(6) Ha eba khomishenara wa provense a se a sa tshetjwe ke lekgotla la phethahatso la
provense, lekgotla leo la phethahatso le lokela ho nka mehato ya ho tebela kapa ho fallisa kapa
ho diha kotlo mabapi le khomishenara eo ho ya ka molao wa lekgotla le etsang molao wa setjhaba.
Bongodi ba baahi sepoleseng
208. Bongodi ba baahi ba tshebeletso ya sepolesa bo lokela ho thehwa ke lekgotla le etsang
molao la setjhaba e le ho sebetsa ka tlasa tataiso ya setho sa Khabinete se ikarabellang ka tsa
bopolesa.
Dihlwedi
Ho thehwa ha taolo ya ditshebeletso tsa dihlwedi
209. (1) Ditshebeletso dife kapa dife tse ding tsa dihlwedi, ntle ho makala a ditlhwedi a
ditshebeletso tsa tshireletso le tsa sepolesa, di ka thehwa feela ke Mopresidente, jwale ka hlooho
ya phethahatso ya naha, le teng tlasa molao wa wa naha.
(2) Mopresidente jwalo ka hlooho ya lekgotla la phethahatso o lokela ho ho kgetha mosadi
kapa monna e le hlooho ya tshebeletso dihlwedi e thehilweng ho ya ka karolwana ya (1), mme o
lokela ho amohela mosebetsi wa bopolotiki ka ho laola le tataiso ya dithebeletso dife kapa dife,
kapa a romele setho sa khabinete ho ikarabella moo.
Matla, mesebetsi le tlhokomelo
210. Molao wa setjhaba o lokela ho laola sepheo ka ditshebeletso tsa dihlwedi, matla a tsona
le tshebetso, mmoho le tse tobaneng le ditshebeletso tsa ditlhwedi tsa tshireletso le sepolesa, o be
o lokisetse -
(a) ho sebdisana ha dithsebeletso tsohle tsa dihlwedi; le
(b) ho fuputsa baahi ka metsamao ya bona ka dithsebeletso tseo ka mohlahlobi ya kgethilweng
ke Mopresidente, e le hlooho ya lekgotla la phethahatso, mme ho amohetswe ka qeto e
amohetsweng Seboka sa Setjhaba ka tshehetso ya kgetho ya bongata ba bonyane pedi tharong ya
ditho tsa yona.
KGAOLO YA 12
MARENA
Kananelo
211. (1) Mokgatlo, maemo le mosebetsi wa borena, di a ananelwa ho ya ka molao wa setso,
ho itshetlehilwe Molaong wa Motheo.
(2) Bolaodi ba setso bo ananelang tsamaiso ya molao wa setso e ka nna ya sebetsa ho ya ka
molao ofe kapa ofe le melao ya setso e ka sebediswang, mme e kenyeletsa diphetoho ho, kapa ho
phumulwa ha, molao oo kapa melao ya setso.
(3) makgotla a ahlole ka molao wa seso moo ho loketseng teng, empa ho itshetlehilwe ka
Molao wa Motheo le molao ofe kapa ofe o sebetsanang le molao wa setso.
Mosebetsi wa marena
212. (1) Lekgotla le etsang molao la setjhaba le ka lokisetsa mosebetsi wa borena e le
mokgatlo wa selehae ditabeng tse amang setjhaba.
(2) Ho sebetsana le ditaba tse tsamaelanang le borena, mosebetsi wa marena, molao wa
setjhaba le meetlo ya setjhaba tse ananelang tsamaiso ya molao wa setso -
(a) lekgotla le etsang molao kapa la provense le nehelana ka ho hahuwa ha matlo a marena;
le
(b) lekgotla la molao la setjhaba le ka theha lekgotla la marena.
KGAOLO YA 13
DITJHELETE
Ditaba tsa ditjhelete tsa kakaretso
Matlole a kuno a setjhaba
213. (1) Ho na le Letlole la Kuno ya Setjhaba moo ditjhelete tsohle tse amohetsweng ke
mmuso wa setjhaba di lokelang ho leshwa, ka ntle ho tjhelete e ka tlamehang hore e se ke ya
kenyeletswa ho ya ka Molao wa Palamente.
(2) Ditjhelete di ka hulwa Letloleng la Kuno la Setjhaba ha feela -
(a) dipehelo tsa ditekanyetso tse entsweng ke Molao wa Palamente; kapa
(b) ha e le molato o jerweng ke Letlole la Kuno la Setjhaba, o dumeletsweng ke Molao wa
Motheo kapa Molao wa Palamente.
(3) Karolo ya tekatekano ya provense ya kuno e bokelleditsweng setjhabeng ka bophara ke
tefello e mabapi le Letlole la Kuno la Setjhaba.
Dikarolo tse tshwanelehang le dikabo tsa kuno
214. (1) Molao wa Palamente o lokela ho hlokomela -
(a) karolelano ka tshwanelo ya makgetho e bokeleditsweng naheng ka bophara, diprovenseng
le mebusong ya metse.
(b) karolo e tshwanelehang ya provense e tswang pokelletsong ya matlotlo ho ya
diprovenseng ka bonngwe, mmoho le
(c) le kabelo efe kapa efe e tswang karolong ya mmuso wa naha ya pokelletso le pehelo efe
kapa efe eo ka yona ho ka etswang dikabelo tsa mofuta oo.
(2) Molao o boletsweng karolwaneng ya (1) o ka fetiswa feela ha ho se ho buisanwe le
mebuso ya diprovense le ya metse, e hlophisitsweng, ho se ho akantswe ka dikeletso tsa
Khomishene ya Matlotlo le tlhokomelo ya matlotlo, mme ho akareletswa le -
(a) bohlokwa ba setjhaba;
(b) pehelo efe kapa efe e lokelang ho etswa mabapi le molato wa setjhaba le ditlamo tse ding
tsa setjhaba;
(c) ditlhoko le ditabatabelo tsa mmuso wa setjhaba tse laolwang ke dipehelo tse se nang
leeme;
(d) bohlokwa ba ho fana ka tiisetso ya hore diprovense le bomasepala ba tseba ho fana ka
ditshebeletso tsa bohlokwa ba be ba phethise mesebetsi eo ba e abetsweng;
(e) bokgoni ba diprovense le bomasepala ba ho hlokomela le ho sebedisa matlotlo ka
tshwanelo;
(f) ntshetsopele le ditlhoko tse ding tsa diprovense le bomasepala;
(g) ho se lekane ha moruo ka hara diprovense le ha di bapiswa le tse ding;
(h) ditlameho tsa diprovense le bomasepala tse behilweng ho ya ka molao wa setjhaba;
(i) tlhokahalo ya dikabo tse tsitsitseng le tse ka akanngwang ka nepo tsa pokello ya matlotlo.
(j) ho hlokeha ho fetofeto mabapi le qomatsi kapa ditlhoko tse ding, le mabaka a mang a
beilweng hodima diteko tsa maikemisetso a tshwanang.
Ditekanyetso tsa setjhaba , diprovense le bomasepala
215. (1) Ditekanyetso tsa setjhaba, provense le masepala le tsamaiso ya ditekanyetso di
sebeletswe pepeneneng, ho be le boikarabelo le taolo e atlehileng ya moruo, molato le msebetsi
eo e seng ya mmuso.
(2) Molao wa setjhaba o lokela ho etsa dipehelo bakeng sa -
(a) sebopeho sa ditekanyetso tsa setjhaba, diprovense le bomasepala;
(b) nako eo ka yona ditekanyetso tsa setjhaba le diprovense di tla tlalehuwang ka yona ka
teng; le
(c) hore ditekanyetso lefapheng ka leng di lokela ho bontsha mehlodi ya matlotlo le tsela eo
ka yona tekanyetso e nahannweng e tla tsamaelanang le molao wa setjhaba ka teng.
(3) Ditekanyetso lefapheng lefe kapa lefe la mmuso di lokela ho bontsha -
(a) dikakanyo tsa matlotlo le ditshenyehelo, di be di qaqise phapang mahareng a ditjhelete tse
hlophiseditsweng ho sebediswa le tse seng di sebediswa.
(b) ditshitshinyo tsa ho kwalwa ha kgaello eo ho nahanwang hore e ka ba e feng nakong eo
di e balletsweng, mmoho le
(c) sesupo sa maikemisetso msbspi le kadimo le mefuta e meng ya melato e jarisweng bohle
e tlang ho eketsa molato wa bohle selemong se hlahlamang.
Taolo ya matlotlo
216. (1) Molao wa setjhaba o lokela ho theha taolo ya matlotlo o be o behe mehato e tlang
ho bontsha bosiyo ba sephiri le taolo ya tshebediso ya matlotlo mererong yohle ya mmuso, ka ho
qapa -
(a) mokgwa o amohelehang ho bohle wa ho bolokwa ha dibuka;
(b) tlhophiso tse tshwanang tsa ditshenyehelo, mmoho le
(c) ditshebetso tse tshwanang tsa taolo ya matlotlo.
(2) Botshwari ba matlotlo a setjhaba, ha mmoho le setho sa Khabinete se ikarabellang
mererong ya matlotlo a setjhaba, bo ka thibela hofetiswa ha matlotlo lekaleng la mmuso feela ka
lebaka la ho tlolwa ha molao kapa ho se phethiswe ha dipehelo tse karolwaneng ya (1).
(3) Qeto ya ho thibela ho fetisetswa ha matlotlo provenseng e ka etswa feela ho ya ka
dipehelo tsa karolwana ya (2), le -
(a) e ke ke ya thibela matlotlo ho feta matsatsi a 120; le
(b) e ke ke ya sebediswa ka pelepele, empa e tla thisa ho boela morao ka ntle ha eba
Palamente e e dumela ho ya ka tsamaiso e tshwanang haholo le e thehilweng ho ya ka karolo ya
76(1) mme e balletswe ke melao e kopanetsweng le ditaelo tsa Palamente. Tsamaiso ena e lokela
ho qetwa matsatsing a 30 a qeto ya taolo ya matlotlo ya setjhaba.
(4) Palamente e ka nna ya tsoseletsa qeto ya ho thibela ho fetiswa ha matlotlo ka nako e sa
feteng matsatsi a 120 ka lekgatlo ka nako e le nngwe, ho latelwa tsamaiso e thehilweng
karolwaneng ya (3).
(5) Pele Palamente e ka ananela kapa ya tsoseletsa ho thibela ho fetiswa ha matlotlo ho ya
provenseng -
(a) Mohlahlobikakaretso o lokela ho tlalehela Palamente; kapa
(b) provense e lokela ho newa sebaka sa ho ikarabela ditabeng tsa bobare kgahlanong la yona,
le ho hlalosa maikutlo a yona, ka pela komiti.
Phumantsho ya thepa le ditshebeletso
217. (1) Ha makala a puso setjhabeng, makala a provense le a mmuso wa selehae, kapa
mekgatlo efe kapa efe e ka hlaloswang molaong wa setjhaba, ditlamo tsa thepa le ditshebeletso,
a lokela ho etsa jwalo ho ya ka tsamaiso e se nang leeme, e lekalekanang, e pepeneneng, e ka
emelang phehisano le e ka bolokang tjhelete.
(2) Karolwana ya (1) ha e thibele makala a puso kapa mekgatlo e boletsweng karolwaneng
eo ka ho phethisa phumantsho ya leano le fanang ka -
(a) mehato ya boikgethelo ha ho ajwa ditumellano; le
(b) tshireletso kapa ntshetsopele ya batho, kapa dihlopha tsa batho ba sitisiswang ke kgethollo
e yang ka leeme.
(3) Molao wa setjhaba o lokela ho rala tsamaiso eo ka yona leano le amohelwang
karolwaneng ya (2) le ka sebediswang ka teng.
Ditiisetso tsa mmuso
218. (1) Mmuso wa setjhaba, wa provense kapa masepala o ka etsa tiisetso ka se
adimilweng ka feela ha eba tiisetso eo e ikamahanya le mabaka tse ngotsweng molao wa setjhaba.
(2) Molao wa setjhaba o boletsweng karolwaneng ya (1) o ka fetiswa feela ka mora hore
dikgothaletso dife kapa dife tsa Khomishene ya Matlotlo le Taolo ya Matlotlo e nahanwe.
(3) Selemong se seng le se seng, mmuso o mong le o mong o lokela ho phatlalatsa tlaleho ya
ditiisetso tseo o faneng ka tsona.
Meputso ya batho ba sebelletsang setjhaba
219. (1) Molao wa Palamente o lokela ho etsa moralo oo ka ona ho lekanngwang -
(a) meputso, ditumello le ditshwanelo ho ditho tsa Lekgotla la Setjhaba la Diprovense,
baromuwa ba ka mehla ba Lekgotla la Setjhaba la Diprovense, ditho tsa Khabinete, Batlatsi ba
Matona, marena le ditho tsa makgotla afe kapa afe a marena; le
(b) maemo a hodimo a meputso, ditumello kapa ditshwanelo tsa ditho tsa makgotla a
diprovense, ditho tsa Makgotla a Phethahatso le ditho tsa Makgotla a Bomasepala ba mehato e
fapaneng.
(2) Molao wa setjhaba o lokela ho theha khomishene e ikemetseng ya ho etsa dikgothaletso
ka meputso, ditumello le ditshwanelo tse boletsweng ho karolwaneng ya (1).
(3) Palamente e ka fetisa molao o boletsweng ho karolwaneng ya (1) ha feela ho se ho
nahannwe ka dikgothaletso dife kapa dife tsa khomishene e thehilweng ka dipehelo tsa karolwana
ya (2).
(4) lekgotla la phethahatso la setjhaba, la phethahatso la provense, masepala kapa bolaodi bofe
kapa bofe bo amehang bo ka sebedisa molao wa setjhaba o boletsweng karolwaneng ya (1) ka
mora ho ho nahan ka dikgothaletso tsa khomishene tse thehilweng ho ya ka karolwana ya (2).
(5) Molao wa setjhaba o lokela ho etsa moralo wa ho beha meputso, ditumello le ditshwanelo
tsa baahlodi , Motjhotjhisi le Mohlahlobikakaretso, le ditho tsa khomishene efe kapa efe e
thehilweng ka taelo ya Molao wa Motheo, ho kenyeletswa le bolaodi ba kgaso bo boletsweng
karolong ya 192.
Khomishene ya matlotlo le taolo ya matlotlo
Ho thehwa le tshebetso
220. (1) Ho na le Khomishene ya Ditjhelete le ya taolo ya Matlotlo a Rephaboliki e etsang
dikgothaletso le lebeletsweng Kgaolong ena, kapa molaong wa setjhaba,Palamenteng, makgotla
a provense le bolaodi bo laolwang ke lekgotla la setjhaba.
(2) Khomishene e ikemetse mme e laolwa feela ke Molao wa Motheo le molao mme e lokela
ho se nke lehlakore.
(3) Khomishene e lokela ho sebetsa ka Molao wa Palamente, mme sebetse mesebetsi ya yona,
e lokela ho tadimisisa dintlha tsohle ha mmoho le tse ngotsweng karolong ya 214(2).
Ho thonngwa ha ditho le nako ya tsona tshebetsong
221. (1) Khomishene e bopilwe ka basadi le banna ba latelang ba thontsweng ke
Mopresidente jwalo ka hlooho ya lekgotla la phethahatso la setjhaba.
(a) modulasetulo le motlatsi wa modulasetulo bao e leng ditho tse felletseng;
(b) batho ba robong bao e mong le e mong wa bona a thontsweng ke Lekgotla la Phethahatso
la provense, mme provense ka nngwe e thonya motho a le mong feela;
(c) batho ba babedi ba thontsweng ke mmuso wa selehae o hlophisitsweng ho ya ka karolo
ya 163; le
(d) batho ba bang ba robong.
(2) Ditho tsa Khomishene di lokela ho ba le tsebo e batsi.
(3) Ditho di sebetsa nako e thehilweng ho ya ka molao wa setjhaba. Mopresidente a ka nna
a tlosa setho ofising ka lebaka la boitshwaro bo bobe, ho holofala le ho hloleha ho sebetsa.
Ditlaleho
222. Khomishene e lokela ho tlaleha ka mehla Palamenteng le makgotleng a etsang molao a
provense.
Banka ya Bohareng
Motheo
223. Banka ya Sesui ya Afrika Borwa ke banka ya bohareng ya Rephaboliki mme e laolwa ke
Molao wa Palamente.
Sepheo sa motheo
224. (1) Sepheo sa motheo sa Banka ya Sesui ya Afrika Borwa ke ho sireletsa matla
thekong ya tjhelete molemong wa kgolo ya moruo o tsitsitseng mme o hola Rephaboliking.
(2) Banka ya Sesui ya Afrika Borwa, ka ho leka ho fihlella sepheo sa yona, e lokela ho lokela
ho phetha msebetsi ya yona ka ntle ho tshabo ya letho, e sa sebetse ka leeme kapa ho nahanela,
empa ho be le puisano ya ka mehla mahareng a ditho tsa Banka le Khabinete tse ikarabellang
ditabeng tsa ditjhelete tsa setjhaba.
Matla le mesebetsi
225. Matla le mesebetsi ya Banka ya Sesui ya Afrika Borwa ke eo ka tlwaelo e etswang ke
dibanka tse bohareng, mme mtla ao a lokela ho laolwa ke ke Molao wa Palamente mme di etswe
di be di phethwe ho ya ka mabaka a balletsweng ho ya ka Molao oo.
Ditaba tsa Matlotlo a Selehae le a Provense
Matlole a Matlotlo a makgetho a Diprovense
226. (1) Ho na le Mokotla wa Matlotlo a Makgetho a provense ka nngwe oo ho
bokellwang ho ona ditjhelete tsohle tse beilweng ke Molao wa Palamente mme di amohelwa ke
mmuso wa provense.
(2) Tjhelete e ka ntshwa Mokotleng wa Matlotlo a Makgetho a Provense, feela
(a) dipehelo tsa ditekanyetso ka molao wa provense; kapa
(b) ha e le molao o tobaneng le Mokotla wa Matlotlo a Makgetho a Provense, o dumellwang
ke Molao wa Motheo kapa molao wa provense.
(3) Matlotlo a Makgetho a abetsweng mmuso wa motse provenseng eo ho ya ka dipehelo tsa
karolo ya 214(1), ke molao o tobaneng le Mokotla wa Matlotlo wa provense eo.
Mehlodi ya setjhaba ya matlole a provense le mmuso wa selehae
227. (1) Mebuso ya Metse le provense ka nngwe -
(a) e lokelwa ke karolo e sa lekalekanang ya lekgetho le bokelleditsweng setjhabeng ka
bophara hore e tle e tsebe ho fana ka dithebeletso tsa bohlokwa le ho etsa mesebetsi eo e e
abetsweng; le
(b) ho amohela dikabo tse tswang matlotlong a mmuso wa setjhaba, ka tlasa mabaka aitseng
kapa a se teng.
(2) Matlotlo a mang ao diprovense kapa bomasepala ba a bokelleditseng ho tswa karolong
ya bona ya matlotlo a bokelleditsweng setjhabeng ka bophara, kapa a tswa dikabelong tse itseng
tseo ba fumaneng ho hong matlotlong a mmuso wa setjhaba. Ka ho lekana, ha ho tlamo efe kapa
efe mmusong wa setjhaba ho lefella diprovense kapa bomasepala ba sa bokelleng letlotlo ho ya
ka matla a lekgetho la bona le ka matla a ho lefisa.
(3) Kabelo ya provense ya matlotlo a fumanwang setjhabeng ka bophara e lokela ho lebiswa
provenseng eo ka pelepele, ho sa fokotswa letho, ka ntle ha eba phethiso eo e thibetswe ho ya ka
karolo ya 216.
(4) Provense e lokela ho ikgwantlella mehlodi efe kapa efe eo e ehlokang, ho ya ka dipehelo
tsa Molao wa Motheo wa provense eo, e ekelletsang ditlhoko tsa yona tseo Molao wa Motheo
ona o di hopotseng.
Makgetho a Diprovense
228. (1) Lekgotla le etsang molao la provense le ka lefisa -
(a) makgetho, ditefello le makgetho a mang, lekgetho la keketso thekong, lekgetho la theko,
makgetho a matlo le thepa; le
(b) ditefiso ka tekano hodima mehlodi ya makgetho bakeng sa lekgetho, tefello kapa tlamo
e behilweng ke molao wa naha, ntle ho mehlodi ya makgetlo a dikgwebo tse kopanetsweng a
kuno, lekgetho le eketsang boleng kapa ditlameho tsa thepa e romelwang.
(2) Matla a lekgotla le etsang molao la provense a hore le lefise makgetho, ditefello, ditlamo
le ditefiso -
(a) a ke ke a sebediswa ka mokgwa o ka holofatsang maano a naha moruong, merero ya
moruo pakeng tsa diprovense kapa tsamaiso ya thepa, ditshebeletso, mekotla ya kgwebo kapa ya
basebetsi naheng ka bophara, hape
(b) a laolwe ho ya ka Molao wa Palamente, o ka phethwang feela ka mora dikgothaletso dife
kapa dife tsa Khomishene ya Ditjhelete le Matla a lekgetho ha di se di nahannwe.
Ditefello le makgetho a masepala
229. (1) Ho ya ka karolwana ya (2), (3) le (4), masepala a ka lefisa-
(a) ditefello tsa matlo le keketso ditefellong mabapi le ditshebeletso tse entsweng kapa tse
etsedistweng masepala; le
(b) ha eba di dumelletswe ke molao wa setjhaba, makgetho a mang, ditefello le makgetho a
thepa tse tshwanelang mmuso wa selehae kapa mohatong wa mmuso wa selehae oo masepala eo
a leng ka tlasa hae, empa ho se masepala ya ka lefisang lekgetho, lekgetho la thekiso, lekgetho
le kenyeleditsweng la theko le lekgetho la thepa.
(2) Matla a masepala a ho lefisa ditefello tsa matlo, ditefello tse ekeditsweng ho tse lefilweng
mabapi le ditshebeletso tseo ho fanweng ka tsona kapa tse etseditsweng masepala, kapa makgetho
a mang, ditefello kapa makgetho a thepa -
(a) a ke ke a phethwa ka tsela e tla tshwaetsa monahano o mobe mabapi le thepa le ho se
utlwahale ha maano a moruo a setjhaba, ditshebetso tsa moruo ho haola le meedi ya masepala,
kapa ho tsamaiswa ha thepa, ditshebeletso, tjhelete kapa mosebetsi wa setjhaba; le
(b) a ka laolwa ke molao wa setjhaba.
(3) Ha bomasepala ba babedi ba na le matla a ho lefisa makgatho mmoho le mesebetsi ho ya
ka sebaka se le seng, karolo e loketseng ya matla ao le mesebetsi eo e lokela ho etswa ho ya ka
molao wa setjhaba. Karolo e ka etswa ka morao ho hore feela ho nkuwe tsamaiso e latelang;
(a) tlhoko ya hore ho dumellanwe le metheo e utlwahalang ya lekgetho.
(b) matla le mesebetsi e phethwang ke masepela ka mong.
(c) matla a ho batla lekgetho a masepala ka mong.
(d) ho sebetsa ka ho atleha le ka bokgoni ba ho fumana makgetho, ditefello le ditefo tsa thepa.
(e) tekatekano.
(4) Ha ho letho karolong ena le sa kenyeletseng ho arolelana ha makgetho ho ya ka karolo
ena mahareng a bomasepala ba nang le matla a ho fumana lekgetho le mesebetsi sebakeng se le
seng.
(5) Molao wa setjhaba o lebeletsweng karolong ena o ka phethiswa feela ka mora mmuso wa
selehae o hlophisitsweng le Khomishene ya Ditjhelete le ya Lekgetho ha ho se ho builwe le tsona,
mme dikgothaletso dife kapa dife tsa Khomishene di se di nahannwe.
Dikadimo tse etswang ke Diprovense le Bomasepala
230. (1) Provense le masepala di ka adima tjhelete bakeng sa ho ba le mokotla wa kgwebo,
kapa ditshenyehelo tse tswellang ho ya ka dipehele tsa molao wa naha, empa dikadimo tsa ho feta
ditshenyehelo tse tswellang
(a) di ka etswa feela ha di hlokahala bakeng sa ho tswelllisa mosebetsi nakong ya selemo seo
sa ditjhelete, hape
(b) di lokela ho etswa nakong ya kgwedi tse leshome le metso e mmedi
(2) Molao o bolelwang sabosekesheneng ya (1) o ka fetiswa feela ha ho se ho tshohlilwe
dikeletso tsohle tsa Khomishene ya Matlotlo le Makgetho.
KGAOLO YA 14
DIPEHELO TSE AKARETSANG
molao wa matjhaba
Ditumellano tsa matjhaba
231. (1) Ho tshohlwa le ho saenelwa ha ditumellano tsa matjhaba ke boikarabelo ba
phethahatso ya naha.
(2) Tumellano ya matjhaba e tlama Rephaboliki ha feela e se e ananetswe ke Seboka sa
Setjhaba se etsang molao le Lekgotla la Diprovense tsa Setjhaba ka ho etsa tlamo. Ntle le ha e le
ditumellano ya mofuta o bolelwang karolwaneng ya (3)
(3) Tumellano ya matjhaba ya mofuta wa setekgeniki, tsamaiso kapa phethahatso ya tlhaho,
kapa tumellano e sa hlokeng kananelo kapa kamohelo, e entsweng ke phethahatso ya naha e tlama
Rephaboliki ntle le hore e ananelwe ke Seboka sa Setjhaba le Lekgotla la Diprovense empa e
lokela ho hlahiswa Sebokeng sa Setjhaba se etsang molao le Lekgotleng la Diprovense nako e sa
le teng.
(4) Tumellano efe kapa efe ya matjhaba e fetoha molao wa Rephaboliki ha e se e fetisitswe
jwale ka molao wa setjhaba, empa pehelo e iphethahatsang ya tumellano e seng e ananetswe ke
Palamente ke molao Rephaboliking, ntle ha e le kgahlanong le Molao wa Motheo kapa molao o
etswang wa Palamente.
(5) Rephaboliki e tlangwa ke ditumellano tse neng di tlama Rephaboliki pele nakong eo Molao
wa Motheo ona o kenang tshebetsong,le Molao wa Matjhaba o tlwaelehileng.
Molao wa moetlo wa matjhaba
232. Molao wa matjhaba o tlwaelehileng ke molao Rephaboliking ntle le ho o sa dumellane le
Molao wa Motheo kapa molao o etswang wa Palamente.
Tshebediso ya Molao wa Matjhaba
233. Ha ho fetolelwa molao ofe kapa ofe, lekgotla la dinyewe le leng le le leng le lokela ho
kgathalla phetolelo e utlwahalang e tsamaelanang le molao wa matjhaba ho na le phetolelo e
nngwe e tsamaelanng le molao wa matjhaba.
Merero e meng
Dibili tsa ditokelo
234. Ho matlafatsa tlwaelo ya puso ya setjhaba ka setjhaba e thehilweng ke Molao wa Motheo,
Palamente e ka amohela Dibili tsa Ditokelo le dipehelo tsa Molao wa Motheo.
Boipopo
235. Tokelo ya batho ba Afrika ka kakaretso ya ho ipopa, jwalo ka ha ho hlalositswe Molaong
wa Motheo, ha e kgetholle, ho ya ka mmeedi ya tokelo, ho amohela monahano wa tokelo ya
boipopo ha setjhaba sefe kapa sefe se phelang ka setso se tshwanang le puo e tshwanang,
sebakeng se le seng Rephabiliking kapa ka tsela efe kapa efe, mme ho laolwa ke molao wa
setjhaba.
Ho tshehetswa mekga ya dipolotiki ka tjhelete
236. Hore demokrasi ka mekga e mengata e tle e tswelle, molao wa setjhaba o lokela ho thusa
ka ditjhelete mekga ya sepolotiki e sebetsang mmoho makgotleng a molao a setjhaba le provense,
ka mokgwa o sa tshwanang le wa tekatekano.
Ho phethwa ha ditshwanelo ka tshebetso e matla
237. Ditshwanelo tsohle tsa molao wa motheo di lokela ho phethwa ka matla le ka ntle ho
tieho.
Boetsetsi le boromuwa
238. Lekala la phethahatso la mmuso la lefapha lefe kapa lefe le ka -
(a) romela bolaodi bofe kapa bofe kapa mosebetsi o tla mehang ho phethwa kapa ho etswa
ho ya ka dipehelo tsa molao wa lekala lefe kapa lefe la puso, ka ntle ha eba boromuwa bo tsepame
le molao ho ya ka bolaodi bo ka phethwang kapa mosebetsi o entswe, kapa
(b) phethisa bolaodi bofe kapa bofe kapa mosebtsi ofe kapa ofe mabapi le lekala la
phethahatso la puso ka boetsetsi kapa boromuwa.
Ditlhaloso
239. Molaong wa Motheo, ka ntle ha eba tshebediso e bontsha ka mokgwa o mong, "
molao wa setjhaba" o hlalosa: -
(a) molao o monyanyane o entsweng ho ya ka dipehelo tsa Molao wa Palamente; le
(b) molao o neg o sebediswa ha Molao wa Motheo o sebetsa mme o laolwa ke mmuso wa
setjhaba;
"lekala la puso" le bolela -
(a) lefapha lefe kapa lefe la puso kapa la taolo setjhabeng, provenseng kapa mmusong wa
lefapha la selehae; kapa
(b) mosebetsi ofe kapa ofe kapa mokgatlo -
(i) ho phetha matla kapa ho etsa mosebetsi ho ya ka Molao wa Motheo kapa molao wa
motheo wa provense; kapa
(ii) ho phetha matla a setjhaba kapa ho phetha mosebetsi wa setjhaba ho ya ka dipehelo tsa
molao o mong le o mong, empa e sa kenyeletse lekgolta la dinyewe kapa mosebeletsi wa molao;
"
molao wa provense" o hlalosa -
(a) molao o monyenyane o entsweng ho ya ka dipehelo tsa Molao wa provense; le
(b) molao o neng o sebediswa ha Molao wa Motheo o sebetsa mme o laolwa ke taolo ke
mmuso wa provense.
Ho se tshwane ha ditemana tse fapaneng
240. Moo ho nang le ho se tshwane mahareng a ditemana tsa Molao wa Motheo, temana ya
Senyesemane e tla amohelwa e nepahetse.
Ditlhophiso tsa phetoho
241. Shejulu ya 6 e sebetsa ho fetoheng molaong wa motheo o motjha o thehilweng ke Molao
ona wa Motheo, le taba e ka itlhahelang feela phetohong eo.
Ho hlakolwa ha melao
242. Melao e boletsweng Shejulung ya 7 e phumutswe, ho ya ka karolo ya 243 le Shejulu ya
6.
Sehlooho se sekgutshwanyane le ho qala
243. (1) Molao ona o bitswa Molao wa Motheo wa Afrika Borwa wa 1996, mme o tla
sebetsa ka pelenyana feela mohla letsatsi le beilweng ke Mopresidente ka kgoeletso, mme e ke ke
ya eba pele ho mohla 1 Phupu 1997.
(2) Mopresidente a ka beha matsatsi a fapaneng pele ho mohla o boletsweng karolwaneng ya
(1) ho ya ka dipehelo tse fapaneng tsa Molao wa Motheo.
(3) Ka ntle ha eba dikahare di hlalosa ka tsela e nngwe, tlhaloso pehelong ya Molao wa
Motheo ho fihlela ha Molao wa Motheo o sebediswa o nkuwe o bolela nako eo pehelo eo e
sebedisitsweng ka yona.
(4) Ha eba ho behilwe letsatsi le selel mabapi le pehelo e itseng ya Molao wa Motheo ho ya
ka karolwana ya (2), pehelo efe kapa efe e tshwanang le ya Molao wa Moteho wa Rephaboliki
ya Afrika Borwa ya 1993 (Molao wa 200 wa 1993), o boletsweng kgoeletsong, o phumutswe ho
tloha ka letsatsi le tshwanang le leo.
(5) Dikarolo tsa 213, 214, 215, 216, 218, 226, 227, 228, 229, le 230 di sebediswa ka
1Pherekgong 1998, mme hona ha ho kgetholle ho phethwa ho ya ka dipehelo tsa Molao wa
Motheo wa molao o lebeletsweng ho dipehelo tseo pele ho letsatsi leo. Pele ho letstsi leo dipehelo
tse tshwanang le tsa sewelo tsa Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa wa 1993, o
tla nne o sebetse.
SHEJULU YA 1
Folakga ya Naha
(1) Folakga ya naha e motopo o kgutlonnetsepa; mme e bolelele bo fetang bophara ka halofo.
(2) E ntsho, ka mmala wa kgauta; e tala; e tshweu; bofubedi ba tjhilisi le botala ba lehodimo.
(3) E na le motako o motala wa sebopeho sa tlhaku ya Y, oo bophara ba ona bo nkang karolo
ya bonngwe bohlanong. Mela e hare ya motako e qala hodimo le tlase ditlheng haufi le palo ya
folakga, mme e teane bohareng ba moeding o se nang letho.
(4) Motako o motala o dikilwe ka hodimo le ka tlase ke bosweu, mme ho leba nqeng ya palo
ya folakga, ke wa kgauta. Mebala ena e dikile nngwe leshomeng le metso e mehlanong ka bophara
ba folakga.
(5) Kgutlotharo e haufi le palo ya folakga e ntsho.
(6) Motako o ka hodimo o tshekaletseng o bofubedu ba tjhilisi, mme bo ka tlase bo botala ba
lehodimo. Metako ena e na le bophara ba bonngwe borarong jwalo ka ba folakga.
SHEJULU YA 2
DIKANO LE BOITLAMO BA PRESIDENTE LE
Motshwaramokobobo wa Mopresidente
1. Mopresidente kapa Motshwaramokobobo wa Mopresidente, o lokela ho ikana/itlama ka
mokgwa ona ka pela Mopresidente wa Lekgotla la Molao wa Motheo:
Pontsheng ya bohle ba bokaneng mona, ke bile ke elelwa ka botlalo boikarabelo boo ke
bo amohelang ba maemo a hodimo NNA ke kenang tshebetsong ke le
Mopresidente/Moprtesidente wa mokobobo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa NNA, A.B. ke a
ikana ka boitlamo bo se nang qeaqeo hore ke tla tshepahala Rephaboliking ya Afrika Borwa, mme
ke tla ikokobetsa, ke mamele, le ho phethisa le ho boloka Molao wa Motheo le melao yohle e
meng ya ho phethisa le ho boloka Molao wa Motheo le melao yohle e meng ya Rephaboliki; ke
ikana le ho tshepisa ka matla hore ke tla etsa ka mehla -
* ho kgothaletsa se tlang ho atla; mme ke be kgahlanong le sohle se ka senyang Rephaboliki;
* ho sireletsa le ho kgothaletsa ditokelo tsa Maafrika Borwa ohle;
* ho phetha mesebetsi ya ka ka matla ohle a ka le dineo tsohle tsa ka ka tsebo yohle ya ka
le bokgoni bohle ba ka ke ntse ka laolwa ke letswalo la ka;
* ho phethisa toka ho bohle; mme
* ke inehela bophelong bo botle ba Rephaboliki le batho bohle ba yona.
(Mabapi le kano : Modimo nthuse.)
Boikano kapa boitlamo ba Motlatsi wa Mopresidente
2. Motlatsi wa Mopresidente o lokela ho ikana/itlama ka mokgwa ona ka pela Mopresidente
wa Lekgotla la Molao wa Motheo;
Pontsheng ya bohle ba bokaneng mona, ke bile ke elellwa ka botlalo boikarabelo boo ke
bo amohelang ba maemo hodimo NNA ke kena tshebetsong ke le Motlatsi wa Mopresidente wa
Rephaboliki ya Afrika Borwa, ke tla NNA A.B. ke a ikana ka boitlamo bo se nang qeqqeo hore
ke tla tshepahala ho Rephaboliking ya Afrka Borwa, mme ke tla ikokobetsa, ke mamele, le ho
phethisa le ho boloka Molao Motheo le melao yohle e meng ya Rephaboliki, ke ikana le ho
tshepisa ka matla ho etsa ka mehla -
* ho ntshetsa pele tsohle tse tla tswellisa pele Rephaboliki, mme ke be kgahlanong le tsohle
tse ka e beang mathateng.
* ke be moeletsi wa nnete le ya tshepahalang;
* ho sebetsa ka matla ohle a ka le ditalente ka tsebo ya ka yohle le boiphihlelo le ho
tshepehala;
* ho phethahatsa toka ho bohle;
* ho itella bophelo bo botle ba Afrika Borwa le batho bohle ba yona.
(Mabapi le kano: Modimo nthuse.)
Boikano kapa boitlamo ba Matona le Batlatsi ba Matona
3. Letona le Motlatsi wa Letona, o tlameha ho ikana/itlama tjena ka pela Mopresidente wa
Lekgotla la Molao wa Motheo kapa moahlodi e mong ya thontsweng ke Mopresidente wa
Lekgotla la Molao wa Motheo;
NNA, A.B. je ikana/itlama hore ke tla tshepahala Rephaboliking ya Afrika Borwa mme
ke tla ikokobeletsa, hohlompha le ho phethisa Molao wa Motheo le melao e meng ya Rephaboliki;
ke ke itlama ho phethisa mosebetsi jwalo ka Letona/Motlatsi wa Letona ka tlotla le seriti; ho ba
le nnete moeletsi wa nnete ya tshepahalang, ke sa senole ka boomo kapa kaho thella ha leleme
makunutu ao ke tshepetsweng ona; le ho phethisa mesebetsi ya ka ka boikitlaetsole ka moo nka
kgonang ka teng.
(Mabapi le kano: Modimo nthuse.)
Boikano kapa boitlamo ba setho sa Seboka sa Setjhaba, Ditho tsa ka mehla tsa Lekgotla la
Setjhabaa la Diprovense le ditho tsa lekgotla le etsang molao wa provense
4. (1) Ditho tsa Seboka sa Setjhaba, baromuwa ba ka mehla Lekgotleng la Setjhaba la
Diprovense le ditho tsa lekgotla le etsang molao, di etsa kano kapa boitlamo tjena ka pela
Mopresidente wa Lekgotla la Molao wa Motheo kapa moahlodi ya thontsweng ke Mopresidente
wa Lekgotla la Molao wa Motheo:
NNA A.B. ke ikana/itlama hore ke tla tshepahala Rephaboliking ya Afrika Borwa mme
ke tla ikokobetsa, ho hlompha le ho phethisa Molao wa Motheo le melao e meng ya Rephaboliki,
mme ke tshepisa ho phetha mesebetsi jwalo ka setho sa Seboka sa Setjhaba/moromuwa wa ka
mehla wa Lekgotla la Setjhaba la Diprovense tsa Ntshetsopele ya Molao wa Motheo ho ya ka
matla ohle a ka.
(2) Batho ba kwalang sekgeo Sebokeng sa Setjhaba, baromuwa ba ka mehla ba Lekgotla la
Setjhaba la Diprovense kapa ka hara lekgotla le etsang molao ba ka ikana kapa ho itlama ka
dipehelo tsa karolwana ya (1) ka pela mosebeletsi wa molao ya okametseng Seboka, Lekgotla
kapa lekgotla le etsang molao ka moo ho leng ka teng.
Kano kapa Boitlamo ba Ditonakgolo le ditho tsa Lekgotla la Phethahatso la Diprovense
5. Tonakgolo ya provense, le setho ka seng sa Lekgotla la Phethahatso la provense, ba lokela
ho ikana/itlama ka mokgwa ona ka pela Mopresidente wa Lekgotla la Molao wa Motheo kapa
moahlodi ya thontsweng ke Mopresidente wa Lekgotla la Molao wa Motheo:
NNA, A.B. ke ikana/itlama hore ke tla tshepahala Rephaboliking ya Afrika Borwa mme
ke tla ikokobeletsa, ke hlomphe ke be ke phethahatse Molao wa Motheo le melao yohle ya
Rephaboliki; mme ke ikemisetsa ho sebetsa ke le Tonakgolo/setho sa Lekgotla la Phethahatso la
provense ya CD ka tlotla le seriti; ho ba moeletsi wa nnete le ya tshephalang; ke se ke ka sibolla
ka ho otloloha kapa ka ho potoloha makunutu ao ke a tshepetsweng; le ho phetha mesebetsi ya
ka ka boikitlaetso le ka matla ohle a ka.
(Mabapi le kano; Modimo nthuse)
Boikano kapa boitlamo ba Basebeletsi ba mmuso ba Molao
6. (1) Moahlodi ka mong kapa motshwaramokobobo wa moahlodi, o lokela ho
ikana/itlama ka mokgwa ona ka pela Moahlodi e Moholo wa Lekgotla le Phahameng la Boipiletso
kapa moahlodi e mong ya thontsweng ke Moahlodi e Moholo:
NNA, A.B. ke ikana/itlama hore,jwalo ka Moahlodi wa Lekgotla le wa Molao wa
Motheo/Lekgotla le Phahameng la Boipiletso/Lekgotla le Leholo la EF/Lekgotla GH, ke tla
tshepahala Rephaboliking ya Afrika Borwa, ke phethahatse le ho sireletsa Molao wa Motheo;
mme ke sebetsa ka toka ho bohle ka ho tshwana ka ntle ho tshabo, leeme kapa ho nahanela
motho, ho ya Molao wa Motheo le molao.
(Mabapi le kano: Modimo nthuse.)
(2) Motho ya kgethilweng ho sebetsa e le Moahlodi e Moholo wa Lekgotla le Phahameng la
Boipiletso eo e seng moahlodi ha jwale ka nako eo ya ho kgethwa o tlameha ho ikana kapa ho
itlama ka pela Mopresidente wa Lekgotla la Molao wa Motheo.
(3) Basebeletsi ba toka. le ba tshwereng mokobobo, ka ntle ho baahlodi, ba lokela ho
ikana/itlama ho ya ka dipehelo tsa lekgotla la setjhaba le etsang molao.
SHEJULU YA 3
DITSAMAISO TSA DIKGETHO
Karolo ya A
Ditsamaiso tsa Dikgetho tsa
Basebeletsi ba Molao wa Motheo
Tshebetso
1. Tsamaiso e ngotsweng Shejulung ena e sebetsa ka mehla ha -
(a) Seboka sa Setjhaba se kopana ho kgetha Mopresidente, kapa Motsamaisi wa Dipuisano
kapa Motlatsi wa Motsamaisi wa Dipuisano wa Seboka;
(b) Lekgotla la Setjhaba la Diprovense le kopana ho kgetha Modulasetulo kapa Motlatsi wa
Modulasetulo; kapa
(c) Lekgotla le etsang molao la provense le kopana ho kgetha Tonakgolo ya provense kapa
Motsamaisi wa Dipuisano kapa Motlatsi wa Motsamaisi wa Dipuisano wa lekgotla le etsang
molao.
Dikgetho
2. Motho eo e leng modulasetulo kopanong eo Shejulu ena e lebaneng le yena o lokela ho
bitsa ho thonngwa ha bonkgetheng kopanong eo.
Ditlhoko ka molao
3. (1) Ho thonngwe ka foromo e balletsweng ka melawana e ngotsweng karolong ya 9.
(2) Foromo eo ho thontsweng ka yona e lokelwa ho saenwa -
(a) ke ditho tse pedi tsa Seboka sa Setjhaba, ha eba ho kgethwa Mopresidente kapa
Motsamaisi wa Dipuisano kapa Motlatsi wa Motsamisi wa Dipuisano wa Seboka sa Setjhaba;
(b) lebitsong la baromuwa ba diprovense tse pedi, ha ho kgethwa Modulasetulo kapa Motlatsi
wa Moduasetulo wa Lekgotla la Setjhaba la Diprovense a ka kgethwa; kapa
(c) ke ditho tse pedi tsa lekgotla le etsang molao la provense e amehang, ha eba Tonakgolo
ya Provense kapa motsamaisi wa Dipuisano kapa Motlatsi wa Motsamaisi wa Dipuisano wa
lekgotla le etsang molao.
(3) Motho ya thontsweng o lokela ho bontsha hore o amohelaa ho thonngwa ka ho saena
foromo eo a thontsweng ka yona kapa ka bopaki bofe kapa bofe bo ngotsweng.
Phatlalatso ya mabitso a bonkgetheng
4. Kopanong eo Shejulu ena e tla sebediswang teng, motho eo e leng modulasetulo o lokela
ho phatlalatsa mabitso a batho ba thontsweng ho ba bonkgetheng, empa a se dumelle diphehisano
dife kapa dife.
Nkgetheng ya mong
5. Moo ho thontsweng nkgetheng a le mong, modulasetulo o lokela ho phatlalatsa hore
nkgetheng eo o se a kgethilwe.
Tsamaiso ya dikgetho
6. Ha ho thontswe bonkgetheng ba fetang bonngwe -
(a) ho lokela hore ho etswe kgetho ya sephiri;
(b) setho ka seng se teng, kapa ha eba e le kopano ya Lekgotla la Setjhaba la Diprovense,
provense ka nngwe le e nngwe e emetsweng, kopanong e lokela ho kgetha hang hape; mme
(c) modulasetulo o lokela ho phatlalatsa hore motho ya kgethuweng ke ya tla fumana
dikgetho tse ngata.
Tsamaiso ya ho kgetholla
7. (1) Ha ho se nkgetheng ya fumaneng dikgetho tse ngata, nkgetheng ya fumaneng
dikgetho tse nnyane ka ho fetisa o lokela ho ntshwa ebe ho boetse ho kgethwe bonkgetheng ba
setseng ka moo karolo ya 6 e hlalosang ka teng. mokgwa ona o nne o tswele pele jwalo ho fohlela
ho fumaneha nkgetheng ya fumanang dikgetho tse ngata.
(2) Ha ho sebediswa karolwana ya (i), ha eba bonkgetheng ba babedi kapa ka bomong ba na
le dikgetho tse tlase, kgetho e ka thoko e etswe ho bonkgetheng bao, mme e phetse kgafetsa ka
moo ho ka hlokahalang ka teng ho akanya hore ke nkgetheng ofe ya tla ntshwa.
Dikopano tse ding
8. (1) Ha ho ka ha thonngwa bonkgetheng ba babedi feela, kapa ha ho ka sala
bonkgetheng ba babedi ka mora tsamaiso ya ho ntsha e entswe, mme bonkgetheng bao ba babedi
ba fumana palo e lekanang ya dikgetho, kopano e nngwe e tshwarwe matsatsing a supileng, ka
nako e balletsweng ke modulasetulo.
(2) Ha ho ka tshwarwa kopano e nngwe ho ya ka karolwana ya (1), tsamaiso e balletsweng
ke Shejulu ena e lokela ho sebediswa kopanong eo jwalo ka ha eka ke kopano ya ele ya dikgetho.
Ditaelo
9. (1) Mopresidente wa Lekgotla la Molao wa Motheo o lokela ho hlophisa melao -
(a) tsamaiso ya dikopano tseo Shejulu ena e sebetswang ho tsona;
(b) mesebetsi ya motho ofe kapa ofe eo o leng modulasetulo wa kopano, le motho ofe kapa
ofe ya thusang modulasetulo;
(c) foromo eo mabitso a ba thontsweng a ngolwang ho yona; le
(d) mokgwa oo ho tlang ho kgethwa ka ona.
(2) Melao ena e phatlalatswe ka mokgwa oo Mopresidente wa Lekgotla la Molao wa Motheo
a tla akanyang ka teng.
Karolo ya B
Mokgwa wa ho Nahana ho kenya letsoho ha Mokga Boromuweng ba Provense Lekgotleng la
Setjhaba la Diprovense
1. Baromuwa ba boromuwa ba provense Lekgotleng la Setjhaba la Diprovense leo mokga
o tlamehang ha ba ho ona, le tlameha ho akanngwa ka ho atisa palo ya maemo eo mokga o nang
le ona lekgotleng le etsang molao ka leshome mme ho arolwe palo e fumanwang ka palo ya
maemo a lekgotleng la molao ka nngwe.
2. Ha eba tshebetso ya ho latela ntlha ya 1 e fana ka keketso e sa ananelang baromuwa ba
abetsweng mokga ho ya ka ntlha eo, keketso e tlameha ho phehisana le dikeketso tse tshwanang
le yona tse tswang mokgeng ofe kapa ofe kapa mekga, mme baromuwa ba sa ajwang
boromuweng ba abuwe mokgeng kapa mekgeng ho ya ka tatelano ya keketso e hodimo.
SHEJULU YA 4
DIBAKA TSA TSHEBETSO TSA BOKGONI TSA TSHEBEDISANO YA SETJHABA LE
LEKGOTLA LA MOLAO WA PROVENSE
Karolo ya A
Taolo ya meru ya naha ya rona
Temo
Diemafofane tseo e seng tsa matjhaba le tsa setjhaba
Tlhokomelo ya diphoofolo le mafu a tsona
Dikhasino, dipeiso, ho bapala ka lotho le kgaisano, ntle ho dilothari le dipapadi tsa matlole
Tshireletso ya bareki
Ditaba tsa setso
Taolo ya dikoduwa
Thuto mafapheng ohle, ntle ho ya maemo a boraro
Tikoloho
Ditshebeletso tsa bophelo bo botle
Kabo ya matlo
Molao wa setso le wa meetlo ho sebetswa ho latela Kgaolo ya 12 ya Molao wa Motheo
Kgothaletso ya Diindastri
Leano ka puo le taolo ya dipuo tsa semmuso ka moo dipehelo tsa karolo ya 6 ya Molao wa
Motheo e fang lekgotla le etsang molao la diprovense matla a ho etsa molao
Ditshebeletso tsa phatlalatso tse laolwang ka ho otloloha kapa di nehelwa ke mmuso wa provense,
ho ya karolo ya 192
Tshireletso ya tlhaho, ntle ho dirapa tsa tlhaho, dirapa tsa dimela tsa naha, le mehlodi e
fumanehang mawatleng
Sepolesa ka moo dipehelo tsa Kgaolo ya 11 ya Molao wa Motheo e fileng lekgotla le etsang
molao la provense matla ka teng
Taolo ya tshilafalo
Tswelopele ya baahi
Ditefello tsa ho falliswa ha thepa
Dikgwebo tsa mebuso ya diprovense tse mabapi le dibaka tsa tshebetso tse Shejulung ena le
Shejulung ya 5
Transepoto ya setjhaba
Mesebetsi ya setjhaba mabapi le ditlhoko tsa mafapha a mebuso ya diprovense phethisong ya
boikarabelo ba ona ba ho tsamaisa mesebetsi ya ona e balletsweng yona ho ya ka dipehelo tsa
Molao wa Motheo kapa tsa molao o mong feela
Tlhopiso le ntshetsopele ya mabatowa
Taolo ya sephethephethe mebileng
Poloko ya mobu
Bohahlaudi
Kgwebo
Boetapele ba setso ho ya ka taolo ya Kgaolo ya 12 ya Molao wa Motheo
Ntshetsopele ya mahaeng le ditoropong
Ho lefellwa ha dilaesense tsa dipalangwang
Ditshebeletso tsa thekolohelo
Karolo ya B
Merero e latelang ya mebuso ya metse ho ya ka moo karolo ya 155(6)(a) le (7) e hlalosang ka
teng:
Tshilafatso ya moya
Melawana ya kaho
Dibaka tsa tlhokomelo ya bana
Phano ya motlakase le kgase
Ditshebetso tsa ditimamollo
Bohahlaudi ba selehae
Bemafofane ba masepala
Tlhopiso tsa masepala
Ditshebeletso tsa bophelo bo botle tsa mmasepala
Transpoto ya setjhaba ya masepala
Ditshebeletso tsa setjhaba tse matleng a masepala tse tobaneng le boikarabelo ba masepala
phethisong ya mesebetsi eo ba e abetsweng ka Molao wa Motheo ona kapa tlasa molao o mong
Dikepe, dikepe tsa diferi, dijeti, boemakepe le dikou ho sa kenyeletswe molao wa botjhaba le wa
setjhaba le ditaba tse tsamaelanang le tseo
Tlhokomelo ya dikgohola metseng
Melawana ya kgwebo
Metsi le ditshebelletso tsa tlhwekiso ya dikgwerekgwere ho falliswa feela ka metsi a nowang le
ho apeha le etsi a mafapa a ditshila
SHEJULU YA 5
Dibaka tsa Mesebetsi tse Ikgethileng tsa Lekgotla le Kgonang la Molao la Provense
Karolo ya A
Selakgapalo
Ditshebeletso tsa ambulanse
Diakhaeve ka ntle ho diakhaeve tsa setjhaba
Dilaebrari ka ntle ho kilaebrari tsa setjhaba
Dilaesense tsa tahi
Dimisiamo ka ntle ho tsa setjhaba
Morero wa provense
Ditaba tsa setso tsa provense
Dibaka tsa boithabiso le boithapollo tsa provense
Dipapadi tsa provense
Sephethephethe le ditsela tsa provense
Ditshebeletso tsa ngaka ya diphoofolo ka ntle ho molawana wa botsebi
Karolo ya B
Ditaba tse latelang tsa mmuso wa selehae ho ya ka tlhaloso ya karolo ya 155(6)(a) le (7);
Dibaka tsa mabopo a lewatle le boithabiso
Diboroto tsa tsebiso le papatso dibakeng tsa setjhaba
Mabitleng, dibaka tsa polokelo ya ditopo, dibaka tsa ho tjhesetsa ditopo
Ho hlwekisa
Taolo ya ho kgahlwa ha setjhaba
Taolo ya dibaka tse rekisang tahi setjhabeng
Dibaka tsa ho boloka,ho hlokomela le ho pata diphoofolo
Ho kampela le diterata tse kampelang
Ho lefellwa ha dintja
Ho fana ka laesense le taolo ya dibaka tse rekisang dijo setjhabeng
Dibaka tsa selehae tsa boithapollo
Dibaka tsa dipapadi tsa selehae
Mebaraka
Selakgapalo sa masepala
Dirapa tsa masepala le boithapollo
Ditsela sa masepala
Lerata
Boima
Dibaka tsa setjhaba tsa boikgathollo
Ho thotwa ha matlakala, dithotobolo le matlakala a dintho tse lahlwang
Ho rekisa diterateng
Ho kgantsha diterata
Sephethephethe le ho phaka
SHEJULU YA 6
Ditlhophiso tsa Nakwana
Ditlhaloso
1. Shejulung ena, ka ntle ha eba e sa dumelane le maemo -
"lehae" le hlalosa karolo ya Rephaboliki, eo pele Molao wa Motheo wa mehleng o neng o sebetsa
ka yona, e ile ya sebetswa lekgotleng le etsang molao la Afrika Borwa e le lebatowa le ikemetseng
kapa le ipusang;
"Molao wa Motheo o motjha" o hlalosa Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa, wa
1996;
"lekgotla le etsang molao la kgale" le hlalosa molao o phethilweng pele ho Molao wa Motheo wa
mehleng o neng o sebetsa;
"Molao wa Motheo wa mehleng" o hlalosa Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa,
wa 1993 (Molao wa 200,1993).
Ho tswella pele ha molao o seng o le teng
2. (1) Melao yohle e neng e se e sebetsa pele Molao wa Motheo o motjha o sebetsa, e
sa tswela pele, e ikamahantse le -
(a) ho fetolwa kapa ho phumulwa; le
(b) ho tsamaelana le Molao wa Motheo o motjha;
(2) Molao o entsweng wa kgale o sa ntseng o sebetsa ho ya ka dintlha tsa karolwana ya (1)
-
(a) ha e sebediswe hohle, lebatoweng kapa kae kapa kae, jwalo ka pele ho Molao wa Motheo
wa mehleng o neng o sebetsa ka ntle ha eba o ile wa fetolwa hore o be le ho sebediswa ka
bophara; mme
(b) o ntse o laolwa ke balaodi ba laolang Molao wa Motheo o motjha o ntseng o sebetsa, o
ikamahantse le Molao wa Motheo o motjha.
Phetolelo ya molao o teng
3. (1) Ka ntle ha eba e sa dumellane le maemo kapa ho bonahala hore ha e a tshwanela,
sesupo sa molao ofe kapa ofe o neng o le teng ha Molao wa Motheo o motjha o sebediswa -
(a) Rephaboliking ya Afrka Borwa kapa lehaeng (ntle le ha ho bolelwa lebatowa), e lokela ho
nkwa e bolela Rephaboliki ya Afrika Borwa ho ya ka Molao wa Motheo o motjha;
(b) Palamenteng, Seboka sa Setjhaba, kapa Senate, di lokela ho nkwa di bolela Palamente,
Seboka sa Setjhaba kapa Lekgotla la Setjhaba la Diprovense ho ya ka Molao wa Motheo;
(c) ho MoPresidente, Motlatsi wa Mopresidente wa Phethahatso, Letona, Motlatsi wa Letona
kapa Khabinete, le nkuwe le bolela Mopresidente, Letona, Motlatsi wa Mopresidente kapa
Khabinete ho ya ka Molao wa Motheo o motjha, o ikamahanyang le ntlha ya 9 ya Shejulu ena;
(d) ho Mopresidente wa Senate, le nkuwe e le ho bolela Modulasetulo wa Lekgotla la
Setjhaba la Diprovense;
(e) ho lekgotla le etsang molao la provense, Tonakgolo, setho sa Lekgotla la Phethahatso le
setho sa Lekgotla la Phethahatso la provense, e nkuwe e supa lekgotla le etsang molao la
provense, tonakgolo, Lekgotla la Phethahatso kapa setho sa Lekgotla la Phethahatso ka tlasa
Molao wa Motheo o motjha, ho ya ka ntlha ya 12 ya Shejulu ena; kapa
(f) ho puo ya mmuso kapa dipuo tsa mmuso, e nkuwe e supa puo efe kapa efe ya mmuso ho
ya ka Molao wa Motheo o motjha.
(2) Ka ntle ha eba e sa dumellane le maemo kapa e sa lokela, sesupo se setseng molaong wa
kgale wa tsamaiso -
(a) Palamenteng, Ntlo ya Palamente kapa seboka se etsang molao kapa mokgatlo wa
Rephaboliki kapa wa lehae, o nkuwe o hlalosa -
(i) Palamente ho ya ka Molao wa Motheo o motjha, ha eba taolo ya molao oo e abetswe kapa
o behetswe ho ya ka Molao wa Motheo wa kgale kapa ka Shejulu ena lekgotleng la setjhaba la
phethahatso; kapa
(ii) Lekgotla le etsang molao la provense, ha eba taolo ya molao oo e abetswe kapa e
behetswe ho ya ka Molao wa Motheo wa kgale kapa ka Shejulu lekgotleng la setjhaba la
phethahatso; ka
(b) ho Mopresidente, Tonakgolo, Molaodi, kapa mosebeletsi e moholo e mong wa
phethahatso, Khabinete, Lekgotla la Matona kapa lekgotla la phethahatso la Rephaboliki kapa la
lehae, le nkuwe le hlalosa -
(i) Mopresidente ka tlasa Molao wa Motheo o motjha, ha taolo ya molao oo e abetswe kapa
e behetswe ho ya ka Molao wa Motheo wa kgale kapa Shejulung ena ho lekgotla la phethahatso
la provense; kapa
(ii) Tonakgolo ya provense ho ya ka Molao wa Motheo o motjha, ha eba taolo ya molao oo
e abetswe kapa e behetswe ho ya ka Molao wa Motheo wa kgale Shejulu ena lekgotleng la
phethahatso la provense.
Seboka sa Setjhaba
4. (1) Motho ofe kapa ofe eo e neng e le setho kapa mosebeletsi wa mmuso wa Seboka
sa Setjhaba ha Molao wa Motheo o motjha o qala ho sebediswa, e eba setho kapa mosebeletsi wa
mmuso wa Seboka sa Setjhaba ho ya ka Molao wa Motheo o motjha, mme o sebetsa e le setho
kapa mosebeletsi wa mmuso ho ya ka dipehelo tsa Molao wa Motheo o motjha.
(2) Seboka sa Setjhaba se thehilweng ho ya ka dipehelo tsa karolwana ya (1) se lokela ho
nkuwa jwalo ka ha eka se kgethilwe ho ya ka Molao wa Motheo o motjha o felang ka 30 Mmesa
1999.
(3) Seboka sa setjhaba se bopilwe ka ditho tse 400 ho fihlela ka 30 Mmesa 1999. ho ya ka
karolo ya 49(4) ya Molao wa Motheo o motjha.
(4) Melawana le ditaelo tsa Seboka sa Setjhaba tse sebetsang ha Molao wa Motheo o motjha
o sebediswa, di tla tswela pele ka ho sebetsa, mme di laolwa ke ho fetolwa kapa ho phumulwa.
Morero o so kang o qetwa Palamenteng
5. (1) Morero ofe kapa ofe o so kang o qetwa ke Sebokeng sa Setjhaba ha Molao wa
Motheo o sebediswa o tswele pele ho ya ka dipehelo tsa Molao wa Motheo o motjha.
(2) Morero ofe kapa ofe o tshwerweng ke Senate ha Molao wa Motheo o motjha o sebediswa
o lebiswe Lekgotleng la Setjhaba la Diprovense, mme Lekgotla le lokela ho tswela pele ka
morero oo ho ya ka dipehelo tsa Molao wa Motheo o motjha.
Dikgetho tsa Seboka sa Setjhaba
6. (1) Ha ho dikgetho tsa Seboka sa Setjhaba tse tla tshwarwa pele ho 30 Mmesa 1999.
Ka ntle ha eba Seboka se ka qhalwa ho ya ka dipehelo tsa karolo ya 50 (2) ka mora hore ho
fetiswe kgetho ya ho hloka ho se tshetjwe ha Mopresidente ho ya ka karolo ya 102 (2) ya Molao
wa Motheo o motjha.
(2) Karolo ya 50 (1) ya molao o motjha e sa emisitswe ho fihlela 30 Mmesa 1999.
(3) Le ha Molao wa Motheo wa kgale o phumutswe, Shejulu ya 2 Molaong oo wa Motheo,
jwalo ka ha o fetotswe ke Sehlomathiso sa A Shejulung ena, e sebetsa -
(a) dikgethong tsa pele tsa Seboka sa Setjhaba sa ka tlasa Molao wa Motheo o motjha;
(b) ho lahlehelweng ha botho ba Seboka ka mabaka a mang a sa ngolwang karolong ya 47(3)
ya Molao wa Motheo o motjha.
(c) ho tlatseng dikgeo Sebokeng, le ha ho tlatseletswa, ho lekolwa le ha ho sebediswa
mananeo a mekga e bile a sebediswa ha ho tlatswa dikgeo tsa mosebetsi, ho fihlela dikgetho tsa
bobedi tsa Seboka tsa Molao wa Motheo ona o motjha.
(4) Karolo ya 47(4) ya Molao wa Motheo o motjha e emisitswe ho fihlela ka dikgetho tsa
bobedi ho ya ka Molao wa Motheo o motjha.
Lekgotla la Setjhaba la Diprovense
7. (1) Nako e felang ka pele, pele ho kopano ya pele ya lekgotla le etsang molao la
provense le tshwarwang ka mora kgetho ya pele ho ya ka Molao wa Motheo o motjha -
(a) kabelo ya boemedi ba mekga ba provense Lekgotleng la Setjhaba la Diprovense e lokela
ho tshwana le kabelo eo ka yona ditho tsa senate tse 10 tsa provense di neng di thonngwe ka yona
ho ya ka dipehelo tsa karolo ya 48 ya Molao wa Motheo o fetileng, mme
(b) kabo ya baromuwa ba ka mehla le baromuwa ba bohlokwa mekgeng e emetsweng
lekgotleng le etsang molao wa provense, e tjena:
Provense Baromuwa Baromuwa
ba ka Mehla ba Bohlokwa
1. Kapa Botjhabela ANC 5 ANC 4
NP 1
2. Freistata ANC 4 ANC 4
FF 1
NP 1
3. Gauteng ANC 4 ANC 3
DP 1
FF 1
NP 1 NP 1
4. Ha Zolo-Natala ANC 1 ANC 2
DP 1
IFP 1 IFP 2
NP 1
5. Mpumalanga ANC 4 ANC 4
FF1
NP 1
6. Kapa Leboya ANC 3 ANC 2
FF 1
NP 2 NP 2
7. Provense ya Leboya ANC 6 ANC 4
8. Leboya Bophirimela ANC 4 ANC 4
FF 1
NP 1
9. Kapa Bophirimela ANC 2 ANC 1
DP 1
NP 3 NP 3
(2) Mokga o nang le ditho lekgotleng le etsang molao la provense o lokela ho -
(a) thonya baromuwa ba ka mehla ho batho bao e neng e le basenate ha Molao wa Motheo
o motjha o ne o sebediswa mme ba eba teng ho ka sebetsa e le baromuwa ba ka mehla; mme
(b) ka thonya batho ba bang ho ba baemedi ba ka mehla ha feela ho se ba bang kapa palo e
sa lekaneng ya ditho tsa kgale tsa basenate.
(3) Lekgotla le etsang molao la provense le lokela ho thonya baromuwa ba ka meha ho ya ka
ho thonya ha mekga.
(4) Dikarolwana tsa (2) le (3) di sebetsa feela ha ho thonngwa baromuwa ba ka mehla lekgetlo
la pele Lekgotleng la Setjhaba.
(5) Karolo ya 62(1) ya Molao wa Motheo o motjha ha e sebetse ho thonngweng ha ditho tsa
kgale tsa Senate hore e be baromuwa ba ka mehla ho ya ka dipehelo tsa temana ena.
(6) Melawana le ditaelo tsa Senate tse neng di sebediswa ha Molao wa Motheo o motjha o
sebetsa, di lokela ho sebediswa mererong ya Lekgotla la Setjhaba ho fihlela boemong ba ho
sebediswa, e ikamahantse le diphetoho dife kapa dife kapa ho phumulwa.
Bao e neng e le ditho tsa Senate
8. (1) Motho eo e neng e le setho sa Senate ya sa thonngwang ho ba moromuwa wa ka
mehla wa Lekgotla la setjhaba la Diprovense o na le tokelo ya ho ba setho se felletseng sa lekgotla
le etsang molao la provense leo motho a le thonyeditsweng hore e be setho sa Senate ho ya ka
karolo ya 48 ya Molao wa Motheo wa kgale.
(2) Ha motho eo e neng e le setho sa Senate a ikgethela ho se be setho lekgotleng le etsang
molao la provense, motho eo o nkuwa jwalo ka motho ya tlohetseng mosebetsi wa ho ba setho
sa Senate letsatsi pele Molao wa Motheo o motjha o sebediswa.
(3) Moputso, ditumellwa le kumo tsa setho sa mehleng sa Senate se thontsweng ho ba
moromuwa wa ka mehla kapa setho sa lekgotla le etsang molao la provense di ke ke tsa fokotswa
feela ka lebaka la ho thonngwa hoo.
Phethahatso ya Setjhaba
9. (1) Mang kapa mang eo e neng e le Mopresidente, Motlatsi wa Mopresidente wa
Phethahatso, Letona kapa Motlatsi wa Letona ho ya ka Molao wa Motheo wa kgale, ha Molao
wa Motheo o motjha o ne o sebediswa, o tswella ho ba setho, mme o dula mosebetsing ho ya ka
dipehelo tsa Molao wa Motheo o motjha, empa e ikamahanye le temana ya (2).
(2) Ho fihlela 30 Mmesa 1999 dikarolo tsa 84, 89, 90, 91, 93 le 96 tsa Molao wa Motheo o
motjha di nkuwe jwalo ka ha eka di baleha ka mokgwa o hlahisitsweng Sehlomathisong sa B
Shejulung ena.
(3) Temanenyana ya (2) ha e thibele Letona leo e neng e le setho sa Senate ha Molao wa
Motheo o motjha o sebediswa, ho tswela pele e le Letona jwalo ka ha ho ngotswe karolwaneng
ya 91(1)(a) ya Molao wa Motheo o motjha, jwalo ka ha karolo eo e ngotswe Sehlomathisong sa
B.
Makgotla a etsang molao wa Diprovense
10. (1) Motho e mong le e mong eo e neng e le setho kapa mosebeletsi wa mmuso wa
lekgotla le etsang molao wa provense ha Molao wa Motheo motjha o sebediswa, motho eo e eba
setho kapa mosebeletsi wa mmuso wa provense eo ho ya ka Molao wa Motheo o motjha, mme
o sebetsa e le setho kapa mosebeletsi wa mmuso ho ya ka Molao wa Motheo o motjha mmoho
le Molao wa Motheo wa provense o ka bang teng.
(2) Lekgotla le etsang molao la provense le bopilweng ka dipehelo tsa temanenyana ya (1) le
nkuwe e le le kgethuweng ho ya ka Molao wa Motheo o motjha nakong e tla fela ka 30 Mmesa
1999.
(3) Ho ya ka nako e balletsweng e felang ka 30 Mmesa 1999, e ikamahantse le karolo ya
108(4), lekgotla le etsang molao la provense le na le ditho tse ngata tse balletsweng molao oo ho
ya ka Molao wa Motheo wa kgale le palo ya ditho tsa Senate tsa kgale tseo jwale e seng e le ditho
tsa lekgotla le etsang molao ho ya ka dipehelo tsa temana ya 8 ya Shejulu ena.
(4) Melawana le ditaelo tsa lekgotla le etsang molao la provense e sebediswang ha Molao wa
Motheo o sebediswa, e tswela pele, e ikamahantse le ho fetolwa le ho phumulwa.
Dikgetho tsa makgotla a etsang molao wa diprovense
11. (1) Le ha molao wa Motheo wa kgale o phumutswe, Shejulu ya 2 ya Molao wa
Motheo oo, jwalo ka ha e fetotswe ho ya ka Sehlomathiso sa A sa Shejulu, e sebetsa -
(a) dikgethong tsa pele tsa lekgotla le etsang molao la provense ho ya ka Molao wa Motheo
o motjha;
(b) ho lahlehelwa ke ho ba setho sa lekgotla le etsang molao maemong a mang ho ao ho
fanweng ka ona karolong ya 106 (3) ya Molao wa Motheo o motjha; le
(c) ho tlatsweng ha dikgeo tse teng tsa mosebetsi lekgotleng le etsang molao, le tlatseletsong,
ho lekolweng le ho sebedisweng ha mananeo a dikgeo tsa mosebetsi, ho fihlela dikgetho tsa
bobedi tsa lekgotla le etsang molao ho ya ka Molao wa Motheo o motjha.
(2) Karolo ya 106 (4) ya Molao wa Motheo o motjha e emisitswe bakeng sa lekgotla le etsang
molao la provense ho fihlela nako ya dikgetho tsa bobedi tsa lekgotla le etsang molao ho ya ka
Molao wa Motheo o motjha.
Makgotla a phethahatso a diprovense
12. (1) Motho eo e neng e le Tonakgolo kapa setho sa Khansele ya phethahatso ya
provense ha molao wa motheo o motjha o kena tshebetsong e tswela pele e le setho, mme o kena
mosebetsing ho ya ka dipehelo tsa Molao wa motheo o motjha le molao wa motheo wa provense
o ka bang teng feela ho sa lebalwe dipehelo tsa temana ya (2).
(2) Ho fihlela Tonakgolo e kgethilweng ka mora dikgetho tsa lekgotla le etsang molao la
provense ho ya ka Molao wa Motheo o motjha e kena mosebetsing, kapa provense e sebedisa
molao wa motheo wa yona, ho sa natswe hore ke efe e etsahalang pele, dikarolwana tsa 132 le
136 tsa Molao wa motheo o motjha di lokela ho utlwisiswa jwalo ka ha ho ngotswe
Sehlomathisong ho ya ka Shejulu ena.
Melao ya motheo ya diprovense
13. Molao wa motheo wa provense o ileng wa fetiswa pele Molao wa Motheo o motjha o
kena tshebetsong o lokela ho itshetleha ka karolo ya 143 ya Molao wa Motheo o motjha.
Mosebetsi wa molao diprovenseng
14. (1) Molao mabapi le morero o sebakeng sa tshebetso o lenaneng le Shejulung ya 4
kapa ya 5 ya Molao wa Motheo o motjha, oo ha Molao wa Motheo o motjha o sebediswa, o ile
wa tsamaiswa ka taolo lekgotleng la phethahatso la setjhaba, o ka ajwa ke Mopresidente, ka
kgoeletso , ho ya nang le matla lekgotleng la phethahatso la provense ka tumello ya Lekgotla la
Phethahatso la provense.
(2) Ho fihlela ho hlokeha hore mosebetsi wa lekgotla le etsang molao ho ya ka temananyana
ya (1) o tle o atlehe, Mopresidente, ho ya ka kgoeletso, a nna a -
(a) fetola molao oo kapa a o betla hore a tle a laole tlhaloso ya ona, kapa taolo ya ona;
(b) moo mosebetsi o sa sebedisweng molaong kaofela, ho phumulwa le ho phethiswa, ka
diphetoho le ka ntle ho diphetoho dife kapa dife kapa dikamohelo tse hlalositsweng temaneng ya
(a), dipehelo tseo mesebetsi e phethilweng ho tsona kapa ho fihlela moo mosebetsi o phethwang
teng; kapa
(c) laola morero ofe kapa ofe wa bohlokwa ka lebaka la kabo, ha mmoho le ho falliswa kapa
kadimano ya basebetsi, kapa ho fetiswa ha thepa, melato, ditokelo le ditlamo, ho di isa kapa ho
di amohela ho tswa lekgotleng la phethahatso la mmuso kapa la provense kapa kapa lefapha lefe
kapa lefe la puso, taolo, tshebeletso ya tshireletso kapa mekgatlo e meng feela.
(3) (a) Kgatiso ya kgoeletso ka nngwe e entsweng ho ya ka dipehelo tsa temananyana ya
(1) kapa (2) e lokela ho nehelwa Seboka sa Setjhaba le Lekgotla la Setjhaba la Diprovense
matsatsing a 10 a phatlalatso ya kgoletso.
(b) Ha Seboka sa Setjhaba ha mmoho le Lekgotla la Diprovense a sa ananele kgoeletso eo
kapa pehelo efe kapa efe ya yona, kgoeletso eo e a thisa, empa e sa ame -
(i) tshebetso ya eng kapa eng e entsweng ka dipehelo tsa kgoeletso eo kapa pehelo eo, pele
e thisa; kapa
(ii) tokelo kapa tshwanelo e fumanweng kapa tlameho kapa molao o hlahileng pele e thisa.
(4) Ha molao o ajwa ho ya ka dipehelo tsa temananyana ya (1), tlhaloso efe kapa efe ya molao
ho molaodi ya e laolang, e amohelwe e le tlhaloso ho molaodi eo a filweng mosebetsi oo.
(5) Kabo efe kapa efe ya molao ka karolo ya 235(8) ya Molao wa Motheo wa mehleng,
mmoho le phetolo, kamohelo kapa ho phumulwa le phetiso botjha ya molao kapa ketso efe kapa
efe e etswang ka karolo eo, e tla nkwa jwale ka ha e ka e entswe ho ya ka temana ena.
Molao o teng ka ntle ho matla a lekgotla le etsang molao la Palamente
15. (1) Bolaodi bo teng lekgotleng la phethahatso la setjhaba bo tsamaisang molao ofe
kapa ofe o ka ntle ho matla a Palamente ha Molao wa Motheo o motjha o sebediswa, bo tla dula
bo na le tshwanelo ya ho tsamaisa molao ho fihlela o abelwa bolaoding bo lekgotleng la
phethahatso la provense ho ya ka dipehelo tsa temana ya 14 ya Shejulu ena.
(2) Temananyana ya (1) e tla thisa dilemo tse pedi ka mora hore Molao wa Motheo o
sebediswe.
Makgotla a dinyewe
16. (1) Lekgotla le leng le le leng la dinyewe, ha mmoho le makgotla a setso a neng a leng
teng pejana ho ho kenngwa tshebetsong ha Molao wa Motheo o motjha, le tla tswela pele ka
mosebetsi wa ona mme le sebedise matla a tshebetso ya molao ka moo molao o etswang o
dumellang le lona, mme mang kapa mang ya sebetsang ofising e le mosebeletsi wa molao o tla
tswela pele ho sebetsa ho ya ka molao o sebedisetswang maemo ao, ho ya ka -
(a) phetolo efe kapa efe kapa ho phumulwa ha molao oo; ha mmoho
(b) le tumellano le Molao wa Motheo o motjha.
(2) (a) Lekgotla la Molao wa Motheo le thehilweng ke Molao wa Motheo wa mehleng
le fetoha Lekgotla la Molao wa Motheo tlasa Molao wa Motheo o motjha.
(b) Motho ofe kapa ofe ya maemong a Mopresidente, Motlatsi wa Mopresidente kapa
moahlodi wa Lekgotla la Molao wa Motheo ha Molao wa Motheo o motjha o sebediswa, e eba
Mopresidente Motlatsi wa Mopresidentekapa le moahlodi wa Lekgotla la Molao wa Motheo tlasa
Molao wa Motheo o motjha, mme o tswela pele ho sebetsa ofising karolo ya nako e sa fetang
bolele ba nao ya ho sebetsa jwalo ka ha e balletswe ke karolo ya 176(1) ya Molao wa Motheo o
motjha.
(3) (a) Karolo ya Lekgotla la Boipiletso ya Lekgotla le Phahameng la Afrika Borwa le
fetoha Lekgotla le Phahameng la Boipiletso tlasa Molao wa motheo o motjha.
(b) Motho ofe kapa ofe eo e leng Moahlodi ya ka Sehloohong, kapa Motlatsi ya ka
Sehloohong wa Toka kapa moahlodi wa Karolo ya Boipiletso pejana ha Molao wa Motheo o
motjha o sebediswa, e tla ba Moahlodi ya ka Sehloohong wa Toka, Motlatsi wa Moahlodi ya ka
Sehloohong wa Toka kapa moahlodi wa Lekgotla le Phahameng la Boipiletso tlasa Molao wa
Motheo o motjha.
(4) (a) Karolo ya provense kapa ya selehae ya Lekgotla le Phahameng la Afrika Borwa
kapa Lekgotla le Phahameng la lehaeng kapa karolo e akaretsang ya lekgotla la mofuta oo, e
fetoha Lekgotla le Phahameng tlasa Molao wa Motheo o motjha ho se phetoho ya letho sebakeng
seo le nang le matla a molao, ho ya ka ho arolwa hofe kapa hofe ho nahannweng temananyeng
ya 6.
(b) Mang kapa mang ya sebetsang ofising kapa a thonngwe ho ka sebetsa ofising e le
Moahlodi wa Mopresidente, Motlatsi wa Moahlodi wa Mopresidente kapa moahlodi wa lekgotla
la dinyewe eo a hlalositsweng temaneng ya (a) ha Molao wa Motheo o sebediswa, e tla ba
Moahlodi wa Mopresidente kpa moahlodi wa lekgotla le jwalo la dinyewe ho ya ka Molao wa
Motheo o motjha, ho ya le ka ho arolwa ho nahannweng temanenyaneng ya (6).
(5) Ka ntle ha eba ho se tumellano le tikoloho kapa e sa loka hohang feela, ho hlaloswa
molaong ofe kapa ofe kapa tsamaiso ho -
(a) Lekgotla la Molao wa Motheo ka tlsa Molao wa Motheo wa mehleng, ho tshwanetse ho
amohelwa e le ho bolela Lekgotla la Molao wa Motheo ka tlasa Molao wa motheo o motjha.
(b) Karolo ya Boipiletso ya Lekgotla le Phahameng la Afrika Borwa, e amohelwe e bolela
Lekgotla le Phahameng la Boipiletso; le
(c) Karolo ya provense kapa ya selehae ya Lekgotla le Phahameng la Afrika Borwa kapa
lekgotla le phahameng la lehae kapa karolo e akaretsang ya lekgotla leo e nkwe e bolela Lekgotla
le Phahameng.
(6) (a) Ha ho ka kgoneha ka pele ka mora hoba Molao wa Motheo o motjha o sebediswe
makgotla ohle, mmoho le moralo a ona, sebopeho, tshebetso le matla a tshebetso, le molao o
lokelang, o lokela ho hlophiswa botjha ka sepheo sa ho theha tsamaiso ya toka e tshwanelang
ditlhoko tsa Molao wa Motheo o motjha.
(b) Setho sa Khabinete se ikarabellang ho tsa toka, mme e sebetsa nakwana feela ka mora
therisano le Khomishene ya Ditshebeletso ya Molao, a qale tlhophiso e ntjha e lebeletsweng
temaneng ya (a).
Dinyewe tse so feleng makgotleng
17. Dinyewe tsohle tse neng di so phethwe makgotleng pejana Molao wa Motheo o motjha
o kena tshebetsong di lokela ho phethwa jwalo ka ha eka Molao wa Motheo o motjha o ne o sa
fetiswa, ntle le ha ditshwanelo tsa toka di bontsha ka mokgwa o mong.
Bolaodi ba Botjhutjhisi
18. (1) Karolo ya 108 ya Molao wa Motheo wa mehleng e dula e sebetsa ho fihlela Molao
wa Palamente o lebeletsweng karolong ya 179 ya Molao wa Motheo o motjha o sebediswa.
Temananyana ena ha e ame ho thonngwa ke Motsamaisi wa Setjhaba wa Botjhutjhisi ba Setjhaba
ka dipehelo tsa karolo ya 179.
(2) Mohlahlobikakaretso ya mosebetsing ha Molao ona wa Motheo o sebediswa o tla tswela
pele ka mosebetsi ho ya ka dipehelo tsa molao o amanang le mosebetsi oo, ho sa lebalwe dipehelo
tsa temananyana ya (1).
Dikano le Boitlamo
19. Motho ya tswelang pele a le mosebetsing tlasa dipehelo tsa Shejulu ena a bile a se a entse
kano kapa boitlamo ba mosebetsi tlasa Molao wa Motheo wa kgale, ha a tlamehe hore a phete
kano kapa boitlamo tlasa Molao wa Motheo o motjha.
Metheo e meng ya molao wa motheo
20. (1) Karolong ena "mokgatlo wa molao wa motheo" o bolela -
(a) Mosireletsi wa Setjhaba
(b) Khomishene ya Ditokelo tsa Botho
(c) Khomishene ya Tekano ya Bong
(d) Mohlahlobikakaretso
(e) Sesui sa Dibanka tsa Afrika Borwa
(f) Khomishene ya Matlotlo le Palo ya Matlotlo
(g) Khomishene ya Ditshebeletso tsa Toka
(h) Lekgotla la Puo la Kopanelo la Afrika Borwa
(2) Motheo ofe kapa ofe wa Molao wa Motheo o bopilweng ke Molao wa Motheo wa
mehleng o tla tswela pele ho sebetsa tlasa dipehelo tsa molao o sebetsang ho ona, mme mang kapa
mang ya leng maemong a setho sa khomishene, setho sa lekgotla la Sesui sa Dibanka, kapa
Lekgotla la Puo la Kopanelo la Afrika Borwa, Mosireletsi wa Setjhaba kapa a
Mohlahlobikakaretso ha Molao wa Motheo o mtjha o sebediswa, o tla tswela pele a le maemong
ao ho ya ka molao o sebediswang maemong ao, ho latelwa -
(a) phetolo efe kapa efe kapa ho phumulwa ha molao oo; le
(b) tumellano la Molao wa Motheo o motjha.
(3) Dikarolo tsa 199(1), 200(1),(3) le (5) ho fihlela ho (11) le 201 ho fihlela ho 206 tsa Molao
wa Motheo wa kgale, di tla dula di le tshebetsong ho fihlela di phumulwa ka Molao wa Palamente
o fetisitsweng tlasa dipehelo tsa karolo ya 75 ya Molao wa Motheo o motjha.
(4) Ditho tsa Khomishene ya Tshebeletso ya Toka tse bolelwang karolwaneng ya 105(1)(h)
ya Molao wa Motheo wa kgale ha e sa hlole e le ditho tsa Khomishene ha ditho tseo ho
hlalositsweng karolong ya 178 (1)(i) ya Molao wa Motheo o motjha ba kgethelwa ho ba
mosebetsing.
(5) (a) Lekgotla la Volkstaat le thehilweng tlasa dipehelo tsa Molao wa Motheo wa kgale
le tla tswela pele ho sebetsa tlasa dipehelo tsa molao o etswang o tobaneng le lona, mme mang
kapa mang ya neng a na le maemo ho yona ha Molao wa Motheo o motjha o sebediswa, o tla
tswela pele maemong ao tlasa dipehelo tsa molao o tobaneng le lona, ho ya ka -
(i) hore phetolo kapa ho phumulwa ha molao; mmoho le
(ii) hore o dumellane le Molao wa Motheo.
(b) Dikarolo tsa 184 A, 184 B(1)(a), (b) le (d) tsa Molao wa Motheo wa kgale di dula di
sebetsa ho fihlela di hlakolwa ka Molao wa Palamente o fetisitsweng tlasa dipehelo tsa karolo ya
75 ya Molao wa Motheo o motjha.
Ho fetiswa ha molao o hlokwang ke Molao wa Motheo
21. (1) Moo Molao wa Motheo o qosang hore ho fetiswe molao o etswang wa setjhaba
kapa wa provense, molao oo o lokela ho fetiswa ke bolaodi bo lokelang ka nako e lekaneng ya
mohla Molao wa Motheo o motjha o neng o sebetsa.
(2) Karolo ya 198(b) ya Molao wa Motheo o motjha e ke ke ya sebediswa ho fihlela molao
o lebeletsweng o fetiswa.
(3) Karolo ya 199(3)(a) ya Molao wa Motheo o motjha e ke ke ya sebediswa peledikgwedi
tse tharo di feta ka mora molao o lebeletsweng o fetiswa.
(4) Molao wa Setjhaba o lebeletsweng karolong ya 217(3) ya Molao wa Motheo o motjha o
lokela ho fetiswa pele ho feta dilemo tse tharo tsa mohla Molao wa motheo o motjha o
sebediswang, empa ho hlokeha ha molao o etswang nakong ena ha ho thibele tshebediso ya leano
le hlalositsweng karolong ya 217(2).
(5) Ho fihlela Molao wa Palamente o hlalositsweng karolong ya 65(2) ya Molao wa Motheo
o motjha o fetisitswe, molao wa provense ka nngwe o ka nna wa lekanyetsa tsamaiso ya ona ho
ya ka dipehelo tseo ka tsona matla a fuweng baromuwa ba ona ho e kgethela Lekgotleng la
Setjhaba la Diprovense.
(6) Ho fihlela molao o lebeletsweng karolong ya 229(1)(b) wa Molao wa Motheo o motjha
o fetisitswe, masepala o na le matla a ho beha boholo ba lekgetho, kapa tefello ya thepa eo a
filweng matla a ho a batla ha Molao wa Motheo o qala ho sebediswa.
Kopano ya setjhaba le poelano
22. Le ha ho ena le dipehelo dife kapa dife tse ding tsa Molao wa Motheo o motjha le ka ntle
ho ho phumulwa ha Molao wa Motheo wa kgale, dipehelo tsohle tse tsamaelanang le tshwarelo
e fuperweng Molaong wa Motheo wa mehleng ho ya ka sehlooho sa "Kopano ya Setjhaba le
Poelano" di lokela ho ba karolo ya Molao wa Motheo o motjha mabapi le Molao wa Nthsetsopele
ya Kopano ya Setjhaba le Poelano, wa 1995 (Molao wa 34 wa 1995), jwalo ka ha o fetotswe, ho
kenyeletswa mabaka a yona a bonnete.
Bili ya Ditokelo
23. (1) Molao wa setjhaba o lebeletsweng dikarolong tsa 9(4), 32(2) le 33(3) tsa Molao
wa Motheo o motjha o lokela ho fetiswa nakong ya dilemo tse tharo ho tloha mohlang Molao wa
Motheo o motjha o kenngwang tshebetsong.
(2) Ho fihlela molao o lebeletsweng dikarolong tsa 32(2) le 33(3) wa Molao wa Motheo o
motjha o fetisitswe -
(a) karolo ya 32(1) e lokela ho balwa tjena:
"(1) Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho tseba ditaba kaofela tseo mmuso o di tsebang
kapa e meng ya makala mafapheng afe kapa afe a mmuso ha feela tsebo eo e hlokeha mabapi le
ho phethisa kapa ho boloka tse ding tsa ditokelo tsa tsona."; le
(b) karolo ya 33(1) le ya (2) di lokela ho amohelwa tjena:
"Motho e mong le e mong o na le tokelo ya -
(a) ho ba le ho nka mohato wa molao ha e le hore ditokelo tsa hae kapa ditabatabelo tsa hae
di a hanelwa kapa di bang kotsing;
(b) ka tsamaiso e nepahetseng mohato wa toka wa molao moo e leng hore tse ding tsa
ditokelo kapa ditebello tsa molao tsa bona di a ameha kapa di bang kotsing;
(c) a fuwe mabaka ka ho ngola mabapi le mohato wa taolo a mang ditokelo ife kapa dife tsa
bona le ditabatabelo ka ntle ha eba mabaka a mohato oo a se a phatlaladitswe; le
(d) mohato wa taolo wa toka ho ya ka mabaka a filweng moo ditokelo tsa bona di amehang
teng kapa di bang kotsing.".
(3) Dikarolo tsa 32(2) le 33(3) tsa Molao wa Motheo o motjha di fela ha eba molao o
lebeletsweng dikrolong tseo, ka latellana, ha di a fetiswa ka dilemo tse tharo tsa mohla Molao wa
Motheo o sebediswang.
Taolo ya setjhaba le ditshebeletso tsa tshireletso
24. (1) Dikarolo tsa 82(4)(b), 215, 218(1), 224 ho isa ho 228, 236(1), (2), (3), (6), (7)(b)
le (8) le 237(1) le 239(4) le(5) tsa Molao wa Motheo wa kgale di ntse di le tshebetsong jwalo ka
ha eka Molao wa Motheo wa kgale ha o a phumulwa, ho ya ka -
(a) diphetoho dikarolong tse ngotsweng Sehlomathisong sa D;
(b) diphetoho tse ding kapa ho phumulwa ha dikarolo tseo ka Molao wa Palamente o
fetisitsweng ka tlasa dipehelo tsa karolo ya 75 ya Molao wa Motheo o motjha, ha mmoho le
(c) tumellano le Molao wa Motheo o motjha.
(2) Khomishene ya Tshebeletso ya Setjhaba le dikhomishene tsa ditshebeletso tsa diprovense
tse hlaloswang Kgaolong ya 13 ya Molao wa Motheo wa kgale, di dula di le tshebetsong tlasa
dipehelo tsa Kgaolo eo, mme molao o sebediswang ho yona jwalo ka ha eka Kgaolo eo e
hlakotswe, ho fihlela Khomishene le dikhomishene tsa diprovense di fediswa ka Molao wa
Palamente o fetisitsweng ka dipehelo tsa dikarolo tsa 75 tsa Molao wa Motheo o motjha.
(3) Ho phumulwa ha Molao wa Motheo wa kgale ha ho ame kgoeletso efe kapa efe e
ntshitsweng ho ya ka karolo ya 237(3) ya Molao wa Motheo wa kgale, mme kgoeletso ya mofuta
oo e tla tswela pele tshebetsong, ho ya ka -
(a) phetoho efe kapa efe kapa ho phumulwa; le
(b) tumellano le Molao wa Motheo o motjha.
Ho se atlehe ho kgethweng lekgotleng le etsang molao
25. (1) Mang kapa mang, eo ha Molao wa Motheo o motjha o sebetsa a neng ahlotswe
Rephaboliking nako e fetang kgwedi tse 12 a le tjhankaneng a ne a sa fuwa boikgethelo ba faene,
ha a tshwanela ho kgethelwa ho ba setho sa Seboka sa Setjhaba kapa lekgotla le etsang molao wa
provense.
(2) Ho se atlehe ha motho tlasa dipehelo tsa temanenyana ya (1) -
(a) ho a fela ha kahlolo e ka qhelelwa thoko ha ho entswe boipiletso, kapa nako ya kahlolo
ya fokotswa ha ho entswe boipiletso hore e se hlole e ka mo sitisa, hape
(b) ho fela ha ho feta dilemo tse hlano kahlolo e phethilwe
Mmuso wa selehae
26. (1) Ho fihlela dipehelo tsohle tsa dikarolo tsa 151, 155,156 le 157 tsa Molao wa
Motheo o motjha -
(a) dipehelo tsa Molao wa Phetoho wa Mmuso wa Selehae, wa 1993 (Molao wa 209 wa
1993), jwalo ka ha o ka fetolwa nako le nako ke lekgotla le etsang molao le tsamaelana le Molao
wa Motheo o motjha, o tla dula ho fihlela ka 30 Mmesa 1999 kapa ho fihlala o phumulwa, ho
tswa feela hore ke efe e potlakileng; le
(b) morena wa setjhaba ya hlokometseng melo ya setso mme a dula sebakeng seo e leng sa
lekgotla la phetoho la selehae, lekgotla la phetoho la mahaeng kapa lekgotla la boemedi la
phetoho, le hlalositsweng Molaong wa Phetoho wa Mmuso, wa 1993, mme o hlwailwe jwalo ka
ha o ngotswe karolong ya 182 ya Molao wa Motheo wa kgale, mme e ka ba setho se seng
molaong, se tshwanelang ho ba setho sa lekgotla leo ho fihlela 30 Mmesa 1999 kapa ho fihlela
Molao wa Palamente o fana ka molao o mong.
(2) Karolo ya 245 (4) ya Molao wa Motheo wa mehleng e sa ntse e sebediswa ho fihlela
tshebediso ya karolo eo e ba e fela. Karolo 16(5) le ya (6) Molao wa Mmuso wa Selehae, wa
1993, o ke ke wa hlakolwa pele ho 30 Mmesa 1999.
Poloko ya Molao wa Palamente le Melao ya diprovense
27. Dikarolo tsa 82 le 124 tsa Molao wa Motheo o motjha ha di ame poloko ya Molao wa
Palamente kapa Molao wa Diprovense o fetisitsweng pele Molao wa Motheo o motjha o
sebediswa.
Ho ngodiswa ha leruo le tsitsitseng le ruilweng ke puso
28. (1) Ka ho hlahisa setefikeiti se tswang ho bolaodi bo nang le matla ka hore leruo le
tsitsitseng le ruilweng ke puso le matleng a mmuso o itseng ho ya ka dipehelo tsa karolo ya 239
ya Molao wa Motheo wa kgale, mongodisi wa ditumellano tseo o tlameha ho hlokomela hore
tsohle tse ngotsweng kapa ditiiso kapa bongodisi bo batlehang bofe kapa bofe, lebitso la
ditumellano kapa ditokomane tse ding tsa ho ngodisa leruo le tsitsitseng lebitsong la mmuso.
(2) Ha ho lekgetho, tefello kapa tefo efe kapa efe e tla leshwa ho ya ka ngodiso ho ya ka
dipehelo tsa temananyana ya (1).
SEHLOMATHISO SA A
Diphetolo Shejulung ya 2
ya Molao wa Motheo wa mehleng
1. Phetolo ya karolo ya 1 ka e latelang:
1. "Mekga e ngodisitsweng ho ya ka dipehelo tsa lekgotla la setjhaba le etsang molao mme
le phehisana ka kgetho ya Seboka sa Setjhaba, e tla thonya bonkgetheng ba kgetho eo lenaneng
la bonkgetheng le lokiseditsweng ho latela Shejulu le lekgotla la setjhaba le etsang molao.".
2. Phetolo ya karolo ya 2 ka e latelang:
2. "Maemo Sebokeng sa Setjhaba jwalo ka ha a laotswe ho latela karolo 46 ya Molao wa
Motheo o motjha, e tla tlatswa tjena:
(a) Halofo e nngwe ya memo e mananeong a tswang mabatoweng e rometswe ke mekga ka
ho fapana, ka palo e tsitsitseng ya maemo e ka boloetswe lebatowa ka leng jwalo ka ha le
akantswe ke Khomishene, le mabapi le dikgetho tse tlang tsa Seboka, ho nahanwe le tsebiso ya
saense e teng ya boikarabelo ho latela bakgethi baemedi ba nag le thahasello ba mekga.
(b) Halofo e nngwe ya maemo a tswang mananeong a setjhaba a fuweng ke mekga ka ho
fapana, kapa mananeong a mabatowa moo mananeo setjhaba a sa kang a romelwa.".
3. Phetolo ya ntlha ya 3 ka e latelang:
3. "Mananeo a bonkgetheng bao ho nehelenwang ka bona ke mokga, a tla kenyelaetsa
mabitso a sa feteng palo ya bonkgetheng ba lekanang le palo ya maemo a Sebokeng sa Setjhaba,
mme lenaneo ka leng le tla bontsha mabitso tlhohomisong eo e tsitsitseng ya ka moo ba ratang
jwalo ka ha mokga o ka laolwa.".
4. Phetolo ya ntlha ya 5 ka ho fetola mantswe a tlang pele ho temana ya (a) ka mantswe a
latelang:
"5. Ditulo tseo ho buuwang ka tsona ntlheng ya 2(a) di tla abelwa lebatowa ka leng ho mekga
e phehisanang ka dikgetho, tjena:".
5. Phetolo ya ntlha ya 6 -
(a) ka ho fetola mantswe a tlang pele ho temana ya (a) ka mantswe a latelang:
"6. ditulo tseo ho builweng ka tsona ntlheng ya 2(b) di tla abelwa mekga e phehisanang ka
dikgetho, ka tsela ena:"; le
(b) ka ho fetola temana ya (a) ka temana e latelang:
"(a) Palo ya dikgetho ka tulo ka nngwe e tla hlaloswa ka ho arola palo kaofela ya dikgetho tse
entsweng naheng yohle ka palo ya ditulo tse Sebokeng sa Setjhaba, le se le seng, le sephetho le
se le seng, ho sa natswe dikotwana, e tla palo ya dikgetho ho ya ka ditulo.".
6. Phetolo ya karolo ya ntlha ya 7(3) ka ho fetola temana ya (b) ka temana e latelang:
"(b) Phetolo ya palo ya dikgetho tsa ditho di tla hlaloswa ka ho arola palo kaofela ha yona e
kgethilweng naheng, ho tloswa palo ya dikgetho naheng yohle ho etsetsa mokga o mong oo ho
buisanweng ka ona temaneng ya (a), ka palo ya ditho Sebokeng, le se le seng, ho tloswa palo ya
ditho tse abilweng ha ho qetwa mokgeng oo ho ya ka dipehelo tsa temana ya (a).".
7. Phetolo ya karolo ya10 ka ntlha e latelang:
"10. Palo ya ditho lekgotleng le etsang molao provenseng di tla bewa ho ya ka dipehelo tsa
karolo ya 105 ya Molao wa motheo o motjha.".
8. Phetolo ya ntlha ya 11 ka ho ngola ka ntlha e latelang:
"11. Mekga e ngodisitsweng ho ya ka dipehelo tsa lekgotla le etsang molao la setjhaba mme
di phehisana ka dikgetho tsa lekgotla le etsang molao la provense, le tla kgetha bakgethwa hore
ba kgethelwe lekgotla leo le etsang molao mananeng a provense a lokiseditsweng ho ya ka
Shejulu ena le lekgotla le etsang molao." .
9. Phetolo ya karolo ya 6 ka ntlha e latelang:
"Ho kgethwa ha ditho
16. (i) Ka mora hore ho balwa ha dikgethoho qetwe, palo ya baemedi ba mokga ka mong
o hlalositswe, mme sephetho sa dikgetho se phatlaladitswe ho ya ka dipehelo tsa karolo ya 190
tsa Molao wa motheo o motjha, Molao wa motheo o tla, ka mora matsatsi a mabedi ka mora
phatlalatso, kgetha ho tswa lenaneng ka leng bakgethwa, ba phatlaladitswe ho ya ka molao wa
setjhaba, baemedi ba mokga ka mong lekgotleng le etsang molao.
(2) Ho ya ka kgetho ya dipehelo tsa ntlha e ka tlase ya (1), ha lebitso la mokgethwa le hlahella
hangata mananeng a mang a seboka sa Setjhaba le lekgotla le etsang molao la provense ( ha eba
kgetho ya Seboka le lekgotla le etsang molao a tshwerwe ka nako e le nngwe), mme mokgethwa
eo a tla kgethwa e le moemedi dibakeng tse ngata, mokga o rometseng lenane le jwalo o tla, ka
mora matsatsi a mabedi ka mora phatlalatso e jwalo, hlalosetsa Khomishene hore mokgethwa eo
o tla kgethwa lenaneng lefe kapa mokgethwa o tla sebetsa lekgotleng lefe le etsang molao, ho ya
ka moo a ratang ka teng, mme ho latela maemo ana , lebitso la mokgethwa le tla hlakolwa
mananeng a mang.
(3) Khomishene e tla phatlalatsa ke hona mabitso a baemedi lekgotleng le etsang molao kapa
makgotleng a etsang molao;" .
10. Phetolo ya karolo ya 18 ka ho ngola mantswe ana bakeng sa temana ya (b) ka temana ya
"(b) moemedi o a thongwa jwalo ka moromuwa wa ka mehla Lekgotleng la Setjhaba la
Diprovense;".
11. Phetolo ya ntlha ya 19 ka ntlha e latelang:
"19. Lenane la ditho tsa mokga tseo ho builweng ka tsona ntlheng ya 16 (1) di ka eketswa
nakong e nngwe hang feela nakong ya dikgwedi tsa pele tse latelang mohla kgetho ya baemedi
e seng e qetilwe, e le ho tlatsa dikgeo tsa nakwana: Ka ntle ha eba keketso eo e tla etswa
qetellong ya lenane.".
12. Ho fetolwa ha ntlha ya 23 ka temana e latelang:
"Sekgeo sa mesebetsi
23. (1) Moo e leng hore ho na le sekgeo lekgotleng le etsang molao moo Shejulu ena e
ka sebetsang teng, mokga o kgethileng setho se tlohang se tla tlatsa sekgeo seo ka ho kgetha
setho -
(a) eo lebitso la hae le hlahellang lenaneng la bonkgetheng leo setho se tlohang se neng se
ileng sa kgethwa ho lona, mme
(b) ya latelang ebile a ka ba teng lenaneng.
(2) Kgetho ya ho tlatsa sekgeo e tla romelwa ho Motsamaisi wa dipuisano ka ho ngola.
(3) Ha eba mokga o emetsweng lekgotleng le etsang molao o qhalana kapa o kgaotsa ho
sebetsa mme ditho tseo di lesa ditulo tsa tsona ho ya ka ntlha ya 23A (1), ditulo tseo di tla abelwa
mekga e meng ho ya ka diphetoho jwalo ka ha eka ditulo tseo di ne di lahluwe ho ya ka ntlha ya
7 kapa ya 14, ho ya ka moo ho ka etswang ka teng.".
13. Ho kenyeletswa ha ntlha e latelang ka mora ntlha ya 23:
" Ho ekeletswa ha matla ha ho lahlehelwa ke setho sa makgotla a etsang molao :
23A. (1) Setho se lahlehelwa ke botho ba lekgotla le etsang molao boo Shejulu ena e
sebediswang ho yona ha eba motho eo jwalo ka setho sa mokga o kgethileng motho eo jwalo ka
setho sa lekgotla le etsang molao.
(2) Le ka ntle ho ntlha e nyenayane ya (1) mokga ofe kapa ofe o teng wa dipolotiki o ka fetola
lebitso la ona nako e nngwe le e nngwe feela.
(3) Molao wa Palamente o ka, ho ya ka nako e seng kae ka mora hoba Molao wa motheo o
be teng, fetiswa ho ya ka karolo ya 76(1) ya Molao wa motheo o motjha ho fetola ntlha ena le
ntlha ya 23 ho fana ka mokgwa oo ka ona setho sa lekgotla le etsang molao eo a kgaotsang ho
ba setho sa mokga o mo kgethileng, a boloke botho ba lekgotla le etsang molao.
(4) Molao wa Palamente oo o hlalositsweng ntlhaneng ya (3) o ka fana ka -
(a) mokga ofe kapa ofe o teng o kopane le mokga o mong; kapa
(b) mokga ofe kapa ofe o ikarole hore e be mekga e mengata."
14. Ho hlakolwa ha ntlha ya 24.
15. Ho fetolwa ha ntlha ya 25 -
(a) ka ho fetola tlhaloso ya "Khomishene" ka tlhaloso e latelang:
" Khomishene" e hlalosa Khomishene ya Dikgetho eo ho builweng ka yona karolong ya 190 ya
Molao wa motheo o motjha;"; le
(b) ka ho kenyeletsa tlhaloso e latelang ka mora tlhaloso ya "lenane la setjhaba":
" Molao wa motheo o motjha" o hlalosa Molao wa motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa,
1996;".
16. Ho hlakolwa ha ntlha ya 26.
SEHLOMATHISO SA B
Mmuso wa Setjhaba wa Kopanelo:
Lekala la Setjhaba
1. Karolo ya 84 ya Molao wa motheo o motjha o ikemiseditse ho kenyeletsa dikarolwana tse
latelang:
"(3) Mopresidente a rerisane le Motlatsi wa Mopresidente wa Phethahatso -
(a) nthsetso peleng le phethahatsong ya maano a mmuso wa setjhaba;
(b) mererong yohle e lebaneng le taolo ya khabinete le phethahatsong ya mosebetsi wa
Khabinete;
(c) kabelong ya mesebtsi ho Motlatsi wa Mopresidente wa Phethahatso;
(d) pele a ka kgetha mang kapa mang ho ya ka Molao wa motheo kapa molao ofe kapa ofe,
ho kenyeletswa le ho kgethwa ha lenqosa kapa baemedi bafe kapa bafe ba mmuso;
(e) pele a thonya dikhomishene tsa dipatlisiso;
(f) pele a ka epa pitso ya referendamo; le
(g) pele a ka tshwarela kapa a lokolla batlodi ba molao.".
2. Karolo ya 89 ya Molao wa motheo o motjha o ikemiseditse ho kenyeletsa dintlha tse
latelang tsa karolwana:
"(3) Dikarolwana tsa (1) le tsa (2) di ka sebediswa le ho Motlatsi wa Mopresidente wa
Phethahatso.".
3. Temana ya (a) ya karolo ya 90(1) ya Molao wa motheo o motjha e ikemiseditse hore e balwe
tjena:
"(a) Motlatsi wa Mopresidente wa Phethahatso a kgethilwe ke Mopresidente;"
4. Karolo ya 91 ya Molao wa motheo o motjha e tlameha ho balwa tjena:
"Khabinete
91. (1) Khabinete e bopilwe ka Mopresidente, Motlatsi wa Mopresidente wa Phethahatso
le -
(a) ho se be le Matona a fetang 27 ao e leng ditho tsa Seboka sa Setjhaba mme ba kgethilwe
ho ya ka dipehelo tsa karolwana ya (8) ho fihlela ho ya (12); le
(b) ho se be le Letona le le leng leo e seng setho sa Seboka sa Setjhaba mme le kgethilwe ho
ya ka dipehelo tsa karolwana ya (13), ka ntle ha eba Mopresidente, a sebetsa ho ya ka therisano
le Motlatsi wa Mopresidente wa Phethahatso le baetapele ba mekga e teng, ba bona ho kgathwa
ha Letona le jwalo ho hlokeha.
(2) Mokga ka mong o nang le ditulo tse 80 kapa ditulo tse ngata Sebokeng sa Setjhaba o na
le tokelo ya ho kgetha Motlatsi wa Mopresidente wa Phethahatso ho ditho tsa Seboka.
(3) Ha ho se mokga kapa ho na le mokga o le mong o nang le ditulo tse 80 kapa ho feta
Sebokeng, mokga o nang le ditulo tse ngata ho feta le mokga o hlahellang ka bobedi e le o
moholo ka ditulo ka bomong e na le tokelo ya ho kgetha Motlatsi wa Mopresidente wa
Phethahatso ho ditho tsa Seboka.
(4) Ka ho kgethwa, Motlatsi wa Mopresidente wa Phethahatso a ka ikgethela ho sala kapa
ho kgaotsa ho ba setho sa Seboka.
(5) Motlatsi wa Mopresidente wa Phethahatso a ka nna a sebedisa matla a hae mme a phethise
mesebetsi eo a e tshepetsweng ofising ya Motlatsi wa Mopresidente wa Phethahatso ho ya ka
Molao wa motheo kapa a kgetheilwe ke ho sebtsa ofising eo ke Mopresidente.
(6) Motlatsi wa Mopresidente wa Phethahatso o tshwara marapo -
(a) ho fihlela 30 Mmesa 1999 ka ntle ha eba a ka tshwarelwa ke e mong kapa a bitswa ke
mokga o tlamehang ho kgetha ho ya ka dipehelo tsa karolwana ya (2) le ya (3); kapa
(b) ho fihlela motho ya kgethilweng ho ba Mopresidente ka mora kgetho efe kapa efe ya
Seboka sa Setjhaba e tshwerweng pele ho 30 Mmesa 1999, a qala ho sebetsa.
(7) Sekgeo ofising ya Motlatsi wa Mopresidente wa Phethahatso se ka tlatswa ke mokga oo
Motlatsi wa Mopresidente a o kgethetsweng.
(8) Mokga o nang le ditulo tse 20 Sebokeng sa Setjhaba mme o ikemiseditse ho kenya letsoho
mmusong wa kopanelo, o na le tokelo ya ho abelwa mosebetsi o le mong kapa e mengata ya
Khabineteho ya ka moo Matona a hlalositsweng ka teng karolwaneng ya (1)(a) a tla kgethwa, ho
ya le ka palohare ya ditulo tse tshwerweng ke ona Sebokeng sa Setjhaba ka ho tshwana le palo
ya ditulo tse tshwerweng ke mekga e teng.
(9) Mesebetsi ya Khabinete e abelwe mekga e sebetsang mmoho ho ya ka moralo o latelang:
(a) Palo ya ditulo ho ya ka mosebetsi e laolwe ka ho arola palo yohle ka ditulo Sebokeng sa
Setjhaba se tshwerweng mmoho le mekga e sebetsang mmoho ka palo ya mesebetsi ho ya ka moo
Matona a hlalositsweng ka teng karolwaneng ya (1) (a) a kgethilwe, le le le leng.
(b) Sephetho, ho sa natswe didesimale tsa boraro le tse latelang, ha eba di teng, ke palo ya
ditulo ho ya ka mosebetsi.
(c) Palo ya mesebetsi e ka ajwang mokgeng o sebetsang mmoho o laolwaka ho arola palo
yohle ya ditulo tse tshwerweng ke mokga Sebokeng sa Setjhaba ka palo e hlalositsweng temaneng
ya (b).
(d) Sephetho, ho ya ka temana ya (e), e bontsha palo ya mesebetsi e ka abelwang mokga oo.
(e) Moo tshebediso ya moralo ona o ka hodimo o ka tswalang keketso teng e sa nyamela ka
lebaka la palo ya mesebetsi e abetsweng mokga, keketso e tla phehisana le dikeketso tse ding tse
tshwanang le tsona tse tswang mokgeng o mong kapa mekgeng e meng, mme mosebetsi ofe kapa
ofe kapa mesebetsi efe kapa efe e sa ajwang e belwe mokga kapa mekga e amehang ka tatelano
ya keketso e hodimodimo.
(10) Ka mora ho hoba Mopresidente a buisane le Batlatsi ba Bapresidente ba Phethahatso le
baetapele ba mekga e sebetsang mmoho ba lokela ho -
(a) laola mesebetsi ya bohlokwa e tla abelwa mekga e sebedisanang ka ho fapana ho ya ka
palo ya mesebetsi ya ona ho ya ka karolwana ya (9);
(b) a kgethe ho ya ka mosebetsi ka mong setho sa Seboka sa Setjhaba seo e leng setho sa
mokga oo mosebetsi oo o abetsweng ho ya ka temana ya (a), jwalo ka Letona le ikarabellang
mosebetsing oo;
(c) ha ho hlokeha mabapi le Molao wa Motheo kapa ho kgotsofatsa mmuso o sebetsang
hantle, fapanya ho laolwa ho ya ka temana ya (a), ho ya ka karolwana ya (9);
(d) a fedise ho kgethwe hofe kapa hofe ho ya ka temana ya (b) -
(i) ha eba Mopresidente o kotjwa ho phethisa ka tsela eo ke moetapele wa mokga oo Letona
ka bolona e leng setho; kapa
(ii) ha ho ka hlokeha hore ka lebaka la Molao wa Motheo kapa ka lebaka la mmuso o
sebetsang hantle; kapa
(e) a tlatse, ha ho hlokeha, ho ya ka temana ya (b), sekgeo ofising ya Letona.
(11) Karolwana ya (10) e lokela ho sebediswa ho ya ka maikutlo ao a fuperweng ke kutlwisiso
ya mmuso wa setjhaba wa kopanelo, mme Mopresidente le basebetsi ba bang ba amehang ba
lokela hore ha ho sebediswa karolwana eo ba leke ho utlwana ka mehla: Ka ntle ha eba kutlwano
e ke ke ya fihlellwa ka -
(a) ho phethisa matla ao a hlalositsweng temaneng ya (a), (c) kapa (d)(ii) ya karolwana eo,
qeto ya Mopresidente ke yona e tla amohelwa;
(b) ho phethiswa ha matla ho hlalositsweng temaneng ya (b), (d)(i) kapa (e) ya karolwana eo
mme e ama motho eo e seng setho sa mokga wa Mopresidente, qeto ya moetapele wa mokga oo
motho eo e leng setho e a amohelwa; mme
(c) ho sebediswa ha matla ao ho boletsweng ka ona serapeng sa (b), (d) (i) kapa (e) ya
karolwana eo e amang motho eo e leng setho sa mokga wa Mopresidente, qeto ya Mopresidente
ke yona e tla nkuwa.
(12) ha eba ho laolwa ha mosebetsi ho a abelwa mme ho fapane ho ya ka karolwana ya (10)(c),
Matona a amehang a kgaotse ho sebetsa empa a ka nna a kgethwa moo ho hlokehang teng, mme
hore a tle a kgethwe hape mesebetsing e meng e ka ajwang ho ya ka mekga ya ona le ho ya ka ho
laolwa ho fapaneng.
(13) Mopresidente -
(a) ka puisano le Batlatsi ba Bapresidente ba Phethahatso le baetapele ba mekga e sebetsang
mmoho, ba lokela ho -
(i) laola mesebetsi e ikgethileng mabapi le Letona ka moo ho hlalositsweng ka teng
karolwaneng ya (1) (b) ha ho hlokeha ka kopo ya qeto ya Mopresidente ho ya ka karolwana eo;
(ii) a kgethe ho ya ka mosebetsi oo motho eo e seng setho sa Seboka sa Setjhaba, jwalo ka
Letona le ikarabellang mosebetsing oo; mme
(iii) a tlatse, ha ho hlokeha, sekgeo ho ya ka mosebetsi oo; kapa
(b) ka mora ho hore a buisane le Batlatsi ba Bapresidente ba Phethahatso le baetapele ba
mekga e sebedisanang, ba kgaotse kgetho efe kapa efe ho ya ka temana ya (a) ha ho hlokeha
lebaka la Molao wa Motheo kapa ka lebaka la mmuso o sebetsang hantle.
(14) Dikopano tsa Khabinete di lokela hore di etellwe pele ke Mopresidente, kapa, ha eba
Mopresidente a ka laela jwalo, di etellwe pele ke Motlatsi wa Mopresidente wa Phethahatso: Ka
ntle ha eba Batlatsi ba Bapresidente ba Phethahatso e le badilasetulo ba Khabinete ka ho fapana
ka ntle hape ha eba ho na le mabaka a tlamang a mmuso le maikutlo a fuperweng monahanong
wa mmuso wa setjhaba wa kopanelo.
(15) Khabinete e sebetse ka tsela eo ho ka utlwanang ka yona ho ya ka maikutlo a fuperweng
monahanong wa mmuso wa setjhaba wa kopanelo le ho ba le mmuso o atlehileng."
5. Karolo ya 93 ya Molao wa Motheo o motjha e tlameha ho balwa tjena:
"Kgetho ya Batlatsi ba Matona
93. (1) Mopresidente a ka nna a, ka mora ho hoba a buisane le Batlatsi ba Bapresidenteba
Phethahatso le baetapele ba mekga e sebedisanang Khabineteng, ba thehe mesebetsi ya batlatsi
ba matona.
(2) Mokga o tlameha ho abelwa mosebetsi o le mong kapa e mengata ya motlatsi wa letona
ka palohare e tshwanang le ho ya ka moralo oo mesbetsi ya Khabinete e abetsweng ka teng.
(3) Dipehelo tsa karolo ya 91(10) ho ya ho ya (12) di a sebetsa, mme tshebetsong eo ho
hlaloswa karolong eo ho Letona kapa lefapaha le lokela ho balwa jwalo ka tlhaloso ho Motlatsi
wa Letona kapa mosebetsi wa motlatsi wa letona, ka ho latelana.
(4) Ha eba motho o kgethilwe hore e be Motlatsi wa Letona la lefapha lefe kapa lefe le
tshepetsweng Letona -
(a) Motaltsi wa Letona o lokela ho phethisa matla le ho sebetsa a thusa Letona le amehang
ka matla afe kapa afe le mosebetsi o abetsweng Letona leo ho ya ka molao oa entsweng kapa a
ka nna a, ho ya ka ditataiso tsa Mopersidente, abelwe ho Motlatsi eo wa Letona ke Letona leo;
mme
(b) ho hlaloswa molaong ofe kapa ofe ho ya ka Letona leo o lokla ho amohelwa jwalo ka ha
o kenyeletsa tlhaloso ho Motlatsi wa Letona mme a sebetsa ho ya ka dipehelo tsa kabelo ya
temana ya (a) ho ya ka Letona leo Motlatsi wa Letona a sebetsang sebakeng sa hae.
(5) Ka mehla ha Motlatsi wa Mopresidente a le siyo kapa a hloleha ho phetha matla a hae
kapa ho sebetsa ofising, Mopresidente a ka nna a kgetha Motlatsi e mong wa Mopresidente kapa
motho e mong ho nka sebaka sa Motalatsi wa Mopresidente, e ka ba ka kakaretso kapa ka ho
phetha kapa ka tshebetso efe kapa efe kapa mosebetsi.".
6. Karolo ya 96 ya Molao wa Motheo o motjha e tlameha ho kenyeletsa dikarolwana tse
latelang tsa kekeletso:
"(3) Matona a ikarabella ka bomong ho Mopresidente le ho Seboka sa Setjhaba ho laoleng
mafapha a bona, mme ditho tsohle tsa Khabinete ba ikarabella ka ho fapana mmoho mesebetsing
ya bona ya mmuso wa setjhaba le maano a ona.
(4) Matona a laole mafapha a ona ho ya ka leano le laolwang ke Khabinete.
(5) Ha eba Letona le hloleha ho laola lefapha ho ya ka leano la Khabinete, Mopresidente a ka
batla hore Letona le amehang le sebetse ho ya ka leano.
(6) Ha eba Letona le amehang le hloleha ho sebetsa ho ya ka ditlhoko tsa Mopresidente ho
ya ka karolo ya (5), Mopresidente a ka nna a tlosa Letona mosebtsing -
(a) Ha eba ke Letona le hlalositsweng karolong ya 91(1)(a), ka mora ho buisanwe le Letona
le, ha eba Letona ha se setho sa mokga wa Mopresidente kapa e se moetapele wa mokga o
sebetsang mmoho, le ka mora dipuisano le moetapele wa mokga wa Letona; kapa
(b) ha eba ke Letona le hlalositsweng karolong ya 91(1)(b), ka mora puisano le Batlatsi ba
Bapresidente ba Phethahatso le baetapele ba mekga e sebetsang mmoho.."
SEHLOMATHISO SA C
Mmuso wa Kopano ya setjhaba:
Lekaleng la Provense
1. Karolwana ya 132 ya Molao wa Motheo o motjha e tlameha ho balwa tjena:
"Makgotla a Phethahatso
132. (1) Lekgotla la Phethahatso la provense le na le Tonakgolo le ditho tse sa feteng tse
10 tse kgethilweng ke Tonakgolo ho ya ka karolo ena.
(2) Mokga o nang le ditulo tsa diphesente tse 10 lekgotleng la molao la provense mme o nkile
qeto ya ho sebetsa mmoho le mmuso wa setjhaba wa kopanelo, o na le tokelo ya ho abelwa
lefapha le le leng kapa a mangata a Lekgotla la Phethahatso ho ya ka palohare ya ditulo tse
thswerweng ke yona lekgotleng la molao ka ho lekana le palo ya ditulo tse tshwerweng ke mekga
e meng e sebetsang mmoho.
(3) Mafapha a Lekgotla la Phethahatso le lokela ho abelwa ho mekga e fapaneng e sebetsang
mmoho ho ya ka moralo o balletsweng karolong ya 91(9), mme ha ho sebediswa moralo oo
karolong eo -
(a) Khabinete, e lokela ho balwa jwalo ka ha e hlalosetswa Lekgotla la Phethahatso;
(b) Letona, o lokela ho balwa e le tlhaloso ya setho sa Lekgotla la Phethahatso; le
(c) Seboka sa Setjhaba, se balwe e le tlhaloso ya lekgotla la molao la provense.
(4) Tonakgolo ya provense ka mora ho hoba a buisane le baetapele ba mekga e setsang
mmoho o lokela ho -
(a) laola mafapha a fapaneng a tla abelwa mekga e fapaneng e sebetsang mmoho ho ya ka palo
ya mafapha abetsweng ona ho ya ka karolwana ya (3);
(b) a kgethe ho ya ka mafapha ao setho sa lekgotla la molao sa provense seo e leng setho sa
mokga oo lefapha le abetsweng ka teng ho ya ka temana ya (a), jwalo ka setho sa Lekgotla la
Phethahatso le ikarabellang lefapheng leo;
(c) ha eba ho a hlokeha hore ka lebaka la Molao wa Motheo kapa ka lebaka la mmuso o
sebetsang hantle, ho fapana ha ho laolwa hofe kapa hofe ho ya ka temana ya (a), ho ya ka
karolwana ya (3);
(d) kgaotsa ho kgathelwa mosebetsi ho ya ka temana ya (b) -
(i) ha Tonakgolo a kotjwa ho phethisa jwalo ke moetapele wa mokga oo setho sa Lekgotla
la Phethahatso lona leo e le setho; kapa
(ii) ha eba ho hlokeha ka lebaka la Molao wa Motheo kapa ka lebaka la mmuso o sebetsang
hantle; kapa
(e) tlatsa, ha ho hlokeha, ho ya ka temana ya (b), sekgeo sa mosebetsi ofising ya setho sa
Lekgotla la Phethahatso.
(5) Karolwana ya (4) e lokela ho sebediswa ho ya ka maikutlo a fuperweng monahanong wa
mmuso wa setjhaba wa kopanelo, mme Tonakgolo le basebetsi ba bang ba amehang ba lokela ho
dumellana ka mehla ha ho sebediswa karolwana eo: Ka ntle ha eba kutlwisiso eo e ke ke ya
fihlellwa ka ho -
(a) phethwa ha matla ao a hlalositsweng temaneng ya (a), (c) kapa (d)(ii) ya karolwana, qeto
eo Tonakgolo a e nkileng e a amoheleha;
(b) phethwa ha matla ho hlalositsweng temaneng ya (b), (d)(i) kapa (e) ya karolwana eo e
amamng motho eo e seng setho sa mokga wa Mopresidente, qeto ya moetapele wa mokga oo
motho eo e leng setho ho ona e a amoheleha; le
(c) phethwa ha matla ao ho halositsweng ka ona temaneng ya (b) kapa (e) ya karolwana eo
e amang motho eo e leng setho sa mokga wa Mopresidente, qeto eo Mopresidente a e nkileng e
amoheleha.
(6) Ha eba ho laolwa hofe kapa hofe hwa lefapha la kabelo e fapane ho ya ka karolwana ya
(4)(c), ditho tse amhehang di lokela ho kgaotsa ho sebetsa empa di ka kgethwa, moo ho
hlokehang, hore di ka kgethelwa mosebetsi hape ho ya ka mafapha a abetsweng mekga ya tsona
e fapaneng ya ho fapana ha taolo.
(7) Dikopano tsa Lekgotal la Phethahatso di lokela etellwa pele ke Tonakgolo ya provense.
(8) Lekgotla la Phethahatso le lokela ho sebetsa ka tsela e tlisang kutlwano ho ya ka maikutlo
a monahano wa mmuso wa setjhaba wa kopanelo, le ka lebaka la mmuso o sebetsang hantle.".
2. Karolo ya 136 ya Molao wa Motheo o motjha e tlameha ho kenyeletsa dikarolwana tse
latelang:
"(3) Ditho tsa Makgotla a Phethahatso a na le boikarabelo ka bomong ho Tonakgolo le
lekgotla le etsang molao taolong ya mafapha, mme ditho tsohle tsa Lekgotla la Phethahatso di na
le boikarabelo ha mmoho ka ho tshebetso ya mmuso wa provense le maano a ona.
(4) Ditho tsa Makgotla a Phethahatso a lokela ho laola mafapha a ona ho ya ka leano la
Makgotla.
(5) Ha eba setho sa Lekgotla la Phethahatso le hloleha ho laola lefapha ho ya ka leano la
Lekgotla, Tonakgolo a ka nna a batla hore setho se amehang se sebetse mmoho le leano leo.
(6) Ha eba setho se amehang se hloleha ho phethisa ditlhoko tsa Tonakgolo ho ya ka
karolwana ya (5), Tonakgolo a ka tlosa setho mosebetsing ka mora puisano le setho, mme ha eba
setho ha se setho sa mokga wa Tonakgolo kapa ha se moetapele wa mokga o sebetsang mmoho,
le ka mora puisano le moetapele wa mokga wa setho seo.".
Sehlomathiso sa D
Taolo ya setjhaba le ditshebeletso tsa tshireletso: Diphetolo dikarolong tsa kgale tsa Molao wa
Motheo
1. Phetolo ya karolo ya 218 ya Molao wa Motheo wa kgale -
(a) ka ho tlosa karolwana ya (1) mantswe a etellang temana ya (a) pele ka mantswe a latelang:
"(1) Ho ya ka ditataiso tsa Letona la Polokeho le Tshireletso, Khomishenara wa Setjhaba o tla
ikarabella ho -
(b) ka ho tlosa temana ya (b) ya karolwana ya (1) ka temana ena e latelang:
"(b) ho kgethwa ha dikhomishenara tsa provense,",
(c) ka ho tlosa temana ya (d) ya karolwana ya (1) ka temana e latelang:
"(d) phuputso le thibelo ya bosenyi bo rerilweng kapa bosenyi bo batlang phuputso ya setjhab le
thibelo kapa bokgoni bo ikgethileng,",le
(d) ka ho tlosa temana ya (k) ya karolwana ya (1) ka temana ena e latelang:
"(k) ho thehwa le ho boloka yuniti ya leano ya tlhophiso ya setjhaba hore e tle e sebediswe ho
tshehetsa le ka kopo ya Khomishenara ya Provense,".
2. Phetolo ya karolo ya 219 ya Molao wa Motheo ya kgale ka ho tlosa karolwana ya (1)
mantswe a etellang temana ya (a) pele ka mantswe a latelang:
"(1) Ho ya ka karolo ya 218(1), Khomishenara ya Provense o tla ba le boikarabelo ba ho -
3. Phetolo ya karolo ya 224 ya Molao wa Motheo wa kgale ka ho tlosa karolwana ya (2) ka
phehiso e latelang:
"Ka ntle ha eba karolwana ena e tla sebediswa ho ditho dife kapa dife tsa sesole tse
rometseng lenane la tsona la basebetsi ka mora ho thehwa ha temana ya molao wa motheo jwalo
ka ha e nahannwe karolong ya 73 ya Molao oo wa Motheo, ha eba mokga wa dipolotiki o ka tlsa
taolo ya le tsamaiso o ikemetse kapa o tsamaelana le ona mme le maikemisetso a ona a
ntshetswang pele o ile wa kenya letsoho Lekgotleng la Phethahatso la Phetoho kapa o ile wa
kenya letsoho dikgethong tsa pele tsa Seboka sa Setjhaba le makgotla a molao a provense ho ya
ka Molao wa Motheo o hlalositsweng.".
4. Phetolo ya karolo ya 227 ya Molao wa Motheo wa kgale k ho tlosa karolwana ya (2) ka
karolwana e latelang:
"(2) Lebotho la Tshireletso la Setjhaba le tla phethisa matla a lona le mesebetsi ya lona mabapi
le ditlhoko tsa setjhaba feela ho ya ka dintlha tsa Kgaolo ya 11 ya Molao wa Motheo wa
Rephaboliki ya Afrika Borwa, 1996.".
5. Phetolo ya karolo ya 236 ya Molao wa Motheo wa kgale -
(a) ka ho tlosa karolwana ya (1) ka karolwana e latelang -
"(1) tshebeletso ya setjhaba, lefapha la mmuso, taolo kapa tshebeletso ya tshireletso eo pele ho
ho thehwa ha Molao wa Motheo ka pele wa Rephaboliki ya Afrika Borwa, 1996 ( o bitswang
"Molao wa Motheo o motjha"), o phethile mesebtsi ya mmuso, o sa sebetsa ho ya ka molao o
entsweng o sebetsang ho ona ho fihlela o fedisitswe kapa o sebedisana kapa o kopantswe
mokgatlong o nepahetseng kapa o arotswe kapa o matlafaditswe le mokgatlo ofe kapa ofe.".
(b) ka ho tlosa karolwana ya (6) ka karolwana e latelang:
"(6) (a) Mopresidente a ka nna a kgetha khomishene ho lekola ho
phethwa kapa ntshetsopele, kapa melemo e meng, kapa ho nehelwa ha ntlha
e nngwe kapa lebaka la tshebetso kapa molemo o mong, o hlahileng
mahareng a 27 Mmesa 1993 le 30 Mphalane 1994 ho ya ka motho e mong le
e mong ya hlalositsweng karolwaneng ya (2) kapa sehlopha sefe kapa sefe
sa batho ba jwalo.
(b) Khomishene e ka kgutlisetsa morao kapa ya fetola tumellano, ho
kgethelwa mosebetsi, ho phahamiswa kapa putsa ha ho sa loka kapa ho
loketse ho ya ka mabaka.".
(c) ka ho tlosa "Molao ona wa Motheo" , hohle moo o hlahellang teng karolong ya 236, ka
"Molao wa Motheo o motjha".
6. Phetolo ya karolo ya 237 ya Molao wa Motheo wa kgale -
(a) ka ho tlosa temana ya (a) ya karolwana ya (1) ka temana e latelang:
"(a) ho arolwa ha mekgatlo yohle e hlalositsweng karolong ya 236(1), ho sa kenyeletswe
mabotho a tshireletso a hlalositsweng karolong ya 224(2), o tla tswela pele ka mora ho thehwa
ha Molao wa Motheo wa Rphaboliki ya Afrika Borwa, ya 1996, ka tjhadimo ya ho theha -
(i) taolo e matla lefapheng la setjhaba e le hore le sebetse le ditaba tse taolong ya lefapha la
setjhaba; le
(ii) taolo e matla ya provense e nngwe le e nngwe hore e sebetse le ditaba tse taolong ya
mmuso wa provense ka nngwe.".
(b) ka ho tlosa temana e nyenyane ya (i) ya karolwana ya (2)(a) ka temena e nyenyane e
latelang:
"(i) mekgatlo e hlalositsweng karolong ya 236(1), ho sa kenyeletswe mabotho a sesole, e tala
sala le mmuso wa setjhaba, a tla bontshang boikarabelo ka ho sebedisana le mebuso ya provense;".
7. Phetolo ya karolo ya 239 ya Molao wa Motheo wa kgaleka ho tlosa karolo ya (4) ka
karolwana e latelang:
"(4) Ho ya ka le ho latela molao ofe kapa ofe o sebediswang, maruo,ditokelo, mesebetsi le
boikarabelo ba makala ohle ao ho hlalositsweng ka ona karolong ya 224(2) a tla itshetleha hodima
Lebotho la Tshireletso la Setjhaba ho ya ka ditataiso tsa Letona la Tshireletso.".
SHEJULU YA 7
MELAO E PHUMUTSWENG
NOMORO LE SELEMO SEHLOOHO
SA MOLO
Molao 200 wa 1993 Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa wa
1993
Molao wa 2 wa 1994 Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa wa
1994
Molao wa 3 wa 1994 Molao wa Motheo wa Rephaboloki ya Afrika Borwa wa 1994
Molao wa 13 wa 1994 Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa
wa 1994
Molao wa 14 wa 1994 Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa
wa 1994
Molao wa 24 wa 1994 Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa
wa 1994
Molao wa 29 wa 1994 Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa
wa 1994
Molao wa 20 wa 1995 Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa
wa 1995
Molao wa 44 wa 1995 Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa
wa 1995
Molao wa 7 wa 1996 Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa wa
1996
Molao wa 26 wa 1996 Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa
wa 1996
DIKAHARE
(Hlokomela hore: Dinomoro ditsamayelana le melaoana ya moloatheo)
Pina ya setjhaba, 4
Mohlahlobi kakaretso, 181, 188
Bili ya Ditokelo -
Ho fihlella makgotla, 34
Ho fihlella tsebo, 32
Ho kopa mosebetsi, 8
Ho tshwarwa, ho kwallwa le batho ba molato, 35
Seboka, mohwanto wa boitseko, diphetishene, 17
Bana, 28
Baahi, 20
Ditjhaba tsa setso, bodumedi le puo, 31
Thuto, 29
Qobello ya tshebediso ya ditokelo, 38
Tikoloho, 24
Tekano, 9
Seriti sa Botho, 10
Bolokolohi le Tshireletso ya Motho, 12
Bolokolohi ba kamano, 18
Bolokolohi ba ho bua, 16
Bolokolohi ba ho hahlaula le ho jaka, 21
Bolokolohi ba bodumedi, tumelo le monahano, 15
Bolokolohi ba kgwebo, mosebetsi le boithuti ba mosebetsi, 22
Tlhokomelo ya bophelo bo botle, dijo, metsi le tshireletso ya phedisano, 27
Kaho ya matlo26,
Phetolelo, 39
Dikamano ya Mosebetsi, 23
Puo le Setso, 30
Bophelo, 11
Sephiri, 14
Leruo, 25
Ho phethahatswa feela ha taolo, 33
Ketso ya taolo ya toka, 36
Ditokelo tsa dipolitiki, 19
Bokgoba, bofo le kgatello ya mosebetsi, 13
Maemo a qomatsi, 37
Bolaodi ba kgaso, 181, 192
Ditekanyo, 215
Banka e Bohareng, 233 - 225
Mmuso wa Tshebedisano, 41
Khabinete, 91-99, 101, 102
Khomishene ya Tekano ya Bong, 181, 187
Khomishene ya Ntshetsopele le Tshireletso ya ya Ditokelo tsa Setso, Bodumedi le Puo ya
Setjhaba, 181, 185, 186
Melao e Lwantshanang, 146 - 150
Makgotla a Molao -
Lekgotla la Molao wa Motheo, 167
Makgotla a Maholo, 169
Makgotla a Mmaseterata le makgotla a mang, 170
Bookamedi mabapi le ditaba tsa molao wa motheo, 172
Lekgotla le Phahameng la Boipiletso, 168
Tshireletso, 200 - 204
Khomishene ya Dikgetho, 181, 190, 191
Mekgwa ya tsamaiso ya Dikgetho ya basebetsi ba mmuso ba Molao wa Motheo, Shejulu ya 3
Karolo ya A
Bookamedi ba Phethahatso -
diprovense, 125
Rephaboliki, 85
Makgotla a Phethahatso/ a Provense, 132 - 141
Ditjhelete/ Setjhaba, 213, 214, 216, 217
Ditaba tsa Matlotlo a Selehae le a Provense, 226 - 230
Khomishene ya Matlotlo le Taolo ya Matlotlo, 220 - 222
Folakga, 5
Tshehetso ya mekga ya dipolotiki ka tjhelete, 236
Khomishene ya Ditokelo tsa Botho, 181, 184
Bookamedi bo Ikemetseng bo Laolang Kgaso, 192
Dihlwedi, 209, 210
Molao wa Matjhaba, 231 - 233
Bookamedi ba Toka, 165
Basebetsi ba mmuso ba Toka, 174 - 177
Khomishene ya Tshebeletso ya Toka, 178
Tsamaiso ya Toka, 166
Dipuo, 6
Ketso ya Molao, 73 - 82
Bookamedi ba Lekgotla le etsang molao, 43, 44
Mmuso wa Selehae, 152, 163
Bomasepala, 151 - 164
Seboka sa Setjhaba -
Sebopeho le dikgetho, 46
Diqeto, 53
Bopaki kapa tsebo ya seboka sa Setjhaba, 56
Matla, 55
Ho fihlela ha Setjhaba, 59
Lekgotla la provense la Setjhaba -
Kabo ya boromuwa, 61
Popeho ya Lekgotla la Setjhaba, 60
Diqeto, 65
Bopaki Kapa tsebiso e behetsweng Lekgotla la Setjhaba, 69
Mokwa wa ho nahana ho kenya letsoho ha Mokga Schedule B, part 3
Ho kenya letsoho ha baemedi ba mmuso wa selehae, 67
Baromuwa ba ka mehla, 62
Matla a Lekgotla la Setjhaba, 68
Ho fihlella ha setjhaba, 72
Palamente, 42
Sepolesa, 205 - 208
Ditonakgolo, 127 - 130
Mopresidente, 83 - 89
Bookamedi ba Botjhutjhisi, 179
Diprovense, 103
Molao wa Motheo wa Provense, 142 - 145
Makgotla a etsang molao a Provense, 104 - 121
Ho kopa mosebetsi ha ditho tsa Lekgotla la Molao wa Motheo, 122
Ditswanelo tsa baemedi ba Ka Mehla, 113
Taolo ya Setjhaba, 195
Khomishene ya Tshebeteso ya Setjhaba, 196
Tshebetso ya Setjhaba, 197
Mosireletsi wa Setjhaba, 181, 182
Ditshebeletso tsa Tshireletso, 198, 199
Maikemisetso, 235
Boholo ba Molao wa Motheo, 2
Marena, 211, 212
Molao wa Motheo
wa Rephaboliki ya Afrika Borwa, 1996
Jwalo ka ha o amohetswe ka 8 Motsheanong 1996
mme wa fetolwa ka 11 Mphalane 1996 ke Seboka
sa Molao wa Motheo
Molao o le mong wa Setjhaba se le seng
Dikahare
Tlhekelo 1
Kgaolo ya 1 3
Dipehelo tsa Motheo
Kgaolo ya 2 5
Bili ya Ditokelo
Kgaolo ya 3 22
mmuso wa tshebedisano
Kgaolo ya 4 24
Palamente
Kgaolo ya 5 46
Mopresidente le lekgotla la setjhaba la
phethahatso
Kgaolo ya 6 53
Diprovense
Kgaolo ya 7 73
Mebuso ya metse
Kgaolo ya 8 81
Makgotla le Taolo ya Toka
Kgaolo ya 9 91
Metheo ya puso e tshehetsang puso ya setjhaba
ka setjhaba ya melao wa motheo
Kgaolo ya 10 98
Taolo ya setjhaba
Kgaolo ya 11 103
Ditshebeletso tsa tshireletso
Kgaolo ya 12 110
Marena
Kgaolo ya 13 111
Ditjhelete
Kgaolo ya 14 120
Dipehelo tse akaretsang
Shejulu ya 1 124
Folakga ya Naha
Shejulu ya 2 125
Dikano le boitlamo ba Presidente le
Shejulu ya 3 129
Ditsamaiso tsa dikgetho
Shejulu ya 4 133
Dibaka tsa tshebetso tsa bokgoni tsa
tshebedisano ya setjhaba le lekgotla la
molao wa provense
Shejulu ya 5 136
Dibaka tsa Mesebetsi tse Ikgethileng tsa
Lekgotla le Kgonang la Molao la Provense
Shejulu ya 6 138
Ditlhophiso tsa Nakwana
Shejulu ya 7 170
Melao e phumutsweng
Dikahare 172

Universal Declaration of Human Rights
Southern Sotho/Sotho/Sesotho/Sutu/Sesutu Version
Source: Diffusion Multilingue des Droits de l'Homme (DM, South Africa, Lesotho)
TOTOBATSO E AKARETSANG YA DITOKELO TSA BOTHO
TLHEKELO
Ka hona he, ho amohela seriti seo motho a tswalwang le sona ha mmoho le ditokelo tse lekanang tseo motho a ke keng a di amohuwa tsa batho bohle, ke mohlodi wa tokoloho, toka le kgotso lefatsheng.
Ka hona he, ho se natse le ho tella ditokelo tsa botho, ho tswetse diketso tsa bohlaha tse tamukantseng letswalo la batho, mme tsena di entse hore ho labalabelwe lefatshe leo ho lona batho ba tlang ho thabela bolokolohi ba ho bua le tumelo, le bolokolohi ditlamong tsa matswalo le bohloki. Tsena he ho thwe ke tabatabelo e hodimodimo ya batho ka kakaretso.
Ka hona he, ho a hlokahala, ha motho a sa dumellwa ho ba le boipiletso, e le monyetla wa ho qetela, hore a hanane le tlatlapo le kgatello. Ka lebaka lena ditokelo tsa botho di tlamehile ho sireletswa ke taolo ya molao.
Ka hona he, taba ya bohlokwa ke ho kgothallesta ntshetsopele ya dikamano tsa setwalle matjhabeng.
Ka hona he, batho ba Matjhaba a Kopaneng, ho molao wa motheo wa bona, ba tiisa botjha tumelo ya bona ya ditokelo tsa motheo tsa botho, seriti le bohlowa ba motho, ha mmoho le ditokelo tse lekanang tsa banna le basadi, mme ba dumellane ho kgothalletsa ntshetsopele ya kahisano le maemo a betere a bophelo bolokolohing bo namileng.
Ka hona he, Dinaha tsa Mokgatlo ona di itlamile ho fihlella , ka tshebetsommoho le Matjhaba a Kopaneng, ntshetsopele ya tlhonepho e akaretsang ha mmoho le poloko ya ditokelo tsa botho le bolokolohi ba motheo.
Ka hona he, kutlwisiso e akaretsang ya ditokelo le bolokolohi bona ke taba ya bohlokwahadi ho fihlella kano ena.
JWALE HE,
Seboka se Akaretsang
Se phatlalatsa Totobatso e Akaretsang ya Ditokelo tsa Botho e le boemo bo tlwaelehileng bo ka fihlellwang ke batho bohle le matjhaba ohle.
Qutellong motho e mong le e mong le mokgatlo o mong le o mong, ho sa lebalwe Totobatso ena, o tla hahamalla ho ruta ho ntshetsa pele tlhompho ya ditokelo le bolokolohi. Batho le mekgatlo ena, ka ho sebedisa ditsela tsa tswelopele tsa naha le tsa matjhaba, ba hlokomele hore ditokelo le bolokolohi bona, di a amoheleha, di be di baballwe ditjhabeng tseo e leng ditho tsa Matjhaba a Kopaneng le ditjhabeng tse taolong ya Matjhaba a Kopaneng.
Pehelo ya 1
Batho bohle ba tswetswe ba lokolohile mme ba lekana ka botho le ditokelo. Ba tswetswe le monahano le letswalo mme ba tlamehile ho phedisana le ba bang ka moya wa boena.
Pehelo ya 2
Motho e mong le e mong o na le ditokelo le bolokolohi bo boletsweng Phatlalatsong ena, ho se kgethollo ya letho, e kang ya morabe, mmala, bong, puo, tumelo, dipolitike, kapa mohopolo o mong, botjhaba kapa e itshetlehile ka naha eo motho a ahileng ho yona, le ha e ka ba e lokolohileng ya bodisa, e sa ipuseng, kapa e le tlasa dithibelo tse itseng tsa bolokolohi. 
Pehelo ya 3
Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho phela, ya bolokolohi le ya paballo ya botho ba hae.
Pehelo ya 4
Ha ho motho ya tla etswa lekgoba kapa mohlanka ; bokgoba le kgwebo ya makgoba di tla hanelwa ka hohlehohle.
Pehelo ya 5
Ha ho motho ya tla tujwa kapa a tshwarwe ka tsela e khopo, eo e seng ya botho, kapa a otlwa ka tsela e tlotlollang.
Pehelo ya 6
Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho amoheleha hohle e le motho molaong.
Pehelo ya 7
Batho bohle ba a lekana molaong, mme ba lokelwa, ho se kgethollo ya letho, ke tahireletso e lekanang molaong. Batho bohle ba lokelwa ke tshireletso e lekanang kgahlanong le kgethollo e hananang le Phatlalatso ena, le kgohlanong efe kapa efe e hlohlelletsang kgethollo ena.
Pehelo ya 8
Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho fumantshwa matshediso ke makgotla a molao a setjhaba, mabapi le diketso tse lwantshang le ditokelo tsa motheo tseo motho a di filweng ke molao wa motheo.
Pehelo ya 9
Ha ho motho ya tla tshwarwa feelafeela, a kwallwe kapa a lelekwe naheng.
Pehelo ya 10
Motho e mong le e mong o na le tokelo e tletseng ya ho mamelwa ke lekgotla le ikemetseng, le se nang leeme, ha ho qaqiswa ditokelo le boikarabelo ba hae, la mabapi le tseo a di qosetswang.
Pehelo ya 11
1. Motho e mong le e mong ya qoswang ka molato o tsamayang le kotlo, o na le tokelo ya ho tadingwa a se molato ho fihlela a fumanwa a le molato lekgotleng la setjhaba moo a bileng le tiiso tsohle tsa ho itshireletsa.
1. Ha ho motho ya tla fumanwa a le molato o tsamayang le kotlo ka baka la ho etsa kapa ho se phethe taba eo e leng molato o tsamayang le kotlo, ho ya ka molao wa setjhaaba kapa wa matjhaba, nakong eo tlolo ena e neng e etsahala.  Ho feta mona ho ke ke ha fanwa ka kotlo e matla ho feta e neng e ka fuwa ha tlolo e ne e etswa.
Pehelo ya 12
Ha ho motho ya tla hlekefetswa boinotshing ba hae ba lelapa, lehae kapa mangolong, esitana le ho tlatlapuwa ho hlompheheng le setumong sa hae. Motho e mong le e mong o na le tokelo ya tshireletso ya molao mabapi le tlhekefetso le ho tlatlapuwa hona.
Pehelo ya 13
1. Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho tsamaya le ho dula ka bolokolohi ka hara naha yabo.
1. Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho falla naheng efeng kapa efeng, seitana le ya habo, le ho kgutlela naheng ya habo.
Pehelo ya 14
1. Motho e mong le e mong o na le tokelaoya ho batla le ho fumana tshireletso ya tlatlapo, dinaheng tse ding.
1. 2.Tokela ena e se ke ya sebediswa ho phema diqoso tsa melato eo e seng ya dipolotiki kapa diketso tse kgahlanong le sepheo le melao ya Matjhaba a Kopaneng.
Pehelo ya 15
1. Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho ba wa morabe o itseng.
1. Ha ho motho ya tla hanelwa botjhaba ba hae ka mabaka a fokolang, esitana le ho hanelwa ho fetola botjhaba ba hae.
Pehelo ya 16
1. Banna le basadi ba dilemong, ho sa kgathallwe morabe, botjhaba kapa tumelo, ba na le tokelo ya ho nyalana le ho thea malapa. Ba na le ditokelo tse lekanang tsa ho nyalana bophelong ba lenyalo, le mohla le kgaolwang.
1. Lenyalo le tla phethahala feela ka bolokolohi le tumellano ya banyalani.
1. Lelapa ke bonngwe ba tlhaho le motheo setjhabeng mme le tlamehile ho sireletswa ke setjhaba le mmuso.
Pehelo ya 17
1. Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho ba le thepa ya hae a le inotshi kapa a e kopanetse le ba bang.
1. Ha ho motho ya tla amohuwa thepa ya hae ka mabaka a fokolang.
Pehelo ya 18
Motho e mong le e mong o na le tokelo ya bolokolohi ba menahano, maikutlo le tumelo. Tokelo ena e kenyeletsa le bolokolohi ba ho fetola bodumeding, tumelong, le bolokolohing, ba motho a le inotshi kapa a ena le ba bang, pontsheng kapa boinotshing. Bodumedi kapa tumelo eo a e totobatse dithutonng, diketsong, borapeding le ho hlompheng.
Pehelo ya 19
Motho e mong le e mong o na le tokelo ya bolokolohi ba tjhadimo le dipuo. Tokelo ena e kenyeletsa le bolokolohi ba ho ba le tjhadimo ya hao ntle le tshitiso, esitana le ho batla, ho amohela le ho phatlalatsa aitaba le mehopolo ka tsela efe kapa efe ya phatlalatso, ho sa natswe meedi.
Pehelo ya 20
1. Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho ba setho kapa ho ba sebokeng sa kgotso.
1. Ha ho motho ya ka qobellwang ho ba setho sa mokgatlo.
Pehelo ya 21.
1. Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho ba le kabelo pusong ya naha ya habo, ka ho otloloha kapa ka thuso ya baemedi ba kgethilweng ka bolokolohi.
1. Motho e mong le e mong o na le tokelo e lekanang le ya ba bang ditshebeletsong tsa setjhaba tsa naha ya habo.
1. Thato ya setjhaba e tla ba motheo wa matla a mmuso. Thato ena e tla ipontshahatsa dikgethong tsa nako le nako ha mmoho le tsa sebele. Dikgetho tsena e tla ba tse akaretsang tsa ditokelo tse lekanang, mme di tla phethwa ka divoutu tsa sephiri kapa ka ditsela tse tshwanang le tsona tsa divoutu tsa bolokolohi.
Pehelo ya 22
Motho e mong le e mong, jwalo ka setho sa setjhaba, o na le tokelo ya polokeho ya setjhaba, mme o lokelwa ke ho fumana, ka thuso ya setjhaba le tshebetsommoho ya matjhaba le ho ya ka tsamaiso le mehlodi ya naha ka bong, ditokelo tsa ekonomi, botjhaba le meetlo, tse hlokahalang mabapi le seriti sa hae le kgolo, ka bolokolohi, ya botho ba hae.
Pehelo ya 23
1. Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho sebetsa, le ho ikgethela mosebetsi ka bolokolohi, ha mmoho le boemo ba mosebetsi bo se nang leeme, bo bile bo rateha. O na le tokelo ya ho sireletswa kgahlanong le ho hloka mosebetsi.
1. Motho e mong le e mong, ho sa kgethollwe, o na le tokelo ya moputso o lekanang mosebetsi.
1. Motho e mong le e mong ya sebetsang o na le tokelo ya moputso o se nang leeme, o kgotsofatsang, o mmehang boemong, yena le ba lelapa, ho phela bophelo bo dumellanang le seriti sa botho, mme bo tshehetswa, ha ho hlokahala, ke ditsela tse ding tsa tshireletso ya setjhaba.
1. Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho theha le ho ba setho sa mekgatlo ya basebetsi, ho sirelletsa ditabatabelo tsa hae.
Pehelo ya 24
Motho e mong le e mong o na le tokelo ya phomolo le boikgathollo, ho kenyelletswa le dihora tsa mosebetsi tse beetsweng meedi, ha mmoho le matsatsi a phomolo a lefellwang.
Pehela ya 25
1. Motho e mong le e mong o na le tokelo ya bophelo ba boemo bo mo lokelang yena le ba lelapa la hae, ho balellwa le dijo, diaparo, ntlo,le meriana, ha mmoho le ditshebeletso tsa setjhaba tse hlokahalang, le tokelo ya tshireletso ha a felletswe ke mosebetsi, a kula, a holofetse, e le mohlolohadi, a tsofetse, kapa a na le tlhoko ya ho iphedisa ka mabaka ao a sitwang ho a phema.
1. Bomme le bongwana bo hloka tlhokomelo le thuso tse ikgethang. Bana bohle, le ba dikgaupane, ba tla sireletswa ke setjhaba ka ho tshwana.
Pehelo ya 26
1. Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho ruteha. Thuto e tla fumaneha mahala, bonyane bohatong bo qalang ba motheo. Thuto e qalang e tla tlama bohle. Thuto ya botegnike le ya pitso e tla fumaneha ka kakaretso mme thuto e phahameng le yona e tla fumaneha ka ho lekana ho bohle ho ya ka dineo tsa batho.
1. Thuto e tla tobana le ho hodisa bohle ka botlalo le ho matlafatsa tlhompho ya ditokelo tsa botho ha mmoho le bolokolohi ba motheo. E tla kgothalletsa kutlwisiso, mamello le setswalle ditjhabeng tsohle, merabeng yohle kapa dihlopheng tsa bodumedi, mme e tla ntshetsa pele mesebetsi ya mtjhaba a kopaneng ho boloka kgotso.
1. Batswadi ba na le tokelo ya pele ho kgethela bana ba bona thuto eo ba tlamehang ho e fumana.
Pehelo ya 27
1. Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho ba le kabelo ka bolokolohi meetlong ya setjhaba, ho thahasella mekgabo, le ho ba le seabo tswelopeleng ya saense le melemo ya yona.
1. Motho e mong le e mong o na le tokelo ya tshireletso ditabeng tsa moya le tsa nama tse tswalwang ke tlhahiso ya saense, dingolwa kapa bonono boo e leng moqapi wa teng.
Pehelo ya 28
Motho e mong le e mong o lokelwa ke tokelo ya setjhaba le matjhaba eo ho yona ditokelo le bolokolohi, tse hlahang Phatlalatsong ena, di fumanehang ka botlalo.
Pehelo ya 29
1. Motho e mong le e mong o na le boikarabelo setjhabeng moo botho ba hae bo ka holang ka botlalo le ka bolokolohi.
1. Tshebedisong ya ditokelo le bolokolohi ba hae, motho e mong le e mong o tla laolwa feela ke meedi e entsweng ka molao bakeng sa ho amohela le ho hlompha ditokelo le bolokolohi ba ba bang, le ho phethisa ditlhoko tse lokelang tsa boitshwaro, tlhomphano setjhabeng le bophelo bo botle ka kakaretso setjhabeng sa demokrasi.
1. Ditokelo le bolokolohi bona ha ho ka moo di ka sebediswang kgahlanong le merero le melao ya Matjhaba a Kopaneng.
Pehelo ya 30
Ha ho letho Phatlalatsong ena le tshwanetseng ho hlalosa hore naha efeng kapa efeng, batho kapa motho, ba na le tokelo ya ho itshunya kapa ho etsa ketso efeng kapa efeng eo sepheo sa yona e leng ho heletsa ditokelo le bolokolohi bofeng kapa bofeng bo ngotsweng mona.
(c) Copyright 1998 
Office of the United Nations High Commissioner for Human Rights
Geneva, Switzerland
BOEMO BA LEKGOTLA LA AFRIKA BORWA LA DIPUO TSA BOHLE TABENG YA NTSHETSOPELE
YA TSHEBEDISO YA DIPUO TSE NGATA
AFRIKA BORWA:

TOKOMANE YA MORALO 
WA NAKWANA

LEKGOTLA LA AFRIKA BORWA
LA DIPUO TSA BOHLE
TSHWANE, HLAKOLA 1999

Boemo ba Lekgotla la Afrika Borwa la Dipuo tsa bohle tshebedisong ya dipuo tse ngata

Boemo ba Lekgotla la Afrika Borwa la Dipuo tsa Bohle tabeng ya ntshetsopele ya tshebediso ya dipuo tse ngata Afrika Borwa:

Tokomane ya moralo wa nakwana

1.  Selelekela

Sepheo ka tokomane ena ke ho fana ka tlhaloso ya kutlwisiso ya Lekgotla la Afrika Borwa la Dipuo tsa Bohle mabapi le tshebediso ya dipuo tse ngata le ntshetsopele ya puo ho latela molao wa puo o hlahang Molaong wa Motheo le ditokomaneng tse ding tsa molao.

Boemo ba Lekgotla tabeng ena ya tshebediso ya dipuo tse ngata bo totobaditswe maikemisetsong a Lekgotla:

Boikemisetso ba Lekgotla ke ho ntshetsa pele tshebediso ya dipuo tse ngata Afrika Borwa ka ho :

* etsa monyetla wa hore ho be le ntshetsopele le tshebediso e lekanang ya dipuo tsohle tsa mmuso 
* rotetsa tlhompho le ho kgothaletsa tshebediso ya dipuo tse ding naheng ena hammoho le ho
* kgothaletsa tshebediso e phethahetseng ya mehlodi ya dipuo ya naha ena

ho etsa hore baahi ba Afrika Borwa ba kgone ho itshwasolla ditlamong tsa mefuta yohle tsa kgethollo puong, kgatello le kgethollo; ekasitana le ho etsa hore ba kgone ho kgetha dipuo ka mokgwa o tshwanetseng molemong wa bophelo ba bona bo ntlafetseng le molemong wa ntshetsopele ya naha. 

2.  Metheo ya tataiso

Metheo e tataisang ntshetsopele ena ya tshebediso ya dipuo tse ngata Afrika Borwa e fuperwe ke Molao wa Motheo wa Afrika Borwa (Molao wa 108 wa selemo sa 1996, Diratswaneng tsa 6(1) ho isa ho (5) le molao wa Lekgotla la Afrika Borwa la Dipuo tsa Bohle (Molao wa 59 wa selemo sa 1995).

Molao wa Motheo o kenyeleditse le Molao wa Ditokelo tsa Botho, o thehilweng hodima mohopolo wa ditokelo tsa motho e mong le e mong. Diratswana tsa puo di lokela ho utlwisiswa ho latela tshekamelo ya puo jwalo ka ha e le tokelo. Ho feta mona, taba ya ho hlaha kgafetsa ha matswe a kang "boemo", "tshebediso", le "tshebetso" e bontsha ka mokgwa o hlakileng kgopolo eo le yona e thehilweng tshebedisong ya dipuo kapa mokgweng oo dipuo di sebediswang ka ona Afrika Borwa. Molao wa Lekgotla la Afrika Borwa la Dipuo tsa Bohle, o kenyeletsa mahlakore ana a puo, eleng lehlakore la puo jwalo ka  tokelo le jwalo ka mohlodi.

Sepheo sa Molao wa Ditokelo tsa Botho ke ho tiisa hore setjhaba sa Afrika Borwa se fetoha setjhaba se thehilweng hodima metheo ya demokrasi ya tekano. Ke ka hoo, sepheo sa mekgatlo e thehilweng ho latela Molao wa Motheo eleng ho thusa hore setjhaba sa rona ke sa demokrasi. Lekgotla la Afrika Borwa la dipuo tsa Bohle ke mokgatlo o mong wa mefuta ena, ka hoo mosebetsi wa lekgotla lena ke ho ntshetsa pele metheo ya demokrasi . 

Molao wa Motheo o fumana e le mekgatlo e mmedi e ka ikarabellang tabeng ya ho hlokomela hore demokrasi e phethahatswa, eleng mmuso le Lekgotla la Afrika Borwa la dipuo tsa bohle. Karolwaneng ya Karolo ya Dipuo ya 6 (1-5) ya Molao wa Motheo o totobatsa ka mokgwa o pepeneneng hore:

"1. Dipuo tsa mmuso Rephaboliking ya Afrika Borwa ke Sepedi, Sesotho, Setswana,
      seSwati, Tshivenda, Xitsonga, Afrikaans, English, isiNdebele, isiXhosa le isiZulu.
2.  : ka ho lemoha ho qepha ha tshebediso ya puo tsa batho ba batsho ba rona dilemong tse fetileng le maemo a tsona, mmuso o lokela ho etsa matsapa le mekutu yohle ho phahamisa boemo le ho ntshetsa pele tshebediso ya dipuo tsena.
3.  (a) Mebuso ya naha le ya diprovense e ka sebedisa dipuo tse itseng tsa mmuso morerong wa mmuso, ho ntse ho hlokometswe tshebediso, maemo a ditaba, ditshenyehelo, maemo mabatoweng le tabeng ya ho tlisa tekano ya ditlhoko le boikgethelo ba baahi bohle kapa provenseng e amehang; empa mmuso wa naha le mmuso wa provense e nngwe le e nngwe e ntse e lokela ho sebedisa dipuo tse pedi bonyane.
(b) Bomasaepala ba lokela hore ba hlokomele tshebediso ya puo le boikgethelo ba 
baahi ba bona.
4.  Mmuso wa naha le mmuso wa provense, e lokela hore e sebedise molao le mekutu e meng ho hlokomela hore dipuo tsa mmuso di sebediswe. Ntle le ho kgeloha dipehelong tsa karolwana ya (2), dipuo tsohle tsa mmuso di lokela ho lekana ka maemo mme di tshwarwe ka tsela e tshwanang.
5.  Lekgotla la Afrika Borwa la Dipuo tsa Bohle le thehilweng ka molao wa naha le lokela ho-
(a)  kgothaletsa le ho theha menyetla ya ntshetsopele le ya tshebediso ya-
I.  dipuo tsohle tsa mmuso;
II.  dipuo tsa Khoi, Nama le San; hammoho le 
III.  puo ya batho ba sa utlweng ditsebeng; le
(b)  ho kgothaletsa le ho tiisa hore ho na le tlhompho ya -
I.  dipuo tsohle tse sebediswang haholo ke ditjhaba tsa Afrika Borwa ho kenyeletswa le Sejeremane, Sekgeriki, Segujarati, Sehindo, Sepotoketsi, Setamili, Setelegu le Seurdu; le
II.  Searabia, Seheberu, Sesanskriti le dipuo tse ding tse sebedisetswang merero ya bodumedi Afrika Borwa.

Ho hlakile ho tse hlahang ka hodimo hore bokarabelo ba mmuso bo totobaditswe Karolong ya 6 (1-4), ha boikarabelo ba Lekgotla la Afrika Borwa la dipuo tsa Bohle bo hlakisitswe Karolong ya 6 (5).-

3. Boikarabelo ba Lekgotla la Afrika Borwa la Dipuo tsa Bohle

Seabo sa Lekgotla la Afrika Borwa la Dipuo tsa Bohle ka ho otloloha ke ho theha menyetla ya ntshetsopele le tshebediso ya dipuo tsohle tsa mmuso. Ntho ena e bolela hore Lekgotla le lokela ho sebetsa ka mokgwa o tla pholoka dintho ho tloha qalong, ho kgothaletsa le ho matlafatsa mekgatlo e kahare ho mmuso le ya setjhaba hore e kenye letsoho ntshetsopeleng le tshebedisong ya dipuo tsohle tsa mmuso. 

Lekgotla la Afrika Borwa la Dipuo tsa Bohle le lokela ho kgothaletsa hore ho be le tikoloho e nepahetseng ya tshebediso ya dipuo tse ngata ka kakaretso, ebile tikoloho ena e kenyeletsa, empa e sa felle feela, dipuong tsa mmuso. Ha Lekgotla la Afrika Borwa tsa Bohle la dipuo tsa bohle le lokela hore le eletse mmuso tabeng ya leano la puo le moralong yaa ntshetsopele ya boemo le tshebediso ya dipuo tsa mmuso, ketso ena ha e a lokela ho etsa hore maikutlo a kgelohe morerong wa hore a tsepamiswe tabeng ya ho kgothaletsa tikoloho ya kamohelo ya ntshetsopele ya tshebediso ya dipuo tse ngata.
Mona ho kenyeletswa le taba ya ho kgothaletsa mahlale a ho tlisa tshebedisano ya dipuo le ntshetsopele ya dipuo tsa mmuso ekasitana le dipuo tse ding tse sebediswang Afrika Borwa.

Ka tlwaelo ho a amoheleha hore mokgwa o hlwahlwa wa ntshetsopele ya puo ke hore puo e sebediswe. Ho totobetse hore puo e nngwe le e nngwe ya Afrika Borwa e sebedisitswe, le ha tse ding tsa dipuo tsena di ile tsa sebediswa ho feta tse ding, mme ka bomadimabe tse ding ho kgothaleditswe hore di se sebediswe, mme ka lebaka leo di kotsing e kgolo ya ho re di qetelle di timetse, ha tse ding tsona di se di timetse. Puo e kgona ho phela ha feela e sebedisetswa mesebetsi e batsi haholo, haeba hoo ho sa etsahale e ya e qepha, e qetelle e shwetse ruri. Haeba re ne re ka dumella SeAfrikanse le Senyesemane hore e be tsona feela dipuo tse etsang mesebetsi e hodimo, dipuo tse ding tsa naha di ne di tla qetella di shwele le tsona. Re bone ntho ena e etsahala ka dipuo tsa Khoe le San, mme ho fela ha tsona ruri ebile tahlehelo e kgolo eseng feela ho ditjhaba tse neng di sebedisa puo tsena, empa ntho ena ke koduwa e wetseng naha kaofela. Re batla re utlwa hanyenyane feela ka taba ya dipuo tse shwang naheng ena le ha re batla re tseba ka taba ya kotsi ya dimela tse itseng hammoho le diphoofolo tse seng di ne di felle ruri. Ka hoo, mosebetsi wa rona o moholo ke ho kgothaletsa hore dipuo tsa molao tsa mmuso di sebediswe hammoho le dipuo tse ding tse sebediswang mona Afrika Borwa, mme di sebedisetswe merero e batlang e le batsinyana ya meelelo hammoho le mabaka a mangatanyana ho feta.

Ho beha taba ena ntle le ho loba dintho, re lokela ho fumana mekgwa ya ho bebofatsa mekgwa ya kgokahano kapa puisano ka ho phehella hore dipuo tsa rona di sebedisetswe ho bua le setjhaba maemong a hodimo e le hore maemo a tsona a tsebe ho phahama le hore di utlwuwe hore di kgona ho phetha mosebetsi ona ka katleho.
Tshebediso ya dipuo tsena e lokela ho totobaletswa bohle jwalo ka dipuo tse ka utlwisiswang ke batho bohle boemong ba selehae le boemong ba lebatowa ba ditlhoko tsa ekhonomi. Bohlokwa ba tsona mabapi le ho fumana tsebo ka batho ba batsho ba mona bo lokela hore bo phetlwe hore bo be pepeneneng le bona.

Ka lehlakoreng le leng ho feteletsa taba ya hore ebe Senyesemane se tla nkuwa e le sona feela puo e ka sebediswang ke batho kaofela le e utluwang ke batho ba bangata, e lokela hore e ke e lekolwe hape botjha. isiSuzulu ke puo e utlwuwang le ho buuwa ke batho ba naha ena ba etsang diphesente tse 70, ha Senyesemane sona se sebediswa hantle ke batho ba etsang diphesente tse 20 feela ha jwale. Ka hoo, ha ho tehuwa mohlala, mmuso ha o sebedisa Senyesemane, puo ena ya Senyesemane e utluwa feela ke batho ba palo e fokolang bao eleng batho ba rutehileng ebile ba dula metseng ya diteropo.

Lekgotla le lemoha hore le tla lokela hore le lohe lewa le batlang le na le kelello ho feta,le tla kgona ho sibolla hape le ho bopellwa tshebedisong e teng ya dipuo tsa Afrika ( ho kenyeleditswe le Afrikaans, Khoe le San hammoho le dipuo tsa batho ba sa utlweng ditsebeng (sign language)) naheng ena. Lekgotla le boetse le lokela hore le tiise hore ho hle ho sebediswe monyetla haholo wa Senyesemane le dipuo tse ding tsa matjhaba.

Mabapi le dipuo tsa rona tsa batho ba batsho tsa kwano, ho tla latelwa mokgwa o mahlakore a marero oo nakong yona eo:
* o tla ntshetsapele kapa o hodise dipuo tsena,
* o be o lekole menyetla e teng, mme o hahe mekgweng eo basebedise ba dipuo tsa lesika le le leng ba sebedisang tsebo ya bona ya dipuo tse ngata ho buisana.
* o tla theha menyetla ya hore tsebediso ya dipuo tsena e atoloswe.

Ka mantswe a mang Lekgotla le tla etsa mesebetsi e meng ya ntshetsopele ya dipuo tse itseng ka ho ikgetha le ho qapa mawa a ntshetsopele, a tla haha mahlale a puisano a dipuo tse fapaneng (a kang a diphetolelo, ho toloka, mananeo a ho ithuta puo jwalo jwalo). Sepheo sa rona kamehla ke ho ntshetsa pele tsebo ya puisano ka dipuo tse ngata ho e na le ho eketsa ditshitiso tsa puo dipakeng tsa batho.

Le ha Molao wa Motheo o qoholotse dipuo tse 11 hore e be tsona tse fumanang boemo ba molao ba mmuso, re lokela ho utlwisisa hore sena se tswalwa ke boemo bo fetileng moo ho neng ho kgethilwe dipuo tse leshome tsa Ma-Afrika kapa tsa batho ba batsho yaba di fuwa kananelo e fokolang ya molao. Boemo ba molao ba dipuo tse robong bo ile ba atolosetswa boemong ba naha, yaba di phaellwa ho tse pedi tseo e neng e ntse e le tsona dipuo tsa molao tsa mmuso ka nako e fetileng. (Afrikaanse le English). Bohato bona ka nako e teletsana e tlang bo ka nna ba tlisa kgalefo le lehloyo le tswang bathong ba ikamahanyang haholo le puo eo ba dumelang hore e fapane le dipuo tsena tse fuweng boemo ba molao ba mmuso. Boemo ba Lekgotla ke hore le ananela le ho tshehetsa tshebediso le ntshetsopele ya puo e nngwe le e nngwe mona Afrika Borwa hobane hantlentle puo e nngwe le e nngwe hammoho le batho ba e buang ke mehlodi ya bohlokwa ya naha e lokelang hore e ananelwe, e tshehehetswe, mme e folwe molemo. Mosebetsi wa Lekgotla nakong yona eo ke ho tiisa hore nakong eo ho ntshetswang pele tshebediso ya dipuo tse ngata, ebile lekgotla lona le ntshetsa pele tshebedisano le ho bebofatsa metjha ya puisano, ntle le ho tlisa phehisano dipuong, karohano le phapano.

Lekgotla le tla totobatsa hantle hore dipuo tse hlokang boemo ba molao ba mmuso di ka fumana kananelo ka mokgwa o sebetsang jwang le ntshetsopele. Boemo ba rona ke ho pepesa tshebediso le boleng ba puo e nngwe le e nngwe ka mokgwa wa kamano ya tlhokano ya dipuo tsena le tse ding kaofela. Ho tsepamisa maikutlo sebopehong sa tatelano ya maemo a dipuo kapa boemo ba "molao" ba puo le boemo ba puo "eo eseng ya molao"ha se ntho tse nang le thuso tabeng ya ho tlisa tikoloho e tla tswela molemo dipuo tse ngata kapa yona demokrasi. Ho teng, Lekgotla le dumela hore ha ho ntshetswa pele dipuo tsena kaofela, tshebedisong le ntshetsopeleng ya tsona, lona le tla kgona ho tshehetsa demokrasi le ditokelo tsa puo tsa puo ya setjhaba se seng le se seng. Lekgotla le lemoha hore mmuso o na le boikarabelo bo hlakileng ba molao wa motheo, boemong ba naha le boemong ba provense, ba ho phahamisa boemo ba dipuo tsa molao tse ileng tsa nyamela ka lebaka la mehla e fetileng le ho ntshetsa pele tshebediso ya tsona. Mmuso o lokela hore o fane ka mehlodi e hlokehang hore sena se tle se phethahale.

Morero wa Lekgotla la Afrika Borwa la dipuo tsa bohle ke ho theha tikoloho eo ho yona makala a puso le setjhaba a thahasellang ntshetsopele ya puo, a tla kgona ho kgothaletsa tshebediso le ho theha monyetla wa tshebeletso hore tsena di tsamaisane mmoho. Sepheo se tshwanang mona e tla ba ho tiisa hore ditokelo tsa puo hammoho le mehlodi ya puo e nngwe le e nngwe ekasitana le basebedise ba puo tsena, di sebediswa maemong ohle a setjhaba.
Ho fihlela mona, Lekgotla la Afrika Borwa la dipuo tsa bohle ha le iphumane le na le kamano ya bo-ntata le mekgatlo e meng ya puo; ebile ha le na maikemisetso a ho fetoha mokgatlo o fanang ka kahlolo o batlang ho ikgapela matla ka boyona. Ho teng ke hore Lekgotla la Afrika Borwa la dipuo tsa bohle le tla tswela pele ho phethisa boikarabelo ba lona ba ho theha menyetla e tla lokela le ho dumella hore ho be le tshebediso ya dipuo tse ngata.

4.  Ditshekamelo tsa leano la Puo

Kgetho ya tshebediso ya dipuo tse ngata ho e na le tshebediso ya puo e le nngwe, hammoho le motheo wa boemo bo lekanang ba dipuo tse leshome le motso o mong, tsena di hlakisisa tshekamelo ya leano la puo. Ho Ruiz (1984 le 1988) ho hlahela mokgwa wa ho tadima puo ho latela metheo e meraro e fapaneng ya thuteho, eleng ho tadima puo jwalo ka bothata, puo jwalo ka tokelo, le puo jwalo ka mohlodi. Batho ba ikgethang e bile e le ba ralang puo ho la Afrika, kgafetsa ba atisa ho ikamahanya le mehopolo ena ya puo. Ka ho ikgetha, mohopolo wa ho tadima puo jwalo ka tokelo le mohopolo wa ho tadima puo jwalo ka mohlodi, mehopolo ena ho ile ha buisanwa ka yona ka matla a maholo dinaheng tse sebedisang Sefora le Senyesemane ho la Afrika. Ntlha e le nngwe e totobalang mosebetsing wa Akinasso, wa Bamgbose, wa Chumbow, wa Elube, wa Djite, wa Mateene, wa Prah le wa Tripathi, hara ba bang, ke hore mehlodi eo dipuo tsa Afrika di nang le yona, e lokela hore e totobatswe le hore e ntshetswe pele e le hore batho ba khonthinente ena ba tle ba kgone ho fumana taolo ya boemo boo ba batlang ho ba ho bona.

4.1  Puo e tadingwa jwalo ka bothata 

Tshekamelo ena e teng ditjhabeng moo kgopolo e renang e leng karohanyo kapa ho kwenngwa ha dipuo tsa ba bang. Se teng ka tshebediso ya dipuo tse ngata ke ntshetsopele ya leano ya puo ho latela tshebediso ya dipuo di le ding, eleng taba ya ho phahamisa puo ya sehlopha sa ba busang. Afrika Borwa e sa tswa hlobola kobo ya kgethollo e nkileng nako e telele le leano la puo le neng le itshetlehile mokgweng wa tjhadimo ya hore dipuo ke bothata bo boholo ntle le puo tsa Afrikaans le Senyesemane feela . Eitse hoba jwale ho hlahele sehlopha se setjha sa batho ba bang ba busang, ke mona moo puo e ntseng e dula e le pharela. Bothata bona bo hlahela ka mekgwa ya tsela ya ho kwenngwa ha dipuo tsa ba bang ke tsa ba bang.

4.2  Puo jwalo ka tokelo

Tshekamelo ena e tsamaelana le mekgatlo ena e toboketsang metheo ya tekano. Molao wa rona wa motheo o re qobella hore re ntshetse pele leano la puo hammoho le meralo ho latela tjhadimo ena. Taba ena ya puo jwalo ka tokelo, ke ya bohlokwa haholo, mme ke taba e lokelang hore e tadingwe ka leihlo le ntjhotjho e le ka nnete naheng ena, haholo hobane nakong e fetileng ditokelo tsa batho di ile tsa hatakelwa ka maoto. Mokgwa o mong wa ho tiisa hore ditokelo tsa puo di dula di le teng, ke ho tadima puo ho latela mahlakore ana bobedi, eleng la ho tadima puo jwalo ka tokelo le la ho tadima puo jwalo ka mohlodi.

4.3  Puo jwalo ka mohlodi

Tshekamelo ena e tsamaelana hantle le motheo wa ho hlokana ha dipuo, moo babui ba puo kapa dipuo di tadingwang ka hore di sebetsa hammoho, mme e nngwe e itshetlehile ho e nngwe. Boleng ba puo e nngwe le e nngwe le batho ba buang puo eo, bobedi ke dikarolo tse ananelwang hore ke dikarolo tsa sekotohadi se le seng se phethahetseng. Puo jwalo ka mohlodi e kenyeletsa le kgopolo ya puo jwalo ka tokelo. 
Tjhadimo e reng puo e nngwe le e nngwe ke mohlodi wa setjhaba, e jere le kgopolo ya tshebediso ya dipuo jwalo ka sesebediswa kapa jwalo ka sesebediswa se sebetsang sa tshebediso ya dipuo tse ngata .

5.  Tsela kapa mokgwa o ka latelwang

Ha ho tikatiko hore mokgwa o lokelang hore o latelwe Afrika Borwa mona ke o kgonang ho kenyeletsa mokgwa o sebetsang eleng mokgwa o sa siyeng thoko tjhadimo ya puo jwalo ka tokelo le tjhadimo e reng dipuo tsohle ke mehlodi.

Leano le moralo wa puo le moralo le itshetlehile ditshekamelong tsena tse pedi tsa puo jwalo ka tokelo le puo jwalo ka mohlodi:

* le ananela hore ho na le mehlodi ya tsebo le boitsebelo boo batho ba buang dipuo tsena ba nang le bona;
* le nka hore ho tla ba le mehato e sebetsang e tla ba teng hore ho finyellwe le hona hore ho sebediswe mehlodi ena ya tsebo molemong wa setjhaba;
* le tla hlahisa monyetla o teng wa ditsela tsa mofuta wa puisano ka dipuo tse ngata boemong ba selehae le puisano boemong ba lebatowa ka tshebediso ya dipuo tse ngata;
* le tla sebedisa ditsela tsa matjhaba bakeng sa puisano ka dipuo tse ding tsa ka mose ho meedi ya rona ya dipuo; 
* le tla theha marangrang a tenyetsehang a ditsela tsa puisano kapa kgokahano ka tshebediso ya dipuo tse ngata ho ikamahanya le ditlhoko tsa naha le tsa matjhaba tsa moralo wa naha wa ntshetsopele.

5.1  Mokgwa o sebetsang wa tshebediso ya dipuo tse ngata

Lekgotla la Afrika Borwa la dipuo tsa bohle le utlwisisa mokgwa o sebetsang wa tshebediso ya dipuo tse ngata ho latela mokgwa wa demokrasi, le o hlokang kgethollo. Mona Afrika Borwa ha ho amohelehe le letho feela hore tshebediso ya puo efe kapa efe e ka sehelwa meedi ka lebaka la mabaka a phedisano, a demokrasi kapa a moruo. Mokgatlo wa Afrika Borwa wa dipuo tsa bohle o utlwisisa hore taba ena e bolela hore batho ba sebedisa dipuo tse fapaneng dibakeng tse fapaneng tsa naha.
Ka hoo, ho a utlwahala hore mokgwa o sebetsang ke wa ho sebedisa puo kapa dipuo tse loketseng bakeng sa puisano. Ka mantswe a mang, hona ho bolela hore mmuso o lokela hore o fumane mokgwa o nepahetseng wa puisano, ho latela hore ho buisanwa le mang. Hona ha ho bolele hore mmuso ka dinako tsohle ha o buisana le setjhaba o lokela ho sebedisa dipuo tse leshome le motso o mong.

Ho hlakisa ntlha ena ka mokgwa o utlwahalang ho feta: haeba Lefapha la Bophelo bo botle le batla ho qhoba letsholo la Aids, mokgwa o sebetsang wa tshebediso ya dipuo tse ngata ke ona o tla lokela hore o hle o sebetse ho fapana le mohopolo wa hore ho sebediswe puo e le nngwe bakeng sa ho qhalanya lesedi lena naheng ka bophara. Lefapha le lokela hore le qhalanye lesedi lena ka puo e nngwe le e nngwe e sebediswang e le puo ya matlha ya puisano naheng ena, empa le tla lokela hore le etse jwalo ka mokgwa o tla fumana hantle hore ke puo kapa dipuo dife tse tla finyella batho ba reretsweng molaetsa ona setjhabeng se seng le se seng. Ka mantswe a mang seterekeng sa Mier ho la Kapa-Leboya, batho ba moo ba tla lokela hore ba fumane molaetsa ona ka puo ya Afrikaans mohlomong le puo ya Nama; athe sebakeng sa Willowvale Kapa Botjhabela, mohlomong teng molaetsa o tla lokela hore o finyelle mona ka isiXhosa, mme KwaZulu-Natal ka Leboya, molaetsa o tla lokela hore o finyelle ka isiZulu.

Ho latela setjhaba se batsi, haeba tshebediso e sebetsang ya dipuo tse ngata e ne e kenyeleditswe moralong wa naha wa ntshetsopele ya (moruo), o ne o tla fumana hore ke neng, sebakeng sefe, le hore ke puo efe e sebediswang moo hajwale le tsela eo e sebediswang ka yona. Moralo ona o ne o tla lekanya mokgwa oo dipuo tsena di sebediswang ka bokgabane ka teng ho latela kutlwisiso ena. Moralo ona o ne o tla bontsha hore ke dipatlisiso dife tse hlokehang ho etsa hore tshebediso ya dipuo e tsamae hantle le ka mokgwa o nepahetseng, mme ho feta mona moralo ona o ne o tla fumana hantle hore ke dipuo dife tse ding tse ka ntshetsang tshebetso ena pele ka mokgwa o sa senyeng tjhelete.

Tshebediso ya puo e fetohaka ho latela ditlhoko tse bonahalang di le teng kapa tse ding le tse ding tse teng. Qetellong, boemo bo renang nakong ya jwale ba tshebediso ya dipuo bo keke ba dula bo eme ka tsela e tshwanang ho ya ho ile ekasitana le ha e ba ho ne ho hlokeha moralo o nepahetseng. Le ha ho le jwalo, mesebetsi e loketseng ya moralo wa puo e hoketsweng ntshetsopeleng ya naha le ya moruo e lokela ho atolosa lethathamo la mesebetsi ya dipuo tse ngata ka mokgwa o batlang o tjhorile ho feta le mokgwa oo qetellong o tla ba le molemo. Ka ho etsa jwalo, mokgwa ona o sebeletsa motheong wa boleng ba tshebediso ya puo, eleng tiisetso e hlwahlwa ya hore ditokelo tsa puo tsa ditjhaba tse fapaneng di ka fuwa tshireletso ka tsela e matlafatsang.

Karolo ya bohlokwa ya tsela ya tshebediso ya dipuo tse ngata ke hore ho hlokeha moralo o nang le boikarabelo. Tshabo ya hore tsela ena ya tshebediso ya dipuo tse ngata e tla tswala taba ya hore jwale ho be le ditshebeletso tse ngata ka mokgwa o hlokang kelello, e thehilwe hodima kutlwisisio e haellang ya taba ena. Hang ha sepheo sa mantlha se fumanehile, mehato e lokelang ho latelwa le dinako tsa hore mosebetsi wa ho finyella sepheo sena o phethwe, ke dintho tse tla lokela hore di hlakiswe hantle. Taba ya ntjhafatso kapa ntlafatso ya dipuo tseo hona jwale di ntseng di thibetswe ho ka sebetsa boemong ba saense ya matjhaba le theknoloji ekasitana le boemong ba moruo wa lebatowa le boemong ba naha, e tla lokela hore e hle e fadimehelwe haholo ka mokgwa o potlakileng. Ditshebeletso tsa puo le phatlalatso ya ditokomane di tla lokela hore di lekanywe hantle e le hore di tle di fumanehe ka dipuo tse loketseng bakeng sa batho ba hopoletsweng hore ba finyellwe ke tsebo ena. Ka mantswe a mang, ditokomane di lokela ho ngolwa ka mokgwa o mokgutshwanyane le puo e otlolohileng, mme diphetholelo kapa diphetholelo tse kgutsufaditsweng di lokela hore di fumanehe moo tlhokeho e leng teng le nakong eo tlhokeho ena e bonahalang e le teng ka yona.

6.  Tshebediso ya dipuo tse ngata

Ho sebedisitswe dipuo tse ka bang dikete tse tsheletseng dinaheng tse ka bang makgolo a mabedi tse bontshitseng hore tshebediso ya dipuo tse ngata ke ntlha e kekeng ya qojwa lefatshe ka bophara, le hoja David Crystal a supa: Maikutlo a phatlaletseng a rotetswang ke maano a mmuso a hore tshebediso ya dipuo tse ngata ha ehlile ha e kaalo: ke ditjhaba tsa lefatshe tse ka tlase ho karolo e le nngwe dikarolong tse nne feela tse ananelang ka molao dipuo tse pedi,   mme ke dinaha tse tsheletseng feela tse ananelang ka molao dipuo tse tharo kapa ho feta moo. Ho latela (Crystal 1987:360) Ingrid Gogolin (1993) o bua ka tlwaelo ya tshebediso ya puo e le nngwe eleng mokgwa wa kutlwisiso e akaretsang ya ditaba oo ditjhaba tsa Bophirimela di nang le yona. Katleho ya dipolotiki, ya moruo le ya sesole ya ditjhaba tsa Bophirimela e ile ya tswala hore dinaha tsohle tse hateletsweng tse neng di sebedisa dipuo tse ngata, di qobellwe ke ditjhaba tsa Bophirimela ho sebedisa tlwaelo ya tshebediso ya puo e le nngwe hobane di ne di hateletswe. Nnete e tswileng matsoho ya mosebetsi wa Lekgotla la Afrika Borwa la dipuo tsa bohle ya ho hlokomela ditlhoko, e lokela ho utlwisiswa ho latela letsholo le matla la tlwaelo ya tshebediso ya puo e le nngwe, le mahlakore a fapaneng a kgethollo ya dipuo. (Lekola Skutuab-Kanpas 1988)

Afrika Borwa ka ho qoholeha e boemong bo sa tlwaelehang hobane e na le dipuo tsa molao tse ngata boemong ba naha ho feta dinaha tse ding. Molao wa motheo o tlama mmuso hore o sebedise boemo bona ba molao le tshebediso ya Lekgotla ho kgothaletsa hore ho be le tlhompho ya dipuo tse ding hammoho le ho kgothaletsa tshebediso ya dipuo tse ngata le ntshetsopele ya dipuo ka kakaretso. Boikarabelo bona bo beha Afrika Borwa mathuleng a ntshetsopele ya leano la puo la matjhaba, eleng ntho e fanang ka monyetla wa bohlokwa wa hore Afrika Borwa e sibolle ntho e ntjha matjhabeng kaofela.

6.1  Tshebediso ya dipuo tse ngata Afrika Borwa

Afrika Borwa jwalo ka dinaha tse ngata, e sebedisa dipuo tse ngata, eleng ntho e bolelang hore ho sebediswa dipuo tse ntaka naheng ena ho latela meelelo e fapafapaneng le bakeng sa merero e fapaneng. Batho ba bangata ba na le bokgoni ba ho bua dipuo tse fetang bonngwe; batho ba bangata ba kgona ho bua dipuo tse fapafapanang. Ho na le ditshomo le maikutlo a fosahetseng a mangata ka dipuo le batho ba buang dipuo tsena naheng ena, mme mosebetsi o mong wa Lekgotla la Afrika Borwa la dipuo tsa bohle ke ho fumana boleng ba sebele le tshebediso ya dipuo tse ngata naheng ena. Batho ba bangata ba buang dipuo tse ngata ba bua dipuo tsa naha ena lapeng le ha ba bua le batho ba habo bona.

Tshebediso ya puo khonthinenteng ena yohle ya Afrika e tshwana hantle le tshebediso ya puo mona Afrika Borwa. (Batho ba hlile ba kgothetse ho ithuta dipuo tse ding e le hore ba tsebe ho buella mabaka a kang a kgwebo le moruo). Dipuo tse sebediswang haholo kapa tse sebediswang batho ba bangata di atisa ho sebediswa jwalo ka dipuo tsa kgokahano kapa dipuo tse akaretsang tse utlwuwang ke bohle.
Ho na le dipuo tse ding tse akaretsang ebile di utluwa ke bohle Afrika tse kang Se-Arabiya, Se-Swahili, Se-Hausa, Se-Fulfulde, Se-Kanuri, Se-Kikongo, mme ho feta mona dipuo tsena di ha di buuwe feela le ka mose ho meedi ya naha empa di sebedisetswa le mabaka a kgwebo lebatoweng leo ekasitana le bakeng sa tshebedisano lebatoweng.

Dipuo tsa molao tsa Afrika Borwa le tsona di sebediswa jwalo ka dipuo tse akaretsang le tse utluwang ke batho bohle Afrika e ka Borwa. Mohlala: isiNdebele, ke puo e sebediswang haholo Zimbabwe le dikarolong tse ka leboya tsa Afrika Borwa, mme puo ena e utluwa ke batho ba buang dipuo tsa Nguni ( puo ya isiZulu ke puo e batlang e sebediswa jwalo ka puo e akaretsang ebile e utluwa ke batho ba bangata Afrika Borwa ba etsang diphesente tse mashome a supileng (70) tsa baahi bohle le ha batho ba buang puo ena e le ha ba e nyantse letsweleng e le feela diphesente tse mashome a mabedi a metso e mmedi (22). Botswana teng Setswana ke sona se sebediswang ho feta mme se boetse se sebediswa haholo le diprovenseng tse pedi tsa Afrika Borwa. Xitsonga se buuwa Mozambique hammoho le Afrika Borwa. Afrikaans nneteng ke puo e sebediswang ke batho ba bangata Namibia le Kapa Leboya, mme e ntse e sebetswa jwalo le diprovenseng tse fapaneng tsa Afrika Borwa. Ha e le ha re toba nnete, puo e nngwe le e nngwe ya molao ya Afrika Borwa e na le moo e buuwang ebile e utlwisiswa teng lebatoweng la Afrika e ka Borwa mme ka hoo puo tsohle di sebediswa jwaloka ka dipuo tse akaretsang ebile di utlwisiswa ke batho ba bangata lebatoweng le itseng.

6.2  Ho buwa puo e le nngwe ho hlokisa batho matla

Batho ba buwang dipuo tsena ba batla ba tsamaya hohle ho feta meeding ya Afrika e ka Borwa ka mabaka a kgwebo boemong ba selehae le boemong ba lebatowa bakeng sa moruo. Ka lehlakoreng le leng, batho bao ehlileng e leng bona ba ikakgetseng ka setotswana mesebetsing ya moruo boemong bo hodimo, le ba naha, ke batho ba sekametseng puong ya Senyesemane, mme ba bua Afrikaans hanyenyane feela, naheng ena; ke batho ba buang Se-Fora le Sepotoketsi dinaheng tse ding tsa Afrika.

Bokolone bo tlisitse mekgwa e fapafapaneng ya ho hatella le ho feta ditjhaba tse ileng tsa hlolwa. Sebetsa se seng se seholo se matla ke puo. Batho ba keke ba kgona ho arolelana matla haeba ba sitwa ho bua puo e buuwang ke ba busang. Afrika dipuo tsa batho ba batsho ha di a ka tsa sebediswa haholo ho phephetsa matla a bokolone kapa bona bokolone bo botjha. Tabeng yona ena ya bokolone, mekgwa ya Bophirimela, saense le theknoloji ke tse ding tsa dintho tse theko e boima. Tsebo ya batho ba batsho ba mona, saense, meriana le ekhonomi ya selehae, nakong ena yohle ebile dintho tse ileng tsa lahlehelwa ke boleng ba tsona yaba di a nyamela. Dintho tsena di fuperwe ke dipuo tsa mona tse ileng tsa tehelwa ka thoko ke babusi ba bokolone le ba bokolone bo botjha, mesebetsing ya boemo bo hodimo. Ho a makatsa hore e be boemo bo hodimo bo ile ba fuwa batho ba sebedisang dipuo tsa matjhaba, ekasitana le ha bona ba ipuela puo e le nngwe, mme batho ba buang dipuo tse ngata tsa Afrika bona ba ile ba kgellwa tlase le hoja ba na le dineo tsa puo le tsebo e makatsang. Babui ba puo tsa matjhaba ho la Afrika ka kakaretso ba ile ba fumana ho sa hlokehe hore ba ithute dipuo tsa kwano.

6.3  Boleng ba tshebediso ya dipuo tse ngata

Molao wa motheo o re fa monyetla wa ho boela re fumana boleng ba tshebediso ya dipuo tse ngata Afrika Borwa, mme monyetla ona o etsa le hore re kgone ho boela re sibolla letlotlo le patilweng la tsebo. Mokgwa ona o fupere melemo e mengata haholo bakeng sa setjhaba sa Afrika Borwa ka bophara. 

Theepa ya batho ba nang le hona ho finyella tsebo ya batho ba batsho ba kwano hammoho le dipuo tsa bona, ho kenyeleditswe le Puo ya batho ba sa utlweng ditsebeng ya Afrika Borwa, ebile e le batho ba buwang dipuo tse ngata , e tla boela e lekolwa hape.

Boemo bo hlokang tekano bo neng bo nkela hloohong feela batho ba buang Senyesemane, le ha ba ne ba kgona feela ho bua puo e le nngwe, kapa ba na le bokgoni ba Saense ya Bophirimela hammoho le theknoloji feela, ke boemo bo tla batalatswa hantle mme bo fihliswe tulong eo ho yona tsebo tsohle hammoho le bokgoni ba dipuo di tla ananelwa. Kutlwisiso e reng batho ba sa tsebeng ho bua Senyesemane ba batla ba na le bofokodi bo itseng, ke kutlwisiso e lokelang ho fediswa haeba re lebeletse ho finyella setjhaba sa demokrasi seo ho sona diphapano di ananelwang mme ho kgothaletswa le tsehebedisano ka mokgwa wa tlhokano ya ditjhaba ekasitana le tsebo tse fapaneng.

Ntshetsopele ya tshebediso ya dipuo tse ngata e re fa monyetla wa ho ba le seabo ho feta ditabeng tsa matjhaba kapa tsa lefatshe ka bophara, hobane molemo o tswang mona o tla etsa hore batho ba ithute dipuo tse nang le mokgwa o batsinyana ka morero wa kgwebo le kgokahano ya matjhaba. Ha re etsa mohlala, hona ho lokela ho lebisa tabeng ya ho tseba Sepotoketsi, Sefora, Seswahili, Searabiya le Se-Hausa bakeng sa kgwebisano le tshebedisano ho la Afrika.

Diphuputso tse ileng tsa etswa naheng ena ka dilemo tsa bo 1930 le bo 1940 di ile tsa bontsha hore batho ba nang le tsebo ya dipuo tse fetang bonngwe ba batla ba na le hona ho ka phedisana le batho ba bang ho feta, ebile ba atisa ho atleha dithutong ho feta batho ba tsebang puo e le nngwe feela. Diphuputso esale di ituletse feela ho se motho ya di natsang bakeng sa ntho e ka etsang dilemo tse mashome a mahlano. Ntlha ena ya diphuputso tsena jwale e tjhaellwa monwana ke diphuputso tse ileng tsa etswa dinaheng tse ding tse kang Amerika Leboya, Australia, India le Scandinavia. Mahlakoreng a phedisano le a thuto ka bobedi, ntshetsopele ya tshebediso ya dipuo tse ngata e na le monyetla wa melemo ya bohlokwa bakeng sa setjhaba sohle sa Afrika Borwa.

6.4  Kamano pakeng tsa tshebediso ya dipuo tse ngata le moralo wa naha wa ntshetsopele

Leano la naha la puo ha mmoho le phethahatso ya lona ke ntho e hlokang hore e bopellwe kahare ho leano le batsi la ntshetsopele ya naha. Bafuputsi (lekola mohlala Tripathi 1990, Akinnaso 1991 le Siatchitema 1992) ba ile ba hlopholla leano le mekgwa ya phethahatso ya lona khonthinenteng ena mme ba supa dikgohlano tse bang teng, ha re etsa mohlala, maano a puo e sebediswang thutong, ha nyallane le a moralo wa naha wa ntshetsopele. Ho etsahalang hangata ke hore moralo wa naha wa 
(wa moruo) o atisa ho thisisa moralo wa tshebediso ya puo thutong jwalo ka ha ho nnile ha etsahala kgafetsa Afrika, moo ntshetsopele ya tshebediso ya dipuo tsa Afrika thutong, e kgellwang fatshe ka lebaka la tlhokeho ya tsebo ya puo ya bao e neng e le boradikolone bakeng sa mesebetsi ya dipolotiki tsa naha kapa ya tsa moruo.

Bafuputsi ba fapafapaneng khonthinenteng ena ba boetse ba supa kamano e teng dipakeng tsa tlholeho ya Afrika "ho ntshetsa pele" le ho phethahatsa maano a sekametseng dipuong tsa Bophirimela, a sa natseng le letho feela ntlha ya nnete ya tsebediso ya dipuo tse ngata tsa khonthinente ena (lekola mohlala Djite 1993). Ba boetse ba supa kamano e teng dipakeng tsa tsela eo thuso e ntshwang ka teng le mokgwa oo ntshetso pele ya maano a puo thutong a kgannwang ke tsebo ya puo e le nngwe ka teng. Dinaha tse ding tsa Afrika di fana ka thuto e ntle ho rona hobane boleng ba mohopolo kapa boleng bo bonahetseng bo ne bo hokeletswe dipuong tsa Afrika, empa maano a dipuo a qeteletse a inehetse ditekong tsa tsebo ya puo e le nngwe tsa mekgwa ya ntshetsopele ya Bophirimela hammoho le merero ya thuso. Ha dinaha tse kang tsena di ne di ile tsa amohela le ho sebetsa ka boleng bokahare ba tshebediso ya dipuo tsa Afrika, boemo ba tshebetso ba dipuo tsa dinaha tsena bo ka be bo fapane le ba hona jwale. 

7.  Tekolo e akaretsang tsohle tsa Lekgotla

Molao wa Lekgotla la Afrika Borwa la dipuo tsa bohle ke sesupo sa bohlokwahadi se bontshang hore boikitlahetso bo teng ba ho hlahisa ekasitana le hona ho hlokomela leano la puo ebile ho ntse ho etswa le moralo o phatlaletseng hantle o tla akaretsa karolo e nngwe le e nngwe ya setjhaba, mme ke ntlha ena e etsang hore re itlhome ka pele ho feta dinaha tse ding. Re na le monyetla o moholo wa ho ka ithuta mekgweng e seng e fumanwe dibakeng tse ding tsa khonthinente ena. Ho na le mekgwa ya mantlha e ka latelwang bakeng sa ho hlahisa le hona ho phethahatsa leano la puo le kgonehang hammoho le moralo.

7.1  Leano la Puo le Mehato ya moralo:

Mehato ena e lokela hore e latelwe sebakeng sa phethahatso e nepahetseng ya leano:

* totobatsa metheo e tataisang leano la puo jwalo ka ha e hlaha Molaong wa motheo
* akanya mme o hlalose leano la puo ho latela metheo ena;
* hlwaya mohopolo wa moralo wa puo o ka sebediswang ho phethahatsa metheo;
* hlalosa meedi;
* rala moralo wa phethahatso o kenyeletsang seabo sa mmuso le setjhaba;
* hlokomela hore leano la puo le moralo di hokeletswe hammoho moralong wa ntshetsopeleng ya naha;
* fumana tse sitisang motheo ona mme o hle o akofise tshebetso eo;
* tsepamisa dinako tseo mosebetsi ona o ka fihlellwang ka tsona;
* tsebisa ka mokgwa o nepahetseng mmuso le setjhaba.

7.2  Karolelano ya boikarabelo ba mosebetsi

Lefapha la Bokgabo, Botjhaba, Saense le Theknoloji le se le simolotse ka mosebetsi wa tlhaloso le tokodiso ya moralo wa naha wa puo. Nakong eo tshebetso ena e neng e qalwa, Molao wa motheo wa selemo sa 1996, mme ka ho qoholeha ditemana tsa puo di ne di eso phethelwe. Ka lebaka lena, karolelano e hlakileng hantle ya boikarabelo ba mosebetsi e ne eso bonahale hantle jwalo ka nakong ya hona jwale. Jwale Lekgotla la Afrika Borwa la dipuo tsa bohle hammoho le Lefapha la Bokgabo, Botjhaba, Saense le Theknoloji, bobedi, a tla lokela ho buisana ka taba ena e le hore phetaphetako ya mesebetsi e tle e thibelwe le hona ho qoba karolelano ya boikarabelo e qoholehileng.

Lefapha la Bokgabo, Botjhaba, Saense le Theknoloji nakong ya jwale le se le qadile mesebetsi e mmedi ya bohlokwa eo eleng boikarabelo bo tobileng mmuso ba ho rotetsa taba ya tekano ya dipuo tse leshome le motso o mong tsa molao:

* ntshetsopele ya letsholo la ho tlisa boitemoho, la selemo sa 1998 le 1999;
* taba ya ho thakgola tshebeletso ya ho toloka ka founu eleng tshebeletso e tla kgona ho thusa batho ba dipuo kaofela tsa molao, ekasitana le dipuo tse ding tse tatetsweng tse lokelang ho phallelwa ka tshebeletso tsena. 

Mesebetsi ena bobedi ba yona e na le monyetla wa ho thusa mmuso hore o kgone ho phethahatsa boikarabelo ba ona, mme mesebetsi ena e qadilweng e lokela hore e tshehetswe ke Lekgotla la Afrika Borwa la dipuo tsa bohle.

Ha mmuso o tshwarane le mosebetsi wa ho theha mekgwa e tla rotetsa hore dipuo tsa molao di fumane maemo a lekanang hammoho le tshebediso e lekanang, Lekgotla la Afrika Borwa la dipuo tsa bohle lona seabo sa lona ke ho matlafatsa le ho qala ho theha mekgatlo ya setjhaba e tla tshehetsa ntshetsopele ya tshebedisano ya dipuo kapa tsebo ya tshebediso ya dipuo tse ngata ebile le sebedisa ka ditsela tsohle mehlodi yohle ya batho ba buang dipuo tse ding ntle le Senyesemane. Ha re teha mohlala, Lekgotla la Afrika Borwa la dipuo tsa bohle le tla kgothaletsa ntshetsopele ya:

* tshebeletso e etswang ke setjhaba ya ho toloka le ho fetolela;
* tsohle tsa thuto hammoho le dingolwa tse ngotsweng ka dipuo tsa batho ba batsho tse kenyeletsang le dipuo tse robong tsa molao, Puo ya batho ba sa utlweng ditsebeng, dipuo tsa Khoe le San;
* dibuka tse hlalosang mantswe tse sebedisang dipuo tse tswang lelokong le le leng la dipuo;
* tshebediso ya dipuo tsa selehae le tsa lebatowa tse akaretsang le tse utluwang ke batho ba bangata hammoho le dipuo tsa kgwebisano le baahisani ho la Afrika;
* marangrang le dinaha tsa boahisani tabeng ya ntshetsopele ya mesebetsi ya puo dipuong tseo re di utlwang mmoho ho fihlela ka mose wane ho meedi;
* mananeo a thupelo hara dibui le batho ba sebedisang dipuo haholo puo tsa batho ba batsho tsa naha ena, ka mokgwa wa thupelo puong le mosebetsi wa ntshetsopele;
* mawa le mananeo a pepesang tsebo ya batho ba naha ena ya Afrika e ka Borwa;
* mawa le mananeo a bopang bokgoni hara ditjhaba tsa puo tsa kwano e le hore di sebedise dipuo sa tsona le tsebo molemong wa bophelo ba tsona.

Qetellong, ditjhaba tsa puo tsena di lokela hore di matlafatswe le hore di ananele bokgoni ba dipuo tsa ditjhaba tsena phedisanong, thutong le moruong, haeba taba ya tshebediso ya puo tse ngata e le ntho e ka kgothaletswang jwalo ka ntho ya bohlokwa naheng ena.

8.  Qetello

Lekgotla la Afrika Borwa la dipuo tsa bohle qetellong le batla ho fehla matlafatso ya dipuo tsa batho hore di ananele boleng ba tsona ba bohlokwa le ba tshebediso ya tsona. Tshebediso ya dipuo tse ngata e tla tswella hantle jwalo ka ntho ya bohlokwa naheng ena mohla dipuo tsohle tsa rona di tsotellwang setjhabeng ka kakaretso.

9.  Mehlodi

Akinnaso F N 1991 Toward the Development of a Multilingual Policy in Nigeria.
In Applied Linguistics, Vol. 12.1:29-61.
Alexander N 1989 Language Policy and National Unity in South Africa/Azania. Cape Town: Buchu Books. 
Alexander N 1995 Presentation to the Department of Constitutional Development,
February 1995
Crystal D 1987 The Cambridge Enyclopedia of Language. Cambridge:CUP.
Department of Arts, Culture, Science and Technology 1996. Towards a National
Language Plan for South Africa. Final Report of the language Plan Task Group
(LANGTAG). Pretoria: DACST.
Djite P 1993 Language and Development in Africa. InternatioNAL Journal of the Sociology of Language 100/101:148-166
Gogolin I 1993 'The "monolingual habitus"as a concept for understanding reactions of standard language teaching to multilingualism'. Paper delivered at the 10th World
Congress of the International Association of Applied Linguistics, Amsterdam, August
1993.
Heugh K 1995 "Disabling and Enabling: implications of language policy trends in South Africa." In Mesthrie, R (ed.) Language and Social History. Cape Town: David Phillip.
Heugh K 1999 "Recovering multilingualism: language policy developments in South Africa". In Mesthrie R (ed) forthcoming.
MacMillan C M 1986 "The Character of Language Rights: Individual, group or collective rights?" Paper for the Political Theory section of the Annual Meeting of the Canadian Political Science Association, in Winnepeg, June 8.
Pan South African Language Board Act, No 59 of 1955. Government Gazette. Vol 363. No. 16726. Cape Town: Government Printer.
Pattanayak D 1988 "Monolingual myopia and the petals of the Indian lotus: Do many            
       languages divide or unite a nation?". In Skutnabb-Kangas T & Cummins J (eds)
       Minority Education: From Shame to Struggle. Clevedon: Multilingual Matters
Ruiz R 1984 Orientations in Language Planning. Journal of the National Association
       for Bilingual Education.Vol 8:15-34.
Ruiz R 1988 "Official Language Planning". In K Adams & D Brink (eds.)
       Official English in the border states. Tuscon: University of Arizona Press.
Schmied J 1991 English in Africa: an introduction. London: Longman.
Siatchitema A K 1992 "When nationism conflicts with nationalist goals: Zambia". In Crawhall N T (ed) Democratically Speaking. Cape Town: National Language Project.
Skutnabb-Kangas T 1988 "Multilingualism and the education of minority children". 
        In Skutnabb-Kangas T & Cummins J (eds) Minority Education: From Shame 
        to Struggle. Clevedon: Multilingual Matters.
The Constitution of the Republic of South Africa, Act 108 of 1996.
Tripathi P D 1990 English in Zambia: The nature and prospects of one of Africa's 'new Englishes'. In English Today, 6.3:34-38.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya
Kharikhulamo Ya Naha
Bakeng Sa Dikereiti R - 9
(Dikolong)
Dipuo
Sesotho
Puo Ya Lapeng/Hae
(LEFAPHA LA THUTO)
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
E phatlaladitswe ke
Lefapha laThuto
Sol Plaatjie House
123 Schoeman Street
Private Bag X895
Pretoria 0001
Afrika Borwa
Mohala: +27 12312 - 5911
Fekese: +27 12321- 6770
120 Plein Street
Private Bag X9023
Cape Town 8000
Afrika Borwa
Mohala: +27 21465- 1701
Fekese: +27 21461- 8110
http://education.pwv.gov.za
(c) 2002 Lefapha la Thuto
ISBN 1-919917-08-X
Gazzete No: 23406, Vol 443, May 2002
Moralo le Sebopeho: Prism Digital, Triple CCC, phatlalatso Cirle Communication
E hatisitswe bakeng sa Bahatisi ba MMuso: Formset Printers Cape
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Tokomane ena e tlameha hore e balwe e le karolo ya Tlaleho e lekotsweng
botjha ya Kharikhulamo ya Naha ya Dihlopha/Dikereiti R - 9 (Dikolong).
Tlaleho ena ya Kharikhulamo ya Naha e kenyelletsa:
1. Tjhebokakaretso
2. Ditlaleho tse robedi tsa Tikoloho tsa ho Ithuta
Dipuo
Mahlale a Tlhaho
Mahlale a Phedisano
Bonono le Botjhaba
Tlwaetso ho tsa Bophelo
Mahlale a kgwebo le Tsamaiso le
Thekenologi
THLOKOMEDISO HO MMADI
Lefapha la Thuto le motlotlo ho nehelana ka Tlaleho e Lekotsweng Botjha ya
Kharikhulamo ya Naha bakeng sa Dikereiti tsa R-9 ka dipuo tsohle tse 11 tsa
semmuso tsa Aforika Borwa.
Tsela ya ho ngola ho ya ka melawana ya puo e itseng le ho fetolela puong e
nngwe ke e rarahaneng ka ho fetisisa ebileng e phephetsa. Maemong a mangata
tlotlontswe le molawana wa ho bopa dipolelo bakeng sa kharikhulamo di ne
di lokela ho ntshetswa pele ke batho ba sebetsang ka ditokomane tsena.
Ditokomane tsena di ile tsa behwa tekong moo ho nang le ditsebi lebaleng la
thuto hore di di sekaseke.
Lefapha la Thuto le sheba ditokomane tsena e le qaleho ya tsela ya ho ntlafatsa
le ho hodisa Dipuo tsa rona. Re amohela/dumella le ho kgothaletsa batho ba
lepatlelong la thuto ho sebedisa ditokomane tsena e le motheo wa kgolo e
tswelang pele.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
MOKGWA WA HO SEBEDISA BUKA ENA
_ Bakeng sa tlhahisoleseding e akaretsang sheba:
 Ho lelekela Tlaleho ya Kharikhulamo ya Naha Kgaolong ya 1 - sena se tla nehelana ka tlhahisoleseding
ho Thuto e thehilweng hodima Diphetho, Tlaleho ya Kharikhulamo e lekotsweng botjha bakeng sa
Dikereiti tsa R - 9 (Dikolong), le Mananeo a ho Ithuta.
 Ho lelekela Tikoloho ya ho Ithuta Kgaolong ya 1 - sena se tla nehelana ka selelekela ho Tlaleho ya
Tikoloho ya ho Ithuta ho kenyeletsa le matshwao a yona, botebo le Diphetho tsa ho Ithuta;
 Tekolo bakeng sa Moithuti - kgaolo ena e nehelana ka tataiso ho dintlhatheo tsa Tekolo ho Thuto e
Thehilweng hodima Diphetho, ho hlalosa tekolo e tswelang pele, le ho nehelana ka mehlala ya ho boloka
direkoto/ditlaleho.
 Manane a tshupiso a nehelana ka kakaretso ya lenane la mantswe le ditlhaloso tsa ona tsa Kharikhulamo
le Tekolo.
_ Mmele/sebopeho sa buka ena se arotswe ka dikgaolo tse mmalwa. Ho nale kgaolo e le nngwe bakeng sa
Mophato ka mong wa Mokgahlelo/Bente ya Thuto le Thupello e Akaretsang - Mophato wa Motheo,
Mophato o Mahareng le Mophato o Phahameng. E nngwe le e nngwe ya dikgaolo tsena e nale karolwana ya
selelekela se se kgutshwanyane, e latelwang ke Maemo a Tekolo bakeng sa Mophato. Ebile ho nale kgaolo
ka Tekolo ya Moithuti.
_ Maemo a Tekolo a Mophato o mong le o mong a hlahiswa ka tsela e tla etsa hore ho kgonahale hore ho
latelwe kgatelopele. Hona ho bolela hore Maemo a Tekolo bakeng sa Mophato ka nngwe a hlahlamantswe
hore titjhere a kgone ho bapisa kgatelopele selemo le selemo.sena se baka hore ho be le dibaka tse sa
ngolwang letho, hobane ha se Maemo a Tekolo kaofela ha wona a nang le ao o ka bapiswang le ona
kereiting enngwe le e nngwe.
_ Matshwao a itseng a ya sebediswa ho phatlalla le buka ena kaofela ha yona hore a tataise titjhere ho fumana
tlhahisoleseding eo a e batlang. Matshwao ao ke ana:
Maemo a Tekolo
Kereiti/Sehlopha
Diphetho tsa ho Ithuta
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
KGAOLO 1: SELELEKELA 1
HO LELEKELA TLALEHO YA KHARIKHULAMO YA NAHA 1
Thuto e theilweng hodimo Diphetho 1
Tlaleho e lekotsweng Botjha ya Kharikhulamo ya Naha:
Tlaleho tsa Tikoloho tsa ho Ithuta 2
Tlaleho e Lekotsweng Botjha ya Kharikhulamo ya Naha:
Mananeo a ho Ithuta 3
Kabo ya Nako 3
Tekolo 3
Mofuta wa titjhere o labalabelwang/lebelletsweng 4
Mofuta wa moithuti o labalabelwang/lebelletsweng 4
HO LELEKELA TIKOLOHO YA HO ITHUTA YA DIPUO - SESOTHO 5
Tlhaloso 5
Mokgwa wa ho kenyelletsa Botemengateng 5
Puo ya ho Ithuta le ho Ruta 6
Sepheo 6
Matshwao a ikgethang le boholo 7
Diphetho tsa ho Ithuta tsa Dipuo 8
KGAOLO YA 2: MOPHATO WA MOTHEO
(DIKEREITI TSA R - 3) 11
SELELEKA 11
Tsepamiso 11
Ntshetsopele ya Puo: Tsela e tswelang pele butle 11
Mokgwa wa katamelo o lekalekaneng wa ntshetsopele
ya ho ruteha ho baleng le ho ngoleng 11
Ho ahella hodima Tsebo 12
Ho kgothaletsa ho itlhakisa 12
Kgokahanyo ya Diphetho tsa ho Ithuta 12
DIKAHARE
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
DIPHETHO TSA HO ITHUTA 13
Sephetho sa ho Ithuta sa 1: Ho Mamela 13
Sephetho sa ho Ithuta sa 2: Ho Bua 13
Sephetho sa ho Ithuta sa 3: Ho Bala la ho Boha 13
Sephetho sa ho Ithuta sa 4: Ho Ngola 13
Sephetho sa ho Ithuta sa 5: Ho Nahana le ho Fana ka mabaka 14
Sephetho sa ho Ithuta sa 6: Sebopeho sa Thutapuo le Tshebediso 14
MAEMO A TEKOLO LE DITEMA 15
Maemo a Tekolo le Ditema tsa Kereiti ya R 15
DITEMA TSE KGOTHALETSWANG 16
Sephetho sa ho Ithuta sa 1: Ho Mamela 16
Sephetho sa ho Ithuta sa 2: Ho Bua 17
Sephetho sa ho Ithuta sa 3: Ho Bala la ho Boha 18
Sephetho sa ho Ithuta sa 4: Ho Ngola 20
Sephetho sa ho Ithuta sa 5: Ho Nahana le ho Fana ka mabaka 21
Sephetho sa ho Ithuta sa 6: Sebopeho sa Thutapuo le Tshebediso 22
Maemo a Tekolo le Ditema tsa Dikereiti tsa 1-3 23
DITEMA TSE KGOTHALETSWANG 23
Sephetho sa ho Ithuta sa 1: Ho Mamela 26
Sephetho sa ho Ithuta sa 2: Ho Bua 30
Sephetho sa ho Ithuta sa 3: Ho Bala la ho Boha 36
Sephetho sa ho Ithuta sa 4: Ho Ngola 44
Sephetho sa ho Ithuta sa 5: Ho Nahana le ho Fana ka mabaka 52
Sephetho sa ho Ithuta sa 6: Sebopeho sa Thutapuo le Tshebediso 58
KGAOLO YA 3: MOPHATO O MAHARENG
(Dikereiti tsa 4-6) 62
SELELEKELA 62
Tsepamiso 62
Mefuta e fapaneng ya ditema 62
Diketsahalo tsa ho ithuta tse hokahantsweng 62
Dikahare tse nammeng le tsa mefutafuta 62
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
DIPHETHO TSA HO ITHUTA 64
Sephetho sa ho Ithuta sa 1: Ho Mamela 64
Sephetho sa ho Ithuta sa 2: Ho Bua 64
Sephetho sa ho Ithuta sa 3: Ho Bala la ho Boha 64
Sephetho sa ho Ithuta sa 4: Ho Ngola 64
Sephetho sa ho Ithuta sa 5: Ho Nahana le ho Fana ka mabaka 65
Sephetho sa ho Ithuta sa 6: Sebopeho sa Thutapuo le Tshebediso 65
MAEMO A TEKOLO LE DITEMA 65
Maemo a Tekolo le Ditema tsa Dikereiti tsa 4-6 66
DITEMA TSE KGOTHALETSWANG 66
Sephetho sa ho Ithuta sa 1: Ho Mamela 72
Sephetho sa ho Ithuta sa 2: Ho Bua 78
Sephetho sa ho Ithuta sa 3: Ho Bala la ho Boha 82
Sephetho sa ho Ithuta sa 4: Ho Ngola 90
Sephetho sa ho Ithuta sa 5: Ho Nahana le ho Fana ka mabaka 96
Sephetho sa ho Ithuta sa 6: Sebopeho sa Thutapuo le Tshebediso 100
KGAOLO YA 4: MOPHATO O PHAHAMENG
(Dikereiti tsa 7-9) 104
SELELEKELA 104
Tsepamiso ya Maikutlo 104
DITEMA TSA HO ITHUTA 105
Sephetho sa ho Ithuta sa 1: Ho Mamela 105
Sephetho sa ho Ithuta sa 2: Ho Bua 105
Sephetho sa ho Ithuta sa 3: Ho Bala la ho Boha 105
Sephetho sa ho Ithuta sa 4: Ho Ngola 105
Sephetho sa ho Ithuta sa 5: Ho Nahana le ho Fana ka mabaka 105
Sephetho sa ho Ithuta sa 6: Sebopeho sa Thutapuo le Tshebediso 106
MAEMO A TEKOLO LE DITEMA 106
Maemo a Tekolo le Ditema tsa Dikereiti tsa 7-9 107
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
DITEMA TSE KGOTHALETSWANG 107
Sephetho sa ho Ithuta sa 1: Ho Mamela 110
Sephetho sa ho Ithuta sa 2: Ho Bua 114
Sephetho sa ho Ithuta sa 3: Ho Bala la ho Boha 120
Sephetho sa ho Ithuta sa 4: Ho Ngola 126
Sephetho sa ho Ithuta sa 5: Ho nahana le ho Fana ka mabaka 132
Sephetho sa ho Ithuta sa 6: Sepopeho sa Thutapuo le Tshebediso 142
KGAOLO 5: TEKOLO YA MOITHUTI 151
SELELEKELA 151
DINTLHATHEO TSA TEKOLO TSE SEBEDISWANG HO
THUTO E THEHILWENG HODIMA DIPHETHO 152
Tlhaloso 152
Matshwao a sehlooho 152
Sepheo sa Tekolo 152
TEKOLO E TSWELANG PELE 153
Matshwao a Tekolo e tswelang pele 153
Mawa a Tekolo 154
Mesebetsi e Tlwaelehileng ya Tekolo 155
HO HLOKOMELA TEKOLO 155
Batho ba hlahlobang 155
Lenaneo la Sekolo la Tekolo 155
HO BOLOKA DIREKOTO 156
Dibuka ta direkoto 156
Dikhoutu tsae sebediswang bakeng sa ho hlahlobo 157
Dikhoutu tsa Naha 158
Dipallo tsa tswelopele/kgatelopele 158
Porofaele ya moithuti 158
DIRAPOROTO 159
Tlhahisoleseding e lokelang ho Kenngwa Diraporotong 159
Dikarete tsa ho tlaleha/repota 160
MANANE A TSHUPISO 161
LENANE LA MANTSWE LE DITLHALOSO TSA ONA BAKENG SA
KHARIKHULAMO LE TEKOLO 161
LENANE LE MANTWE LE DITLHALOSO TSA WONA TSA TIKOLOHO
YA HO ITHUTA 164
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
KGAOLO YA 1
SELELEKELA
HO LELEKELA TLALEHO YA KHARIKHULAMO YA NAHA
Molaotheo wa Rephapoliki ya Aforika Borwa, 1996 (Act 108 of 1996) o nehelana ka motheo bakeng sa
phetoho ya kharikhulamo le ntshetsopele Aforika Borwa. Selelekela sa Molaotheo se hlalosa hore
maikemisetso a molaotheo ke ho:
_ Phekola dikarohano tsa nako e fetileng le ho bopa setjhaba se thehilweng ka makgabane a demokerasi,
toka ya phedisano/boahisani, le ditokelo tsa botho tsa motheo
_ Ntlafatsa boleng ba bophelo ba baahi bohle le ho rarolla bokgoni ba motho e mong le e mong.
_ Beha motheo wa setjhaba sa demokerasi se amohelanang, seo ho sona mmuso o theilweng hodima thato ya
batho mme moahi e mong le e mong a sireleditsweng ka ho lekana ke molao.
_ Ho aha Aforika Borwa e tshwarahaneng ya demokerasi, e nang le bokgoni ba ho nka sebaka sa yona se
tshwanetseng jwalo ka naha e ipusang lelapeng la matjhaba.
Thuto le kharikhulamo di nale seabo sa bohlokwa seo di se etsang ho elellwa maikemisetso ao. Kharikhulamo e
ikemiseditse ho hlahisa bokgoni bo feletseng ba moithuti ka mong jwaloka moahi wa Aforika Borwa ya
lokolohileng.
Thuto e thehilweng hodima Diphetho
Thuto e thehilweng hodima Diphetho e bopa motheo wa Kharikhulamo ya Aforika Borwa. E labalabella ho
kgontsha baithuti bohle ho fihlella bokgoni ba bona ka ho phethahala. Sena e se etsa ka ho totobatsa diphetho
tse lokelwang ho fihlellwa qetellong ya tsamaiso e nngwe le e nngwe. Diphetho di kgothaletsa tsamaiso
thutong. e tsepamisitsweng ho moithuti le e behilweng hodima diketsahalo. Tlaleho e Lekotsweng Botjha ya
Kharikhulamo ya Naha e aha diphetho tsa yona tsa ho Ithuta bakeng sa Mokgahlelo wa Thuto le Thupello e
Akaretsang bakeng sa Dikereiti tsa R - 9 (bakeng sa dikolo) hodima diphetho tse hlokolosi le diphetho tsa
ntshetsopele tse neng di kgothaletswa ke Molaotheo tsa ntshetswa pele ke tsamaiso ya demokerasi.
Diphetho tse hlokolosi/bohlokwa di labalabella baithuti ba tla kgona ho:
_ Hlwaya le ho rarolla diqaka mme ba etse diqeto ka ho sebedisa ho nahana ka tshekatsheko le boiqapelo bo
tebileng.
_ Sebetsa ka katleho le ba bang sehlopheng, mokgatlong le setjhabeng.
_ tlhophisa, ho itaola le ho laola mesebetsi ya bona kapa seo ba se etsang ka boikarabelo le ka bokgoni.
_ Bokella, ho manolla; ho hlophisa le ho hlahloba tlhahisoleseding ka tshehollo.
_ Buisana ka katleho ka tshebediso ya ditshwantsho/tse bohuwang, matshwao kapa bokgoni ba puo ka
mekgwa e fapaneng.
Selelekela
1
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
_ Sebedisa mahlale/saense le thekenoloji ka katleho mme ka kelohloko ba bontshe boikarabelo malebana le
tikoloho le bophelo ba ba bang.
_ Bontsha kutlwisiso ya lefatshe jwalo ka sete ya tsamaiso tse amanang ka ho lemoha hore maemo a ho
rarolla diqaka, ha a sebetse a le mang jwalo ka sehlekehleke.
Diphetho tsa ntshetsopele di labalabella baithuti bao hape ba tla kgona ho:
_ Nahana le ho batlisisa mefuta e fapaneng ya mawa a ho ithuta ka katleho.
_ Ba le seabo jwalo ka baahi ba nang le boikarabelo, bophelong ba setjhaba sa selehae, sa naha le ditjhabeng
tsa lefatshe lohle.
_ Ba hlokolosi botjhabeng le bokgabaneng ba bonono maemong a fapaneng a phedisano.
_ Batlisisa menyetla ya thuto le mesebetsi le
_ Ho ntshetsa pele menyetla ya tsa kgwebo.
Dintlha tse kang bofuma, ho se lekalekane, bomorabe, bong, dilemo, ho sa itekanela le diphephetso tse kang
lefu la Kwatsi ya bosollatlhapi (HIV/AIDS) kaofela di susumetsa botebo le mokgwa oo baithuti ba ka bang le
seabo ho ithuteng. Tlaleho e Lekotsweng Botjha ya Kharikhulamo ya Naha,bakeng sa dikereiti tsa R - 9 e
amohela mokgwa wa ho akaretsa ka ho totobatsa bonyane ba ditlhokeho bakeng sa baithuti bohle. Ditlaleho
tsohle tsa Tikoloho tsa ho Ithuta di leka ho bopa tlhokomelo/temoho ya dikamano pakeng tsa toka ya phedisano
ditokelo tsa botho, tikoloho e maemong a lokileng, le ho se kgetholle. Baithuti ba bile ba kgothaletswa ho
hlahisa tsebo le kutlwisiso ya ho fapana/phatlalla ho unneng ha naha ena, ho kenyeletsa le dikarolwana tsa
setso bodumedi le boitshwaro bo amohelehileng ba ho fapana hona.
Tlaleho e Lekotsweng Botjha ya Kharikhulamo ya Naha: Tlaleho tsa Tikoloho tsa ho
Ithuta
Tlaleho e Lekotsweng Botjha ya Kharikhulamo ya Naha, bakeng sa Dikereiti/dihlopha tsa (R - 9) e bopilwe ka
Tjhebokakaretso le Ditlaleho tsa Tikoloho tsa ho Ithuta tse robedi bakeng sa:
_ Dipuo;
_ Mmetse;
_ Mahlale a Tlhaho;
_ Mahlale a Phedisano;
_ Bonono le Botjhaba;
_ Tlwaetso ho tsa Bophelo;
_ Mahlale a Kgwebo le Tsamaiso le;
_ Thekenoloji.
Tlaleho e nngwe le e nngwe ya Tikoloho ya ho Ithuta e hlwaya Sephetho sa mantlha sa ho ithuta se lokelwang
ho fihlellwa qetellong ya Kereiti ya 9. Hape Tlaleho e nngwe le e nngwe ya Tikoloho ya ho ithuta e totobatsa
Maemo a Tekolo a tla thusa ho fihlella Diphetho tsa ho Ithuta. Maemo a Tekolo a ya hlaloswa bakeng sa
kereiti ka nngwe mme ho hlaloswa le botebo le bophara ba seo baithuti ba lokelang ho se tseba le ho kgona ho
se etsa. Maemo a Tekolo a Tlaleho ya Tikoloho e nngwe le e nngwe ya ho Ithuta a bontsha mokgwa oo
ntshetsopele ya dintlhatheo le bokgoni di ka etsahalang kateng ha nako e ntse e tsamaya. Maemo a Tekolo a ka
hokahanngwa dikereiting tsohle le ho kgabahanya le dikereiti tsohle. Phihlello ya kamano e -
nepahetseng/lekaneng pakeng tsa kgokahanyo ho kgabahanya le Tikoloho tsa ho Ithuta (moo ho hlokahalang le
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Selelekela
2
maemong a nepahetseng a thuto) le kgatelopele ya dintlhatheo ho tloha kereiting e nngwe ho ya ho e nngwe ke
tse bohareng ba kharikhulamo ena.
Tlaleho e Lekotsweng Botjha ya Kharikhulamo ya Naha: Mananeo a ho Ithuta
Tlaleho e Lekotsweng Botjha ya Kharikhulamo ya Naha e ikemiseditse ho phahamisa boikemisetso le
boiphihlello matitjhereng, a tla beng a ikarabella ho tlhahiso ya Mananeo a bona a ho Ithuta. Bakeng sa ho
tshehetsa tsamaiso ena Lefapha la Thuto le nehelana ka leano la ditataiso le itshetlehileng ho Tlaleho enngwe le
e nngwe ya Tikoloho ya ho Ithuta. Diporofensi di tla hlahisa dtataiso tse ding moo ho hlokahalang bakeng sa
ho kenyeletsa maemo a fapaneng.
Dintlhatheo le bokgoni tsa motheo tsa Tlaleho tsa Tikoloho tsa ho Ithuta tsa Tlaleho e lekotsweng Botjha ya
Kharikhulamo ya Naha di tjhaella Mananeo a ho Ithuta monwana. Jwalo ka ha Tikoloho tsa ho Ithuta di
nehelana ka dintlhatheo, bokgoni, le makgabane tse lokelwang ho fihlellwa kereiting ka nngwe, Mananeo a ho
Ithuta a totobatsa botebo ba ho Ithuta le diketsahalo tsa Tekolo bakeng sa mophato ka nngwe. Mananeo a ho
Ithuta a bile a nale dipallo tsa tshebetso tse nehelanang ka sekgahla le tatelano ya diketsahalo tsena selemo le
selemo, mmoho le mehlala ya ho mekgwa ya ho rala dithuto tse ka kenngwang tshebetsong nako e nngwe le e
nngwe.
Mophatong wa Motheo, ho na le Mananeo a mararo a ho ithuta: Ho Ruteha, Tsebo ya Dipalo le Bokgoni ho tsa
Bophelo. Mophatong o Mahareng, Dipuo le Mmetse di dula e nngwe le e nngwe e le lenaneo le ikemetseng la
ho ithuta. Mananeo a mang a ho Ithuta a ka kopanngwa ke dikolo ka ho tjhaellwa monwana ke mafapha a thuto
a diporofensi. Diporofensi ka botsona di ka hlahisa diqeto tsa porofensi yohle bakeng sa ho kopanngwa ha
mananeo a ho ithuta Mophatong o Mahareng. Mophatong o Phahameng ho na le mananeo a ho ithuta a robedi,
a itshetlehileng hodima Ditikoloho tsa ho Ithuta. Kabo ya nako e behilwe bakeng sa Tikoloho e nngwe le e
nngwe ya ho Ithuta Dikereiting le Mephatong yohle.
Kabo ya nako
Kabo ya nako ke diporosente tsa dihora tse lokelwang ho behellwa ka thoko bakeng sa ho ruta ho
hlophisitsweng. Bekeng e nngwe le e nngwe ya sekolo,matitjhere a sekolong dihora tse 35; dihora tseo ba
rutang ka tsona di tla fapana mephatong e fapaneng. Mophatong wa Motheo, ho lokela hore ho be le dihora tse
22,5 tsa ho ruta dikereiting tsa 1 le 2, le dihora tsa ho ruta tse 25 kereiting ya 3. Mophatong o Mahareng , ho tla
ba le dihora tse 26,5 tsa ho ruta . Mophatong o Phahameng, kereiti ya 7 e tla ba le dihora tse 26,5 mme
dikereiti tsa 8 le 9 di tla ba le dihora tse 27,5 tsa ho ruta.
Tekolo
Tlaleho e nngwe le e nngwe ya Tikoloho ya ho Ithuta e kenyeletsa karolo e hlophisitsweng hantle ka tekolo.
Sebopeho se itshetlehileng hodima diphetho se sebedisa mekgwa ya hlahlobo e kgonang ho kenyeletsa dintlha
tsa fapaneng tsa dintlhatheo.Tekolo e lokela ho nehelana ka dipontsho tsa diphihlello tsa moithuti ka mokgwa o
nang le tshusumetso le bokgoni, o bile o netefatsa hore baithuti ba hokahanya le ho sebedisa bokgoni. Tekolo e
lokela ho thusa baithuti ho etsa dikahlolo ka ha tshebetso ya bona, ba behe diphetho bakeng sa kgatelopele le
ho qhoholotsa ho ntshetsa pele ho ithuta.
Selelekela
3
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Mofuta wa titjhere o labalabelwang/lebelletsweng
Matitjhere ohle le barutisi ba bang ke baphehisi ba sehlooho phetohong ya thuto Aforika Borwa. Tlaleho ena e
Lekotsweng Botjha ya Kharikhulamo ya Naha e nale tjhebelo pelo ya matitjhere a rutehileng ka nepo, ba nang
le boiphihlelo, ba ikemiseditseng, le ho tsotella. Ba tla kgona ho phethisa mesebetsi e fapaneng e
tshwantshisitsweng ho Tsamaiso le Maemo bakeng sa Matitjhere. Tsena di kenyeletsa ho ba balamodi ba ho
ithuta, batoloki le ba ralang Mananeo a ho ithuta le disebediswa, baetellipele, batsamaisa, le baokamedi,
baithuti, bafuputsi, le baithuti ba bophelo bohle, ditho tsa setjhaba, baahi, baruti, bahlahlobi, le baipabodi ba
mophato kapa tikoloho ya ho ithuta.
Mofuta wa moithuti ya labalabelwang/lebelletsweng
Ho phahamiswa ha makgabane ho bohlokwa, e seng feela molemong wa ho intshetsa pele, empa le ho
nnetefatsa hore boitsebahatso ba setjhaba sa Aforika Borwa, bo ahilwe hodima makgabane a fapaneng le ao e
neng e le motheo wa thuto ya kgethollo. Mofuta wa moithuti ya lebelletsweng, ke ya tla beng a susumetswa ke
makgabane ana mme a etsa dintho ho latela ditabatabelo tsa setjhaba se thehilweng hodima tlhompho ya
demokerasi, tekano, seriti sa botho, bophelo, le toka ya phedisano. Kharikhulamo e batla ho bopa moithuti wa
bophelo bohle ya nang le boitshepo, ya nang le ho ruteha, tsebo ya dipalo, ya nang le bokgoni bo bongata, ya
nang le ho jarelana mofokolo/kutlwelobohloko, ka hlompho ya tikoloho le bokgoni ba ho ba le seabo
setjhabeng jwaloka moahi ya hlokolosi a bile a le mafolofolo.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Selelekela
4
HO LELEKELA TIKOLOHO YA HO ITHUTA YA DIPUO - SESOTHO
Tlhaloso
_ Dipuo tsohle tsa semmuso di le leshome le motso o le mong e leng, Afrikaans; English; isiNdebele;
isiXhosa; isiZulu; Sepedi; Sesotho; SiSwati; Setswana; Tshivenda le Xitsonga le.
_ Hore e kenyelletsa dipuo tse ding tse amohetsweng ke lekgotla la dipuo la Afrika Borwa (PANSALB) le
(SAFCERT) " South African Certification Authority," Puo ya matshwao le Mongolo wa difofu.
Tikoloho ya ho Ithuta bakeng sa puo ka nngwe ya semmuso ho nehelanwa ka tsona ka dikarolo tse tharo, e
nngwe le e nngwe e nale mothamo yona: Puo ya lapeng, Puo ya pele ya tlatsetso le Puo ya bobedi ya tlatsetso.
Naheng e nang le dipuo tse ngata jwalo ka Aforika Borwa, ho bohlokwa hore baithuti ba fihlelle boemo bo
hodimo bonyane puong tse pedi mme ba kgone ho buisana le ba bang ka tse ding.
Mokgwa wa ho kenyelletsa Botemengateng
Tikoloho ya ho Ithuta ya Dipuo e tsamaellana le leano la Lefapha la Thuto la - puo - thutong. Leano lena le fa
Makgotla a Taolo ya Dikolo, boikarabelo ba ho kgetha maano a puo a dikolo, a loketseng maemo a tsona mme
a tsamaellane le leano la kenyelletso botemengateng. Tlaleho ya Tikoloho ya ho Ithuta ya Dipuo e fana ka
tshehetso qetong efe le efe eo sekolo se e etsang. E latela mokgwa wa kenyeletso botemengateng:
_ Baithuti bohle ba ithuta puo ya bona ya hae/lapeng le bonyane puo e le nngwe ya semmuso.
_ Baithuti ba ba le bokgoni puong ya bona ya tlatsetso, ha ka hlakoreng le leng puo ya bona ya hae/lapeng e
bolokilwe e bile e ntshetswa pele.
_ Baithuti bohle ba ithuta Puo ya Seaforika bonyane dilemo tse tharo qetellong ya bente ya Thuto le
Thupello e Akaretseang. Maemong a mang ho ka ithutwa yona e le puo ya bobedi ya tlatsetso.
Puo ya hae/lapeng, puo ya pele le ya bobedi ya tlatsetso, ho sebetsanwa le tsona
ka mekgwa e fapaneng:
_ Maemo a Tekolo a puo ya hae, a akanya hore baithuti ba tla sekolong ba kgona ho utlwisisa le ho bua puo.
A tshehetsa ntshetsopele ya bokgoni bona haholoholo malebana le mefuta e fapaneng ya phadimeho (ho
bala, ho ngola, ho boha le phadimeho tse hlokolosi). A fana ka kharikhulamo e matla ho tshehetsa puo ya
ho ruta le ho ithuta.
_ Puo ya pele ya tlatsetso e akanya hore baithuti ha se hore hakaalo ba na le tsebo ya puo ena ha ba fihla
sekolong. Kharikhulamo e qala ka ho aha bokgoni ba baithuti ba ho utlwisisa le ho bua puo ena. Hodima
motheo ona e aha phadimeho. Baithuti ba kgona ho fetisa mefuta ya phadimeho, eo ba e fumaneng puong
ya bona ya pele ya Tlatsetso. Kharikhulamo e fana ka tshehetso e matla ho baithuti ba sebedisang puo ya
bona ya pele ya tlatsetso, e le puo ya ho ruta le ho ithuta ka nako e nngwe mokgahlelong wa Thuto le
Thupello e Akaretsang. Qetellong ya sehlopha/kereiti 9, baithuti bana ba lokela hore ba be ba kgona ho
sebedisa puo ya bona ya hae, le ya pele ya tlatsetso ka bokgoni le ka boitshepo bakeng sa merero e
fapaneng e kenyelletsang le ho ithuta.
_ Puo ya bobedi ya tlatsetso e hopoletswe baithuti ba batlang ho ithuta dipuo tse tharo. Puo ya boraro e ka
nna ya ba ya semmuso kapa ya baditjhaba. Maemo a Tekolo, a netefatsa hore baithuti ba kgona ho
sebedisa puo mererong e akaretsang ya kgokahano. A akanya hore ho tla fanwa ka nako e nyenyane puong
ya bobedi ya tlatsetso ho ena le ho ya hae kapa ya pele ya tlatsetso.
Selelekela
5
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Tikoloho ya ho ithuta ya dipuo e akaretsa dipuo tsohle tsa semmuso tse leshome le motso o mong e leng:
_ Dipuo tsa hae/lapeng
_ Dipuo tsa pele tsa tlatsetso, le
_ Dipuo tsa bobedi tsa tlatsetso.
Puo ya ho Ithuta le ho Ruta
Re kgothalletsa hore puo ya moithuti ya hae e sebediswe bakeng sa ho ithuta le ho ruta moo ho
kgonehang. Sena se bohlokwa haholo Mophatong wa Motheo moo baithuti ba ithutang ho bala le ho ngola.
Moo baithuti ba lokelang ho fetoha ho tloha puong ya hae, ho ya ho ya tlatsetso bakeng sa ho ithuta le ho ruta,
hona ho ralwe ka hloko:
_ Puo ya tlatsetso e kenngwe e le thuto ho tloha tlase ka moo ho ka kgonehang.
_ Puo ya hae/lapeng e lokela hore e tsamaiswe mmoho le ya tlatsetso ka moo ho ka kgonehang.
_ Ha baithuti ba kena sekolo moo puo ya ho ithuta le ho ruta e leng puo ya tlatsetso, matitjhere le sekolo ba
etse sebaka ho faneng ka thuso e ikgethileng le ho ithuta ho tlatselletsang puong ya tlatsetso, ho fihlela
nakong eo moithuti a tla beng a kgona ho ithuta ka tshwanelo ka Puo ya ho Ithuta le ho Ruta.
Sepheo/Maikemisetso
Dipuo ke tshiya tsa maphelo a rona. Re hokahana le ho utlwisisa lefatshe la rona ka puo. Ka hoo puo e fana ka
sebopeho boitsebahatsong le tsebong ya rona.
Dipuo di sebetsa mererong e mengata e hlahellang ho Tlaleho ya Tikoloho ya ho Ithuta Dipuo. Tsena ke:
_ Bakeng sa motho - ho ntshetsa pele le ho boloka boitsebahatso, ho boloka dikamano lapeng le setjhabeng,
le bakeng sa ho intshetsa pele le boithabiso.
_ Kgokahano/Puisano - ho buisana ka tshwanelo le ka bokgoni maemong a fapaneng a phedisano.
_ Thuto - ho bopa disebediswa tsa ho nahana le ho fana ka mabaka, le ho fana ka tlhahisoleseding.
_ Kananelo ya botle - ho qapa, ho bapala ka menahano ka ditema tsa phetelo, tse bohuwang le tse ngolwang.
_ Botjhaba - ho utlwisisa le ho ananela dipuo le botjhaba bo fapaneng mmoho le lefa le fuperweng ke tsona.
_ Dipolotiki - ho phephetsa matla, ho susumelletsa batho ntlheng kapa mohopolong o itseng, ho beha ba
bang dibakeng tse itseng, le ho ntshetsa pele, ho boloka le ho fetola boitsebahatso.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Selelekela
6
MATSHWAO A IKGETHANG LE BOHOLO (TEKANYO)
Tikoloho ya ho ithuta ya Dipuo e na le seabo sefe kharikhulamong?
_ E ntshetsa pele ho bala le ho ngola, e leng motheo wa bohlokwa wa mefuta e fapaneng ya bokgoni.
_ Ke mokgwa oo ka ona dithuto tse ding di ka rutwang ka hara kharikhulamo jwalo ka mmetseng le thutong
ya mahlale a phedisano.
_ E kgothalletsa kutlwisiso ya ho tswakana ha botjhaba bo sa tshwaneng, le ho fumana ntlhakemo tse ding le
kutlwisiso e hlokolosi ya mohopolo wa botjhaba.
_ E tsosolosa boinahanelo le ketsahalo ya boiqapelo mme ka ho etsa jwalo, dipheo tsa bonono le botjhaba di
ntshetswa pele.
_ E fana ka tsela ya ho tsamaisa tsebo le ho phahamisa dipheo tse ngata tsa thuto ya mahlale, thekenoloji le
thuto ya tikoloho.
_ E ntshetsa pele disebediswa tsa bohlokwa ho beng moahi ya nang le boikarabelo.
Dipuo: ho kopanya tsebo, bokgoni le makgabane
Ho na le diphetho tsa ho ithuta tse tsheletseng tsa mantlha.
_ Diphetho tse nne tse qalang di akaretsa mefuta e mehlano e fapaneng ya bokgoni (ho mamela, ho bua, ho
bala, ho boha le ho ngola).
_ Sephetho sa bohlano se amana le tshebediso ya dipuo bakeng sa ho nahana le ho fana ka mabaka, e leng ho
bohlokwa bakeng sa Puo ya ho Ithuta le ho Ruta.
_ Sepheto sena ha se a keyeletswa kharikhulamong bakeng sa puo ya bobedi ya Tlatsetso, kaha
maikemisetso a yona ha se ho lokisetsa baithuti ho sebedisa puo eo jwaloka puo ya ho ithuta le ho ruta.
_ Sephetho sa botshelela se amana le tabataba ya puo - medumo, mantswe le thutapuo - ditemeng. Tsebo ena
e kenngwa tshebetsong ka bokgoni ba puo bo hlaloswang diphethong tse ding.
Diphetho tsena di ngotswe hore di fane ka mefuta e ikgethileng ya tsebo le bokgoni, le ho di etsa hore di hlake
di be di utlwisisehe. Leha ho le jwalo, ha re sebedisa puo, re hokahanya tsebo, bokgoni le makgabane ho
itotobatsa. Motheo wa sehlooho wa Tlaleho ya Tikoloho ya ho ithuta ya Dipuo ke kgokahanyo ya dikarolo
tsena tsa puo ka ho bopa le ho hlalosa ditema.
Selelekela
7
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
DIPHETHO TSA HO ITHUTA TSA DIPUO
Sephetho sa ho Ithuta sa 1: Ho Mamela
Moithuti o kgona ho mamela hore a fumane tlhahisoleseding, boithabiso le ho arabela ka tshwanelo le ka
tshekatsheko e tebileng maemong a fapaneng.
Sephetho sa ho Ithuta sa 2: Ho Bua
Moithuti o kgona ho buisana ka boitshepo le nepahalo ka puo e buuwang maemong a fapaneng.
Sephetho sa ho Ithuta sa 3: Ho Bala le ho Boha
Moithuti o kgona ho bala le ho boha, hore a fumane tlhahisoleseding le boithabiso hape a arabele ka
bohlokolosi bokgabaneng ba botjhaba le ba maikutlo ditemeng tsa ho ithuta.
Sephetho sa ho Ithuta sa 4: Ho Ngola
Moithuti o kgona ho ngola ditema tse fapaneng tsa dintlha le tsa boiqapelo bakeng sa mererong e
mengata e phatlaletseng.
Sephetho sa ho Ithuta sa 5: Ho Nahana le ho Fana ka Mabaka
Moithuti o kgona ho sebedisa puo ho nahana, ho fana ka mabaka, ho fumana, ho hlophisa le ho sebedisa
tlhahisoleseding bakeng sa ho ithuta.
Sephetho sa ho Ithuta sa 6: Sebopeho sa Thutapuo le Tshebediso
Moithuti o a tseba mme o kgona ho sebedisa medumo, mantswe le thutapuo ho bopa le ho hlalosa
ditema.
Kgokahanyo ya diphetho
Ho mamela le ho bua, ho bala le ho boha, ho ngola, ho nahana le ho fana ka mabaka, le tsebo ya medumo,
mantswe le thutapuo, leha di hlahiswa jwalo ka diphetho tse arohaneng, di hokahanngwe ha o ruta le ha o
hlahloba.
Mehlala
Baithuti:
_ Ba mamela mofuta o itseng wa tema (j.k. tlhaloso ya ketsahalo e tswellang jwalo ka ho rafuwa ha kgauta
kapa ho etswa ha pampiri);
_ Ba bala le ho manolla matshwao a sehlooho a tema e nngwe ya mofuta wona oo (j.k. ho sebedisa lekgathe
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Selelekela
8
lejwale, leetswa, ba sebedisa mantswe a hokelang a kang 'ya pele', 'e latelang', 'e be');
_ Ba rala le ho bopa tema e ntjha ya wona mofuta oo, ho kenyelletswa le ditshwantsho tse sebopehong sa
mmapa wa tlhalohanyo.
Ho etsa (bopa) le ho hlalosa ditema
Ho kgona ho bopa le ho hlalosa ditema, baithuti ba hloka tsebo ka puo, tsebo ka ditema, le bokgoni bo fapaneng
ba puo le mawa.
Ditemana e ka ba tsa:
_ molomo, j.k. puo.
_ se ngolwang, j.k. lengolo.
_ se kopantseng tse ngotsweng le tse bohuwang, j.k. papatso;
_ diphatlalatsi tsa ho phatlalatsa melaetsa le tsebo, j.k. filimi kapa tema ya thelebeshene;
Tsebo ya puo le ditema e kenyelletsa tsebo ka:
_ Maemo - sepheo, sehlooho le bamamedi;
_ Sebopeho sa tema, j.k. ya thothokiso kapa ya papatso;
_ Ditlwaelo le mekgwa ya phedisanong e amanang le puo, j.k. ka moo o dumedisang batho ka dipuo tse
fapaneng;
_ Thutapuo, medumo le tlotlontswe ya puo;
_ Ho ngola le ho peleta temeng e ngotsweng;
_ Ditshwantsho le moralo temeng e bohuwang;
Ho hokahanya ho ithuta puo: makgabane
Ditema tsohle di jere/fupere makgabane a ka bang molemo (j.k. demokerasi) kapa a seng molemo/a hanyetsang
(j.k. a kgethollang ka bong le ka ho ya ka botjhaba). Makgabane ana ka mehla ha a totobala. Baithuti ba lokela
ho ela hloko le ho ka sekaseka makgabane a teng ditemeng tseo ba di balang le ho di boha, le ho tseo ba
ipopelang tsona.
Ha ba sekaseka, moo ho kgonehang, ba phephetse makgabane a fumanwang ditemeng tsa molomo, tse
bohuwang le tse ngolwang, baithuti ba tla:
_ Ithuta ka moo ditema di hlahisang lehlakore le itseng la batho le diketsahalo.
_ Ntshetsa pele bokgoni bo hlokolosi ba ho hlahloba, ha ho kgoneha ba hanane le mehopolo ena le
makgabane a amanang le yona.
_ Ba lemoha ka moo ba hlahisang makgabane a bohlokwa ditemeng tseo ba iketseditseng tsona - ho etsa
mohlala: mamellano, tlhompho, boithabiso, botle, ho qabola, ho tlala papadi,ho se thabe, kgalefo.
Ho hokahanya ho ithuta puo: Mehopolo ya sehlooho/Mokotaba.
Ho ithuta puo ho ka nna ha hokanngwa ka mokotaba e fapaneng. Tshebediso ya mokotaba e dumella moithuti
ho eketsa tlotlontswe e amanang le sehlooho.
Kgetho e entsweng hantle ya mokotaba le dihlooho e tsosolosa thahasello ya moithuti. Ho fihlella sena o lokela
Selelekela
9
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
ho leka ho:
_ Fumana tekatekano dihloohong le ho mokotaba e fapaneng e tsosang thahasello ya banana le bashanyana,
ya baithuti ba mahaeng le ba ditoropong - le dihlooho tse kopanyang baithuti ba dikarolo tsena;
_ Kgetha dihlooho tse tsamaellanang le maphelo a baithuti, hape di ba tlosa hore ba fete ho tseo ba seng ba
ntse ba di tseba. Ho teha ka mohlala, ba ka ithuta ka dinaha le ka mefuta e fapaneng ya botjhaba;
_ Kgetha mokotaba le dihlooho tse hokanang le Diphetho tsa Bohlokwa le tsa Ntshetsopele. Ho teha ka
mohlala, baithuti ba sebetsana le dintlha tsa bohlokwa tsa ditokelo tsa botho le tikoloho tse kang,
bofutsana, HIV/AIDS, ditokelo tsa mobu/naha le ho ba basebedisi ba dintho/bosebedisi ba dintho;Ditokelo
tsa botho le toka ya tikoloho
Ditokelo tsa Botho le Toka ya Tikoloho
Dipuo ke sesebediswa sa bohlokwa sa ho fihlella ditokelo tsa botho le toka ya tikoloho. Ka tshebediso ya
Maemo a Tekolo, Tlaleho ya Tikoloho ya ho Ithuta ya Dipuo,e labalabela ho ntshetsa pele sesebediswa sena
ho fihlella bokgoni ba sona bo felletseng. Baithuti ba lokela ho ba dibui tsa boitshepo puong tse pedi (kapa ho
feta), tse nang le disebediswa tsa bohlokwa tsa ho utlwisisa lefatshe la bona le ditema tse buuwang le tse
ngotsweng ka lona. Ba lokela hore ba kgone ho manolla ditema tsena mme ba kgone ho di ngola hape ka tsela
tse tla hodisa kgonahalo malebana le ditokelo tsa botho le toka ya tikoloho.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Selelekela
10
KGAOLO YA 2
MOPHATO WA MOTHEO
(KEREITI YA R - 3)
SELELEKELA
Baithuti bohle ba fihla sekolong ba na le tsebo le bokgoni bo phahameng ba puo ya hae/lapeng. Tsena ba di
ntsheditse pele ka dikamano tseo ba bileng le tsona le ba bang tikolohong ya hae, maemong a ho hlokomelwa,
ho otlwa le ho bapala. Ka ha tikoloho tsa malapa di fapane (ha di tshwane), tsebo eo bana ba tlang sekolong ka
yona le yona ha e tshwane. Le ha ho le jwalo, seo ba se tsebang se lokela ho, se sebediswa ntshetsopeleng ya
puo ya bona. Hona ho bohlokwa kgolong ya bona, ho kopaneng ha bona le ba bang, le ho fihlella ho ithuta
lefatsheng le ba potapotileng.
Karolong e latelang re hlalosa ha kgutshwanyane:
_ Tsebo eo moithuti a seng a ntse a na le yona;
_ Ditikoloho/maemo a ho ithuta;
_ Dintlhatheo le mekgwa ya katamelo e tataisang kharikhulamo ena.
Tsepamiso
Ha baithuti ba kena dihlopheng/dikereiting tsa R le 1, ba se ba ithutile ho ho ngata ka ho mamela mme ba
kgona ho bua ka botebo bo fapaneng ba bokgeleke le boitshepo. Ba hodisitswe ka botjhaba, meetlo le tsebo e
fumanwang tikolohong ya lapeng mme tsena ke karolo ya bona ya tsebo ya puo. Phaposi ya borutelo e lokela
ho ba sebaka sa ho keteka, ho hlompha le ho aha hodima seo baithuti ba se tsebang.
Ntshetsopele ya Puo: Tsela e tswelang pele Butle
Ntlhatheo e tataisang ho ruta le ho ithuta ho bala le ho ngola Kharikhulamong ena, ke ya hore kgolo ya puo e
kenyelletsa ketsahalo e fihlellwang ka hanyane. Diphoso ke karolo ya tlhaho ya ketsahalo ena mme ka
tshehetso puo ya baithuti ka tshehetso e tla nepahala ho fetisisa kaha ba n a le menyetla e mengata ho sebedisa
le ho ntshetsa pele tsebo le bokgoni ba bona ba puo.
Mokgwa wa Katamelo o Lekalekaneng wa Ntshetsopele ya ho Ruteha ho baleng le ho
ngoleng
Kharikhulamong ena re sebedisitse mokgwa wa tekatekano ntshetsopeleng ya ho bala le ho ngola. E lekalekane
hobane e shebane haholo le thuto e itlhahelang eo baithuti ba e hlokang ho se tseba hore ba kgone ho ithuta ho
bala le ho ngola ka katleho, ho ba kenyeletsa ho baleng dibuka tsa nnete le ho ngolla merero ya nnete, le ho
tsepamisa maikutlo ho medumo. Tsena ke dintho tseo baithuti ba lokelang ho di tseba le ho di etsa e le hore ba
tle ba ithute ho bala le ho ngola ka katleho. Ho baleng hona ho bolela hore ho tlohuwa mokgweng wa mantlha
wa ho lokisetsa ho bala, e leng o bitswang 'mokgwa wa boemo bo nepahetseng ba ho bala o neng o dumela
hore baithuti ba ne ba ke ke ba ba boemong ba ho qala ho ithuta ho bala le ho ngola, ntle le hore ba bontshe
boqhetseke ba tlatsetso bo jwalo ka ho hlalohanya medumo, ho hlalohanya ditshwantsho le hore e be
methapokutlo ya bona (e menyenyane le e meholo) e hotse ho lekaneng hore ba kgone ho sebedisa matsoho.
Mophato wa Motheo
11
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Ka mokgwa wa katamelo o lekalekaneng, bokgoni bona:
_ ha bo lokele hore bo be bo se bo fihletswe pele moithuti a ka ithuta ho bala le ho ngola; le
_ hore bo ka ntshetswa bolokela ho ntshetswa pele nakong eo moithuti a ntseng a le dilemong tse tlase tsa
boitemohelo ba ho ithuta.
Ho Ahella hodima Tsebo
Kharikhulamo ya dipuo e bontsha hore baithuti ba qala ho hodisa tsebo ya puo e ngolwang ho tloha nakong eo
ba pepeswang ho baleng le ho ngoleng ba sa le hae, tikolohong e ba potileng le dilemong tsa pele ba kena
sekolo. Ho ntshetsa pele tsela ena, re lokela ho etsa hore phaposi ya borutelo e be tikoloho e kgothalletsang
baithuti ho ba babadi le bangodi ba hlwahlwa ba nang le bokgoni.
Ho Kgothalletsa ho Itlhakisa
Kharikhulamo e re ho a hlokahala:
_ ho kgothatsa le ho tshehetsa baithuti hore ba bale ka tsela e phatlalletseng;
_ ho fa baithuti menyetla kgafetsa bakeng sa ho ngola le ho ntshetsa pele tlotlontswe ya bona le tshebediso ya
puo; le
_ ho thusa baithuti ho lemoha mekgwa ya tshebetso le mawa a notlollang matshwao a lentswe le ngotsweng,
ho etsa mohlala.
 Ntshetsopele ya temoho tse fapaneng tsa mantswe le bokgoni ba ho utlwisisa jwalo ka temoko ya
difoniki (bohlokolosi medumong ya puo).
 tsebo ya nyalano/ho tsamaellana ha medumo le ditlhaku (difoniki); le
 tsebo ya ho kopanya ditlhaku (ho beha mmoho ditlhaku tse pedi kapa tse tharo ho etsa modumo).
Kgokahanyo ya Diphetho tsa ho Ithuta
Diphetho tsa ho ithuta di lokela hore di nkuwe di sebetsa mmoho ho ntshetsa pele puo ya baithuti. Qalehong ya
Maemo a Tekolo, re fana ka tshisinyo ya mehlala ya ditema (tsa molomo, tse ngotsweng/le tse bohuwang le
diphatlalatsi tse phatlalatsang tlhahisoleseding e ngata) tse thusang baithuti le matitjhere ho etsa mofuta ona wa
kgokahanyo. Hopola: baithuti ba ke ke ba lebellwa ho bua puo eo ba so kang ba e utlwa, kapa hona e buuwa
kapa hona ho lebellwa hore ba ngole le ho hlahisa ditema tseo ba so kang ba di bala kapa ba di bona.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato wa Motheo
12
DIPHETHO TSA HO ITHUTA
Sephetho sa ho Ithuta sa 1: Ho Mamela
Moithuti o kgona ho mamela ho fumana tlhahisoleseding, boithabiso le ho arabela ka tshwanelo le ka
tshekatsheko e tebileng maemong a fapaneng.
Bokgoni ba ho mamela boo baithuti ba tlang sekolong le bona, bo lokela ho ntshetswa pele le ho sebediswa ho
hodisa bokgoni ba bona ba ho bua, ho bala, ho boha, le ba ho ngola. Ho mamela ka hloko ke karolo ya
bohlokwa ya ho ithuta le ho aha dikamano tse hlomphehileng. Baithuti ba ka mamela ho eketsa tsebo ya bona
le ya dipuo le botjhaba bo fapaneng.
Sephetho sa ho Ithuta sa 2: Ho Bua
Moithuti o kgona ho buisana ka boitshepo le nepahalo ka puo e buuwang maemong a fapaneng.
Baithuti ba tlamehile ho kgona ho sebedisa bokgoni ba bona ba kgokahano/puisano ka nepo, ho tlola meedi ya
botjhaba le ya puo. Ba lokela ho ithuta ka boiphihlelo hore botemengata bo a matlafatsa mothong ka mong le
phedisanong. Ba lokela ho ithuta ho buisana le batho ba nang le bothata ba ho bua le ho mamela (dimumu le
ditholo) mme ba be kelohloko ditlhokong tsa bona.
Sephetho sa ho Ithuta sa 3: Ho Bala le ho Boha
Moithuti o kgona ho bala le ho boha hore a fumane tlhahisoleseding le boithabiso, hape a arabele ka
bohlokolosi ho bokgabane ba botjhaba le ba maikutlo ditemeng tsa ho ithuta.
Ho balla kutlwisiso ke sona sepheopheo. Mekgwa le mawa/malebaleba a thusang baithuti ho bala ka ho
nepahala ho eketsehileng di tshehetsa ho balla moelelo. Ho bala (ho kenyelletsang ditema tse bohuwang le tsa
diphatlalatsi tse ngata) ho bohlokwa bakeng sa ntshetso pele ya puo, ho ithuta ho ngola, boithabiso, kgolo ya
motho ka mong le ho ithuta ka lefatshe.
Sephetho sa ho Ithuta sa 4: Ho Ngola
Moithuti o kgona ho ngola ditema tse fapaneng tsa dintlha le tsa boiqapelo ka merero (dipheo) e
mengata e phatlalletseng.
Mophatong wa Motheo baithuti ba sebeletsa ho fihlella sephetho sena. Ba ithuta hore ho ngola ho jere moelelo,
le hore bona ka bobona ke bangodi ba moelelo oo. Ba ntshetsa pele bokgoni ba bona ba ho ngola hore ba kgone
ho ngola mehopolo le dikakanyo tsa bona, e le hore bona le ba bang ba kgone ho di bala. Ba ithuta ho sebedisa
mekgwa ya ho ngola e kang mopeleto le ho sebedisa matshwao a puo hore ba tle ba kgone ho etsa hore
mongolo wa bona o utlwisisehe ho ba bang. Ba ithuta hore ho ngola ke tsela e kenyelletsang boiteko ba ho
ngola boo a bo etsang pele a tseba ho ngola, mekgwaritso, ho boeletsa, ho lokisa diphoso, ho tshwantsha le ho
phatlalatsa.
Mophato wa Motheo
13
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Sephetho sa ho Ithuta sa 5: Ho Nahana le ho Fana ka Mabaka
Moithuti o tla kgona ho sebedisa puo ho nahana, ho fana ka mabaka, ho fumana, ho hlophisa le ho
sebedisa tlhahisoleseding ho ithuteng.
Bokgoni bo totobaditsweng sephethong sena ke karolo ya dintlha tsohle tsa ho ithuta puo. Lebaka la ho di
kenya e le dintlha tse ikgethollotseng tsa sephetho sa ho ithuta, ke ho totobatsa bohlokwa ba tsona ntshetsopeleng
ya puo dikgutlong tsohle tsa kharikhulamo. Dipuo di ka hlaloswa e le "kgoro" ya tikoloho ya ho ithuta: di
etsa hore ho be bonolo ho baithuti ho ithuta dithuto tsohle tse ding. Ka hoo matitjhere a lokela ho tsitlallela ho
ntshetsa pele, ho matlafatsa le ho momahanya disebediswa tsa puo bakeng sa ho nahana le ho fana ka mabaka.
Sena se se ke sa etswa se arohantswe le tse ding/ka kgethollo - baithuti ba lokela ho sebedisa bokgoni bona
Ditikolohong tsohle tsa ho Ithuta.
Sephetho sa ho Ithuta sa 6: Sebopeho sa Thutapuo le Tshebediso
Moithuti o a tseba mme kgona ho sebedisa medumo, mantswe le thutapuo ho bopa le ho hlalosa ditema.
Baithuti ba tla qala ho utulla/sibolla ka moo puo e sebetsang ka teng. Ba tla qala ho bopa puo e kopanetsweng.
Ho etsa mohlala, ba tla ithuta le ho sebedisa mantswe a kang, modumo, senoko, lentswe, polelo le kgutlo. Sena
se tla etsa hore ba kgone ho buisana le ho nahana ka ntho tse kang, ka moo mantswe a ka peletwang, le ka moo
polelonolo di ka botjwang le ho behwa matshwao a puo ka teng.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato wa Motheo
14
MAEMO A TEKOLO LE DITEMA
Ela Hloko:
_ Dikarolong tse latelang, Maemo a Tekolo a Sephetho sa ho Ithuta ka seng ho tla nehelanwa ka wona
sehlopheng/kereiting kang. Mehlala ya ditema tse ka sebediswang bakeng sa ho ithuta puo ka tsela e
hokahantsweng ho fanwe ka yona. Mehlala ena ha se yona feela, o ka eketsa ho ena ka ho kgetha ditema tse
ding tse loketseng ebile di fumaneha.
_ Matitjhere a lokela ho hlokomela hore ha se baithuti bohle ba tla beng ba ile ba kena Sehlopheng/Kereiting
ya R. Dikgopolokutlwisiso, bokgoni le mawa bakeng sa Grade R di lokela hore di rutwe le ho
momahanngwa Sehlopheng/Kereiting ya 1.
Maemo a Tekolo le Ditema tsa kereiti ya R
Sehlopha (Kereiti) sa R
Ditema tse Kgothaleditsweng
Tsa molomo:
_ Dipale (tseo hangata di bapalwang kalaneng mme di kenyelleditse mela e phetaphetwang kapa mahlaso ao
baithuti ba ka kenellang ho wona ka ho a bina)
_ Ditaelo tse bonolo tse rarahaneng hanyane
_ Phetelo
_ Ditlhaloso tse bonolo
_ Raeme
_ Dipina
_ Dipapadi
Tse bohuwang le tse ngolwang:
_ Dipale tsa ditshwantsho le dibuka tse ngotsweng melaetsa e mekgutshwanyane
_ Morabaraba wa ditshwantsho
_ Dipapatso tse tlwaelehileng le diphousetara
_ Ditshwantsho
Diphatlalatsi tsa tlhahisoleseding ka bongata:
_ TV
_ Difilimi tsa bana
Mophato wa Motheo
15
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
HO MAMELA
Moithuti o kgona ho mamela ho fumana
tlhahisoleseding, boithabiso le ho arabela
ka tshwanelo le ka tshekatsheko e tebileng
maemong a fapaneng.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato wa Motheo
16
Kereiti R
Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Mamela dipotso, ditaelo le ditsebiso ka hloko mme a
arabela ka tshwanelo.
_ Bontsha boitshwaro bo nepahetseng ka ho mamela ka
tsela ya hore a se kene hanong ya ntseng a bua, a
bontshe tlhompho ho sebui, a fane menyetla ya ho bua.
_ Mamela ka thabo ditemeng tsa molomo (dipina tse
bonolo, medumo ya mantswe e dumang ka ho
tshwana, dithothokiso le dipale tse kgutshwanyane), le
ho bontsha kutlwisiso ka:
 ho bontsha ka terama ya kalaneng karolo e itseng
ya pale, ya pina kapa ya raeme;
 ho kena lehlasong ka nako e tshwanelang;
 ho taka setshwantsho sa pale, pina kapa raeme;
 ho ela hloko dintlhakgolo mme a fane ka
mohopolo wa sehlooho wa tema ya molomo;
 ho beha ditshwantsho ka tlhahlamano ya tsona e
nepahetseng.
_ Ntshetsa pele tlhokomelo ya medumo ka ho:
 hlokomela hore mantswe a bopilwe ka medumo;
 kgetholla pakeng tsa medumo e fapaneng;
 arola dipolelo tsa molomo ka mantswe a bomong
(a sebedisa mantswe a senoko se le seng qalong);
 arola mantswe a buuwang a dinoko tse ngata ka
dinoko tsa ona (le-be-se) ka ho opa diatla kapa ho
letsa sekupu;
 elellwa mantswe le dipina tse nang le medumo e
tshwanang (tshepe e a le bitsa, ting, tong, do, ting,
tong, do!).
Sephetho sa Ho Ithuta sa 1
Mophato wa Motheo
17
Kereiti R
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo
HO BUA
Moithuti o kgona ho buisana ka boitshepo
le nepahalo ka puo e buuwang maemong a
fapaneng.
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Qoqa ka lelapa labo le metswalle.
_ Hlahisa maikutlo a hae, a batho ba nnete kapa le a
batho bao a iqapelang bona kelellong.
_ Bina le ho pheta ka hlooho dipina le mantswe a nang
le medumo e tshwanang.
_ Ho sebedisa puo ya boiqapelo bakeng sa boswaswi le
ho nahana ka ntho tse itseng (a iketsetsa mantswe a
nang la medumo e tshwanang).
_ Botsa dipotso ha a sa utlwisise kapa a batla ho
hlakisetswa se itseng kapa ha a batla tlhahisoleseding e
nngwe. Hape a arabela ka ho hlaka dipotso tseo a di
botsitsweng.
_ A fetisa melaetsa.
_ A pheta diketsahalo tsa boiphihlelo ba hae.
_ A pheta dipale tsa hae hape ka mantswe a hae, a pheta
dipale tseo a di qoqetsweng.
_ Ba le seabo ka boitshepo le bokgeleke sehlopheng.
_ Sebedisa puo ka kelo hloko ha a bua le ba bang.
_ A bontsha ka diketso mekgwa e fapaneng ya ho bua
(moqoqo wa mohaleng).
Sephetho sa ho Ithuta sa 2
HO BALA LE HO BOHA
Moithuti o kgona ho bala le ho boha, ho
fumana tlhahisoleseding le boithabiso
hape a arabele ka bohlokolosi
makgabaneng a botjhaba le maikutlo
ditemeng.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato wa Motheo
18
Kereiti R
Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Sebedisa temoso tsa ditshwantsho ho fana ka moelelo
ka ho:
 boha/sheba ditshwantsho ka hloko bakeng sa ho
elellwa dintho le boiphihlelo bo tshwanang;
 hlwaya ditshwantsho ho tswa tikolohong e itseng;
 etsa moelelo ka pale ya ditshwantsho;
 nyalanya ditshwantsho le mantswe;
 sebedisa ditshwantsho ho utlwisisa dihlooho kapa
ditlhaloso tse kgutshwanyane tse ka hara dibuka
tsa dipale.
_ Tshwantsha ketsahalo ya ho bala ka:
 ho tshwara buka ka mokgwa o nepahetseng, a
shebisa maqephe hodimo hantle, ho tadima
mantswe le ditshwantsho le ho utlwisisa kamano e
mahareng a tsona le ho sebedisa ditshwantsho ho
bopa mehopolo;
 ho kgetholla ditshwantsho ho mongolo (ho supa
mantswe e seng ditshwantsho ha ho balwa).
_ Bopa moelelo wa tema e ngotsweng ka ho:
 utlwisisa sepheo sa se ngotsweng-hore na se na le
moelelo (hore se ngotsweng se ka bolela lebitso la
hae);
 ba le seabo ho baleng ka dihlopha titjhere a le
teng;
 amanya boiphihlelo ba hae ho tseo a di balang le
titjhere, a bohile TV, kapa ditshwantsho;
 hlalosa le ho fana ka maikutlo ka dibapadi tsa
dipaleng kapa mananeong a TV.
_ Ho qala ho lemoha le ho fana ka moelelo wa ditlhaku
le mantswe ka ho:
Sephetho sa ho Ithuta sa 3
HO BALA LE HO BOHA
Moithuti o kgona ho bala le ho boha, ho
fumana tlhahisoleseding le boithabiso
hape a arabele ka bohlokolosi
makgabaneng a botjhaba le maikutlo
ditemeng.
Mophato wa Motheo
19
Kereiti R
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
 lemoha hore mantswe a ngotsweng a amana le a
buuwang;
 lemoha le ho bala mantswe ao a a bonang kgafetsa
(lebitso la hae le letshwao le fumanehang
tikolohong eo a phelang ho yona le jwaloka la
STOP.);
_ Bala dibuka tsa ditshwantsho tse nang le dihlooho le
dipolelo tse kgutshwanyane tse bonolo.
_ Ho qala ho lemoha medumo:
 lemoha ditumammoho le ditumanotshi;
 lemoha le ho bitsa ditlhaku tsa nteterwane tse
tlwaelehileng, haholoholo tlhaku e qalang lebitso la
hae;
 a lemoha mantswe a nang le raeme, dipineng tse
kang: Bana ba sekolo. Tlong sekolong. Tshepe e a
le bitsa, ting tong, do! Ting, tong, do!
Sephetho sa ho Ithuta sa 3
(Se Tswela Pele)
HO NGOLA
Moithuti o kgona ho ngola ditema tse
fapaneng tsa dintlha le tsa boiqapelo
bakeng sa merero e mengata e
phatlalletseng.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato wa Motheo
20
Kereiti R
Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Etsa diteko tsa ho ngola ka ho:
 qapa le ho sebedisa ditshwantsho tse takilweng ho
fetisa molaetsa, e le moo a qalang ho ithuta ho
ngola;
 bopa ditlhaku ka ditsela tse fapaneng (ho sebedisa
matsoho ho bontsha dibopeho kapa ka ho ngola
lehlabatheng);
 utlwisisa hore ho ngola le ho taka ke ntho tse
fapaneng;
 ngola a bile a kopa ba bang hore ba fane ka
moelelo wa se ngotsweng;
 qoqa ka ditshwantsho tseo a di takileng le ka seo a
se ngotseng;
 ba le seabo papading ya bonketsisane moo a tla
ngola ka sepheo (ho ithuta ho ngola melaetsa ya
mohala, le ho etsa lenane la dintho tse tla rekwa;
 sebedisa ditlhaku le dinomoro tse tsebahalang tsa
dipalo ho emela puo e ngotsweng, haholoholo
ditlhaku tse tswang lebitsong la hae le dilemong
tsa hae;
 bala mongolo wa hae o hlahellang/holang ha a
kopuwa ho etsa jwalo;
 ho bontsha ka mongolo wa hae wa boiteko, qaleho
ya ho hlokomela tshupiso (ho qala leqeleng ho ya
ho la hoja, ho qala hodimo ho ya tlase);
 kopitsa mehlala ya mengolo e teng tikolohong
(matshwao a manamiswang hodima disebediswa
tsa ka tlung, dipapatso);
 etsa boiteko ba ho ngola mefuta e fapaneng ya
mongolo, a sebedisa ditlhaku tseo a di tsebang
(mananeng, melaetseng kapa mangolong);
 sebedisa bohlale ba ho sebetsa ka disebediswa tsa
ho ngola tse kang dikerayone tse mebalabala le
potloloto.
Sephetho sa ho Ithuta sa 4
HO NAHANA LE FANA KA MABAKA
Moithuti o kgona ho sebedisa puo ho
nahana, ho fana ka mabaka, ho fumana, ho
hlophisa le ho sebedisa tlhahisoleseding
ho ithuteng.
Mophato wa Motheo
21
Kereiti R
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Sebedisa puo ho bopa dikgopolokutlwisiso ka ho:
 bontsha kgolo ya tsebo ya dikgopolokutlwisiso tse
kang bongata, boholo, sebopeho, tshupiso tsa
sebaka, mmala, lebelo, nako, dilemo, le tatellano.
_ Sebedisa puo ho nahana le ho ntsha maikutlo ka ho:
 hlwaya le ho hlalosa ditshwano le diphapano;
 nyalanya dintho tse tsamaellanang, le ho bapisa
dintho tse fapaneng;
 hlophisa dintho (mohlala ho beha dintho tsa ho
bapala ka lebokosong, dibuka dirakeng tsa tsona,
dikerayone ka hara lebekere);
 hlwaya dikarolo ho tswa ho ntho e feletseng/e
kgolo (mohlala, ho hlwaya ditho tse fapaneng tsa
mmele).
_ Sebedisa puo ho batlisisa le ho utulla ka ho:
 botsa dipotso le ho batlana le ditlhaloso;
 fana ka ditlhaloso le ho nehelana ka ditharollo;
 rarolla le ho tlatsa morabaraba wa mantswe.
_ Hlophisa tlhahisoleseding ka ho:
 qoholla tlhahisoleseding e kgethilweng ho tswa
tlhalosong ya se itseng.
Sephetho sa ho Ithuta sa 5
SEBOPEHO SA THUTAPUO LE
TSHEBEDISO
Moithuti o kgona ho sebedisa medumo,
mantswe, le thutapuo ho toloka/hlalosa
ditema/dingolwa.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato wa Motheo
22
Kereiti R
Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Nyalanya medumo ho ditlhaku le mantswe ka ho:
 elellwa hore mantswe a entswe ka medumo;
 elellwa medumo qalong ya mantswe a mang;
 arola mantswe a buuwang a nang le dinoko tse
ngata ka dinoko tsa wona (A ka etsa morethetho ka
matsoho kapa moropa o ka tsamaellanang le
dinoko tsa lentswe ('ba -na- na', 'n- kgo- no').
_ Sebetsa ka mantswe ka ho:
 hlwaya dihlongwapele mabitsong a dipuo tsa batho
batsho ('se- kolo);
 kgobokanya mantswe jwaloka mantswe a nang le
raeme, le mantswe a nang le dihlongwapele tse
tshwanang dipuong tsa batho batsho (monna,
mosadi, mora);
 hlwaya lentswe, tlhaku le sebaka se sa ngolwang
letho mongolong.
_ Sebetsa ka dipolelo ka ho:
 buisana ka mohopolo o itseng ka ho sebedisa
ditlhaloso le mantswe a bontshang ketso.
_ Sebetsana le ditema ka ho:
 buisana ka ditema (dipale) a sebedisa mareo a
kang 'qalong', 'mahareng', le 'qetellong'.
_ Sebedisa puo bakeng sa ho buisana ka ho:
 sebedisa puo ho bontsha boitshwaro bo botle ba
phedisano ('ka kopo');
 hlwaya moelelo o tliswang ke ha a fetola sehalo
lentsweng.
Sephetho sa ho Ithuta sa 6
MAEMO A TEKOLO LE DITEMA BAKENG SA DIKEREITI TSA 1-3
Sehlopha/Kereiti ya 1
Ditema tse Kgothaleditsweng
Tsa molomo:
_ Meqoqo (dipale tse bonolo le ditshomo)
_ Ditaelo tsa tharahano e holang
_ Diphetelo
_ Ditlhaloso tse bobebe
_ Raeme ya diketsahalo
_ Dipina
_ Dithothokiso
_ Dipapadi
Tse bohuwang le tse ngolwang:
_ Dipale tse bonolo
_ Manane (a tse tshwanelang ho rekwa)
_ Ditaelo (ka moo ho ka etswang sefofane sa pampiri)
_ Ditlhaloso tse bonolo
_ Ditema tse bonolo tsa tlhahisoleseding (dibuka tse buwang ka dibopeho, diphoofolo, dikgaketla tsa lewatle)
_ Diqaka tse bonolo tsa mantswe (Mmetseng)
_ Dithothokiso
_ Dipapadi
_ Dibuka tsa ditshwantsho
_ Morabaraba wa ditshwantsho
_ Tjhate tse bonolo
_ Dibuka tsa dipatlisiso (dibukantswe)
Diphatlalatsi tsa tlhahisoleseding ka bongata:
_ TV
_ Difilimi tsa bana
_ Divideo, CD-ROMS le internet (moo di leng teng)
Mophato wa Motheo
23
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato wa Motheo
24
Sehlopha/Kereiti ya 2
Ditema tse Kgothaleditsweng
Tsa molomo:
_ Meqoqo (dipale, ditshomo le dilegente)
_ Ditaelo tsa bothata bo holang/bo rarahanang
_ Manane
_ Diphetelo
_ Ditlhaloso
_ Dipuisano le meqoqo
_ Raeme
_ Dipina
_ Dithothokiso
_ Dithoko
_ Dipapadi
_ Dihatisamantswe (Dipale tsa radiong)
_ Dipapatso tse tlwaelehileng
_ Dilotho le metlae
Tse bohuwang le tse ngolwang:
_ Dibuka (tse buwang ka ntho tsa boiqapelo le tsa nnete)
_ Ditaelo
_ Melao (melao ya papadi)
_ Manane a bontshang mesebetsi e tla etswa
_ Dimemo
_ Dikarete tsa ditumediso
_ Diforomo (bakeng sa ditlhodisano)
_ Ditjhate
_ Dikerafo
_ Morabaraba wa mantswe
_ Ditshwantsho
_ Ditshwantsho tsa dimakasini le dipapatso
Diphatlatsi tsa tlhahisoleseding ka bongata:
_ TV
_ Difilimi tsa bana
_ Dipapatso tse bonolo tsa TV
_ Divideo, diCD-ROM le internet (moo e leng teng)
Sehlopha/Kereiti ya 3
Ditema tse Kgothaleditsweng
Tsa molomo:
_ Meqoqo (dipale, ditshomo, dilegente le dimite)
_ Ditaelo tsa bothata bo holang/bo rarahanang
_ Manane
_ Diphetelo
_ Ditlhaloso
_ Dipuisano le meqoqo
_ Dipina
_ Dithothokiso
_ Dipapadi
_ Dilotho le metlae
_ Mananeo a radiong (dipale, ditsebiso, ditaba, tsa bolepi, dipotso tse reretsweng se itseng)
Tse bohuwang le tse ngolwang:
_ Dibuka (tsa diketsahalo tsa nnete kapa tsa boiqapelo)
_ Dikoranta
_ Dibuka tsa mehlodi (dibukantswe, diensaetlelopedia tsa bana, dibukakgakollo ho tswa tikolohong tse ding
tsa ho ithuta)
_ Lenane la dikahare le ditshupane
_ Tlhwelo/Tekolo e bonolo ya dibuka
_ Diphamfolete
_ Dipapatso
_ Diforomo tse tlatswang (bakeng sa tlhodisano)
_ Dibuka tseo ho tsona ho ngollwang ntlha tsa bohlokwa (didayari)
_ Dimakasine
_ Dikhomiki
_ Ditshwantsho tse bontshang tatellano ya diketsahalo
_ Dimmapa tsa tlhalohanyo
Diphatlalatsi tsa tlhahisoleseding ka bongata:
_ TV
_ Difilimi
_ Dipapatso tsa TV
_ Divideo, diCD-ROMS le internet (moo di leng teng)
Mophato wa Motheo
25
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
HO MAMELA
Moithuti o kgona ho mamela ho fumana
tlhahisoleseding, boithabiso le ho arabela
ka tshwanelo le ka tshekatsheko e tebileng
maemong a fapaneng.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato wa Motheo
26
Sephetho sa ho Ithuta sa Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Mamela ditaelo le ditsebiso ka hloko mme a arabela ka
tshwanelo.
_ Bontsha boitshwaro bo nepahetseng ba ho mamela ka
ho hlompha sebui, a fana ka monyetla wa ho bua, a
botsa dipotso moo a hlokang tlhakisetso.
_ Mamela ka thabo ho dipalekgutshwe, medumo ya
raeme, dithothokiso le dipina ho tswa botjhabeng bo
fapaneng, a bile a bontsha kulwisiso ka:
 ho mamela bakeng sa ho fumana kgopolo ya
sehlooho le dintlha tsa sehlooho tsa pale;
 ho bontsha ka terama ya kalaneng, dipale, pina
kapa modumo ya raeme;
 kena mahlasong;
 ho taka setshwantsho sa pale le ho ngola mantswe
a mmalwa ka sona;
 ho bea ditshwantsho ka tatelano le ho nyalanya
sehlooho le ditshwantsho;
 ho araba dipotso tse thehilweng hodima pale;
 ho hlahisa maikutlo a hae ka pale;
 ho phetha hape tatelano ya dikgopolo.
Kereiti 1
1
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Mamela nako e teletsana ka hloko (ka bokgoni bo
ekeditsweng ba ho mamela) le ho arabela ho
tlhahlamano e ekeditsweng ya ditaelo.
_ Bontsha boitshwaro bo nepahetseng ba ho mamela
ka ho bontsha tlhompho ho sebui, ho fana ka
menyetla ya ho bua, ho botsa dipotso tsa
tlhakisetso le ho hlahisa maikutlo ka se
hlalositsweng ha e be ho lokela.
_ Mamela ka thabo dipale, dithothokiso, dipina le
ditema tse phetwang tsa molomo mme a bontshe
kutlwisiso ka ho:
 mamela hore a fumane dihlooho le mohopolo
wa sehlooho;
 mamela e le hore a ntshe dintlhakgolo;
 akanya se tlang ho etsahala;
 phethela hape ka tlhahlamano ya diketsahalo
kapa mehopolo ditemeng tsa molomo;
 araba dipotso hodima seo ba neng ba se
phetelwa;
 ntsha/Bolela maikutlo ka seo ba neng ba se
phetehwa mme a kgone ho fana ka mabaka;
 batla sesosa le diphetho ho seo ba se
phetetsweng.
Mophato wa Motheo
27
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Mamela ka hloko (a atolosa bokgoni ba ho
mamela nako e telele) mme a arabele ditaelo tse
loketseng maemo a hae.
_ Bontsha boitshwaro ba ho mamela ka ho bontsha
tlhompho ho sebui, a fana ka menyetla ya ho bua,
a botsa dipotso tsa ho hlakisa, a kgutsufatsa le ho
hlahisa maikutlo ho seo a se utlwileng.
_ Elellwa le ho bontsha tlhompho ya dipuo tse
fapaneng tsa mefutafuta.
_ Mamela ka thabo dipale, dithoko le dithothokiso,
dipina le mefuta e fapaneng ya ditema tsa molomo
mme a bontshe kutlwisiso ka ho:
 mamela ho fumana dihlooho kapa mohopolo
wa sehlooho;
 mamela e le hore a tsebe ho ntsha
dintlhakgolo.
 lepa/Akanya hore ho tla etsahala eng;
 phetela hape tlhahlamano ya diketsahalo kapa
mehopolo ditemeng tsa molomo;
 araba dipotso hodima se neng se phetwa;
 hlahisa maikutlo ka tema e itseng a fana ka
mabaka;
 batla sesosa le sephetho ho seo a se
phetetsweng;
 rala setshwantsho ho bontsha kutlwisiso ya
seo a neng a se phetelwa mme a ngola ka
mantswe a hae.
Kereiti 2 Kereiti 3
HO MAMELA
Moithuti o kgona ho mamela ho fumana
tlhahisoleseding, boithabiso le ho arabela
ka tshwanelo le ka tshekatsheko e tebileng
maemong a fapaneng.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato wa Motheo
28
Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Mamela, a natefelwa hape a arabela ka tshwanelo
dilothong le metlaeng.
_ Mamela melaetsa le ho e fetisa ka nepo.
_ Ntshetsa pele tlhokomelo ya medumo ka ho:
 kgetholla pakeng tsa medumo e fapaneng;
 lemoha mantswe a nang le medumo e tshwanang,
dipineng tse tlwaelehileng;
 elellwa ka moo bongata bo botjwang ka teng
mantsweng, ka dihlongwapele, j.k. motho - batho,
selepe - dilepe.
Kereiti 1
Sephetho sa ho Ithuta sa 1
(Se tswela pele)
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Mamela ka ho natefelwa ke dilotho le metlae,
mme ba bontsha ka ho araba ka tshwanelo.
_ Mamela, a natefelwa hape a arabela ka tshwanelo
dilothong le metlaeng.
_ Mamela sebui seo a sa se boneng (j.k. molaetsa
wa mohaleng) mme a arabela dipotso le ditaelo.
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Mamela, a natefelwa a bile a arabela ka tshwanelo
dilothong le metlaeng.
_ Kgona ho mamela sebui seo a sa se boneng, (j.k.
radiong le ho intercom) A kgone ho araba dipotso
le ditaelo.
Mophato wa Motheo
29
Kereiti 2 Kereiti 3
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
HO BUA
Moithuti o kgona ho buisana ka boitshepo
le nepahalo ka puo e buuwang maemong a
fapaneng.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato wa Motheo
30
Sephetho sa ho Ithuta sa Maemo a Tekolo
Kereiti 1
2
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Bua ka boiphihlelo ba hae, maikutlo le ditaba tsa hae.
_ Buisana ka dikgopolo, a sebedisa ditlhaloso tse
hohelang le mantswe a bontshang ketso.
_ Bina, a pheta ka hlooho, a tshwantsha dipina,
dithothokiso le raeme ka terama/seketjhe.
_ Sebedisa puo ka boiqapelo bakeng sa boithabiso le
boinahanelo.
_ Fetisa melaetsa.
_ Pheta ka tatellano se etsahetseng ho yena.
_ Pheta dipale tse kgutshwane tse nang le qalo, bohare
le qetelo, a sebedisa ditshwantsho ho thusa moo ho
hlokahalang.
_ Phehisa dipuisanong tsa sehlopha kapa tsa ka
phaposing ho:
 fana ka sebaka, a botsa dipotso a bile a bontsha
kelohloko ditokelong le maikutlong a ba bang;
 fana ka tlalehopoeletso boemong ba sehlopha ka
mora hore sehlopha se etse mosebetsi;
 ho araba dipotso tse botswang ke bamamedi.
Mophato wa Motheo
31
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Pheta boitemohelo ba hae le ditaba tsa diketsahalo
tse akaretsang.
_ Sebedisa puo ka boiqapelo bakeng sa boithabiso
le boinahanelo (ho etsa metlae le dilotho, ho
bapala papadi tsa mantswe le ho iketsetsa
mantswe a nang le raeme).
_ Bopa le ho pheta dipale tse bonolo tse nang le
qalo, bohare le qetello, a sebedisa puo e hlalosang
mme a qoba phetapheto.
_ Ba le seabo dipuisanong tsa ka phaposing le
dihlopheng ka ho:
 qapa dihlooho tseo ho ka buisanwang ka tsona;
 fana ka sebaka dipuisanong le ho botsa dipotso
tse nepahetseng;
 etsa ditshisinyo le ho nama ka mehopolo;
 ela hloko ditokelo le maikutlo a ba bang;
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Pheta boitemohelo ba hae le ditaba tse ngata tsa
diketsahalo tse akaretsang mme a hlahisa maikutlo
le mehopolo ka tsona.
_ Sebedisa puo ka boiqapelo bakeng sa boithabiso
le boinahanelo (ho etsa metlae a iqapela
dithothokiso le puo ya matshwao).
_ Bopa le ho pheta dipale tse bonolo tse nang le
qalo, bohare le qetelo, a sebedisa puo e hlalosang
mme a qoba phetapheto, ebile di na le dikarolo tsa
moralo le baphetwa.
_ Sebedisa mekgwa e fapaneng ya boitemohelo le
diketso tse fapaneng ha a phetha pale.
_ Phehisa dipuisanong tsa ka phaposing le
dihlopheng ka ho:
 qapa ka dihlooho tseo ho ka buisanwang ka
tsona;
 fana sebaka dipuisanong mme a botsa dipotso tse
nepahetseng;
 etsa ditlhahiso le ho hlalosa mehopolo ka ho
nama;
Kereiti 2 Kereiti 3
HO BUA
Moithuti o kgona ho buisana ka boitshepo
le nepahalo ka puo e buuwang maemong a
fapaneng.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato wa Motheo
32
Sephetho sa ho Ithuta sa Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Ho sebedisa puo ka nepo maemong a fapaneng le
bathong ba fapaneng ka ho:
 botsa motho e moholo ya tjhaketseng phaposing
dipotso;
 bontsha ka tshwantshiso/terama maemo a
loketseng a kang a ho theha setswalle se setjha;
 fetola bophahamo le sehalo sa lentswe.
Kereiti 1
2
(Se tswela pele)
Re tseba sena ha moithuti a:
 etsa ditlalehopoeletso ka mosebetsi wa
sehlopha sa bona;
 botsa dipotso bakeng sa ho fumana tlhakisetso
le tlhahisoleseding;
 araba dipotso le ho nehelana ka mabaka a
tshehetsang karabo ya hae;
 fana ka tlalehopoeletso e nang le molemo ho
ba bang.
_ Fana ka dikeletso tsa ho rarolla qaka.
_ Sebedisa puo e tshwanetseng/loketseng maemong
a fapaneng (ho kopa tshwarelo le ho etsa dimemo)
le bathong ba fapaneng (ho botsa batho dipotso ka
sepheo se itseng, ho tshwantshisa ka seketjhe).
_ Ho sebedisa ka tshwanelo modumo le bophahamo
ba lentswe (ho buela tlase le motswalle ka
phaposing ya borutelo, le ho buela hodimo ha a na
le metswalle lebaleng la dipapadi).
Mophato wa Motheo
33
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
 bontsha kelohloko ditokelong le maikutlong a
ba bang;
 kgutsufatsa mosebetsi wa sehlopha;
 botsa dipotso bakeng sa ho fumana tlhakisetso
le tlhahisoleseding;
 araba dipotso le ho nehelana ka mabaka a
tshehetsang karabo tsa hae;
 fana ka tlaleho-poeletso e ahang ba bang.
_ Kgona ho botsa batho dipotso ka sepheo se itseng.
_ Etsa ditlaleho tsa molomo (hodima dihlooho tseo
ho nehelanweng ka tsona, hodima dipotso tse
botsitsweng ka sepheo se itseng, ka tlaleho
hodima tse bonweng/etsahetseng ha ho ne ho etilwe
ka leeto la thuto):
 ka thuso le tataiso ya titjhere, a iketsetse
lenane la dintlha tsa bohlokwa le tataisang
bakeng sa ho fana ka puo;
 hlalosa seo a ilo bua ka sona le hore o tla bua
jwang ka sona;
 sebedisa dithusathuto tse bonwang. Ho
tshehetsa/matlafatsa seo a se buang;
Kereiti 2 Kereiti 3
HO BUA
Moithuti o kgona ho buisana ka boitshepo
le nepahalo ka puo e buuwang maemong a
fapaneng.
Maemo a Tekolo a feletse kereiting ena.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato wa Motheo
34
Kereiti 1
Sephetho sa ho Ithuta sa 2
(Se tswela pele)
Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a: Re tseba sena ha moithuti a:
 sebedisa mawa a motheo a ho kgothatsa
bamamedi ho ba le seabo puisanong (ho sheba
motho ka mahlong ha o bua le yena;
 fetofetola bophahamo ba lentswe.
_ Ba le seabo dipuisanong jwalo ka bokgoni ba
phedisanong.
Mophato wa Motheo
35
Kereiti 2 Kereiti 3
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
HO BALA LE HO BOHA
Moithuti o kgona ho bala le ho boha, ho
fumana tlhahisoleseding le boithabiso
hape a arabele ka bohlokolosi
makgabaneng a botjhaba le maikutlo
ditemeng.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato wa Motheo
36
Sephetho sa ho Ithuta sa Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Sebedisa temoso tsa ditshwantsho ho fana ka moelelo:
 noha ka ho tadima bokantle ba buka, ebe o lepa
seo buka e buang ka sona;
 sebedisa ditshwantsho ho hlalosa moelelo wa
dipale mme a pheta dipale;
 oloka tlhahisoleseding ho kenyelletswa manane le
ditshwantsho tsa dikerafo tse bonolo tse
fumanwang mongolong, diphatlalatsing tse
ngotsweng tse jwalo ka dialemanaka le manane a
bontshang dinako le diphousetara tsa HIV/AIDS.
_ Tshwantsha ketsahalo ya ho bala a:
 shwara buka ka nepo e shebile hodimo;
 phetla maqephe ka nepo;
 sheba mantswe le ditshwantsho;
 sebedisa ditshwantsho ho bopa dikgopolo.
_ Bopa moelelo wa ditema tse ngotsweng ka ho:
 bala pale le titjhere mme ebe o:
??buisana ka mohopolo wa sehlooho,
??lemoha dintlhakgolo ka botlalo (baphetwa ba
sehlooho, tatellano ya diketsahalo, tikoloho),
??bolela hore e be o ratile pale, le hore hobaneng a
realo.
Kereiti 1
3
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Sebedisa ditemoso tsa ditshwantsho ho fana ka
moelelo ka ho:
 akanya a shebile bokantle ba buka hore e be
pale ya yona e tla bua ka eng;
 kamahanong le ditshwantsho, le dipapatso tse:
??hlalosa molaetsa wa sehlooho,
??lemohang sepheo, bamamedi, le moo e ka
fumanwang;
 hlahisa maikutlo ka ditshwantsho tse hlahang
ho tse ngotsweng le diphatlalatsi tse fanang ka
tlhahisoleseding.
_ Bopa moelelo wa tema e ngotsweng:
 bale pale ka boyena kapa le titjhere ebe o:
??hlalosa mohopolo wa sehlooho,
??hlwaya dintlhakgolo (j.k. Baphetwa ba
sehlooho, tatellano ya diketsahalo, poloto),
??hlwaya le ho buisana ka makgabane a
botjhaba a fumanwang paleng,
??hlokomela dikamano tsa sesosa le sephetho
(Hobaneng ha se itseng se etsahala ka hara
pale),
??etsa diqeto,
??hlahisa hore na o rata pale kapa tjhe, le hore
hobaneng a realo;
 bala ditaelo tse bonolo ka phaposing;
Mophato wa Motheo
37
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Sebedisa ditemoso tsa ditshwantsho ho fana ka
moelelo:
 bala mesebetsi ya ho ithuta e amanang le
dikerafo e kang ditshwantsho, dinepe, mmapa,
ditshwantsho tse hlahlamanyang dintlha,
ditjhate, mme a:
??hlalosa ka molomo le ka ho ngola sepheo le
se hlaloswang ke ditshwantsho le dikerafo.
??sebedisa tlhahisoleseding eo a e fumaneng ka
tshwanelo jwalo ka ho kgona ho sebedisa
mmapa ho supa tsela.
??hlahloba setshwantsho ka ho lekola mokgwa
oo se entsweng ka wona le hore se molemo
hakae kapa se sebetsa hakae?
_ Bopa moelelo wa tema e ngotsweng:
 hlahisa maikutlo ka pale kapa thothokiso eo
ba e badileng mme ba bontshe kutlwisiso ka
ho araba dipotso tse amanang le:
??mohopolo wa sehlooho,
??dintlhakgolo tsa bohlokwa tse kang baphetwa
ba sehlooho, tatellano ya diketsahalo,
tikoloho le makgabane a botjhaba jj),
??kamano tsa sesosa le sephetho,
??ho etsa diqeto (Molaetsa wa pale kapa
tshomo ena ke ofe?),
??ho bolela hore na o thabetse pale eo kapa
tjhe, le teng a fane ka mabaka;
 bala ditaelo tse amanang le ditabatabelo le
ditlhoko tsa hae tsa nnete bophelong;
Kereiti 2 Kereiti 3
HO BALA LE HO BOHA
Moithuti o kgona ho bala le ho boha, ho
fumana tlhahisoleseding le boithabiso
hape a arabele ka bohlokolosi
makgabaneng a botjhaba le maikutlo
ditemeng.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato wa Motheo
38
Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Lemoha ditlhaku le mantswe, a bile a bopa moelelo wa
tema e ngotsweng ka ho:
 bala ntho tse ngotsweng habonolo (mabitso a
dintho, dipale) bakeng sa merero e fapaneng;
 bala mongolo wa hae le wa ba bang ka phaposing;
 sebedisa bokgoni ba ho elellwa modumo le
mantswe ho hlalosa mantswe a matjha le a sa
tlwaelehang ditemeng (bokgoni ba ditemoso tsa
ditshwantsho tse jwalo ka sebopeho sa mantswe,
dipaterone tsa ditlhaku, ditemoso tsa ditema tse
bohuwang, le kamano pakeng tsa tlhaku le
modumo).
_ Ntshetsa pele tlhokomelo ya medumo ka ho:
 hlokomela le ho bolela mabitso a ditlhaku tsa
nteterwane;
 utlwisisa phapano pakeng tsa mabitso a ditlhaku le
medumo ya tsona;
 utlwisisa kamano e teng pakeng tsa tlhaku le
modumo wa yona;
Kereiti 1
Sephetho sa ho Ithuta sa 3
(Se tswela pele)
Re tseba sena ha moithuti a:
 bala ditema tse boemong bo thatanyana (pale
e bonolo ya boiqapelo le tseo e seng tsa nnete,
ditaelo tse bonolo, dikarete tsa ditumediso, le
merabaraba ya mantswe).
_ Lemoha le ho bopa moelelo wa ditlhaku le
mantswe ditemeng tse telele:
 bala ka lebelo le eketsehileng le ka bokgeleke;
 a balla hodimo ka qapodiso e nepahetseng, le
kgatello e nepahetseng ya mantswe;
 sebedisa bokgoni ba ho hlokomela medumo,
mantswe le bokgoni ba ho utlwisisa
seratswana, e le bo kang ba medumo, temoso
tse ditemeng le ho etsa dikakanyo ka sepheo
sa ho tlisa moelelo temeng;
 ho sebedisa lewa la ho itshwaya diphoso tse
jwaloka ho bala hape, ho kgefutsa, ho bitsetsa
lentswe fatshe pele a ka le balla hodimo, a le
qapodisa a le mong pele.
_ Ntshetsa pele tlhokomelo ya medumo ka ho:
 lemoha tumammoho e bopilweng ka ditlhaku
tse pedi (j.k. sh, ph);
 lemoha tumammoho e bopilweng ka ditlhaku
tse tharo;
 lemoha raeme dinokong tse qetellang tsa
mantswe (j.k. sala, tlala);
Mophato wa Motheo
39
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
 bala ditema tse fapaneng ka botshopodinyana,
tse kang dipale tsa boiqapelo le tseo e seng tsa
boiqapelo, manane a dikahare le ditshupane.
_ Bala a le mong a sebedisa mefuta e fapaneng ya
mawa ho bopa moelelo ka ho:
 bala tema e ngotsweng ka bokgeleke le ka
kutlwisiso ka ho:
??balla hodimo a kgona ho qapodisa (bitsa)
mantswe ka nepo,
??balla hodimo ka nepahalo, ke hore a sebedise
sehalo se loketseng, a hatelle mantswe a
hlokang kgatello, a kgefutsa, le sehalo,
??a sebedisa temoho ya lentswe le bokgoni ba
ho utlwisisa hore a tsebe ho bala ditema tseo
a sa di tlwaelang kapa a sa di tsebeng
(medumo, ditemoso tsa maemong/tikolohong
e itseng ya mantswe le ho noha,
??a sebedisa mekgwa e mengata ya ho lekola le
ho itokisa ha a bala. A pheta seo a sa se
balang hantle, a tswele pele a sa tshoha, a
kgefutsa, a ipeletela lentswe pele a le balla
hodimo.
_ Momahanya tsebo ya medumo:
 hlokomela hore medumo e ka ngolwa ka ho
tshwana empa e na le meelelo e fapaneng.
 elellwa hora mopeleto o le mong o ka emela
mantswe a fapaneng (j.k. thetsa - ho tshwara
le thetsa - ho sa bolelle motho nnete).
Kereiti 2 Kereiti 3
HO BALA LE HO BOHA
Moithuti o kgona ho bala le ho boha, ho
fumana tlhahisoleseding le boithabiso
hape a arabele ka bohlokolosi
makgabaneng a botjhaba le maikutlo
ditemeng.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato wa Motheo
40
Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
 arola mantswe a bonolo ho ya ka dinoko tsa ona, a
bontsha paterone ya CVCV le raeme senokong se
qetelang (du-ma, lo-ma, se-ha, se-ba);
 hlophisa mantswe a tlwaelehileng ho ya ka
paterone e tshwanang ya medumo (hama, hata,
ema, epa);
 lemoha ditumammoho tse bopilweng ka ditlhaku
tse pedi qalong ya mantswe.
 hlokomela mantswe a sebediswang kgafetsa a
jwalo ka, wena, lona, yena, a kenyelletsa le lebitso
la hae, le seo a se boneng se ngotswe tikolohong
eo a phelang ho yona.
_ Balla tsebo le boithabiso ka ho:
 bala dibuka tsa ditshwantsho tse nang le dihlooho
tse bonolo.
Kereiti 1
Sephetho sa ho Ithuta sa 3
(Se tswela pele)
Re tseba sena ha moithuti a:
 lemoha mantswe a thata a nang le paterone e
tshwanang ya medumo;
 lemoha mantswe a nang le raeme;
 lemoha dihlongwanthao mantsweng;
 lemoha mantswe a mangata a sebediswang
kgafetsa.
_ Balla tsebo le boithabiso ka ho:
 bala dibuka tsa ditshwantsho le dipale tse
bonolo tsa kgetho ya hae;
 bontsha kananelo ya dipale tse tswang
ditjhabeng tse ding;
 qala ho sebedisa dibukantswe bakeng sa
mopeleto le moelelo wa mantswe;
 bala mefuta e fapaneng ya dingolwa
molemong wa boithabiso (dimakasine,
dikhomiki).
Mophato wa Motheo
41
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Balla tlhahisoleseding le boithabiso ka ho:
 kgethela dibuka tseo a di ratang, tse buwang
ka ntho tsa nnete kapa tsa boiqapelo. A kgone
ho bolela seo a se ratileng kapa a sa se ratang
ka tsona;
 bala le ho ananela dibuka tse ngotsweng ke
bangodi ba botjhaba bo fapaneng ka maemo le
dikamano tse sa tshwaneng ditjhabeng tse
fapaneng;
 ho bala dingolwa tse fapaneng tse kang
dikhomiki, dimakasini le dikoranta;
 iketsetsa tlotlontswe ka ho sebedisa bukantswe
mme a be a iketsetse bukantswe ya hae;
 sebedisa lenane la dikahare, tshupane,
mantswe a sehlooho, dihlooho, mantswe a
hlalosang ditshwantsho le nomoro tsa maqephe
ho fumana tlhahisoleseding;
 bapala dipapadi tse hlahlobang tsebo ya bona
ya mantswe, tlotlontswe, tsebo le bokgoni;
Kereiti 2 Kereiti 3
HO BALA LE HO BOHA
Moithuti o kgona ho bala le ho boha, ho
fumana tlhahisoleseding le boithabiso
hape a arabele ka bohlokolosi
makgabaneng a botjhaba le maikutlo
ditemeng.
Maemo a Tekolo a feletse kereiting ena.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato wa Motheo
42
Kereiti 1
Sephetho sa ho Ithuta sa 3
(Se tswela pele)
Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a: Re tseba sena ha moithuti a:
 hlwaya le ho fumana mehlodi ya
tlhahisoleseding e kang ditho tsa setjhaba sa
selehae, laeborari le dibuka;
 qala ho sekaseka ditema tsa molomo, tse
ngotsweng, le tse bohuwang bakeng sa
makgabane a phedisanong, maikutlo le
dikakanyo (j.k. papatsong ya sesepa sa phofo
ya ho hlatswa, a bolele hore e reretswe
bomang, le seabo sa basadi le banna.
Mophato wa Motheo
43
Kereiti 2 Kereiti 3
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
HO NGOLA
Moithuti o kgona ho ngola ditema tse
fapaneng tsa dintlha le tsa boiqapelo
bakeng sa merero e mengata e
phatlalletseng.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato wa Motheo
44
Sephetho sa ho Ithuta sa Maemo a Tekolo
Re tsena sena ha moithuti a:
_ Ngola ka ho baleha ho hlakileng ho eketsehang ka ho:
 sebetsana le disebediswa tsa ho ngola tse kang,
dikerayone tse mmala tsa ho taka le dipotloloto ka
nepo.
 ho hlakisa popo ya ditlhaku le bokgoni ba ho ngola
ka letsoho (dipaterone, ho taka, ho latela le ho
kopisa mantswe).
 ho bopa ditlhaku tsa nteterwane ka nepo.
_ Etsa diketso tsa pele a tseba ho ngola ka ho:
 etsa le ho sebedisa ditshwantsho e le ntlha e
hatellwang ya ho qala ho ngola.
 arabela setshwantshong ka ho ngola dipolelo tse
bonolo.
 qoqisana le ba bang ka phaposing (ka bobedi kapa
ka dihlopha) ka dihlooho le dikgopolo bakeng sa ho
ngola.
_ Ngola bakeng sa merero e fapaneng ka ho:
 etsa manane.
 ngola matshwao, dihlooho tse bonolo kapa dihlooho
bakeng sa ditshwantsho.
 etsa mefuta e fapaneng ya ditema tse kang karete ya
tsatsi la tswalo (kenyelletsa tema e ngotsweng le e
bohuwang)
 sebedisa mawa a bonolo bakeng sa ho fumana le ho
ngola tlhahisoleseding (ho etsa phuputso ya hore ke
dipuo tse kae tse buuwang sehlopheng)
 a hlophise tlhahisoleseding ka dibopeho tse bonolo
tsa dikerafo (tjhate kapa lenane le bontshang tse tla
etsahala le nako ya tsona)
Kereiti 1
4
Mophato wa Motheo
45
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Sebedisa mawa ao ba a etsang pele ba tseba ho
ngola, hore a mo thuse ho qala ho ngola ka ho:
 ba le seabo sehlopheng se buisanang ka dintlha,
e le ho fumana mehopolo le tsebo bakeng sa ho
ngola;
 arolelana mehopolo le metswalle mmoho le
titjhere;
 ikgethela sehlooho se bohlokwa ho yena, e be o
ngola ka sona.
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Sebedisa mawa a pele ba tseba ho ngola hore a
mo thuse ho qala ho ngola mme a:
 sebedisa malebaleba ana hore a bokelle
tlhahisoleseding kapa dintlha tsa bohlokwa le ho
kgetha sehlooho (ho buisana ka bobatsi ka
sehlooho, ho ingolla feela, ho buisana le
metswalle, ho sebedisa ditshwantsho);
 qala ho rala seo ba tla se ngola.
Kereiti 2 Kereiti 3
HO NGOLA
Moithuti o kgona ho ngola ditema tse
fapaneng tsa dintlha le tsa boiqapelo
bakeng sa merero e mengata e
phatlalletseng.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato wa Motheo
46
Maemo a Tekolo
Re tsena sena ha moithuti a:
 bokella ditshwantsho tse lokelang le ditshwantsho
tsa dikerafo bakeng sa ho bontsha tema.
_ Etsa meralo le ho pheta mosebetsi ka ho:
 phehisa sehlopheng ka dikgopolo ho ngolweng ha
pale (qalong titjhere e le mongodi);
 boeletsa meralo ya mekgwaritso ya pale ya sehlopha
hore e hlake, di hohele le ho feta;
 ngola le ho balla mosuwe le ba bang meralo/
mekgwaritso ya hae mme a phete mosebetsi.
Kereiti 1
Sephetho sa ho Ithuta sa 4
(Se tswela pele)
Re tsena sena ha moithuti a:
_ Rala mokgwaritso bakeng sa dipheo tse fapaneng
ka ho:
 ngola meralo le ditema tse kgutshwanyane
bakeng sa dipheo tse fapaneng tse kang:
??ho etsa manane a dintho tse lokelwang ho
etswa (mosebetsi wa hae, mesebetsi e tla
phethwa mafelong a beke),
??ditema tse bonolo tse hlahisang maikutlo
(karete ya teboho, ya memo le mangolo),
??tema tse bonolo tsa tlhahisoleseding (risepe),
??dipalenyana, tsa boiphihlelo ba hae le
diketsahalo,
??dipale tse bonolo,
??thothokiso le pina;
 ho ngola lebitso la buka le totobatsang/bontshang
dikahare.
_ Ho lekola hape seo a se ngotseng ka ho:
 buisana ka mosebetsi wa hae le wa ba bang ka
sepheo sa ho fana ka tlalehopoeletso;
 leka ho lokisa diphoso tsa hae moo a ngotseng
(j.k. ho fokotsa, ho eketsa ka sepheo sa ho
hlakisa moelelo, a lekola diphoso hape a lokisa
matshwao a puo);
 lekola botjha mosebetsi wa hae ka mora hoba a
buisane le ba bang.
Mophato wa Motheo
47
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
Re tsena sena ha moithuti a:
_ Rala kapa ho etsa mokgwaritso bakeng sa dipheo
tse fapaneng:
 a kgetha mofuta wa tema e tla nyallana le
sepheo sa morero le bamamedi (bukana eo ho
yona ho tla ngolwa maikutlo ka ketsahalo e
itseng);
 a ngola mefuta e fapaneng ya ditema tsa
tshebetso mererong e fapaneng (dipale tsa
bolelele ba seratswana kapa tse pedi, dirisepe,
mangolo, dipuisano, ditaelo);
 a fe ditaba/dikahare sehlooho se dumellanang le
tsona moo ho hlokahalang.
_ Ho lekola hape seo a se ngotseng ka ho:
 buisana ka mosebetsi wa hae le wa ba bang ho
fana kapa ho fumana tlalehopoeletso;
 lokisa diphoso tseo a di entseng (ho hlakola, ho
eketsa mantswe, ho hlakisa moelelo, ho lokisa
mopeleto le matshwao a ho bala);
 lekola botjha mosebetsi ka mora hore o
hlahlojwe ke ba bang.
Kereiti 2 Kereiti 3
HO NGOLA
Moithuti o kgona ho ngola ditema tse
fapaneng tsa dintlha le tsa boiqapelo
bakeng sa merero e mengata e
phatlalletseng.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato wa Motheo
48
Sephetho sa ho Ithuta sa Maemo a Tekolo
Re tsena sena ha moithuti a:
_ Qala ho aha tlotlontswe le ho qala ho peleta mantswe
e le hore a balehe mme a utlwisiswe ke ba bang ka ho:
 ngola mantswe a emelang batho ba tlwaelehileng,
dibaka le dintho;
 peleta mantswe a tlwaelehileng ka nepo;
 leka ho peleta mantswe a sa tlwaelehang ka ho
sebedisa tsebo ya medumo ya mantlha (sebedisa
mopeleto o itlhahelang feela wa moithuti);
 aha dipolokelo tsa hae tsa mantswe le dibukantswe
tsa hae.
Kereiti 1
4
(Se tswela pele)
Re tsena sena ha moithuti a:
_ Phatlalatsa mosebetsi wa hae:
 arolelana mosebetsi le ba bang ka hore ba o
balle hodimo kapa o pepeswe ka phaposing;
 iketsetsa dibukantswe tsa hae kapa pokello ya
dithothokiso tseo ba iqapelang tsona ka
phaposing.
_ Aha tlotlontswe mme a qala ho peleta mantswe ka
tsela eo a tla balwa le ho utlwisiswa ke ba bang:
 etsa diteko ka mantswe a tswang boiphihlelong
ba puong ya hae;
 peleta mantswe a tlwaelehileng hantle;
 sebedisa ditumatshwano ka nepahalo e kgolo
(thaba/thaba, seba/seba);
 leka ho peleta mantswe a sa tlwaelehang, a
sebedisa tsebo ya medumo;
 iketsetsa banka ya mantswe le bukantswe;
 sebedisa tlotlontswe ho sheba mopeleto le ho
ithuta moelelo wa mantswe.
_ Ngola hore ba bang ba utlwisise le ho sebedisa
dibopeho le mekgwa e nepahetseng ya puo:
Mophato wa Motheo
49
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
Re tsena sena ha moithuti a:
_ Phatlalatsa seo a se ngotseng ka ho:
 arolelana mosebetsi le ba bang ka hore a balle
hodimo seo a se ngotseng kapa a o pepese ka
phaposing ya borutelo;
 arolelana seo a se ngotseng le bamamedi ba
reretsweng mosebetsi oo, ba kang ba lelapa
kapa motswalle (mangolo, melaetsa, ditaelo);
 iketsetsa dibukantswe kapa pokello ya
dithothokiso tseo ba iqapelang tsona ka
phaposing.
_ Aha tlotlonstwe hape a peleta mantswe ka boyena
a:
 sebedisa tlotlontswe e fapaneng hore a tsose
thahasello le bakeng sa dipheo tse itseng;
 leka le ho sebedisa mantswe ao a a fumaneng
dipaleng, dikoranteng, metlaeng, paleng tse
phethwang ka molomo, meqoqong ya metswalle
le ho tse ding;
 iketsetsa pokello ya mantswe le dibukantswe;
 sebedisa bukantswe ho lekola mopeleto le
moelelo wa mantswe;
 sebedisa tsebo ya medumo melao ya mopeleto
ho ngola mantswe a sa tlwaelehang.
_ Sebedisa dibopeho tse loketseng tsa thutapuo le
mekgwa/ditsela tse amohelehileng tsa ho ngola ka
ho:
Kereiti 2 Kereiti 3
HO NGOLA
Moithuti o kgona ho ngola ditema tse
fapaneng tsa dintlha le tsa boiqapelo
bakeng sa merero e mengata e
phatlalletseng.
Maemo a Tekolo a feletse kereiting ena.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato wa Motheo
50
Kereiti 1
Sephetho sa ho Ithuta sa 4
(Se tswela pele)
Maemo a Tekolo
Re tsena sena ha moithuti a:
 sebedisa dibopeho tsa mongolo tse bontshang
mefuta e fapaneng ya dipolelo le dibopeho tsa
tema;
 sebedisa matshwao o puo (tlhaku tse kgolo
qalong ya polelo, kgutlo qetellong ya polelo);
 etsa boiteko ka matshwao a mang a puo a kang
makalo le letshwao la potso;
 sebedisa dibopeho tse ding tsa dingolwa (Ba re
e ne re...., Hothwe....., le yaba ke tshomo ka
mathetho);
 sebedisa tsebo ya thutapuo;
 sebedisa ditema tsa tlhahisoleseding tse jwalo
ka dirisepe.
_ Ngola ka mongolo o balehang ka ho:
 sebedisa hantle disebediswa tseo ho ngolwang
ka tsona;
 kgona ho bopa ditlhaku ha bonolo le hore e be
tse hlakileng;
 ngola ha bonolo, le ka pele ka lebaka la hobane
a ikwetlisa ka mehla.
Re tsena sena ha moithuti a:
 qala ho ngola dipolelo mmoho e le hore a bope
diratswana;
 sebedisa matshwao a ho bala ka nepo (tlhaku tse
kgolo, kgutlo, tshwao la potso, feelo, makalo);
 sebedisa tsebo ya thutapuo;
 sebedisa tsebo ya ditema tse ding e le mehlala
bakeng sa ho ngola;
 sebedisa sebopeho sa dipale;
 sebedisa ditema tsa tlhahisoleseding tse kang
diteko.
_ Ngola ka mongolo o balehang ka ho:
 ngola ha bobebe ka lebelo le eketsehileng ka
lebaka la ho ikwetlisa ka mehla;
 qeta mosebetsi o ngolwang ka nako e
behilweng.
Mophato wa Motheo
51
Kereiti 2 Kereiti 3
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
HO NAHANA LE FANA KA MABAKA
Moithuti o kgona ho sebedisa puo ho
nahana, ho fana ka mabaka, ho fumana, ho
hlophisa le ho sebedisa tlhahisoleseding
ho ithuteng.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato wa Motheo
52
Sephetho sa ho Ithuta sa Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Sebedisa puo ho bopa dikgopolokutlwisiso ka ho:
 bontsha kgolo ya tsebo ya dikgopolokutlwisiso tse
kang bongata, boholo, sebopeho, tshupiso tsa
sebaka, mmala, lebelo, nako, dilemo, le tatellano;
 utlwisisa le ho sebedisa puo ya dikgopolokutlwisiso
tsa tikoloho e itseng ya ho ithuta e hlokahalang
boemong bona le ho itokisetsa boemo bo latelang.
_ Sebedisa puo ho nahana le ho ntsha maikutlo ka ho:
 utlwisisa le ho sebedisa puo bakeng sa tatellanong e
nepahetseng le ho ntsha maikutlo, jwalo ka sesosa le
ditlamorao;
 hlophisa tlhahisoleseding (mohlala, jwalo ka ho
kgobokanya mefuta e fapaneng ya diphoofolo);
 hlwaya dikarolo ho tswa ho ntho e feletseng e kgolo
(mohlala, jwalo ka ho hlwaya dikarolo tsa
baesekele);
 hlwaya ditshwano le diphaphano a sebedisa puo e
lokelang ka tshebediso ya mareo a kang jwalo
ka/seka, e tshwanang le, e fapaneng le);
 hlwaya dikarolo ho tswa nthong e felletseng/e kgolo
(mohlala, jwalo ka ho hlwaya dikarolo tsa semela).
_ Sebedisa puo ho batlisisa le ho utulla ka ho:
 botsa dipotso le ho batlana le ditlhaloso;
 nehelana ka ditlhaloso le ditharollo;
 sebedisa mawa a nolofetseng bakeng sa ho fumana
le ho ngola tlhahisoleseding e jwalo ka ho ntshetsa
pele dipatlisiso tsa hore e be ke dipuo tse kae tse
buuwang ke sehlopha se itseng, kapa ho fumana
tlhahiso leseding e lokelang dingolweng/ditemeng;
Kereiti 1
5
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Sebedisa puo ho bopa dikgopolokutlwisiso ka ho:
 utlwisisa le ho sebedisa puo ya
dikgopolokutlwisiso tsa tikoloho e itseng ya ho
ithuta e hlokahalang boemong bona le ho
itokisetsa boemo bo latelang.
_ Sebedisa puo ho nahana le ho ntsha maikutlo ka
ho:
 utlwisisa le ho sebedisa puo bakeng sa tatelano
e nepahetseng le ho ntsha maikutlo, jwalo ka ho
bontsha sesosa le ditlamorao le tatelano e nang
le moelelo;
 sebedisa ho nahana ho phahameng ka maemo le
puo e tsamaellanang le hona jwalo ka ho
akanya, ho sebedisa tsebo, le ho hlahloba
(mohlala, 'ke nahana hore...,' le 'ke a ipotsa
hore...');
 hlwaya ditshwano le diphapano (mohlala, ka
tshebediso ya mareo a kang: jwalo ka/seka, e
tshwanang le, e fapaneng le,) le ho hlophisa
dintho;
 bapisa dintho.
_ Sebedisa puo ho batlisisa le ho utulla ka ho:
 botsa dipotso le ho batlisisa ditlhaloso, ho
nehelana ka ditharollo le mekgwa e meng e ka
sebediswang;
 sebedisa tsebo ya mehlodi e fapaneng ya ditema
eo ho ka kgethwang disebediswa tse loketseng
mme a kgone le ho fana ka mabaka bakeng sa
kgetho ya hae;
Mophato wa Motheo
53
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Sebedisa puo ho bopa dikgopolokutlwisiso ka ho:
 utlwisisa le ho sebedisa puo ya
dikgopolokutlwisiso tsa tikoloho e itseng ya ho
ithuta e hlokahalang boemong bona le ho
itokisetsa boemo bo latelang.
_ Sebedisa puo ho nahana le ho ntsha maikutlo ka
ho:
 utlwisisa le ho sebedisa puo bakeng sa tatellano
e nepahetseng le ho ntsha maikutlo, jwalo ka ho
bontsha sesosa le ditlamorao le ho etsa diqeto;
 sebedisa ho nahana ho phahameng ka maemo le
puo e tsamaelanang le hona jwalo ka ho akanya,
(mohlala, 'ke nahana hore...,' le 'ha ho le tjena
ho bolela hore...');
 ho sebedisa puo ho hlalosa ditshwano le
diphapano le ho manolla, ho bapisa le ho
arohanya tlhahisoleseding.
_ Sebedisa puo ho batlisisa le ho utulla ka ho:
 botsa dipotso bakeng sa tlhakisetso, ho batlana
le ditlhaloso, le ho sisinya mekgwa e meng e ka
sebediswang (j.k. ho ipotsa dipotso tse kang: ha
ke etsa sena, ho bolela hore..., ho tla etsahalang
ka ...?, re ka leka ho...).
Kereiti 2 Kereiti 3
HO NAHANA LE FANA KA MABAKA
Moithuti o kgona ho sebedisa puo ho
nahana, ho fana ka mabaka, ho fumana, ho
hlophisa le ho sebedisa tlhahisoleseding
ho ithuteng.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato wa Motheo
54
Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
 rarolla ditshwantsho le morabaraba wa mantswe.
_ Hlophisa tlhahisoleseding ka ho:
 hlophisa tlhahisoleseding ka dibopeho tse
nolofaditsweng tsa kerafo, tse jwalo ka tjhate le
tatellano ya nako ya diketsahalo.
Kereiti 1
Sephetho sa ho Ithuta sa 5
(Se tswela pele)
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Sebedisa mawa a nolofaditsweng bakeng sa ho
fumana le ho ngola tlhahisoleseding (mohlala, ho
batla dintlha laeboraring ka thuso ya motho e
moholo kapa moithuti e moholwanyane).
_ Hlophisa tlhahisoleseding ka ho:
 qoholla tlhahisoleseding e kgethilweng ho tswa
temeng a nto e hlophihlophisa.
 hlophisa tlhahisoleseding ho ya ka dibopeho tse
nolofaditsweng tsa dikerafo (mohlala, ditjhate,
lenane la dinako)
Mophato wa Motheo
55
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Ho etsa dipatlisiso tse nolofaditsweng ka ho:
 botsa dipotso tse thusang ho hlalosa mosebetsi
le ho fumana tlhahisoleseding e hlokahalang
(mohlala: ho ipotsa dipotso tse jwalo ka: ke eng
eo re lokelang ho e tseba, ho e etsa, ho e
fumana, re ka fumana tlhahisoleseding hokae?);
 hlophisa mehato e ka nkuwang bakeng sa
mosebetsi, le ho arolelana boikarabelo (mohlala:
ke eng e lokelang ho etswa, ke mang ya tla e
etsa?);
 sebedisa mawa a nolofaditsweng bakeng sa ho
fumana tlhahisoleseding ka ho:
??botsa dipotso tse tsamaellanang,
??ntshetsa pele dipuisano le dipatlisiso tsa ho
nonya maikutlo,
??batla dintlha laeboraring (ka thuso ya motho
e moholo kapa moithuti e moholwanyane);
 shehetsa le ho hlakisa diphehisano/
dingangisano, ka ho nehelana ka mabaka le
bopaki;
 kgutsufatsa tlhahisoleseding le ho nehelana ka
yona ka mokgwa o nepahetseng le o natefelang
ba bang.
_ Hlophisa tlhahisoleseding ka ho:
 ngola le ho hlophisa tlhahisoleseding ka
mekgwa e fapaneng e jwalo ka ho:
??kgetha tlhahisoleseding le ho ngola dintlha
tsa bohlokwa,
??etsa mmapa ya tlhalohanyo,
Kereiti 2 Kereiti 3
HO NAHANA LE FANA KA MABAKA
Moithuti o kgona ho sebedisa puo ho
nahana, ho fana ka mabaka, ho fumana, ho
hlophisa le ho sebedisa tlhahisoleseding
ho ithuteng.
Maemo a Tekolo a feletse kereiting ena.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato wa Motheo
56
Kereiti 1
Sephetho sa ho Ithuta sa 5
(Se tswela pele)
Maemo a Tekolo
Maemo a Tekolo a feletse kereiting ena. Re tseba sena ha moithuti a:
??rala lenanetafole, ditshwantsho, ditjhate le
ditjhate tse bontshang tatellano ya
diketsahalo;
 hlahlamanya tlhahisoleseding le ho e kenya tlasa
dihlooho tse itseng;
 sebedisa puo ho hlalosa ho tshwana le ho se
tshwane, le ho manolla, ho bapisa le ho fapanya.
Mophato wa Motheo
57
Kereiti 2 Kereiti 3
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
SEBOPEHO SA THUTAPUO LE
TSHEBEDISO
Moithuti o kgona ho sebedisa medumo,
mantswe, le thutapuo ho toloka/hlalosa
ditema/dingolwa.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato wa Motheo
58
Sephetho sa ho Ithuta sa Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Nyalanya medumo ho ditlhaku le mantswe ka ho:
 arola mantswe a buuwang a nang le dinoko tse ngata
ka dinoko tsa wona;
 sebedisa difoniki ho bala le ho peleta.
_ Sebetsa ka mantswe ka ho:
 ho tseba moo lentswe le ngotsweng le qalang le moo
le fella teng, a be a siye sebaka pakeng tsa mantswe;
 peleta mantswe a mang a tlwaelehileng ka nepo;
 bopa bongata ba mantswe a tlwaelehileng;
 hlwaya le ho sebedisa dihlongwapele;
 hlwaya nyenyefatso;
 kgobokanya mantswe (mantswe a nang le raeme
kapa a nang le dihlongwapele tse tshwanang);
 sebedisa ditlhaku tse kgolo bakeng sa mabitso j.k.
Motshewa.
_ Sebetsana le dipolelo ka ho:
 ngola dipolelo tse bonolo j.k. Mosiuoa o hapile
lebelo;
 sebedisa matshwao a ho bala - tlhaku e kgolo qalong
ya polelo le kgutlo qetellong ya polelo;
 sebedisa mabitso, maemedi, le mahokedi ka nepo;
 sebedisa lekgathe lejwale le letlang ka nepo.
_ Sebetsana le ditema ka ho:
 hlahlamanya ditema ka ho sebedisa mantswe a kang
'yaba' le 'ha latela' ho phethelo ya hae;
 bua ka ditema (dipale) a sebedisa mareo a kang
'qalong', 'mahareng' 'qetellong'.
Kereiti 1
6
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Nyalanya medumo ho ditlhaku le mantswe ka ho:
 sebedisa difoniki ho peleta mantswe a sa
tlwaelehang.
_ Sebetsa ka mantswe ka ho:
 hlwaya le ho sebedisa dihlongwapele le
dihlongwanthao;
 sebedisa nyenyefatso;
 peleta mantswe a tlwaelehileng ka nepo;
 sebedisa bukantswe ho netefatsa mopeleto;
 hlwaya mahlalosonngwe le malatodi.
_ Sebetsa ka dipolelo ka ho:
 kopanya dipolelo tse pedi ka makopanyi (empa,
mme, jwale) ho bopa polelo e kopantsweng
(Sello o thutse nkgo mme o a e tjhwatla);
 sebedisa dibopeho tsa malatodi (Ha ke tlo etsa
seo/O ka se etse seo./Ha a etse seo);
 hlwaya le ho sebedisa mabitso, maamanyi,
maemedi, maetsi le mahokedi ka nepo;
 sebedisa lekgathe lefetile, lejwale, letlang ka
nepo;
 sebedisa mefuta ya dipolelo (tse botsang, tse
behang le tse bontshang makalo);
Mophato wa Motheo
59
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Nyalanya medumo ho ditlhaku le mantswe ka ho:
 sebedisa difoniki ho peleta mantswe a thata
haholo.
_ Sebetsa ka mantswe ka ho:
 sebedisa melawana e meng ya ho peleta hore a
pelete ka nepo;
 sebedisa mefuta e fapaneng ya mehlodi ho
netefatsa mopeleto;
 sebedisa dihlongwapele le dihlongwanthao ho
bopa mantswe;
 hlwaya le ho sebedisa mahlalosonngwe le
malatodi a mangata.
_ Sebetsa ka dipolelo ka ho:
 hlwaya moetsi, ketso le moetsuwa polelong;
 sebedisa kamano ya moetsi le moetsuwa ka
nepo;
 sebedisa mantswe a hokelang ho bontsha sesosa
le ditlamorao 'ha ke mo rate hobane o pelompe;
 sebedisa makgathe jwalo ka lekgathe lejwale
lephethi 'Ke dutse ka tlong' le lejwale letswelli
'Ke sa ntse ke dutse ka tlong' le letswelli
lephethi j.k. 'Ke ntse ke dutse ka tlong';
 sebedisa mefuta e fapaneng ya dipolelo (j.k. e
botsang dipotso, e behang le e laelang);
 hlwaya le ho sebedisa mabitso, maemedi,
maamanyi, maetsi, mahlalosi le mahokedi ka
nepo;
Kereiti 2 Kereiti 3
SEBOPEHO SA THUTAPUO LE
TSHEBEDISO
Moithuti o kgona ho sebedisa medumo,
mantswe, le thutapuo ho toloka/hlalosa
ditema/dingolwa.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato wa Motheo
60
Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Sebetsa ka ditema ka ho:
 hlahlamanya ditema (j.k. ho sebedisa mantswe a
kang yaba; ha latela; phetelong ya hae).
 bua ka ditema (j.k. dipale) a sebedisa mareo a kang
'qalong, ha latela' le 'qetellong'.
_ Ntshetsa pele temoho e hlokolosi ya puo ka ho:
 hlwaya phapang pakeng tsa puo e sebediswang ka
phaposing ya ho ithuta (j.k. ka nako ya ditaba) le ha
a bapala le metswalle;
 utulla lebaka leo dipuo tse fapaneng di sebediswang
maemong a fapaneng.
Kereiti 1
Sephetho sa ho Ithuta sa 6
(Se tswela pele)
Re tseba sena ha moithuti a:
 sebedisa matshwao a ho bala ka nepo (letshwao
la potso, feelwana ho arola dintlha lenaneng, le
tlhaku tse kgolo bakeng sa mabitsobitso jwaloka
Sebolelo).
_ Sebetsa ka ditema ka ho:
 kopanya dipolelo ho bopa diratswana;
 hlahlamanya ditema ka ho sebedisa mantswe a
kang 'pele', 'ha latela', le 'qetellong';
 hlwaya matshwao a ditema tse fapaneng (pale,
ditaelo, diphetelo).
_ Sebedisa puo ho buisana ka ho:
 sebedisa puo ho bontsha boitshwaro bo botle ba
phedisano (ho kopa tshwarelo).
_ Ntshetsa pele temoho e hlokolosi ya puo ka ho:
 buisana ka mantswe a tlwaelehileng ho hlalosa
bashanyana le banana, mmala e tsamaellanang
le bashanyana le e tsamaellanang le banana (e
thata le e ntle);
 buisana ka ditlamorao tsa ditlhaloso tsena le
hore ebe motho a ka sebedisa puo ena kapa
jwang.
Mophato wa Motheo
61
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
 sebedisa matshwao a ho bala (j.k. sehonyetsi j.k.
Mmasabata > 'Masabata le letshwao la makalo
jwalo ka kgele!'
_ Sebetsa ka ditema ka ho:
 kopanya dipolelo ho bopa diratswana, o ntse o
sa fapohe tshebedisong ya makgathe.
_ Sebedisa puo ho buisana ka ho:
 sebedisa puo ho bontsha boitshwaro bo botle ba
phedisano (ho kopa tshwarelo).
_ Ntshetsa pele temoho e hlokolosi ya puo ka ho:
 utulla mekgwa eo baithuti ba bang ba
sebedisang puo, e sa lateleng melawana ya
thutapuo, ba e sebedisa le bomang le hore ba e
sebedisetsa mabaka afe.
Kereiti 2 Kereiti 3
KGAOLO YA 3
MOPHATO O MAHARENG
(KEREITI YA 4 - 6)
SELELEKELA
Mophatong ona baithuti ba kena bohlankanyaneng le bokgarejaneng. Ba mafolofolo, ba imelwa ke kgahlamelo
ya metswalle, ha ba dudisehe (ha ba tshwarehe), ha ba itshepe. Ha ba itebale, ba a itemoha ebile ba labalebela
ho itseba hore ke bomang, le hore ba batla ho ba eng ka moso. Dintlha tse amanang le boitsebahatso di ba
bohlokwa haholo, hape ho bohlokwa ho hopola kamano pakeng tsa puo le boitsebahatso naheng ya rona ya
dipuo tse ngata le botjhaba bo fapafapaneng. A mang a matshwao a kgethang baithuti ba Mophato ona ke ana:
_ Ba ela hloko haholo hore diketso tsa bona di ama ba bang jwang.
_ Ba qala ho elellwa ditlhoko; ditakatso le dintlhakemo tsa ba bang.
_ Ba qala ho sebedisana ha bonolo le ba bang hore ba phethe mosebetsi wa sehlopha.
_ Hape ba qala ho natefelwa ke phephetso ya ho rarolla mesebetsi ya bona ka boikemelo.
_ Ba pepesa takatso ya ho ikarabella/ho nka taolo thutong ya bona.
_ Ba ba le maikemisetso mme ba etsa ntho tsa bona ka mokgwa o nang le tsela tse itseng.
_ Ba kgona ha bonolo ho fumana, ho beha le ho sebedisa tlhahisoleseding ka bohlale.
_ Hape ba kgona ha bonolo ho fuputsa; ho bapisa le ho hlahloba ka tsela e sehollang.
Tsepamiso
Mophatong ona, baithuti ba momahanya le ho hodisa bokgoni ba bona ho baleng le ho ngoleng le ho aha
boitshepo le bokgeleke ba bona ba ho sebedisa puo. Mosebetsi o fumanwang hohle ka hara kharikhulamo o tla
bopa karolo ya bohlokwa ya diketsahalo tsa ho ithuta.
Mefuta e Fapaneng ya Ditema
Baithuti ba tla sebetsa ka mefuta e mengata ya ditema ho feta Mophatong wa Motheo. Puo le dikahare tsa
ditema di tla ba teletsana mme di rarahane. Di tla qala ho ruta baithuti ka bophetipale le dingolwa, le ka dintlha
tsa bohlokwa phedisanong le tikolohong.
Diketsahalo tsa ho Ithuta tse Hokahantsweng
Ho thusa ho beha Maemo a Tekolo a hlakileng, sephetho se seng le se seng se na le bokgoni bo fapaneng kapa
mefuta ya bokgoni e le ntlha ya teng eo ho tsepamisitsweng maikutlo ho yona (ho mamela, ho bua, ho boha, ho
ngola, ho nahana le ho fana ka mabaka). Leha ho le jwalo, mananeong a ho ithuta tsena di lokela hore di behwe
maemong ka diketsahalo tsa ho ithuta tse hokantsweng tse hlakileng, tse nang le sepheo se loketseng.
Dikahare tse Nammeng le tsa Mefutafuta
Dikahare tse loketseng di lokela ho fumanwa ho tswa dintlheng tse fapaneng, tse thehilweng hodima ditlhoko
tsa baithuti le hodima dintlha tse nammeng tsa phedisanong (setjhabeng sa selehae). Leka ho akaretsa dintlha
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato o Mahareng
62
tse amang naha yohle tse kang, HIV/AIDS le botlokotsebe. Di se ke tsa nkuwa feela jwalo ka dikahare tsa
ditema, empa jwalo ka dikarolo tsa boiphihlelo ba ho ithuta. Ka tsela e jwalo, o ka pepesetsa baithuti tsela ya
nnete ya ho sebedisa puo, le ho ba kgontsha ho ntshetsa pele mefuta e hlokolosi ya bokgoni, ho etsa mohlala:
_ Ba hlokomele ditlwaelo tse itseng feela tsa ho nahana (ho nahana jwalo ka ha eka motho o kentswe
diokgetlelapa);
_ Ba ithuta ka moo ditema di susumelletsang babadi dintlhakemong tse itseng;
_ Ba phephetse tshebediso ena ya puo.
Ka tsela ena, matitjhere le baithuti ba tla:
_ Atleha ho fihlella Diphetho tse 12 tsa Bohlokwa le tsa Ntshetsopele, le
_ Lokisetsa diketsahalo tse rarahaneng haholwanyane le Maemo a Tekolo a toma Mophatong o Phahameng.
Mophato o Mahareng
63
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
DIPHETHO TSA HO ITHUTA
Sephetho sa ho Ithuta sa 1: Ho Mamela
Moithuti o kgona ho mamela ho fumana tlhahisoleseding, boithabiso le ho arabela ka tshwanelo le ka
tshekatsheko e tebileng maemong a fapaneng.
Bokgoni ba baithuti ba ho mamela bo a tjhoriswa hore ba kgone ho mamela ditema tsa molomo tse
lelefaditsweng (ka tsela e tlwaelehileng le e sa tlwaelehang) bakeng sa merero e fapaneng.
Sephetho sa ho Ithuta sa 2: Ho Bua
Moithuti o kgona ho buisana ka boitshepo le nepahalo ka puo e buuwang maemong a fapaneng.
Ha baithuti ba hola, maemo a fetoha ho ba a phephetsang le a hlokang boitshepo le kgoneho ho buweng. Ba tla
tswella ho ntshetsa pele bokgoni ba bona ba ho buisana le ho ba hlokolosi ho fapaneng ha botjhaba le ho ithuta
ho lemoha bohlokwa ba botemengata.
Sephetho sa ho Ithuta sa 3: Ho Bala le Ho Boha
Moithuti o kgona ho bala le ho boha, ho fumana tlhahisoleseding le boithabiso hape a arabele ka
bohlokolosi ho bokgabane ba botjhaba le ba maikutlo ditemeng tsa ho ithuta.
Ho bala ditemana tsa ho ithuta tsa nnete le tsa boiqapelo tsa Aforika Borwa le tsa matjhabeng, ho a hlokahala
molemong wa kgolo ya maikutlo a baithuti, ntshetsopeleng ya puo, ho baleng le ho ngoleng, kutlwisisong ya
makgabane le boithabiso.
Sephetho sa ho Ithuta sa 4: Ho Ngola
Moithuti o kgona ho ngola ditema tse fapaneng tsa dintlha tsa boiqapelo mererong (dipheong) e mengata
e phatlalletseng.
Baithuti ba tswela pele ka ho hodisa bokgoni ba bona ba ho ngola bakeng sa dipheo/merero le bamamedi ba
mefuta e fapaneng. Ba qala ka ho iketsetsa le ho hlophisa mehopolo e nepahetseng bakeng sa ditemana tsa
dintlha le tsa boinahanelo ka ho latela mehato e teng tseleng ya ho ngola.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato o Mahareng
64
Sephetho sa ho Ithuta sa 5: Ho Nahana le ho Fana ka Mabaka
Moithuti o kgona ho sebedisa puo ho nahana, ho fana ka mabaka, ho fumana, ho hlophisa le ho sebedisa
tlhahisoleseding ho ithuteng.
Bokgoni ba ho nahana bo boemong bo hodimo, bo kgemang le 'ho nahana ka ho nahana'le phadimeho
tlhahisoleseding di bohlokwa mosebetsing wa ka hara kharikhulamo yohle le wa katleho thutong. Ba rutwe ka
tsela e hokahaneng maemong a diketsahalo tsa ho rarolla diqaka ka sepheo sa thuto se hlakileng, se bohlokwa.
Sephetho sa ho Ithuta sa 6: Sebopeho sa Puo le Tshebediso
Baithuti ba tla utulla/sibolla ka moo puo e sebetsang ka teng, ba ntshetse pele puo e kopanelwang, e le
hore ba tle ba hlahlobe ya bona le ditema ka manollo e totobalang ya moelelo, bokgoni le nepahalo.
Hape ba tla kgona ho sebedisa tsebo ho etsa boitekelo ka puo ho bopa moelelo (ho tloha lentsweng le boemong
ba polelo ho ya temeng yohle) mme ba bone ka moo tema le maemo di amanang. Ba tla hlokomela ka moo puo
e fetohang ka teng, ha nako e feta le pakeng tsa botjhaba, le ka moo e fetohang maemong a fapaneng.
MAEMO A TEKOLO LE DITEMA
Dikarolong tse latelang, Maemo a Tekolo a sephetho ka seng ho tla nehelanwa ka wona sehlopheng/kereiting
kang. Mehlala ya ditema tse ka sebediswang bakeng sa ho ithuta puo ka tsela e hokahantsweng ho fanwe ka
yona. Mehlala ena ha se yona feela, titjhere a ka eketsa ho ena ka ho kgetha ditema tse ding tse loketseng ebile
di fumaneha.
Mophato o Mahareng
65
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Sehlopha/Kereiti ya 4
Ditema tse kgothaleditsweng
Tsa Molomo:
_ Meqoqo/Dipuisano
_ Puo tse etswang
_ Dithothokiso
_ Mahlaso
_ Diphetelo (ditshomo le dipale)
_ Ditlaleho tsa diketsahalo
_ Metlae, dilotho le dithothokiso tse qabolang tse nang le mela e mehlano
_ Tsa bolepi
_ Dipotso tse botswang batho ba shebane ka sepheo se itseng
_ Puo tse kgutshwanyane
_ Dipina
_ Dipapadi tsa mantswe
_ Ditaelo
_ Ditshupiso tsa dibaka
Tse ngolwang/Tse bohuwang:
_ Dithothokiso
_ Dipale
_ Ditlaleho (j.k. Tsa mahlale, tsa bolepi, tsa dikotsi, tsa dipapadi)
_ Diphetelo (j.k. ditshomo, dipale)
_ Mekgwa e itseng ya ho etsa se itseng (j.k. dirisepe, ditaelo)
_ Dikhomiki
_ Mangolo
_ Didayari
_ Dibuka tsa dipatlisiso (dibukantswe, diensaetlelopedia)
_ Dibukakgakollo (tsa ditikoloho tse fapaneng tsa ho ithuta)
_ Ditshwantsho tse takilweng
_ Meqoqo o entsweng ka ho kgomarisetswa ditshwantsho.
_ Kerafo
_ Mmapa wa tlhalohanyo/mohopolo
_ Dimmapa
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato o Mahareng
66
Sehlopha/Kereiti ya 4
Ditema tse kgothaleditsweng
Di tswela pele
Diphatlalatsi tsa tlhahisoleseding ka bongata:
_ Diterama tsa bana tsa TV
_ Dikhathunu tsa TV
_ Dipapatso tsa TV
_ Dikhomputa kapa CD ROMS (moo e leng teng)
_ Diketsahatso tse etswang pela babohi
_ Dipapatso
Mophato o Mahareng
67
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Sehlopha/Kereiti ya 5
Ditema tse kgothaleditsweng
Tsa molomo:
_ Dipuo
_ Mananeo a dipuisanong radiong
_ Dithothokiso tsa molomo (dithoko, dibalate)
_ Diphetelo (dipale, ditshomo)
_ Ditaelo
_ Ditshupiso tsa dibaka
_ Ditaba
_ Ditlaleho/Dirapoto - tsa boepi, tsa dipapadi jj
_ Dipina tsa monyanyako
_ Dipuisano le dileketjhara tse kgutshwanyane
_ Dingangisano
_ Dipapadi
_ Metlae
Tse ngolwang/Tse bohuwang:
_ Dithothokiso
_ Diphetelo (dipale le ditshomo)
_ Mangolo
_ Meqoqo (j.k. ya phehisano)
_ Ditlaleho tsa dibuka
_ Didayari
_ Dijenale
_ Mekgwa e latelwang ho etsa ho itseng (j.k. ditaelo, dirisepe)
_ Ditlaleho/Diraporoto
_ Dibuka tsa dipatlisiso (dibukantswe, diensaetlelopedia)
_ Dibukakgakollo (tsa ditikoloho tse fapaneng tsa ho ithuta)
_ Diphousetara
_ Dikerafo
_ Mananetafole
_ Dimmapa tsa tlhalohanyo
_ Didaekeramo
_ Metlae
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato o Mahareng
68
Sehlopha/Kereiti ya 5
Ditema tse kgothaleditsweng
Di tswela pele
Diphatlalatsi tsa tlhahisoleseding ka bongata:
_ Diterama tsa TV
_ Difilimi
_ Dikhathune tsa TV
_ Dikhomputa, Internet le CD ROMS moo di leng teng
_ Diketsahalo tse bapallwang pela babohi
_ Dipontsho
Mophato o Mahareng
69
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Sehlopha/Kereiti ya 6
Ditema tse kgothaleditsweng
Tse molomo:
_ Dipuisano
_ Dikopano
_ Diphehisano
_ Dipale
_ Dipapadi (metlae, phoqo)
_ Dipuisano tsa radiong
_ Ditaba
_ Ditaelo
_ Ditshupiso tsa dibaka
_ Ditlhaloso
_ Dithothokiso tsa molomo (j.k. dithoko)
_ Dipale tse kgutshwanyane tse nang le ketsahalo e le nngwe
_ Dipuisano
Tse ngolwang/Tse bohuwang:
_ Dipale tse phetang ka bophelo ba motho
_ Dipale/Dinobele
_ Dipale tse kgutshwanyane
_ Diterama tse kgutshwanyane
_ Dithothokiso
_ Ditaba tsa dikoranta le tsa dimakasine
_ Ditlaleho (tsa botlokotsebe, dikotsi, dipapadi)
_ Mekgwa ya ho pheta se itseng (j.k. ditaelo)
_ Ditshupiso tsa dibaka
_ Dibuka tsa dipatlisiso (j.k. dibukantswe, diensaetlelopedia)
_ Dibukakgakollo (ho tswa ditikolohong tse fapaneng tsa ho ithuta)
_ Dipapatso
_ Ditshwantsho/difoto
_ Didaekeramo
_ Dikerafo - ka mefuta ya tsona
_ Mananetafole
_ Ditjhate
_ Dimmapa
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato o Mahareng
70
Sehlopha/Kereiti ya 6
Ditema tse kgothaleditsweng
Di tswela pele
Diphatlalatsi tsa tlhahisoleseding ka bongata:
_ Difilimi
_ Mananeo a ikgethang a dintlha
_ Dikhathunu
_ Mananeo a TV
_ Dipapatso tsaTV
_ Dikhomputa, Internet, CD ROMS (moo di leng teng)
_ Diketsahalo tse bapallwang pela babohi
_ Dipontsho
Mophato o Mahareng
71
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
HO MAMELA
Moithuti o kgona ho mamela ho fumana
tlhahisoleseding, boithabiso le ho arabela
ka tshwanelo le ka tshekatsheko e tebileng
maemong a fapaneng.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato o Mahareng
72
Sephetho sa ho Ithuta sa Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Thabela ho mamela mefuta e fapaneng ya ditema tsa
molomo mme a arabele ka tshwanelo (j.k. Dipale,
ditshomo, thothokiso tse nang le mela e mehlano, tse
qabolang, ditlaleho tse kgutshwanyane).
_ Buisana le ba bang ka mohopolo wa sehlooho le
ditlhaloso tse kgethehileng mme a di amanye le
boiphihlelo ba hae.
_ Buisana le ba bang ka tshebediso ya sebui ya mantswe,
dipolelwana, ya ditho tsa mmele, le ka moo di amang
momamedi ka teng (j.k. O ikutlwa jwang ka mora
hoba o mamele sebui? Se itseng kapa seo se o entse
hore o ikutlwe jwalo?).
_ Buisane ka moo sehalo sa sebui le kgetho ya sona ya
mantswe, e fetohileng bamameding le dipheong tse
fapaneng.
_ Bua ka medumo le mantswe a ditshwantsho puong, a
be a bue hore sephetho sa ona ke sefe ho momamedi.
Kereiti 4
1
Mophato o Mahareng
73
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Mamela ka thahasello mefuta e fapaneng ya
diphetelo tsa molomo tse kang dipale, ditshomo,
dipina tsa monyanyako, metlae, dilotho le
diterama tse kgutshwanyane mme a be a arabele
ka tshwanelo.
_ Hlwaya molaetsa wa sehlooho le mokotaba
ditemeng tsa molomo, a di amanye le se
etsahalang bophelong ba ka mehla.
_ Elellwa ka matshwao a kgethang ditema tsa
molomo (sebopeho, puo, sehalo jj.) tse e etsang
hore e lokele bamamedi le sepheo.
_ Buisana le ba bang ka moo puo e sebediswang ho
tlisa tlhalohanyo tikolohong.
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Mamela ka thahasello mme a arabela ka tshehollo
mefuteng e fapaneng ya ditema tsa molomo tse
jwalo ka dipale, ditshomo, dithothokiso,
ditshwantshiso, diphehisano le dipuisano.
_ Hlwaya mokotaba, a botsa dipotso, a amanye
mehopolo le boiphihlelo ba hae ba bophelo.
_ Elellwa le ho buisana ka matshwao a sehlooho a
kang maemo ao ho buelwang ho ona, puo ya ho
bontsha ka ditho tsa mmele e sebediswang ke
sebui, dikahare, le kgetho ya mantswe a be a:
 buisana le ba bang ka ka moo di amang
momamedi ka teng le hore hobaneng;
 buisana le ba bang ka ka moo matshwao ana a
ka fetohang ka teng bakeng sa bamamedi ba
bang le sepheo se seng;
 buisana ka ka moo matshwao ana a behang
sebui le momamedi maemong (j.k. ho ya ka
matla le maikutlo malebana le baphetwa).
Kereiti 5 Kereiti 6
HO MAMELA
Moithuti o kgona ho mamela ho fumana
tlhahisoleseding, boithabiso le ho arabela
ka tshwanelo le ka tshekatsheko e tebileng
maemong a fapaneng.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato o Mahareng
74
Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Mamela hore a fumane tlhahisoleseding mefuteng e
fapaneng ya ditema, e jwalo ka ditlaleho tsa bolepi,
ditsebiso tsa sekolo, dipotso tse botswang batho ka
sepheo se itseng, a hopola mehopolo ya sehlooho mme
a arabela ka nepo.
_ Phethisa ditaelo, a latela ditshupiso tsa sebaka.
_ Mamela ka hloko meqoqong le dipuisanong, a bontsha
tlhompho le kelohloko maikutlong a ba bang mme a
bile a ananela ntlhakemo tse ding tse hlahiswang.
_ Buisana le ba bang ka makgabane a boitshwaro,
botjhaba, ditjhebo le dikakanyo ditemeng tsa molomo
(j.k. Na ebe malapa ohle a na le ntate, mme le bana?
Na ho na le mefuta e meng ya malapa).
Kereiti 4
Sephetho sa ho Ithuta sa 1
(Se tswela pele)
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Mamela mefuta e fapaneng ya ditema tse fanang
ka tlhahisoleseding (ditshupiso tsa sebaka, ditaelo,
dipuo, mananeo a ho bua TV, mananeo a
ikgethang). A ela hloko mehopolo ya sehlooho
kapa dintlha tse kgethehileng mme a sebedisa
tlhahisoleseding ka nepo.
_ Mamela ka hloko a lemoha dintlhakemo tse ding,
a arabela ka kelohloko mehopolong le
ditshisinyong.
_ Buisana le ba bang ka makgabane a boitshwaro,
botjhaba, ditjhebo le dikakanyo ditemeng tsa
molomo. A hlahise maikutlo ka hore ke eng e
kentsweng, ke eng e ntshitsweng (j.k. Na ebe thuto
ya pale ke nnete maemong ohle? Ke maemo afe a
sa akaretsweng ke pale ee?).
Mophato o Mahareng
75
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Elellwa le ho buisana le ba bang ka ka moo
dikgopolo tse lehlakore le leng, tse sa fetoheng di
amang bamamedi (j.k. mohale o hlahiswa jwang?
Sena se etsa hore o ikutlwe jwang ka yena). Na
batho ba jwalo ka mehla bophelong ba nnete.
_ Hlahisa maikutlo ka medumo le diphetho tse
bohuwang tse jwalo ka morethetho, phetapheto,
poeletsomodumo, leetsisamodumo, papiso.
_ Mamela hore a fumane tlhahisoleseding mefuteng
e fapaneng ya ditema tsa molomo (j.k.
diphehisano, ditlhaloso, ditlaleho, mananeo a
ikgethang a TV, a kgutsufatsa mehopolo ya
sehlooho, mme a ele hloko dintlhakgolo, tse
kgethehileng).
_ Mamela ka thahasello le kelohloko, a ananela
maikutlo a mang a hanyetsang a hae mme a
arabele ka tshwanelo.
Kereiti 5 Kereiti 6
HO MAMELA
Moithuti o kgona ho mamela ho fumana
tlhahisoleseding, boithabiso le ho arabela
ka tshwanelo le ka tshekatsheko e tebileng
maemong a fapaneng.
Maemo a Tekolo a feletse kereiting ena.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato o Mahareng
76
Kereiti 7
Sephetho sa ho Ithuta sa 1
(Se tswela pele)
Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a: Re tseba sena ha moithuti a:
_ Buisana le ba bang ka makgabane a phedisanong,
a boitshwaro, a botjhaba, le ditemeng tse
fapaneng, a be a hlahise maikutlo a hore a ka
hlahiswa jwang temeng (j.k. Na ho na le
dikgopolo tse shebang ka lehlakoreng le le leng
feela/tseo e kang di kentswe diokgetlelapa?).
Mophato o Mahareng
77
Kereiti 8 Kereiti 9
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
HO BUA
Moithuti o kgona ho buisana ka boitshepo
le nepahalo ka puo e buuwang maemong a
fapaneng.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato o Mahareng
78
Sephetho sa ho Ithuta sa Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Buisana ka boiphihlelo, mehopolo le tlhahisoleseding
maemong a fapaneng bakeng sa dipheo le bamamedi
ba fapaneng ka ho:
 sebedisa puo bakeng sa ho buisana le ho tswakana le
batho ba fapaneng meqoqong ya letsatsi ka leng;
 sebedisa puo bakeng sa boiqapelo le ho hlahisa se
itseng (j.k. ho pheta pale, ho pheta thothokiso kapa
ho tshwantshisa ho itseng);
 arolelana mehopolo, a hlahisa maikutlo hodima
dihlooho, ditaba le diketsahalo tse tlwaelehileng tse
tswang boiphihlelong ba hae;
 hopola le ho hlalosa diketsahalo tse itseng;
 fana ka ditshupiso tsa sebaka kapa ditaelo;
 botsa le ho araba dipotso;
 buisana le ho bapisa mehopolo le maikutlo a hae le a
ba bang.
_ Sebedisa bokgoni le mawa a ho buisana/sebedisana le
ba bang sehlopheng ka ho:
 fana sebaka;
 sa tswe lekoteng;
 botsa dipotso tse motjheng;
 ntshetsa dipuisano pele;
 arabela mehopolong ya ba bang ka ho bontsha
kutlwisiso le tlhompho;
 fana ka tlalehopoeletso e itekanetseng le e ahang;
 sebedisa sehalo le dipontsho tsa sefahleho tse
nepahetseng;
Kereiti 4
2
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Buisana ka boiphihlelo, mehopolo le
tlhahisoleseding maemong a fapaneng a
phephetsang bamameding le dipheong tse
fapaneng ka ho:
 sebedisa puo ka ho tebisa mehopolo ho bueng le
batho (j.k. rorisa boiteko ba e mong, le ho
hanana le e mong);
 sebedisa puo bakeng sa boiqapelo le boitlhahiso
bo tletseng kakanyo (j.k. hlahisa maikutlo, ho
bapala dipapadi);
 arolelana dikgopolo le ho fana ka maikutlo a
hae dihloohong le dintlheng tse sa tlwaelehang,
a sebedisa dikakanyo le dikgopolotaba;
 hlalosa diketsahalo, a fana ka tlalehopoeletso, a
bile a fana ka ditshupiso tsa sebaka ka tsela e
utlwahalang;
 botsa dipotso tse hlokolosi moo dikarabo di sa
totobalang mme a kgona ho arabela ka tsela e
bontshang mehopolo e tebileng;
 hlahisa le ho nnetefatsa mohopolo wa hae ka ho
fana ka ntlhakemo ya hae le mabaka.
_ Sebedisa bokgoni ba ho hokahana ho buisana ka
tshwanelo maemong a sehlopha ka ho:
 fana sebaka, ho se tswe lekoteng, ho botsa
dipotso tse loketseng, ho boloka dipuisano di
tswella pele le ho arabela mehopolong ya ba
bang ka kutlwisiso le tlhompho;
 fana ka tlaleho poeletso e itekanetseng le e
ahang;
 sebedisa sehalo se loketseng le ditshupo tsa
sefahleho;
 bontsha bokelohloko ditokelong le maikutlong a
ba bang sehlopheng.
Mophato o Mahareng
79
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Buisana ka boiphihlelo, mehopolo e rarahaneng le
tlhahisoleseding maemong a fapaneng a
phephetsang bamameding le dipheong tse fapaneng
ka ho:
 sebedisa puo ho bueng le batho, puo e totobatse
maikutlo a hae a tebileng le boitekolo (j.k. a bua
ka maikutlo le ditabatabelo);
 sebedisa puo bakeng sa boiqapelo le boitlhahiso
bo tletseng boinahanelo (j.k. dithothokiso, le ho
arabela mminong);
 arolelana dikgopolo le ho fana ka maikutlo a
hae dihloohong tse phephetsang tse nang le
tlhalohanyo, tse bopehileng ka momahano (j.k.
ho hlahisa diphousetara, ditlaleho, diphehisano
tsa puo);
 botsa le ho arabela dipotso tse phephetsang.
 hlahisa le ho nnetefatsa mohopolo wa hae ka ho
fana ka ntlhakemo ya hae le mabaka.
_ Sebedisa bokgoni ba ho hokahana ho buisana ka
tshwanelo maemong a sehlopha ka ho:
 latela melao e loketseng ya ho sebedisana le ba
bang sehlopheng;
 fana ka tlaleho poeletso e itekanetseng le e
ahang;.
 bontsha bokelohloko diphapanong tsa botjhaba
le tsa phedisanong (ka ho dumellana le ho
kenyeletsa dipuo tse ding, boiphihlelo, mehlala);
Kereiti 5 Kereiti 6
HO BUA
Moithuti o kgona ho buisana ka boitshepo
le nepahalo ka puo e buuwang maemong a
fapaneng.
Re tseba sena ha moithuti a:
 bontsha tlhompho ho ba bang sehlopheng.
_ Sebedisa puo e loketseng e bontshang ka ho sebedisa
ditho tsa mmele le bokgoni ba ho hlahisa se itseng ka
ho:
 sheba bao a buang le bona, a be a fokotse ho tshoha;
 sebedisa diketsiso/dipontsho ka matsoho le ka
sefahleho ha a bua.
 sebedisa lentswe le utlwahalang, a kgefutsa ka
tshwanelo a bile a bua ka lebelo le amohelehileng.
_ Sebedisa mantswe le dibopeho tse loketseng dipheong
le bamameding ba sa tshwaneng ka ho:
 sebedisa puo ka boemo bo loketseng maemong a
fapaneng (j.k. sehalo; kgetho ya mantswe, setaele,
tshebediso ya ditho tsa mmele ho hlahisa maikutlo);
 sebedisa puo e loketseng bakeng sa ho bontsha
tlhompho phedisanong (j.k. ho kopa tshwarelo, ho
kopa se itseng, ho leboha, ho tshehetsa);
 bolela le ho leka ho qoba puo e se nang kelohloko
kapa e kgethollang.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato o Mahareng
80
Kereiti 4
Sephetho sa ho Ithuta sa 2
(Se tswela pele)
Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Sebedisa puo e loketseng e bontshang ka ho
sebedisa ditho tsa mmele le bokgoni ba ho hlahisa
se itseng ka ho:
 sheba ka mahlakoreng ohle hore a bone
bamamedi bohle;
 sebedisa sehalo le ho bontsha ka matsoho le ka
sefahleho ha a bua;
 lokisa lebelo le bophahamo ba lentswe
kgatellong;
 kgefutsa ka tshwanelo dibakeng tse lokelang
mme a lokisa sekgahla ho latela ditlhoko tsa
bamamedi.
_ Sebedisa puo e loketseng dipheong le
bamameding ba sa tshwaneng ka ho:
 sebedisa puo ka sehalo se nepahetseng
maemong a sa tlwaelehang;
 sebedisa dibopeho tse loketseng tsa thutapuo le
maele a loketseng morero o itseng;
 sebedisa puo ka hloko ho totobatsa maikutlo a
tlwaelehileng empa a rarahane a jwalo ka ho
kgena, mamello, kutlwelobohloko, ho kgahlwa
ke se itseng;
 hlwaya a bile a phephetsa puo e kgethollang.
Re tseba sena ha moithuti a:
 sebedisa puo ya bohlale maemong a
qhwebeshano/kgohlano.
_ Sebedisa bokgoni bo loketseng ba ho hlahisa se
itseng le puo e bontshang ka ho sebedisa ditho tsa
mmele ka ho:
 se furalle bamamedi;
 fetola bophahamo ba lentswe, sehalo le
sekgahla sa lentswe bakeng sa kgatello le
tshusumetso;
 lekola bokgoni ba hae ba ho hlahisa se itseng
mme a leka ho lokisa bofokodi ba hae boo a bo
hlwaileng.
_ Sebedisa puo le dibopeho tse loketseng mererong
le bamameding ba sa tshwaneng ka ho:
 sebedisa puo ka mokgwa o loketseng maemong
a sa tlwaelehang, a phephetsang bohlale, hape a
bontsha ho lemoha bamamedi ba fapaneng;
 sebedisa puo ka bohlale ho etsa mesebetsi e
fapaneng a jwaloka ho qobella, ho ngangisana,
ho susumelletsa a bile a ikamahanya le tse
ding);
 fana ka puo e ka sebediswang ho ena le ho
sebedisa e kgethollang.
Mophato o Mahareng
81
Kereiti 5 Kereiti 6
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
HO BALA LE HO BOHA
Moithuti o kgona ho bala le ho boha, ho
fumana tlhahisoleseding le boithabiso
hape a arabele ka bohlokolosi
makgabaneng a botjhaba le maikutlo
ditemeng.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato o Mahareng
82
Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Bala mefuta e fapaneng ya ditema tsa Aforika Borwa
le tsa matjhaba bakeng sa dipheo tse fapaneng (j.k.
dithothokiso; dipale; ditshomo tsa dimite, boroutjhara,
dibuka tsa dipatlisiso, dibukakgakollo jj.) ka ho:
 bala ka boyena a sebedisa mefuta e loketseng, e
fapaneng ya mawa a ho bala le ho utlwisisa bakeng
sa dipheo tse fapaneng;
 okola dintlha tsa bohlokwa feela;
 teba hore a fumane dintlha tse felletseng tse itseng;
 lekola leqephe la dikahare, a sheba dihlooho,
tshupane bakeng sa tjhebokakaretso;
 etsa dikakanyo, a sebedisa ditemoso tse temeng ho
fumana moelelo le ho etsa diqeto;
 balla hodimo ka ho hlaka mme a hlahisa maikutlo
ho seo a se balang.
_ Boha le ho ntsha maikutlo ka seo a se bohileng le ka
ditema tsa diphatlalatsi tse ngata bakeng sa dipheo tse
fapaneng (j.k. ditshwantsho, diphousetara, dikhathunu,
khomputa le CD ROM moo di leng teng, jj.) ka ho:
 hlalosa molaetsa;
 hlwaya le ho buisana ka maano a ditshwantsho a
kang mmala, moetso, kgetho ya ditshwantsho le ka
moo di amang molaetsa o fetiswang ka teng.
Kereiti 4
Sephetho sa ho Ithuta sa 3
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Bala mefuta e fapaneng ya ditema tsa Aforika
Borwa le tsa matjhaba bakeng sa dipheo tse
fapaneng (j.k. dithothokiso; ditekolo tsa dibuka,
dipale tse kgutshwanyane; dikoranta tse tswang ka
mora nako e itseng, dibuka tsa dipatlisiso jj.):
 bala ka boyena a kgetha mawa a loketseng a ho
bala le ho utlwisisa bakeng sa sepheo sa ho;
 okola mohopolo o akaretsang;
 teba hore a fumane dintlha tse felletseng tse
itseng;
 lekola leqephe la dikahare, a sheba dihlooho le
tshupane;
 sebedisa tsebo eo a e fumaneng pele kapa
ditemoso tsa tema ho fumana moelelo le ho etsa
diqeto;
 akanya dikahare kapa qetelo ya sengolwa;
 etsa dimmapa tsa pale kapa mekgwaritso ya
dintlhakgolo ho fihlella kutlwisiso;
 balla hodimo ka ho hlaka mme a lokisa lebelo
ho latela sepheo le bamamedi.
_ Boha le ho ntsha maikutlo ka seo a se bohileng le
ka ditema tsa diphatlalatsi tse ngata bakeng sa
dipheo tse fapaneng (j.k. dipapatso,
divideo/difilimi, tshwantshiso tsa TV, khomputa le
CD ROM moo di leng teng jj.):
 buisana ka molaetsa oo ho fanweng ka wona;
 hlwaya le ho buisana ka maano a ditshwantsho a
kang mmala, kgetho ya ditshwantsho, mofuta le
boholo ba ditlhaku, matshwao, moralo jj.
Mophato o Mahareng
83
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Bala mefuta e fapaneng ya ditema tsa Aforika
Borwa le tsa matjhaba bakeng sa dipheo tse
fapaneng (j.k. dijenale, dithothokiso; dipale,
dipale tse kgutshwanyane; dikoranta,
dibukakgakollo jj.) ka ho:
 balla hodimo hape a bala a kgutsitse, a lokisa
mawa a ho bala hore a lokele sepheo le
bamamedi;
 sebedisa mawa a loketseng a ho bala le ho
utlwisisa (a okola, a teba, a lepa, a sebedisa
ditemoso tsa temeng, a etsa diqeto, a lekola
kutlwisiso jj.).
_ Boha le ho buisana ka ditema tse fapaneng tse
bohuwang le tsa diphatlalatsi tse ngata (j.k.
ditshwantsho) dipapatso tsa TV, tshwantshiso,
mananeo a ikgethang, internet, le CD ROM moo
di leng teng jj.) ka ho:
 hlalosa/toloka le ho buisana ka molaetsa;
 hlwaya le ho buisana ka maano a kang kganya,
ditlamorao tsa modumo, kgetho ya
ditshwantsho, lehlakore leo khamera e
sebediswang e le ho lona, sebopeho le paterone,
bonono ba ho tshwantsha jj. le sephetho sa tsona
ho mmohi.
Kereiti 5 Kereiti 6
HO BALA LE HO BOHA
Moithuti o kgona ho bala le ho boha, ho
fumana tlhahisoleseding le boithabiso
hape a arabele ka bohlokolosi
makgabaneng a botjhaba le maikutlo
ditemeng.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato o Mahareng
84
Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Hlahisa maikutlo ka tema ya dintlha kapa ya dingolwa,
e bohuwang kapa ya diphatlalatsi tsa tlhahisoleseding
ka bongata a fana le ka mabaka.
_ Buisana ka moo kgetho ya mantswe le dibopeho tsa
ditshwantsho di susumetsang mmadi ka teng.
_ Bontsha kutlwisiso, ho hlwaya le ho buisana ka
dikarolo tse kang mohopolo wa sehlooho, baphetwa,
tikoloho le moralo temeng ya boiqapelo.
_ Akanya mabaka a susumeditseng diketso paleng.
_ Utlwisisa tlotlontswe le ho buisana ka kgetho ya
mantswe, ditshwantsho le sephetho sa medumo
thothokisong, dipaleng le ditemeng tsa diphatlalatsi tse
ngata (j.k. morethetho, raeme, poeletsamodumo,
mantswe a ditshwantsho, keketehiso).
Kereiti 4
Sephetho sa ho Ithuta sa 3
(Se tswela pele)
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Hlalosa le ho sekaseka dikarabo tse amanang le
maikutlo a hlahiswang ke ditema.
_ Buisana ka moo bangodi le bataki ba tse
bohuwang ba amanang le babadi ka tsela tse
fapaneng le kamoo ba sebedisang puo le
ditshwantsho ho fana ka mehopolo e fapaneng ya
lefatshe.
_ Bontsha kutlwisiso ya ditema tsa boiqapelo ka ho:
 buisana ka dikarolo tse kang mohopolo wa
sehlooho, moralo, tikoloho, maemo le
baphetwa.
 akanya kapa a etsa diqeto ka baphetwa le
moralo.
 buisana ka mokotaba le dintlha mme a fana ka
maikutlo a hae ao a a netefatsang.
_ Utlwisisa tlotlontswe le ho buisana ka ka moo
bangodi ba sebedisitseng puo ho fihlella
tshusumetso (papiso, morethetho, leetsisamodumo
jj.).
Mophato o Mahareng
85
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Hlalosa kutlwisiso le karabelo e akaretsang
temeng, a fana ka mabaka a itshetlehileng ho tema
kapa boiphihlelong ba hae.
_ Buisana ka mokgwa oo mawa a sebediswang ke
bangodi, bataki ba ditshwantsho, le
boraditshwantsho ba bopang ntlhakemo tse itseng
ka lefatshe mme ba beha mmadi dibakeng tse
fapaneng.
_ Bontsha kutlwisiso ya tema, kamano ya yona le
maphelo a bona, sepheo sa yona le ka moo e
sebetsang ka ho:
 hlalosa mokotaba, poloto, tikoloho, le baphetwa;
 buisana ka ntlhakemo ya mongodi, ka moo
moelelo o botjwang, le tsela eo mmadi a
behwang sebakeng se itseng ka teng (j.k. Na
mongodi o pheta pale e le motho ya
shebelletseng kapa e le e mong ya amehang
paleng eo? O ikutlwa jwang ka baphetwa ba
sehlooho? O ba utlwela bohloko kapa o a ba
seholla? Mongodi o etsa jwang hore o ikutlwe
jwalo?).
Kereiti 5 Kereiti 6
HO BALA LE HO BOHA
Moithuti o kgona ho bala le ho boha, ho
fumana tlhahisoleseding le boithabiso
hape a arabele ka bohlokolosi
makgabaneng a botjhaba le maikutlo
ditemeng.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
86
Maemo a Tekolo
Mophato o Mahareng
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Lemoha dibopeho tse fapaneng, tshebediso ya puo,
dipheo le bamamedi ba mefuta e fapaneng ya ditema
ka ho:
 lemoha dipheo tse fapaneng tsa ditema (j.k. dipuo
tse etswang, dipale, dithothokiso, dipapatso);
 lemoha ka moo ditema di hlophisitsweng ka teng;
 lemoha ka moo puo e fapanang ka teng mererong le
bamameding ba fapaneng;
 lemoha puo e sebedisitsweng mefuteng e fapaneng
ya ditema (j.k. puo sebui ditshomong, tatellano
diketsahalong, puo phetelo ditlalehong jj.).
_ Hlwaya le ho buisana ka makgabane ditemeng, a
amanang le botjhaba, phedisano, tikoloho le dintlha tsa
boitshwaro (j.k. thuto ya pale le bonnete/matla a yona
maemong a fapaneng, dintlha tsa ho se ye ka leeme le
tekatekano malebana le maemo a fapaneng le
baphetwa jj.).
_ Utlwisisa le ho arabela ka tshwanelo ditemeng tsa
tlhahisoleseding ka ho:
 hlwaya mehopolo ya sehlooho le e tshehetsang;
Kereiti 4
Sephetho sa ho Ithuta sa 3
(Se tswela pele)
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Lemoha dibopeho tse fapaneng tsa puo,
tshebediso ya puo, dipheo le bamamedi ba mefuta
e fapaneng ya ditema ka ho:
 lemoha ka moo ditema di hlophisitsweng kateng
(j.k. ditshomo, mangolo, ditekolo tsa dibuka);
 lemoha dintho tse kgethollang mefuta e
fapaneng ya dingolwa e kang pale ya boiqapelo
ya mahlale/saense, dipale tsa bosatsejweng jj;
 lemoha dipheo tse fapaneng tsa ditema mme a
manolle ka moo puo le sehalo di fapanang ka
teng dipheong le bamameding ba sa tshwaneng.
_ Hlwaya le ho buisana ka makgabane a tikoloho,
botjhaba, le a phedisanong a temeng ka ho:
 lemoha le ho buisana ka ntlhakemo le sepheo le
tshutsumetso ya yona;
 lemoha le ho buisana ka mefuta e fapaneng ya
hlakore le itseng, e sa fetoheng le ka moo e
etswang ka teng;
 buisana le ho bapisa ka moo dintlha tsa
phedisano le botjhaba di lekolwang ke bangodi
ba fapaneng dihloohong tse fapaneng.
_ Utlwisisa le ho arabela ka tshwanelo ditemeng tse
fapaneng tsa tlhahisoleseding ka ho:
 hlwaya mehopolo ya sehlooho le e tshehetsang,
a ela hloko dintlha tse felletseng tse
qoholehileng mme a kgutsufatse
tlhahisoleseding;
87
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
Mophato o Mahareng
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Lemoha le ho hlalosa dibopeho tse fapaneng,
tshebediso ya puo, dipheo le bamamedi ba mefuta
e g ya ditema ka ho:
 hlwaya le ho hlahloba mofuta le kgonahalo ya
puo le sehalo sa tema bakeng sa bamamedi ba e
reretsweng
. Lemoha le ho manolla matshwao a mefuta e
fapaneng ya dingolwa le ditema (j.k. tlhophiso le
mekgwa e sebediswang mefuteng e fapaneng ya
dithothokiso, dibukaphelo, ditaba tse fapaneng
tsa dikoranta).
_ Hlwaya le ho buisana ka makgabane a tikoloho,
botjhaba, le a phedisanong a temeng ka ho:
 hlalosa melaetsa ya mongodi ya maikemisetso
le eo e seng ya maikemisetso e patehileng;
 lemoha mahlakore a fapaneng ka hara tema e
rarahaneng mme a fana ka hlakore la hae le
tshetlehilweng hodima bopaki bo teng temeng;
 buisana ka ho se tshwane ha makgabane a
phedisano le botjhaba a teng temeng;
 manollo sephetho sa monahano o hlakore le
leng, leeme le kgethollo le ho buisana ka moo
di ka phephetswang le ho fana ka maikutlo a
hae le nnetefatso ya wona.
_ Utlwisisa a bile a sebedisa ditema tsa
tlhahisoleseding ka tshwanelo ka ho:
 kgutsufatsa mehopolo ya sehlooho le e
tshehetsang;
Kereiti 5 Kereiti 6
HO BALA LE HO BOHA
Moithuti o kgona ho bala le ho boha, ho
fumana tlhahisoleseding le boithabiso
hape a arabele ka bohlokolosi
makgabaneng a botjhaba le maikutlo
ditemeng.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato o Mahareng
88
Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
 fumana dintlha tse qoholehileng ka hara tema tsa
dintlha tse kang, tsa bolepi, manane a laolang maeto
a dibese, dimmapa;
 utlwisisa ditaelo tse kgutshwanyane tse ngotsweng.
_ Hlalosa/Toloka ditema tse bohuwang tse bonolo (j.k.
manane, ditjhate, diphousetara, ditshwantsho, dikerafo,
dimmapa) mme a ka fetoha ho tloha mofuteng o mong
ho ya ho o mong (j.k. ho tloha kerafong ho ya
seratswaneng se hlalosang)
_ Kgetha ditema tse loketseng tlhoko ya hae ya
tlhahisoleseding tse kang dibukantswe,
diensaetlelopedia tsa bana le dibuka tsa dipatlisiso.
Kereiti 4
Sephetho sa ho Ithuta sa 3
(Se tswela pele)
Re tseba sena ha moithuti a:
 bala le ho phethisa ditaelo tse rarahaneng
hanyenyane, a bile a latela ditshupisa tulo a sa
thuswe haholo.
_ Hlalosa/Toloka le ho buisana ka ditema tse
bohuwang tse thata (j.k. mananetafole, ditjhate,
diphousetara, dikerafo, dimmapa) mme a ka fetola
dintlha ho tloha mofuteng o mong ho ya ho o
mong (j.k. ho tloha dintlheng tse lenanetafoleng
ho ya kerafong.)
_ Kgetha ditema tse balwang tse loketseng e bile a
sebedisa bokgoni ho etsa dipatlisiso e le hore a
fumane tlhahisoleseding dibukantsweng, dibukeng
tsa dipatlisiso, dibukakgakollong ho tswa
mehloding ya setjhabeng kapa disebedisweng tsa
eleketeroniki (moo di leng teng).
Mophato o Mahareng
89
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
 kgetha le ho rekota tlhahisoleseding e loketseng
ka tshwanelo;
 utlwisisa ditaelo tse thatanyana le ditshupisatulo
ka boyena.
_ Hlalosa/Toloka le ho sekaseka ka boyena/
boikemelo dintlha tsa botebo ditemeng tsa
dikerafo (dimmapa, dikerafo tse bontshang
tatellano ya diketsahalo, ditjhate) le ho fetola
tlhahisoleseding ho tswa mofuteng o mong ho ya
ho o mong.
_ Kgetha ditema tse loketseng bakeng sa tsa hae le
tsa tlhahisoleseding ho tswa mefuteng e fapaneng
ya mehlodi, e jwalo ka setjhaba sa selehae le
diphatlalatsi tsa eleketeroniki (moo di leng teng).
Kereiti 5 Kereiti 6
HO NGOLA
Moithuti o kgona ho ngola ditema tse
fapaneng tsa dintlha le tsa boiqapelo
bakeng sa merero e mengata e
phatlalletseng.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato o Mahareng
90
Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Ngola mefuta e fapaneng ya ditema bakeng sa dipheo
le bamamedi ba fapaneng ka ho:
 ngola bakeng sa mabaka a fapaneng a kang, ho
hlalosa, ho bapala, boinahanelo le boiqapelo (j.k.
mangolo, diratswana tse hlalosang, dithothokiso tsa
mela e mehlano tse qabolang jj.);
 ngola ditema tsa tlhahisoleseding tse totobatsang
mehopolo ka tsela e hlakileng bakeng sa bamamedi
ba fapaneng (j.k. ditlaleho tse kgutshwanyane,
ditaelo jj.);
 ngola le ho rala ditema tse fapaneng tsa diphatlalatsi
bakeng sa bamamedi ba fapaneng (j.k. diphousetara,
dikhathune, le diboroutjhara tse bonolo);
 fetola tlhahisoleseding ho tloha mofuteng o mong ho
ya ho o mong (j.k. ho fetola tema e ngotsweng ho e
isa mananetafoleng, jj.).
_ Bopa le ho hlophisa mehopolo ka mokgwa wa ho
ngola ka ho:
 kgetha le ho batlisisa dihlooho mme a buisane ka
mehopolo ka ho nama, a sebedisa mmapa ya
tlhalohanyo, ditjhate tse bontshang tatellano ya
diketsahalo le manane;
 hlophisa mehopolo hore e be diratswana a sebedisa
dipolelonolo le dipolelokopane;
Kereiti 4
Sephetho sa ho Ithuta sa 4
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Ngola mefuta e fapaneng ya ditema bakeng sa
dipheo le bamamedi ba fapaneng ka ho:
 ingolla, ho hlalosa, ho bapala, ho inahanela le
ho iqapela (j.k. didayari, dipalekgutshwe tse
qabolang, tse nang le ketsahalo e le nngwe, -
dipale le dithothokiso);
 ngola ditema tsa tlhahisoleseding a hlahisa
dikgopolo ka ho hlaka le ka tatellano e etsang
moelelo bakeng sa bamamedi ba fapaneng (j.k.
ditsebiso le ditlaleho);
 ngola le ho rala ditema tse bohuwang tse
hlahisang tlhahisoleseding e hlakileng ya
boiqapelo (j.k. dipapatso, mmapa o nang le
ditshwantsho le mabitso jj.);
 tlosa tlhahisoleseding sebopehong se seng, a e
isa ho se seng (j.k. tlhahisoleseding e
sebopehong sa lenanetafole, a e isa temeng e
ngotsweng kapa kerafong).
_ Bopa le ho hlophisa mehopolo ka mokgwa wa ho
ngola ka ho:
 batlisisa le ho sekaseka sehlooho, a buisana ka
mehopolo a sebedisa dimmapa tsa tlhalohanyo,
ditjhate tse bontshanng tatellano ya dintlha kapa
ya diketsahalo le manane;
 bopa sehlooho ka ho sebedisa mehlodi e
loketseng, a kgetha tlhahisoleseding e loketseng
mme a hlophisa mehopolo;
Mophato o Mahareng
91
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Ngola mefuta e fapaneng ya ditema bakeng sa
dipheo le bamamedi ba fapaneng ka ho:
 ingolla, ho hlalosa, ho bapala, ho inahanela le
ho iqapela (j.k. dijenale, dithothokiso, ditshomo,
puisano, meqoqokgang);
 ngola ditema tsa tlhahisoleseding a hlahisa
dikgopolo ka ho hlaka le ka tatellano e etsang
moelelo bakeng sa bamamedi ba fapaneng(j.k.
ditlaleho tsa dipatlisiso, lengolo le yang
koranteng, ditaelo tsa setekgeniki);
 ngola le ho rala ditema tse bohuwang tse
hlahisang tlhahisoleseding e hlakileng ya
boiqapelo ka ho sebedisa puo, diphetho tsa
modumo, bonono ba ditshwantsho le moralo
bakeng sa bamamedi ba fapaneng (j.k. CD le
bokantle ba dibuka, dipapatso tsa TV kapa
radio, koranta tse nang le ditshwantsho);
 bontsha kutlwisiso ya setaele le sehalo (j.k. ho
tlosa tlhahisoleseding paleng ho e isa ditabeng
tsa koranta;
 nahana le ho hlahloba ho ngola le bongodi ba
boiqapelo.
_ Bopa le ho hlophisa mehopolo ya bona ka
mokgwa wa ho ngola ka ho:
 buisana ka mehopolo bakeng sa sehlooho mme
a bopa mehopolo ka ho sebedisa mefuta e
fapaneng ya mehlodi, a kgetha tlhahisoleseding
e loketseng, mme a hlophisa mehopolo ka ho
sebedisa dimmapa tsa tlhalohanyo, le dikereiti
jj;
Kereiti 5 Kereiti 6
HO NGOLA
Moithuti o kgona ho ngola ditema tse
fapaneng tsa dintlha le tsa boiqapelo
bakeng sa merero e mengata e
phatlalletseng.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato o Mahareng
92
Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
 hlahisa (ngola) mokgwaritso ka puo le ka matshwao
a loketseng bakeng sa sepheo le bamamedi ba kgethehileng.
 lekola mosebetsi hape a sebedisa temoho ya hae ya
puo e nepahetseng, tlhophiso le setaele, le
ditlalehopoeletso ho tswa ho bomphato ba hae ka
phaposing kapa ho titjhere;
 badisisa moralo wa hae wa ho qetela bakeng sa ho
lekola thutapuo, matshwao a puo, mopeleto, a
sebedisa tlalehopoeletso e tswang metswalleng le ho
titjhere.
 phatlalatsa moralo wa hae wa ho qetela ka ho arolela
bamamedi ba loketseng kapa titjhere.
_ Nehelana ka mosebetsi wa mongolo o makgethe le o
bonahalang le ka sebopeho se nepahetseng se kang,
dihlooho, ho arola ka diratswana, ka ho ngolla ka hara
mola ka nepo (a suthile moleng o qalang ho ya ho o
latelang)
_ Sebedisa tsebo ya puo mehatong e fapaneng.
Kereiti 4
Sephetho sa ho Ithuta sa 4
(Se tswela pele)
Mophato o Mahareng
93
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
 hlahisa mokgwaritso wa ho qala o nang le
mohopolo wa sehlooho, le diratswana tse
tshehetsang tse bopilweng hantle.
 sebedisa polelonolo, polelokopane le
polelomararane ka temoho ya sepheo se
ikgethileng le bamamedi.
 lekola mosebetsi hape a tsepamisitse mehopolo
hodima dikahare, puo e tshwanetseng, le setaele
mme a fane ka tlalehopoeletso ho tswa ho
bomphato ba hae ka phaposing kapa ho titjhere.
 badisisa le ho lokisa mosebetsi wa hae o
phethahetseng.
 fana ka mokgwaritso wa ho qetela a lekodisisa
Tekolo ya mosebebetsi oo.
_ Hlahisa mosebetsi ka mongolo o makgethe le o
bonahalang, a etse hloko tlhahiso (j.k. leqephe la
bokantle, lebitso, dihlooho jj. le ditshwantsho tse
loketseng).
_ Sebedisa tsebo ya puo mehatong e fapaneng.
Re tseba sena ha moithuti a:
 hlahisa mokgwaritso wa ho qala o nang le
mohopolo wa sehlooho, le puo e loketseng le
matshwao a qohollehileng bakeng sa sepheo le
bamamedi.
 lekola mosebetsi hape a tsepamisitse mehopolo
hodima ntlafatso ya puo, tlhophiso le setaele a
sebedisa tlalehopoeletso ho tswa ho bomphato
ba hae ka phaposing.
 hlahisa mokgwaritso e mengata ho ya ka moo a
ka kgonang.
 fana ka tlalehopoeletso ho bomphato wa hae a
etse hloko ho ananela boiteko ba bona.
 hlahisa mosebetsi wa hae o mohatong wa ho
qetela, a sebedisitse tlalehopoeletso e tswang ho
bomphato ba hae le titjhere.
 bontsha le ho hlahloba ka tshehollo mosebetsi
wa hae o mohatong wa ho qetela, a na le
bomphato ba hae le titjhere.
_ Hlahisa mosebetsi a etse hloko makgethe le
tlhahiso e matlafaditsweng (j.k. bokantle, leqephe
la dikahare, moralo, ditshwantsho tse loketseng
jj.).
_ Sebedisa tsebo ya puo mehatong e fapaneng.
Kereiti 5 Kereiti 6
HO NGOLA
Moithuti o kgona ho ngola ditema tse
fapaneng tsa dintlha le tsa boiqapelo
bakeng sa merero e mengata e
phatlalletseng.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato o Mahareng
94
Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Mohatong wa lentswe:
 a kgetha le ho sebedisa mefuta e fapaneng ya
mantswe, a tswang boiphihlelong ba puo,
diketsahalong, dipuong tsa bommaphato ba hae
phaposing le ba bang.
_ Mohatong wa polelo:
 a hodisa dipolelo ka hore a di kenye makgethi,
mahlalosi, dipolelwanakgethi le dipolelwana;
 a fetola ho tloha lekgatheng le leng ho ya ho le leng
ka tsitlallelo le ka tshwanelo.
_ Mohatong wa seratswana:
 a sebedisa sehlooho le dipolelo tse se tshehetsang ho
bopa tlamahano seratswaneng;
 a sebedisa thutapuo e loketseng, mopeleto le
matshwao a puo.
Kereiti 4
Sephetho sa ho Ithuta sa 4
(Se tswela pele)
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Mohatong wa lentswe:
 a kgetha le ho etsa diteko ka mefuta e fapaneng
ya mantswe a tswang mehloding e fapaneng.
 sebedisa bukantswe le bukantswe e
kenyelletsang kamano tsa moelelo tse kang
malatodi le disinonime (mahlalosonngwe).
_ Mohatong wa polelo:
 a hodisa dipolelo ka hore a di kenya
dipolelwana kgethi, polelwanahlalosi le
dipolelwanabitso;
 a kgona ho fetola lekgathe le leng ho ya ho le
leng ka tsitlallelo le tshwanelo;
 a sebedisa puo sebui le puo pehelo ka tshwanelo
le ka bokgoni.
_ Mohatong wa seratswana:
 a ngola polelo ya sehlooho e kenyelletsang
tlhahisoleseding e loketseng ho bopa seratswana
se momahaneng.
 a bontsha ditsela tse fapaneng tsa ho hokela
diratswana.
 sebedisa thutapuo, mopeleto le matshwao a ho
bala a loketseng.
Mophato o Mahareng
95
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Mohatong wa lentswe:
 a kgetha le ho etsa diteko ka mefuta e fapaneng
ya mantswe a tswang tikolohong tsa ho ithuta
tse ding, le tikolohong tseo a nang le thahasello
le boiphihlelo ho tsona, tse fetisang moelelo ka
ho hlaka le ka tshwanelo.
 peleta mantswe a sebediswang kgafetsa ka nepo
mme a lekola mopeleto wa mantswe a matjha.
_ Mohatong wa polelo:
 sebedisa mefuta e fapaneng ya dipolelokopane
le dipolelomararane;
 a hodisa dipolelo ka hore a di kenya makgethi le
mahlalosi le dipolelwanakgethi, hlalosi le
dipolelwanabitso;
 a kgona ho fetola lekgathe le leng ho ya ho le
leng ka tsitlallelo le tshwanelo;
 a sebedisa leetsa le leetswa ka bokgoni;
 Fetofetola tatellano ya mantswe bakeng sa
tsepamiso le kgatello.
_ Mohatong wa seratswana:
 a ngola polelo ya sehlooho e kenyelletsang
tlhahisoleseding e loketseng ho bopa seratswana
se momahaneng;
 a bontsha ditsela tse fapaneng tsa ho hokela
diratswana mme di kenyelletsa bonono ba
ditshwantsho ka tshwanelo ho bopa tema e
felletseng.
Kereiti 5 Kereiti 6
HO NAHANA LE FANA KA MABAKA
Moithuti o kgona ho sebedisa puo ho
nahana, ho fana ka mabaka, ho fumana, ho
hlophisa le ho sebedisa tlhahisoleseding
ho ithuteng.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato o Mahareng
96
Sephetho sa ho Ithuta sa Maemo a Tekolo
Kereiti 4
5
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Sebedisa puo ho nahana le ho fana ka mabaka:
 buisana ka sesosa le sephetho ditemeng tse
ngotsweng, le puo e sebedisitsweng ho di hlahisa
(j.k. ha ....., Yaba...., haebe, ....);
 hlwaya mekgwa e meng ya ho etsa ntho, a bolele
hore hobaneng e ikgetha ho e meng, le hore e
ikgetha jwang;
 akanya meelelo e sa hlaloswang ka ho qaqileng
mme a ka kgona ho hlalosa ka moo moelelo o
fetisitsweng.
_ Sebedisa puo ho batlisisa le ho utulla/hlwedisisa:
 bopa dipotso ka sepheo sa ho fumanaa
tlhahisoleseding e hlokwang;
 lemoha mehlodi e loketseng ya tlhahisoleseding;
 fumana tlhahisoleseding ka ho sebedisa mantswe a
sehlooho kapa dikgopolokutlwisiso;
 kgetha le ho lekodisisa mehlodi e fapaneng bakeng
sa mahlakore a fapaneng hodima sehlooho.
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Sebedisa puo ho nahana le ho fana ka mabaka ka
ho:
 hlwaya sesosa le sephetho ditemeng tsa molomo
le tse ngotsweng, a hlalose le kamano ya tsona;
 etsa ditekanyetso tse thehilweng hodima
tlhahisoleseding e tsejwang;
 kgetholla pakeng tsa melemo le bobe ba ntho e
itseng, mme a hlalose le mabaka;
 botsa le ho bopa mahlakore/dikgopolo tse
fapaneng hodima dihlooho tse tlwaelehileng;
 buisana ka kgahlamelo ya maemo a tema
hodima tlhahisoleseding.
_ Sebedisa puo ho batlisisa le ho utulla/hlwedisisa
ka ho:
 bopa dipotso tse loketseng ho tataisa
dipatlisisong tsa tlhahisoleseding;
 sebedisa dipotso tse botswang ka sepheo se
itseng, ho bokella tlhahisoleseding;
 botsa dipotsa ka tsela e nngwe ho fumana
tlhahisoleseding e loketseng;
 buisana ka moo dipotso tse botswang ka sepheo
se itseng, di sebediswang ho fumana
tlhahisoleseding;
 batla tlhahisoleseding ho tswa mehloding e
loketseng.
Mophato o Mahareng
97
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Sebedisa puo ho nahana le ho fana ka mabaka ka
ho:
 kgetholla sesosa le sephetho maemong a
fapaneng ka hara dikharikhulamo yohle
(maemong a fumanwang kharikhulamong tse
ngata);
 hlahisa maikutlo a bile a a tshehetsa ka bopaki
bo utlwahalang;
 etsa ngangisano e lekalekanang ka dintlha tse
loketseng, tse phephetsang;
 bapisa dikgopolo tse thulanang/tse sa
dumellaneng mme a fane ka mabaka;
 botsisisa ka bonnete le sephetho sa maemo le
boemo ba bangodi.
_ Sebedisa puo ho batlisisa le ho utulla/hlwedisisa
ka ho:
 bopa dipotso tse hlokolosi tse phephetsang, tse
batlang ditlhaloso tse ding;
 botsa dipotso tse salang taba morao ho fumana
dikarabo tse tebileng;
 buisana ka bonnete ba tlhahisoleseding ka ho e
bapisa le mehlodi e meng;
 bapisa ka moo dipuo tse fapaneng di hlahisang
dikgopolokutlwisiso tsa Ditikoloho tsa ho Ithuta
tse fapaneng.
Kereiti 5 Kereiti 6
HO NAHANA LE FANA KA MABAKA
Moithuti o kgona ho sebedisa puo ho
nahana, ho fana ka mabaka, ho fumana, ho
hlophisa le ho sebedisa tlhahisoleseding
ho ithuteng.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato o Mahareng
98
Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Hlophisa tlhahisoleseding ka ho:
 buisana le ho bapisa tlhahisoleseding e tswang
mehloding e fapaneng;
 kgetha mehopolo e loketseng;
 hlwaya mehlala ho tswa ditlhalosong;
 beha tlhahisoleseding ka tatellano e nepahetseng;
 kgutsufatsa tlhahisoleseding ka tsela tse fapaneng
(j.k. didayakeramo, diratswana, mmapa ya
tlhalohanyo, mananetafole);
 etsa dikahlolo tse itshetlehileng hodima
tlhahisoleseding e bile a etsa diqeto.
_ Sebedisa puo ho nahana ka boiqapelo ka ho:
 akanya hore ho tla latela eng kapa hore ntho e
nngwe e tla fella jwang, a tshetlehile dikakanyo tsa
hae hodima bopaki bo bokeleditsweng.
 ntshetsa pele kgonahalo tse fapaneng kapa dibaka
tsa moo ketsahalo e etsahallang maemong ao ho
fanweng ka ona.
 fumana ditsela tse ngata tsa ho hlahisa mehopolo ka
ho sebedisa bukantswe ya malatodi le disinonime, a
buisana ka diphapano tse hlokolosi tsa moelelo.
Kereiti 4
Sephetho sa ho Ithuta sa 5
(Se tswela pele)
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Hlophisa tlhahisoleseding ka ho:
 bokella le ho hlophisa ka mekga mehopolo e
loketseng, a hlalosa mabaka a tshehetsang
tlhophiso ya mekga;
 kgetholla tlhahisoleseding e akaretsang ho e
qohollehileng;
 hlophisa tlhahisoleseding ka tlasa dihlooho tse
fapaneng;
 hlophisa lethathama la mehato kapa diketsahalo
a nto hlalosa tatelano;
 hlophisa tlhahisoleseding ka diratswana,
mananetafole, lenane le bontshang tatellano ya
nako diketsahalong, ditjhate kapa tema e nngwe
le e nngwe e loketseng e hlahiswang ka kerafo;
 hlahloba le ho etsa diqeto mme a hlalosa
motheo wa tsona.
_ Sebedisa puo ho nahana ka boiqapelo ka ho:
 akanya kamoo sephetho se ka bang kateng kapa
qetello ya ketsahalo e nang le mehato;
 lepa se ka etsahalang maemong a boinahanelo/a
inahanelwang;
 nahana ka diketsahalo le dithuto tse fetileng,
bakeng sa ho di sebedisa kamoso;
 etsa diteko ka diphetho tsa puo tsa ntho tse
bohuwang le modumo;
 batlisisa kamano ya mantswe le
dikgopolokutlwisiso ho fumana mahlakore a
mang a dihlooho.
Mophato o Mahareng
99
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Hlophisa tlhahisoleseding ka ho:
 hlophisa tlhahisoleseding ka mekga le dihlopha,
ebile a ka hlalosa hore tshebetso tseno tse nang
le dikgato di fupereng eng, a fana ka mehlala ho
tswa tikolohong tsa ho ithuta tse fapaneng;
 bapisa le ho thulanya tlhahisoleseding le
mehopolo mme a bontsha motheo wa papiso ya
hae;
 kopanya mehopolo e tswang mehloding e
fapaneng, a etsa bonngwe bo momahaneng;
 etsa diqeto le dikgothalletso;
 tlosa tlhahisoleseding puong e nngwe, a e isa ho
e nngwe;
 fetola sebopeho sa tlhahisoleseding (j.k. ho
tloha lenanetafoleng ho ya sebopeng se
ngotsweng, ho tloha lenanetafoleng ho ya
dikerafong jj.)
_ Sebedisa puo ho nahana ka boiqapelo ka ho:
 hlalosa seo a se bonang kelellong ya hae ka
mora hoba a bale kapa a mamele tema.
 qapa le ho hlalosa diphetho tse labalabelwang
kapa diqetello.
 akanya hape a fana ka mekgwa e meng ha a
leka ho rarolla bothata.
 etsa diteko ka puo, ka ditsela tse fapaneng, tse
kang ho bopa mantswe a matjha dipuong tse
fapaneng bakeng sa dikgopolokutlwisiso.
Kereiti 5 Kereiti 6
SEBOPEHO SA THUTAPUO LE
TSHEBEDISO
Moithuti o kgona ho sebedisa medumo,
mantswe, le thutapuo ho toloka/hlalosa
ditema/ dingolwa.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato o Mahareng
100
Sephetho sa ho Ithuta sa Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Sebetsa ka mantswe a:
 sebedisa dihlongwapele, dikutu le dihlongwanthao/
dikatoloso ho bopa mantswe.
 batlisisa qaleho ya mantswe (j.k. mantswe a
adimilweng Aforekanseng le Senyesemaneng).
 rekota/ngola mantswe bukantsweng ya hae, eo a
iketseditseng yona.
 sebedisa melao ya medumo le mopeleto ho peleta
mantswe ka nepo.
 sheba mopeleto bukantsweng.
_ Sebetsa ka dipolelo a:
 hlwaya moetsi le ketso polelong.
 sebedisa makopanyi ho bopa dipolelokopane (j.k. o
binne hamonate kahoo o fumane kgau)
 sebedisa lehoketsi/lehokaetsi/lehokamoetsi le
lekokaetsuwa/lehokamoetsuwa.
 sebedisa mefuta e fapaneng ya dipolelo ka nepo le
ka tshwanelo (dipehelo, dipotso, ditaelo, makalo)
 hlwaya le ho sebedisa mabitso, maemedi, maetsi,
mahlalosi, makgethi, mahokedi.
 sebedisa makgathe ka nepo.
 sebedisa puo sebui le puo pehelo.
 sebedisa matshwao a puo ka nepo (matshwao a
ditsejana bakeng sa puo sebui, sehonyetsi bakeng sa
ho bontsha modumo o siilweng, (j.k. 'me bakeng sa
mme).
Kereiti 4
6
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Sebetsa ka mantswe a:
 sebedisa dihlongwapele, dikutu le
dihlongwanthao/dikatoloso ho bopa mantswe.
 batlisisa qaleho ya mantswe (j.k. mantswe a
adimilweng Aforekanseng le Senyesemaneng)
 rekota/ngola mantswe bukantsweng ya hae, eo a
iketseditseng yona.
 sebedisa melao ya medumo le mopeleto ho
peleta mantswe ka nepo.
_ Sebetsa ka dipolelo a:
 hlwaya moetsi le ketso polelong.
 sebedisa lehokamoetsi le lehokamoetsuwa
polelong e se nang moetsi le moetsuwa (empa a
utlwisisa maemo ao).
 hlwaya le ho sebedisa mabitso, maemedi,
mahokedi, mabadi, le makopanyi.
 sebedisa puo sebui le puo pehelo.
 sebedisa makgathe ka nepo.
 sebedisa matshwao a puo ka nepo (a
momahanya tshebediso ya matshwao ao a seng
a ithutile ona ho fihlela mona).
Mophato o Mahareng
101
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Sebetsa ka mantswe a:
 sebedisa dihlongwapele, dikutu le
dihlongwanthao/dikatoloso ho bopa mantswe.
 batlisisa qaleho ya mantswe (j.k. mantswe a
adimilweng Aforekanseng le Senyesemaneng).
 rekota/ngola mantswe bukantsweng ya hae, eo a
iketseditseng yona.
 sebedisa melao ya medumo le mopeleto ho
peleta mantswe ka nepo.
_ Sebetsa ka dipolelo a:
 sebedisa lehokamoetsi le lehokamoetsuwa
polelong e se nang moetsi le moetsuwa (empa a
utlwisisa maemo ao).
 hlwaya le ho sebedisa mabitso, maemedi,
mahokedi, mabadi, maetsi a bontshang ketso le
makopanyi.
 sebedisa makgathe ka nepo.
 hlwaya le ho sebedisa dipolelo mararane tse
nang le dipolelwanakutu le mefuta e meng ya
dipolelwana, dipolelwana di kopantswe ka
makopanyi j.k. mme o tla fihla ha letsatsi le
dikela
 sebedisa matshwao a puo - feelwane bakeng sa
ho arola polelwana ho polelwanakutu.
 sebedisa leetswa ka sepheo sa ho tsepamisa
maikutlo ho moetsuwa j.k. Kgauta e rashwa
Aforika Borwa.
Kereiti 5 Kereiti 6
SEBOPEHO SA THUTAPUO LE
TSHEBEDISO
Moithuti o kgona ho sebedisa medumo,
mantswe, le thutapuo ho toloka/hlalosa
ditema/dingolwa.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato o Mahareng
102
Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Sebetsa ka ditema a:
 sebedisa dipolelo tsa sehlooho le tse tshehetsang, ho
bopa seratswana se momahaneng;
 hokela dipolelo seratswaneng se tlamahaneng a
sebedisa mantswe a kang, hape, qetellong, le
maemedi.
_ Ntshetsa pele temoho mme a sebedisa setaele ka ho:
 sebedisa maele le dikapolelo ka tshwanelo.
 sebedisa boemo bo loketseng ba sehalo.
 utlwisisa le ho sebedisa mekgabisopuo e kang papiso
(j.k. o motle ba tshomong).
_ Bopa temoho e hlokolosi ya puo j.k. ho batlisisa tsela
tse fapaneng tsa ho kopa motho ho etsa se itseng (a
sebedisa, tlameha, o ka, jj.) a lekola hore mantswe ana
a amana jwang le mmui le mmuiswa, sephetho sa ona
ke sefe le hore ebe na a ka phephetswa.
Kereiti 4
Sephetho sa ho Ithuta sa 6
(Se tswela pele)
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Sebetsa ka ditema a:
 sebedisa dipolelo tsa sehlooho le tse
tshehetsang, ho bopa seratswana se
momahaneng.
 hokela dipolelo seratswaneng se tlamahaneng a
sebedisa mantswe a kang, hape, qetellong, le
maemedi.
 tloha lekgatheng le leng, a ya ho le leng ka ho
se fapohe le ka tshwanelo.
_ Ntshetsa pele temoho le tshebediso ya setaele ka
ho:
 sebedisa maele le dikapolelo ka tshwanelo.
 sebedisa puo e loketseng bakeng sa bamamedi,
sepheo le maemo.
 utlwisisa le ho sebedisa mekgabisopuo e kang
mothofatso (j.k. lehodimo le llela hodima
lefatshe)
_ Bopa temoho e hlokolosi ya puo: j.k. ho batlisisa
puo le ditshwantsho tse sebediswang ho bopa
mehopolo e lehlakore le leng, e sa fetoheng, (e
kang motho o kentswe diokgetlelapa, e
kgethollang ka mmala kapa ka bong.
Mophato o Mahareng
103
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Sebetsa ka ditema a:
 sebedisa dipolelo tsa sehlooho le tse
tshehetsang, ho bopa seratswana se
momahaneng.
 hokela dipolelo seratswaneng se tlamahaneng a
sebedisa mantswe a kang, hape, qetellong, le
mahlalosonngwe le malatodi.
 tloha lekgatheng le leng, a ya ho le leng ka ho
se fapohe le ka tshwanelo.
_ Ntshetsa pele temoho le tshebediso ya setaele ka
ho:
 sebedisa maele le dikapolelo ka tshwanelo.
 hlalosa ka moo puo e fetohang ka teng ho latela
bamamedi, sepheo le maemo.
 utlwisisa le ho sebedisa mekgabisopuo e kang
serehello (j.k. Ngwana enwa ke ledimo la
nnete).
_ Bopa temoho e hlokolosi ya puo: j.k. ho batlisisa
kamoo puo e sebedisitsweng ho bapatsa e leng
hore e re kgothalletse ho reka dintho tseo re sa di
hlokeng mme ka tsela e jwalo tikoloho e behwa
kotsing.
Kereiti 5 Kereiti 6
KGAOLO YA 4
MOPHATO O PHAHAMENG
(KEREITI YA 7-9)
SELELEKELA
Mophatong ona baithuti ba matlafatsa le ho momahanya seo ba ithutileng sona dihlopheng tse tlase jwale ba
itokisetsa ho tobana le thuto e phahameng le lefatshe la mosebetsi. Ba itokisetsa ho ba banka-karolo setjhabeng
se lokolohileng/se nang le demokerasi, ho ba le saebo dintlheng tsa phedisano le boahisane tse jwaloka
HIV/AIDS, mme ba be le seabo ka ditsela tse ahang. Ba lokela ho sebedisa puo bakeng sa mabaka a botho ba
bona, ho phela setjhabeng; le mererong ya thuto e hlophisitsweng.
Ka tshebediso ya puo, baithuti ba lokela ho tseba:
_ Seo ba ka se etsang bakeng sa mesebetsi; le menyetla ya ho ntshetsa thuto pele;
_ Ditokelo le boikarabello ba bona jwalo ka baahi naheng ya demokerasi, le setjhabeng se nang le botjhaba bo
fapaneng.
Tsepamiso ya maikutlo
Mophatong ona ho tsepamisitswe maikutlo hodima matlafatso kapa momahano, le kgodiso ya puo le tsebo ya
ho bala le ho ngola. Qetellong ya sehlopha sa 9, baithuti ba lokela ho:
_ Kgona ho ngola le ho bala bakeng sa merero e fapaneng; e phatlalletseng jwalo ka maemong a
hlophisitsweng le a sa hlophiswang; le bakeng sa tshebediso setjhabeng le ho motho ka mong.
_ Ba babadi ba nang le thahasello, ba kgonang ho tenyetsehella ka hohle, ba ka kgonang ho fumana le ho
hlahloba tlhahisoleseding ka bobona.
_ Ba bamamedi ba mafolofolo, ba sekasekang ka botebo; le dibui tsa puo tse nang le boitshepo mme ba be
sedi maikutlong a bamamedi ba bona.
_ Kgona ho hlopholla puo; ba utlwisise kamoo e sebetsang kateng; ba be ba kgone ho e sebedisa mererong ya
bona.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato o Phahameng
104
DIPHETHO TSA HO ITHUTA
Sephetho sa ho Ithuta sa 1: Ho Mamela
Moithuti o kgona ho mamela bakeng sa ho fumana tlhahisoleseding, boithabiso le ho arabela ka
tshwanelo le ka tshekatsheko e tebileng maemong a fapaneng.
Baithuti ba tla mamela ka mafolofolo, ka boitemoho le ka tshekatsheko e tebileng, ditemeng tse phatlalletseng
tsa molomo mme ba kgutsufatse, ba ngole/rekote ba be ba di arabele.
Sephetho sa ho Ithuta sa 2: Ho Bua
Moithuti o kgona ho buisana ka boitshepo le ka katleho ka puo e buuwang maemong a fapaneng.
Baithuti ba tla bua ka boitshepo setjhabeng mme ba buisane/hokahane ka tshwanelo le ka katleho le ba bang.
Sena se bohlokwa bakeng sa tikoloho ya mosebetsi le thuto e ntshetswang pele.
Sephetho sa ho Ithuta sa 3: Ho Bala le ho Boha
Moithuti o kgona ho bala le ho boha, ho fumana tlhahisoleseding le boithabiso hape a arabele ka
bohlokolosi ho bokgabane ba botjhaba le ba maikutlo ditemeng.
Ho bala ke motheo wa ho ngola le mokgwa o ka sebediswang bakeng sa ha ho ithuta ha ka nako tsohle.
Baithuti ba bale ditema tse ngata ho kenyeletsa ditema tsa Afrika Borwa le tsa matjhabeng tsa boiqapelo le tseo
e seng tsa boiqapelo. Hona ho tla tshehetsa ntshetsopele ya puo ya baithuti, tsebokakaretso, le ho intshetsa pele
ha baithuti.
Sephetho sa ho Ithuta sa 4: Ho Ngola
Moithuti o kgona ho ngola ditema tse fapaneng, tsa dintlha le tsa boiqapelo bakeng sa merero e meng e
phatlalletseng.
Ho ngola ke mokgwa o mong wa ho itemoha le ho ithuta hape ke tsela ya ho buisana/ho hokahana. Hangata ke
tsela kapa mokgwa oo baithuti ba hlahlojwang ka wona, ka lebaka leo, ho ngola ho bohlokwa bakeng sa thuto e
ntshetswang pele le mosebetsi.
Sephetho sa ho Ithuta sa 5: Ho Nahana le ho Fana ka Mabaka
Moithuti o kgona ho sebedisa puo bakeng sa ho nahana, ho fana ka mabaka, ho fumana, ho hlophisa le
ho sebedisa tlhahisoleseding le ho ithuteng.
Bokgoni bo hodisitsweng/ntsheditsweng pele haholo ba ho nahana le phadimeho ho tlhahisoleseding, ke
monyako wa ho ithuta ka nako tsohle le ho fihlella Diphetho tsa Bohlokwa le tsa Ntshetsopele.
Mophato o Phahameng
105
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Sephetho sa ho Ithuta sa 6: Sebopeho sa Thutapuo le Tshebediso
Moithuti o kgona ho sebedisa medumo, mantswe le thutapuo ho bopa le ho toloka ditema.
Baithuti ba tla utulla mokgwa oo puo e sebetsang ka wona, ba nto hlahisa puo e kopanetsweng ya ho bua, hore
ba tle ba kgone ho hlahloba ditema tsa bona le tse ding ka tshekatsheko e hlokolosi ho latela moelelo, katleho
le nepahalo. Ba tla kgona hape le ho sebedisa tsebo ena ho etsa boitekelo ka puo bakeng sa ho bopa moelelo
(ho tloha boemong ba lentswe le polelo ho ya ho tema kaofela) hore ba bone mokgwa oo tema le maemo a
diketsahalo tsa yona di nyalanang kateng. Ba tla ela hloko mokgwa oo puo e fetohang ka wona ha nako e ntse e
tsamaya le pakeng tsa ditso, le hore e fetoha jwang maemong a fapaneng.
MAEMO A TEKOLO LE DITEMA
Dikarolong tse latelang, Maemo a Tekolo a sephetho ka seng ho tla nehelanwa ka wona sehlopheng/kereiting
kang. Mehlala ya ditema tse ka sebediswang bakeng sa ho ithuta puo ka tsela e hokahantsweng ho fanwe ka
yona. Mehlala ena ha se yona feela, o ka eketsa ho ena ka ho kgetha ditema tse ding tse loketseng ebile di
fumaneha.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato o Phahameng
106
Baithuti ba dihlopheng/dikereiting tsa 7, 8 le 9 ba lokela ho bala le ho boha mefuta e phatlaletseng ya ditema
tsa Aforika Borwa le tsa matjhabeng ka bobedi, ho kenyeletswa le dibuka tse balwang tseo bana ba di
balletsweng.
Kereiti ya 7
Ditema tse kgothaleditsweng
_ Dipalekgutshwe
_ Pale ya bophelo ba motho eo a ingoletseng yona le pale ya bophelo ba motho e ngotsweng ke motho e mong
_ Padi tse kgutshwanyane
_ Dithothokiso
_ Ditshwantshiso tsa ketsahalo e le nngwe le tse pedi
_ Ditshomo
_ Dimite le dilegente
_ Ditema tse kgutshwanyane tse kgethilweng tse jwalo ka tsa dimakasine, dikoranta, dipapatso le diposetara
_ Dipuisano tsa radio
Kereiti ya 8
Ditema tse kgothaleditsweng
_ Dipalekgutshwe
_ Padi/pale
_ Dithothokiso
_ Tshwantshiso
_ Ditshomo (moo ho hlokahalang)
_ Thuto ya difilimi
_ Ditema tse kgutshwanyane tse kgethilweng tse jwalo ka tsa dimakasine, dikoranta, dipapatso le diposetara,
boroutjhara, puo), dipuisano tsa radio, dipontsho tsa thelevisheneng, le divideo tsa mmino
Mophato o Phahameng
107
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Kereiti ya 9
Ditema tse kgothaleditsweng
_ Dipalekgutshwe
_ Padi/pale e bolelele bo feletseng
_ Dithothokiso
_ Tshwantshiso ya diketsahalo tse tharo ho ya ho tse hlano
_ Ditshomo (moo ho hlokahalang)
_ Thuto ya difilimi
_ Ditema tse kgutshwanyane tse kgethilweng tse jwaloka tsa dimakasine, dikoranta, dipapatso, puo ya
hlahisoleseding, puo, ditshwantshiso tsa radio, ditshwantshiso tsa thelevisheneng, mananeo a ikgethang a
itshetlehileng hodima dintlha tsa nnete le divideo tsa mmino
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato o Phahameng
108
DIKAHARE TSA DITEMA
Ho tswa mefuteng e mengata ya ditema tse akareditsweng, moithuti o lokela ho ba le boitemohelo ba:
_ Tikoloho e anafetseng le e nepahetseng ya phedisano le nalane, e hodisang kutlwisiso ya lefa la puo.
_ Meralo e rarahaneng le e tshehetsang e meng.
_ Mefuta e fapaneng ya mokotaba, e phepetsang, e tsosolosang; le e hodisang kutlwisiso e hlokokolosi ya
makgabane.
_ Baphetwa ba matla maemong a dikamano tse hodisitsweng hantle
_ Maikutlo a loketseng le a mefutafuta, sehalo le tshebediso ya puo
_ Mekgwa e fapaneng ya ho ngola (ditaele) e nang le dibopeho tse fapaneng tsa dipolelo.
_ Tlotlontswe e phepetsang le tshebediso e nepahetseng ya maele.
_ Mefuta e fapaneng ya mekgabisopuo le maele.
_ Mefuta e fapaneng ya dibopeho tsa thothokiso, thothokisong tse kgethilweng
_ Ditema tse bohuwang (ho kenyelleditswe le difilimi), tse bontshang dintlha tse kang tshebediso ya mmala o
motsho le o mosweu; ho bonahale bohlokwa ba ka moo filimi e bopehileng; kganya e sebediswang;
motswako wa mmala o pepeswang ditshwantshong; tse itshohlometsang, (tse kenang di potlakile)
haholoholo filiming le tsela eo e kwalwang, ka yona.
_ Ditema tse sebedisang ditshwantsho le mongolo (le mekgwa e meng ya ho buisana) meralong ya tsona.
_ Ditema tse kgontshang baithuti ho utulla ditso le ho phatlalatsa melaetsa e tlwaelehileng.
_ Tshebediso e fapaneng ya puo le dintlha:
 Mokgwa oo puo e bopang moelelo ka wona - mongodi o nka ntlhakemo mme a behe babadi boemong ba
ho bopa moelelo ka tsela e itseng.
 Mokgwa oo babadi ba ipopelang moelelo ho tswa dingolweng, kamoo ba tlisang boiphihlelo/boitemohelo
ba bona le makgabane dingolweng.
 Ditsela tsa ho ntsha maikutlo ka dingolwa ka tshebediso ya kutlwisiso e hlokolosi ya ho bopa le ho
tolokwa ha dingolwa (j.k. ho hana mokgwa o bontshang melaetsa ya bosebedisi, bong le kgethollo ya
mmala).
 Mefuta ya puo: mefuta e tsamaelanang le tikoloho, puo e sebediswang ke batho ba dilemo tse itseng, le ho
tshwaetsana ha puo.
Mophato o Phahameng
109
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
HO MAMELA
Moithuti o kgona ho mamela ho fumana
tlhahisoleseding, boithabiso le ho arabela
ka tshwanelo le ka tshekatsheko e tebileng
maemong a fapaneng.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato o Phahameng
110
Sephetho sa ho Ithuta sa Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Mamela le ho ananela (natefelwa) ditema tse hlahisang
maikutlo; tsa boiqapelo le tse phetang pale (j.k pina e
phetang pale, palekgutshwe, ditshomo).
_ Mamela ka mafolofolo le ka hloko bakeng sa ho
fumana tlhahisoleseding e itseng le melaetsa ya
sehlooho; mme a be a arabele ka tshwanelo j.k:
 ho ngola ntlhanyana tse itseng tsa bohlokwa; ho
kgutsufatsa; le ho fetisa ditaba ka tshwanelo.
 nahanisisa ka mehopolo; a botsa dipotso tse tebileng
le mehopolo e phephetsang moo ho hlokehang.
_ Elellwa ka moo ditema tse tlwaelehileng tse buuwang
di hlophisitsweng, mme a hlalosa matshwao a itseng a
bohlokwa j.k (tsa bolepi, tshupiso ya tsela, metlae, le
dipina). Sena se tla kenyeletsa kelohloko ya
disebediswa tse sebedisitsweng ho hlahisa
keketeho/tshehiso tse jwaloka ho sebedisa kgefutso le
mela e bonojana e bontshang sefuthu le ho hlwaya
tshebediso ya ditlamorao tsa modumo ho dingolwa tse
fapaneng tse ka mamelwang le ho bonwa.
Kereiti 7
1
Re tsena ha moithuti a:
_ Mamela le ho ananela (natefelwa) ditema tse
buuwang tse phephetsang; tsa boiqapelo le tse
behanang leseding (j.k. dithothokiso, dithothokiso
tsa ho phafa, dipale tse nang di dikgaolo tse ka
bang pedi kapa tse tharo, tshwantshiso ya
seyalemoya, puo e kgutshwanyane, papatso ya
seyalemoya le dikganyetsano).
_ Mamela ka mafolofolo le ka hloko bakeng sa ho
fumana tlhahisoleseding e itseng le melaetsa ya
sehlooho; mme a be a arabele ka tshwanelo j.k:
 ho ngola ntlhanyana tse itseng tsa bohlokwa; ho
kgutsufatsa; le ho etsa diqeto
 nahanisisa ka mehopolo; a botsa dipotso tse
fuputsang le mehopolo e phepetsang moo ho
hlokehang.
_ Utlwisisa ka moo ditema tse tlwaelehileng tse
buuwang di hlophisitsweng ka teng, mme a
hlalosa matshwao a itseng a bohlokwa j.k.
(dipalekgutshwe, dithothokiso tsa ho phafa le puo
e kgutshwanyane). Sena se tla kenyeletsa
kelohloko ya disebediswa tse sebedisitsweng ho
hlahisa keketeho/tshehiso tse jwaloka ho sebedisa
mela e bonojana e bontshang sefuthu, phoqo le
phetheletso le ho hlwaya, ho elellwa le ho
sekaseka tshebediso ya ditlamorao tsa modumo ho
dingolwa tse fapaneng tse ka mamelwang le ho
bonwa.
Mophato o Phahameng
111
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Mamela le ho ananela (natefelwa) ditema tse
buuwang tse fapaneng tsa boiqapelo le tse
behanang leseding tsa boemo bo rarahaneng (j.k.
tshwantshiso ya seyalemoya, pontsho tsa puo,
mananeo a ikgethang a itshetlehileng hodima
dintlha tsa nnete dithothokiso, tse jwalo ka
dithothokiso tse tshwantshiswang le ho lekolwa
hape ha dibuka).
_ Mamela ka mafolofolo le ka hloko bakeng sa ho
fumana tlhahisoleseding e itseng le melaetsa ya
sehlooho; mme a be a arabele ka tshwanelo j.k.
 ho etsa diqeto;
 nahanisisa ka tlhahisoleseding le mehopolo; a
botsa dipotso tse fuputsang le mehopolo e
phepetsang moo ho hlokehang.
_ Sekaseka le ho bapisa ka moo ditema tse fapaneng
le tse buuwang di hlophisitsweng ka teng, le
matshwao a itseng a bohlokwa a tema ka nngwe
j.k. (dipalekgutshwe, pina e phetang pale, puo e
kgutshwanyane, pontsho tsa puo, tshwantshiso ya
seyalemoya, kgaso ya ditaba, le dikganyetsano).
Sena se tla kenyeletsa kelohloko ya disebediswa
tse sebedisitsweng ho hlahisa keketeho/tshehiso
tse jwaloka ho sebedisa mantswe a tshwanang a
nang le meelelo e fapaneng bakeng sa ho qabola,
phoqo le polelo e seng maemong a lekanang le se
buuwang, ho sekaseka le ho bapisa ditlamorao tsa
modumo ho dingolwa tse fapaneng tse ka
mamelwang le ho bonwa.
Kereiti 8 Kereiti 9
HO MAMELA
Moithuti o kgona ho mamela ho fumana
tlhahisoleseding, boithabiso le ho arabela
ka tshwanelo le ka tshekatsheko e tebileng
maemong a fapaneng.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato o Phahameng
112
Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Hlwaya le ho toloka ka nepo tshebediso ya mawa a ho
bua o sa sebedise puo (j.k. tshebediso ya sefahleho ho
bontsha seo o ratang ho se bua, ketsiso le bophahamo
ba lentswe).
_ Hlwaya mantswe a itseng, dipolelwana le dipolelo tse
susumetsang bamamedi le ho hlalosa ditlamorao tsa
tshutshumetso eo (j.k. puo e bontshang maikutlo, ho
bontsha phapang pakeng tsa dintlha le maikutlo, ho
elellwa tshekamelo e itseng le leeme).
_ Elellwa le ho amohela mefuta e fapaneng ya puo e
jwaloka mokgwa o fapaneng wa ho qapodisa, puo ya
tikoloho e itseng le puo ya batho ba dilemong tse
itseng.
_ Hlwaya maemo a bokgabane, boahisane le setso a
dingolwa tse kgethilweng.
Kereiti 7
Sephetho sa ho Ithuta sa 1
(Se tswela pele)
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Hlwaya le ho buisana ka tshebediso ya mawa a ho
bua o sa sebedise puo (j.k. ho shebana ka mahlo,
tshebediso ya ditho tsa mmele ho fetisa molaetsa,
sehalo sa lentswe, le kgefutso).
_ Hlwaya mabaka a kgetho ya sebui ya mantswe a
itseng, dipolelwana le dipolelo ho susumetsa
bamamedi le ho hlalosa ditlamorao tsa
tshutshumetso eo (j.k. puo e susumetsang, ho
bontsha, phapang pakeng tsa dintlha le maikutlo,
ho hlwaya ntlhakemo ya sebui le ho elellwa
tshekamelo e itseng le leeme).
_ Elellwa le ho amohela mefuta e phatlaletseng e
mengata ebile e fapane ya puo e jwalo ka mokgwa
wa ho qapodisa, puo ya tikoloho e itseng le ho
buisana ka puo ya batho ba dilemong tse itseng.
_ Hlwaya maemo a bokgabane, boahisane le setso a
dingolwa tse fapaneng.
Mophato o Phahameng
113
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Hlwaya le ho buisana ka tshusumetso ya mawa a
ho bua o sa sebedise puo (j.k ho shebana ka
mahlo), tshebediso ya ditho tsa mmele ho etsa
puo, tshebediso ya sebaka, sehalo sa lentswe, le
motsamao wa puo (speech tempo).
_ Buisana ka mabaka a kgetho ya sebui ya mantswe
a itseng, dipolelwana, dipolelo le tshusumetso e
nang le setaele se itseng ho susumetsa bamamedi
le ho hlalosa ditlamorao tsa tshutshumetso eo (j.k.
tshebediso ya ka boomo ya mantswe a
phelekanyetsanang, ho bontsha phapang pakeng
tsa dintlha le maikutlo, ho hlwaya ntlhakemo ya
sebui, ho elellwa le ho buisana ka tshekamelo e
itseng, leeme le dintlha tse hlokang motheo o
tsitsitseng wa nnete.
_ Elellwa le ho amohela mefuta e phatlaletseng e
mengata e bile e fapane ya puo e jwalo ka
mokgwa wa ho qapodisa le puo ya tikoloho e
itseng le ho shebana le nepahalo ya puo ya batho
ba dilemong tse itseng.
_ Hlwaya le ho buisana ka maemo a bokgabane,
boahisane le setso a dingolwa tse mofuta.
Kereiti 8 Kereiti 9
HO BUA
Moithuti o kgona ho buisana ka boitshepo
le nepahalo ka puo e buuwang maemong a
fapaneng.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato o Phahameng
114
Sephetho sa ho Ithuta sa Maemo a Tekolo
Re tsena sena ha moithuti a:
_ Buisana ka mehopolo le maikutlo ka ho di bolela ka
boitshepi le ka thuso e itseng, a sebedisa mefuta e
kgethilweng ya dingolwa tse buuwang (j.k.dipale, metlae
le ditshwantshiso).
_ Buisana ka mehopolo, dintlha le maikutlo ka ho hlaka,
le ka ho nepahala ho itseng le ho tshwarahana ha
ditaba ho itseng a sebedisa mefuta e mmalwana ya
ditema/ dingolwa tse buuwang tsa dintlha tseo e leng
tsa nnete (j.k. ditherisano le diphehisano tse
kgutshwanyane).
_ Bontsha bokgoni ba motheo ho mefuta e kgethilweng
ya dingolwa tse buuwang a:
 bontsha hlahlamano e nepahetseng ya ditaelo tsa
molomo le ditlhaloso.
 ntsha diphehisano/dikganyetsano tse nang le
moelelo.
 ntshetsa pele teko ka dipotso tse hlophisitsweng le
baithuti mmoho le yena a sebedisa dipotso tse
bonojana,a mamela a bile a ngola dintlhanyana tsa
bohlokwa fatshe ka hloko.
Kereiti 7
2
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Buisana ka mehopolo le maikutlo ka boiqapelo le
ho bolela ka boitshepi bo boholo le ka thuso e
fokoditsweng, a sebedisa mefuta e kgethilweng ya
dingolwa tse buuwang (j.k. ditshwantshiso,
bonketsisane le dipina).
_ Buisana ka mehopolo, dintlha le maikutlo ka ho
hlaka, ho nepahala le ho tshwarahana ha ditaba ho
phahameng dihloohong tse qholotsang maikutlo a
sebedisa mefuta ya ditema/dingolwa tse buuwang
tsa dintlha tseo e leng tsa nnete (j.k. ditherisano le
dikganyetsano).
_ Bontsha bokgoni ba motheo ho mefuta e
phatlaletseng ya dingolwa tse buuwang a:
 bontsha hlahlamano e nepahetseng ya ditaelo tse
rarahaneng tsa molomo le ditlhaloso.
 hlalosa hore teko ya se itseng e etswa jwang
 ntshetsa pele teko ka dipotso tse hlophisitsweng
le maloko a setjhaba a sebedisa mawa a motheo
a ho botsana dipotso tse hlophisitsweng.
Mophato o Phahameng
115
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Buisana ka mehopolo le maikutlo ka boiqapelo le
ho bolela ka boitshepi le boipuso, a sebedisa
mefuta e phatlaletseng ya dingolwa tse buuwang
(j.k. ditshwantshiso le dithothokiso).
_ Buisana ka mehopolo, dintlha le maikutlo ka ho
nepahala le ho tshwarahana ha ditaba dihloohong
tse qholotsang maikutlo a sebedisa mefuta ya
ditema/dingolwa tse ngata tse buuwang tsa dintlha
tseo e leng tsa nnete (j.k. tlhaloso ya diketsahalo
tsa thekenologi tse jwalo ka mekgwa ya ho
sebedisa khomputara kapa video).
_ Bontsha bokgoni bo tswetseng pele ho mefuta e
phatlaletseng ya dingolwa tse buuwang ka ho:
 hlalosa diketsahalo tsa thekenologi le ho
batlisisa mehopolo e rarahaneng ka tsela e
behilweng ka hlahlamano e hantle, (j.k. mokgwa
wa ho sebedisa khomputara);
 ntshetsa pele tshebediso ya teko ka dipotso tse
hlophisitsweng a sebedisa mawa a tswetseng
pele a ho hlahloba ka dipotso tseo (j.k. ho botsa
dipotso tse qholotsang maikutlo).
Kereiti 8 Kereiti 9
HO BUA
Moithuti o kgona ho buisana ka boitshepo
le nepahalo ka puo e buuwang maemong a
fapaneng.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato o Phahameng
116
Maemo a Tekolo
Re tsena sena ha moithuti a:
_ Bontsha bokgoni ba mantlha ba ho phedisana ka ho
ikakgela ka setotswana ho ditherisano, dipuisano,
dipuisano tsa dipotso tse hlophisitsweng, le dikganyetsano
tsa sehlopha/ mokgopi mme ha a ntse a etsa
jwalo a:
 sebetsana le dintlha tsa bohlokwa (j.k. dintlha tsa
phedisano le bomorabe tse tsamaelanang le ditokelo
tsa tikoloho le botho).
 nka dikarolo tse fapaneng
 dumela maikutlo a mang
 hlalosa ntlhakemo ya hae
 nehelana ka tshekatsheko ya hae ya maikutlo a ba
bang
 bontsha moedi ka ho botsa dipotso, nehelana ka
kgetho, ho tlohela dikarabelo di buletswe bohle, ho
bontsha tjantjello ya sebele
 bontsha kutlwelobohloko ho ditokelo le maikutlo a
ba bang
 phephetsa ba sa bontsheng kutlwelobohloko kapa ba
sebedisang puo ka kgethollo
Kereiti 7
Sephetho sa ho Ithuta sa 2
(Se tswela pele)
Re tsena sena ha moithuti a:
_ Bontsha bokgoni bo phatlaletseng ba ho phedisana
ka ho ikakgela ka setotswana ho ditherisano,
dipuisano, dikganyetsano le diphuputso tsa
sehlopha/mokgopi mme ha a ntse a etsa jwalo a:
 sebetsana le dintlha tsa bohlokwa (j.k. dintlha
tsa phedisano le bomorabe tse tsamaelanang le
ditokelo tsa tikoloho le botho).
 botsa dipotso tse lokelang
 nka dikarolo tse fapaneng
 dumela maikutlo a mang le ho hanana le ona ka
mokgwa o imametseng ha ho hlokeha
 tshehetsa ntlhakemo ya hae ka mabaka
 nehelana ka tshekatsheko ya maikutlo a hae le
ho amohela tshekatsheko ya maikutlo a ba bang
 kgona ho susumetsa ba bang
 bontsha moedi ka ho botsa dipotso ho hlakisa
moelelo, nehelana ka kgetho, ho tlohela
dikarabelo di buletswe bohle, ho bontsha
tjantjello ya sebele
 bontsha kutlwelobohloko dipuisanong ho
ditokelo le maikutlo a ba bang ha ho hlokahala
 phephetsa ba sa bontsheng kutlwelobohloko
kapa tshebediso ya puo ka kgethollo
Mophato o Phahameng
117
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
Re tsena sena ha moithuti a:
_ Bontsha bokgoni bo phatlaletseng ba phedisano e
rarahaneng ka ho ikakgela ka setotswana ho
ditherisano, dipuisano, dikganyetsano, teko ya
dipotso tse hlophisitsweng tsa sehlopha/mokgopi
le diphuputso mme ha a ntse a etsa jwalo a:
 sebetsana le dintlha tsa bohlokwa (j.k. dintlha
tsa phedisano le bomorabe tse tsamaelanang le
ditokelo tsa tikoloho le botho).
 botsa dipotso tse qholotsang maikutlo
 etella pele ditherisano
 buisana ka diphapang ho fihlela ntlhakemo e le
nngwe
 tshehetsa ntlhakemo ya hae ka mabaka o
sebedisa bopaki le maikutlo a tshwanang ho
tswa ho baithuti mmoho a bontsha tenyetseho
ho amoheleng tumellano
 amohela diphephetso le tshekatsheko ya -
maikutlo a hae moo ho loketseng
 bontsha moedi ka ho botsa dipotso,maikutlo a
moikutlwapelo, ho beha dipotso ka mokgwa o
itseng ho hlakisa moelelo, nehelana ka kgetho,
ho tlohela dikarabelo di buletswe bohle.
 arohanya hore ke neng moo a lokelang ho
bontsha kutlwelobohloko ho ditokelo le
maikutlo a ba bang le ho phephetsa ho sa
bontshe kutlwelobohloko kapa tshebediso ya
kgethollo
Kereiti 8 Kereiti 9
HO BUA
Moithuti o kgona ho buisana ka boitshepo
le nepahalo ka puo e buuwang maemong a
fapaneng.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato o Phahameng
118
Maemo a Tekolo
Re tsena sena ha moithuti a:
_ Nehelana ka puo ya molomo a sebedisa boemo bo
itseng ba nepahalo le boiqapelo, a tsepamisitse
maikutlo ho:
 qapodiso e hlakileng le e utlwahalang
 kgefutso
 phetoho ho lebelo la ho bua le ho phahama ha
lentswe
 sepheo le bamamedi
 seemo le ho bua ka tshebediso ya ditho tsa mmele
 ditlwaelo tse fapaneng tsa phedisano le setso
 disebediswa tse nepahetseng tsa papiso tse jwalo ka
sehlohlolo le motheo
_ Elellwa le ho hlalosa katleho ya hae ya ho
buisana/fetisa molaetsa ka puisano.
Kereiti 7
Sephetho sa ho Ithuta sa 2
(Se tswela pele)
Re tsena sena ha moithuti a:
_ Nehelana ka puo ya molomo a sebedisa boemo bo
boholo ba nepahalo le boiqapelo, a tsepamisitse
maikutlo ho:
 qapodiso e hlakileng le e utlwahalang
 kgefutso
 phetoho ho lebelo la ho bua le ho phahama ha
lentswe
 sepheo le bamamedi
 seemo le ho bua ka tshebediso ya ditho tsa
mmele
 mekgwa e fapaneng ya ho bua ditaba/ho etsa
puo
 sehalo
 ditlwaelo tse fapaneng tsa phedisano le setso
 disebediswa tse nepahetseng tsa papiso tse jwalo
ka sehlohlolo, motheo le pheteletso (ho hodisa
bakeng sa ho fana ka ditlamorao tse itseng)
_ Hlwaya le ho hlalosa matshwao a nang le seabo
ho katleho ya hae ya ho buisana/fetisa molaetsa
ka puisano
Mophato o Phahameng
119
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
Re tsena sena ha moithuti a:
_ Nehelana ka puo ya molomo ka boitshepo le ka
boiqapelo, a tsepamisitse maikutlo ho:
 kgefutso le phetoho ho lebelo la ho bua le ho
phahama ha lentswe dintlheng tsa sehlooho.
 Sepheo le bamamedi
 seemo, ketsiso, ho bua ka tshebediso ya ditho
tsa mmele le ho bontsha ka mahlong ho hohela
tjantjello ya bamamedi
 mekgwa e fapaneng ya bua ditaba/ho etsa puo
 Sehalo
 boemo bo itseng ba ho latela melawana
 ditlwaelo tse fapaneng tsa phedisano le setso
 disebediswa tse nepahetseng tsa papiso tse jwalo
ka sehlohlolo, motheo, pheteletso le dipotso tse
sa hlokeng karabo/tse ikarabang.
_ Hlahloba katleho ya hae ya ho buisana/fetisa
molaetsa ka puisano le ho etsa dintlafatso ho
yona.
Kereiti 8 Kereiti 9
HO BALA LE HO BOHA
Moithuti o kgona ho bala le ho boha, ho
fumana tlhahisoleseding le boithabiso
hape a arabele ka bohlokolosi
makgabaneng a botjhaba le maikutlo
ditemeng.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato o Phahameng
120
Sephetho sa ho Ithuta sa Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Moithuti o tla bala ka boithaopo, a balla boithabiso le
ho fumana tlhahisoleseding ho phatlalla le mefuta e
fapaneng ya ditema eo a ithutileng yona, a hlalosa ho
ntsha maikutlo ha hae ebile a hlalosa mefuta ya
dingolwa eo a e ratang.
_ Balla hodimo kapa a bala o thotse bakeng sa maemo a
fapaneng a sebedisa mawa a loketseng a ho bala (j.k.
ho di okola hodimo, ho kena ho tsona ka botebo, ho
lepa, temoso ya tema le dikakanyo)
_ Hlwaya sepheo, bamamedi le maemo a tema/sengolwa.
_ Bontsha kutlwisiso ya dingolwa tsa tlhahisoleseding ka
ho:
 hlwaya mohopolo wa sehlooho le ho hlalosa
mokgwa oo dintlha di tshehetsang mohopolo oo wa
sehlooho.
_ Hlwaya mefuta ya dingolwa e fapaneng le matshwao a
tsona a sehlooho le ho hlalosa kamoo sengolwa/tema e
hlophiswang ka teng (j.k. dithothokiso, ditema tsa
dikoranta, le ditema tse kgutshwanyana tsa
dimakasine).
Kereiti 7
3
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Moithuti o tla bala ka boithaopo, a balla
boithabiso le ho fumana tlhahisoleseding ho
phatlalla le ditema tse fapaneng tseo a ithutileng
tsona, a hlalosa ho ntsha maikutlo ha hae ebile a
hlalosa mefuta ya dingolwa eo a e ratang a nto
kgothaletsa ba bang ho bala dingolwa tseo.
_ Balla hodimo kapa a bala o thotse bakeng sa
maemo a fapaneng a momahanya mawa a
loketseng a ho bala a bopilweng dikereiting tse
fatshe.
_ Buisana ka sepheo, bamamedi le maemo a tema/
sengolwa.
_ Bontsha kutlwisiso ya dingolwa tsa
tlhahisoleseding ka ho:
 hlwaya mohopolo wa sehlooho le ho hlalosa
mokgwa oo dintlha di tshehetsang mohopolo oo
wa sehlooho.
 fatisisa mohopolo ka dipotso moo ho
hlokahalang.
 etsa kahlolo le ho nka diqeto ka mohopolo a
itshetlehile hodima bopaki.
 Hlwaya le ho hlalosa ntlhakemo tse fapaneng.
_ Hlalosa mokgwa oo karolo tsa sehlooho le ho
hlophiswa ha mefuta e fapaneng ya dingolwa ho
bang le seabo ka teng ho mokgwa oo sengolwa se
sebetsang ka teng (j.k. dithothokiso, dipale tse
kgutshwanyane, ditema tsa dikoranta, mangolo,
pina tse phethang taba, le ho shejwa botjha ha
dibuka).
Mophato o Phahameng
121
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Moithuti o tla bala ka boithaopo le ka botebo a
balla boithabiso le ho fumana tlhahisoleseding ho
phatlalla le mefuta e fapaneng ya ditema eo a
ithutileng yona, a bapisa ho ntsha maikutlo ha hae
ebile a etsa dikgothaletso tse tsheheditsweng ka
mabaka ho ba bang.
_ Balla hodimo kapa a bala o thotse ntle le thuso
bakeng sa maemo a fapaneng a momahanya mawa
a loketseng a ho bala a bopilweng dikereiting tse
fatshe.
_ Buisana le ho hlalosa sepheo, bamamedi le
maemo a tema/sengolwa.
_ Bontsha kutlwisiso ya dingolwa tse ngata tsa
tlhahisoleseding ka ho:
 hlwaya mohopolo wa sehlooho le ho hlalosa
mokgwa oo dintlha di tshehetsang mohopolo oo
wa sehlooho.
 hlahloba mohopolo.
 buisana ka ntlhakemo tse fapaneng.
_ Buisana ka mefuta e fapaneng ya dingolwa le ho
hlalosa mokgwa oo karolo tsa sehlooho di
hlophiswang ka teng le ho ba le seabo ho mokgwa
oo sengolwa se sebetsang ka teng (j.k.
dithothokiso tse telele, dipale tse kgutshwanyane,
ditema tsa dikoranta, didayari, mangolo, ho
shejwa botjha ho dibuka le ditshwantshiso tse
kgutshwanyane).
Kereiti 8 Kereiti 9
HO BALA LE HO BOHA
Moithuti o kgona ho bala le ho boha, ho
fumana tlhahisoleseding le boithabiso
hape a arabele ka bohlokolosi
makgabaneng a botjhaba le maikutlo
ditemeng.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato o Phahameng
122
Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Bontsha kutlwisiso ya dingolwa/ditema, sepheo sa
tsona le dikamano tsa tsona ho bophelo ba hae ka ho
buisana ka poloto, mokotaba, baphetwa le sebaka sa
moo diketsahalo di etsahallang teng.
_ Hlwaya le ho buisana ka mawa a sebediswang ho bopa
ditlamorao tse itseng ho dingolwa tse kgethilweng ho
tse bonwang, tse ngotsweng le tse haswang hangata tse
jwaloka:
 mekgwa e bonolo ya bongodi le tshebediso ya puo
(j.k. papadi ya mantswe, le ngodiso)
 karolo tsa moralo (j.k. kgetho ya moo o ka behang
setshwantsho teng, tshebediso ya boholo ba ho
tlanya, boholo ba mongolo le tshebediso ya mmala).
 mawa a khamera le a filimi (j.k. ho kwalwa, ho
atametsa le ho hodisa setshwantsho hore se tle se
hlahelle hantle ha ho nkwa ditshwantsho.
_ Ntsha maikutlo ka tshekatsheko temeng/dingolweng
 hlwaya ntlhakemo ya mongodi
 hlwaya molaetsa o patehileng sengolweng
 hlwaya tshekamelo le leeme le pepeneneng
 hlwaya mekgwa eo mongodi a bopang ho balwa ha
sengolwa ka kgetho ya mantswe e hlokolosi
Kereiti 7
Sephetho sa ho Ithuta sa 3
(Se tswela pele)
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Bontsha kutlwisiso ya dingolwa/ditema, sepheo sa
tsona le dikamano tsa tsona ho bophelo ba hae ka
ho buisana ka poloto, mokotaba, makgabane,
baphetwa le sebaka sa moo diketsahalo di
etsahallang teng.
_ Sekaseka/manolla mawa a sebediswang ho bopa
ditlamorao tse itseng ho dingolwa tse bonwang,
tse ngotsweng le tse haswang hangata tse jwaloka:
 katleho ya mekgwa e bonolo ya bongodi le
tshebediso ya puo.
 ditlamorao tsa karolo tsa moralo (j.k. mofuta le
moo o ka behang mosebetsi wa bonono teng, le
tshebediso ya mmala).
 ditlamorao tsa mawa a khamera le a filimi (j.k.
ho kwalwa, ho atametsa le ho hodisa
setshwantsho hore se tle se hlahelle hantle ha ho
nkwa ditshwantsho, moo khamera e behwang
teng ha ho nkuwa ditshwantsho le ho hetla/ho
kgutlela morao.
_ Ntsha maikutlo ka tshekatsheko dingolweng
 buisana ka ntlhakemo ya mongodi
 buisana ka molaetsa o patehileng sengolweng le
tshekamelo le leeme
 buisana ka kamoo maemo a sengolwa a
tshwaetsang molaetsa.
 hlwaya se siilweng/se sa kenngwang dingolweng
le ho hlalosa mabaka a seo.
 botsa hore nao dumellana le molaetsa o ka hara
sengolwa na.
Mophato o Phahameng
123
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Bontsha kutlwisiso ya dingolwa/ditema, sepheo sa
tsona le dikamano tsa tsona ho bophelo ba hae ka
ho manolla ntshetsopele ya poloto, mokotaba,
makgabane, baphetwa le sebaka sa moo
diketsahalo di etsahallang teng.
_ Hlwaya le ho buisana ka mawa a sebediswang ho
bopa ditlamorao tse itseng ho dingolwa tse
bonwang, tse ngotsweng le tse haswang hangata
tse jwaloka:
 katleho ya mekgwa e bonolo ya bongodi le
tshebediso ya puo.
 ditlamorao tsa karolo tsa moralo (j.k. moo o ka
behang sengolwa le mosebetsi wa bonono teng).
 ditlamorao tsa mawa a khamera le a filimi (j.k.
ntlhakemo ya ditaba, ho kgantsha, ho etsisa
diphoofolo, lebelo, ho kopanngwa ha motlanyo,
modumo le ditshwantsho).
_ Ntsha maikutlo ka tshekatsheko dingolweng:
 hlahloba ntlhakemo ya mongodi
 hlahloba molaetsa o patehileng sengolweng,
tshekamelo le leeme le ho nehelana ka maikutlo
a hae le mekgwa e meng e ka sebediswang.
 buisana ka mokgwa oo maemo a phedisano le
setso a tshwaetsang molaetsa.
Kereiti 8 Kereiti 9
HO BALA LE HO BOHA
Moithuti o kgona ho bala le ho boha, ho
fumana tlhahisoleseding le boithabiso
hape a arabele ka bohlokolosi
makgabaneng a botjhaba le maikutlo
ditemeng.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato o Phahameng
124
Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Hlwaya le ho buisana ka dintlha tsa phedisano, setso,
tikoloho le bomorabe tse fumanwang kahara sengolwa
(jwalekaha se hlahiswang ke matshwao a fapaneng a
sengolwa a jwalo ka dikahare, puo, mosebetsi wa
botaki le hlahiso ya baphetwa).
_ Bontsha bokgoning ba hae jwaloka mmadi.
Kereiti 7
Sephetho sa ho Ithuta sa 3
(Se tswela pele)
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Buisana ka dintlha tsa phedisano le setso, tikoloho
le bomorabe tse fumanwang kahara sengolwa a
nto hlwaya matshwao a sengolwa a jereng
makgabane a tsamaelanang le wona (j.k. dikahare,
puo, mosebetsi wa botaki, ntlhakemo le hlahiso ya
baphetwa).
_ Bontsha le ho buisana ka bokgoni ba hae jwalo ka
mmadi.
Mophato o Phahameng
125
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Etsa kahlolo ka dintlha tsa phedisano le setso,
tikoloho le bomorabe tse fumanwang ka hara
sengolwa le ho buisana ka ditlamorao tsa
sengolwa ho mmadi le matshwao a sengolwa a
bopang ditlamorao tsena (j.k. dikahare, puo,
mosebetsi wa botaki, ntlhakemo le hlahiso ya
baphetwa).
_ Bontsha le ho hlahloba bokgoni ba hae jwalo ka
mmadi.
Kereiti 8 Kereiti 9
HO NGOLA
Moithuti o kgona ho ngola ditema tse
fapaneng tsa dintlha le tsa boiqapelo
bakeng sa merero e mengata e
phatlalletseng.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato o Phahameng
126
Sephetho sa ho Ithuta sa Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Ngola mefuta e kgethilweng ya ditema tsa kgopolelo
ho:
 bontsha kgopolelo, mehopolo le maikutlo ka yena le
ka ba bang.
 utulla tshebediso ya puo ya ho bopa le ya ho bapala
ka tshebediso ya meqoqo e phetang taba le e
hlalosang, ka didayari, mangolo a setswalle, puisano,
dikhathuni tsa dithothokiso, temana ya mela e
mehlano e qabolang le dipina.
_ Hlahisa mefuta e kgethilweng ya ditema tsa dintlha tse
ngotsweng le tse sebedisang motlanyo le ditshwantsho
bakeng sa mabaka a mangata a sebedisa matshwao a
bonwang le a moralo moo ho lokelang ka tshebediso
ya pehelo ya dipaki, diposetare, papatso, ho bala buka
botjha hape, diresepe le ditaelo tsa papadi e itseng.
_ Bontsha bokgoni ba motheo ho matshwao a
kgethilweng a ho ngola a dumellanang le mofuta wa
tema (j.k. ho theha sebaka moo diketsahalo di
etsahallang teng le tema ho meqoqo ya phetelo, a
kgona ho bontsha morethetho le raeme thothokisong, a
sebedisa puo e otlohileng ka ditlhaloso tse bonolo a
bile a bontsha tatelano ho tsamaiso ya ditaba).
Kereiti 7
4
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Ngola mefuta e fapaneng ya ditema tsa kgopolelo
ho:
 bontsha kgopolelo, mehopolo le maikutlo ka
yena le ka ba bang.
 utulla tshebediso ya puo ya ho bopa, ho
sekaseka ka hloko le ya ho bapala ka tshebediso
ya meqoqo e phetang taba le e hlalosang,
puisano, dithothokiso, dipina le mangolo.
_ Hlahisa mefuta e phatlaletseng ya ditema tsa
dintlha tse ngotsweng le tse sebedisang motlanyo
le ditshwantsho bakeng sa mabaka a mangata a
sebedisa mefuta ya matshwao a bonwang le a
moralo moo ho lokelang ka tshebediso ya
diketsahalo tse phethwang, diraporoto tsa
diporojeke tsa dipatlisiso, diphamfolete,
diposetara, le ho bala buka botjha hape.
_ Bontsha bokgoni ba motheo ho matshwao a
fapaneng a ho ngola a dumellanang le mofuta wa
tema (j.k. ho tsebisa baphetwa, ho theha sebaka
moo diketsahalo di etsahallang teng le ho hlahisa
tema ho meqoqo ya phetelo, a sebedisa le papiso e
bonolo thothokisong.
Mophato o Phahameng
127
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Ngola mefuta e fapaneng e bile e phatlaletse ya
ditema tsa kgopolelo ho:
 bontsha kgopolelo, mehopolo le maikutlo ka
yena le ka ba bang.
 utulla tshebediso ya puo ya ho bopa, ho
sekaseka ka hloko le ya ho bapala ka tshebediso
ya meqoqo e phetang taba le e hlalosang,
puisano, dithothokiso, dipina, dipalekgutshwe
tsa motheo, mangolo, tshwantshiso e nang le
medumo le ditlamorao tse bonwang tsa tlatsetso.
_ Hlahisa mefuta e phatlaletseng ya ditema tsa
dintlha tse ngotsweng le tse sebedisang motlanyo
le ditshwantsho bakeng sa mabaka a mangata a
sebedisa mefuta e phatlaletseng ya matshwao a
bonwang le a moralo moo ho lokelang ka
tshebediso ya di e-meile, diraporoto ka dintlha tse
ntseng di etsahala, dipapatso, diposetara, ho bala
buka botjha hape, ho lekolwa botjha ha difilimi,
pehelo ya dipaki, raporoto tsa dikoranta, CV,
ditaba tse tla tshohlwa kopanong le metsotso ya
kopano.
_ Bontsha bokgoni bo tswetseng pele ho matshwao
a fapaneng a ho ngola a dumellanang le mofuta
wa tema (j.k. ho hlahisa baphetwa, ho theha
sebaka moo diketsahalo di etsahallang teng le ho
hlahisa tema ho meqoqo ya phetelo, a sebedisa le
papiso e phatlaletseng ho ngolweng ha thothokiso
ya hae.
Kereiti 8 Kereiti 9
HO NGOLA
Moithuti o kgona ho ngola ditema tse
fapaneng tsa dintlha le tsa boiqapelo
bakeng sa merero e mengata e
phatlalletseng.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato o Phahameng
128
Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Sebedisa ketsahalo ya ho ngola ka thuso le kopanelo
ho hlahisa ditema ka ho:
 kgetha le ho utulla dihlooho ka dipuisano tse
tebileng, sebedisa dimmapa tsa hlalohanyo le
manane.
 sebedisa ditema tse ding e le malebela bakeng sa ho
ngola.
 hlopha le ho hlahisa dihlooho ka ho sebedisa
tlhahisoleseding ho tswa mohloding o mong.
 hlophisa mehopolo ka ho e nyalanya ho sebediswa
tatelano e nolofaditsweng ho hlahisa meralo ya pele.
 bontsha meralong, a etse hloko sepheo, bamamedi,
tshebediso ya puo, hlophiso e hlalohantsweng le ho
lekola botjha ka nepo.
_ Bontsha le ho buisana ka ho ngola ha hae le ha
baithutimmoho le yena a bontsha kelohloko ho
ditokelo le maikutlo a ba bang.
_ Bala ka sepheo sa ho lokisa diphoso ho moralo wa ho
qetela ka ho sebedisa tsebo ya puo maemong a itseng,
o tsepamisitse maikutlo ho thutapuo, tshebediso ya
matshwao a ho bala, mopeleto le tlotlontswe e
loketseng kereiti eo.
Kereiti 7
Sephetho sa ho Ithuta sa 4
(Se tswela pele)
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Sebedisa ketsahalo ya ho ngola ka kopanelo le ka
boyena ho hlahisa ditema ka ho:
 kgetha le ho utulla dihlooho ka dipuisano tse
tebileng, a sebedisa dimmapa tsa hlalohanyo le
manane.
 sebedisa ditema tse rarahanang ka potlako e le
malebela.
 hlopha le ho hlahisa dihlooho tse loketseng ka
ho sebedisa tlhahisoleseding ho tswa mehloding
e meng.
 hlophisa mehopolo ka ho e nyalanya ho
sebediswa tatelano ho hlahisa meralo ya pele.
 bontsha meralong e mengata, a etse hloko
sepheo, bamamedi, tshebediso ya puo,
tshekamelo, hlophiso e rarahaneng le matshwao
a mmalwa a nolofetseng a setaele le ho lekola
botjha ka nepo.
_ Bontsha ka tshekatsheko e hlokolosi ho ngola ha
hae le ha baithutimmoho le yena, a etse
ditshitshinyo a bile a bontsha kelohloko ho
ditokelo le maikutlo a ba bang.
_ Bala ka sepheo sa ho lokisa diphoso ho moralo ka
ho sebedisa tsebo ya puo maemong a itseng a
loketseng kereiti eo.
Mophato o Phahameng
129
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Sebedisa ketsahalo ya ho ngola ka boyena ntle le
mathata ho hlahisa ditema tse rarahaneng ka ho:
 kgetha le ho utulla dihlooho tse rarahaneng ka
dipuisano tse tebileng, a sebedisa manane le
dintlha tsa bohlokwa.
 sebedisa ditema tse rarahanang ka potlako e le
malebela.
 hlopha le ho hlahisa dihlooho, a kgetha
tlhahisoleseding e loketseng ho tswa mehloding
e fapaneng.
 hlophisa mehopolo ka ho e nyalanya le ho
hlahlamanya ka nepo ho hlahisa meralo e
mengata.
 sekaseka/manolla meralo e mengata, a etse
hloko sepheo, bamamedi, ntlhakemo, moo
mmadi a behilweng teng, tshebediso ya puo,
tshekamelo, hlophiso e rarahaneng le matshwao
a mmalwa a rarahaneng a setaele le ho lekola
botjha ka nepo.
_ Sekaseka/manolla ho ngola ha hae le ha
baithutimmoho le yena, a hlahlobe a be a etse
ditshitshinyo a ntse a bontsha kelohloko ho
ditokelo le maikutlo a ba bang.
_ Bala ka sepheo sa ho lokisa diphoso ho moralo wa
ho qetela ka ho sebedisa tsebo ya puo maemong a
itseng a loketseng kereiti eo.
Kereiti 8 Kereiti 9
HO NGOLA
Moithuti o kgona ho ngola ditema tse
fapaneng tsa dintlha le tsa boiqapelo
bakeng sa merero e mengata e
phatlalletseng.
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Phatlalatsa seetswa sa ho qetela, a tsepamisitse
maikutlo ho tlhahiso setjhabeng le matshwao a moralo.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato o Phahameng
130
Kereiti 7
Sephetho sa ho Ithuta sa 4
(Se tswela pele)
Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Phatlalatsa seetswa sa ho qetela, a tsepamisitse
maikutlo ho tlhahiso setjhabeng e ahang le
matshwao a fapaneng a moralo.
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Phatlalatsa seetswa sa ho qetela, a tsepamisitse
maikutlo ho mefuta e rarahaneng ya tlhahiso
setjhabeng le matshwao a moralo.
Mophato o Phahameng
131
Kereiti 8 Kereiti 9
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
HO NAHANA LE FANA KA MABAKA
Moithuti o kgona ho sebedisa puo ho
nahana, ho fana ka mabaka, ho fumana, ho
hlophisa le ho sebedisa tlhahisoleseding
ho ithuteng.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato o Phahameng
132
Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Sebedisa puo bakeng sa ho nahana le ho fana ka
mabaka ka ho:
 etsa qeto le ho ntsha moelelo, le ho hlalosa
maikemisetso a mongodi ka ho toloka ditema tse
bonwang le tse mamelwang kharikhulamong yohle.
 hlalosa sesosa le ditlamorao.
 bapisa le ho sekaseka kgetho ya hae ka ho etsa qeto
ya hore ke mokgwa ofe o molemo ho eo o ka
kgethang ho yona
 hlahisa le ho bopa ntlhakemo ya hae e hlakileng.
 tshehetsa ngangisano ka mefuta e fapaneng ya
bopaki (j.k. dipalopalo le tse ding)
 sebedisa dipotso ho hlahisa ho nahana ha hae kapa
ha ba bang.
 sebedisa dibopeho tse nepahetseng tsa puo ho
hlahisa menahano e rarahaneng (j.k. tshebediso ya
dipehelo mohlala: 'ha eba disebediswa di ne di
arolwa ka nepo, re ka be re sena botlokotsebe bo
bokana).
Kereiti 7
Sephetho sa ho Ithuta sa 5
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Sebedisa puo bakeng sa ho nahana le ho fana ka
mabaka ka ho:
 sebedisa bokgoni ba ho nahana le ho fana ka
mabaka maemong a fapaneng ho kgabahanya le
kharikhulamong yohle.
 buisana le ho hlalosa lehlakore leo mongodi a
shebang ditaba ka lona le sebaka seo a shebang
ditaba a le hona teng mefuteng e fapaneng ya
dingolwa.
 hlalosa le ho buisana ka sesosa le ditlamorao
(j.k. 'hobaneng ha sena e le sesosa sa...?')
 nehelana ka ngangisano e hanyetsang mme a
fana ka mabaka (j.k. ke hanana le sena
hobana...mme ke tshehetsa maikutlo a ka ka...)
 elellwa le ho hlalosa hobaneng tlhahisoleseding
e ka nkuwa e le ya dintlha kapa e totobetseng.
 sebedisa boitemohelo ba hae ho tshehetsa
ntlhakemo ya hae.
 botsa le ho akanya, ho rarolla mathata, le ho
hlahisa bokgoni ba ho nahana ka dintlha tse
rarahaneng, mehopolo, le maikutlo (j.k. dintlha
tsa ditokelo tsa botho, dintlha tsa tikoloho,
mathata a motho ka boyena le dihlooho tse
kgabahanyang le kharikhulamo).
Mophato o Phahameng
133
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Sebedisa puo bakeng sa ho nahana le ho fana ka
mabaka ka ho:
 sebedisa bokgoni ba ho nahana le ho fana ka
mabaka maemong a fapaneng kharikhulamong
yohle le maemong a motho ka boyena.
 hlwaya le ho hlalosa ntlha eo mongodi a
itshetlehileng ka yona le lehlakore leo mongodi
a shebang ditaba ka lona le mefuteng e mengata
ya dingolwa
 manolla ka botebo ka sesosa le ditlamorao,
bongoding ba dingolwa le dingolweng
kharikhulamong yohle (j.k. ho sheba sesosa ka
botebo/ho feta ka nnqane ho tse pepeneneng)
 hlahisa le ho sebedisa ngangisano ka ditsela tse
tla:
??etsa tatelano e hlake ho mmadi le ho
momamedi.
??lebella dikarabelo le kganyetso.
 nehelana ngangisano e hanyetsang le ho fana ka
mekgwa e meng e ka sebediswang.
 sebedisa tlhahiso leseding ya dintlha tsa nnete le
ho toloka manane a se itseng ka boitshepo bo
holang bakeng sa ho tshehetsa ngangisano.
 sebedisa boitemohelo ba hae le ho bo fapanya le
ba bang ho bontsha/hlakisa ntlhakemo.
 sebedisa dipotso, dikakanyo le ho manolla
bakeng sa ho hlahisa ho nahana ho hlokolosi, le
ho rarolla mathata.
Kereiti 8 Kereiti 9
HO NAHANA LE FANA KA MABAKA
Moithuti o kgona ho sebedisa puo ho
nahana, ho fana ka mabaka, ho fumana, ho
hlophisa le ho sebedisa tlhahisoleseding
ho ithuteng.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato o Phahameng
134
Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Sebedisa puo ho batlisisa le ho utulla ka ho:
 hlwaya tlhahisoleseding e hlokahalang ho thusa ho
batlisisa bothata.
 sebedisa mantswe le dikgopolokutlwisiso tsa
sehlooho ho kgetha mohlodi wa tlhahisoleseding
 mamela, ho bala, le ho boha ditema ho tswa
mehloding e fapaneng bakeng sa ho bokella le ho
kgetha mehopolo.
 sebedisa mawa le ditlwaelo tse nepahetseng tsa
dipatlisiso ha a kopitsa tlhahisoleseding ho tswa
mehloding (j.k. direkoto, mongodi, dihlooho, mohla,
baphatlalatsi, dinomoro tsa maqephe, website le tse
ding).
 sebetsa ka diporojeke tse hokahantsweng ho
kgabahanya le Ditikoloho tse ding tsa ho Ithuta mme
a hlahise sehlahiswa se tlamahantsweng.
Kereiti 7
Sephetho sa ho Ithuta sa 5
(Se tswela pele)
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Sebedisa puo ho batlisisa le ho utulla ka ho:
 botsa dipotso ka dintlha tsa lefatshe le tse ka
hara kharikhulamo yohle (j.k tshebediso ya
thupa, diphehisano tsa tikoloho le tse ding)
 bapisa le ho sekaseka kgetho ya hae ka ho sheba
mekgwa e mengata eo a ka e sebedisang.
 etsa dipatlisiso ka boyena ka hara kharikhulamo
yohle.
 batla le ho fumana tlhahisoleseding ho tswa
mehloding e mengata (j.k. diyalemoya,
internete, dingolwa tse ngotsweng tsa mefuta,
dilaeborari le tse ding).
 ntlafatsa le ho matlafatsa tshebediso ya mawa le
ditlwaelo tse nepahetseng ha a kopitsa
tlhahisoleseding ho tswa mehloding (j.k.
direkoto, mongodi, dihlooho, mohla,
baphatlalatsi, dinomoro tsa maqephe, website le
tse ding).
 sebetsa ka diporojeke tse rarahaneng ka hara
Ditikoloho tse ding tsa ho Ithuta mme a hlahise
sehlahiswa se tlamahantsweng.
Mophato o Phahameng
135
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Sebedisa puo ho batlisisa le ho utulla ka ho:
 botsa dipotso tse phephetsang ka dintlha tsa
lefatshe le tse ka hara kharikhulamo yohle (j.k
HIV/AIDS, ho nyoloha ha diphahello tsa theko).
 elellwa ha sebui kapa mohlodi o le
botemengata, a sebedisa bopaki ho feta tekano
kapa a etsa ditaba tse se nang bopaki/motheo o
tsitsitseng a bile a botsa dipotso ho fumana
tlhahisoleseding e nepahetseng haholo.
 botsisisa le ho sekaseka kgetho tse teng
 utulla mekgwa e fapaneng ya ho rala, hlophisa,
le ho fana ka dipatlisiso ho sehlooho (bakeng sa
Dipuo le Tikoloho tse ding tsa ho Ithuta).
 ela hloko mahlakore a fapaneng ha a kgetha
tlhahisoleseding.
 atolosa mehlodi le mekgwa ya ho fumana
tlhahisoleseding e loketseng (j.k. kgaso ya
elekteroniki le tse ding tse jwalo ka moo ho
bolokilweng dikoranta tsa kgale, le difilimi tse
hlophisitsweng, dilaeborari tse ipabolang ka se
itseng le tse ding).
 sebetsa ka diporojeke tse rarahaneng ka hara
Ditikoloho tse ding tsa ho Ithuta mme a hlahise
sehlahiswa se tlamahantsweng.
Kereiti 8 Kereiti 9
HO NAHANA LE FANA KA MABAKA
Moithuti o kgona ho sebedisa puo ho
nahana, ho fana ka mabaka, ho fumana, ho
hlophisa le ho sebedisa tlhahisoleseding
ho ithuteng.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato o Phahameng
136
Maemo a Tekolo Sephetho sa ho Ithuta sa 5
(Se tswela pele)
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Sebetsana le tlhahisoleseding ka ho:
 rekota tlhahisoleseding ka sebopeho seo ho ka bang
bonolo ho e fumana (j.k. manane, mmapa tsa
hlalohanyo, dintlha tsa bohlokwa tse qoholotsweng,
dikgutsufatso le tse ding).
 hlophisa tlhahisoleseding ka nepo (j.k. ho ya ka
nako, bohlokwa le tse ding)
 fetola tlhahisoleseding ho tswa ho sebopeho se seng
ho ya ho se seng kapa puo ho ya ho e nngwe (j.k. ho
fetola mmapa wa kelello ho o isa ho seratswana,
lenane o le fetolele ho kgutsufatso).
 bontsha ka tshekatsheko e hlokolosi ka ho arola le
ho phephetsa mehopolo.
 bapisa ntlhakemo tse fapaneng, le ho hlwaya
diphapano le ditshwano.
 sebedisa puo e nepahetseng ho etsa dipapiso (j.k. 'ha
jwalo feela', 'ka nnqe nngwe' 'ho seng jwalo')
 kgetha tlhahisoleseding e maemong a hodimo le e
loketseng ka ho fetisisa ho tswa mehloding e
fapaneng le bathong, le ho tlamahanya diphehiso le
mehopolo ya hae a etse sehlahiswa se
tshwarahaneng.
Kereiti 7
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Sebetsana le tlhahisoleseding ka ho:
 etsa diteko ka mefuta e mengata ya ho nka
dintlha tsa bohlokwa le ho etsa lenane la dintlha
tsa bohlokwa (j.k. ho ngola dintlha tsa bohlokwa
maemong a fapaneng a sebedisa dikgutsufatso
bakeng sa lebelo leo mmui a buang ka lona);
 tsepamisa maikutlo ho dintlha tsa ho itsebahatsa
 qotsa le ho tlamahanya tlhahisoleseding, a
sebedisa bokgoni ba ho mamela, ho bala, le ba
ho boha;
 fetola tlhahisoleseding ho tswa ho sebopeho
kapa puo e nngwe ho ya ho e nngwe (j.k. ho
fetola dikhoutu le ho fetolela puo;
 kgutsufatsa tlhahisoleseding kapa mohopolo ka
ho kgetha, ho akaretsa, ho hlophisa, le ho
hlwaya diphoso ho seetswa;
 bopa mehopolo ka molomo/ho bua le ka ho
ngola, ka ditsela tse phahamang ka ho rarahana,
a sebedisa tsebo ya puo (j.k. ho tloha ho
tshebediso ya dipolelonolo ho ya ho ya
dipolelokopane).
Mophato o Phahameng
137
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Sebetsana le tlhahisoleseding ka ho:
 hlahisa bokgoni ba ho nka dintlha tsa bohlokwa
le ho etsa lenane la dintlha tsa bohlokwa (j.k. ho
kgetha tatellano, hlophisa le ho bokella
tlhahisoleseding ka ho sebedisa manane, mmapa
ya hlalohanyo, dikerafo le tse ding), a bile e
kenyeletsa lengolo le biletsang motho kgotla le
dintlha tsa ho tsebahatsa;
 kgetha tlhahisoleseding e maemong a hodimo le
e loketseng ka ho fetisisa ho tswa mehloding e
fapaneng le bathong, le ho tlamahanya
diphehiso le mehopolo ya hae a etse sehlahiswa
se tshwarahaneng;
 fetola tlhahisoleseding ho tswa ho sebopeho se
seng ho ya ho se seng kapa puo ho ya ho e
nngwe (j.k. ho fetola dikhoutu le ho fetolela
puo);
 hlahloba botshepehi le ho nepahala ha
tlhahisoleseding ho tswa ho tse tlantsweng le
mehlodi e meng ya kgaso (j.k. ka dintlha tse
ntseng di etsahala hona jwale);
 ngola le ho bua a sebedisa puo e ntseng e
rarahana ho ya pele le dibopeho tsa thutapuo
bakeng sa hlakisetso le seetswa.
Kereiti 8 Kereiti 9
HO NAHANA LE FANA KA MABAKA
Moithuti o kgona ho sebedisa puo ho
nahana, ho fana ka mabaka, ho fumana, ho
hlophisa le ho sebedisa tlhahisoleseding
ho ithuteng.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato o Phahameng
138
Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Nahana ka boiqapelo ka ho:
 etsa mohopolopono, ho lepa, ho iketsetsa
kgopolotaba, le ho totobatsa/ho hatella ho bopa
moelelo le ho rarolla mathata;
 sebedisa ho ngola ho hlahisa mohopolo (j.k.
lesedinyana, dipuisano tse tebileng, ho ngolo ka
bolokolohi le mmapa wa hlalohanyo);
 akanya kgonahalo le mekgwa e meng ho hodisa ho
nahana (ka kakanyo le ho nahanela);
 ela hloko diphapano le ho di sebedisa ka katleho
(j.k. diphapano ho boitemohelo, setso, ditabatabelo
le botho ba motho);
 sebedisa puo ka hara kharikhulamo yohle ho rarolla
mathata (j.k. ho fetohela puong e nngwe ha o ntse o
bua);
 bapisa mokgwa oo dipuo tse fapaneng di sebedisang
mareo kateng ditikolohong tse fapaneng tsa ho
ithuta, le ho bopa tlamahanyo ho thusa ka kutlwisiso
le ho thusa ho rarolla mathata.
Kereiti 7
Sephetho sa ho Ithuta sa 5
(Se tswela pele)
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Nahana ka boiqapelo ka ho:
 etsa mohopolopono, ho lepa, ho iketsetsa
kgopolotaba, le ho utlwisisa ka kelohloko ho
bopa moelelo le ho rarolla mathata;
 akanya kgonahalo le mekgwa e meng ho hodisa
ho nahana (ka kakanyo le ho nahanela);
 ela hloko diphapano le ho di sebedisa ka katleho
le ka nepo (j.k. diphapano ho boitemohelo,
setso, ditabatabelo le botho ba motho);
 ngola ka ho etsa diteko ho batlisisa mohopolo,
maikutlo, le boitemohelo bo akantsweng;
 bapisa mokgwa oo dipuo tse fapaneng di
sebedisang mareo kateng ditikolohong tsohle tsa
ho ithuta, le ho bopa tlamahanyo ho thusa ka
kutlwisiso le ho thusa ho rarolla mathata.
Mophato o Phahameng
139
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Nahana ka boiqapelo ka ho:
 etsa mohopolopono, ho lepa, ho iketsetsa
kgopolotaba, le ho utlwisisa ka kelohloko e
holang ho bopa moelelo le ho rarolla mathata.
 akanya kgonahalo le mekgwa e meng ho hodisa
ho nahana (ka kakanyo le ho nahanela);
 sebedisa mekgwa e fapaneng ho utulla le ho
hodisa mehopolo (j.k. ho ngola, ho taka, ho
tantsha, le bonketsisane);
 ela hloko diphapano le ho tlamahanya hore a di
sebedise ka katleho le ka nepo (j.k. diphapano
ho boitemohelo, setso, ditabatabelo le botho ba
motho);
 bapisa mokgwa oo dipuo tse fapaneng di
sebedisang dikgopolokutlwisiso kateng
ditikolohong tsohle tsa ho ithuta, le ho ho bopa
tlamahanyo ho thusa ka kutlwisiso le ho thusa
ho rarolla mathata.
Kereiti 8 Kereiti 9
HO NAHANA LE FANA KA MABAKA
Moithuti o kgona ho sebedisa puo ho
nahana, ho fana ka mabaka, ho fumana, ho
hlophisa le ho sebedisa tlhahisoleseding
ho ithuteng.
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Sebedisa puo ho nahana/bontsha se itseng ka ho:
 nahana ka seo a se utlwileng kapa a se badileng a
nto botsa dipotso tse phephetsang;
 nahana ka ntshetsopele ya bokgoni ba hae jwaloka
sebui, momamadi, le mongodi maemong a
tlwaelehileng a nto hlwaya dikarolo tseo a lokelang
ho di ntlafatsa;
 nahana ka matla a motho ka mong a ho ba le seabo
ho diketsahalo tsa sehlopha a nto hlwaya menyetla
ya ntshetsopele.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato o Phahameng
140
Kereiti 7
Sephetho sa ho Ithuta sa 5
(Se tswela pele)
Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Sebedisa puo ho nahana/bontsha se itseng ka ho:
 nahana ka seo a se utlwileng kapa a se badileng
a nto botsa dipotso tse hlokolosi le ho phephetsa
mehopolo;
 nahana ka ntshetsopele ya bokgoni ba hae
jwaloka sebui, momamadi, le mongodi
maemong a mangata a fapaneng a nto hlwaya
dikarolo tseo a lokelang ho di ntlafatsa;
 tlamahanya monahano o itshetlehileng ho matla
a motho ka mong a ho ba le seabo ho
diketsahalo tsa sehlopha a nto hlwaya menyetla
e mengatanyana ya ntshetsopele.
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Sebedisa puo ho nahana/bontsha se itseng ka ho:
 nahana le ho hlahloba boleng le nepahalo ya
tlhahisoleseding mosebetsing wa hae le wa
baithutimmoho le yena;
 lekola botjha ho bala ka hloko ha hae, bokgoni
ba ho ngola le ho mamela, ditlwaelo le
boitemohelo, a nto bontsha matla le ditikoloho
tse hlokang ho ntshetswa pele;
 nahana le ho botsa dipotso tse hlokolosi le ho
phephetsa mehopolo (ho kenyeletsa phephetso
ya mehopolo e sekametseng hlakoreng le le
leng) ho se bonwang, se mamelwang le se
balwang;
 fetola mehopolo ya hae moo ho hlokahalang, ka
mora ho utlwa kapa ho bala mehopolo ya ba
bang.
Mophato o Phahameng
141
Kereiti 8 Kereiti 9
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
SEBOPEHO SA THUTAPUO LE
TSHEBEDISO
Moithuti o kgona ho sebedisa medumo,
mantswe, le thutapuo ho toloka/hlalosa
ditema/dingolwa.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato o Phahameng
142
Sephetho sa ho Ithuta sa Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Sebetsa ka mantswe ka ho:
 sebedisa mawa a fapaneng ho peleta mantswe a sa
tlwaelehang;
 ipopela lenane la hae la mopeleto le bukantswe ka
hara kharikhulamo yohle;
 sebedisa bukantswe le bukantswe ya
mahlalosonngwe le malatodi (thesaurus) ho
phahamisa le ho ntlafatsa mopeleto;
 sebedisa dikgutsufatso tse tlwaelehileng le mantswe
a bopilweng ka ditlhaku tse qalang mabitso a itseng
ka nepo;
 hlwaya le ho sebedisa mantswe a leloko le le leng le
mantswe a tswang tikolohong e le nngwe ya ho
ithuta maemong a itseng hore a bope tlotlontswe e
ka sebediswang moelelong o itseng;
 hlwaya mefuta ya dihlongwapele le dihlongwanthao
ho bontsha moelelo o itseng;
 manolla kamoo dipuo di adimang mantswe dipuong
tse ding, le ka moo mantswe a matjha a botjwang
kateng le ho sebedisa mantswe ana ka nepo.
Kereiti 7
6
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Sebetsa ka mantswe ka ho:
 sebedisa mawa a mefuta e fapaneng ho peleta
mantswe a sa tlwaelehang;
 ipopela lenane la hae la mopeleto le bukantswe
ka hara kharikhulamo yohle a nto hlalosa hore
ke mantswe a feng a mo fang mathata;
 sebedisa bukantswe le bukantswe ya
mahlalosonngwe le malatodi ka katleho bakeng
sa dipatlisiso tsa tlotlontswe le mopeleto;
 sebedisa dikgutsufatso tse tlwaelehileng le
mantswe a bopilweng ka ditlhaku tse qalang
mabitso a itseng ka nepo;
 sebedisa mantswe a leloko le le leng le mantswe
a tswang tikolohong e le nngwe ya ho ithuta
maemong a itseng hore a bope tlotlontswe e ka
sebediswang moelelong o itseng;
 sebedisa dihlongwapele le dihlongwanthao ho
bontsha moelelo o itseng;
 hlalosa ka moo dipuo di adimang mantswe
dipuong tse ding, le ka moo mantswe a matjha a
boptjwang ka teng.
Mophato o Phahameng
143
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Sebetsa ka mantswe ka ho:
 sebedisa mawa a mefuta e fapaneng ho peleta
mantswe a sa tlwaelehang le ho hlalosa mawa ao
a sebedisitsweng;
 ipopela lenane la hae la mopeleto le bukantswe
ka hara kharikhulamo yohle a nto sekaseka/
manolla hore ke mantswe a mofuta o feng a
fanang ka mathata;
 sebedisa bukantswe le bukantswe ya
mahlalosonngwe le malatodi ka katleho le ka
boitshepo nako le nako bakeng sa dipatlisiso tsa
tlotlontswe, tshimoloho le ntshetsopele ya
mantswe;
 sebedisa dikgutsufatso tse tlwaelehileng le
mantswe a bopilweng ka ditlhaku tse qalang
mabitso a itseng ka nepo;
 hlalosa le ho sebedisa mantswe a leloko le le
leng le mantswe a tswang tikolohong e le nngwe
ya ho ithuta ho hlahisa tlotlontswe e ka
sebediswang moelelong o itseng;
 sebedisa dihlongwapele le dihlongwanthao tse
tlwaelehileng ho bontsha moelelo o itseng;
 buisana ka ka moo dipuo di adimang mantswe
dipuong tse ding ka teng, mokgwa oo mantswe
a fetolang moelelo ka wona ha nako e ntse e
tsamaya le ka moo mantswe a matjha a
botjwang ka teng.
Kereiti 8 Kereiti 9
SEBOPEHO SA THUTAPUO LE
TSHEBEDISO
Moithuti o kgona ho sebedisa medumo,
mantswe, le thutapuo ho toloka/hlalosa
ditema/dingolwa.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato o Phahameng
144
Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Sebetsa ka dipolelo ka ho:
 hlwaya le ho sebedisa mabitso, maetsi, mathusi,
makgethi, maemedi, mahokedi, makopanyi,
malahlelwa, makalo, leetsisamodumo, lebadi.
 hlwaya le ho sebedisa mefuta ya dipolelwana ka
nepo le ka tshwanelo (j.k Ha a le lemo tse tharo ke
ha mmae a hlokahala).
 hlwaya le ho sebedisa dipolelwanakgethi le
maamanyi (baithuit ba hlotseng papading ke ba
haeso).
 Sebedisa mefuta e fapaneng ya dipolelo tse jwaloka
tse behang, tse botsang, tse laelang le tsa makalo.
 hlwaya le ho sebedisa dikarolwana tsa polelo tse
jwaloka moetsi, ketso, moetsuwa, puosebui, dipolelo
le dipolelwana.
 sebedisa mefuta e mengata ya matshwao a ho bala
(j.k tlami, feelo).
Kereiti 7
Sephetho sa ho Ithuta sa 6
(Se tswela pele)
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Sebetsa ka dipolelo ka ho:
 hlwaya le ho sebedisa mabitso, maetsi, mathusi,
makgethi, maemedi, mahokedi, makopanyi,
malahlelwa, makalo, leetsisamodumo, lebadi.
 hlwaya le ho sebedisa mefuta ya dipolelwana ka
nepo le ka tshwanelo (j.k. Kaha o ne a se a
siilwe ke nako, o ile a lokela ke ho robala moo).
 hlwaya le ho sebedisa dipolelwanakgethi le
maamanyi (batho ba dutseng fatshe ba thabile).
 sekaseka/manolla phapang ya thutapuo pakeng
tsa dipolelo tse behang, tse botsang, tse laelang
le tsa makalo.
 hlwaya le ho sebedisa dikarolwana tsa polelo tse
jwaloka moetsi, ketso, moetsuwa, dipolelo le
dipolelwana.
 sebedisa mefuta e mengata ya matshwao a ho
bala (j.k. feelwana ho arola lentswe le bulang
polelo kapa polelwana ho tswa karolong ya
sehlooho ya polelo, le ho arola mantswe le
dipolelwana tlhahlamanong ya polelong
Mophato o Phahameng
145
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Sebetsa ka dipolelo ka ho:
 hlwaya le ho sebedisa mabitso, maetsi, mathusi,
makgethi, maemedi, mahokedi, makopanyi,
malahlelwa, makalo, leetsisamodumo, le lebadi
dipolelong.
 sebedisa mefuta ya dipolelwana ka nepo le ka
tshwanelo (j.k. Ha e ka ya na, ke tla nka
sekgele).
 sebedisa leetswa (passive voice) ho tsepamisa
maikutlo ho moetsuwa polelong (j.k Kgauta e
rafshwa Aforika Borwa) le ho tlosa moetsi
polelong (j.k Monna o ne a utlwiswa bohloko)
 sekaseka/manolla phapang ya thutapuo pakeng
tsa dipolelo tse behang, tse botsang, tse laelang
le tsa makalo
 hlwaya le ho sekaseka/manolla dikarolwana tsa
polelo tse jwaloka moetsi, ketso, moetsuwa,
dipolelo le dipolelwana le ho hlalosa mosebetsi
wa polelwana ka nngwe.
 sebedisa mefuta e mengata ya matshwao a ho
bala ka nepo (j.k feelo, masakana ho bontsha
mantswe a kahare ho ona).
Kereiti 8 Kereiti 9
SEBOPEHO SA THUTAPUO LE
TSHEBEDISO
Moithuti o kgona ho sebedisa medumo,
mantswe, le thutapuo ho toloka/hlalosa
ditema/dingolwa.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato o Phahameng
146
Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Sebetsa ka ditema ka ho:
 fetola tshebediso ya sehlooho le dipolelo tse
tshehetsang (j.k. ho beha sehlooho sa dipolelo
qetellong) ho hlahisa temana e tshwarahaneng.
 sebedisa mantswe a kopanyang jwaloka 'le ha ho le
jwalo' ho bopa tatelano ya monahano e nepahetseng
ka hara seratswana.
 hokela dipolelo ho diratswana tse tshwarahanang a
sebedisa, mantswe ao hangata a sebediswang a le
sehlopha, phetapheto ya mantswe le maemedi.
 latedisa ditemana ka hlahlamano e nepahetseng ho
bopa ditema tse telele.
_ Ntshetsapele temoho ya tshebediso le setaele ka ho:
 sebedisa dipolelo tse fapaneng tse nang le bolele bo
fapaneng.
 hlwaya pakeng tsa puo e hlophisitsweng le e sa
hlophiswang.
 sebedisa maele le dikapolelo tsa puo ka nepo.
Kereiti 7
Sephetho sa ho Ithuta sa 6
(Se tswela pele)
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Sebetsa ka ditema ka ho:
 fetola tshebediso ya sehlooho le dipolelo tse
tshehetsang (j.k. ho beha sehlooho sa dipolelo
qetellong) ho hlahisa temana e tshwarahaneng.
 sebedisa mantswe a kopanyang jwalo ka 'ka
hoo' ho bopa tatelano ya monahano e
nepahetseng ka hara seratswana.
 hokela dipolelo ho diratswana tse
tshwarahanang a sebedisa, mantswe a hokelang,
le mantswe ao hangata a sebediswang ka
sehlopha.
 latedisa ditemana ka hlahlamano e nepahetseng
ho bopa ditema tse telele.
_ Ntshetsapele temoho ya tshebediso le setaele ka
ho:
 hlalosa le ho sebedisa dipolelo tse fapaneng tse
nang le bolele bo fapaneng.
 hlwaya pakeng tsa puo e hlophisitsweng le e sa
hlophiswang o nto sebedisa setaele se
nepahetseng bakeng sa ho ngola le ho bua.
 sebedisa maele le dikapolelo ka nepo le ka
boiqapelo.
Mophato o Phahameng
147
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Sebetsa ka ditema ka ho:
 fetola tshebediso ya sehlooho le dipolelo tse
tshehetsang (j.k. ho beha sehlooho sa dipolelo
qetellong) ho hlahisa temana e tshwarahaneng.
 sebedisa mantswe a kopanyang jwalo ka 'eitse'
ho bopa tatelano ya monahano e nepahetseng ka
hara seratswana.
 hokela dipolelo ho diratswana tse
tshwarahanang a sebedisa, mantswe a hokelang
a jwalo ka 'le ha ho le jwalo', mahlalosonngwe
le malatodi, le ho pheta mantswe.
_ Ntshetsapele temoho ya tshebediso le setaele ka
ho:
 sebedisa dipolelo tse nang le bolele bo fapaneng
le ho sekaseka/manolla mefuta ya dipolelo tse
fapaneng.
 hlwaya pakeng tsa puo e hlophisitsweng le e sa
hlophiswang o nto hlalosa hore ke setaele sefe
se nepahetseng le hona se nepahetse ha ho le
jwang.
 kwekwetla polelo tse telele le tse meelelo e
mengata
 sebedisa maele ledikapolelo tsa puo ka nepo le
ka boiqapelo.
Kereiti 8 Kereiti 9
SEBOPEHO SA THUTAPUO LE
TSHEBEDISO
Moithuti o kgona ho sebedisa medumo,
mantswe, le thutapuo ho toloka/hlalosa
ditema/dingolwa.
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Ntshetsopele ya temoho e hlokolosi ya puo ka ho:
 hlwaya ditema moo puo e sa faneng ka moelelo wa
seo e se buang - ho ela hloko moelelo o potetseng.
 hlwaya puo e sebedisitsweng ka bohlale.
 hlwaya le ho sebedisa mantswe a bontshang
kelohloko e phahamang ya bong, bomorabe,
tikoloho, bophelo bo botle, le dintlha tse ding tsa
setso.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato o Phahameng
148
Kereiti 7
Sephetho sa ho Ithuta sa 6
(Se tswela pele)
Maemo a Tekolo
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Ntshetsapele temoho e hlokolosi ya puo ka ho:
 hlwaya moelelo o potetseng le meelelo e
mengata.
 hlwaya puo ka bohlale le ho ngola botjha sena
ntle le sehalo se amang maikutlo.
 momahanya ho hlwaya le tshebediso ya
mantswe a bontshang kelohloko e phahamang
ya bong, bomorabe, tikoloho, bophelo bo botle,
le dintlha tse ding tsa setso.
Re tseba sena ha moithuti a:
_ Ntshetsapele temoho e hlokolosi ya puo ka ho:
 hlwaya moelelo o potetseng, moelelo wa
mantlha le meelelo e mengata.
 manolla puo le dipotso tse sa hlokeng karabo
ntle le sehalo se amang maikutlo.
 sekaseka/manolla tshebediso ya mantswe a
kgothatsang a bontshang kelohloko e
phahamang ya bong, bomorabe, tikoloho,
bophelo bo botle, le dintlha tse ding tsa setso.
Mophato o Phahameng
149
Kereiti 8 Kereiti 9
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Maemo a Tekolo Maemo a Tekolo
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Mophato o Phahameng
150
KGAOLO YA 5
TEKOLO YA MOITHUTI
TLHAHISO/SELELEKELA
Moralo wa Tekolo ya Tlaleho ya Kharikhulamo e lekotsweng botjha ya Naha bakeng sa dikereiti tsa R-9
(dikolong) o itshetlehile ho dintlhatheo ya thuto e thehilweng hodima diphetho. Hlahlobo e lokela ho fana ka
pontsho ya phihlello ya moithuti ka mokgwa o nang le tshusumetso le katleho, o bileng o netefatsa kgokahano
ya tsebo, le bokgoni ba baithuti. Hape hlahlobo e lokela ho thusa baithuti ho etsa kahlolo ya tshebetso ya bona,
ba ipehele tseo ba ratang ho di fihlella bakeng sa tswelopele le ho qholotsa ntshetsopele ya ho ithuta.
Ho thusa tseleng ya Tekolo ya moithuti, Tlaleho ya Kharikhulamo e Lekotsweng Botjha ya Naha e:
_ Hlalosa Diphetho tsa ho ithuta le Maemo a Tekolo a tsamaelanang le tsona bakeng sa tikoloho e nngwe le e
nngwe ya ho ithuta le bakeng sa sehlopha/kereiti ka nngwe ho bente ya Thuto le Thupello e Akaretsang
(dihlopha R-9);
_ Neha Diphetho tse Hlokolosi le tsa Ntshetsopele moelelo ka hara Diphetho tsa ho Ithuta le Maemo a
Tekolo);
_ Beha Maemo a Tekolo bohareng ba tsela ya hlahlobo kereiting e nngwe le e nngwe. Maemo a Tekolo a
hlalosa boemo boo baithuti ba lokelang ho bontsha phihlello ya bona ya Diphetho tsa ho Ithuta le tsela
(botebo le bophara) ya ho ho bontsha phihlello ya bona.
Setshwantsho se latelang se bontsha ho tshwarahana pakeng tsa matshwao a moralo a Tlaleho ya
Kharikhulamo e lekotsweng botjha ya Naha:
Tekolo ya Moithuti
151
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
DIPHETHO TSE HLOKOLOSI LE
DIPHETHO TSA NTSHETSOPELE
TIKOLOHO YA HO ITHUTA
SEPHETHO SA HO ITHUTA
MAEMO A TEKOLO
SEHLOPHENG KA NNGWE
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Tekolo ya Moithuti
152
DINTLHATHEO TSA TEKOLO TSE SEBEDISWANG HO THUTO E THEHILWENG
HODIMA DIPHETHO
Tlhaloso
Tekolo Tlalehong ya Kharikhulamo e Lekotsweng Botjha ya Naha bakeng sa dikereiti tsa R-9 (dikolong) ke a
tswelang pele, ke tsela e hlophisitsweng ya ho bokella tlhahisoleseding malebana le tshebetso ya moithuti e
lekanngwang ho ipapisitswe le Maemo a Tekolo ya Diphetho tsa ho Ithuta. E hloka makgetha a tekolo a
hlalositsweng hantle le mefuta e fapaneng ya mawa a nepahetseng ho kgontsha matitjhere ho fana ka
tlalehopoeletso e ahang ho baithuti le, ho tlaleha ho batswadi le ho batho ba bang ba nang le thahasello.
Matshwao a Sehlooho
Thuto e thehilweng hodima diphetho ke tsela ya ho ruta le ho ithuta e totobatsang hantle seo baithuti ba
lokelang ho se fihlella. Ntlhatheo eo e sebetsang ka yona ke ya hore titjhere o hlakisa pele seo baithuti ba
lebeletsweng ho se fihlella. Mosebetsi wa titjhere ke ho ruta hore a tle a thuse baithuti ho kgotsofatsa ditlhoko
tsa bona tsa Maemo a Tekolo tsa Kharikhulamo; mosebetsi wa moithuti ke ho ithuta kapa ho etsa seo Maemo a
Tekolo a se lebeletseng. Tekolo ke ya bohlokwa ho thuto e thehilweng hodima diphetho hobane ho lokela hore
ho be le kgonahalo ya ho hlahloba ha moithuti a fihlelletse se hlokehang kereiting ka nngwe.
Ho thusa baithuti ho fihlella bokgoni ba bona bo phahameng ka katleho, Tekolo e lokela ho:
_ bonaletsa le ho tsepamisa maikutlo hantle.
_ e hokahane le ho ruta le ho ithuta.
_ e thehwe hodima makgetha kapa maemo a behilweng pele.
_ e fapafapane ho latela mekgwa, le maemo.
_ nepahala, e tshepahale e hloke leeme e be le sekgahla se lokelang moithuti le ho tenyetseha ho lekaneng ho
dumella menyetla e hodisitsweng.
Sepheo (morero) sa Tekolo
Sepheo se seholo sa ho hlahloba baithuti e lokela ho ba ho hodisa le ho ntshetsa pele moithuti ka mong, ho
lekola kgatelopele ya baithuti, le ho nolofatsa ho ithuta ha bona. Mesebetsi e meng ya tekolo e kenyeletsa:
Tekolo ya motheo
Hlahlobo ena hangata e sebediswa qalong ya kereiti kapa mophato mme o sebedisetswa ho fumana seo baithuti
ba seng ba ntse ba se tseba. E thusa titjhere ho rala/ho hlophisa mananeo a ho ithuta le ketsahalo ya ho ithuta.
Tekolo ya patlisiso ya sesosa
Hlahlobo ena e sebedisetswa ho batlisisa ka mofuta le sesosa sa ditshita tsa ho ithuta tseo baithuti ba itseng ba
tobaneng le tsona. E latelwa ke tataiso, tshehetso e nepahetseng le mawa a ho kena dipakeng.
Tekolo e tsebisang
E lebela le ho tshehetsa mokgwa wa ho ithuta le ho ruta, mme e sebedisetswa ho tsebisa titjhere le baithuti ka
tswelopele ya moithuti ka sepheo sa ho ntlafatsa ho ithuta. Tlalehopoeletso e ahang e ya etswa hore baithuti ba
tle ba kgone ho tswela pele/hola.
Tekolo e kgutsufatsang
E fana ka setshwantsho se akaretsang tswelopele ya moithuti, ka nako e itseng, ho etsa mohlala mafelong a
kotara kapa selemo hape le ha moithuti a tloha sekolong se seng a ya ho se seng.
Hlahlobo e hlophisitsweng
Ke Tekolo ya ho lebela tshebetso ya tsamaiso ya thuto. Ntlha e nngwe ya hlahlobo ena ke ya ho hlahloba
tshebetso ya moithuti e tsamaisana le ditshupisi tsa naha. Hlahlobo ena e hlophisitsweng e etswa qetellong ya
mophato o mong le o mong wa bente ya Thuto e Akaretsang le Thupello. Karolwana ya kemedi ya dikolo le
baithuti e kgethwa boemong ba porofensi kapa ba naha bakeng sa hlahlobo ena.
TEKOLO E TSWELANG PELE
Matshwao a Tekolo e tswelang pele
Tekolo e tswelang pele ke mokgwa wa sehlooho oo hlahlobo e etswang ka ona ho Tlaleho ya Kharikhulamo e
Lekotsweng Botjha ya Naha. E akaretsa dintlhatheo tsohle tsa Tekolo ya thuto e thehilweng hodima diphetho
mme di etsa bonnete ba hore hlahlobo e:
_ etsahala ka nako e telele ebile e a tswela pele: Ho ithuta ho hlahlojwa kgafetsa mme le direkoto tsa
tswelopele ya moithuti di kenyeletswa lesedi le letjha/ntjhafatswe ho ya le selemo kaofela.
_ tshehetsa kgolo le tswelopele ya baithuti: Baithuti e ba banka karolo ba mafolofolo ho ithuteng le ho
hlahlobeng, ba utlwisisa makgetha a sebediswang ho hlahloba ketsahalo tsa tshebetso, ba ba le seabo sa ho
itlhahloba, ba ipehela dipehelo tse itseng tseo ba ratang ho di fihlella, ba ipontshahatse ho ithuteng ha bona
mme ba be le boitemohelo ba boitshepo bo phahamisitsweng.
_ fana ka tlalehopoeletso e tswang ho ithuteng le ho rutweng: Tlalehopoeletso ke letshwao la bohlokwa ho
hlahlobo e tsebisang. Mekgwa ya ho fana ka tlalehopoeletso e kenyeletsa mokgwa o nepahetseng wa ho
botsa dipotso, ho totobatsa maikutlo a tswang ho titjhere ka molomo kapa a ngotswe fatshe ka se neng se
lokela ho fihlellwa ke ketsahalo ya tshebetso ya hlahlobo, le ho kgothaletsa moithuti.
_ dumella kgokahanyo ya hlahlobo ho ruteng le ho ithuteng: Sena se ka nna sa kenyeletsa ho hlahloba
Diphetho tsa ho Ithuta tse mmalwana tse tsamaelanang ka tshebediso ya ketsahalo ya tshebetso e le nngwe
ya hlahlobo, le ho kopanya mefuta e mengata ya mekgwa ya ho hlahloba, tsa ho hlahloba Maemo a Tekolo.
Boitsebelo ho Diphetho tsa ho Ithuta a ka bontshwa ka mekgwa e mengata, mme ka hoo mefuta e mengata
ya mekgwa ya ho hlahloba le menyetla ho tshwanetswe hore ho nehelanwe ka yona moo baithuti ba ka
bontshang bokgoni ba bona ka yona.
Tekolo ya Moithuti
153
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
_ sebedisa mawa a dumellang le ditlhoko tsa baithuti tse fapaneng (tsa puo, tsa mmeleng, monahanong,
maikutlong le setsong: Tekolo e tswelang pele e dumella matitjhere ho ba le kelohloko ho baithuti ba nang
le ditlhoko tsa ho ithuta tse ikgethang le ho hlola ditshita tsa ho ithuta ka tshebediso ya mekgwa e
tenyetsehang ya ho ruta. Sehlopheng se seng le se seng sa baithuti, ho nale tekatekano le ditaele tse
fapaneng tsa ho ithuta. Baithuti ha ba lokela ho hlahlojwa bohle ka nako e le nngwe le ka mokgwa o le
mong.
_ dumella tekolo e kgutsufatsang: Ho bokellana ha diphetho tsa diketsahalo tsa tekolo e tswelang pele ho fana
ka setshwantsho se akaretsang sa tswelo pele ya moithuti ka nako e behilweng. Tekolo e akaretsang e lokela
ho hlophiswa ka hloko ho tloha qalong ya selemo, ho kenyeletsa mawa a fapaneng a tekolo - ho etsa
mohlala, ka dihlakiso, mesebetsi, diporojeke, diteko tsa sekolo le tsa phaposing - tse tla nehelana ka menyetla
e mengata ho bontsha seo ba ithutileng sona.
Mawa a Tekolo:
Kgetho ya seo mawa a tekolo a ka sebedisa eng ke e itshetlehileng ho maikutlo a itseng, e ikgethileng ho
titjhere e nngwe le e nngwe, kereiti le sekolo se seng le se seng mme e itshetlehile ho kahlolo ya boporofeshene
ba titjhere. Boteng ba sebaka le disebediswa di susumetsa qeto ena, mme le ha disebediswa di tshwana,
matitjhere a fapana ka mekgwa eo ba etsang dikgetho tsa bona.
Mekgwa, e kgethwang bakeng sa diketsahalo tsa hlahlobo e tshwanetse ho nepahala bakeng sa Maemo a
Tekolo a tla hlahlojwa, le sepheo sa tekolo se lokelwa ho utlwisiswa ke baithuti bohle le matitjhere a nang le
seabo. Boiphihlelo bo ka bontshwa ka mekgwa e mengatanyana. Kahoo mefuta ya mekgwa e a hlokahala ho
neha baithuti monyetla wa ho bontsha bokgoni ba bona ka botlalo.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
Tekolo ya Moithuti
154
Mesebetsi e Tlwaelehileng (ya bohle) ya Tekolo
Sepheo sa Mesebetsi e Tlwaelehileng (ya bohle) ya Tekolo:
_ Netefatsa ho tshwarella ho kahlolo ya titjhere;
_ Ntshetsa pele maemo a nepahetseng a tlwaelehileng;
_ Matlafatsa mothamo wa Tekolo e tswelang pele e etswang sekolong;
_ Ho phahamisa ho nepahala ha tsela ya ho hlahloba le disebediswa;
_ Ho netefatsa hore mesebetsi ya Tekolo ya sekolong e hlahloba ka nepo boiphihlelo le ho fihlella se itseng;
_ Ho netefatsa menyetla e hodisitsweng ya baithuti.
Mesebetsi e Tlwaelehileng (ya bohle) ya Tekolo e ka botswa boemong ba Naha, Porofensi, setereke kapa ba
dikolo tse kgobokantsweng mmoho. E etswa dikolong mme e behwa boemong bo nepahetseng ke bahlahlobi ba
tswang ka ntle.
HO HLOKOMELA TEKOLO
Batho ba hlahlobang
Titjhere le sekolo ba na le boikarabello bo akaretsang tekolong ya baithuti. Matitjhere a lebeletswe ho bopa
tsela ya nnete, e tshepahalang, e kgolwehang ya Tekolo. Maano a porofensi a loketse ho netefatsa hore ho nka
seabo ha baithuti, sehlopha sa sekolo se hlahlobang, sehlopha sa setereke se tshehetsang, ditshehetso le
batswadi e le tse nepahetseng.
Lenaneo la Sekolo la Tekolo
Sekolo se seng le se seng se lokela ho hlahisa lenaneo la tekolo le itshetlehileng ho tataiso ya porofensi le ya
naha. Se lokela ho ba le le Moralo wa Sekolo wa ho lekola le sehlopha se tla tsamaisa ho kenngwa tshebetsong
ha lenaneo lena. Sehlopha se lokela ho ba le kemedi ho tswa ho mophato o mong le o mong, le ho Tikoloho e
nngwe le nngwe.
Ho netefatsa katamelo e nang le boporofeshene ya tekolo, lenaneo la sekolo la tekolo le lokela ho totobatsa ka
ho hlaka:
_ Tsela eo tekolo e tswelang pele e hlophiswang le ho kenngwa tshebetsong.
_ Mokgwa oo dibuka tsa direkoto di tshwarwang ka teng, ka moo di fumanehang ka teng le polokeho ya
tsona:
 dikhoutu tsa tekolo tse behilweng ke Porofensi
 ho netefatswa ha tekolo ke batho ba hona moo sekolong
 mokgwa oo ho behwa ha tekolo maemong a nepahetseng ho etswang kateng sekolong
 makgetlo le mekgwa ya ho repota/tlaleha
 ho lekolwa ha tsela tsohle tsa tekolo
 kwetliso ya basebetsi tikolohong tsa tekolo
Ditikoloho tseo ho tsona kwetliso ya sekolong e lokelang ho etsahala di kenyeletsa:
_ mokgwa wa ho sebedisa makgetha/diruburiki ho hlahloba;
_ fumana tumellano pakeng tsa matitjhere a kereiti e le nngwe ka se nkuwang se hlokahala ho kgotsofatsa
155
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Tekolo ya Moithuti
Diphetho tsa ho Ithuta;
_ mokgwa wa ho ngola maikutlo bakeng sa tekolo, diphetho le diraporoto le.
_ ho fihlella kutlwisiso e tlwaelehileng ya lenaneo la sekolo la ho lekola.
HO BOLOKA DIREKOTO
Dibuka tsa Direkoto
Poloko e nepahetseng ya direkoto e a hlokahala ho tekolo yohle, haholoholo ho tekolo e tswelang pele. Buka ya
ho rekota e lokela ho bolokwa e le maemong a nepahetseng ke titjhere e nngwe le e nngwe. E lokela ho ba le:
_ lebitso la moithuti;
_ letsatsi la tekolo;
_ lebitso le tlhaloso ya diketsahalo tsa Tekolo;
_ diphetho tsa diketsahalo tsa tekolo, ho ya ka Tikoloho tsa ho Ithuta kapa Mananeo a ho Ithuta;
_ moo ho fanweng ka maikutlo hodima mosebetsi wa moithuti bakeng sa ho fana ke tshehetso.
Direkoto tsohle di lokela ho fumaneha ha bonolo, ho be bonolo ho di toloka, di bolokwe di sireletsehile, di
bolokwe e le sephiri le ho ba le thuso ho ruteng le ho tsela ya ho tlaleha.
Lenaneo la sekolo la ho lekola le laola dintlhakgolo tsa mokgwa oo dibuka tsa ho rekota di tlamehileng ho
tlatswa kateng. Dikhoutu tsa hlahlobo di sebediswa ho hlalosa kamoo moithuti a sebetsang kateng kgahlanong
le Diphetho tsa ho ithuta. Dikhoutu tse sebedisitsweng di lokela ho hlaka le ho utlwisiswa ke baithuti le
batswadi.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
156
Tekolo ya Moithuti
Dikhoutu tse tla sebediswa bakeng sa ho Tekolo
Ho na le mekgwa e mengata eo tlalehopoeletso ya Tekolo ho ka fanwang ka yona ho moithuti le ho rekotwa ke
titjhere. Ho kgetha mokgwa o motle ka ho fetisisa wa ho etsa sena bakeng sa mosebetsi wa hlahlobo ho tla
itshetleha hodima dintlha tse ngatanyana, tse jwaloka:
_ Lenane la baithuti ka phaposing le nako eo titjhere e nang le yona;
_ Bothata le bolelele ba mosebetsi wa tekolo;
_ Dikahare tsa seo ho ithutwang sona kapa bokgoni bo hlahlojwang (j.k. Mmetse kapa mongolo);
_ Potlako eo ka yona ho fanwang ka tlalehopoeletso;
_ Mokgwa oo tlalehopoeletso e behilweng ka bomong kateng;
_ Makgetha kapa rubriki e sebediswang ke titjhere ho hlalosa tshebetso ya moithuti;
_ Hore tshebetso ya moithuti e lokela ho bapiswa le ya baithuti mmoho le yena, tshebetso ya hae ya pele kapa
ditlhoko ya Maemo a Tekolo ya Diphetho tsa ho Ithuta.
Dikhoutu tse ding di nepahala ho feta tse ding mabakeng a fapaneng. Mohlala, maikutlo e ka ba a nammeng, a
qoholehileng bakeng sa moithuti ka mong mme a fana ka ditshitsinyo bakeng sa ntlafatso. Maikutlo ao ho
fanwang ka wona a bohlokwa bakeng sa ho repota ka tshebetso ya moithuti kgahlanong le Maemo a Tekolo.
Leha ho le jwalo ho ntshuwa ha maikutlo ho nka nako e telele ho ka ngolwa mme ha ho bonolo ho a rekota.
Dikhoutu tse kang 'Hantle ho feteletseng', 'Hantle haholo', 'Hantle', 'O nale bokgoni', 'Ha a na bokgoni bo
loketseng' di ngoleha ka potlako ebile di dumella tekolo ya ho bontsha tswelopele kgahlanong le mosebetsi o
fetileng le kgahlanong le Maemo a Tekolo. Leha ho le jwalo ha di nehelane ka sebaka ka dintlhakgolo tse bang
teng ha ho ntshuwa maikutlo. Ka hlakoreng le leng, matshwao a rekoteha ka potlako mme a ka kopanngwa
mmoho, a atiswa le ho arolwa. A nale thuso ha ho hlahlojwa tshebetso ya baithuti ho ipapisitswe le ya ba bang
ka phaposing, le ho dikereiti tse ding kapa sekolo. Leha ho le jwalo a fana ka tlhahisoleseding e nyane ka
tshebetso ya baithuti kgahlanong le Maemo a Tekolo.
Mehlala, e fumanwang hara e meng, ya dikhoutu tsa hlahlobo ke ena:
_ ha ba so fihlelle, o se a tla fihlella, o fihlelletse;
_ tshebetso e kgotsofatsang, o hloka thuso;
_ A, B, C;
_ dipolelwana tse radilweng haholoholo bakeng sa diketsahalo tsa hlahlobo kapa tlaleho/raporoto
Khoutung efe kapa efe e sebediswang, tlalehopoeletso e ba le katleho haholo ha e kopanngwa le ho ntshuwa ha
maikutlo. Ho nale kgonahalo ya ho ba le ntlafatso ho phihlello ha baithuti ba filwe tlalehopoeletso e ngotsweng
fatshe ho feta ha ba filwe matshwao feela. Leha matshwao le porosente di nale thuso e kgolo ha ho rekotwa,
jwaloka ha ho le bonolo ho ngola matshwao bukeng ya ho rekoto, hangata ha di na thuso bakeng sa
tlalehopoeletso le ho repota. Mathata a mang a hlahiswang ke matshwao ke a hore a ka kopanngwa a etswa
letshwao le le leng le leholo leo ho tla sebetsanwa le lona mme sena se pata boholo ba phihlello le tswelopele
ya baithuti. Ha baithuti ba qetile mosebetsi wa hlahlobo o fetang bonngwe, ho nale ho lekeha ha ho sebedisa
matshwao a dipalo, ho a kopanya le ho fumana matshwao a fumanweng ke baithuti bohle a nto arolwa ka
lenane la bona ha sena se etsahala, matshwao a lahlehelwa ke thuso ya wona ya ho fana ka tlalehopoeletso.
Matshwao a kopantsweng a nto arolwa ka lenane la baithuti kapa a kopantsweng ho etsa letshwao le le leng a
pata ntlha ya hore moithuti e ka nna ya ba o fihlelletse thuto e neng e behilwe hantle ntlheng e itseng, empa e
seng ho e nngwe. Matshwao a fana ka boemo ba phihlello e akaretsang empa a pata mabaka a ho lekola
157
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Tekolo ya Moithuti
phihlello (kapa ho sa fihlelle phihlello) ho tswa ho moithuti, le ho thibela tsepamiso ya maikutlo ho ho ithuteng
se itseng ho tswa ho hlahlobo. Ebile ha a hlalose tswelopele ya moithuti kharikhulamong yohle. Maemong a
mangata ho tsitlallela matshwao a le mang (ntle le ha e ba ke a kgotsofatsang), ho nkuwa e le sesupo ya
tswelopele e ntle. Matshwao a 70 kgahlanong le Maemo a Tekolo ya Kereiti ya 5 le matshwao a 70 kgahlanong
le Maemo a Tekolo ya Kereiti ya 6 a pata ka ho phethahala tswelopele e bang moithuti e ka nna ya ba o bile le
yona hara selemo, e hlalosehang hantle ha ho entswe polelo, ho sebedisitswe khoutu kapa ho ntshitswe maikutlo.
Dikhoutu tsa Naha
Ha ho rekotwa kapa ho tlalehwa ka phihlello ya moithuti ho Diphetho tsa ho Ithuta tsa kereiti e itseng,
dikhoutu tse latelang di lokela ho sebediswa:
4 = Phihlello ya moithuti e fetile hole ditlhoko tsa Sephetho sa ho Ithuta sa kereiti
3 = Phihlello ya moithuti e fetile ditlhoko tsa Sephetho sa ho Ithuta sa kereiti
2 = Phihlello ya moithuti e kgotsofaditse ntlha e itseng ya ditlhoko tsa Sephetho sa ho Ithuta sa kereiti
1 = Phihlello ya moithuti ha a ya fihlella ditlhoko tsa Sephetho sa ho Ithuta sa kereiti
Dipallo tsa tswelopele/kgatelopele
Mafelong a selemo se seng le se seng, pallo ya tswelopele e lokela ho tlatswa, e saenwe ke hlooho ya sekolo le
hlooho ya lefapha. Pallo ya tswelopele ke rekoto e nang le tlhahisoleseding e kgutsufaditsweng ka ha
tswelopele ya baithuti kereiting, le sekolong.
Pallo ya tswelopele e lokela ho kenyeletsa tlhahisoleseding ena:
_ Lebitso la sekolo le setempe sa sekolo;
_ Lenane la baithuti kereiting ka nngwe;
_ Dikhoutu tsa tswelopele Tikolohong nngwe la ho Ithuta (Tsamaiso ya Khoutu ya Naha);
_ Dikhoutu tsa tswelopele kereiting ka nngwe (tswelopele ya ho fetela kereiting e nngwe kapa ho sala
kereiting yona eo);
_ Ho ntshuwa ha maikutlo hodima ditikoloho tseo a nang le matla ho tsona le tseo a hlokang tshehetso ho
tsona Lenaneong le leng le le leng la ho Ithuta;
_ Letsatsi/mohla le moo hlooho ya sekolo e saenileng teng, titjhere kapa morutabana e mong le moemedi wa
lefapha.
Porofaele ya Moithuti
Porofile ya moithuti ke rekoto e tswelang pele ya tlhahisoleseding e fanang ka tswelopele ya moithuti e
akaretsang, e kenyeletsang ntshetsopele e phethahetseng ya makgabane, maikutlo le tswelopele ya phedisano. E
thusa titjhere kereiting e latelang kapa sekolong ho utlwisisa moithuti hantle, mme ka hoo ho ikarabella ka
nepo ho baithuti. Porofaele e lokela ho sireletswa bakeng sa moithuti e mong le e mong mme e lokela ho
tsamaya le moithuti nakong yohle ya ho ithuta ha hae.
Mofuta o latelang wa tlhahisoleseding o lokela ho kenngwa porofaeleng ya moithuti:
_ Tlhahisoleseding ya motho ka boyena;
_ Maemo a mmele le nalane ya tsa bophelo bo botle;
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
158
Tekolo ya Moithuti
_ Dikolo tseo a kileng a kena ho tsona le rekoto ya hae ya ho tsamaya sekolo;
_ Ho ba le seabo le diphihlello mesebetsing e ka thoko ho tsa thuto;
_ Boitshwaro ba maikutlo le ba phedisano;
_ Ho ba le seabo ha batswadi;
_ Ditikoloho tse hlokang tshehetso e ekeditsweng
_ Tlaleho/raporoto e kgutsufatsang e akaretsang ya ha selemo se fela le;
_ Rekoto ya kgutsufatso ya tswelopele ya dilemo tsa ho ithuta;
Ela hloko:
_ Porofaele ya moithuti e nka sebaka sa ditokomame tsohle tsa direkoto kaofela tsa tswelo pele tse ileng tsa
sebediswa ke sekolo, tse jwaloka dikarete tsa direkoto, dikarete tsa titjhere, le dikarete tsa Edlab. Sepheo sa
mantlha sa porofaele ya moithuti ke ho thusa moithuti ka hore a be le bokgoni ba ho fihlella mefuta ya
tlhahisoleseding e teng ka hara yona.
_ Tlhahisoleseding ya moithuti ka boyena ba hae, e ka hara porofaele ha e a lokela ho sebedisetswa ho
kgetholla ka leeme kgahlanong le yena.
_ Porofaele ya moithuti e seke ya kopakopanngwa le potofolio ya hae. Potofolio ke mokgwa wa ho hlahloba o
fang moithuti le titjhere ka bobedi monyetla wa ho sheba mosebetsi o entsweng ka makgetlo a mangata
bakeng sa mesebetsi ya hlahlobo. Mosebetsi o kenngwa kahara mokotlana o phuthilweng, faele kapa
lebokose. Ka hlakoreng le leng porofaele ya moithuti ke rekoto e nang le tlhahisoleseding ka ha moithuti.
Diraporoto
Tlhahisoleseding e lokelang ho Kenngwa Diraporotong
Matitjhere a lokela ho ikarabella ho baithuti, batswadi, tsamaiso ya thuto, le baahi ba phatlaletseng ho
hlahlobeng bana ba bona. Sena se etsahala ka ho repota. Ho tlatseletsa ho diraporoto tse ngotsweng fatshe,
diketsahalo tsa molomo kapa tsa ho bontsha ka ho etsa, ho pepesa le dipontsho tsa mosebetsi wa bana di ka
nna tsa sebediswa.
Raporoto e nngwe le e nngwe ya tswelopele ya moithuti ka kakaretso e lokela ho kenyeletsa tlhahisoleseding
ena:
_ thuto e fihleletsweng;
_ boipabolo ba moithuti;
_ tshehetso e hlokahalang;
_ tlalehopoeletso e ahang, e lokelang ho ba le moo ho ntshuweng maikutlo ka ha tshebetso ya moithuti a
bapiswa le baithutimmoho le yena le mosebetsi wa hae wa nako e fetileng o bapiswa le ditlhoko tsa
Ditikoloho tsa ho Ithuta.
Ho repota ho batswadi ho lokela ho etswa kgafetsakgafetsa ho kgothaletsa hore ba be le seabo le ho nka karolo.
Matitjhere a lokela ho repota qetellong ya kotara e nngwe le e nngwe ba sebedisa dikarete tse hlophisitsweng.
159
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Tekolo ya Moithuti
Ha ho tlo kgonahala kamehla ho fana ka tlhahisoleseding ya phihlello sephethong se seng le se seng sa ho
Ithuta. Le ha ho le jwalo diraporoto di lokela ho fana ka tlhahisoleseding ka phihlello Tikolohong e nngwe le e
nngwe ya ho Ithuta kapa Lenaneong le leng le le leng la ho ithuta. (Ntlheng ya Mophato wa Motheo)
Dikarete tsa ho Tlaleha\Repota
Bonyane ba ditlhoko tse hlokahalang bakeng sa karete ya ho tlaleha ke tsena:
1. Dintlha tsa motheo:
_ Lebitso la sekolo;
_ Lebitso la ngwana;
_ Kereiti ya moithuti;
_ Letsatsi la moithuti la tswalo;
_ Selemo le kotara;
_ Letsatsi le moo motswadi kapa mohlokomedi a saenang;
_ Letsatsi le moo titjhere a saenang teng;
_ Letsatsi le moo hlooho ya sekolo e saenang teng;
_ Letsatsi la ho kwalwa le ho bulwa ha sekolo;
_ Setempe sa sekolo;
_ Porofaele ya ho tsamaya sekolo ha moithuti;
_ Tlhaloso ya dikhoutu tsa Tsamaiso ya Naha ya ho Khouta.
2. Moo a nang le matla le ditlhoko:
_ Nehelana ka tlhaloso ya matla, ditlhoko tsa ntshetsopele, kapa tikoloho eo moithuti a hlokang tshehetso ho
Tikoloho e nngwe le e nngwe ya ho Ithuta kapa Lenaneo le leng le le leng la ho Ithuta.
_ Sebedisa Tsamaiso ya Naha ya ho Khouta ho hlahloba tshebetso kgahlanong le Maemo a Tekolo le
Diphetho tsa ho Ithuta tseo ho sebetsanweng le tsona ho fihlela moo - ha ho hlokahale ho fana ka khoutu
bakeng sa Sephetho se seng le se seng sa ho Ithuta. Raporotong ya selemo ha se fela tshebetso ya moithuti
ka kakaretso Tikolohong tsa ho Ithuta e lokela ho bontshwa.
3. Ho ntshuwa ha maikutlo ka Tikoloho e nngwe le e nngwe ya ho Ithuta kapa Lenaneo le leng le le leng la ho
Ithuta:
Nehelana ka maikutlo ka Tikoloho e nngwe le e nngwe ya ho Ithuta kapa Lenaneo la ho Ithuta, o
tsepamisitse maikutlo ho baithuti ba fetileng ditlhoko kapa ba hlokang tshehetso. Ho ntshuwa ha maikutlo
ho matla a qoholehileng le ditikoloho tse hlokang tshehetso, di lokela ho hokelwa ho Maemo a Tekolo. Ho
ntshuwa hona ha maikutlo ho tla fa batswadi, baithuti le matitjhere a mang monyetla wa ho fumana
kutlwisiso ya hore ke tshehetso efe e hlokwang ke moithuti.
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
160
Tekolo ya Moithuti
MANANE A TSHUPISO
LENANE LA MANTSWE LE DITLHALOSO TSA ONA BAKENG SA
KHARIKHULAMO LE TEKOLO
Tekolo - Ke mokgwa wa tshebetso, e hlophisitsweng, e tswelang pele ya ho bokella lesedi ka tshebetso ya
moithuti mme e bapiswa kgahlano le Maemo a Tekolo
Maemo a Tekolo - Tsebo, bokgoni le makgabane, tseo moithuti a lokelang ho di bontsha, hore a fihlele
Diphetho tsa ho Ithuta sehlopheng/kereiting kang
Tekolo ya Motheo - Ke Tekolo ya motheo/ya qalong, e sebedisetswang ho fumana seo moithuti a seng a ntse a
se tseba
Tekolo e tswelang pele - Ke mofuta wa hlahlobo o kgothalletsang kgokahanyo ya Tekolo ho ruteng, le
ntshetsopele ya baithuti ka tshebediso ya tlalehopoeletso e tswellang/ya nako tsohle
Diphetho tse hlokolosi - Tsona mmoho le Diphetho tsa Ntshetsopele, ke diphetho tsa mantlha tsa Tlaleho ya
Kharikhulamo Ya Naha bakeng sa Kereiti ya R - 9 (dikolong), tse kgothalletswang ke Molaotheo - di
kenyelletsa bokgoni ba mantlha ba bophelo bakeng sa baithuti bo kang kgokahano, ho nahana ka hloko, taolo
ya lesedi/tlhahisoleseding, mosebetsi wa sehlopha le wa setjhaba sa selehae le bokgoni ba ho hlahloba
Kharikhulamo 2005 - Sena se lebisitswe ho phetolelo ya pele ya Tlaleho ya Kharikhulamo Ya Naha ka mora
Kgethollo. Tokomane ena ya leano la thuto ya 1997, e fana ka moralo wa popeho bakeng sa Ntshetsopele ya
Kgolo ya ngwana ya bongwaneng, Thuto le Thupelo e Akaretsang, Ntshetsopele ya Thuto le Thupelo, Thuto
ya Motheo ya Batho ba Baholo, le Thupelo. Tlaleho e lekotsweng botjha ya Kharikhulamo Ya Naha bakeng sa
Kereiti ya R - 9 (dikolong), e lebisitswe ho matlafatsweng ha Kharikhulamo 2005
Diphetho tsa Ntshetsopele - Tsona mmoho le Diphetho tse Hlokolosi, ke diphetho tsa bohlokwa/tsa mantlha
tsa Tlaleho ya Kharikhulamo Ya Naha bakeng sa Dikereiti tsa R - 9 (dikolong) tse hlohlolleditsweng ke
Molaotheo: di kenyelletsa ho fana ka bokgoni ho baithuti hore ba ithute ka katleho, le hore ba fetohe baahi ba
nang le boikarabello, ba kelohloko le ba nang le bokgoni ba ho hlahisa dintho
Kgato ya ho tswa mophatong - Ha baithuti ba qeta sehlopha (kereiti) sa 9, ba nehwa setifikeiti sa Thuto le
Thupello e Akaretsang
Tekolo e Tsebisang - Mofuta ona wa Tekolo, o hlahloba tswelopele ya moithuti nakong eo thuto e tswelang
pele hore e fane ka tlalehopoeletso e tla matlafatsa ho ithuta
Mophato wa Motheo - Ke mophato wa pele wa mokgahlelo (bente) wa Thuto le Thupello e Akaretsang
Dihlopha (Dikereiti) tsa 1, 2, 3
161
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Manane a Tshupiso
Mokgahlelo (Bente) wa Thuto le Thupello e Akaretsang. - Dilemo tse 10 tse tlamang tsa ho tsamaya
sekolo, o etswang ke Mophato wa Motheo, o Mahareng le o Phahameng
Setifikeiti sa Thuto le Thupello e Akaretsang - Ke setifikeiti se fumanwang ha ho phethilwe ka katleho
mokgahlelo wa Thuto le Thupello e Akaretsang
Kgokahanyo - Ke ntlhatheo ya sehlooho ya ho rala Tlaleho ya Kharikhulamo Ya Naha, e hlokang hore baithuti
ba sebedise tsebo le bokgoni ho tswa Tikolohong tse ding tsa ho ithuta kapa ho tswa dikarolong tse fapaneng
tsa Tikoloho e le nngwe ya ho ithuta bakeng sa ho ntshetsa pele mesebetsi le diketsahalo
Mophato o Mahareng - Ke mophato wa bobedi wa mokgahlelo (bente) wa Thuto le Thupello e Akaretsang
Dikereiti 4, 5, 6
Puo ya ho ithuta le ho ruta - Ke puo e sebediswang haholo tikolohong e itseng ya ho ithuta le ho ruta. Baithuti
ba bang ba ithuta le ho rutwa ka puo ya tlatsetso (eo e seng puo ya bona ya lapeng)
Tikoloho tsa ho Ithuta - Ho na le Ditikoloho tse 8 tsa ho ithuta Tlalehong ya Kharikhulamo Ya Naha bakeng sa
Dikereiti tsa R - 9 (dikolong): Dipuo, Mmetse, Mahlale a Tlhaho, Thekenoloji, Mahlale a Phedisano,
Kamahanyo le tsa Bophelo, Mahlale a Kgwebo le Tsamaiso le Bonono le Botjhaba
Tlaleho ya Tikoloho ya ho Ithuta - Ke Tlaleho ya Tikoloho e nngwe le e nngwe ya ho Ithuta, e hlahisang
Diphetho tsa ho Ithuta le Maemo a Tekolo
Diphetho tsa ho Ithuta - Diphetho tsa ho Ithuta di tswa ho Diphetho tse Hlokolosi le tsa Ntshetsopele, mme di
hlalosa seo moithuti a lokelang ho se tseba, le ho kgona ho se etsa ha a fihla qetellong ya sehlopha/kereiti,
mophato le bente
Porofaele ya Moithuti - Rekoto e akaretsang ya tlhahisoleseding ka tshebetso ya moithuti e kenyeletsang le
tlhahisoleseding ka moithuti ka boyena, kgolo ho tsa phedisano, tshehetso e hlokwang ke moithuti eo, le
malebela (sample) a mosebetsi wa hae le raporoto ya selemo
Mananeo a ho ithuta - Mananeo a diketsahalo tsa ho ithuta a kenyelletsa dikahare (tsa tikoloho ya ho ithuta) le
mekgwa ya ho ruta- tsena di tataiswa ke Tlaleho ya Kharikhulamo Ya Naha bakeng sa dikereiti tsa R- 9, empa
a etsuwa ke diporofensi, dikolo le matitjhere
Mokgwa wa Naha wa dikhoutu (matshwao) - Mokgwa wa naha o maemong wa dikhoutu tsa tshebetso
bakeng sa ho tlaleha (repota) tswelopele ya moithuti
Diphetho - phethelo qetellong ya tshebetso ya ho ithuta, e thehilweng hodima diphetho. Diphetho tsena di
thusa ho fana ka sebopeho tshebetsong ya ho ithuta
Thuto e thehilweng hodima Diphetho - Ke tshebetso e thehilweng hodima diphetho, e thehilwe hodima
diketsahalo, e bile e shebane le baithuti haholo. Ho latela mokgwa ona wa, Kharikhulamo 2005 le Tlaleho ya
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
162
Manane a Tshupiso
Kharikhulamo Ya Naha, di reretswe ho kgothalletsa ho ithuta ha ka nako tsohle.
Potefolio - Faele ya moithuti ka mong e jereng mosebetsi wa moithuti
Tswelopele/Kgatelopele - Ke ntlhatheo ya mantlha ya moralo wa Tlaleho ya Kharikhulamo Ya Naha, e etsang
hore baithuti ba hodise bokgoni le kutlwisiso ya bona ka hanyane, ka botebo, le ka tsebo e phatlalletseng
sehlopheng/kereiting e nngwe le e nngwe
Dipallo tsa tswelopele/Kgatelopele - Ke sesebediswa sa ha selemo se fela, seo ho sona ho rekotwang
kgatelopele ya baithuti bohle sehlopheng/kereiting. Pallong mona ho kenyeleditswe matshwao bakeng sa
kgatelopele Tikolohong ya ho ithuta le sehlopheng (kereiting) se seng le se seng. Hape ho ngolwa le maikutlo
kapa keletso ya hore moithuti o hloka thuso karolong efe
Tekolo e Kgutsufatsang - Mofuta ona o fapana le Tekolo e tsebisang, ka hore wona o bua ka ditlaleho (diraporoto)
tsa ka mehla tsa tswelopele ya moithuti, ka tlwaelo qetellong ya kotara le ya selemo
Mophato o Phahameng - Ke mophato wa boraro wa mokgahlela wa Thuto le Thupello e Akaretsang
Dikereiti 7; 8; 9
163
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Manane a Tshupiso
LENANE LA MANTSWE LE DITLHALOSO TSA WONA TSA TIKOLOHO YA HO ITHUTA
Ho mamela ka mafolofolo - ha motho a leka ho ipeha boemong ba mmui mme ba mamela le ho bua ka hloko
seo mmui a se buang
Puo ya tlatsetso - puo eo ho ithutwang yona eo e seng ya moithuti ya lapeng
Botemengata - ha moithuti a ithuta puo tse ngata tsa tlatsetso ho kenyeletsa le ya hae ya lapeng. Sena ha se
nke sebaka sa puo ya lapeng empa ho ithutwa ho ipapisitswe le yona
Makgabane a puo - tshebediso ya puo ho bopa tema e hohelang babadi e bileng e ba natefela
Tema tsa nnete - tema tse sebediswang bophelong ba nnete (j.k dimakasine, dikoranta, direkoto tsa diradio le
theleveshene, dipapatso, ho tshwauwa ha dipakete, diboroutjhara, diforomo, mangolo)
Katamelo e lekalekaneng ho phadimeho - katamelo e tshehetsang phadimeho e itlhahelang/e ropohang feela e
kgothaletsang baithuti ho natefelwa ke dibuka le ho tsepamisa maikutlo ho moelelo, ebile e ba fa mawa a ho
sebedisa dikhoutu tsa mantswe a ngotsweng
Leeme - tlwaelo ya ho kgetholla ntho e nngwe ho e nngwe hoo e bang motho e mong ha a kgone ho etsa
hlahlobo e nepahetseng
Motapo - tshebediso ya puo kapa mokgabisopuo haholo hona hoo e bang puo eo e lahlehelwa ke moelelo wa
yona wa mantlha
Sehlohlolo - karolo e hohelang, e thabisang ebile e nale tshusumetso temeng eo hangata e atamelang ho ya
pheletsong ya tema
Moelelo o ipatileng - ke tshebediso ya puo moo sebui se sebedisa puo e nngwe ho pata moelelo wa seo a se
buang ka nnete
Kgobokanyo ya ditumammoho - ditumammoho tse hlahellang nqa e le nngwe ka tatelano e tsitsitseng puong
(mohlala: Sesothong 'tshuo' jwaloka ho 'tshwanelo'; 'tshwele' le 'tshweu')
Puo e itlhahelang/ e ropohang - tsebo ya ngwana ya mantswe a ngotsweng. Bana ba bona mongolo tikolohong
eo ba phelang ho yona mme ba qala ho utlwisisa sepheo sa wona. Ba ka nna ya ba ba phethetswe dipale kapa
ba baletswe tsona mme ba ithuta mokgwa oo dipale di sebetsang ka wona le hore na dipale ke eng. Ka hoo pele
ba eya sekolong ba se ba ntse ba tseba ho ho ngata. Ba ka nna ba leka ho ngola mabitso a bona ba sebedisa
moelelo wa bona wa ditlhaku le mopeleto (khr mopeleto o ropohang feela), mme ba ka nna ba etsa eka ba bala
buka (khr bonketsisane ba ho bala). Sena ke qaleho ya tsebo ya bana ya ho bala le ho ngola
Puo e nang le tshusumetso - puo e tsosolosang maikutlo a matla
Tlaleho E Lekotsweng Botjha Ya Kharikhulamo Ya Naha Bakeng Sa Dikereiti R- 9 (Dikolong)
164
Manane a Tshupiso
Kelohloko - bokgoni ba ho ipeha maemong a motho e mong, ho etsa se itseng ka kutlwelobohloko
Moralo - sebopeho se sebediswang ha ho ngolwa ditema tse fapaneng. Ho etsa mohlala, titjhere a ka fana ka
moralo o latelang wa thothokiso:
bokgubedu ke mmala wa kgalefo ke mmala wa
bokgubedu ke mmala wa madi ke mmala wa
bokgubedu ke mmala wa kotsi ke mmala wa
bokgubedi ke mmala wa lerato ke mmala wa
Ho ngola ka bolokolohi - ha baithuti ba fuwa monyetla wa ho ngola seo ba ratang ho se ngola ntle le hore ba
tshwenyehe ka ho etsa diphoso. Baithuti ba lokela ho kgothaletswa ho ngola hangata kamoo ba ka kgonang
kateng
Dingolwa tse hlophisitsweng ho ya ka maemo - dibuka tse ngolwang ka thutapuo le tlotlontswe maemong a
fapaneng (j.k. boemo ba mantswe a 500, le a 1000). Di kgontsha baithuti ho bala boemong bo nepahetseng ba
tsebo ya bona ya puo
Sehalo - paterone ya ho phahama le ho nyoloha ha lentswe e nang le seabo moelelong wa polelo (dipotso di
buuwa ka sehalo se phahameng)
Ho Ruteha - bokgoni ba ho bala le ho sebedisa tlhahisoleseding le ho ngola bakeng tse fapaneng, Ke karolo ya
bokgoni bo akaretsang ho etsa moelelo wa lefatshe la hae
Ho Ruteha ho - ho nale mefuta e mengata ya tsebo:ho bala le ho ngola, phadimeho ho tsa setso (kutlwisiso ya
setso; le ya makgabane a phedisano le a mehopolo o bopang ho bala ha rona ha ditema) phadimeho e hlokolosi
(bokgoni ba ho ntsha maikutlo ka hloko ho molaetsa o fuperweng ke tema) phadimeho ho tse bohuwang (ho
bala/ngola ha ditshwantsho, matshwao le tse ding) phadimeho ya ditema tsa kgaso (ho balwa ha dikoranta,
dimakasine, thelevishene ditshwantsho tsa filimi jwaloka melaetsa ya setso
Temoho ya difoniki - bokgoni ba ho hlwaya pakeng tsa medumo e fapaneng ya puo
Foniki - ke kamano pakeng tsa modumo le mopeleto wa wona. Sena se thusa ho elellwa lentswe ha ho balwa
mme se thusa motho ho peleta ka nepo
Phetelo - ho pheta/bolela taba kgetlo la bobedi kapa la boraro
Dipotso tsa retoriki - dipotso tse sa hlokeng dikarabo tseo mongodi a di sebedisetsang bakeng sa ho fana ka
tshusumetso e seng hakaalo bakeng sa hore a fumane karabo
Ho sekima - ke ho okola tema ka potlako ho fumana tjhebokakaretso(ho okola dihlooho tsa koranta)
Ho sekena - ke ho sheba ka tema botebo hore o fumane tlhahisoleseding e qoholehileng (ho sheba ka botebo
bukana ya mehala ho fumana lebitso le nomoro kapa lenanetafole la dinako tsa bese kapa tsa terene)
165
Sesotho - Puo Ya Lapeng/Hae
Manane a Tshupiso

Tlaleho e Lekotsweng
Botjha ya
KharikhulamoYa Naha ya
Dihlopha/Dikereiti Tsa
R-9
(ya Dikolo)
Tjhebokakaretso
(Lefapha La Thuto)
E Phatlaladitswe ke Lefapha la Thuto
Sol Plaatjie House
123 Schoeman Street
Pretoria
Private Bag X895
Pretoria
Mohala: +27 (12) 312 5911
Fekese: +27 (12) 321 6770
Website: http:// education. pwv.gov.za
Tumellatshebediso (c) Lefapha la Thuto la Aforika Borwa
Dibukana tsa phatlalatso ena di ka fumaneha ho Botsamaisi: Kgokahanyo
ya Naha le Diporofensi, Lefapha la Thuto, Pretoria.
Mohala: (012) 312 5410
ISBN: 1-919917-16-01
Gazzete No.: 23406, Vol. 443, Motsheanong 2002
Tokomane ena e tlameha hore e balwe e le karolo ya
Tlaleho e lekotsweng botjha ya Kharikhulamo ya Naha ya
Dihlopha/Dikereiti R - 9 (Dikolong)
Tlaleho ena ya Kharikhulamo ya Naha e kenyelletsa:
1. Tjhebokakaretso
2. Ditlaleho tse robedi tsa Tikoloho tsa ho Ithuta
THLOKOMEDISO HO MMADI
Lefapha la Thuto le motlotlo ho nehelana ka Tlaleho e Lekotsweng
Botjha ya Kharikhulamo ya Naha bakeng sa Dikereiti tsa R-9 ka
dipuo tsohle tse 11 tsa semmuso tsa Aforika Borwa.
Tsela ya ho ngola ho ya ka melawana ya puo e itseng le ho fetolela
puong e nngwe ke e rarahaneng ka ho fetisisa ebileng e phephetsa.
Maemong a mangata tlotlontswe le molawana wa ho bopa
dipolelo bakeng sa kharikhulamo di ne di lokela ho ntshetswa
pele ke batho ba sebetsang ka ditokomane tsena. Ditokomane
tsena di ile tsa behwa tekong moo ho nang le ditsebi lebaleng la
thuto hore di di sekaseke.
Lefapha la Thuto le sheba ditokomane tsena e le qaleho ya tsela
ya ho ntlafatsa le ho hodisa Dipuo tsa rona. Re amohela/dumella
le ho kgothaletsa batho ba lepatlelong la thuto ho sebedisa ditokomane
tsena e le motheo wa kgolo e tswelang pele.

Ketapele 1
Mantswe a lelekelang 2
Boitshetleho 4
Molaotheo, Makgabane, Kaho ya Setjhaba le Kharikhulamo 7
Mofuta wa Moithuti ya Labalabetsweng/lebelletsweng 9
Mofuta wa Titjhere o Labalabetsweng/lebelletsweng 9
Sebopeho sa Tlaleho e Lekotsweng Botjha ya Kharikhulamo ya Naha 10
Dikereiti R-9 (dikolong)
Dintlhatheo tsa Tlaleho e Lekotsweng Botjha ya 11
Kharikhulamo ya Naha
Toka ya Phedisano, Tikoloho e Itekanetseng, Ditokelo 11
tsa Botho le Kenyeletso/ho se kgetholle
Thuto e thehilweng hodima Diphetho 12
Boemo bo Hodimo ba Bokgoni le Tsebo ho Bohle 13
Tlhakiso le Phihlello 14
Kgatelopele le Momahanyo 14
Sebopeho le Dikgopolokutlwisiso tse Sebedisitsweng 15
Ditlalehong tsa Tikoloho tsa ho Ithuta
Sephetho sa ho Ithuta ke eng? 15
Maemo a Hlahlobo ya Tekolo ke eng? 16
Maemo a Hlahlobo ya Tekolo a fapana jwang le 16
Sephetho sa ho Ithuta? 16
Mananeo a ho Ithuta 16
Mananeo a ho Ithuta Mophatong ka nngwe 17
Ditataiso tsa Mananeo a ho Ithuta 18
Kabo ya Nako 18
Hlahlobo ya Tekolo 20
Setefikeiti sa Thuto le Thupelo e Akaretsang 20
i
Leqephe Tjhebokakaretso
Dikahare
Dikahare
Ditikoloho tsa ho Ithuta: Ditlhaloso le Diphetho 22
Dipuo 22
Tlhaloso 22
Diphetho 23
Mmetse 23
Tlhaloso 23
Diphetho 24
Mahlale a Tlhaho 25
Tlhaloso 25
Diphetho 25
Mahlale a Phedisano 26
Tlhaloso 26
Diphetho 26
Bonono le Botjhaba 26
Tlhaloso 26
Diphetho 27
Kamahanyo ho tsa Bophelo 28
Tlhaloso 28
Diphetho 29
Mahlale a Kgwebo le Tsamaiso 29
Tlhaloso 29
Diphetho 30
Thekenoloji 30
Tlhaloso 30
Diphetho 31
ii
Leqephe Tjhebokakaretso
Tlhahiso ya kharikhulamo ya naha ke qholotso e kgolo setjhabeng se seng le se
seng. Boemong ba yona bo phatlaletseng, tsamaiso ya thuto ya rona le
kharikhulamo, di hlahisa maikutlo a rona jwalo ka setjhaba le ponelopele ya
rona ya ka moo re bonang mofuta o motjha wa setjhaba oo re o lemohang
baneng le baithuting ba rona. Ka kgetho ya yona ya se lokelang ho ba
kharikhulamong, e emela ditlhoko tsa rona tse tlang pele le dikakanyo tsa rona
tsa hore thuto e ntle e lokela ho ba jwang boemong ba yona bo tebileng.
Kharikhulamo ena e ngotswe ke Maaforika Borwa a e ngolla Maaforika Borwa,
a boulellang dintlhatheo le tshebetso ya demokerasi. E fupere ponelopele ya
rona ya matitjhere le baithuti ba nang le tsebo ba bile ba na le mahlakore a
mangata a thuto, ba bile ba bontsha kelohloko ntlheng tsa tikoloho mme ba
kgona ho ntsha maikutlo le ho nka mehato qholotsong tse tla nneng di tobane le
Aforika Borwa mongwahakgolong ona wa mashome a mabedi a nang le motso.
Empa re lokela ho ba le bonnete ba seo kharikhulamo e ka se fihlellang, le seo e
ke keng ya se fihlella. Ho se lekalekane le bofuma di ntse di tshwenya/kgathatsa
boitemohelo ba thuto malapeng a mangata le baneng ba ona. Kharikhulamo e
tolokwa e bile e tla nne e tolokwe ka ho se tshwane hape e tla sebediswa
maemong a fapaneng. Re tla e ntlafatsa le ho e kenya tshebetsong ka hohle ka
moo re ka kgonang. Re tla be re etse boiteko bo matla ho etsa hore ho lemohuwe
ponelopele ya yona ka dintlha tsohle tsa ho ruta le ho ithuta.
Sena se hloka boinehelo le ho ba le seabo ha bohle ba sebetsang thutong. Re
hloka tshebedisano e felletseng ya Mmuso, batswadi, matitjhere, baithuti le
setjhaba ka kakaretso. Ke a tshepa hore Tlaleho ena e Lekotsweng Botjha ya
Kharikhulamo ya naha, e tla akaretsa mehopolo e tla ntshetsa pele tshebedisano
e jwalo.
MOPOROFESARA KADER ASMAL, MP
LETONA LA THUTO
1
Leqephe Tjhebokakaretso
Ketapele
Ketapele
Kopanong ya yona e ikgethileng ya la 12 Loetse 1997, Lekgotla la Dihlooho tsa
Mafapha a Thuto le ile la kgothalletsa Tlaleho ya Nakwana ya Kharikhulamo ya
Naha ya Dihlopha/Dikereiti R-9 bakeng sa kananelo ya Letona. E ile ya lebiswa le
ho amohelwa ke Khansele ya Matona a Thuto kopanong ya yona ya la 29 Loetse
1997 e le ditokomane tsa leano tse tharo tse arohaneng, ya Mophato wa Motheo,
o Mahareng le o Phahameng.
Kopanong ya lona ya la Phutjane 2000, Lekgotla la Matona a Thuto le ile la
dumellana ka hore Tlaleho ya Kharikhulamo ya Naha ya Dihlopha/Dikereiti R-9, e
lokela ho lekolwa botjha hore e tsamaellane le dikgothalletso tsa Raporoto ya
Lekgotla la Tekolobotjha (31 Motsheanong 2000) ho beha motjheng le ho
matlafatsa Kharikhulamo 2005.
Lekgotla la Porojeke ya Letona la ho Beha motjheng le ho Matlafatsa
Kharikhulamo 2005, le ile la thehwa ho etsa mosebetsi oo. Tsela ya ho lekolwa
botjha e ile ya qala ka Pherekgong 2000 ka baqapi ba kharikhulamo ba ka bang
150, ba tswang setjhabeng sa thuto. Ka la 30 Phupu, Tlaleho ya Nakwana e
Lekotsweng Botjha ya Kharikhulamo ya Naha bakeng sa dikereiti R-9
(dikolong) e ile ya lokollelwa maikutlo a setjhaba ka kgwedi tse tharo. Ka
Pudungwana makgotla a ho mamela a bohle a ile a bitsetswa ho tla mamela tsa
kharikhulamo. Ha maikutlo le diphehiso tsa setjhaba di se di amohetswe, di
manollotswe, dihlopha tsa tshebetso tsa kharikhulamo tsa Lekgotla la Porojeke
ya Letona di ile tsa boela tsa dula ka Tshitwe 2001 ho kenyelletsa diphetoho tse
kgothalleditsweng ho ntlafatsa. Tokomane ena ke ditholwana tsa tsamaiso eo.
Tokomane ena le Ditlaleho tsa Ditikoloho tsa ho Ithuta tse phatlaladitsweng e le
sekgomaretso, di bopa Tlaleho e Lekotsweng Botjha ya Kharikhulamo ya
Dikereiti R- 9 (dikolong). Tlaleho e lekotsweng Botjha ya Kharikhulamo ya Naha
e tla nka sebaka sa Tlaleho ya Kharikhulamo ya Naha bakeng sa Kereiti R-9, e
amohetsweng ka 1997, hang hang ha e hlahiswa tshebetsong.
Moralo le leano le utlwahalang le sebetsehang, le tla hlahiswa ka tshebedisano
ya basebetsimmoho bohle ba phedisano, ho nnetefatsa tlhahiso e atlehileng ya
Tlaleho e lekotsweng botjha ya Kharikhulamo ya Naha Dikereiting tsa R- 9
(Dikolong).
Leano la jwale la Hlahlobo ya Tekolo la 23 Tshitwe 1998 (Koranta ya Mmuso
19640) le Leano la Puo Thutong la 14 Phutjane la 1997 (Koranta ya Mmuso
17997) di lokela hore di balwe mmoho le Tlaleho e Lekotsweng Botjha ya
2
Leqephe Tjhebokakaretso
Tlhekelo ya Ditaba
Tlhekelo ya Ditaba
Kharikhulamo ya Naha bakeng sa dikereiti R-9 (Dikolong). Leano la Tekolo le
lona le lokelwa ho balwa mmoho le karolo e loketseng ya Tlaleho e nngwe le e
nngwe ya Tikoloho ya ho Ithuta. Ho fihlela ka 2008, leano la jwale le amanang
le kabo ya mangolo a thuto le tla nne le sebediswe. Ka mora moo Setifikeiti sa
Thuto le Thupelo e Akaretsang se kentsweng motjheng hore se tsamaellane le
Tlaleho ena e Lekotsweng Botjha ya Kharikhulamo ya Naha, se tla kenngwa
tshebetsong. Setifikeiti sa Thuto le Thupelo e Akaretsang sa ho kena sekolo ho
tlamang ke boithutelo bo felletseng/phethahetseng bo thehilweng hodima
boemo boo diphetho tsa ho ithuta di tla fihlellwang ka tshebediso ya maemo a
hlahlobo ya tekolo a Sehlopha/Kereiti 9.
MOLAODI - KAKARETSO
THAMI MSELEKU
3
Leqephe Tjhebokakaretso
Mmuso wa Aforika Borwa wa demokerasi o ile wa fumana lefa la tsamaiso e
arohaneng, e bileng e sa lekane ya thuto. Tlasa mmuso wa kgatello/kgethollo,
Aforika Borwa e ne e na le mafapha a fapaneng a leshome le metso e robong, a
arohantsweng ho ya ka morabe, tikoloho/sebaka le mohopolo. Tsamaiso ena ya
thuto, e ne e lokisa/kwetlisa bana ka mekgwa e fapaneng bakeng sa maemo ao
ba neng ba lebelletswe ho ba ho ona setjhabeng, moruong le bophelong ba
sepolotiki ka tlasa mmuso wa kgethollo/kgatello. Lefapheng le leng le le leng,
kharikhulamo e bile le seabo se seholo ho matlafatseng ho se lekalekane. Seo
bana ba neng ba se rutwa, le mokgwa oo ba neng ba rutwa ka wona, le hore ebe
ba ne ba rutwa na, se ne se fapana ho latela seabo seo ba neng ba lebelletswe ho
ba le sona setjhabeng ka kakaretso.
Phetoho ya kharikhulamo Aforika Borweng ya ka mora kgethollo, e qadile hang
hang feela ka mora dikgetho tsa 1994 ha Foramo ya Thuto le Thupelo ya Naha,
e qala tsela ya ho lekola botjha silabase le tekatekano ya thuto. Sepheo se seholo
sa tsela ena e ne e le ho theha motheo bakeng sa silabase e le nngwe ya sehlooho
ya naha. Ho tlatselletsa tekatekano le momahanyo ya silabase e ntseng e le teng,
baqapi ba kharikhulamo ba Foramo ya Thuto le Thupelo Boemong ba Naha, ba
ile ba tlosa ba sa lobe letho puo e bontshang kgethollo le e sa kgathalleng
maikutlo a batho silabaseng e ntjha. Ya ba kgetlo la pele diqeto tsa
kharikhulamo, di etswa ka mokgwa wa ho tadimisana le wa boemedi. Empa
tsela ya Foramo ya Thuto le Thupelo, e ne e se, ebile e ne e sa ikemisetsa ho ba
tsela e ntshetsang pele kharikhulamo.
Thuto ya bophelo bohle e tlileng ka tokomane ya Moralo wa Kharikhulamo ya
Naha (1996), e bile tlaleho ya pele e kgolo ya kharikhulamo ya Aforika Borwa ya
demokerasi. E ne e thehilwe ka dintlhatheo tse tswang Pampiring e Tshweu ya
Thuto le Thupelo (1995), Molao wa lekgotla la Aforika Borwa la Phumano ya
Mangolo wa 58 (1995) le Molao wa Leano la Thuto ya Naha (wa nomoro ya 27
wa 1996). Pampiri e Tshweu e hatella tlhokeho ya diphetoho tse kgolo thutong
le thupelong Aforika Borwa, e le hore ho tle ho tliswe maemo setlwaeding le ho
fetola ho ruta le ho ithuta Aforika Borwa. Hape e hatella tlhokeho ya ho sutha
mokgweng wa kgale wa sepheo le maikemisetso, ho kena ho wa thuto e
thehilweng hodima diphetho. E ile ya phahamisa ponelopele ya:
Naha e atlehileng, e kopaneng ka nnete, ya demokerasi le e hlodisanang
matjhabeng, e nang le baahi ba rutehileng, ba kgonang ho qapa le ho ba
kelohloko, ba maphelo a nang le tlhahiso, a kgotsofetseng, naheng e hlokang
merusu, kgethollo le leeme.
4
Leqephe Tjhebokakaretso
Boitshetleho
Boitshetleho
Molao wa Leano la Thuto ya Naha (nomoro 27 ya 1996) o ile wa etsa sebaka sa
ho ntshetsa pele disebediswa tse latelang tsa moralo wa kharikhulamo, ho
tshehetsa mokgwa wa katamelo o theilweng hodima diphetho:
??Diphetho tse Hlokolosi tse Hokahanang Tikolohong (tseo ha morao di tla
tsejwa ka hore ke diphetho tse hlokolosi le tsa ntshetsopele), tse
hlahisitsweng kgetlo la pele ke Leano la molao wa Lekgotla la Aforika
Borwa la Mangolo a Boithutelo (SAQA) wa 1995
??Diphetho tse Qoholehileng
??Ditlaleho tse fapafapaneng
??Makgetha a Hlahlobo ya Tekolo
??Ditshupisi tsa tshebetso
??Nako ya ho ruta le nako eo ho ka etswang mesebetsi e meng ka yona.
??Hlahlobo ya Tekolo e tswelang pele, Ho Rekota le ho Tlaleha
Disebediswa tsa moralo wa kharikhulamo tsa tlatsetso, di bopilwe ka dilemo tse
hlahlamanang mme di kenyelletsa:
??Dihlophisi tsa Mophato
??Dihlophisi tsa Mananeo
??Maemo a Lebelletsweng a Tshebetso
??Mananeo a ho ithuta
Ka Mphalane 1997, Tlaleho ya Kharikhulamo ya Naha ya dikereiti R-9 e ile ya
phatlalatswa ho latela Tsebiso ya Mmuso ya 1445. Leano la Hlahlobo ya Tekolo
Mokgahlelong wa Thuto le Thupelo e Akaretsang la Dihlopha/Dikereiti tsa R-9
le Thuto le Thupelo ya Motheo ya ba Baholo, le ile la hlahiswa ka Tshitwe 1998
(Molao 19640). Kharikhulamo ya 2005 le ho kenngwa tshebetsong ha yona, tse
hlahisitsweng dikolong ka 1998, di ile tsa lekolwa botjha ke Komiti ya Letona ka
2000. Mosebetsi wa tekolo ena e ne e le ho lekola sebopeho le moralo wa
kharikhulamo, ho tlwaetsa matitjhere, thupelo le ntshetsopele, dithusathuto tsa
ho ithuta, thuso eo diporofensi di e fang matitjhere dikolong le tekanyetso ya
nako e behilweng bakeng sa ho e kenya tshebetsong. Komiti ya Letona ya Tekolo
Botjha e ile ya hlahisa tlaleho ya yona ka la 31 Motsheanong 2000.
Komiti ya Tekolo Botjha e ile ya kgothalletsa hore ho matlafatswa ha
Kharikhulamo ho batla hore ho hlophiswe ka matshwao a yona a moralo le ho
nolofatsa puo ya yona ka tshebediso ya tlhahiso ya Tlaleho e fetotsweng ya
5
Leqephe Tjhebokakaretso
Kharikhulamo ya Naha. Ho feta moo e ile ya kgothalletsa hore Tlaleho ena e
Lekotsweng Botjha ya Kharikhulamo ya Naha, e fokotse matshwao a moralo wa
kharikhulamo ho tloha ho a robedi, ho ya ho a mararo e leng: diphetho tse
hlokolosi le tsa ntshetsopele, diphetho tsa ho ithuta le maemo a hlahlobo ya
tekolo. Ebile e lokela ho tsepamisa kharikhulamo le hlahlobo ya tekolo. Ho
tlatselletsa e ile ya kgothalletsa hore ho kenngwa tshebetsong ho hloka ho
matlafatswa ka ho ntlafatsa tlwaetso le thupelo ya matitjhere, dithusathuto tsa
ho ithuta le tshehetso tsa diporofensi. Ya boela ya kgothalletsa ho nyehliswa ha
meedi ya nako bakeng sa ho kenngwa tshebetsong.
Ka Phutjane 2000 Lekgotla la Matona a Thuto le ile la amohela dikgothalletso tsa
Komiti ya Tjhebobotjha. Ka Phupu 2000 Kabinete ya qeta ka hore:
Ntshetsopele ya Tlaleho ya Kharikhulamo ya Naha, e tlamehile ho sebetsa ka
puo e hlakileng le e bonolo/utlwahalang, le seo e leng ditlhoko tsa
kharikhulamo maemong le mephatong e fapaneng, e tlameha ho qala
hanghang. Tlaleho ya mofuta ona e lokela le ho shebana le dingongoreho tse
aparetseng ho phaellana ha kharikhulamo ka mosebetsi, e bile e tlamehile ho
fana ka tlhakisetso ya mofuta wa moithuti ho ya ka tsebo, bokgoni,
makgabane le maikutlo - ya lebelletsweng qetellong ya mokgahlelo wa Thuto
le Thupelo e Akaretsang.
Tekolo botjha ya Kharikhulamo ya 2005 e hlahisitse Tlaleho ya nakwana e
Lekotsweng Botjha ya Kharikhulamo ya Naha bakeng sa dikereiti tsa R-9
(Dikolong). Tlaleho ena ya nakwana e Lekotsweng Botjha ya Kharikhulamo ya
Naha bakeng sa dikereiti tsa R-9, e ile ya phatlalatswa bakeng sa ho lekolwa ke
setjhaba ka la 30 Phupu 2001. E ile ya lekolwa ho itshetlehilwe haholo ka
maikutlo a ntshitsweng ke setjhaba ka 2001/2002. Ka hoo Tlaleho e Lekotsweng
Botjha ya Kharikhulamo ya Naha ha se kharikhulamo e ntjha empa ke ho behwa
maemong le ntlafatso ya Kharikhulamo 2005. E dula e ntse e sireleditse
dintlhatheo, sepheo, le ho tshepeha ha Kharikhulamo ya 2005 ebile e nnetefatsa
boitlamo ho thuto e thehilweng hodima diphetho.
Ha tshebetso ya ho lekola kharikhulamo botjha e ntse e tswelapele, tshebetso
dikolong ho tloha Sehlopheng/Kereiting ya R - 9, e ne e ntse e tswelapele ka
leano la pele. Ha Tlaleho e Lekotsweng Botjha ya Kharikhulamo ya Naha ya
dikereiti tsa R-9 (Dikolong) e fetoha leano, e tla nka sebaka sa tlaleho ya
Kharikhulamo ya Naha ya dikereiti tsa R -9 e amohetsweng ka 1997. Tlhahiso ya
Tlaleho e lekotsweng Botjha ya Kharikhulamo ya Naha bakeng sa dikereiti tsa
R-9 (Dikolong) Mophatong wa Motheo e raletswe selemo sa 2004.
6
Leqephe Tjhebokakaretso
Tokomane ena e hlahisa le ho nehelana ka boitshetleho ho Ditlaleho tsa
Ditikoloho tsa ho Ithuta tse robedi tse bopang motheo wa Tlaleho e Lekotsweng
Botjha ya Dikereiti tsa R- 9 (Dikolong) Mokgahlelong wa Thuto e Akaretsang le
Thupelo.
Molaotheo wa Rephapoliki ya Aforika Borwa, 1996 (Act 108 of 1996) o nehelana
ka motheo wa phetoho ya kharikhulamo le ntshetsopele Aforika Borweng ya
kajeno. Selelekela sa Molaotheo se hlalosa hore maikemisetso a molaotheo ke ho:
??phekola dikarohano tsa nako e fetileng le ho bopa setjhaba se thehilweng
ka makgabane a demokerasi, toka ya phedisano/boahisani, le ditokelo tsa
botho tsa motheo.
??ntlafatsa boleng ba bophelo ba baahi bohle le ho rarolla bokgoni ba motho
e mong le e mong.
??beha motheo wa setjhaba sa demokerasi se amohelanang, seo ho sona
mmuso o theilweng hodima thato ya batho mme moahi e mong le e mong
a sireleditsweng ka ho lekana ke molao.
??ho aha Aforika Borwa e tshwarahaneng ya demokerasi, e nang le bokgoni
ba ho nka sebaka sa yona se tshwanetseng jwalo ka naha e ipusang
lelapeng la matjhaba.
Lengolopetlelo le buang ka Makgabane, Thuto le Demokerasi (The Manifesto on
Values, Education and Democracy) (Lefapha la Thuto, 2001) le hlwaya
makgabane a motheo a leshome a Molaotheo. Ona ke:
??Demokerasi
??Toka ya Phedisano le Tekano
??Ho se kgetholle ka Morabe le ka Bong
??Botho
7
Leqephe Tjhebokakaretso
Molaotheo, Makgabane, Kaho ya Setjhaba
le Kharikhulamo
Molaotheo, Makgabane,
Kaho ya Setjhaba le
Kharikhulamo
??Setjhaba se amohelanang
??Boikarabelo
??Tlhompho
??Puso/Taolo ya Molao
??Poelano
Lengolopetlelo le boela le hlwaya mawa a leshome le metso e tsheletseng (16),
ho tlwaetsa Maaforika Borwa a matjha makgabane a Molaotheo. Mawa ana a
hlahiswa ho Tlaleho e Lekotsweng Botjha ya Kharikhulamo ya Naha mme a
kenyelletsa ho:
??Hodisa kapa ho ntlafatsa tlwaelo ya kgokahanyo le ya ho ba le seabo
sekolong.
??Beha mohlala o motle: ho kgothalletsa boinehelo le boipabolo
matitjhereng.
??Nnetefatsa hore Moaforika Borwa e mong le e mong o kgona ho bala, ho
ngola, ho bala dipalo le ho nahana.
??Taba phaposi ya borutelo ka tlwaelo ya ditokelo tsa botho.
??Etsa Bonono le Botjhaba karolo ya kharikhulamo.
??Kgutlisetsa nalane/hisetori kharikhulamong.
??Ho ithuta ka ho phatlalla ho enneng ha ditlwaelo tsa botjhaba le mehopolo
ya lefatshe tseo ka hara tsona ho kopana ha Aforika Borwa ho itlhahisang/
iponahatsang.
??Etsa hore botemengata bo kgonehe.
??Sebedisa dipapadi ho bopa ditlamahano tsa phedisano le ho hodisa/otla
kaho ya setjhaba dikolong.
??Nnetefatsa tekano phumanong ya thuto.
??Phahamisa twantsho ya semorabe dikolong.
??Rarolla bokgoni ba banana le ba bashanyana.
??Sebetsana le HIV/AIDS le ho hodisa tlwaelo ya boikarabelo thobalanong
le phedisanong.
??Etsa hore dikolo di bolokehe ho ka ithuta le ho ruta, le ho nnetefatsa puso
ya molao.
??Phahamisa boitshwaro bo botle le tikoloho.
??Hodisa/otla lerato le letjha la naha kapa ho tiisa boahi bo tshwanang.
Molaotheo o totobatsa makgabane a phedisano a setjhaba le ditebello tsa seabo,
ditokelo, le boikarabelo ba baahi Aforika Borweng ya demokerasi. Lengolo la
Ditokelo le beha boleng bo ka sehloohong hodima tekano, seriti sa botho,
8
Leqephe Tjhebokakaretso
bophelo, le tokoloho le tshireletso ya batho. Tsena le ditokelo tse ding tsa
tokoloho ya bodumedi le kgolo, boitlhahiso/boitsebiso le kamanyo, di tsamaya
mmoho le ditokelo tsa moruo le phedisano. Motho e mong le e mong o na le
tokelo ya ho lokoloha bofumeng, ho hlokeng lehae, bophelong bo seng botle le
tlaleng.
Tlaleho e Lekotsweng Botjha ya Kharikhulamo ya Naha, e batla ho kenyelletsa
makgabane ana tsebong le bokgoning boo e batlang ho bo phahamisa. E
kgothaletsa hara baithuti bohle temohelo le kutlwisiso ya ho phatlalla ho
enneng ha botjhaba, ditumelo, mehopolo ya lefatshe tseo ka hara tsona ho
kopana ha Aforika Borwa ho itlhahisang/iponahatsang.
Phephetso Tlalehong e Lekotsweng Botjha ya Kharikhulamo ya Naha, ke
mokgwa oo makgabane a toka ya phedisano, tekano le demokerasi di ka
lohellanang ho wona kharikhulamong yohle. Ho phahamiswa ha makgabane ho
bohlokwa, e seng feela molemong wa ho intshetsa pele, empa le ho nnetefatsa
hore boitsebahatso ba setjhaba sa Aforika Borwa, bo ahilwe hodima makgabane
a fapaneng le ao e neng e le motheo wa thuto ya kgethollo. Mofuta wa moithuti
ya lebelletsweng, ke ya tla beng a tletse ka makgabane mme a etsa dintho ho
latela ditabatabelo tsa setjhaba se thehilweng hodima tlhompho ya demokerasi,
tekano, seriti sa botho, bophelo, le toka ya phedisano.
Kharikhulamo e ikemiseditse ho ntshetsa pele bokgoni bo felletseng ba moithuti
ka mong jwalo ka moahi wa Aforika Borwa e lokolohileng. E batla ho bopa
moithuti wa bophelo bohle, ya nang le boitshepo le boikemelo, ya nang le
phadimeho, ya rutehileng dipalong le ya nang le bokgoni bo phatlaletseng, ya
mosa, ya nang le tlhompho tikolohong le bokgoni ba ho ba le seabo setjhabeng
jwalo ka moahi ya kelohloko le ya mafolofolo.
9
Leqephe Tjhebokakaretso
Mofuta wa Moithuti ya
Labalabelwang/Lebelletsweng
Mofuta wa Moithuti ya
Labalabelwang / Lebelletsweng
Mofuta wa titjhere o labalabelwang/
lebelletsweng
Mofuta wa titjhere o
labalabelwang/ lebelletsweng
Matitjhere maemong ohle a bophelo ke baphehisi ba sehlooho phetohong ya
thuto Aforika Borwa. Matitjhere a na le seabo se seholo thutong. Tlaleho ya
Kharikhulamo ya Naha e na le tjhebelopele ya matitjhere a rutehileng ka nepo,
ba nang le boiphihlelo, ba ikemiseditseng, le ba tsotellang ba tla kgona ho
phethisa mesebetsi e fapaneng e tshwantshisitsweng ho Pehelo le Maemo a
Matitjhere, ya 2000 (Koranta ya Mmuso ya 20844). Sena se tjheba titjhere jwalo
ka balamodi ba ho ithuta, batoloki le ba ralang Mananeo a ho ithuta le
disebediswa, baetellipele, batsamaisi, le baokamedi, baithuti, bafuputsi, le
baithuti ba bophelo bohle, ditho tsa setjhaba, baahi, baruti, bahlahlobi, le ditsebi
tsa mophato kapa tikoloho ya ho ithuta.
Tlaleho e Lekotsweng Botjha ya Kharikhulamo ya Naha, e bopilwe ka
Tjhebokakaretso le Ditlaleho tsa Tikoloho ya ho Ithuta tse robedi.
Tlalehong ya Kharikhulamo ya Naha, ho na le Tikoloho tsa ho Ithuta tse robedi.
Tikoloho ya ho ithuta ke lebala/lepatlelo la tsebo, bokgoni le makgabane a nang
le matshwao a ikgethileng hape e na le mahokela le mapatlelo a mang a tsebo le
Tikoloho tsa ho Ithuta. Tlalehong ena e Lekotsweng Botjha ya Kharikhulamo ya
Naha, Tikoloho tsa ho Ithuta ke tsena:
??Dipuo
??Mmetse
??Mahlale a Tlhaho
??Thekenoloji
??Mahlale a Phedisano
??Bonono le Botjhaba
??Tlwaetso ho tsa Bophelo
??Mahlale a Kgwebo le Tsamaiso
10
Leqephe Tjhebokakaretso
Sebopeho sa Tlaleho e Lekotsweng Botjha ya
Kharikhulamo ya Naha sa Dikolo (Dihlopha/Dikereiti tsa
R - 9)
Sebopeho sa Tlaleho e
Lekotsweng Botjha ya
Kharikhulamo ya Naha sa
Dikolo (Dihlopha/Dikereiti
tsa R - 9)
Kamano pakeng tsa ditokelo tsa botho, tikoloho e itekanetseng le toka ya
phedisano, ho sebetsanwa le tsona Tlalehong ya Tikoloho ya ho Ithuta e nngwe
le e nngwe.
Ditlaleho tsa Tikoloho tsa ho Ithuta, di fana ka tataiso ya ditlhokeho le ditebello
ho tswa Sehlopheng/Kereiting ya R ho ya ho ya 9 dikolong tse Mokgahlelong
wa Thuto le Thupelo e Akaretsang.
Tlaleho e Lekotsweng Botjha ya Kharikhulamo ya Naha, ya (Dihlopha/Dikereiti
R - 9) e ahella hodima ponelopele le makgabane a Molaotheo le Kharikhulamo
ya 2005. Dintlhatheo tsena di kenyelletsa:
Toka ya Phedisano, Tikoloho ya maemo a itekanetseng,
Ditokelo tsa botho ho se Kgethollo.
Kharikhulamo e ka ba le seabo sa bohlokwa ho etseng tlhokomedi/temoso ya
dikamano pakeng tsa ditokelo tsa botho, tikoloho e maemong a lokileng, toka ya
phedisano le ho se kgetholle. Dinaheng tse ding sena se etswa ka thuto ya
ditokelo tsa botho le boikarabelo ba setjhaba. Tlaleho e Lekotsweng Botjha ya
Kharikhulamo ya Naha, e lekile ho nnetefatsa hore Ditlaleho tsohle tsa tikoloho
ya ho Ithuta di totobatsa/hlahisa dintlhatheo le ditlwaelo tsa toka ya phedisano,
tlhompho ya tikoloho le ditokelong tsa botho jwalo ka ha ho hlalositswe
Molaotheong. Ka ho qoholleha kharikhulamo e leka ho ba sedi dintlheng tsa
bofuma, ho se lekalekane, morabe, bong, dilemo, bohole le diphephetso tse kang
Kwatsi ya bosolla tlhapi (HIV/AIDS).
Tlaleho e Lekotsweng Botjha ya Kharikhulamo ya Naha, e amohela mokgwa wa
ho akaretsa ka ho totobatsa, bonyane, ditlhokeho tsa baithuti bohle. Ditlhoko tsa
thuto e ikgethileng, tsa thuto, tsa phedisano, tsa maikutlo le tsa botho ba
baithuti, ho tla shebanwa le tsona moralong le ntshetsopeleng ya mananeo a ho
ithuta a loketseng.
11
Leqephe Tjhebokakaretso
Toka ya Phedisano, Tikoloho ya maemo a itekanetseng, Ditokelo tsa botho le ho se
Kgethollo.
Dintlhatheo tsa Tlaleho e Lekotsweng
Botjha ya Kharikhulamo ya Naha
Dintlhatheo tsa Tlaleho e
Lekotsweng Botjha ya
Kharikhulamo ya Naha
Thuto e thehilweng hodima Diphetho
Thuto e thehilweng hodima diphetho e nka tshebetso ya ho ithuta e le ya
bohlokwa jwalo ka dikahare. Ka bobedi tsela ya ho etsa se itseng le dikahare tsa
thuto, di toboketswa ka ho totobatsa diphetho tse loketseng ho fihlelwa
qetellong ya tsela ena. Tlalehong e Lekotsweng Botjha ya Kharikhulamo ya
Naha, diphetho tsa ho ithuta le maemo a hlahlobo ya tekolo, di radilwe ho tswa
diphethong tse hlokolosi/bohlokwa le tsa ntshetsopele.
Diphetho tse hlokolosi le tsa ntshetsopele, ke lenane la diphetho tse ntshitsweng
Molaotheong, ebile di teng molaong wa Lekgotla la Aforika Borwa la Mangolo
a Boithutelo (1995). Di hlalosa mofuta wa moahi eo tsamaiso ya thuto le thupelo
e lokelang ho ikemisetsa ho mmopa. Diphetho tse hlokolosi/bohlokwa di
labalabella baithuti ba tla kgona ho:
??hlwaya le ho rarolla diqaka mme ba etse diqeto ka ho sebedisa ho nahana
ka tshekatsheko le boiqapelo bo tebileng.
??sebetsa ka katleho le ba bang sehlopheng, mokgatlong le setjhabeng.
??itlhophisa, ho itaola le ho laola mesebetsi ya bona kapa seo ba se etsang ka
boikarabelo le ka bokgoni.
??bokella, ho manolla, ho hlophisa le ho hlahloba tlhahisoleseding ka
tshehollo.
??buisana ka katleho ka tshebediso ya ditshwantsho/tse bohuwang,
matshwao kapa bokgoni ba puo ka mekgwa e fapaneng.
??sebedisa mahlale/saense le thekenoloji ka katleho mme ka kelohloko ba
bontshe boikarabelo malebana le tikoloho le bophelo ba ba bang.
??bontsha kutlwisiso ya lefatshe jwalo ka sete ya tsamaiso tse amanang ka ho
lemoha hore maemo a ho rarolla diqaka, ha a sebetse a le mang jwalo ka
sehlekehleke.
Diphetho tsa ntshetsopele di labalabella baithuti bao hape ba tla kgona ho:
??nahana le ho batlisisa mefuta e fapaneng ya mawa a ho ithuta ka katleho.
??ba le seabo jwalo ka baahi ba nang le boikarabelo, bophelong ba setjhaba
sa selehae, sa setjhaba le ditjhabeng tsa lefatshe lohle.
??ba hlokolosi botjhabeng le bokgabaneng ba bonono maemong a fapaneng
a phedisano.
??batlisisa thuto le menyetla ya mesebetsi.
??ntshetsa pele menyetla ya tsa kgwebo.
12
Leqephe Tjhebokakaretso
Thuto e thehilweng hodima Diphetho
Tlaleho e Lekotsweng Botjha ya Kharikhulamo ya Naha, e leka ho kenyelletsa le
ho boloka ponelopele ya demokerasi ya setjhaba le baahi ba tla hlaha
tsamaisong ya rona ya sekolo.
Ka Ditlaleho tsa tikoloho tsa ho Ithuta, Tlaleho e Lekotsweng Botjha ya
Kharikhulamo ya Naha e hlwaya dipheo, ditebello le diphetho tse lokelang ho
fihlelwa ka tshebediso ya diphetho tsa ho ithuta tse nyalanang/amanang le
maemo a hlahlobo ya tekolo. Diphetho tsa ho ithuta tsa Tikoloho e nngwe le e
nngwe ya ho Ithuta, ho nehelanwa ka tsona ha morao hona Tjhebokakaretsong
ena. Maemo a hlahlobo ya tekolo, a fumaneha Ditlalehong tsa nnete tsa Tikoloho
tsa ho Ithuta tse phatlaladitsweng e le dihlomathiso tokomaneng ena.
Diphetho le maemo a hlahlobo ya tekolo, di totobatsa thuto e kgothalletsang ho
ba le seabo; eo ho yona moithuti a leng ka sehloohong ebile e thehilwe hodima
diketsahalo. Di siya sebaka se seholo bakeng sa boiqapelo le dintlafatso ka
lehlakoreng la titjhere, ho hlaloseng se lokelwang ho rutwa le mokgwa wa ho
ruta.
Phetolelo ya Aforika Borwa ya thuto e thehilweng hodima diphetho, e lebisitswe
ho tsosoloseng dikelello tsa batjha, e le hore ba tle ba kgone ho ba le seabo se
felletseng bophelong ba moruo le ba phedisano. Ho hopotswe ho etsa bonnete
ba hore baithuti bohle ba kgona ho ntshetsa pele le ho fihlella bokgoni ba bona
ka botlalo mme ba bile ba hlometse bakeng sa ho ithuta bophelong bohle.
Boemo bo Phahameng ba Bokgoni le Tsebo ho Bohle
Tlaleho e Lekotsweng Botjha ya Kharikhulamo ya Naha, e ikemiseditse ho
ntshetsa pele boemo bo phahameng ba tsebo le bokgoni ho bohle. E beha le ho
phahamisa ditebello tse hodimo tsa seo baithuti ba Aforika Borwa ba ka se
fihlellang. Toka ya phedisano e hloka hore dikarolo tsa setjhaba, tseo pele di
neng di amohuwe matla ka lebaka la ho hloka tsebo le bokgoni, di lokela hore
jwale di matlafatswe. Tlaleho e Lekotsweng Botjha ya Kharikhulamo ya Naha, e
ikemiseditse ho fana ka motheo o matla, o tla etsa hore ntshetsopele ya boemo
bo phahameng ba bokgoni le tsebo ho bohle bo kgonehe. E etsa jwalo ka ho
totobatsa ho kopana ha bonyane ba tsebo le bokgoni bo tla fihlelwa ke baithuti
sehlopheng se seng le se seng, mme e beha maemo a ka fihlellehang hodimo
Tikolohong tsohle tsa ho Ithuta.
13
Leqephe Tjhebokakaretso
Boemo bo Phahameng ba Bokgoni le Tsebo ho Bohle
Tlhakiso le Phihlello
Tlaleho e Lekotsweng Botjha ya Kharikhulamo ya Naha, e lebisitswe ho
Tlhakisetso le Phihlello moralong le puong. Matshwao a mabedi a kgethollang
a moralo - diphetho tsa ho ithuta le maemo a hlahlobo ya tekolo - di hlalosetsa
baithuti hantle dipheo le diphetho tse hlokehang bakeng sa ho fetela mohatong
o hlahlamang wa tsamaiso. Ho tlatselletsa, Tlaleho e Lekotsweng Botjha ya
Kharikhulmo ya Naha, e tla fumaneha ka dipuo tsohle tsa semmuso, ho
kenyelleditswe le mongolo wa difofu (Braille)
Kgatelopele le Momahanyo
Ntlhatheo ya thuto e momahantsweng ke ya bohlokwa ho thuto e thehilweng
hodima diphetho. Momahano e nnetefatsa hore baithuti ba ba le boiphihlelo ba
Tikoloho tsa ho Ithuta tse hokahaneng le tse tsamaelanang. E tshehetsa le ho
atolosa menyetla ya bona ho fihlella bokgoni, tsebo e fumanweng le maikutlo a
hlahisitsweng le makgabane a kenyeleditsweng kharikhulamong yohle.
Kharikhulamo e tlamehile ho hlahisa ditebello tsa baithuti tse hatelang pele ka
ho rarahana, ho teba le ho nama. Kgatelopele ya Kgopolokutlwisiso ke lebitso le
sebediswang ho hlalosa sebopeho sena sa kharikhulamo. Ho Tlaleho e
Lekotsweng Botjha ya Kharikhulamo ya Naha, maemo a tekolo Tlalehong e
nngwe le e nngwe ya ho ithuta, a fana ka kgatelopele ya kgopolokutlwisiso
Tikolohong ya ho Ithuta e nngwe le e nngwe ho tloha sehlopheng/kereiting e
nngwe ho ya ho e nngwe.
Ka yona nako eo, baithuti ba se ke ba sebetsana le maemo a tekolo ba itshehlile
thajana. Mahokela a etswe ka hare le ka ntle ho diphetho tsa ho ithuta le
Tikoloho tsa ho Ithuta. Phihlello ya tekano pakeng tsa momahano e ka ntle ho
meedi le kgatelopele ya kgopolokutlwisiso, ho tloha sehlopheng ho ya
sehlopheng ke tshiya ya kharikhulamo ena.
Ntshetsopele e tswelang pele ya matitjhere, dihlopha tsa tsamaiso ya sekolo, le
batshehetsi ba lefapha ke karolo ya bohlokwa ya tabatabelo ena.
14
Leqephe Tjhebokakaretso
Tlhakiso le Phihlello
Kgatelopele le Momahanyo
Tlaleho e nngwe le e nngwe ya Tikoloho ya ho Ithuta e na le dikarolo tse tharo
e leng:
Selelekela: Karolo ena e lelekela Tlaleho ya Kharikhulamo ya Naha le Tikoloho
ya ho Ithuta e qoholehileng - dipheo le matshwao a ikgethang tsa yona.
Karolo e buang ka diphetho tsa ho ithuta le maemo a tekolo: Tsena di hlahisa
ditlhokeho le ditebello tsa baithuti ho ya ka sehlopha/kereiti. Mophatong wa
Motheo (Dihlopha tsa R - 3), Mophatong o Mahareng (Dihlopha tsa 4 - 6) le
Mophatong o Phahameng (Dihlopha tsa 7 - 9). Mophato wa Motheo o
tsepamisitse maikutlo hodima bokgoni ba motheo, tsebo le makgabane ho
nnetefatsa ntshetsopele ya ho ithuta ho tswelang pele. Diphetho tsa ho ithuta le
maemo a tekolo, di lokela ho bonwa e le bonyane ba tsebo kapa tsebo ya
bohlokwa, makgabane le bokgoni bo lokelang ho fihlelwa empa e se ke ya eba
tsona feela tse rutwang. Di bontsha se leng bohlokwa bakeng sa kgatelopele
tsamaisong/mokgwatshebetsong mme di radilwe ho tsamaellana le ditlhokeho
tsa Sehlopha/kereiti ya 9.
Karolo ya tekolo: Karolo ena e hlakisa dintlhatheo le ditataiso bakeng sa tekolo
mme e etsa dikgothalletso bakeng sa ho rekota le ho tlaleha ka tsa tekolo.
Lenane la Mehlodi: Karolo ena hangata e kenyelletsa dikgutsufatso, mabitso a
bopilweng ka dikarolo tse qalang mantswe le tlotlontswe.
Sephetho sa ho Ithuta ke eng?
Sephetho sa ho ithuta se tswa diphethong tsa ho ithuta tse hlokolosi le tsa
ntshetsopele. Ke tlhaloso ya seo (tsebo, bokgoni le makgabane) baithuti ba
lokelang ho se tseba, ho se bontsha le ho kgona ho se etsa qetellong ya
Mokgahlelo wa Thuto le Thupelo e Akaretsang. Sehlopha sa diphetho tsa ho
15
Leqephe Tjhebokakaretso
Sebopeho le Dikgopolokutlwisiso Tse
sebediswang Ditlalehong tsa Tikoloho tsa
ho Ithuta
Sebopeho le Dikgopolokutlwisiso
Tse sebediswang Ditlalehong tsa
Tikoloho tsa ho Ithuta
Sephetho sa ho Ithuta ke eng?
ithuta se lokela ho tiisa kgokelo le kgatelopele ho ntshetsopele ya
dikgopolokutlwisiso, bokgoni le makgabane ka maemo a hlahlobo ya tekolo.
Diphetho tsa ho ithuta ha di phatlalatse dikahare (se lokelang ho rutwa) le
mokgwa wa ho ruta.
Maemo a tekolo ke eng?
Maemo a tekolo a hlalosa bophahamo boo ka bona baithuti ba lokelang ho
bontsha phihlello ya Diphetho kapa Sephetho sa ho ithuta le ditsela/mekgwa
(botebo le bophara) ya ho bontsha phihlello ya bona. A qohollehile bakeng sa
sehlopha ka seng mme a bontsha ka moo kgatelopele e tla etsahalang ka teng
Tikolohong ya ho Ithuta. A kenyelletsa tsebo, bokgoni le makgabane a
hlokehang/batlehang bakeng sa ho fihlella diphetho tsa ho ithuta. Ha a
bolele/hlalose mokgwa wa ho ruta.
Maemo a Tekolo a fapane jwang le Sephetho sa ho Ithuta?
Diphetho tsa ho ithuta di hlalosa seo moithuti a lokelang ho se tseba le ho kgona
ho se etsa. Maemo a Tekolo a hlalosa bonyane ba bophahamo, botebo le bophara
ba se lokelang hore ho ithutwe sona. Maemong a nnete sena se bolela hore
sephetho sa ho ithuta se ka kgona ebile se tla dula se le jwalo se sa fetoha
sehlopheng se seng le se seng, ha Maemo a Tekolo a fetoha sehlopheng se seng
le se seng.
Maemo a Tekolo a na le seabo ho phumano ya mangolo a ho ithuta. Ntlheng ya
mokgahlelo wa Thuto le Thupelo e akaretsang, sena se bolela Setifikeiti sa Thuto
le Thupelo e Akaretsang.
Dithusathuo le mananeo a ntshetsopele ya matitjhere di tla ba le seabo sa
bohlokwa ho tolokeng/hlaloseng le ho faneng ka maikutlo ho diphetho tsa ho
ithuta le maemo a tekolo.
Tlaleho e Lekotsweng Botjha ya Kharikhulamo ya Naha ya dihlopha/dikereiti
tsa R- 9, e tla kenngwa tshebetsong dikolong ka tshebediso ya mananeo a ho
16
Leqephe Tjhebokakaretso
Maemo a tekolo ke eng?
Maemo a Tekolo a fapane jwang le Sephetho sa ho Ithuta?
Mananeo a ho Ithuta
Mananeo a ho Ithuta
ithuta. Mananeo o ho Ithuta a radilwe le ho hlophiswa ka tatelano ya
diketsahalo tsa tshebetso tse hodisang ho fihlella diphetho tsa ho ithuta le
maemo a tekolo bakeng sa mophato.
Jwalo ka ha Tlaleho e Lekotsweng Botjha ya Kharikhulamo ya Naha e totobatsa
dikgopolokutlwisiso, bokgoni, le makgabane ho ya ka sehlopha se seng le se
seng, Mananeo a ho ithuta ona a totobatsa botebo ba ho ithuta le mesebetsi ya
tekolo mophatong ka mong. Mananeo a ho ithuta a bile a na le dipallo tsa
tshebetso, tse fanang ka sekgahla/lebelo le tlhahlamano ya mesebetsi ena
selemo le selemo, le mehlala ya ditlhophiso tsa se tla rutwa tse tla kenngwa
tshebetsong nako e nngwe le e nngwe. Dintlhatheo tse aletsang/tshehetsang, le
makgabane a Tlaleho e Lekotsweng Botjha ya Kharikhulamo ya Naha, le tsona
di tjhaella monwana Mananeo ao a ho Ithuta.
Mananeo a ho Ithuta a lokela ho nnetefatsa hore diphetho tsohle tsa ho ithuta le
maemo a tekolo a latelwa ka katleho le hore tikoloho e nngwe le e nngwe e filwe
nako ya yona le kgatello. Mananeo a ho ithuta a tla tshetlehwa ho dikamano tse
teng pakeng tsa diphetho tsa ho ithuta le maemo a tekolo, ntle le ho dumella ho
nkelwa fatshe hwa maemo a tikoloho tsa ho ithuta.
Mananeo a ho Ithuta mophatong ka nngwe
Mophatong wa Motheo, ho na le Mananeo a mararo a ho ithuta: Ho ruteha,
Tsebo ya Dipalo le Bokgoni ho tsa Bophelo.
Mophatong o Mahareng, Dipuo le Mmetse ke mananeo a ikgethang a ho ithuta.
Mananeo a ho ithuta a lokela ho nnetefatsa hore diphetho tse behetsweng
tikoloho e nngwe le e nngwe ya ho ithuta di phethwa ka katleho le ka
kutlwisiso. Dikolo di ka etsa qeto mabapi le mananeo ao ho ka sebetsanwang le
wona le mofuta wa mananeo a ho Ithuta a itshetlehileng ho ditlhoko tsa
ditlhophiso tsa sekolo, ha feela ditlhoko tsa naha tse tlang pele le ditlhoko tsa
ntshetsopele tsa moithuti mophatong ka mong di elwa hloko.
Mophatong o Phahameng ho na le mananeo a ho ithuta a robedi, a itshetlehileng
hodima Tlaleho ya Ditikoloho tsa ho Ithuta.
Matitjhere a tla ikarabella ho hlahiseng mananeo ao a ho ithuta. Lefapha la
Thuto le tla nehelana ka leano la tataiso bakeng sa ho hlahisa mananeo a ho
ithuta a itshetlehileng ka Tlaleho ya Tikoloho ya ho Ithuta ho tshehetsa tsela ena
17
Leqephe Tjhebokakaretso
Mananeo a ho Ithuta mophatong ka nngwe
ya tshebebetso. Diporofensi di tla hlahisa ditataiso tse ding moo ho hlokahalang
bakeng sa ho kenyeletsa le maemo a fapaneng.
Mananeo a thuto ya titjhere a tla bopa tsebo ya titjhere, dihlopha tsa tsamaiso ya
sekolo le batshehetsi ba lefapha, ho hlahisa, ho kenya tshebetsong, ho tsamaisa,
le ho tshehetsa tlhahiso ya mananeo a ho ithuta.
Tataiso tsa Mananeo a ho Ithuta.
Ho nnetefatsa phihlello ya maemo a behilweng ke Tlaleho e Lekotsweng Botjha
ya Kharikhulamo ya Naha, leano la tataiso bakeng sa mananeo a ho ithuta a
loketseng le a nepahetseng, le tla botjwa boemong ba naha ka tshebedisanommoho
le diporofensi. Tataiso tsena di tla hatella dintlhatheo tsa ho ithuta ho
hokahantsweng le phihlello ya dikamano tse lekaneng pakeng tsa kamahano
ditikolohong tsohle le ntshetsopele ya dikgopolokutlwisiso ho tloha kereiting e
nngwe ho ya ho e nngwe. Molao wa Leano la Thuto ya Naha (National
Education Policy Act) wa (1996, karolo 3 temana 4) o neha Letona la Thuto matla
a ho etsa qeto hodima dintho tse ding tse jwalo ka leano la naha la tataiso
boemong ba naha bakeng sa ho hlophisa Mananeo ana a ho Ithuta.
Leano lena la ditataiso le tla fana ka tlhahisoleseding le tataiso ho:
??Kgokahano mahareng le bophara ba tikoloho tsa ho ithuta
??Kgobokanyo ya maemo a tekolo
??Kamano pakeng tsa diphetho tsa ho ithuta
??Kabo ya nako
??Tekolo
??Ditshita ho ithuteng
??Ho rala Lenaneo la ho Ithuta
??Leano le ho behwa ha molao
??Thupelo, ntshetsopele, le nehelano ya se itseng
??Nehelano ya disebediswa
??Ho rala le ho hlophisa
Tataiso tsena di tla sebediswa ho latela maemo a leano le ntseng le le teng, le
meralo ya peho ya melao e jwalo ka Dipampiri tse Tshweu tse tsheletseng tse
buang ka thuto, Molao wa Molaotheo wa Thuto ya (1996), Molao wa Dikolo wa
Aforika Borwa (1996) le Molao wa Khiro ya Matitjhere (1998). Tataiso tsa
mananeo a ho ithuta di tla fana ka moralo/sebopeho se tla latelwa ha ho
sebetsanwa le moithuti ya qohollehileng le ditlhoko tsa maemong a bophelo.
18
Leqephe Tjhebokakaretso
Tataiso tsa Mananeo a ho Ithuta
Kabo ya nako
Ho ya ka Karolo ya 4 ya Molao wa Khiro ya Matitjhere (1998), letsatsi le
tlwaelehileng la tshebetso la matitjhere e tla ba dihora tse 7. Ho ya ka molao wa
Leano la Naha la Thuto 1996 nako e hlophisitsweng bekeng ya tshebetso ya
sekolo ke dihora tse 35. Sena se tla hlophiswa ka mokgwa ona tafoleng e
latelang:
Nako ya ho ruta e hlophisitsweng bakeng sa Mophato wa Motheo e bontshitswe
ka tlase ele diperesente tsa dinako tse tafoleng e ka hodimo:
19
Leqephe Tjhebokakaretso
Mophato Sehlopha Nako
Mophato wa Motheo
Mophato o
Mahareng
Mophato o
Phahameng
R, 1 le 2
3
4, 5 le 6
7
8 le 9
22 dihora 30 metsotso
25 dihora 30 metsotso
26 dihora 30 metsotso
26 dihora 30 metsotso
27 dihora 30 metsotso
Lenaneo la
ho Ithuta
Nako (%)
Ho ruteha
Tsebo ya
dipalo
Bokgoni ho
tsa Bophelo
40%
35%
25%
Kabo ya nako
Nako eo ho fanweng ka yona e le diperesente (jwalo ka ha e bontshitswe
tafoleng e ka hodimo) ya Mophato o Mahareng le Mophato o Phahameng ke:
Ditataiso tsa ho rala/boitokisetso ho fanwa ka tsona Ditataisong tsa Lenaneo la
ho Ithuta.
Tlaleho e nngwe le e nngwe ya Tikoloho ya ho Ithuta e kenyeletsa karolo e
hlalositsweng ha batsi ka tekolo. Sebopehong sa thuto e thehilweng hodima
diphetho mekgwa e nepahetseng hantle ya ho hlahloba e kenyeletsang dintlha
tse arohaneng tsa kgopolokutlwisiso e a sebediswa. Tekolo e lokela ho nehelana
ka ditshupisi tsa phihlello ya moithuti ka tsela e nepahetseng haholo le e
atlehang le ho nnetefatsa hore baithuti ba hokahanya le ho sebedisa tsebo le
bokgoni. Tekolo e lokela hape ho thusa baithuti ho etsa dikahlolo ka tshebetso
tsa bona, ba ipehele dipheo bakeng sa tswelopele le qholotso ya ho ithuta ho
tswelang pele.
20
Leqephe Tjhebokakaretso
Tikoloho ya
ho Ithuta
la ho Ithuta
Nako (%)
Dipuo
Mmetse
Mahlale
a Tlhaho
Mahlale
a Phedisano
Thekenoloji
Mahlale a
Kgwebo le
Tsamaiso
Kamahano ho
tsa Bophelo
Bonono le
Botjhaba
25%
18%
13%
12%
8%
8%
8%
8%
Tekolo
Tekolo
Tlaleho e Lekotsweng Botjha ya Kharikhulamo ya Naha, e etsa hore
kharikhulamo e tsamaellane le leano la tekolo le fumanwang Leanong la Tekolo
(Koranta ya Mmuso 19640 ya 1998). Tataiso e tlwaelehileng ya matitjhere e
fumaneha qetellong ya Tlaleho e nngwe le e nngwe ya Tikoloho ya ho Ithuta.
Ho ruta le ho ithuta hohle ho tloha Sehlophang/Kereiting ya R- 9, ho na le seabo
mofuteng wa moithuti ya labalabelwang ke Tlaleho ya Kharikhulamo ya Naha.
Tekolo ya ho ithuta hona, e etsahala motjha o tjhele ho ya tswella ka nqane ho
dilemo tse leshome tsa ho kena sekolo. Ho hlahloba le ho nehelana ka setifikeiti
ka mora ho ithuta hona ho bokelletsweng, ho etsahala qetellong ya
kereiti/sehlopha sa 9, ha baithuti ba fihleletseng ditlhoko tse behilweng ba tla
fuwa Setifikeiti sa Thuto le Thupelo e Akaretsang
Setifikeiti sa Thuto le Thupelo e Akaretsang sa ho kena sekolo ho tlamang, ke
phumano e phethahetseng ya mangolo bakeng sa dikolo, e itshetlehile boemong
bo itseng boo diphetho tsa ho ithuta, di fihlellwang ka tshebediso ya maemo a
tekolo ya kereiti ya 9.
Ho fihlela ka 2008, leano la jwale le amanang le mangolo a thuto le tla nne le
sebetse. Ka mora moo Setifikeiti sa Thuto le Thupelo e Akaretsang se kentsweng
motjheng hore se tsamaellane le Tlaleho ena e Lekotsweng Botjha ya
Kharikhulamo ya Naha, se tla kenngwa tshebetsong.
21
Leqephe Tjhebokakaretso
Setifikeiti sa Thuto le Thupelo e Akaretsang
Setifikeiti sa Thuto le Thupelo
e Akaretsang
Dipuo
Tlhaloso
Tlaleho ya Tikoloho ya ho Ithuta ya Dipuo e kenyelletsa:
??Dipuo tsohle tsa semmuso tse leshome le motso o le mong: Sepedi,
Sesotho, Setswana, SiSwati, Tshivenda, Xitsonga Afrikaans, English,
isiNdebele, Sexhosa le Sezulu.
??Dipuo tse tjhaelletsweng monwana ke Lekgotla la Dipuo la Aforika Borwa
(PANSALB) le Lekgotla la Aforika Borwa la Matla Ditefikeiting
(SAFCERT) le tse jwalo ka mongolo wa difofu le Puo ya matshwao ya
Aforika Borwa.
Naheng ya botemengata jwalo ka Aforika Borwa, ho bohlokwa hore baithuti ba
fihlelle boemo bo phahameng ba boipabolo ho bonyane dipuo tse pedi, le hore
ba kgona le ho buisana ka tse ding.
Tlaleho ya Tikoloho ya ho Ithuta ya Dipuo e latela mokgwa wa ho kenyeletsa
botemengateng kapa katamelo e phahamisang maleme a mangata ka ho re:
??Baithuti bohle ba ithuta puo ya bona ya hae/lapeng le bonyane e le nngwe
ya semmuso ya tlatsetso.
??Baithuti ba ba le boiphihlelo puong ya bona ya tlatsetso, ha ka hlakoreng
le leng ba ntse ba bolokile le ho ntshetsa pele puo ya bona ya lapeng.
Tlaleho ya Tikoloho ya ho Ithuta ya Dipuo e akaretsa dipuo tsohle tsa semmuso
e leng:
??Puo tsa Hae/Lapeng
??Puo tsa pele tsa Tlatsetso
??Puo tsa bobedi tsa Tlatsetso
22
Leqephe Tjhebokakaretso
Tikoloho tsa ho Ithuta:
Ditlhaloso le Diphetho
Tikoloho tsa ho Ithuta:
Ditlhaloso le Diphetho
Tlhaloso
Puo ya moithuti ya hae/lapeng e lokela ho sebediswa bakeng sa ho ithuta le ho
ruta ha ho kgonahala. Sena se bohlokwa haholoholo Mophatong wa Motheo
moo baithuti ba ithutang ho bala le ho ngola. Ha baithuti ba lokela ho fetoha ho
tloha tshebedisong ya puo ya bona ya hae/lapeng, ho ya puong ya tlatsetso
bakeng sa ho ithuta le ho ruta, tlhophiso e nepahetseng e a hlokeha.
Diphetho
1. Ho Mamela: Moithuti o kgona ho mamela hore a fumane tlhahisoleseding,
boithabiso le ho arabela ka tshwanelo le ka tshekatsheko e tebileng
maemong a fapaneng.
2. Ho Bua: Moithuti o kgona ho buisana/hokahana ka boitshepo le nepahalo
ka puo e buuwang maemong a fapaneng.
3. Ho Bala le ho Boha: Moithuti o kgona ho bala le ho boha ho fumana
tlhahisoleseding le boithabiso, hape a arabe le ka bohlokolosi ho
bokgabane ba botjhaba le ba maikutlo ditemeng.
4. Ho Ngola: Moithuti o kgona ho ngola ditema tse fapaneng, tsa dintlha le
tsa boiqapelo mabapi le merero e mengata e fapaneng/ phatlalletseng.
5. Ho Nahana le ho Fana ka Mabaka: Moithuti o kgona ho sebedisa puo ho
nahana, ho fana ka mabaka, ho fumana, ho hlophisa le ho sebedisa
tlhahisoleseding ho ithuteng.
6. Sebopeho sa Thutapuo le Tshebediso: Moithuti o a tseba mme o kgona ho
sebedisa medumo, mantswe le thutapuo ho bopa le ho toloka ditema.
Ho mamela le ho bua, ho bala le ho boha, ho ngola, ho nahana le ho fana ka
mabaka le tsebo ya medumo, mantswe le thutapuo, le ha di hlahiswa e le
diphetho tse itsamaelang ka bonngwe, di lokela ho hokahanngwa ho rutweng le
ho hlahlojweng.
Mmetse
Tlhaloso
Mmetse ke tshebetso ya botho e kenyelletsang ho ela hloko, ho emela, le ho
batlisisa dipaterone le dikamano tsa bongata ponahalong ya sebopeho le
phedisano, le pakeng tsa disebediswa tsa mmetse ka botsona. Ka tshebediso ya
tsela ya ho etsa dintho, mehopolo e metjha ya mmetse le kutlwisiso e tebileng di
a hlahiswa.
23
Leqephe Tjhebokakaretso
Diphetho
Tlhaloso
Mmetse o sebedisa puo ya wona e ikgethileng e kenyeletsang matshwao le
mongolopalo ho hlalosa dikamano tsa dipalo, jeometeri, le dikerafo.
Dikgopolokutlwisiso tsa mmetse di ahellana hodima tse ding, ka hoo seo se
bopa sebopeho se tshwarahaneng.
Mmetse ke sehlahiswa sa dipatlisiso tsa botjhaba bo fapaneng, ke ketsahalo e
nang le sepheo/morero maemong a dipheo le dikgaello tsa phedisano, dipolotiki,
le moruo. Ha o a kgaohanngwa le boleng kapa hona ho ba mahareng a
botjhaba bo fapaneng.
Diphetho
1. Dipalo, mefuta e fapaneng ya tshebetso le dikamano: Moithuti o kgona
ho lemoha, ho hlalosa le ho emela dipalo le dikamano mme a ka bala
dipalo, a ka akanya, a ka sebetsa ka dipalo le ho nnetefatsa ka bokgoni le
boitshepo tharollong ya diqaka tsa mmetse.
2. Dipaterone, mesebetsi le alejebora: Moithuti o kgona ho lemoha, ho
hlalosa le ho bontsha dipaterone le dikamano esita le ho rarolla diqaka, a
sebedisa puo le bokgoni ba alejebora.
3. Sebaka le sebopeho: Moithuti o kgona ho hlalosa le ho bontsha matshwao
a kgethollang, le dikamano dipakeng tsa dibopeho tsa dibopeho tsa 2-D le
dintho tsa 3D tse maemong le dibakeng tse fapaneng.
4. Ditekanyetso: Moithuti o kgona ho sebedisa dikarolwana tse loketseng tsa
tekanyetso, disebediswa le difomula maemong a fapaneng.
5. Ho sebetsa ka dintlha/data: Moithuti o kgona ho bokella, ho kgutsufatsa,
ho bontsha/pepesa le ho manolla dintlha/data e le hore a kgone ho fihlela
diqeto le ho ka lepa, esita le ho hlalosa esita le ho fihlela monyetla wa
phapano.
24
Leqephe Tjhebokakaretso
Diphetho
Mahlale a Tlhaho
Tlhaloso
Seo kajeno se tsejwang e le 'Mahlale' (Saense) se na le motso wa sona botjhabeng
ba Seaforika, Searabo, Seasia, Seamerika le ho Seyuropa. Se filwe sebopeho ke ho
batla ho utlwisisa lefatshe la tlhaho ka ho ela hloko ho ngola melaetsa ka tshebediso
ya matshwao a itseng le ho kenya mehopolo tekong, ebile se tswela pele
ho ba karolo ya lefa la botjhaba la matjhaba ohle. Hangata e tsejwa ka kgonahalo
ya ho etsa ditokodiso tse nepahetseng tseo ho ka bang le kgonahalo ya hore di
nnetefatswe (McGraw- Hill Concise Encyclopaedia of Science and Technology,
2nd Edition, p. 1647)
Tlaleho ya ho Ithuta ya Mahlale a Tlhaho, e labalabela tikoloho/maemo a ho
ruta le ho ithuta a elang hloko hore batho ba Aforika Borwa ba na le mekgwa ya
ho ithuta, e fapaneng mmoho le diponalo tse tshwaeditsweng ke botjhaba.
Tikoloho ya ho Ithuta ya Mahlale e qala ntlheng ya hore baithuti bohle ba lokela
ho ba le bokgoni ba ho fihlella thuto ya mahlale e nang le molemo. Thuto e
molemo e lokela ho tsepamiswa hodima moithuti. E lokela ho thusa moithuti ho
utlwisisa e seng feela tsebo ya mahlale le hore e hlahiswa jwang, empa le dintlha
tsa tikoloho le tsa lefatshe. Tikoloho ya Mahlale a Tlhaho e ikemiseditse ho
nehelana ka motheo oo ho ona baithuti ba ka hahellang bophelong bohle ba
bona.
Tlaleho ya Tikoloho ya ho Ithuta ya Mahlale a Tlhaho, e phahamisa phadimeho
ya mahlale. E etsa sena ka ho tsepamisa maikutlo ho:
??Ntshetsopele le ho tshebediso ya bokgoni ba tshebetso e nang le tsela ya
mahlale maemong a fapafapaneng.
??Ntshetsopele le tshebediso ya tsebo ya mahlale le kutlwisiso.
??Kananelo ya dikamano le boikarabelo pakeng tsa mahlale, setjhaba le
tikoloho.
Diphetho
1. Dipatlisiso tsa Mahlale/Saense: Baithuti ba sebetsa ka boitshepo ntlheng
ya ho ba le tjantjello ya ho tseba ka ponahalo tsa tlhaho, ba batlisisa
25
Leqephe Tjhebokakaretso
Tlhaloso
Diphetho
dikamano le ho rarolla diqaka maemong a tsa mahlale, thekenoloji le
tikoloho.
2. Ho bopa tsebo ya Mahlale: Baithuti ba a tseba, ba a hlalosa/toloka le ho
sebedisa tsebo ya mahlale, thekenoloji le tikoloho.
3. Mahlale/Saense, Phedisano le Tikoloho: Baithuti ba na le bokgoni ba ho
bontsha kutlwisiso ya dikamano tse tshwarahaneng pakeng tsa
mahlale/saense le Thekenoloji, setjhaba le tikoloho.
Mahlale a Phedisano
Tlhaloso
Mahlale a Phedisano a ruta dikamano mahareng a batho, le mahareng a batho le
tikoloho. Dikamano tsena di fapana ka dinako le dibaka, di bile di tshwaetswa
ke maemo a phedisano, sepolotiki, moruo le tikoloho hape le ke makgabane,
maikutlo le ditumelo tsa batho.
Mehopolokutlwisiso, bokgoni, le ditshebetso tse nang le tsela ya Nalane le
Thutafatshe di bopa matshwao a mantlha a Tlaleho ya Tikoloho ya ho Ithuta ya
Mahlale a Phedisano. Thuto ya tikoloho le ditokelo tsa botho ke tsa bohlokwa
thutong ya Nalane le ya Thutafatshe ka bobedi.
Tlaleho ya Tikoloho ya ho Ithuta ya Mahlale a Phedisano, e sebetsana haholo le
seo baithuti ba ithutang sona, le mokgwa oo ba ithutang le ho bopa tsebo ka
wona. Tlaleho ya tikoloho ya ho Ithuta e kgothaletsa baithuti ho botsa dipotso
le ho fumana dikarabo malebana le setjhaba le tikoloho eo ba phelang ho yona.
Tlaleho ya Tikoloho ena ya ho Ithuta e na le sepheo sa ho ba le seabo sa
ntshetsopele ya baahi ba nang le tsebo, ba nang le kelohloko le boikarabelo, ba
kgonang ho ba le seabo se ahang setjhabeng se nang le botjhaba bo fapaneng le
bo fetohang. Hape se etsa hore baithuti ba hlomele hore ba tsebe ho phehisa
ntshetsopeleng ya setjhaba sa toka le demokerasi.
26
Leqephe Tjhebokakaretso
Tlhaloso
Diphetho
Nalane
1. Patlisiso ya nalane: Moithuti o kgona ho sebedisa bokgoni ba ho botsisisa
hore a fuputse ka tse fetileng le tsa kajeno.
2. Tsebo le kutlwisiso ya nalane/hisetori: Moithuti o kgona ho bontsha tsebo
le kutlwisiso ya nalane.
3. Ho hlalosa/toloka nalane/hisetori: Moithuti o kgona ho toloka dintlha tsa
nalane.
Thutafatshe
1. Patlisiso ya Thutafatshe: Moithuti o kgona ho sebedisa bokgoni ba ho
botsisisa hore a fuputse ka dikgopolokutlwisiso le tsela tsa thutafatshe le
tikoloho.
2. Tsebo le kutlwisiso ya Thutapuo: Moithuti o kgona ho bontsha tsebo le
kutlwisiso ya thutafatshe le tikoloho.
3. Ho utulla/hlwedisisa dintlha: Moithuti o kgona ho etsa diqeto tse
hlabolohileng ka dintlha le diqaka tsa phedisano le tikoloho.
Bonono le Botjhaba
Tlhaloso
Tlaleho ya Tikoloho ya ho Ithuta ya Bonono le Botjhaba, e akaretsa bonono bo
phatlalletseng le ditlwaelo tsa botjhaba ba Aforika Borwa. Bonono le botjhaba
ke karolo ya bohlokwa ya bophelo e akaretsang dintlha tsa semoya,
disebediswa, kelello le maikutlo a boiteko ba batho setjhabeng. Botjhaba bo
itsebahatsa ka tsela ya bonono le ditsela tsa/mekgwa ya ho phela, ditsela tsa
boitshwaro, lefa, tsebo le tsamaiso/mokgwa wa ditumelo. Botjhaba bo fapaneng
ha bo a ema nqa e le nngwe, bo na le nalane le maemo, bo a fetoha, haholoholo
ha bo kopana le bo bong.
Katamelo ho botjhaba Tlalehong ya Tikoloho ya ho ithuta, e kgothaletsa baithuti
ho:
27
Leqephe Tjhebokakaretso
Tlhaloso
Diphetho
??Sutha mokgweng wa ho ba majalefa a botjhaba a se nang seabo, ho bane
ba nka karolo, ba mafolofolo.
??Bontsha ka boiqapelo ho bonono, mesebetsi le diketsahalo tsa botjhaba.
??Hlwaya kgokahano pakeng tsa mosebetsi wa bonono le botjhaba.
??Utlwisisa maemo a thutafatshe, moruo, le boahisani ao ho wona bonono le
botjhaba di ipontshahatsang.
??Hlwaya kgokahano pakeng tsa ditlwaelo tsa botjhaba, matla le kgatello ya
botjhaba.
??Sekaseka tshusumetso/sephetho sa nako hodima botjhaba le bonono.
??Utlwisisa ka moo bonono bo hlahisang, bo atolosang le ho phephetsa
botjhaba ka mekgwa e ikgethileng.
Mokgwa wa katamelo malebana le bonono Tlalehong ya Tikoloho ena ya ho
ithuta, e tloha boitemohelong bo phatlalletseng, bo kenyelletsang dibopeho tsa
mefuta e fapaneng ya bonono maemong a fapaneng, a botjhaba malebana le
botebo bo eketsehileng ba tsebo le bokgoni kereiting ya 8 le ya 9. Botshepehi ba
dibopeho/mefuta e arohaneng ya bonono le boleng ba boitemohelo ba ho ithuta
bo hokahantsweng di elwa hloko. Tlaleho ya Tikoloho ya ho Ithuta e tsitlallela
ho bopa tekatekano pakeng tsa tsebo e akaretsang, e holang malebana le Bonono
le Botjhaba, le tsebo le bokgoni bo ikgethileng mofuteng o mong le o mong wa
bonono.
Diphetho
1. Ho bopa, ho toloka/hlalosa le ho nehelana: Moithuti o kgona ho bopa, ho
toloka/hlalosa le ho nehelana ka mosebetsi mofuteng o mong le o mong
wa bonono.
2. Bontshahatsa: Moithuti o kgona ho bontsha ka hloko tshebetso tsa
botjhaba le bonono, dihlahiswa le ditaele maemong a fetileng le ho a
kajeno.
3. Ho ba le seabo le ho sebetsa mmoho: Moithuti o kgona ho bontsha
bokgoni ba motho ka mong le bo pakeng tsa batho, ka tshebediso ya ho ba
le seabo ka bomong kapa sehlopheng diketsahalong tsa Bonono le
Botjhaba.
4. Ho ikutlwahatsa le kgokahano/puisano: Moithuti o kgona ho lekola le ho
sebedisa mefuta e mengatanyana ya kgokahano le ho ikutlwahatsa
Bononong le Botjhabeng.
28
Leqephe Tjhebokakaretso
Diphetho
Tlhaloso
Kamahanyo Ho Tsa Bophelo
Tlhaloso
Kgopolokutlwisiso/Kamahanyo ho tsa Bophelo, e jere mohopolo wa bohlokwa
wa seo tikoloho ya ho ithuta e ikemiseditseng ho se fihlella. E tataisa le ho
lokisetsa baithuti bophelo le tsohle tse ka kgonehang. Kamano ho tsa Bophelo e
etsa hore baithuti ba hlomele mabapi le bophelo bo nang le moelelo le bo
atlehileng setjhabeng se fetohang ka potlako.
Tlaleho ya Tikoloho ya ho Ithuta ya Kamahanyo ho tsa Bophelo, e aha bokgoni
(skills) tsebo, makgabane le maikutlo a fang baithuti matla a ho etsa diqeto tse
hlabolohileng, tse nepahetseng mabapi le tse latelang:
??Phahamiso ya bophelo bo botle
??Ntshetsopele ya phedisano/kahisano
??Bointshetsopele
??Ntshetsopele ya sebopeho/mmele le motsamao
??Tlwaetso lefatsheng la mosebetsi
Mmoho, dintlha tsena tsa tsepamiso tse hlano, tsa Tlaleho ya Tikoloho ya ho
Ithuta ya Kamahanyo ho tsa Bophelo, di shebane le ditokelo tsa botho le tsa
tikoloho tse totobaditsweng molaotheong wa naha.
Diphetho
1. Phahamiso ya bophelo bo botle: Moithuti o kgona ho etsa diqeto tse
hlabolohileng malebana le bophelo ba motho ka mong, setjhaba le tikoloho
ya bophelo bo botle.
2. Ntshetsopele ya kahisano: Moithuti o kgona ho bontsha kutlwisiso ya, le
boinehelo ho ditokelo tsa molaotheo le ho boikarabelo mme a bontshe
kutlwisiso ya botjhaba le ditumelo tse fapaneng.
3. Bointshetsopele: Moithuti o kgona ho sebedisa bokgoni boo a ithutileng
bona, ho fihlella le ho phahamisa bokgoni ba ho arabela ka katleho
diphephetsong tsa lefatshe leo a phelang ho lona.
4. Ntshetsopele ya sebopeho/mmele le motsamao: Moithuti o kgona ho
bontsha kutlwisiso mme a be le seabo diketsahalong tse phahamisang
motsamao le kgolo ya mmele.
5. Tlwaetso lefatsheng la mosebetsi: Moithuti o kgona ho etsa diqeto tse
hlabolohileng ka tsa ho ntshetsa pele dithuto le ka tsa kgetho ya mosebetsi.
29
Leqephe Tjhebokakaretso
Diphetho
Mahlale a Kgwebo Le Tsamaiso
Tlhaloso
Tlaleho ya Tikolohong ena ya ho Ithuta ya Mahlale a Kgwebo le Tsamaiso, e
kenyeletsa ho ithuta tshebediso ya motho ka mong, setjhaba kapa ya kopanelo
ya mefuta e fapaneng ya disebediswa bakeng sa ho kgotsofatsa ditlhoko le
ditakatso tsa batho, ebile a ntse a bontsha ka bohlokolosi ditlamorao tsa
tshebediso e mpe ya disebediswa tikolohong le bathong.
Ka ho qoholleha Tlaleho ya Tikoloho ya Mahlale a Kgwebo le Tsamaiso e
sebetsana le:
??Sebopeho, ditshebetso, le tlhahiso ya disebediswa le ditshebeletso
??Moruo wa Aforika Borwa le tsamaiso ya kahisano le moruo dinaheng tse
fapaneng.
??Ho tsetela le taolo ya tsa ditjhelete le bokgoni ba ho rala mabapi le thuo ya
motho ka mong, ya setjhaba kapa ya kopanelo.
??Bokgoni ho tsa kgwebo le tsebo e hlokehang ho tsamaisa maphelo a batho
le ditikoloho.
Diphetho:
1. Tsebo le kutlwisiso ya sedikadikwe sa kgwebo: Moithuti o kgona ho
bontsha tsebo le kutlwisiso ya sedikadikwe sa kgwebo ho rarolleng diqaka
tsa moruo.
2. Kutlwisiso ya kgolo e tshwarellang le ntshetsopele: Moithuti o kgona ho
bontsha kutlwisiso ya kgolo e tshwarellang, kahobotjha le ntshetsopele, le
ho nahana/bontsha ka manollo e tebileng tshebetso tse amanang.
3. Tsebo le bokgoni ba tsamaiso, Mosebedisi le tsa ditjhelete: Moithuti o
kgona ho bontsha tsebo le bokgoni ba ho sebedisa ka boikarabello ho tsa
tsamaiso, mosebedisi le ho tsa ditjhelete.
4. Bokgoni le tsebo ho tsa kgwebo: Moithuti o kgona ho bontsha maikutlo,
tsebo le bokgoni ho tsa kgwebo.
30
Leqephe Tjhebokakaretso
Diphetho
Tlhaloso
Thekenoloji
Tlhaloso
Thekenoloji e sa le e le teng nalaneng yohle jwalo ka ketsahalo eo ho yona batho
ba sebedisang motswako wa tsebo, bokgoni le disebediswa tse fumanehang ho
fumana ditharollo tseo ka tsona ba ka fihlellang ditlhoko le ditakatso tsa bona
tsa letsatsi le letsatsi. Tse ding tsa ditharollo tsena di tla ka sebopeho sa
dihlahiswa ha ditharollo tse ding di kenyeletsa motswako wa dihlahiswa ho etsa
ditsamaiso. Le kajeno batho ba ntse ba na le ditlhoko le ditakatso. Ditharollo di
ntse di hlahiswa ka tshebediso ya diketsahalo tse kopanyang tsebo, bokgoni le
disebediswa tse teng. Le ha ho le jwalo, tsebo, bokgoni le disebediswa tse
sebediswang kajeno, di fapane ka lebaka la ntshetsopele e potlakileng ya
thekenoloji. Setjhaba sa kajeno se rarahane ebile se fapane. Mabaka a moruo le
tikoloho, le mefuta e fapaneng ya maikutlo le makgabane a lokelwa ho elwa
hloko ha ho hlahiswa ditharollo tsa thekenoloji. Ke tlasa maemo ana thekenoloji
e hlaloswang jwalo ka:
Tshebediso ya tsebo, bokgoni le disebediswa ho fihlella ditlhoko le ditakatso
tsa batho ka ho hlahisa ditharollo tse ka sebetsehang diqakeng ha ho ntse ho
etswe hloko mabaka a phedisano le a tikoloho.
Diphetho
1. Ditsela tsa tshebetso le bokgoni ba thekenoloji: Moithuti o kgona ho
kenya tshebetsong ditsela le bokgoni ba thekenoloji, ka boitshwaro bo
amohelehileng le boikarabelo ho sebediswa tlhahisoleseding le kgokahano
tse nepahetseng tsa thekenoloji.
2. Tsebo le kutlwisiso ya thekenoloji: Moithuti o kgona ho utlwisisa le ho
kenya tshebetsong tsebo ya thekenoloji, e nepahetseng ka boitshwaro bo
amohelehileng le boikarabelo.
3. Thekenoloji, setjhaba le tikoloho: Moithuti o kgona ho bontsha
kutlwisiso ya dikamano tse kopaneng mahareng a thekenoloji, setjhaba sa
selehae le tikoloho ha nako e ntse e tsamaya.
31
Leqephe Tjhebokakaretso
Diphetho
Tlhaloso
32
Leqephe Tjhebokakaretso
33
Leqephe Tjhebokakaretso
34
Leqephe Tjhebokakaretso

Morero o yang ka leano wa temo ya Afrika Borwa ke sehlahiswa sa tshebedisano pakeng tsa Mmuso, Agri SA mmoho le NAFU.
Maqalong a selemo sa 2001, Mopresidente Thabo Mbeki o ile a ipiletsa ho ba fapafapaneng ba amehang hore ba hlwaye leano le kopanetsweng le tlang ho fana ka tsepamisetso e lekaneng ho ka kopanya mokga ona. Ho tswa boipiletsong bona ho hlahile morero o yang ka leano wa mokga ona.
Tjhebelopele bakeng sa mokga ona e bolela seabo se tswellang se nang le ditholwana moruong wa temo wa Afrika Borwa ho tswa ho bohle ba amehang. E amohela tlhokeho ya ho boloka le ho hodisa tlhahiso ya kgwebo, ho aha bohlodisani ba maemo a matjhaba le ho sebetsana le lefa le lebe le tshekamelo ya leeme ho tswa mehleng ya pele tse ileng tsa baka phihlelleho le boemedi bo sokameng. E fana ka setshwantsho se hlakileng sa moo temo ya Afrika borwa e batlang ho ipona e le teng nakong e telele e tlang.
Morero o yang ka leano o na le maano a mararo a bohlokwa-hlokwa:
 Phihlelleho le seabo se nang le tekatekano
Maikemisetso a leano lena ke ho hodisa phihlelleho le seabo menyetleng e tliswang ke temo; ho fedisa borabe thuong ya lefatshe le dikgwebo; le ho lokolla bokgoni bo felletseng ba bohwebi mokgeng ona.
 Bohlodisani ba maemo a lefatshe ka bophara mmoho le ho ba le phaello
Sepheo sa leano lena ke ho hodisa ho etswa ha phaello ka tshebediso ya bohlodisani maemong a lefashe ka bophara phepelong ya tse kengwang, tlhahiso ya motheo, ho sebetswa ha tsa temo mmoho le di-indaseteri tse kopantshitseng temo le bohahlaodi.
 Tsamaiso e ka bolokwang e tswella ya mehlodi
Leano lena le ka sepheo sa ho hodisa bokgoni ba borapolasi ba ho sebedisa mehlodi ka mokgwa o ka bolokwang o tswella le ho netefatsa tshebediso le tsamaiso e bohlale ya mehlodi ya tlhaho.
Dikarolwana tse ding tsa maano ana a bohlokwa-hlokwa di a tlatselletsana mme di tla kenya letsoho ho aheng le ho kgutliseng tshepo temong. Ka ho nahanela sena, sehlopha sa tshebetso se ile sa hlwaya maano a sehlotshwana a hlokahalang a tshehetso le a ho etsa hore dintho di etsahale:
 Puso e ntle
 Ntshetsopele ya dibaka tsa mahaeng e hokahantsweng le e ka bolokwang e tswella
 Tsebo le boiqapelo bo botjha
 Tshebedisano ya dinaha tsa matjhaba
 Polokeho le tshireletseho
Maikemisetso ana a yang ka leano a tlatselletsanang a fana ka motheo o hlokolosi oo sepheo se yang ka leano se ke keng sa fihlellwa ntle le ona. A boetse hape a toboketsa ho itshetleha ha mokga ona ho tshehetso ya dihlopha tse ding tsa mafapha le di-indaseteri.
Balekane ba ikabetseng boikarabelo ba ho kenngwa ha morero ona tshebetsong ba tla boela ba hlahise merero e kenelletseng ya mehato ya tshebetso. Lebakeng lena, balekane ba ka sehloohong ba tla theha komiti ya kopanelo ya moshwelella. Ba boetse ba etsa matsapa a ho kenyeletsa mekgatlo ya basebetsi, mekgatlo eo e seng ya mmuso, mekgatlo ya baahi mmoho le mekgatlo ya dinaheng tsa kantle.
Jwalo ka mohato wa pele ho kgannella morero o yang ka leano ho fihla lekgatheng la ho kenngwa tshebetsong, balekane ba yang ka leano ba hlwaile mananeo le mehato ena e latelang ya tshebetso e tlang pele-pele:
 Ho kenya tshebetsong leano la polokeho le tshireletseho le itshetlehileng ka mekga e phatlalletseng, bakeng sa tshebetso e ntle le botsitso ba setjhaba, ho tshepela le ho ba le tshepo
 Ho kgothaletsa tjhebelopele e kopanetsweng ka temo, puso e ntle le ditshebetso tsa kopanelo le setjhaba
 Ho potlakiswa ha lenaneo la kabo ya lefatshe botjha bakeng sa ntshetsopele ya temo mmoho le ditshebetso tsa matlafatso bakeng sa dihlopha tse tobilweng
 Ho fetolwa ha diphuputso tsa temo, ho fetisetswa ha theknoloji, thuto mmoho le katoloso hore di kgone ho ka arabela ka ho eketsehileng ho mebaraka
 Ho hlaloswa botjha ha moelelo wa thomo ya ho bapatswa ha temo le kgwebisano ya matjhaba mehleng ya ka mora taolo ya diboto, kgahlanong le tlhodisano e kgolwane ya lefatshe ka bophara mmoho le ditlhoko tsa ho fihlelleha ha mebaraka, popeotheo le tlhahisoleseding
 Ho hloma mekgwa e tshepahalang ya tekodisiso ya dipalopalo le moruo wa tsa temo, e tlang ho fihlelleha ho borapolasi le dikgwebo tsohle
 Ho theha mokgwa o hokahantsweng wa ditshebeletso tsa ditjhelete tsa dibaka tsa mahaeng o hlaloswang ke Raporoto ya Khomishene ya Strauss
 Ho hlahisa mokgwa o sebetsang hantle wa tsamaiso e hokahantsweng ya dikotsi tse ka hlahang bakeng sa mekgwa ya bophelo bo botle ya dimela le diphoofolo, mekgwa ya diporeisi le meputso mmoho le dikoduwa tsa tlhaho
 Ho tobisa maikemisetso ho peeletso ditsamaisong tsa ntshetsopele ya dibaka tsa mahaeng hore ho fanwe ka boiphediso, popeotheo, nosetso, motlakase, tsa dikgokahano ka mohala, dipalangwang, thupelo le ntshetsopele ya botsebi
 Ho theha lenaneo la tshebedisano ya temo bakeng sa hore Afrika e kgone ho etella pele matsapa a kaho ya Afrika e Ntjha temong
 Ho theola ditjeo tse akaretsang tsa tlhahiso, ho kenyeletswa le phokotso e eketsehileng ya makgetho le ditefiso tse hodima mafura a disele le disebediswa tse ding tse tshwanetseng ho kengwa.
Ho tsena kaofela, ba elellwa seabo sa mokga wa poraevete ho fihlelleng dipheo tsa ho ba le karolo, ho hlodisana le ho ka kgona ho tswella.
Kahoo he, ho tla etswa sohle ho netefatsa hore ho ba le tshebedisano le nyalanyo e kgolwanyane pakeng tsa mmuso le mokga wa poraevete - ho
bolelang borapolasi, mekgatlo ya borapolasi mmoho le dikgwebo tsa temo - hore ho fihlellwe tjhebelopele e ntjha ya mokga wa temo o kopaneng le o atlehileng.
Ho lebelletswe diphetho tsena tse latelang ho tswa ho phehellweng ha maikemisetso ana a yang ka leano:
 Ho bopjwa ho eketsehileng ha leruo dibakeng tsa temo le tsa mahaeng
 Khiro e eketsehileng e ka bolokwang e tswella lekaleng la temo
 Meputso e eketsehileng mmoho le dikuno tse eketsehileng tsa phapanyetsano ya tjhelete le dinaha tsa kantle
 Phokotso ya bofuma le ho se lekalekane thuong ya lefatshe le dikgwebo
 Tshebetso e eketsehileng ya bokgabane ho tsa dipolasi
 Tshireletseho e ntlafaditsweng ya phumaneho ya dijo naheng le malapeng
 Dibaka tsa mahaeng tse nang le botsitso le tse bolokehileng, maemo a theohileng a bosenyi le dikgoka, mmoho le ntshetsopele e tswellang ya dibaka tsa mahaeng
 Tshepo e ntlafetseng ya babeeletsi mmoho le peeletso e kgolwanyane ya ka hara naha le e tswang dinaheng tsa kantle ditshebetsong tsa temo le dibakeng tsa mahaeng
 Boikgantsho le seriti temong jwalo ka mosebetsi wa boiphediso mmoho le mokga
Balekane ba inehela ka boitlamo ho faneng ka nako e hlokehang mmoho le mehlodi ya ditjhelete le ya disebediswa ka sepheo sa ho kenya morero ona o yang ka leano tshebetsong.
 
Phatlalatso ena ya Morero o yang ka leano wa Temo ya Afrika Borwa e a fumaneha ho tswa
Resource Centre, Department of Agriculture
Founu (012) 319 7141
mme e fumaneha hape le weposaeteng ya inthanete atereseng ya:
www.nda.agric.za
 
2002

AFRICAN NATIONAL CONGRESS (ANC) KE ENG?


* ANC ke mokgatlo o lwanelang tokoloho ya setjhaba. O thehilwe ka selemo sa 1912 ho kopanya ma-Afrika le ho etella pele boitseko ba diphetoho tsa sethato dipolotiking, kahisanong le moruong. 
* Dilemomng tse mashome a robong kaofela ANC ha esale e ntse e etelletse pele boitseko kgahlanong le kgetholloya bo-morabe, mme e hlophisa matsholo a bongata a kganyetso mmoho le ho susumelletsa dinaha tsa matjhaba ho ntshetsa pele boitseko, esita le ho nka dihlomo twantshong ya apartheid. 
* ANC e ile ya fihlela katleho e kgolo dikgethong tsa dimokerasi tsa 1994, moo e ileng ya fuwa thomo e tiileng ya ho rerisana ka Molaotheo o motjha wa demokerasi wa Afrika Borwa. Molaotheo oo o motjha o ile wa ananelwa ka 1996. 
* ANC e ile ya boela ya kgethwa ka 1999 boemong ba mmuso wa naha le mebusong ya diprofensi ka thomo e ekeditsweng. 
* Maano aANC a ralwa ke ditho tsa yona mme boetapele ba yona bo ikarabela ho ditho tsa yona. 
* Botho ba ANC bo buletswe Ma-Afrika Borwa ohle a dilemong tse ka hodimo ho tse 18, ho sa natswe morabe, mmala le bodumedi, mme e be batho ba tla amohela metheo, maano le mananeo a mokgatlo. 
SEPHEO LE MAIKEMISETSO A ANC KE AFE?
* Sepheo sa bohlokwa ke ho theha setjhaba sa demokerasi se kopaneng, se hlokang kgethello ya bo-morabe le kgethollo ya bong. 
* Hona ho bolela tokoloho dipoloyiking le moruong haholo-holo tokoloho ya Ma-Afrika le batho ba batsho ka kakaretso. Ho bolela ho phahamisa boleng ba bophelo ba Ma-Afrika ohle, haholo-holo ba futsanehileng. 
* Boitseko ba ho fihlela sepheo sena bo bitswa Ntwa ya Naha ya ho tlisa Diphetoho tsa demokerasi. 
KE SE FE SE TATAISANG LEANO LA ANC?
Lengolo le Phatlalatsang Ditokelo tsa Tokoloho (Freedom Charter), le ileng la ananelwa ke seboka sa Batho ka 1955, le dutse e ntse ele lengolo la motheo wa leano la ANC.
Lengolo lena, laDitokelo tsa Tokoloho le phatlalatsa ho re:
* Batho ba tla busa 
* Batho ba mefuta yohle ba tla ba le ditokelo tse lekanang 
* Batho bohle ba tla arolelana moruo wa naha ka ho lekana 
* Naha e tla arolelwa bohle ba sebetsang ho yona 
* Bohle re tla lekana ka pela molao 
* Bohle re tla ba le ditokelo tse lekanang tsa botho 
* Ho tla ba le mesebetsi le tshireletso 
* Menyako ya thuto le setso e tla bulelwa bohle 
* Ho tla ba le matlo, polokeho le boiketlo 
* Ho tla ba le khotso le setswalle 
Ka 1994 ANC e ile ya ananela Lenaneo la Kaho Botjha le Ntshetsopele (RDP) e le motheo wa leano le tataisang ANC diphetohong tsa Afrika Borwa. Mananeo a bohlokwa a Lenoneo lena la Kaho Botjha le Ntshetsopele ke:
* ho fihlel ditlhoko tsa motheo 
* ho ntshetsa pele mehlodi ya botho 
* ho aha moruo 
* ho theha setjhaba le puso tsa demokerasI 
MATSHWAO A ANC A BOLELA ENG?
* Folaga ya ANC e entswe ka dikoralwana tse lekanang, tse rapameng, ka mebala ya botsho, botala le kgauta. Mmala o motsho o bolela batho ba Afrika Borwa, bao dilemong tse ngata ba ileng ba lwanela tokoloho. Mmala o motala o emetse lefatshe, leo ka dilmo-lemo le ileng la phedisa batho ba rona, ba nnileng ba tloswa ho lona ke mmuso wa bokoloniale le wa apartheid. Mmala wa kgauta o emetse diminerale le moruo o mong wa tlhaho wa Afrika Borwa, oo e leng wa batho bohle ba naha ena, empa o ne o sebediswa ho tswela molemo sehlotshwana sa morabe o itseng feela.
  
* Setshwatso se nang le lerumo le thebe se emetse dintwa tsa mehleng tsa boitseko kgahlanong le puso ya koloniale, se bontsha ntwa ya dihlomo ya boitseko ya lebtho la bahlabani ba ANC la Umkhonto we Sizwe, se boele se bontshe hape ntwa ya ANC e ntseng e tswela pele kgahlanong le menyetla merabeng e itseng le ho lwantshwa kgatello. Setshwantso sa lebidi se tloha kgale-kgale nakong tsa Seboka sa Batho, se ileng sa ananela Lengolo le Phatlalatsang Ditokelo tsa Tokoloho (Freedom Charter), mme se supa go kopangwa ha boitseko bo tshwanang ba Tokoloho bathong ba Afrika Borwa kaofela. Ke letshwao le bontshang moetlo o matla o hlokang bo-morabe wa ANC. Letsoho le finnweng le tshwereng lerumo le supa matla a batho ba kopaneng boitsekong ba tokolohole tekatekano.
  
* Kgweletso ya ANC ya " Amandla ngawethu, Matla ke a rona" e bolela hore batho ke bona ba nang le matla ka ho phetathahala, mme hona ho supa tseko ya bohlokwa ya Freedom Charter ya hore 'batho ba tla busa'. Ena ke polelo ya ANC ya ho itlama ho aheng le ho tebisa demokerasi, esita leho nka karolo ha batho ka ho phethahala mekutung ya ho ntlafatsa maphelo a bona. 
BOIKARABELO BA SETHO SA ANC KE BO FE?
Metheo le dintlha tse molemo ho setho sa ANC di kenyeletsa:
* Boikokobetso le boinehelo boitsekong ba ho fihlela setjhaba sa demokerasi, se hlokang kgethollo ya bo- morabe le bong. 
* Ho thahasella ditabatabelo le dikgahleho tsa batho, jwaleka ha di hlahisitswe methehong ya leano la 'Batho pele' - ho beha batho ka sehlohong. 
* Ho nka karolo ho kenya tshebetsong maano a mokgatlo le diqetong tse kopanetsweng. 
Ditho tsa ANC di lebeletswe:
* Ho ingodisa lekaleng la ANC, mme ba lefe tjhelete ho ba setho, esita le ho thuas ho aha ANC. 
* Ho nka karolo e mafolofolo ditherisanong, ho theha le ho kenya tshebetsong leano le mananeo a ANC. 
* Ho amohela le ho sireletsa diqeto tsa dibopeho tse tshwanetseng tsa mokgatlo. 
* Ho bopa kopano ya ANC mmoho le mekgatlo ya demokerasi, ho lwantsha bobodu le leeme la ho fana ka menyetla ho ba leloko, le ho lwantsha maqulana. 
* Ho lwantsha kgethollo ya bo-morabe, ya mofuta kapa ya bong, ya bodumedi, le ho lwantsha ho hloka mamello ya sepolitiki kapa mofuta ofe kapa ofe wa kgethollo. 
* Ho dula ba ntse ba fumana tlhahiso-leseding ya sepolotiki kapa tswelopele e fe e fe, mme ba nne ba eketse bokgoni ba bona e le karolo ya ho ithuta ka dinako tsohle. 
* Ho hlola ba ikamahantse le setjhaba mme ba nke karolo e matla ditabeng tsa setjhaba. 
* Ho itshwara ka tsela e kgabane, e tlang ho ba mohlala bophelong ba mehla,mme ba se sebedise maemo a bona ho ithuisa. 
DIBOPEHO TSA ANC KE DI FE?
* Lekala ke karolwana ya motheo ya ANC, moo ditho di nkang karolo mosebetsing wa ANC le ditherisanong tsa sepolotiki. Lekala ke lona le 'etelletseng pele' setjhaba tulo e itseng, mme le emetse dikgahleho tsa sona, le hlahisa ditabatabelotsa sona. Lekala ka leng le kgetha Komiti ya Phethahatso ya Lekala (BEC) Kopanong e Akaretsang ya Selemo le Selemo.
  
* Komiti Ya Phethahatso ya Lebatowa (REC) e kgwthwa Sebokeng sa Lebatowa ke Baemedi ba makala a lebatowa leo kamora dilemo tse pedi.
  
* Komiti ya Phethahatso ya Profensi (PEC) e kgethwa Sebokeng sa Profensi ke baemedi ba makala a profensi kamora tse tharo
  
* Komiti ya Phethahatso ya Naha (NEC) ke sona sebopeho se phahameng ka ho fetisisa sa ANC mahareng a Diboka tsa Naha, mme ke yona e nkang boikarabelo ba ho etella mokgatlo pele. Komiti ya Phethahatso ya naha e kgetha Komiti ya Tshebetso ya Naha (NWC) hara ditho tsa yona ho ntshetsa pele mosebetsi wa letsatsi wa mokgatlo.
  
* Seboka sa Naha se tshwarwang kamora dilemo tse hlano ke sebopeho se hodimo-dimo se nkang diqeton ho ANC. Ho baemedi bohle ba voutang Sebokeng sa Naha, baemedi ba makala ba etsa palo ya mashome a robong- lekgolong (90%). Lekgotla le Akaretsang la Naha (NGC) le tshwarwa pakeng tsa Diboka tsa Naha ho lekola tswelopeleya mananeo amokgatlo.
  
* Mokgatlo wa Basadi wa ANC le ona sebetsa jwaloka sebopho se ikemetseng ka hara mokgatlo ohle wa ANC. Sepheo sa ona ke ho sireletsa le ho ntshetsa pele ditokelo tsa basadi kgahlanong le mefuta yohle ya kgatello le ho tiisetsa hore basadi ba bapala karolo e felletseng mokgatlongka dinako tsohle. Mokgatlo wa Basadi o buletswe basadi bohle bao e leng ditho tsa ANC.
  
* Mokgatlo wa Batjha wa ANC le ona o sebetsa jwaloka sebopeho se ikemetseng ka sepheo sa ho kopnya le ho etella pele batjha hore ba tle ba tobane le mathata ao ba teanang le ona, le tiisa hore batjha ba nka karolo e tletseng , e matla mosebetsing wa ANC. Botho ba Mokgatlo bo bultswe batho bohle ba dilemong tse pakeng tsa 14 le 35. 
SELEKANE SA MEKGATLO E MERARO (TRIPARTITE) KE ENG?
ANC e kene selekaneng le South African Communist Party (SACP) le Congress of South African Trade Unions (COSATU). Mokgatlo o mong le o mong Setlamong sena, o ikemetse ka molaotheo wa ona, ditho esita le mananeo. Setlamo sena se thehilwe hodima boitlamo bo tshwanang ba ho fihlela maikemisetso a Ntwa ya Naha ya ho tlisa Diphetoho tsa Demokerasi (National Democratic Revolution), le thlokeho ya ho kopanya ka hohle ka mmo ho ka kgonahalang Ma-Afrika tlasa maikemisetso ana.
MOO O KA FUMANANG ANC TENG
Makala a ANC a fumaneha ditoropong tsohle tse kgolo, ditorotswaneng le metseng ya mahae ho phatlalla le Afrika Borwa. ANC e na le Ntlokgolo, di-ofisi tsa di-profensi le di-ofisi tse ngatanyana tsa mabatowa.
 

Palo ya batho dikolong
 
Ka kgwedi ya Loetse kapa ya Mphalane, bana hohle Afrika Borwa ba tla be ba kenetse morero o thabisang, o bitswang hore ke Palo ya Batho Sekolong
 
Palo ya Batho Sekolong e tsamaiswa ke Ba Dipalopalo Afrika Borwa, eleng mokgatlo wa rona wa molao wa dipalopalo, ha mmoho le Lefapha la Thuto. Morero ona o tla kenyeletsa baithuti le matijhere, ha ba tla be ba sebetsa mmoho ka diphaposing tsa bona tsa sekolo. Bana tlasa tataiso ya matitjhere, ba tla bokella lesedi ka bona, sekolo sa bona le tikoloho ya malapa a bona. Lesedi le bokeletsweng mona e tla ba la bohlokwa haholo le tla fetoha karolo ya sesiu sa polokelo ya dipalopalo tsa naha le tsa matjhaba, mme ho tla ba le lesedi le tshwanang le lona lena la mona le bokellwang ke  dinaha tse kang UK le Australia, tseo le tsona di tshwaraneng le mosebetsi wa morero o tshwanang le ona.
 
Lesedi le bokeletsweng le tla sebedisetswa ho ntshetsa pele theepa ya ho ruta e le ho thusa baithuti ba tshwanang le ngwana wa hao ho utlwisisa dipalopalo le mokgwa oo di ka sebediswang ka ona. Palo ya Batho Sekolong e tla thusa bana ho utlwisisa bohlokwa ba palo ya baahi ba naha, eo le yona e etswang ka kgwedi ya Mphalane. Palo ya baahi selemong sena e tsejwa ka hore ke  Palo ya setjhaba ya 2001.
 
Palo ya setjhaba ke eng?
 
Afrika  Borwa, palo ya setjhaba e etswa dilemong tse ding le tse ding tse hlano. Nakong ya ho balwa ha batho,  motho e mong le e mong naheng ena o a balwa, mme ho bokellwa lesedi mabapi le hore batho ba dula jwang hokae. Lesedi lena (leo boradipalopalo ba le bitsang hore ke 'data') le sebediswa ke mafapha a mmuso, balaodi ba selehae le  ba ralang ho etsa qeto ya hore mehlodi e hlokeha kae haholo.
 
Ntho ena e bolela hore lesedi le bokeletsweng palong ya setjhaba le sebedisetswa ho etsa qeto ya hore ke hokae moo dikolo le ditliniki di lokelang ho ahuwa teng, le hore ke dibaka dife tse hlokang dipalangwang tse ntlafetseng ho feta, le hore ke hokae moo metsi a diphaephe a lokelang ho fepelwa teng ha mmoho le motlakase. Lesedi le bokeletsweng ha ho balwa setjhaba, le boetse le sebedisetswa hape ho etsa qeto ya hore mehlodi e lokela ho lebiswa hokae bakeng sa ntshetso pele ya dibaka tseo eseng tsa diteropo, ntlafatso ya metse ya diteropo le taba ya ho thusa dibaka tse wetsweng ke bofuma bo boholo.
 
Hobaneng o lokela ho ba le seabo palong ya setjhaba ya selemo sa 2001?
 
*         Letlole la ditjhelete la baahi ba heno.   Ka ho kenela  palo ena ya setjhaba, o tla be o thusa baahi ba heno ho fumana letlole la ditjhelete tseo ba di hlokang bakeng sa ditshebeletso le ntshetsopele.
*         Thuso nakong ya Koduwa. Lesedi le tswang palong ya setjhaba le tla thusa ba bophelo bo botle hore ba kgone ho bonela pele sewa sa maemo a bohloko bo tshwanang le ba kholera bo ka nnang ba qhoma. Nakong ya merwallo,  lesedi la palo ya setjhaba le tla eletsa ditshebeletso tsa pholoso le ditshebeletso tse hlokehang nakong ya koduwa hore ke hokae moo thuso e hlokehang ka potlako, le hore ke batho ba bakae ba hlokang thuso.
*         Ditshebeletso tse Ntlafetseng. Lesedi le tswang palong ya setjhaba le thusa batho ba ralang hore ba tsebe hore ke hokae moo dikolo tse ntjha di hlokehang teng, moo ditliniki le ditshebeletso tsa setjhaba di hlokehang teng.
*         Etsa hore mmuso o sebeletse. Palo ya setjhaba ya selemo sa 2001 ke mokgwa o motle wa ho bolella baetapele hore re bo mang le hore re hloka eng. Lesedi le tswang palong ya setjhaba le sebedisetswa ho thusa ho etsa qeto ya moo mmuso o sebedisitseng tjhelete teng.
*         Thusa ba lelapa la hao. Dipalo tse tswang palong ya setjhaba di tla thusa ho rala le ho phethisa mananeo le ditshebeletso bakeng sa bokamoso ba hona jwale. Lesedi le tswang palong ya setjhaba le beha motheo wa moralo wa ka nako e tlang. Meralo e ntlafetseng e ileng ya etswa esale pejana e tla o tswela molemo ha mmoho le bana ba hao.
 
Palo ya setjhaba ya 2001 e ne neng?
 
Batho ba fuweng mosebetsi ka tsela e ikgethang le ba rupeletsweng ho bokella lesedi, ba tsejwang ka hore ke babadi, ba tla etela lapa la hao dipakeng tsa la 10 le la 31 kgweding ya Mphalane selemong sa 2001.
 
Ha o batla ho fumana lesedi le leng le fetang mona mabapi le Palo ya Batho Sekolong founela  nomoro ya rona e sa lefellweng eleng ena 0800 201 402; Re ngolle Mokotlaneng ona wa Poraefete X44, Pretoria, 0001; Etela websaete ya rona ho www.censusatschool.org.za kapa imeili ya rona ke: censusatschool@statssa.pwv.gov.za

 
PHATLALATSO KA AIDS LE KOKWANA HLOKO YA AIDS 
SELELEKELA
Hlokomelo ya 
* Khethollo bathong ba tshwerweng Ke AIDS kapa ba nang le kokwana hloko ya AIDS, bale Kane ba bona, malapa le ba bontshang bo tsotelli. 
* Kotsi etla bakwa ke ho tlala ha lefu lena Afrika Borwa etla eketsa ho se sebeletswe ka toka ha ho shebanwe le bat ho ba tswerweng ke Aids le ha ele eona kokwana hloko ya AIDS. 
* Bahlokwa ba hlokahalo ya hlokomediso le thuto ba tsebo ya AIDS le kokwana hloko ya AIDS ka hare ho bat ho ba Afrika Borwa. 
* Hlokahalo ha tshebedisano mmooho bat hong bohle ba Afrika Borwa ho thibela ho at a ha kokwana hloko ya AIDS. 
Rona ba itekeneeng (batikinyi) ba ka tlase, ka bo o mong kapa re le dikopanong, refumana ho le bohlokoa ho phatlalatsa ditokelo tsa hoqala tsa botho, ebile ele tokelo ya motho ka mong ho re bat ho ba se ke ba thibelwa kapa hona ho tingwa bolokolohi ba bona bohane ba angwa ke kokwana hloko ya AIDS kapa yona AIDS.
1. BOLOKOLOHI TSHIRELETSO YA MOTHO , BOSIYO BA TSHETISO METSAMAYONG YA BOHLE 
1.1   Batho ba nang le AIDS kapa kokwana hloko ya AIDS ba na le tokelo yohle ya tse boletsweng ka hodimo; jwalo ka motho emong le emong.
1.2   Ho se be thibelo ya mofuta ofe kapa ofe bolokolohing ba metsamayo hohle kahare honaha esitana le naha tse ahisaneng - ke lebaka la ho re bat ho ba tshwerwe ke AIDS kapa kokwana hloko ya AIDS.
1.3   Khethollo kapa ho behwa ka mong ha bat ho diteronkong, dikolong, dipetlele kae kapa kae ka lebaka la ho ba le AIDS ha ho amohellehe ho hang.
1.4   Batho ba nang le kokwana hloko kapa AIDS ba na le bolokolohi bohle diqetong mabapi le manyalo, hlahong ea ban a, feel a ho ntse ho le jwalo; ba eta lokela ho fumana boeletsi bo hlwahlwa ke mo counsellor ho re ba elletswe kotsi eka tliswang ke diqeto tseo.
2. LEKUNUTU LE BOITSHEBO 
2.1   Batho ba nang le AIDS kapa kokwana hloko ba na le tokelo ya ho re maemo le ditaba tse amanang le bophelo ba bona di tswarwe ka lekunutu.
2.2   Ditaba tse amanang le maemo a kokwana hloko mothong dikeke tsa ntshetsoa kantle ntle le tumello ya motho ya amehang; Le ka morao ho hoshwa ha hae, ntle le tumello ea lelapa la hae kapa mole Kane oa hae,kantle lehore ebatlwe ke bamolao.
3. HLAHLOBO 
3.1   Ho hlahlobelwa bo teng ba kokoana hloko ho lokelwa ho etswa ka tokello ea ho lokelana, ka ntle le ha ele motho ea senang mang we
3.2   Hlahlobo ea motho ea sa tsejoeng pele kapa kamorao ho ho re motho ea joalo a fete matsohong a ditsibi tsa hlalosetso, e tshwanela ho fumantshwa bohle
3.3   Batho bao ho fumanehang ba en a le kokwana hloko ba lokela ho fumantshwa tshehetso e tswang Pete efanwang ke ba lefapha la tsa bophelo.
4. THUTO KA AIDS LE KOKWANA HLOKO YA AIDS 
4.1   Batho bohle ba na le tokelo ea ho fumantswa thupelo e nepahetseng le tsohle tse amanang le lefu la AIDS, mme ba boetse ba na le tokelo ea ho iphumanela tsebo ka mekhoa ea ho itsireletsa
4.2   Thuto ho bohle e lokelwa ho fanwa ka sepheo le morero wa ho fedisa khethollo e etsetswang bakudi ba AIDS le kokwana hloko ya AIDS.
5 KHIRO 
5.1   Motho ha a tshwanele ho hlahlobelwa AIDS ele mokhwa oa ho etsa qeto ka tsa khiro ea hae, esita le hona ho Han a ho hira motho ya nang le lefu leo
5.2   Boteng ba kokwana hloko le AIDS ka bo tsona ha di ya tshwanela ho baka tebelo ea mohiruwa, theolo maemong a mosebetsi, ho chenchoa mosebetsing esita le ho khetholloa jwang kapa jwang
5.3   Taba tse amang di thuto mabapi le kokwana hloko le AIDS, hammoho le bo eletsi ba ditsibi le ho fitisetsa motho hlahlobong, ho lokelwa ho etswa sebakeng sa mohiruwa ka morao ho therisano le baemedi ba lokelang ba dihlopha tsa bahiruwa
6 BOPHELO LE DITSHEBELETSO 
6.1   Batho ba nang le kokwana hloko kapa AIDS ba na le ditokelo nthong tse late Lang: Bodulo, dijo, tshireletso, dithuso ka meriyana le bophelo bo botle ho lekana le bohle bao ba phelang le bona.
6.2   Kamohelo bodulong le ditshebeletso tse yang setshabeng ka kakaretso le tsehlokwang tsohle di fumantshwe bat ho ba nang le AIDS kapa kokwana hloko ya AIDS.
6.3   Mokhwa oo motho a fumaneng tshwaetso ka ona, ha ho dikele ho etswa lebaka la khethollo bakeng sa ho fumana thuso ysa bophelo, dithuso ka kakaretso le ha ele yona meriyana.
6.4   Bo teng ba kokwana hloko kapa yona AIDS e se ke ya eba lebaka la khethollo ha ho lebanwe le Medical Aid Funds.
7 PHATLALATSO 
7.1   Batho ba nang le kokwana hloko kapa AIDS ba tshwanela ho sebeletswa hantle ke ba diphatlalatso, ho elwa hloko tokelo tsa bona mabapi le le kunutu la bona.
7.2   Batho bohle ba lokelwa ke fuwa ditaba tse amanang, le sebeletswa ka nepo ha ba fuwa thuto ka tsohle tse amanang le AIDS lekokwana hloko ya AIDS.
8 TSHIRELETSO
Batho ba nang le kokwana hloko kapa AIDS, hommoho le ba ka belayelwa ho re ba na le lefu Len a, ba lokela ho sireletswa khethollong e ka etswang ke ba tshireletso (insurance)
9 BALEKANE 
9.1   Batho bohle ba na le tokelo ya ho susumetsa ho re bale Kane ba bona ba nke mehato yohle ya ho itshereletsa ho re ba se ke bafumana tshwaetso
9.2   Ho sireletseha ho tsebahalang ho bomme (basadi) ho lokelowa ho se potwe ka thoko; ho lokelwa ho shebisiswa, mme ho jwalo feel a le ho batho ba batsha esita le banna.
10 BATSHWARUWA 
10.1    Batshwaruwa ba nang le kokoana hloko ya AIDS ba lokelwa ke mayemo a tswanang a hlokomelo le tshwaro ka kakaretso le batshwaruwa bohle.
10.2    Batshwaruwa ba nang le AIDS ba lokelwa ke kalafo e khethehileng jwalo ka batshwaruwa bohle ba kulang haholo.
10.3    Batshwaruwa ba lokela ho fumantshwa menyetla yohle ya thuto leditaba tse amanang le boyitshireletso jwalo ka setshaba sohle.
11 TSHIRELETSO E LEKANANG YA MOLAO LE TSOHLE TSE KA BOYELANG SETSHABA 
11.1   Batho ba nang le AIDS kapa kokwana hloko ba tshwanela ho fumana tsohle tse ka boelang setshaba ka mokhwa olekanang le bohle; mme hlahlobo ya kokwana hloko ha ya tshwanela ho etswa ele monyetla wa ho baka thibelo melemong ya mefuta e jwalo.
11.2   Mehato e akaretsang e lokela ho nkwa tshireletsong ya bat ho ba nang le kokwana hloko kapa AIDS ha ho lebanwe le khiro, matlo abodulo, thuto, hlokomelo ya ban a leho fumana meriyana, esitana le tsohle tse I sang bophelong bo botle.
12 TOKELO YA BATHO BA NANG LE AIDS KAPA KOKWANA HLOKO YA AIDS
Batho ba nang le AIDS kapa kokwana hloko ya AIDS ba lokela ho hlonepha ditokelo, bophelo esita le maemo a tsitsitseng a bat ho ba bang, ba nke mehato e nepahetseng moo ho hlokehang.
 
 
 
 
 
 
 
 
 
 
 
 
 
 
 
Selelekela 

Hantlentle lebitso la domeine ke eng? 

Jwalo ka nomoro ya thelefounu, lebitso la domeine ke Boitsebiso bo sa tlwaelehang bo supang saete e itseng ho World wide Web. Khomputara ka nngwe e ho Inthanete e na le aterese e sa tlwaelehang ya dinomoro ya Internet Protocol e jwalo ka 131.215.3.29. Dinomoro tsena ha ho bonolo ho di sebedisa mme hape ha di supe hore aterese eo e na le eng. Lebitso la domeine ke sesebediswa se thusang kgopolo (memory) eo ho seng bonolo feela ho e hopola empa e ka supang hape le hore Web Site e na le eng. Ho bonolo ho hopola hona old-books.co.za ho ena le 121.202.7.23 mme, ha o le motho ya bokellang dibuka tsa kgale, o ba le mohopolo o lekaneng wa hore saete ena e ka ba le tlhahisoleseding eo o ka e fumanang e le molemo. 
Ka tlwaelo, Lebitso la Didomeine le sebetsa jwalo ka dikhoutu tsa ho letsa tsa thelefounu. Karolo ya pele ya lebitso e supa saete e itseng, ya bobedi yona e supa mokga ka bophara oo saete se welang ho ona, ha karolo ya boraro yona e leng khoutu ya naha moo saete e ngodisitsweng teng. Mohlala, absa.co.za e bua ka Web Site ya Banka ya Absa. Saete ena e ngodisitswe domeineng ya kgwebo (co) mona Afrika Borwa (za). Inthaneteng yohle, ho na le di-Server tsa Lebitso la Domeine, dikhomputara tse tla nka Lebitso la Domeine e be di sheba Aterese e tshwanetseng ya Internet Protocol e be e kenya aterese ena hape khomputareng ya hao hore e tle e hokelwe saeteng eo o batlang ho kena ho yona. 

Ke ka baka lang ke lokelang ho ngodisa lebitso la domeine?

Selemo le selemo dikhampani di sebedisa dimiliyone tse ngata tsa ditjhelete ba bopa mabitso kapa dihlahiswa tsa moetso o itseng o ikgethang le ditshwantsho tse amahanang le mabitso ana. Ke ntho e utlwahalang ho ngodisa lebitso lena le ho sireletsa peeletso eo e ikgethang le ho neha Dikhastama tsa Inthanete lebitso la domeine leo ba le tsebang. 
Hona ho etsahala haholo ha lebitso la khampani e le lentswe le akaretsang mme le tlwaelehileng le ka bolelang dintho tse ding tse itseng kapa la sebedisetswa dintho tse ding tse itseng. Hona ke lebitso le matla la sehlahiswa se ikgethang seo batho ba se amahanyang ka potlako le mekgwatshebetso ya di-database empa ha ho na letho le thibelang mokgwa ona ho ngodisa web site tlasa lebitso lena e be o etsa hore ho sale ho nohwa se tla etsahala. Mokgwa o jwalo ho tshwanetswe hore ho hlahiswe bopaki ba nepahalo ya ona ha ho nohuwe hore Khampani e itseng ya IT haufinyane e tla e tla mo neha palo e itseng ya tjhelete bakeng sa Lebitso la hae la Domeine. 
Tlasa matshwao a kgwebo a tsejwang haholo ekasitana le mabitso a dihlahiswa tse ikgethang, khampani e ka nka mehato ya semolao ho bula mabitso a jwalo ho tswa ho motho ofe kapa ofe ya ngodisitseng lebitso ka tsela e fosahetseng ho ba Lebitso la Domeine. Le hona ho ka kenyelletsa mehato ya semolao, e leng ketso e tla ja tjhelete e ngata hape e senye le nako e ngata. Bapisa hona le ditjeo tsa ho ngodisa lebitso la domeine domeineng ya co.za ya Afrika Borwa, eo e leng R200 feela (e kenyelletsa VAT) selemong sa ho qala 

Na ke ngodisa jwang Lebitso la Domeine ya ka?

Le ha ho kgonahala hore motho ofe kapa ofe, kapa khampani efe kapa efe e ngodise lebitso la domeine ka ho toba le batsamaisi ba domeine e itseng, o eletswa hore o fumane ditshebeletso tsa Khampani e Fanang ka Ditshebeletso tsa Inthanete e leng Internet Service Provider (ISP). 
Ho ngodisa lebitso la domeine ke mohato wa ho qala feela wa ho ba le seabo mebarakeng e kgolohadi e ntseng e hlahella. Lebitso la Domeine le ngodisitsweng e empa e le aterese feela mme, ha baeti ba ka re ba ya atereseng ena ka mehla e be ba fumana molaetsa o reng "HO NTSE HO HAHUWA - UNDER CONSTRUCTION", ho ka etsahala hore ba se ke ba pheta ba kgutla. Dikhampani tse Fanang ka Ditshebeletso tsa Inthanete ke diprofeshenale tse ka ho nehang tataiso mosebetsing wa ho ngodisa mme ba o eletse ka ditaba tsohle tse mabapi le ho hloma Web Site ya profeshenale, e hohelang hape e atlehileng 

Na nka kgetha Lebitso lefe kapa lefe la Domeine?
Na lebitso le bolelang eng? Hantlentle, ditlhaku tsa dialfabete (A - Z) le dinomoro (0 - 9) le tlami ( - ) di ka sebediswa mme ha di a tshwanela ho ho ba ka hodimo ho palo tse 30 Lebitsong la Domeine. Hantlentle moedi wa palo mona e ka ba 256 empa re behile moedi o ka sebetsehang wa palo e fihlang ho 30 
Le ha ho le jwalo, ka mora tseo tsohle, re ka re ke ntho ya bohlokwa ho hopola hore Lebitso la Domeine le ka sebediswa jwalo ka karolo ya URL ho kena ho web page ya hao kapa jwalo ka karolo ya aterese ya e-mail. Hore na Lebitso la Domeine le kgethelwa ho ba teng ha Khampani ho Web kapa bakeng sa monate feela, ho tla nne ho sebediswe ditataiso le melao e tshwanang. 
Ha re sebediseng mohlala o motle hape o ka sebetsehang: Ke nka boikarabelo kgwebong ya lelapa "Michael Salibas and Sons". Kgwebo haesale e ntse e sebetsa dilemong tse mmalwa tse fetileng mme e na le dikhastama tse ngata haholo. Ke etsa qeto ya ho ngodisa domeine ke bule web page. Nka ngodisa ka MICHAELSALIBASANDSONS.CO.ZA kapa MSS.CO.ZA. 
Setshwantsho sa dikarata tsa kgwebo ya ka le Mantswe a ngotsweng hodimo ho tsona a na le ditlhaku tsena "MSS" tse ngotsweng ka mmala o motle o bolou mme ho na le mola o mokgubedu o mathang mahareng a ditlhaku tseo. Lebaka ke lefe? Ke hobane hoo ho a HOHELA mme batho ba ka kgona ho e HOPOLA. Ke ntho e tshwanang le ka lebitso la domeine. Ho bonolo ho le hopola athe hape ho a "hohela" ho ba le www.MSS.co.za ho ena le www.MICHAELSALIBASANDSONS.co.za . 
Haebe domeine ena MSS.CO.ZA e se e ntse e ngodisitswe mme e le ya "Medical System Support (Pty) Ltd" ke tla lokela ho tla le Lebitso le leng hape la Domeine. 
Na nka lekola jwang ho bona hore Lebitso la Domeine le teng?

Jwale ha ho se ho kgethilwe Lebitso le tshwanetseng la Domeine, o eletswa hore o lekole hore na le a fumaneha hore le ngodiswe, athe hona o ho etsa ka ho sebedisa WHOIS SERVER e ho web page ya CO.ZA e leng http://co.za mme o tlanye Lebitso la Domeine le lekolwang e be o tobetsa konopo ya ENTER. Ha Lebitso leo la Domeine le le teng, moo web page e tla hlahisa ho tshwanang le hona. Diphetho tse mona ka tlase ke tsa Lebitso la Domeine la "tomjones.co.za" 


The CO.ZA simple whois server
Your query has generated the following reply:- 

Search on tomjones (.co.za)
Match: Zero
    Nothing matched - this should mean that
         the name is safe to use...
		


Haebe, ka nqeng e nngwe, Lebitso la Domeine le nkuwa ke motho e mong, web page e tla hlahisa diphetho tse fapaneng. WHOIS SERVER le yona e tla fana ka Dintlha tsa eo o ka Iteanyang le yena bakeng sa Lebitso leo la Domeine. Sephetho sena ke sa Lebitso la Domeine la "jones.co.za<> 


The CO.ZA simple whois server
Your query has generated the following reply:- 

Search on jones (.co.za)
Match: One

		Domain: jones.co.za


		


Na Foromo ya Kopo nka e fumana ho kae? 

Jwalo ka ha lebitso la domeine le se le kgethuwe la lekolwa ho bona hore le teng le ka sebediswa, mohato o latelang ke wa ho bula FOROMO YA KOPO . 
Foromo ya Kopo e ka fumanwa hape le ho web page ya CO.ZA http://co.za. Ena ha se Foromo e leng ho Online ka hoo e lokelwa ho bolokwa ho Hard Drive. Hona ho ka etsuwa ka ho Tobetsa ho FILE mme o ye ho SAVE AS e be o Kgetha lenane (kapa Directory ya bohle bao E SENG ba Windows) e leng moo faele e tla bolokwa teng ha o tobetsa ho SAVE. Lebitso la faele le ka fetolwa ya fumana lebitso le leng empa o kgothaletswa hore o tlohele lebitso la faele le le jwalo. 

Ke dintlha dife tseo ke tla di hloka ho tlatsa Foromo? 

Ho hlokeha Dintlha tsa eo ho ka Iteangwang le yena bakeng sa Monga Domeine, Motsamaisi eo o ka Iteanyang le yena, le ba Tekgeniki bao o ka Iteanyang le bona mabapi le Lebitso la Domeine. Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona di kenyelletsa Diaterese tsa Poso, dinomoro tsa Thelefounu, le Diaterese tsa E-Mail. Ho hlokeha hape le aterese ya E-Mail ya Mokgatlo (kapa motho) o tla romelwa tshupamolato wa Ngodiso. Ho na le ditsela tse pedi tsa motheo tsa ho ngodisa lebitso la domeine. Lebitso la Domeine le ka tshwarwa ke ISP kapa Hosting Company kapa Lebitso le letjha la Domeine le ka sebediswa jwalo ka lebitso la khoutu le tsamaelanang le Lebitso le ntseng le le teng la Domeine. 
Ha Lebitso la Domeine le tla sebediswa ka potlako, moo o eletswa hore o bue le e nngwe ya di-ISP kapa di-Hosting Company bakeng sa ho tshwara Lebitso la Domeine. Di-ISP tse ngata di tla tlatsa Foromo ya Ngodiso lebitsong la mokopi. Ha ISP kapa Hosting Company e hloka hore mokopi a tlatse Foromo ya Ngodiso, moo mokopi o lokela ho fumana Dintlha tsa Nameserver ho tswa ho ISP e be o etsa bonnete ba hore Lebitso la Domeine le kengwa ho di-Nameserver tseo ho fanweng ka tsona ke ISP. 
Ha Lebitso la Domeine le ka bolokwa hore le tle le sebediswe nakong e tlang, moo ho ka fanwa ka lebitso la khoutu (CNAME) bakeng sa Lebitso le Letjha la Domeine le mabitso a mang a khoutu a mabedi tlasa Lebitso leo le Letjha la Domeine. CNAME le lokela ho ba Lebitso le Sebediswang haholo la Domeine. Ha ho a tshwanelwa ho etswa phoso mme ha nkuwa Lebitso la domeine le tshwana le Virtual Web Space. Mohlala: geocities.com ke lebitso la domeine; geocities.com/mike ke Virtual Web Space 

Lehlasedinyana la Ditsebiso tsa Mmuso
Molawana wa Lehlasedi la Ditsebiso tsa Mmuso wa nomoro ya 6290

-

ya 399
Kgatiso e tswellang Tshwane ka la 8 Loetse 1998
Nomoro ya 19231

-

TSEBISO YA MMUSO
BOLAODI BA MANGOLO A THUTO AFRIKA BORWA

Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa
Nomoro ya R 1127

8 Loetse 1998
MELAWANA YA MOLAO WA BOLAODI BA MANGOLO A THUTO AFRIKA BORWA SELEMONG SA SEKETE, MAKGOLO A ROBONG, MASHOME A ROBONG A METSO E MEHLANO
(MOLAO WA NOMORO YA MASHOME A MAHLANO A METSO E ROBEDI WA SELEMO SA SEKETE, MAKGOLO A ROBONG, MASHOME A ROBONG A METSO E MEHLANO)
Bolaodi ba Mangolo a Thuto mona Afrika Borwa, ka tshebediso ya molawana wa leshome le metso e mene wa Molao wa Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa wa selemo sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e mehlano ka tumello ya Letona la Thuto le ka tshebedisano ya hae le Letona la Mesebetsi bo theile melawana ena e latelang e laneneong lena:

LENANEO
KGAOLO YA PELE: DITABA TSA KAKARETSO
1. Ditlhaloso 
KGAOLO YA BOBEDI: MAKGOTLA A THUTO LE THUPELO A KGOTHALETSANG MAKGABANE THUTONG
2. Kananelo 
3. Tataiso mabapi le kananelo ya Makgotla a Thuto le Thupelo a kgothaletsang makgabane thutong 
4. Lengolo la bopaki ba kananelo 
5. Ho eketswa ha nako bakeng sa kananelo 
6. Ho fediswa ha kananelo 
7. Botho makgotleng ana a Thuto le Thupelo a kgothaletsang makgabane thutong 
8. Ho tlohela mosebetsi ha bahlanka ba Makgotla a Thuto le Thupelo a kgothaletsang makgabane thutong 
9. Mesebetsi ya Makgotla a Thuto le Thupelo a kgothaletsang makgabane a thuto 
KGAOLO YA BORARO: MELAO YA TSHEBETSO LE TEFELLO YA MESEBETSI E PHETHWANG KE MAKGOTLA ANA A THUTO LE THUPELO A KGOTHALETSANG MAKGABANE A THUTO
10. Tefello ya ditshebeletso tsa Makgotla a Thuto le Thupelo bakeng sa mesebetsi e entsweng ke Makgotla a Thuto le Thupelo a kgothaletsang makgabane a thuto 
11. Tataiso bakeng sa tsela ya tshebetso 
KGAOLO YA BONE: BARUPEDI BA THUTO LE THUPELO
12. Kananelo ya barupedi 
13. Tse hlokehang bakeng sa kananelo ya barupedi 
14. Lengolo la bopaki la morupedi 
15. Kekeletso ya nako ya kananelo ya barupedi 
16. Kananelo ya nakwana ya barupedi 
17. Phediso ya kananelo ya barupedi 
KGAOLO YA BOHLANO: MAKGOTLA A HLAHLOBISANG
18. Kamohelo ya makgotla a hlahlobisang 
19. Lengolo la kamohelo jwaloka makgotla a hlahlobisang 
20. Mesebetsi ya makgotla a hlahlobisang 
21. Ho fela ha nako ya tshebetso bakeng sa makgotla a hlahlobisang 
KGAOLO YA BOTSHELELA: MAKGOTLA A SEPOROFESHENALE LE MAKGOTLA A LAOLANG DIHLAHLOBO
22. Ho sebetsa ha makgotla a seporofeshenale le makgotla a laolang dihlahlobo mabapi le ho netefatsa boqhetseke, makgabane le hlahlobiso 
KGAOLO YA BOSUPA: DINTLHA TSE DING TSE FAPAFAPANENG
23. Mokgwa wa boipiletso 
24. Kgutsufatso ya sehlooho 
DITABA TSE DING
Melao ya tshebetso bakeng sa Makgotla a Thuto le Thupelo a kgothaletsang makgane a thuto

KGAOLO YA PELE
DITABA TSA KAKARETSO
Ditlhaloso
1. Mantswe a latelang a tla hlaloswa ka tsela ena e latelang Molaong ona haese feela ha ditaba tseo a sebedisitsweng ho tsona di fetohile - 
Lentswe lena "kananelo" le bolela bopaki ba kamohelo ya motho, mokgatlo kapa setsha sa thuto ho ba le tokelo ya ho etsa mosebetsi o itseng ka nako e itseng molemong wa ho eketsa makgabane a thuto jwalo ka ha a kgothaletswa ke Bolaodi ba Mangolo a a Thuto Afrika Borwa ka tshebediso ya Molao wa lekgotla lena;
Ka lentswe lena "Molao" ho bolelwa Molao wa Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa wa selemo sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e mehlano (Molao wa nomoro ya mashome a mahlano a metso e robedi wa selemo sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e mehlano);
Lentswe lena "mohlahlobi" ho bolelwa motho ya ngodisitsweng Lekgotleng la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto ho latela mekgwa ya tataiso e beilweng ke Lekgotla le hlahisang maemo a thuto bakeng sa ho hlahloba tse fihleletsweng ke Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thuto mabapi le mangolo a thuto. Ka mohlahlobi wa nako le nako ho ntse ho bolelwa ona moelelo oo.
"Ngodiso ya maemo a itseng" ke ho bolela ho ba setho sa boemedi sa mokgatlo o itseng e leng o boletsweng melawaneng ena;
Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto ho bolelwa lekgotla le ananetsweng ho latela karolo ya bohlano(nngwe)(a)(ii) ya Molao. Lekgotla lena le na le boikarabelo ba ho tadima tse fihleletsweng ho latela maemo a setjhaba le mangolo a thuto mme le filwe boikarabelo bona ho latela karolo a ya bohlano (nngwe)(b)(i) ya Molao;
Ka "lekala la thuto" lekala le itseng la thuto le sebediswang ke Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thuto;
"Hlahlobiso" ke mokgwa o mong wa tshebetso o netefatsang phumano ya diphihlello tse itseng thutong tse amang mangolo a thuto le hore na di entswe ka toka le ka botshepehi na;
"Lekgotla le hlahlobisang" ke lekgotla le amohetsweng ka ho qolleha ke Bolaodi ba Mangolo a thuto Afrika Borwa bakeng sa ho phetha mosebetsi ona;
Lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto ke lekgotla le ngodisitsweng ho latela karolo ya bohlano(nngwe)(a)(ii) ya Molao. Lekgotla lena le na le boikarabelo ba ho theha dihlopha le mangolo a tuto le thupelo le ho phetha mesebetsi yohle e amanang le ngodiso ya mangolo a thuto ho latela karolo ya bohlano(nngwe)(1)(b)(i) ya Molao;
"Tse fihleletsweng kapa diphihlello" ke tsebo e fumanweng qetellong ya lenaneo la thuto;
"Ho tsepamisa maikutlo" ke mosebetsi oo mokgatlo kapa lekgotla le o kgothaletsang ka ho otloloha mesebetsing ya lona;
"mokgatlo wa seporofeshenale" ke mokgatlo o ngoditsweng ka molao kapa ka nako e nngwe e ka ba mokgatlo wa boithaopi o phethang mosebetsi o ntseng o tshwana le mosebetsi o phethwang ke mokgatlo o ngodisitsweng ka molao le hoja ona o sa ngodiswa ka molao;
"Morupedi" ho bolelwa mokgatlo o rupelang mananeo a thuto ho latela tse bolelwang kapa ditaelo tsa Moralo wa setjhaba wa Mangolo a Thuto mme ebile o hlokomela tsela ya ho hlahloba mananeo ana ka nepo;
"Kgothaletso ya makgabane" ke tsela ya ho netefatsa hore makgabane a tshebetso a fihlellwa ka katleho;
"Bohlahlobi ba makgabane" ke ho hlahloba tse supang tswelopele e supang hore ho tla fihlellwa katleho thutong;
"bolaodi ba tshebetso ya makgabane" ke mekgwa e fapaneng ya netefatso ya ho fumana katleho le makgabane thutong;
Ka "Dihlopha tse ngodisitsweng" ho bolelwa dihlopha le mangolo a thuto ho Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a thuto;
Lentswe lena "karolo" le bolela karolo ya setjhaba, moruo, le mesebetsi ya thuto e sebediswang ho lekanya makgabane a thuto ke Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto; mme
"Lekgotla le hlahisang maemo a itseng thutong" ke lekgotla le ngodisitsweng ho latela karolo ya bohlano(nngwe)(a)(ii) ya Molao. Lekgotla lena le na le boikarabelo ba ho theha dihlopha le mangolo a thuto le ho phetha mesebetgsi yohle e amanang le yona ho latela karolo ya bohlano(nngwe)(b)(i) ya Molao.

KGAOLO YA BOBEDI
MAKGOTLA A THUTO LE THUPELO A KGOTHALETSANG MAKGABANE A THUTO
Kananelo
2. (1) Makgotla ana a Thuto Le Thupelo a kgothaletsang makgabane a thuto ke makgotla a ananetsweng lefapheng le leng le le leng ke Bolaodi ba Mangolo a thuto Afrika Borwa bakeng sa ho hlahloba hore ho be le tsebo e fihlellwang ho latela dihlopha le mangolo a thuto le hona ho phetha mesebetsi e tshwanelehang ho latela karolo ya bohlano(nngwe)(b)(i) ya Molao. 
(2) Karolong eo ho se nang Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto le ananetsweng kapa moo Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto le sa phetheng mosebetsi wa lona ka tshwanelo, Bolaodi ba Mangolo a thuto Afrika Borwa bo tla phetha mesebetsi eo e neng e tla phethwa ke Lekgotla la thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto ho latela karolo ya bohlano(nngwe)(b)(i) ya Molao.
(3) Mekgatlo kapa sona sehlopha sa mekgatlo e batlang ho ananelwa e le Makgotla a Thuto le Thupelo a kgothaletsang makgabane a thuto a tla thehwa dikarolong tsena tse latelang:
a. karolo ya setjhaba; 
b. karolo ya moruo kapa ekonomi; 
c. karolwaneng ya thuto le thupelo. 
Mekgwa ya kananelo ya Makgotla a Thuto le Thupelo a kgothaletsang makgabane a thuto
3. (1) Mokgatlo kapa sehlopha sa mekgatlo e emetseng karolo e boletsweng ho molawana wa pedi(tharo) mme mekgatlo eo e na le tsohle tse hlokwang bakeng sa ho fumantshwa kananelo jwalo ka Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto jwalo ka ha ho ngodilwe molawaneng wa (bobedi), mokgatlo kapa mekgatlo eo e ka etsa kopo mme kopo eo ya lebiswa ho Bolaodi ba Mangolo a thuto Afrika Borwa bakeng sa kananelo e le Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto. 
(2) Mokgatlo oo o jwalo o tla bontsha hore -
a. Ho a hlokeha hore ho be le Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto karolong eo le ratang ho sebetsa ho yona; 
b. o hlile o ikemiseditse ho phetha mesebetsi ena ya kgothaletso ya makgabane a thuto kamanong ya mokgatlo ona le karolo eo o batlang ho sebetsa ho yona; 
c. ha o phete mosebetsi o seng o ntse o phethwa ke Lekgotla la thuto le thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto haese feela ha Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo rata hore phetapheto eo e jwalo e be teng; 
d. o na le bokgoni ba ho phetha mosebetsi oo Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo ka o fang ona hore o o phethe; 
e. o na le bokgoni bohle ba ho phetha mosebetsi nakong eo ya kananelo; 
f. o na le tsamaiso e hlwahlwa e kenyeletsang tsena tse latelang, le hoja e se tsona feela - 
i. Maano a hlalosang bolaodi bo hlwahlwa e leng bolaodi boo Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto le ratang ho bo fihlella; 
ii. Tsela ya tshebetso e dumellang Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto ho phetha mosebetsi wa lona wa bolaodi; 
iii. mekgwa ya ho hlahlobisa e thusang Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto ho sebedisa maano ka tshwanelo; 
g. Mosebetsi wa netefatso ya phumano ya makgabane a thuto 
h. ho latela bokgothaletsi ba makgabane a thuto o na le boemedi bo matla le hona ho ba le bokgoni ba ho etsa diqeto e le hore mokgatlo ona o tsebe ho ba le boikarabelo setjhabeng; 
i. mesebetsi ya ona e tla hodisa merero ya Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thuto. 
(3) Mokgatlo o batlang ho fumantshwa kananelo jwalo ka Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto o tla amohela ka lengolo hore -
a. Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo lokela ho hlahloba Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto ka nako le nako mme bolaodi bo na le hona ho hlahloba maano le mekgwa ya tshebetso nako ya lekgotla lena ka nako le nako; 
b. Tokelo ya Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa ho tataisa Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto mabapi le mesebetsi ya lona; le 
c. Tokelo ya ditho tsa Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto ho ya ho Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa ka ho otloloha mabapi le ditaba tse amang Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto. 
Sena se etsahala feela haeba ho latetswe metjha e nepahetseng boemong ba lona Lekgotla leo la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto.
Lengolo la bopaki ba kananelo
4. (1) Lekgotla le leng le le leng la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto le tla fuwa lengolo la bopaki ba kananelo ya lona ke Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa hang ha le amohelwa. 
(2) Lengolong lena la bopaki ba kananelo ya lekgotla lena ho tla bontshwa dihlopha le mangolo a thuto a ananelwang. Le ha ho le jwalo, dihlopha le ona mangolo ana a lokela hore ebe ke ao lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto le sebetsanang le ona haese feela haeba kananelo eo e se e ile ya ekeletswa nako ho latela molawana wa bohlano.
(3) Kgweding ya pele ya selemo sa boraro, lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto le filweng kananelo le tla lokela ho hlahisa pehelo ya hore na dilemong tse pedi tse fetileng le sebeditse jwang, ke ho re, le fihleletse eng. Pehelo ena e romelwa ho Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa mme lekgotla lena le tla be le ikete hore le boele le nne le tswele pele ka kananelo eo le e filweng.
Kekeletso ya nako bakeng sa kananelo
5. (1) Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto haeba le rata ho ekeletswa nako mme kekeletsong ena ho kenngwe dihlopha le mangolo a thuto a seng taolong ya Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa le tla romela kopo ya lona ho Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa. Kopong ena lekgotla lena le tla tshwanela ho hlakisa kamoo le ka kgonang ka teng, ke ho re, mekgwa eo le tla e sebedisa ho latela molawana wa boraro(nngwe) le molawana wa (bobedi). 
(2) Haeba lekgotla lena le fuwa kekeletso eo ya nako, le tla boela le fuwa lengolo la bopaki ho netefatsa kekeletso eo ya nako.
Ho fediswa ha lengolo la bopaki ba kananelo 
6. Kananelo ya Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto e ka fediswa haeba Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo lemoha hore lekgotla lena ha le phethe mosebetsi wa lona hantle ka tshwanelo. 
Botho makgotleng a thuto le thupelo a kgothaletsang makgabane a thuto
7. Ditho tsa lekgotla la thuto le thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto e tla ba ditho tsa mokgatlo kapa sehlopha sa mekgatlo e ananetsweng e le makgotla a thuto le thupelo a kgothaletsang makgabane a thuto mme a amohetswe lekgotleng lena ke mokgatlo kapa sehlopha sa mekgatlo e nang le ditokelo ho latela molawana wa tharo(pedi). 
Ho tloha ditulong ha ditho tsa lekgotla la thuto le thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto
8. Modulasetulo le ha e le setho sefe kapa sefe sa lekgotla la thuto le thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto se boletsweng molawaneng wa bosupa se tla tloha setulong sa sona haeba - 
a. Haeba leruo la sona le jewa; 
b. Haeba a fumanwa e le motho eo ho latela molao a nang le bofokodi bo itseng ba kelello; 
c. Haeba a sa be teng dikopanong tsa Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto ka makgetlo a mararo a latelanang ka ntle le ho fuwa matsatsi ao a phomolo ke Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto; 
d. A beha meja fatshe kapa a tlohela mosebetsi ka ho etsa tsebiso e jwalo ka lengolo ho Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto; 
e. ha a fumanwa a le molato lekgotleng la dinyewe qosong e itseng mme a kwallwa tjhankaneng ka ntle le ho fuwa monyetla wa ho lefa bakeng sa kahlolo ya hae; kapa 
f. haeba ho latela Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto a sa phethe mosebetsi wa hae ka tshwanelo. 
Mesebetsi ya Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto
9. (1) Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto le tla - 
a. ananela barupedi ba dihlopha le mangolo a thuto a ngoditsweng ho Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thuto; 
b. kgothaletsa hore barupedi ba sebetse ka makgabane; 
c. ho laola mosebetsi wa barupedi le ho kgothaletsa tlhahiso e atlehileng; 
d. hlahloba tsela eo barupedi ba hlahlobang ka yona le tshebetso ya ho hlahlobisa; 
e. ngodisa bahlahlobi ba dihlopha le mangolo a thuto a itseng ho latela mekgwa e hlophisitsweng; 
f. ho ba le boikarabelo bakeng sa ho ntsha mangolo a bopaki bakeng sa baithuti; 
g. sebetsa hammoho le mokgatlo kapa mekgatlo e hlahlobisang ya makgotla a Thuto le Thupelo a kgothaletsang makgabane a thuto. Ho kenyeletswa hape le ho hlahlobisa tshebetso e entsweng bakeng sa dihlopha le mangolo a thuto a Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto a ananetsweng; 
h. ho etsa kgothaletso ho Makgotla a Setjhaba a laolang maemo a thuto hore a amohele dihlopha tse ntjha le mangolo a thuto hodima dihlopha le mangolo a thuto a ntseng a le teng; 
i. ho hlophisa pokello ya tsebo e ka amohelwang ke Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa; 
j. ho romela dipehelo ho Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa ho latela tseo Bolaodi bona ba mangolo a thuto bo di hlokang; le 
k. ho etsa mesebetsi e meng eo Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo ka hlokang hore e phethwe ka nako le nako. 
(2) E le hore Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto le tle le phethe mesebetsi ya lona hantle, le lokela ho hlokomela tsena tse latelang -
a. Melawana ya bobedi ho isa ho molawana wa leshome le metso e mmedi wa Melawana ya Makgotla a laolang maemo a thuto (Molawana wa R452 wa la 28 Hlakubele 1998, phatlalatsong ya Lesedinyana la Ditsebiso tsa Mmuso la nomoro ya 18787); 
b. le ka arolela mokgatlo o boletsweng molawaneng wa (nngwe) e le molawana o itseng mosebetsi empa ka hore ho tsebiswe Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa pele ho ka etswa jwalo. Le ha ho le jwalo, Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto le keke la fa Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa boikarabelo ba lona bohle.; mme 
c. haeba lekgotla lena le theilwe ho latela Molao wa Palamente bakeng sa ho laola barupedi ba mangolo a fapaneng a thuto, le ka fa barupedi ba lona boikarabelo ba ho ngodisa bahlahlobi jwalo ka ha ho boletswe ho latela molawana wa (nngwe)(e). Mosebetsi wa barupedi bana e ka ba ho hlahlobisa mme Bolaodi ba Mangolo a thuto Afrika Borwa bo tla lokela ho tsebiswa pele. 

KGAOLO YA BORARO
MELAO YA TSHEBETSO LE TEFELLO YA MESEBETSI E PHETHWANG KE MAKGOTLA ANA A THUTO LE THUPELO A KGOTHALETSANG MAKGABANE A THUTO
Tefello ya mesebetsi e phethwang ke Makgotla a Thuto le Thupelo a kgohaletsang makgabane a thuto
10. (1) Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto haeba le batla ho laola ditefello ho latela tumellano ya lona le Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa le tla lokela ho hlahisa leano la lona la tshebetso le supang merero le sepheo se lokelang ho fihlellwa nakong ya dilemo tse tharo tse tlang. Lekgotla lena le tla lokela hape ho hlahisa pehelo ya tshebediso ya ditjhelete. 
(2) Moralo ona wa tshebetso o boletsweng molawaneng wa (nngwe) o tla bontsha ditefello tse lokelang ho laolwa ho latela ditaelo tsa Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thuto mme ho ntse ho hlokomelwa hore ho be le tswelopele thutong, thupelong le mesebetsing.
Melao ya tshebetso
11. Lekgotla le leng le le leng la thuto le thupelo kgothaletsong ya makgabane a thuto le tla laolwa ke melao ya lona ya tshebetso mme le itshetlehe ka Dintlha tsa Tataiso tse hlahellang ho Ditaba Tse Ding tsa Melawana ena. 

KGAOLO YA BONE
BARUPEDI BA THUTO LE THUPELO
Kananelo ya barupedi
12. Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto le ka ananela mokgatlo ofe kapa ofe o nang le ditokelo ho latela molawana wa leshome le metso e meraro. 
Tse hlokehang bakeng sa kananelo ya barupedi
13. Ho hlokeha hore mokgatlo o lokelang ho ananelwa o be le thahasello le mosebetsi o tshwanang le wa morupedi e le hore o tle o ananelwe e le Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto. Sena se ka etsahala haeba mokgatlo oo o kopang kananelo o- 
a. ngodisitswe e le mokgatlo wa borupedi ka nako eo o etsang kopo ya kananelo ka yona; 
b. o na le mokgwa wa tsamaiso o matla oa akaretsang dintlha tsena tse latelang le hoja e se tsona feela - 
i. maano a taolo e kgabane a supang seo morupedi a labalabelang ho se fihlella; 
ii. tsela e matla ya tshebetso bakeng sa bolaodi e dumellang morupedi ho sebedisa maano a taolo ka tshwanelo; 
iii. mekgwa e metle ya ho lekola hore maano ana a atlehileng esita le tsela ya tshebetso e ntlafetseng e a sebediswa mme e dula e ntse e le ya bohlokwa tshebetsong; 
c. O kgona ho tswela pele, ho sebetsa ka katleho le ho hlahloba mananeo a thuto a reretsweng dihlopha tse ngodisitsweng esita le mangolo a thuto; 
d. o na le tsena tse latelang: 
i. tjhelete e lekaneng, mokgwa o matla wa tsamaiso esita le thepa e ka sebediswang; 
ii. maano le mekgwa ya kgetho ya basebetsi, kgothatso le tswelopele; 
iii. maano le tsela ya tshebetso bakeng sa tataiso ya baithuti le ntshetsopele ya bona; 
iv. maano bakeng sa taolo ya mesebetsi e ikgethileng ya ka ntle esita le ka hare ho sebaka sa tshebetso; 
v. maano le tsela ya tshebetso bakeng sa taolo ya dihlahlobo; 
vi. mekgwa e nepahetseng ya ho etsa dipehelo; le 
vii. bokgoni ba ho fihlella se lebeletsweng ka ho sebedisa dintho tse teng esita le yona tsela ya tshebetso e ananelwang ke Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto le ho ntshetsapele mananeo a thuto malebana le dihlopha e mangolo a thuto a boletsweng seratswaneng sa (c); le 
e. Mokgatlo o so ka ba o ananelwa kapa wa etsa kopo ya kananelo ho Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto jwalo ka ha ho boletswe molawaneng wa bobedi. 
Lengolo la bopaki la morupedi
14. (1) Morupedi e mong le e mong ha a amohelwa ho ba morupedi o tla fuwa lengolo la bopaki ke Lekgotla le amehang la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto. Lengolo lena la bopaki le tla be le saenelwe ke Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa mme le tla tsepamisa dintlha tsena tse latelang: 
a. hore ke karolo ya Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto; le 
b. dihlopha le mangolo a thuto ao kopo ya kananelo e etswang ka lebaka la ona. 
(2) Morupedi e mong le e mong ya fuweng kananelo o tla hlahisa nehelana ka pehelo kgweding ya pele ya selemo sa bohlano sa tshebetso. O tla lokela hape ho fana ka pehelo e kang ena selemong se seng le se seng sa bohlano ho Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto mme a hlalose mabaka ao ka ona a kgothaletsang hore kananelo e jwalo e nne e tswele pele. O tla lokela hape ho bontsha tshebetso e entsweng dilemong tse nne tse fetileng.
Kekeletso ya nako ya kananelo bakeng sa barupedi
15. (1) Morupedi haeba a rata ho ekeletswa nako mme kekeletsong ena ho kenngwe dihlopha le mangolo a thuto a seng taolong ya Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto o tla romela kopo ya hae ho Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto. Kopong ena lekgotla lena le tla tshwanela ho hlakisa kamoo le ka kgonang ka teng, ke ho re, mekgwa eo le tla e sebedisa ho fihlella katleho e lebeletsweng kananelong ena 
(2) Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto le ananetseng lekgotlana leo la borupedi le tla lokela ho dumellana le Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa le tla hlophisa dintlha tsa kekeletso ya nako bakeng sa kananelo eo ho ya kamoo Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto le hlokang ka teng. Le tla hlokomela dihlopha le mangolo a thuto ao le entseng kopo ka lebaka la ona. Sena se tla etsahala haeba -
a. mekgwa ya kananelo e boletsweng molawaneng wa leshome le metso e meraro(nngwe) e amohelwa; 
b. bahlahlobi ba ingodisitseng ho Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto leo morupedi a ananetsweng ke lona a tswela pele ka bohlahlobi ba dihlopha tse ngodisitsweng le mangolo a thuto ao kopo ya kekeletso ya nako e entsweng ka lebaka la ona; kapa 
c. bahlahlobi ba ngodisitsweng ho Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto mme ba thahasella dihlopha le mangolo a thuto ao kopo ya kananelo e entsweng ka lebaka la ona ba tswela pele ka bohlahlobi. 
(3) Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa hammoho le Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto jwalo ka ha bo boletswe ho molawana wa (pedi) bo tla hlokomela hore kananelo e boletsweng molawaneng wa leshome le metso e meraro bakeng sa dihlopha le mangolo a thuto e sebediswa ka tshwanelo kapa e a latelwa.
(4) Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto e leng lekgotla le faneng ka kekeletso ya nako ya kananelo ho morupedi e tla dula e le Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto le laolang morupedi eo le kamora hoba ho amohelwe kekeletso ya nako ya kananelo.
(5) Ka nako eo kananelo e etswang, ho tla fanwa ka lengolo la bopaki jwalo ka ha ho boletswe molawaneng wa leshome le metso e mene(nngwe)(b).
Kananelo ya nakwana bakeng sa baruped
16. (1) Haeba Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto leo ho entsweng kopo ya kananelo ho lona le fumana hore morupedi ha a kgotsofatse ditlhoko tsohle tsa hore a ka fumana kananelo e phethahetseng, Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto le ka mo fa kananelo ya nakwana ya nako eo ho ka dumellanwang ka yona. Nako ena e keke ya feta dilemo tse pedi mme ka nako ena morupedi o tla kena tataisong ya lenaneo la Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto le reretsweng ho thusa morupedi hore a kgone ho fumana kananelo e phethahetseng. Le ha ho le jwalo, Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto le ntse le tla hlompha ditabatabelo tsa morupedi nakong ena ya lenaneo lena la thuso. 
(2) Morupedi e mong le e mong ha a se a fumane kananelo, o tla fuwa lengolo la bopaki ba kananelo ya nakwana ke Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto. Lengolo lena la bopaki le tla dumellwa ke Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa, mme lona le tla hlahisa ditaba tsena tse latelang -
a. Ka hore ke morupedi ya ananetsweng ke Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto; 
b. dihlopha le mangolo a thuto a dumeletsweng ho latela kananelo ena ya nakwana; 
c. matsatsi ao ka ona kananelo ena ya nakwana e tla qala e be e felle. 
Phediso ya kananelo bakeng sa barupedi
17. (1) Kananelo ya morupedi e ka fediswa haeba Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto le faneng ka kananelo ena hammoho le Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa le lemoha hore morupedi ha a phethe mosebetsi wa hae hantle ka tshwanelo. 
(2) Morupedi a ka kopa hore kananelo ya hae malebana le dihlopha esita le mangolo a thuto e fediswe.

KGAOLO YA BOHLANO
MAKGOTLA A HLAHLOBISANG
Kamohelo ya ditho tsa makgotla a hlahlobisang
18. Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo ka amohela lekgotla le hlahlobisang haeba bo fumana hore ho a lokela. Le ha ho le jwalo, Bolaodi bo ka etsa sena haeba - 
a. lekgotla leo le nepana le tse lebeletsweng ho latela Lekgotla le hlophisang dihlopha tsa thuto mme le etse kgothaletso ho Lekgotla la Setjhaba le laolang maemo a thuto ho latela molawana wa mashome a mabedi a metso e mene(nngwe) wa Melawana ya Lekgotla la Setjhaba le laolang maemo a thuto e le molawana wa selemo sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e robedi (molawana wa nomoro ya R.452 wa la 28 Hlakubele 1998, phatlalatsong ya Lesedinyana la Ditsebiso tsa Mmuso la nomokro ya 18787 mme o amohetswe ke Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa. 
b. lekgotla leo le ka kgona ho phetha mesebetsi ya ho hlahlobisisa ka tsela e bontshang le ho kgodisa hore hlahlobisiso eo e entswe hantle, e a tshwaneleha mme ebile e ka sebediswa ka tshepo; le hore 
c. lekgotla leo le boemeding ba setjhaba boemong ba ho etsa diqeto mme boemedi boo bo emetse ditabatabelo tsa setjhaba se emetsweng se nang le thahasello mesebetsing ya lekgotlana lena. 
Mangolo a kamohelo bakeng sa ho amohelwa jwalo ka makgotla a hlahlobisang
19. (1) Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo ka amohela makgotla a hlahlobisang bakeng sa nako e itseng. Bolaodi bo ka amohela dihlopha tsa thuto le mangolo a thuto ao bo fumanang a lokela ho etsa bonnete ba hore mosebetsi ona wa ho hlahlobisa o phethwa ka tshwanelo. 
(2) Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika bo tla romela lengolo la bopaki ho lekgotlana le hlahlobisang mme lengolong lena ho tla totobatswa letsatsi le nako eista le dihlopha le mangolo a thuto a lokelang ho hlahlobiswa.
Mesebetsi ya makgotlana a hlahlobisang
20. Makgotlana a hlahlobisang a tla - 
a. etsa qeto ya hore na mekgwa ya ho hlahloba e sebedissitsweng ke Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto bakeng sa dihlopha le mangolo a thuto o lokile, o a tshwaneleha kapa o a tshepeha na ho latela se lokelang ho fihlellwa qetellong ya thuto jwalo ka ha se boletswe dihlopheng le mangolong ao a thuto; 
b. ho etsa kgothaletso ho Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa mabapi le 
i. tse lokelang ho ntlafatswa malebana le mesebetsi ya Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto; 
ii. kananelo ya lekgotla la thuto le thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto; 
iii. diphetoho tse lokelang ho amohelwa ke Makgotla a setjhaba a laolang maemo a thuto mabapi le dihlopha le mangolo a thuto; esita le 
iv. dintho tse ding tseo ka nako le nako Bolaodi ba Mangolo a Thuto le Thupelo Afrika Borwa bo ka laelang hore di etswe; le 
c. ho etsa mesebetsi e meng ya ho hlahlobisa eo Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa e ka laelang hore e etswe ka nako le nako. 
Ho fela ha nako ya tshebetso ya makgotlana a hlahlobisang
21. (1) Nako ya tshebetso ya lekgotlana le hlahlobisang e tla fela ka letsatsi le nako e boletsweng lengolong la kamohelo, hasese feela haeba Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo ka boela ba etsa diphetoho ka lengolo. 
(2) Nako ya tshebetso ya lekgotlana le hlahlobisang e ka fediswa haeba ho ya ka Lekgotla le hlahisang maemo a itseng a thuto kapa Lekgotla la Setjhaba le laolang maemo a thuto ka tumello ya Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa lekgotlana leo le sa phethe mosebetsi wa lona hantle ka tshwanelo.

KGAOLO YA BOTSHELELA
MAKGOTLA A SEPOROFESHENALE LE MAKGOTLA A LAOLANG DIHLAHLOBO
Ho ba le seabo ha makgotla a seporofeshenale le makgotla a dihlahlobo bakeng sa ho ntlafatsa maemo a thuto le ho hlahlobisa mosebetsi ka tshwanelo
21. Makgotla a seporofeshenale le a dihlahlobo a ka etsa kopo bakeng sa - 
a. kananelo ya ho ba setho sa Lekgotla le hlophisang maemo a thuto jwalo ka ha ho boletswe molawaneng wa mashome a mabedi kapa wa mashome a mabedi a metso e mmedi (nngwe) wa Melawana ya Makgotla a laolang maemo a thuto e le molawana wa selemo sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e robedi. (Molawana wa nomoro ya R.452 wa la 28 Hlakubele 1998 o phatlaladitsweng Lesedinyaneng la Ditsebiso tsa Mmuso la nomoro ya 18787); 
b. kananelo jwalo ka Mokgatlo wa Thuto le Thupelo o kgothaletsang makgabane a thuto o boletsweng molawaneng wa bobedi; le 
c. kamohelo ya ho ba lekgotlana le hlahlobisang jwalo ka ha le boletswe molawaneng wa leshome le metso e robedi. 

KGAOLO YA BOSUPA
DINTLHA TSE DING TSE FAPAFAPANENG
Tsela ya tshebetso bakeng sa ho etsa boipiletso
23. (1) Mokgatlo o batlang ho etsa boipiletso kgahlano le qeto ya lekgotla le boletsweng  molawaneng wa bobedi kapa wa leshome le metso e mmedi o tla ngola lengolo le tla   romelwa ho Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa ka sona sepheo seo. O tla   beha mabaka a ona mme lengolo le ngolwe nakong ya dikgwedi tse tharo hoba qeto   eo e etswe. 
(2) Haeba Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo dumellana le boipiletso ba mokgatlo o boletsweng molawaneng wa bobedi le wa leshome le metso e mmedi, mokgatlo oo o tla lokela ho -
a. Etsa sehlomathiso bakeng sa qeto eo; 
b. Ngodisa sehlomathiso seo ditokomaneng tse lokelang e leng ditokomane tseo ho neng ho ngotswe qeto ya pele ho tsona; 
c. Etsa dihlomathiso tse tshwanelang ditokomaneng tse lokelang mme o be o nehelane ka ditokomane tse fetotsweng tsohle. 
Kgutsufatso ya sehlooho
24. Melawana ena e tla tsejwa e le melawana ya Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto ya selemo sa sekete, makgolo a robong,mashome a robong a metso e robedi. 

DINTLHA TSE DING
MELAWANA YA TSHEBETSO BAKENG SA LEKGOTLA LA THUTHO LE THUPELO LE KGOTHALETSANG MAKGABANE A THUTO
DITLHALOSO
1. Mantswe a latelang a tla bolela seo a se bolelang e leng se boletsweng mona ka tlase, haese feela ha tshebediso ya ona e sa fetoha - 
Ka Modulasetulo ho bolelwa Modulasetulo wa Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto
Ka lentswe lena Komiti kapa Lekgotlana ho bolelwa lekgotlana la Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto;
Lekgotlana la Phethahatso ke lekgotlana le theilweng ho phetha mesebetsi e itseng lebitsong la Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto;
Ke lentswe lena setho ho bolelwa setho sa Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto;
Ka lentswe lena qeto ho bolelwa qeto e entsweng ke Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto;
Ka lentswe lena mongodi ho bolelwa mongodi wa Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto.
DITHO TSA LEKGOTLA LA THUTO LE THUPELO LE KGOTHALETSANG MAKGABANE A THUTO
2. Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto le ba le Modulasetulo, motlatsi wa modulasetulo, mongodi esita le ditho tse ding tse amohetsweng ke Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa. Modulasetulo o tla kgethwa ke ditho tsa Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto kapa ditho tse ding tse hlahang makaleng a mang. 
BALAODI KAPA BAOKAMEDI
3. Modulasetulo wa Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto o tla tsamaisa dikopano tsa Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto ka nako tsohle. Haeba modulasetulo a le siyo, motlatsi wa hae e tla ba yena ya tsamaisang kopano letsatsing leo. Haeba ditho tsena tse pedi di le siyo, ditho tse ding di tla ikgethela modulasetulo ya tla laola kopano lebitsong la modulasetulo wa kamehla. 
DIKOPANO TSA LEKGOTLA LA THUTO LE THUPELO LE KGOTHALETSANG MAKGABANE A THUTO
4. Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto le tla kopana neng kapa neng sebakeng sefe kapa sefe ho latela kamoo qeto e ka etswang ka teng.
  
5. Ho ka ba le dikopano tse ikgethang ho ya kamoo modulasetulo a ka fumanang ho hlokeha ka teng. Dikopano tsa mofuta ona di ka boela tsa ba teng ha palo e seng ka tlase ho nngwe-borarong ya ditho e sisinya hore ho be le kopano e jwalo. Nako le sebaka sa kopano eo di tla bolelwa ke modulasetulo hang ha a se a fumane lengolo la kopo eo.
  
6. Modulasetulo, ka tumellano le Lekgotlana la Phethahatso, o na le matla a ho thisisa kopano efe kapa efe ya Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto haeba lenane la ditaba tsa mohla monene di bontsha hore ha ho hlokehe hore ho be le kopano hakaalo. Le ha ho le jwalo, ditho di lokela ho tsebiswa ka ho thisa hona ha kopano nakong e ka etsang veke e le nngwe pele ho letsatsi la kopano ya Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto. Ho ntse ho le jwalo, ditho di lokela ho tseba hore kopano e keke ya fediswa ka mabaka a diketsahalo tse tlwaelehileng kapa haeba batho ba ka bang pedi-borarong ba ditho tsa lekgotla ba sa dumellane le qeto eo.
  
7. Motho ofe kapa ofe ya lokelang ho ba teng kopanong ya Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto o tla tsebiswa ho ba teng kopanong efe kapa efe ya Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto.
  
8. Ditokomane tsohle tse romeletsweng ditho di lokela ho ngolwa hantle ho supa ditaba tse lengolong e le ho netefatsa ntlha ya hore ditaba tsa mangolo di sebetswa ho latela kamoo di tshwailweng ka teng. 
TSEBISO YA DIKOPANO
9. Mongodi o tla romella setho se seng le se seng sa Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto tsebiso ya kopano ya lekgotla lena. Tsebiso ena e tla hokelwa lenane la ditaba tsa mohla monene. Tsebiso ena e lokela ho fihla ho ditho matsatsi a ka bang a leshome le metso e mene pele ho letsatsi la kopano mme a romelwa atereseng e ngodisitsweng ho mongodi. Mabapi le dikopano tsa tshohanyetso tse ka rerwang ke modulasetulo, tsebiso e lokela ho fihla ho ditho nakong ya matsatsi a seng ka tlase ho matsatsi a mararo a tshebetso.
  
10. Haeba lengolo la tsebiso le sa fihla ho setho ho latela aterese eo setho se e ngodisitseng, sena se keke sa thibela hore ho tswelwe pele ka kopano efe kapa efe. 
BUKANA YA MABITSO A BA LENG TENG KAPA REJISETARA
11. Setho se seng le se seng se tlileng kopanong ya Lekgotla la thuto le thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto se lokela ho saena bukana ya mabitso a ba leng teng kopanong eo. 
PALO YA DITHO TSE LOKELANG HO BA TENG PELE KOPANO E KA QALA
12. Halofo ya ditho tsohle tsa lekgotla, re sa balelle modulasetulo, e lokela ho ba teng pele kopano e qala dikopanong tsohle tse tlwaelehileng tsa Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto. Ha e se kopano e tlwaelehileng, ho lebellwa hore bonyane ho be le palo ya nngwe-borarong ya ditho tsohle tsa Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto mme re sa balelle ho ba teng ha modulasetulo.
  
13. Haeba ho se na palo e lekaneng ya ditho pele kopano e qala, kopano e tla nne e tswele pele empa ho tla lokela hore ho nkuwe diqeto tse etswang moo e le tse tla lokela ho tadingwa ke Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto bakeng sa dipuisano sa lona nakong ya kopano e latelang, pele ho ka etswa diqeto tse feletseng. 
DITSEBISO TSA MASEDINYANA
14. Modulasetulo wa Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto ka tumelano le Modulasetulo wa Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa o tla phatlalatsa ditaba tse amang mesebetsi esita le dikopano tsa Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto, haeba ho fela ho hlokeha hore a etse jwalo. 
METSOTSO
15. Metsotso ya kopano e nngwe le e nngwe ya Lekgotla la Setjhaba le laolang maemo a thuto e tla ngolwa mme ebe mongodi o nehelana ka yona kopanong e latelang e le hore lekgotla le e hlahlobe hore na le a e amohela na. Mongodi ha a ngolla ditho mme a di tsebisa ka kopano e latelang, o tla be a se a ba romella le metsotso ena ya kopano e fetileng.
   
16. Metsotso ha e na ngolwa ka tsela eo lentswe ka leng le builweng kopanong e fetileng le tla hlahella metsotsong empa ho tla kgutsifatswa ditaba mme ho be ho ngolweng dintlha tsa bohlokwa tse hlahisitsweng le hore na qeto e bile efe bakeng sa ntlha e nngwe le e nngwe e hlahisitsweng. Ka tsela ena, setho se seng le se seng se batlang hore maikutlo a sona e be a hlahisitswe metsotsong se na le tokelo ya ho hlahisa boipiletso bo jwalo. 
DIPUISANO TSA LEKGOTLA LA SETJHABA LE LAOLANG MAEMO A THUTO ESITA LE DIVOUTU TSA LONA
17. Ho tla sebediswa melao le melawana e laolang dikopano bakeng sa tsamaiso ya kopano e nngwe le e nngwe ya Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto.
  
18. Ha ho tla etswa qeto bakeng sa ntlha e itseng, ho lokela hore bohle ba dumellane ka qeto eo. Haeba bohle ba sa utlwane ka maikutlo mabapi le qeto, ho lokela hore ho voutwe kapa yona lotho. Haeba ho lokela hore ho voutwe, ho tla voutwa jwalo ka ho phahamisa matsoho. Haeba ho na le setho se kopang hore ho ngolwe dipampitshana tsa divoutu, eba lekgotla le tla qeta ka hore ho etswe jwalo mme lotho ya mofuta oo e etswe ka sephiri.
  
19. Modulasetulo, ka lebaka la hobane a tsamaisa kopano, ha a na fuwa matla le tokelo ya ho vouta jwalo ka ba bang empa yena o tla etsa voutu ya makgaolakgang haeba divoutu di lekane.
  
20. Haeba modulasetulo a le siyo, ya dutseng setulo mokobobo kapa motlatsi wa hae yena o tla nne a voute jwalo ka setho se seng le se seng.
  
21. Ha ho na setho se ka itokollang qetong e entswe ke Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto haeba qeto eo e entswe a le teng. A ka itokolla feela ha a ka ikopela pele taba e buuwa hore a seke a ba teng ha ho buuwa taba ena.
  
22. Jwalo ka ha ho boletswe melaong le melawaneng ena ya lekgotla, qeto e fihlellwang ke bongata ba ditho tsa lekgotla e tlama setho se seng le se seng sa lekgotla lena. Ke ho re, ke qeto ya Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto. Maikutlo a ditho tse mmalwa a ka ngolwa feela mme a bolokwa kaekae. Sena se ka etsahala feela ha tsona ditho tse mmalwa tsena di kopa jwalo.
  
23. Ho latela melao ya Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto, haeba ho lokela hore ho etswe qeto ya bohlokwa pele kopano e latelang ya lekgotla lena e ba teng, modulasetulo o na le tokelo ya ho laela mongodi hore a ngolle setho se seng le se seng mme a se kope hore se hlahise maikutlo a sona hodima ntlha eo ho lokelang hore ho nkuwe qeto ka yona. Tsebisong ena ho tla bolelwa hore na maikutlo ana a ditho a tla tla hlahlojwa neng e le ho etsa qeto e feletseng. Le ha ho le jwalo, nako e lokelang hore sena se etsahale ka yona e keke ya ba nako e ka tlase ho matsatsi a leshome ho tloha ka letsatsi leo mangolo a neng a romellwa ditho. Qeto ya bongata ba ditho e tla ba yona qeto ya Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto. Ditho di tsa tsebiswa ka qeto ena mohla letsatsi la kopano e latelang. 
HO THEHWA HA LEKGOTLANA LA PHETHAHATSO
24. Lekgotlana la Phethahatso le tla ba le ditho mme le be le kgethwe ke tsona. Le tla ba le modulasetulo le ditho tse ding tse ngata tseo palo ya tsona e tla laolwa ke Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto. 
a. lekgotlana leo la phethahatso le tla sebetsana le ditaba tsa Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto, dikopano tsa Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto le hore diqeto tsohle tseo lekgotlana lena le di nkang di lokela ho hlahlojwa le ho dumellwa ke Makgotla a Thuto le Thupelo a kgothaletsang makgabane a thuto. 
b. Modulasetulo, kapa haeba a le siyo motlatsi wa modulasetulo athe ha motlatsi wa modulasetulo le yena a le siyo motshwaredi wa modulasetulo bakeng sa nakwana e leng ya kgethilweng ke tsona ditho o tla tsamaisa dikopano tsohle tsa Lekgotlana la Phethahatso. 
c. Modulasetulo wa Lekgotlana lena la phethahatso o tla etsa pehelo malebana le ditaba tsa Lekgotlana la Phethahatso kopanong e tlwaelehileng ya Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto, mme 
d. palo ya batho ba lokelang ho ba teng kopanong ya Lekgotlana la Phethahatso e tla ba Modulasetulo le halofo ya ditho tsohle tsa lekgotlana leo. 
MOSEBETSI WA MONGODI
25. Mosebetsi wa bongodi bakeng sa mesebetsi ya Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto o tla etswa ke mongodi ka tataiso ya modulasetulo wa Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto.
  
26. Mosebetsi wa mongodi ke ho thusa Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto ka ho: 
a. etsa mosebetsi wa bongodi 
b. fana ka keletso mererong ya tsamaiso 
c. ho etsa mosebetsi o hlwahlwa bakeng sa tsamaiso 
d. ho ba le thuso mererong ya bolaodi 
e. ho etsa e meng ya mesebetsi eo ka nako le nako Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto le ka kopang hore e etswe. 
HO ETSA DIHLOMATHISO MELAONG
27. Batho ba tlileng kopanong ya lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto ba ka eketsa melao kapa ba etsa dihlomathiso tse itseng ho yona kopanong efe kapa efe ya lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto. Sena se etswa ka tumellano le Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa. Sena se boetse se ka etswa haeba e le karolo ya lenane la tsamaiso ya mohla kopano (ditho di romeletswe lenane lena la tsamaiso) mme ditho tse tlileng kopanong eo di feta halofo ya ditho tsohle tsa Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto. 
HO HLAHLOBISA KAPA HO TADIMA BOTJHA DIQETO TSA LEKGOTLA LA THUTO LE THUPELO LE KGOTHALETSANG MAKGABANE A THUTO
28. Qeto e nngwe le e nngwe e entsweng kopanong ya Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto e tla fuwa nomoro ya lekgotla lena le kgothaletsang makgabane a thuto. Ena e tla ba nomoro e ikgethang mme e tla netefatsa hore eo ke qeto ya Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto.. Setho sefe kapa sefe se batlang hore qeto e itseng e boele e tadingwe botjha se lokela ho ngola lengolo mme se etse kopo e jwalo. Lengolo la mofuta oo le lokela ho fihla matsohong a mongodi matsatsi a ka bang a leshome le metso e mene pele ho letsatsi la kopano ya Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto.. Haeba Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto. le etsa dihlomathiso qetong e fihleletsweng, sehlomathiso kapa dihlomathiso tseo di tla ngolwa metsotsong ya kopano. Ho tla ngolwa ditaba tsa bohlokwa tsa dihlomathiso tseo 



Tlhophiso le polokeho
ya
dijo lapeng
1
o Baketheria le dikokwana-hloko tse ding di
hohle-matsohong a rona, kitjhining ekasita
le moyeng. Dibaketheria tsena le dikokwanahloko
di ka baka mafu a tsamaiswang ke dijo
haeba dijo di sa tshwarwe ka tshwanelo.
o A mang a mahloko ana a ka baka lefu.
o Ha dijo di tloha lebenkeleng la dijo, wena mosebedisi, o ba
karolwana ya bohlokwa ketaneng ya polokeho ya dijo. Dijo
tse entsweng ka polokeho di ka fetoha tse sa bolokehang
haeba di sa tshwarwa ka tshwanelo nakong ya ha di
tsamaiswa le ha di le lapeng.
o Bolaodi ba "Veterinary Services" bo tadima ho kula hoo
sesosa sa hona e leng tshilafalo ya dijo e le kotsi e kgolo
kgahlanong le bophelo bo botle. Dijo tse silafetseng e ka ba
kotsi, haholoholo ho bana le ho batho ba hodileng.
o Ho o thusa ho boloka dijo ka polokeho, ho fokotsa tsietsi ya
mafu a tsamaiswang ke dijo le ho tshireletsa lelapa la hao,
melao e latelang ya polokeho ya dijo lapeng le tlhophiso ya
dijo e tshwanela ho latelwa:
Tlhophiso le polokeho
ya
dijo lapeng
642
Kgetha dijo tse lokiseditsweng polokeho
Nama
o Reka nama ya hao ho barekisi ba tshepahalang
jwaloka "Wholesalers" le dilakga tse fumanang
nama ho tswa dilakgapalong tse ananetsweng.
o Haeba o se na bonnete, sheba setempe sa
"Approved/Goedgekeur" karolong e nngwe
le e nngwe ya bone mmeleng wa phoofolo
e hlabilweng.
o Ke tlwaelo e ntle ho nka mokotlana o phodisang
"cooler bag" ho ya mabenkeleng ha ho ilo
rekwa nama.
Lebese
o Reka feela lebese le bolailweng dikokwana-hloko
(pasteurised) ho tswa bahlahising ba ananetsweng.
o Lebese le sa bolawang dikokwana-hloko le
bediswe pele le sebediswa.
Ditholwana le meroho
o Ha o reka ditholwana le meroho e metjha,
e hlatswe ka ho phethahala pele ho tshebediso.
MILK
Pasteurised
GOEDGEKEUR
PASSED
NO.
GOEDGEKEUR
PASSED
NO.
Se leke ho ba sebete
bolokeha
Pheha dijo ka ho phethahala
o Dijo di ka silafatswa ke dikokwana-hloko tse bakang mafu.
o Ho hwamisa kapa ho pudutsa dijo ha ho a lekana ho bolaya
dibaketheria tse kotsi tse ka tshwanang di le teng.
o Kamehla pheha dijo tse senyehang jwaleka nama,
kgoho, tlhapi le mahe
ho fihlela bohareng
ka motjheso (temperature)
e seng ka tlase ho 70 ?C.
o Ha nama e phehilweng ka
ho phethahala e sehwa ha
ho lokele hore ho be le lero
le lefubedu.
E phehe ka tshwanelo
pele o e loma
53
Qhebidihisa dijo tse hwammeng ka
ho phethahala
o Dijo tse hwamisitsweng di lokela ho
qhibidihiswa ka ho phethahala pele di ka
phehwa. Sena se ka nka nako e telele
empa polokeho ya eba teng.
o Kamehla qhibidihisa nama, kgoho dijo tsa
lewatleng kapa di inele ka motswakong wa
veine, oli, le dinoko (marinate) ha di etswa
ka sehatsetsing. Dintho tse kgolo di ka nka
nako e telele kahoo ho bohlokwa ho etsa
ditlhophiso pele ho nako.
o Ho qhebidihisa dijo ka potlako, di kenye mokotlaneng wa
polasetiki o sa dutleng mme o di kenye metsing
a batang. Metsi a ka qhalwa metsotso
e meng le e meng e 30 ho netefatsa hore
a dula a bata. Ka mora hore dijo di
qhebedihiswe ka mokgwa ona, di lokela
ho kenngwa sehatsetsing ho fihlela
di lokela tshebediso.
o Dijo tse qhebedihisitsweng ka "microwave", di phehwe
hang-hang ka mora moo, hobane dijo tse qhibidihisitsweng
ka "microwave" di fihlella motjheso o kgothaletsang kgolo
ya dibaketheria.
E etse molao-sebedisa
sehatsetsi ho qhebedihisa
54
Qoba ho boloka dijo tse bolang
motjhesong wa ntlo nako
e telele
o Dijo tse bolang
jwaloka nama le
tlhapi di se tlohelwe
motjhesong wa ntlo
nako e fetang dihora tse 2,
ho kenyeletswa ho hlophiswa
le ho feptjwa.
o Ha nama kapa tlhapi e tlohetswe motjhesong
wa ntlo nako e fetang 2 dihora, kgolo ya
baketheria e ka fihlella boemo bo
kotsi mme dijo di ke ke tsa hlola
di bolokehile.
o Hang ka mora hore ditholwana le
meroho di sehwe, ho molemo ho beha
moedi wa nako eo di ka e behwang
motjhesong wa ntlo. Matsatsing a
tjhesang a lehlabula, moedi wa nako
o fokotsehela ho hora e le 1.
12 1
2
3
4
5 6 7
8
9
10
11
Tse pedi ho feta, ha di
a o lokela
5
Ja dijo tse phehilwe hang-hang
o Leka ho ja dijo tse phehilweng ka pele kamoo
ho kgonehang ka mora ho pheha.
o Ha dijo tse phehilweng di qala ho fola,
dikokwana-hloko di qala ho ikatisa,
le ho silafatsa dijo.
Danger
zone
?C
100
90
80
70
60
50
40
30
20
10
0
- 10
- 20
- 30
Boloka dijo tse phehilweng ka hloko
o Dijo di ka bolokwa di tjhesa kapa di bata. Ha di bolokwa di
tjhesa, motjheso o lokela ho se be ka tlase ho 60 ?C.
Ha di bolokwa di bata, dijo di se be
motjhesong o sa feteng -10 ?C.
Sebaka sa kotsi, e leng motjheso
o pakeng tsa -10 ?C le 60 ?C o qojwe
hobane mona ke moo dibaketheria
tse tsamaiswang ke dijo ikatisa
ka potlako. Dibaketheria tsena di
ka ikatisa habedi ka palo nakong
e bokgutshwane ba metsotso e 20.
o Dijo tse bolang jwaloka nama, kgoho
le tlhapi di lokela ho iswa lapeng
hang-hang ka mora hore di rekwe
mme di kenngwe sehatsetsing tlasa
motjheso o boletsweng.
O se diehe, ja dijo
hang feela
56
7
o Meketjaneng eo batho ba iphepang, dijo
di lokela ho behwa hodima leqhwa kapa
motjhesong bakeng sa polokeho. Haeba
sena se sa kgonahale, beha dijo ka
dikotlolwaneng mme o behe dijo tse
ntjha (fresh food) kamoo ho hlokahalang.
Fodisa djio tse setseng hang-hang
o Dijo tse setseng di kenngwe sehatsetsing hang-hang
(dihoreng tse 2).
o Dijo di ka behwa dikotlolong
tse sa tebang hore di fole kapele.
o Ha dijo di le ngata haholo, tse
bohareng ha di na fola kapele.
o Hopola hore dibaketheria di hohle mme
ho ka etswa hore di be teng hape
dijong ka mora hore di phehwe.
Ice Box

Futhumatsa kapa o fodise
ho fihlela lesapong,
Qoba sebaka sa kotsi
Se kule, phodisa
dijo kapele
Qoba kamano ya dijo tse phehilweng
le tse sa phehwang
o Ka kitjhineng motho
o sebetsana le mefuta
e fapaneng ya dijo ka nako
e le nngwe. Ho bohlokwa ho se kopanye dijo tsena,
haholoholo dijo tse sa phehwang jwaloka
nama, mahe, tlhapi le dijo tse phehilweng,
kaha dijo tse sa phehwang di ka silafatsa
dijo tse phehilweng.
o Maro a tswang dijong tse sa phehwang
jwaloka nama le dihlahiswa tsa lewatleng
a se kopane le dijo tse seng di phehilwe kapa
dijo tse jewang di le tala jwaloka disalate (salads).
Futhumatsa dijo tse
phehilweng hang-hang
o Nakong ya poloko ya dijo, kgolo ya dikokwana-hloko e
kginnwe, empa hopola hore dikokwana-hloko ha di a shwa.
Kahoo ho lokela ho netefatswa hore dijo di futhumatswa ka
ho phethahala ho fihlella bohareng ka motjheso wa 70 ?C.
7
O hloka ho futhumatsa
ka ho phethahala
8
9
o Ka mora hore o kgabele nama kapa tlhapi, hlwekisa boto eo
o kgabeletseng nama hodima yona ka metsi a nang le sesepa
pele o e sebedisetsa ho kgabela meroho. Diphuthelwana tsa
nama e tala le tlhapi di behwe rakeng e tlase ya sehatsetsi
ho qoba hore maro a tsona a rothele dijo.
Hlapa matsoho ka ho phethahala
le teng kgafetsa
o Matsoho a lokela ho hatlelwa pele ho
tshwarwa dijo le ka mora hore ho etswe
ho hong, jwaloka ho sebedisa ntlwana
kapa ho apesa ngwana leleire.
o Matsoho hape a lokela ho hatlelwa ka mora ho sebetsana
le dijo tse sa phehwang jwaloka nama le tlhapi e tala.
o Dibaketheria di ka hasana le kitjhine haeba matsoho a hao
a sa hatlelwa ka ho phethahala.
o Kahoo matsoho a lokela ho hatlelwa ka sesepa le metsi a
futhumetseng pele ho ka sebetsanwa le dijo le ka mora ho
etsa ho hong ho sa amaneng le dijo.
SOAP
Hlokomela poleiti eo, se ke wa
silafatsa tse ding ka tse ding
Se ke wa ba sethoto
hatlela ka sesepa
10
Boloka kitjhine e hlwekile
o Kitjhine e hlwekiswe kgafetsa, haholoholo ka mora ho sebetsa
ka dijo tse sa phehwang jwaloka nama.
o Haeba dibaka tsena di silafetse, dijo tsa hao di ka ameha,
di ka hlahisa kotsi bophelong bo botle ba lelapa la hao.
o Difatuku le dithipa le dikgaba le tsona di bolokwe di hlwekile.
Tshireletsa dijo dikokonyaneng,
dirotong le diphoofolong tse ding
o Dijo di lokela ho bolokwa ditshelong tse
kwalehileng moo diphoofolo le diroto
di sa tlo di fihlela.
o Diphoofolo di na le bokgoni ba ho silafatsa
le ho tsamaisa dikokwana-hloko.
7
Se ke wa hloka kutlwisiso, boloka
kitjhine ya hao e hlwekile
Etsa ka ho nepahala, boloka
dijo moo ho kwalehileng
11
Sebedisa metsi a hlwekileng
o Metsi a hlwekileng a bohlokwa bakeng sa ho
nowa le ho pheha dijo.
o Sena se elwe hloko haholo bakeng sa masea.
Hopola
o Bophelo bo botle ba lelapa la hao ke ntho ya bohlokwa, kahoo
boloka melao ena e bobebe ho e latela.
o Dijo tse nang le bophelo bo botle di lekana le lelapa le nang
le bophelo bo botle. O seo o se jang ka mekgwa e fetang
bonngwe.
o Dibaketheria tse ikarabelang ho tsamaiseng mafu di ke ke
tsa bonwa, ho nkgellwa kapa hona ho latsuwa.
o Tshilafatso ya dijo e etsahala haholo ka mora hore di
rekwe; kahoo boloka melao ena e bobebe ho latelwa.
o Kamehla ha o se na bonnete ba polokeho ya dijo mme
melao ena yohle e latetswe, se ke wa di ja.
Etsa bonnete ba hore
metsi a hlwekile
Ha o belaela,
di qhale
Bakeng sa tlhahisoleseding e fetang ena ikopanye le
Directorate Veterinary Services
Private Bag X138, Pretoria 0001
Mohala (012) 319 7679  Fax (012) 329 6892
HIV/AIDS
- QOMATSI - 
MERALO YA TATAISO YA LEFAPHA LA THUTO 
HO BARUPELLI TSE KA HARE
Leqephe
MOLAETSA O HLAHANG HO LETONA LA THUTO 
1. HIV LE AIDS: DINTLHA TSA BOHLOKWA 
2. MELAETSA E ROBEDI YA BOHLOKWA BAKENG SA HO THIBELA HIV 
3. DIPOTSO TSEO BARUPELLI BA DI BOTSANG KA THUTO YA THOBALANO 
4. THIBELO YA HO PHATLALATSA BOHLOKO BONA DIKOLONG 
5. HO THEHA TSELA YA KAMOHELO LE MOKGWA O SENANG KGETHOLLO 
6. KGOELETSO YA TSHEBEDISANO-MMOHO KGAHLANONG LE AIDS KA MO-PRESIDENTE THABO MBEKI 
7. HIV/AIDS: DINOMORO TSA MEHALA YA BOHLOKWA 
MOLAETSA O HLAHANG HO LETONA LA THUTO
Metswalle le basebetsi-mmoho ba ratehang,
Ena ke qomatsi
Ho nale bopaki bo botle hore ke batho ba fetang dimillione tse tharo mona Afrika Borwa bao hona jwale ba nang le bohloko ba HIV. Bohloko bona bo tshwara banna le basadi ba dilemo tsohle, maemo ohle le merabe yohle e dulang diprovinsing tsohle.
Ebang sekgahla sa jwale sa tshwaetso se sa fokotswe, ka selemo sa 2010 motho a le mong ho ba bane naheng ya rona o tla be a na le HIV. Dilemong tse leshome tse tlang bohloko bo tla be bo hlahisitse dikgutsana tsa palo ya tharo-ho-nne ya bana ba Afrika Borwa ba millione o le mong. 
Hobaneng ha sena se etsahala?
Bukana ena e hlalosa seo. Virus ya HIV e phatlalatswa ho tswa ho motho ho ya ho e mong ka tsela tse ngata, empa tsela e tsebahalang haholo ke ya thobalano, ha molekane e mong a fumana tshwaetso. Bohloko bona bo phatlalla kapele haholo hobane bongata ba Ma-Afrika Borwa, haholo jwang banna, ba bohlaswa mekgweng ya bona ya thobalano.
Bongata ba batho ba tshwaeditsweng ha ba tsebe hore ba rwele virus ya HIV, hobane e dula mmeleng nako e telele pele e ka kudisa motho. Ke kahoo batho ba tshwaeditsweng ba kgonang ho ka tshwaetsa batho bang ntle le ho lemoha seo ba se etsang.
Ha jwale ha ho moriana o ka thibelang hore re se fumane tshwaetso, ebile ha ho na pheko ya HIV/AIDS e leng bohloko bo bolayang. Dithefatsi tse ding ho bonahala di kgona ho ka thusa mmele ho itshireletsa kgahalanong le bohloko bona, empa theko ya tsona e hodimo haholo. Ha di so fihlelle ho batho ba bangata naheng ya rona.. Sena se bolela hore sekgahla sa ho shwa ha batho ka HIV/AIDS se ntse se hola haholo dilemong tsohle tsa kgolo ya banna le basadi, haholo jwang ho batho ba ratang thobalano.
Se bakwang ke HIV/AIDS
Bohle re tshaba se etsahalang. Ditho tsa malapa, ba lesika, metswalle le basebetsi-mmoho ba kula mme ba shwa, nakong e ngata ha ba sa le bannyane. Banna, mafumahadi le masea ba fela. Batho ha ba rate ho bua ka sesosa sa bohloko bona. Bo nkuwa jwaloka mohlolo o swabisang.
Ketsahalo ya ho kudiswa ke bohloko bo bolayang ho Mo--Afrika Borwa Borwa a le mong ho ba bane e thata ho rona ho e lemoha. Ha re nahane seo bohloko bona bo holang le ho bolaya bo tlang ho se etsa ho ba malapa a rona, dikolo tsa rona le dibakeng tsa mosebetsi le setjhabeng sa rona. Leha naha ya rona e leka ho theha mesebetsi le ho hlola bofuma, bohloko bona bo bolaya batho ba tlisang tswelopele setjhabeng sa rona.
HIV/AIDS Dikolong
Dikolo tse ngata di se di utlwile di-tla-moraho tsa bohloko bona, jwaloka ho kula ha mesuwe, barutwana le ba malapa a bona. Pele bohloko bona bo tliswa katlasa taolo, di-tla-moraho tsena di tla hlaba le ho phatlalla haholo. Morupelli e mong le emong o tla qetella a se a ruta barutwana ba nang le HIV feela. Kahara bongata ba diphaposi tsa mesuwe, mosuwe a le mong kapa ba bangata ba tla fumana tshwaetso. Basebetsi ba bang ba sekolo le bona ha ba na ho salla moraho.
Ho kula ho sitisa tsamiso ya ho ithuta le ho ruta. Mesuwe e sa kuleng e tshwanetse ho jara merwalo e meng ha mesuwe e kulang e le siyo mosebetsing. Barutwana ba kulang ba kgutlela moraho dithutong tsa bona. Ha setho sa lelapa se kula kapa ho shwa, mesuwe le barutwana ba nka morwalo oo. Ha mesuwe le barutwana ba shwa, sekolo se ya sitiswa, se ya lahlehelwa le ho sarelwa. Dikolo tse ngata di ilo holofatswa ke di-tla-moraho tsa lefu lena ho mesuwe, barutwana le ba malapa a bona.
Ke eng seo Ma-Afrika Borwa a ka se etsang?
Bothata bo shebahala bo le boholo, empa ho teng seo re ka se etsang. Ha re sebetsa mmoho re ka lwantsha bohloko bona le ho sebetsana le di-tla-moraho tsa bona. Dinaheng tse ding tsa Afrika, moo ba hlasetsweng ke bohloko bona pejana, ba kopantse matla a mafapha ohle ditjhabeng tsa bona ho lwantsha bohloko le ho bo thibela ho senya dinaha tsa bona. Tsena ke tse ding tsa dithuto tseo re tshwanetseng ho ithuta tsona ka boiphihlelo ba bona:
* Ha re sa nke matsapa a tshwanetseng a ho bo thibela e mong le e mong wa rona a ka tshwarwa ke HIV.
Ho utlwisisa HIV le ho hlokomela le ho ba sedi ka mekgwa ya rona ya thobalano ho ka re thusa ho sireletsa ho tshwaetswa le ho tshwaetsa ba bang. 
* Re tshwanetse ho nka bohloko bona jwaloka qomatsi ya naha le ho kenya mafapha ohle a setjhaba sa rona twantshong kgahalanong le bona. 
* Re tshwanetse ho bua ka bolokolohi ka bohloko ba HIV/AIDS, re tlohele ho ikgakanya le ditlhoriso hammoho le dikelello tse fosahetseng ka bohloko bona. 
* Re tshwanetse ho amohela batho ba tshwaeditsweng le ba kulang ho phela ka thabo le ho re ba thuse ditjhabeng tsa bona ha fela ba ntse ba kgona. 
* Re tshwanetse ho batla ditsela tsa ho hlokomela ba kulang le ba sa kgoneng ho iketsetsa ditjhabeng tsa rona, haholo jwang ha lelapa le sitwa kapa le qhalane. 
Barupelli ba ka kgona ebile ba tshwanetse ho hlola bohloko bona le ho sebetsana le di-tla-moraho tsa bona 
* Barupelli ba tshwanetse ho ba mohlala o motle wa mekgwa e nang le boikarebelo ka thobalano. Ka ho etsa jwalo, ba tla sireletsa ba malapa a bona, basenetsi-mmoho, barutwana le boana ka sebele. 
* Kaha barupelli ba rutehile, ba kgona ho utlwisisa dintlha ka HIV/AIDS le ho phatlalatsa tlhahiso-leseding ya nnete ka bohloko le di-tla-moraho tsa bona. 
* Ho kena sekolo ha bana ba bangata , ho fa barupelli monyetla o mongata ho buisana le bona ka bohloko bona, le ho thusa bana ho itshireletsa kgahlanong le tshwaetso, ho kula le ho shwa. 
* Barupelli ba kopana kgafetsa le batswadi, mme ba ka kgona ho phatlalatsa molaetsa wa HIV/AIDS ka bophara setjhabneg sa bona. 
* Barupelli ba ka theha tulo sebakeng sa mosebetsi moo batho ba ka bang le bolokolohi ka boemo ba bona ba HIV ntle le tshoso ya ho tlhoriswa kapa ho kgethollwa. 
* Barupelli ba ka fumana tsela tse ntle ho tshehetsa basebetsi-mmoho le barutwana ba kulang, le ho etsa sekolo setsha sa tshepo le tlhokomelo setjhabeng. 
Barupelli ba banna ba nale boikarabelo bo kgethehileng
Mokgwa wa mesuwe ho batla dikobo ho banana ba sekolo kapa ho mesuwetsana e tshwanetse hore e fele. Sena se ke sesupo sa ho nyatsa ditokelo le tlhompho ya basadi le bananyana.
Ho robala le morutwana ho senya tshepo ya setjhaba. Ebile hape ho kgahlanong le molao. Ke molato o tsamaisanang le kotlo Ka bomadimabe matsatsing ke ho phatlalatsa HIV/AIDS le ho tlisa mahlomola le sello ho bathonyana bana ba batle le ba malapa abona.
Qetello
Bukana ena e tla matlafatsa tsebo ya hao ho bapala karolo ya hao ntweng kgahalanong le HIV le ho sireletsa bokamoso ba bana le nakong e tlang. Ka kopo hle e bale le ho bua ka yona ha o le hae, le basebetsi -mmoho ha o le sekolong, mekgatlo ya lona ya tsamaiso, hammoho le barutwana ba lona, dibakeng tsa ho rapela, dihlopheng tsa dipapadi, le hohle mo o ithabisang teng. Ebang o rata ho ka fetolwa mekgawa ya hao ya thobalano, ka kopo hle, e ba le sebete le kgopolo we ntle ya ho etsa jwalo. 
Bophelo ba hao bo kotsing. Ho jwalo feela le ka ditho tse ding tsa lelapa la hao, basebetsi-mmoho le barutwana ba hao. Ka lebaka la bona le ka lebaka la setjhaba, ka kopo hle, a ko bale bukana ena mme o phethise kopo ya yona.
Ka ditakaletso tse molemo.
Wa hao ka botshepehi
Professor Kader Asmal, Setho sa Palamente
Letona la Thuto
1. HIV LE AIDS: DINTLHA TSA BOHLOKWA
HIV ke Eng?
* HIV ke kokwan-hloko e nnyane haholo kapa organism e bitswang virus eo batho ba tshwaetswang ke yona. Ha e bonwe ka mahlo, empa ka kgodiso ya microscope. 
* HIV e phela le ho ngatafala mekedikeding ya mmele jwaloka di-sperm, lero la sesadi, lebese la mme wa ngwana, madi le mathe. Re ka tshwaetswa ha re ka kopana le mekedikedi ya mmele e nang le tshwaetso. 
* Bokgoni ba mmele ho lwantsha nahloko bo bitswa immune system. Ke tshireletso ya mmele kgahlanong le tshwaetso. 
* HIV e hlasela immune system le ho fokotsa matla a mmele ho thibela mefuta e mengata ya mahloko ho kenyelletswa mokgohlwane, letshollo, pneumonia, TB le dikankere tse ding. 
* Ke kahoo HIV e bitswang Human Immunodeficiency Virus. 
* Qetellong HIV e hlokisa mmele matla hore o se kgone ho itwanela kgahalanong le mahloko mme o tlise lefu. 
* Hangata batho ba shwa pakeng tsa dilemo tse hlano le tse leshome kamora ho fumana tshwaetso, empa ba bang ba phela nako e telele ba ntse ba na le HIV. 
AIDS ke Eng?
* AIDS ke mokgahlelo wa ho qetela tshaetsong ya HIV, mme ke yona e bakang lefu la motho. 
* Batho ba nang le AIDS hangata ba kgathatswa ke mahloko a mangata ka nako e le nngwe. Sena se fapana ho ya ka batho. 
* Lentswe lena Syndrome le bolela ho hlaha ha matshawo a mangata ka nako e le nngwe. Le totobatsa hore batho ba nang le AIDS ba na le matshwao le mekgaw e mengata, hobane ba tshwerwe ke mahloko a mangata ka nako e le nngwe. Bonneteng AIDS ha se bohloko bo le bong. 
* AIDS e metse Acquired Immune Defieciency Syndrome. 
HIV e phatlalatswa jwang?
* HIV ke bohloko bo tshwaetsang empa ho na le boemo bo itseng moo batho ba nang le virus ba ka e fetisetsang ho babang. 
* Thobalano ya monna le mosadi ke tsela e tlwaelehileng eo ka yona batho ba tshwaetswang, hobane virus e phela kahara di-sperm le lero la sesadi. 
* Masea a tswalwang ke bomme ba nang le HIV le bona ba ka fumana tshwaetso pele ba hlaha kapa nakong eo ba tswalwang ka yona, kapa ha ba nyanya lebese letsweleng la mme. 
* Madi a nang le tshwaetso a ka phatlalatsa virus, ho fana ka mohlala ebang a tsholohela letlalong le tabohileng, le mohlomong ha metswalle le ba lelapa ba arolelana tshebediso ya mahare le diborosolo tsa meno. 
* Baji ba dithetefatsi ba abelanang tshebediso ya dinale, ba ka nna ba tshwaetsa ba bang. 
* Leha madi a sebediswang ho tshelwa ho bakudi a hlahlobilwe kgahlanong le virus, diphoso di nale ho etsahala, moo madi ao ho fanweng ka ona a ka fetohang sesosa sa tshwaetso. 
Ke eng se sa phatlalatseng virus
* Ha o na ho fumana tshwaetso ya HIV ka ho sebedisa ntlo e le nngwe, desk, setulo, ofisi, koloi, taxi, locker, fonofono, koppie, sejana, lebekere, toilet, dilakane kapa diaparo le motho ya tshwaeditsweng. 
* Ha o na ho fumana tshwaetso ya HIV ka ho abelana dijo, ho hlapa mmoho, ho tola mmoho letamong le le leng, kapa ho tshwarana ka matsoho le motho ya tshwaeditsweng. 
* Ha o atlarela kapa ho suna motho ya nang le HIV molomong ha o na ho fumana tshwaetso. 
* Ha o na ho fuman tshwaetso ya HIV ha o lonngwe ke monang, tshitshidi, mokgasa kapa seboba se lommeng motho ya nang le HIV. 
* Ha o na ho fumana tshwaetso ya HIV nakong eo dithuto di tswetseng pele sebakeng sa ho rutela. 
Matshwao a HIV ke afe?
* Bongata ba batho ba nang le HIV ha ba bontshe matshwao ka nako e telele. Ba tshwana le ho ikutlwa jwaloka na le wena. 
* Bongata ba batho ba nang le HIV ba phetse hantle le ho tswela pele ka mesebetsi ya bona malapeng le moo basebetsang teng bakeng sa dilemo tse hlano le tse robedi kamora ho tshwaetswa ke HIV. 
* Empa ba bang ba phakisa ho bontsha matshao hang feela kamora tshwaetso. 
* Ha batho ba nmang le HIV ba qala ho bontsha matshwao, ho bolela hore bohloko bo fetetse boemong ba AIDS. 
Ke eng se bolayang batho ba nang le HIV/AIDS
* Batho ba nang le HIV/AIDS hangata ba bolawa ke mahloko a kang TB kapa pneumonia, bao ho bileng bonolo hor a mo tshware ka lebaka la virus e mmeleng ya bona. 
* Batho ba senang HIV le bona ba ka tshwarwa ke mahloko ana, empa ke ka lebaka la HIV mahloko a kang TB le pneumonia a eketsehileng haholo. 
* Matsatsing ana, ka lebaka la tshwaetso ya HIV, TB le pneumonia, di baka mafu a mangata hara batho ba batjha. 
* Ke palo ya tharo-ho-nne ya batho ba TB ba seng ba na le HIV. 
* Batho ba ka bolawa hape ke letshollo le bohale le ho kankere tsa mefuta e itseng, haholo jwang kankere tsa madi tse bitswang lymphomas le kankere ya letlalo e bitswang Kaposi's Sarcoma. 
* Mahloko a mang, haholo jwang acute pneumonia, a phakisa, nako e nngwe motho o shwa pele ho netefatswa hore o nale tshwaetso ya HIV. 
Re ka bona jwang ebang motho a na le HIV?
* Tsela e nngwe feela eo ka yona o ka tsebang ha motho a nale HIV, ke ya diteko tsa madi. Ebang diteko di bontsha hore re nale virus, re bitswa ka hore re "HIV positive." 
* Empa ha o dula dibeke le dikgweditse ngata kamora hore motho a fumane tshwaetso, le mmele o sa bontshe matshao a tshwaetso. Nako ena e bitswa "window period." Ebang re etsa diteko tsa HIV nakong ya window period, sephetho se tla ba negative, leha mohlomong re na le tshwaetso. Batsamaisi ba tsa bophelo bo botle ha ba kgothalletse diteko tsa HIV ho ya ho ile hobane sephetho se negative ha se bolele ho ba siyo ha tshwaetso mmeleng wa hao. 
* Re ka ikgodisa hantle ka boemo ba rona ba HIV ebang re etsa diteko dikgwedi tse tsheletseng kamora nako eo re nahanang hore virus e re kene ka yona, kamora ho ho robala le mosadi o sa itshireletsa. 
* Batho ba bangata ba ratang thobalano ha ba tsebe ha ba tshwaeditswe ka HIV kapa tjhee. Re tshwanetse ho phela re tshaba ho ka tshwaetswa, kapa ho tshwaetsa ba bang, mme ka ho etsa jwalo re itshereletse le ho sireletsa ba bang ho se hlahelwe ke kotsi. 
Teko ya HIV ke eng?
* Ho nkuwa madi a mannyane letsohong la hao ka nale le syringe, kapa ka ho phunya monwana wa hao le ho boloka madi ka blotting paper. Sampole ya madi jwale e tla hlahlojwa ke borasaense. 
* Teko ena ha e na ho bontsha virus ka bo yona, empa e ilo bontsha ho ba teng ha "di-antibodies" mo mading. Di-antibodies ke sesupo sa hore mmele o arabela ho ba teng ha HIV virus mme di leka ho sireletsa mmele kgahalanong le yona. 
* Di-antibodies di hlahella mading pakeng tsa dikgwedi tse tharo le tse tsheletseng kamora tshwaetso. 
* Pele o etsa teko ya HIV o tshwanetse ho bua le motho ya tlang ho ho eletsa ka teko eo le hore o tshwanetse ho etsa eng ha o utlwa sephetho. 
* Hangata sephetho sa teko se nka dibeke tse pedi, empa ka nako e nngwe se fumaneha kapelenyana nakong e nngwe ka lona letsatsi leo. Sephetho ke lekunutu. Ha o a tlangwa ke molao ho bolella mang kapa mang ebang o le HIV negative kapa HIV positive. 
* Empa ho lokile ebile ha a tshwaneleha ho abelana tlhahiso-leseding le motho eo o neng o robetse le ena. Ho molemo ho tsebisa wa lelapa ya haufi le wena kapa motswalle ya tlang ho ho tshehetsa. 
Na motho a ka fetisetsa tshwaetso ho ba bang ebang a sa kule?
* Ee, motho a ka fetisetsa tshwaetso ya HIV ho ba bang nakong e nngwe le e nngwe kamore a fumane tshwaetso. Hangata sena se etsahala pele batho ba lemoha hore ba na le tshwaetso ya HIV le pele teko ya HIV e ka bontsha hore ba "positive". 
Na ha ho molemo hore ha ho le jwalo re suthe pela motho ya nang le HIV?
* Tjhee. HIV ha kgone ho phatlalatswa ka ho ama motho. Ha ho na lebaka la hore batho ba tshabe ho fumana tshwaetso nakong tse tlwaelehileng tsa mosebetsi le motho ya nang le HIV. 
* Banna le basadi ba ngata ba tummeng dipapading, dinaledi tsa dibaeskopo, dirutehi le boradipolotiki ba sebeditse hantle nako e telele ba ntse ba na le HIV ho fihlela ba qala ho kula. Baahi ba bangata ba sa tumang le bona ba entse jwalo. 
* Ke bopelompe ebile ha se tshwanelo ho eketsa mathata a batho ba ntseng ba hlopheha. Ho bohloko haholo ho bonela lefu haufi, baheno, metswalle le basebetsi-mmoho ba sa ho kwekwetle. 
* Ebang re nyahlatsa batho ba nang le HIV, ba ka qobelleha ho ka e pata le ho ikgakanya hore ha ba na yona. Ka ho etsa jwalo ba kenya batho ba bang kotsing. Batho ba tshwaeditsweng ba tshwanetse ho kgaothalletswa ho nka mehato e hlokehang ya tshireletso kgahlanong le ho fetisetsa tshwaetso, ka ho rwala di-condomo nakong ya thobalano kapa ba tlohediswe ho nyantsha bana ba bona. 
* E mong le e mong wa rona a ka fumana virus, haholo jwang ha re rata ho kena dikobong kgafetsa ebile re le bohlaswa. Ha re a tshwanela ho tshwara batho ba bang ka tsela eo re ke keng ra rata ho tshwara ka yona. 
Na pheko e teng bakeng sa HIV le AIDS?
* Ha ho na pheko bakeng sa HIV kapa AIDS. 
* Bafuputsi ba bongaka dinaheng tse ngata, le mona Afrika Borwa, ba sebetsa ka thata ho ka hlahisa meriana e tlilo thibela tshwaetso ya HIV. Leha moriana o ka ba teng, o tla nka dilemo tse ngata pele o ka kenngwa tekong ka ho phethahala ho tjhaelwa monwana ke batsamaisi le ho fumaneha ka bongata bo boholo setjhabeng. 
* Meriana e robang bohale ba mahloko a tsamaisanang le AIDS e ka fuwa batho ba nang le HIV empa seo ha se pheko. Ka bomadimabe theko ya yona e hodimo. Dikhamphani tsa dithetefatsi di hlahisa meriana ya theko e tlase eo batho ba ka ikgothatsang ka yona, empa le yona ha e so fumanehe. 
* Ha HIV e holofatsa immune system, mmele ya rona ha e kgona ho emela tshaetso e kang ya TB le pneumonia. TB e ka phekoleha ebang mokudi a nka dithetefatsi tse tshwanetseng nakong e boletsweng. Ka mokgwa ona batho ba nang le HIV ba ka thuseha ho phela nako e telele le bophelo bo tletseng. 
HIV le AIDS di ka thibelwa
* Thibelo ke yona tsela feela e tshepehang ho ka hlola HIV le AIDS. 
* Re ka qoba ho tshwaetswa le ho ka tshwaetsa ba bang ka ho netefatsa hore re nka dikgato tse tshwanetseng, ka ho hlokomela le ka boikarabelo dinakong tsohle, haholo jwang mekgweng ya rona ya thobalano. 
* Koduwa naheng ya rona ke hore ho shwa batho ba bangata ka lefu leo le ka qojwang ka hohle. 
Hobaneng re sa utlwe ka batho ba bangata ba shwang ka HIV/AIDS 
setjhabeng sa rona?
* Ka lebaka la ho fela ha nako pakeng tsa tshwaetso le ho shwa, dibaka tse ding tsa naha ke hona di bonang mafu a mangata a batho ba baholo ka lebaka la HIV. 
* E ka ba ho se tsebe se etsahalang dibakeng tsa rona. 
* Hobane batho ba tshwaeditsweng ka HIV hangata ba bolawa ke mahloko a tlwaelehileng jwaloka TB kapa pneumonia, batho ba keke ba netefatsa ha ebe bohloko bo bolaileng bo tsamaisana le AIDS. Hangata ba lelapa ha ba ke ba tseba mme ho be thata ho dumela nnete. 
* Ho na le lekunutu le lengata ka HIV/AIDS. Batho ba bangata ba dihlong kapa ba tshaba ho ba HIV positive. Bona le ba malapa a bona ha ba na ho bua ka yona. 
* Ka lebaka la ho se kgathalle le ho tshaba, batho ba nang le HIV/AIDS ba tadimane le kgethollo ditjhabeng tsa bona, mme ba bang ba bolailwe. Diketso tsena di tshositse batho le ho ba thibela ho tsebisa ka tshwaetso ya bona ya HIV. 
* Ho na le batho ba sa dumeleng hore bohloko bo jwalo bo teng. Ba bang ba nahana hore ke mokgwa wa ho fedisa batho ba batsho. Bonnete ke hore, HIV/AIDS ke bohloko bo emisitseng lefatshe ka maoto bo hlaselang batho ba merabe yohle. 
Re tseba jwang hore bohloko ba HIV ha se ketselletso
* Diphuputso di bontshitse hore boemo ba bophelo dibakeng tse ding bo phahamisitse sekgahla sa tshwaetso ya HIV le mafu a bakwang ke HIV/AIDS. Mona re ka bua ka bofutsana, phepo e mpe, tsamaiso e mpe ya dikgwerekgwere le ditshila, merusu, merusu e kenyelletsang mekgwa e mebe kgahlanong le mafumahadi le banana, kgatello ya basadi, ho hloka mesebetsi ho jeleng setsi kahare ho batjha, ho sebetsa hole le mahae le ho qhaleha ha metse, bofebe haholo ba banna, thobalanao ya bana, le boemo bo hodimo ba mafu a phatlalatswang ka thobalano. Dintlha tsena di ya tholahala mona Afrika Borwa. 
* Ka dilemo tse ngata lefapha la Bophelo bo Botle le entse diteko ka setu ka madi a basadi ba ithwetseng naheng ka bophara. Ka 1998 diteko tsena di bontshitse hore 21% ya banana ba ithwetseng, 26% ya basadi ba ithwetseng ke ba dilemo tse 24, le 27% ya basadi ba dilemong tse 25-29 ba ne ba le HIV positive. Kaha HIV e phatlalatswa haholo ka thobalano, ha ho na ho makatsa hore balekane ba basadi bana le bona ba na le HIV . 
* Diphuputso tse entsweng dikhamphani tse kgolo tsa Afrika Borwa di bontsha palo e hodimo ya tshwaetso kahara basebetsi, mekgahlelong yohle. 
* Kamora ho sheba dipalopalo tse teng, lenane la Matjhaba a kopaneng a AIDS (UNAIDS) e lekanya hore a le mong kahara batho ba baholo ba robedi Afrika Borwa jwale ba na le HIV. 
* Diphuputso di bontshitse hore jwale ho na le bothata ba HIV/AIDS dibakeng tsohle tsa naha. 
* Le kantle ho diphuputso, bohle re a tseba hore bohloko bona b nka maphelo a mangata, bana le batho ba baholo. 
* Bongata ba rona re lahelehetswe ke ba malapa le baahisani. Bonagata ba rona re hlokomela batho ba rona ba kulang. Bongata ba rona re Itseba re na le HIV. 
Ho phela ka tshepo
* Bongata ba batho ba nang le HIV bo phetse hantle ebile ba tla tswela pele ho phela hantle dilemo tse itseng kamora ho tshwaetswa. 
* Nakong ena, batswadi le bana ba nang le HIV ba tla dula dula ba sebetsa le ho tswela pele hantle sekolong, mosebetsing le ko hae. 
* Batho ba nang le HIV ba hloka tshehetso le dikeletso. Batho ba HIV positive ba tshwanetse ho ho hlalosetswa ho shebela pele dilemo tsa bophelo bo bo tlwaelehileng. 
* Ditjhaba tse dulang mabapi le rona, haholo jwang sebaka sa sekolo se ka sebediswang ho ba sesosa sa lerato, tlhokomelo le tshehetso. 
* Phepetso e ho rona barupelli, re le kapa re se na HIV, ke ho lemohisa sekolo ka bokgoni ba sona. 
2. MELAETSA E ROBEDI YA SEHLOOHO BAKENG SA HO 
THIBELA HIV
Barupelli ba na le monyetla o motle wa ho fetola sekgahla sa bohloko bona 
* Kaha ngwana e mong le e mong a kena sekolo mona hae, barupelli ba na le monyetla o motle ho hlohlelletsa dikelello tsa barutwana ka thobalano le ho ratana, le pele ba qala. 
* Ka ho etsa jwalo barupelli ba ka bapala karolo ya bohareng ho fetola tsela eo bohloko ba AIDS bo e nkileng. 
* Ntle le mabaka a mang bana ba qalang sekolo ha ba na tshwaetso ya HIV. 
* Nakong eo ba tlohelang sekolo, bana ka bongata ba nale virus. Bongata bo ilo fumana tshwaetso kamora ho tlohela sekolo, ntle le ha ebe ba thusitswe ho latela mekgwa e sireletsehileng ya thobalano. 
Boetapele bo qala hae
* Barupelli ba lebeletswe ho ba mohlala le baetapele ba setjhaba. Ha rona re ka latela mokgwa o sireletsehileng wa thobalano, re ka itshireletsa ho HIV le ho thusa ba bangata ho etsa jwalo. 
* Ena ke melaetsa e robedi ya ho thibela HIV. 
1. Eba le thobalano e sireletsehileng 
* Bongata ba tshwaetso tsa HIV di etsahala nakong ya thobalano. Ho thibela HIV reb tshwanetse latela mekgwa ya thobalano e sireletsehileng. Ha ho ka tsela e nngwe! 
* Tsela e sireletsehileng ka ho fetisisa ke ho ikgula thobalanaong ho fihlela lenyalo, mme o dule ka botshepehi le mlekane wa hao. 
* Ebang o kena dikobong, nka hore wena le mlekane wa hao e ka nna ya eba le rwetse tshwaetso ya HIV. Sebedisa dicondomo tsa banna kapa tsa basadi. 
* Eba le molekane a le mong, mme o latele thobalano e sireletsehileng ka nako tsohle. 
* Ha nko ya ho ba le bana e fihlile, balekane ka bobedi ba tshwanetse ho kenela diteko tsa HIV le ho fumana sephetho pele ba emisa ho sebedisa dicondom tekong ya ho ithwala. 
1. Lerato le botshepehi 
* Monna kapa mosadi ya o ratang ke ya nkang matsapa a ho netefatsa hore ha o tshware HIV ho yena ka hore o rwale condom. 
* Ho ba le molekane eo o mo ratang ha ho a lekana ho ho sireletsa ho HIV. Molekane wa hao, kapa wena, e ka nna ba o na le tshwaetso ho tloha thobalanong ya kgale. 
1. Hore Ee, empa o re Tjhee 
* Monna o tshwanetse ho kopa tumello ya mosadi pele a ka robala le ena. 
* Monna o feng kapa ofeng ya ya qobellang mosadi ho robala le ena ha a itse "Tjhee" ke rapist. 
* Rape ke molato o boima haholo. Phofu e tshwanetse ho nkelwa kapele ho District Surgeon, kapa sebakeng sa bongaka ho ya hlahlojwa, ho kgothatswa le karo ya kapele ya ho thibela ho ithwala. Rape e tshwanetse ho tlalehwa sepoleseng, moo phofu e ilo kopjwang ho etsa statemente. Mapolesa a tshwanetse ho tshehetsa le ho kgothatsa phofu, le ho batlisisa kgetsi enngwe le e nngwe e tlalehwang. 
1. Qoba tlhekefetso ya bana, phakisa o bue! 
* Mesuwe e na le boikarabelo bo kgethehileng ho hlompha le ho sireletsa bana ba tlhokomelong ya hae. Tlhekefetso ya bana ke mosuwe ha e ya loka, hobane e senya botshepehi bo fuweng mesuwe ke batswadi ba ngwana. 
* Ha se nnete hore ha monna a robala le ngwanana ya sa kopaneng le monna, haholo jwang ngwana e monnyane, bohloko ba HIV bo tla fola. 
* Ha ho pheko bakeng sa HIV. Empa ho robala le ngwanana kapa moshemane ho ilo utlwisa ngwana bohloko le mahlomola, ebile a ka ba tshwaetsa ka HIV le ho mo senyetsa bophelo. 
* Bana ba rutwa ho hlompha batho ba baholo, empa seo ha se bolele hore ba tshwanetse ho phethisa ntho e nngwe le e nngwe eo batho ba baholo ba reng ba e etse, haholo jwang ha e sa loka le ho phedisa ngwana ha bohloko. 
* Ngwana ka mong o utlwisisa hore ho na le mekgwa ya ho tshwarana, jwaloka ho atlarelwa ke mmekapa ho tshwarana ka matsoho le motswalle. Ho nale mefuta e meng hape ya ho tshwarana e ka etsang hore ba se rate. 
* Ngwana ha a tshwanela ho dula sebakeng seo ba sa kgotsofalang ho sona. Ba tshwanetse ho rutwa ho hoeletsa ho kopa thuso, ho baleha le ho kopa motho e moholo ya mo tshepang ho mo thusa. 
* Bana ba tshwanetse ho rutwa ho se etele ntlong ya motho eo ba sa mo tlwaeleang, kapa ho tsamaya strateng le mabaleng le motha ya sa mo tlwaelang, kapa ho kena koloing ya motha ya sa mo tlwaelang. 
* Ha ba tshwanela ho etsa dintho tsena le batho ba sa ba thabiseng kapa ya nanag le mekgwa e sa tsebisahaleng, leha e le motho wa lapeng kapa ya mo tsebang hantle. 
1. Ha se hore o tshwanetse ho ba le bahlankana kapa barweetsana ba bangata ho tshwara HIV 
* Batho ba rbalang le batho ba bangata ba na le monyetla o mongata ho tshwara HIV, empa HIV ha e tshware feela batho ba nang le balekane ba bangata. 
* Ebang molekane e monga a ile a tshwaetswa ebile a sa sebedisa dicondomo, bohle re ka tshwaetswa. 
* Batho ba bangata ba tshwere ke virus kamora ho robala hanngwe le motho ya tshwaeditsweng ka HIV kamora ho kena dikobong a sa kenya condom. 
* Batho ba nang le botshepehi ho mafumahadi a bona kapa banna ba bona ba ka tshwara virus ebang bomphato ba bona ba sena botshepehi. 
* Selemo le selemo, bana ba ngata le basadi ba tshwaetswa ka HIV ha ba reipiwa. 
* Bana b abng ba tshwere HIV ho bo mme ba bona. Ba bang ba bona ba phetse ho fihlela ba kena sekolo. 
* Batho ba bang ba tshwaeditswe ke ho tshwara madi a tshwaeditsweng, jwaloka a tswang dinaleng tse tshaeditsweng, mahare a abelanwang le di-blades. 
1. Ho sebedisa condom ho tla ho thusa ho mahloko a thobalano, ho se tswale le ho ithwala ho sa batleheng 
* Mahloko a kenang ka thobalano (STD) a baka diso ntotong kapa bosading, kapa boladu le mahlaba ha o rota. Mahloko a kenang ka thobalano ha a sa phekolwe a phahamisa menyetla ya ho tshwara HIV. O seke wa robala le mosadi ha o na le STD. E phekole! 
* Di-condomo di ho sireletsa kgahlanong le mahloko a mang a kenang ka thobalano hammoho le HIV. 
* Mahloko a kenang ka thobalano atsejwa haholo ka ho kgaolela basadi thari. 
* Ha o sebedisa condom o ka qoba HIV le mahloko a mang a kenang ka thobalano, ebile o ka ikgethela hore o batla ngwana neng. 
1. Di-condomo e ka ba monyaka 
* Batho ba bangata ba re ho sebedisa condomo ho tshwana le ho ja dipongpong le dipamapiri tse di e phuthetseng. Na ditsebi tsena tsa tahlehiso di tseba ho di sebedisa? 
* Ho kenya condomo e ka ba o mong wa karolo ya monyaka wa ho kena dikobong le mosadi. 
* Ho sebedisa condomo ho tshwana ke tsebo ya mang le mang. Ha o ntse o e sebedisa o ya ontse o tlwaela. 
* Thobalano e monate ha o sena letswalo la ho tshwara bohloko bo bolayang. 
1. Dithetefatsi le Tahi 
* Dithetefatsi le tahi di tsamaisana le dikgetsi tse ngata tsa HIV. 
* Batho ba tahilweng hangata ba lebala ho sebsdisa condom. Banna bona ba sebedisa menyetla ho basadi ba tahilweng ho robala le bona, ka condom kapa ntle le yona. Sena se ka etsahala le ka dithefatsi. 
* Dithetefatsi tse fetellang jwaloka heroin di nkuwa ka injection. Batho ba bangata ba tshwere HIV ka ho abelana dinale tsa injection le di-syringes. 
* seke wa abelana syringe le dinale le motho e mong. 
3. DIPOTSO TSEO BARUPELLI BA DI BOTSANG KA THUTO YA THOBALANO
Ho bua ka thobalano? Ho kgahlanong le moetlo wa rona!
* Bohle re robala le banna le basadi, empa bongata ba rona re rutilwe hore ke ketso e mpe e ditshila kapa e swabisang, ebang feela e sa etshale kahare ditlamo tsa lenyalo, 
* Ha re a tlwaela ho bua ka bolokolohi ka thobalano, ho utlwa ka thobalano kapa ho bua mantswe a kang ntoto kapa sepantu kapa ho hohlana. 
* Ha re a tlwaela ho bua le bana ba rona ka ditaba tsa thobalano. 
* Dintlha tsena moetlong wa rona, di re entse hore re be dihlong ka thobalano, di bile teng ka dinako tse sa tshwaneng. Ha jwale re na le phepetso e ntjha ka ho phethala ka HIV. Ke bohloko bo botjha bo neng bo le siyo ha ho rwalwa meetlo ya rona ya kgale. 
* Ho fihla ha HIV ho bolela hore re tshwanetse ho tlisa diphetoho meetlong ya rona, ebang re sa batle diphetoho tsena, ke palo e kgolo ya batho ba bannyane e tlilo shwa mme le ho rona ho ka ba jwalo. 
* Ho fetola melao ka ho buisana ka thobalano ha ho bolele ha meetlo ya rona e ilo thefuleha. Ho nale tse ngata moetlong wa rona ho feta dipuo le tshebetso ka thobalano. 
* Nnete ke hore, moetlo o dula o fetoha ka dinako tsohle. Ke tsela eo o phomella ka yona. Nahana feela ka meetlo e fetohileng haesale re le teng, le nakong tsa batswadi le batswadi ba bona. 
* Ebang re sa laole HIV/AIDS, e ilo senya botho le meetlo ya rona. 
* Re tshwanetse ho fetolela mekgwa ya botho ba rona ho thobalano le ho bua ka thobalano, hobane maphelo a baratani ba rona le balekane ba rona, bana ba rona, le bao ba leng tlhokomelong ya rona, ba itshetlehile ho yona. 
* Ho bua ka thobalano ka bolokolohi le ka boikarabelo ho bontsha ho hola. Batjha ba rona ba tla thabela boikgatatso ba rona hodima mathata a bona. 
Ha ke kgothalletse ho hloka mekgwa!
* Batswadi ba nka boikarabelo ba pele ho ruta bana se lokileng le se sa lokang, se amohelesehang le se sa amoheleseng. 
* Jwaloka barupelli, re na le boikarabelo bo boholo ho thusa ho sireletsa bophelo bo botle le maphelo a bana ba rona bao re ba rutang, le ho fa barutwana batswadi keletso tse molemo ka ho tshwana. 
* Tumelo tse ding bodumeding kam mekgwa ya thobalano di thatafatsa matsapa a rona a ho buisana ka thobalano le bana, empa re ke ke ra lesela bana ba leng tlhokomelong ya rona ho kena boemong bo bobe empa re na le tlhahiso-leseding e ka ba thusang. 
* Ha se nnet hore ha o ruta bana ka thobalano le mekgwa ya yona o tla etsa hore ba le lehala kapa ho lahlehelwa ke mekgwa. Setjhabeng sa rona le dinaheng tse ding, batho ba batjha ba qala thobalano ba sa le bannyane re rata kapa re sa rate. Thuto ya thobalano, e fanang ka tsebo le ho ruta bana tlhompho ho bona le batho ba bang, e tla ba thusa ho nka diqeto tse hlalefileng ka tsela le mekgwa ya ho itshereletsa thobalanong. 
* Ditshoso di bolele hore re tshwanetse ho lahla mekgwa ya rona. Ho hlokeha mokgwa o totobetseng. Empa o tshwanetse ho keneylletsa ho ikgalemela tabeng tsa thobalano le ho hlompa ditokelo tsa ba bang, haholo jwang balekane ba rona. E tshwanetse hape ho kenyelletsa thuto ho batjha ho hlompha ditokelo tsa ba bang. 
* Qalo e ntle ke ho lemoha hore thobalano e natefisa bophelo ebang e tsamaiswa hantle. Setswalle sa lerato ha se tshebediso ya matla. Ha se le taba ya ho batla ditokelo. Empa ke taba ya thabo e kopanetsweng le ho hlomphana. 
Ho ruta naheng eo ditokelo tsa botho di sireleditsweng
* Afrika Borwa ditokelo tsa botho di sireleditswe le ho netefatswa ke Constitution. 
* Ditokelo tsa botho ke tsa bohle, barutwana le barupelli. 
* Ditokelo di tla le boikarabelo, Hore re thabele ditokelo tsa rona tsa botho re tshwanetse ho sebedisa boikarabelo ba rona. 
* Constitution e netafatsa ditokelo tsa bolokolohi ba ho fihlella tlhahiso-leseding ka letswalo la hao, kelello, bodumedi, le maikutlo. Constitution e fana ka tshireletso e kgethehileng ho ditokelo tsa bana. E fana ka mosebetsi ho rona kaofela hore kamehla re thuse ditlhokong tsa ngwana. 
* Bana ba na le ditokelo ho behwa tlhahiso-leseding ka bophelo botle ba thobalano le thibelo ya HIV. 
* Re ka nna ra thibela barutwana ho robalana, empa barutwana ba tshwanetse ho fuwa tlhahiso-leseding e nepahetseng ka thobalano sireletsehileng mme bona ba tla inkela diqeto. 
* Tsena ke ditokelo tsa bona ho latela Constitution le bokarabelo ba rona jwaloka barupelli ho ya ka Constitution. 
Hobaneng re sa bolelle bana ho tlohela thobalano?
* Ke botle ho bua le bashemane le banana ka hore ba se robalane. Re tshwanetse hape ho hopola hor bongata ha bona hore nkela hloohong kapa ho se latele dikeletso. 
* Ho bonolo ho lebala hore baratuwa ba rona ba ne ba le bohlokwa jwang ha re sa hola. Setswalle sena se bohlokwa ka ona mokgwa oo ho batjha ba rona kajeno. Ke sesosa sa ntshetsopele le kgolo, leha ba na le dikgetho tse thata. 
* Diphuputso di bontsha hore ebang re fa batjha tlhahiso-leseding ya nnete ka thobalano, ka dikotsi tse tsamisanang lediketso tseo, le mokgwa wa ho itshireletsa, ba tla ba le hona ho ka inkela diqeto bakeng sa ho diehisa qalo ya diketso tsa thobalalano. Ebang ba na le tsebo, ebile ba bontshane ka dipotso tsena ka bolokolohi ho sena tshabo, hangata ba tla sebedisa thobalano e sireletsehileng nakong eo ba qalang setswalle sa lerato. 
* Hangata ha re hopolo potso ka mahlale a bophelo le thuto ya thobalano, ha re hopoleng hore diketekete 
* tsa batjha ba rona ba se ba qadile ho kena tshebetsong tsa thobalano le ho fumana tshwaetso ya HIV virus ba sa tsebe. Batjha ba bangata ba dumela hore ba pholohile hobane ba le bannyane. Ba nahana hore ke bonatla ho ikenya dikotsing. Ho kena dikotsing ka HIV ha se bonna kapa bohale, ke bothotho, ebile ke kotsi e kgolo bathong ba bang. 
* Bahlankana ba tsebang kapa ba ba belaelang hore ba tshwaeditswe, ba nkile diqeto tse mpe ka ho fetisisa ho tshwaetsa ba bang, ka ho ba jack-roller kapa ho ba gang-raper. 
* Re tshwanetse ho tobana le se etsahalang setjhabeng sa rona. Ho bollela batjha ba rona ho se robalane ha se karabo, empa e le feela karolo ya karabo. Bohloko ba HIV/AIDS bo re bontsha hore re tshwarahane le bothata ba mekgwa ya botho naheng ya rona. Re tshwanetse ho ruta bana ba rona le batjha ba rona ho itlhompha, ho hlompha beng-kabona, ho bontsha kutlwisiso bakeng sa ditokelo tsa banana le basadi, ho kena kaofela thusong ya botho ho ipholosa le rona kaofela. Sena se tshwanetse ho ba motheo wa mekgwa ya rona. 
* Dipuisano le batjha ka bo bona, di sututswa ke motho e motjha ya nang le tsebo, mohlomomh motho ya phelang ka HIV, e ka ba tsela e ntle ya ho ruta batho ka bohloko bona. Di-NGO's tse etsang mosebetsi ona di tshwanetse ho amohelwa dikolong le ho kgothalletswa ho thusaa. 
Ebe bana ba bannyane bakeng sa tlhahiso-leseding ya mofuta o?
* Ho tloha nakong eo ba qalang sekolo, barutwana ba hloka tlhahiso-leseding ka HIV/AIDS ba e hlahisetswa ka tsela e tshwanetseng dilemo tsa bona, moralong wa thuto tsa mahlale a bophelo. 
* Mananeo a-thuto a bile teng e bile a ntse a ntshetswapele bakeng sa dithuto tsa mahlale a bophelo bakeng sa dilemo kaofela, ho fanwa le ka thupello to thusa barupelli ho etsa jwalo. 
* Hangata re lebala hore bongata ba bana ba lemoha thobalano le ho batla ho tseba ka yona dilemong tsa bonnyane ba bona. Ke ntlha e thata hore bana ba bangata ba se ba tseba ho robalana dilemong tsa leshome le metso e mebedi. 
* Bana ba bangata ba lemha HIV/AIDS ba sa le bannyane, kaha ba tseba batho, ho kenyelletswa batswadi le masea, ba kulang kapa ba seng ba shwele. Masedinyana tletse dipale ka bohloko bona. Bana ba phatlalatsa tlhahiso-leseding ka bohloko bona mahareng a bona, ba sa natse hore ke nnete kapa tjhee. Molemo o moholo ke hore barupelli ba tshwanetse ho ikemisetsa ho fana ka tlhahiso-leseding ya nnete ka thobalano le diketso tsa thobalano le HIV/AIDS pele bana ba ithuta dintlha tse fosahetseng ka ditaba tseo ba di utlwang ka metswalle ya bona. 
4. THIBELO YA PHATLALATSO YA BOHLOKO MO DIKOLONG
Ebang dikolo tsa rona di na le barupelli le barutwana ba nang le HIV na bongata ba rona bo keke ba e tshwara?
* Kaha HIV hangata e phatlalatswa ka thobalano le ho tshwara madi a tshwaeditsweng , bongata ba rona ha re kotsing ya ho tshwara HIV nakong eo dithuto le thupello di leng tshebetsong. 
* Ho na le dikgetsi tse tsebahalang tsa phatlalatso ya HIV mo dikolong kapa dibakeng tsa thupelo nakong eo dithuto di tswetseng pele. 
Re etse eng ebang ho ba le dikotsi le ho lemala dintweng?
* Ho nale kgonahalo ya kotsi ya ho phatlalatswa ha HIV ka ho amana le madi a tshwaeditsweng. 
* Kotsi e ka laolwa ebang ho ka sebediswa thuso ya pele. 
* Molao o moholo ke hore ho sebediswe thibelo dibaka tsohle. 
Universal precautions ke eng?
* Universal precautions di bitswa tjena hobane di sebediswa ho motho ofe kapa ofe le ho mekedikedi yohle ya mmele. 
* Universal precautions di ya hlokahala hobane boemong ba ho ithuta ha ho bonolo ho tseba ya nang le HIV. 
* Kalebaka la nako e telele pakeng tsa tshwaetso ya HIV qalo ya ho kula, batho bangata ba nang le HIV dikolong ha ba na ho tsena hore ba tshwaeditswe. 
* Ka lebaka la "window period" nakong eo matshwao a tshwaetso a sa bonahaleng ditekong, le negative HIV ha e bolele hore motho ha a na HIV. 
* HIV ha se yona kotsi feela. Mahloko a mang a ka bolayang a tsebahalang Afrika Borwa, haholo jwang hepatitis B, a ka tshwarwa ho tswa lerong la mmele le tshwaeditsweng. 
* Ebang re sebedisa thibelo e tshwanang boemong bo bong le bo bong moo madi a leng teng, re tla sireletseha ho HIV le mahloko a mang a dutseng mading. 
Sekolo ka seng se batla eng bakeng sa thuso ya pele?
* Mabokosana a mabedi a thuso ya pele a tshwanetseng ho dula a na le disebediswa tse hlokehang 
* Botlolo ya bleach 
* Mekotlana e mangata ya dipolastiki tse senag masoba. 
* Nkgo ho tshela metsi 
* Ebang sekolo sa hao se sena metsi a mathang, dromo ya dilitara tse 25 ya metsi a hlwekileng e tshwanetse ho bolokwa ka dinako tsohle ho sebediswetswa maemo a qomatsi. 
Tse ka hare lebokosaneng la Thuso ya pele
* Diapara tse nne tsa di-glove tsa latex (tse pedi tsa medium le tse pedi tsa large) 
* Diapara tse nne tsa di-glove tsa rubber(tse pedi tsa medium le tse pedi tsa large) 
* Disebsdiswa tsa ho kwala maqeba, mengwapo kapa sehwa (mohl. lint kapa gauze) diplastara tse sa keneng metsi, dibolaya dikokwana-hloko mohl. (houseold bleach) dikere, cotton wool, tape e tshwarang di-dressings, tissues. 
* Mouth piece, bakeng sa ho butswella moya ka molomong wa mokudi. 
Re tshwanetse ho etsa eng ho laola dikotsi le ho lemala sekolong?
1. Ho sebe le motho ya ka bang le kamano e tobileng le madi a motho e mong kapa lero la mmele. 
* Lebokose le leng le leng la thuso ya pele le tshwanetse ho ba le di-gloves tsa rubber mme di tshwanetse ho rwalwa ka dinako tsohle ha o thusa motho ya dutlang madi kapa ho tswa mokola. 
* E mong le e mong ya hlatswang madi hodimo kapa tlase fulurung kapa maseleng le ena o tshawnetse ho rwala di-gloves. 
* Thibelo eo e tshwanetse ho latelwa le ho mekedikedi e meng ya mmeleng, ho kenyelletswa mahlatsa, masepa, boladu le moroto, leha ho se bonolo hore motho a ka tshwara HIV ho tsona. 
* Ebang di-gloves di le siyo, mekotla ya horeka ya dipolastiki e ka kenngwa matsohong, ha feela ho sena masoba ho yona mme ho nkuwe tlhokomelo hore madi kapa metsia hlatswang ha a fetela ka hare. 
* Barutwana bohle ba tshwanetse ho rutwaho se tshware madi le maqeba mme ba kope thuso ho tswa ho morupelli ha ho nale ho lemala kapaho dutla ha nko. 
2. Emisa ho dutla kapele kamoo ho kgonehang 
* Ebang mosebetsi-mmoho kapa morutwana ar dutla, kgato ya pele ke ho leka ho emisa ho dutla kaho kenya kgatello hodima sebaka ka towel e ka bang haufu le moo. 
* Ha feela ya tswileng kotsi a akgehile kapa a lemetse haholo, ba tshwanetse ho thuswa ho etsa sena ka bo bona. 
* Ebang ho na le ya tswang mokola ba tshwanetse ho mo bontsha ho beha letsoho ka hodima nko ya hae ka boyena. 
2. Ho hlwekisa maqeba 
* Hang feela ha ho dutla ho emisitse, batho ba lemetseng ba tshwanetse ho thuswa ho hlatswa maqeba a bona ka metsi a hlwekileng a nang le sebolaya dikokwana-hloko, ha se leteng. Ha se le siyo, sebedisa bleach e tswakantsweng le metsi (1 part bleach, 9 parts water) 
* Maqeba jwale a tshwanetse ho kwahelwa ka dressing e sa keneng metsi kapa plastara. 
* Barutwana le barupelli ba tshwanetse ho boloka maqeba, diso, kapa letlalo le sehilweng a kwahetswe ka dinako tsohle. 
2. Taolo ya ho tshwara madi a motho e mong ka phoso, kapa kopana le ona ankong ya ho lemala 
* Matlalo a tshetsweng ke madi a tshwanetse ho hlwekiswa ka pele. 
* A tshawnetse ho hlatsuwa ka metsi a mathang. Ha seo se le siyo, metsi a hlwekileng a tshelwe hodima letlalo le hlatsuwang ho tswa nkgong. 
* Ha sebolaya dikokwana-hloko se le teng, sebaka se lemetseng se tshanetse ho hlwekiswa ka sona. Ebang se le siyo sebedisa bleach e tswakantsweng le metsi (1 part bleach, 9 parts water). 
* Ebang madi a tsholohetse sefahlehong, haholo mahlong kapa dinkong le molomong, tsena di tshwanetse ho tsokotswa ka metsi a mathang bakeng sa metsotso e meraro. 
2. Ho hlwekisa dibaka tse silafaditsweng le disebediswa tse ding 
* Dibaka tse silafaditsweng kapa di-fuluru di tshwanetse ho hlwekiswa ka bleach (1 part bleach, 9 parts water). 
* Dibandage le masela a kgamathetseng madi a tshwanetse ho kwallwa kahara mokotla wa polastiki le ho tjheswa ho fihlella e ba molora kapa ho romelwa femeng e lahalang ditshila. 
* Disebediswa tse silafetseng kapa equipment e tshwanetse ho hlatsuwa, le ho kenngwa kahara bleach bakeng sa hora e ntoo omiswa. 
* Netefatsa hore di-bathrooms le ditoilete di hlwekile, ha dina-dikokwanahloko ebile ha ho letho le tsholohetseng fatshe. 
2. Ho lahluwa ha ditowel tsa ditshila tsa sesadi le ditampons. 
Sekolo ka seng se tshwanetse ho netefatsa hore ditlhophiso di motjheng bakeng sa ho lahla ditowel tsa ditshila tsa sesadi le ditampons. Kaofela mesuwetsana le barutwana ba batshehadi ba tshwanetse ho tseba ka ditlhophiso hore ho se be le motho ya ka fihlellang dintho tsena.
Re reng ka ketsahalo tse bohloko jwaloka, rape le ho hlajwa 
nakong ena ya kotsi ya HIV
* Kotsi ya ho phatlalatsa HIV e hodimo haholo ntlhweng ya rape, ho hlajwa ke nale kapa lehare moo batho ba leng ba leng bangata. 
* Mosadi ya reipiwang o tshwanetse ho fuwa tshehetso ya kapele le ho kgothatswa nakong ya mahlomola. O tshwanetse ho kopjwa hore a se hlape kapa ho hlobola diaprao tsa hae (hobane bopaki ba rape bo tshwanetse ho bolokelwa diphuputso tsa bongaka le sepolesa). O tshwanetse ho iswa hang ho District Surgeon kapa sebakeng sa bongaka moo a ka thibelwang ho ka ithwala, le seteisheneng sa mapolesa hore a etse statemente le ho tlaleha. O tshwanetse ho hlophisetswa ho fumantshwa dikeletso le thusa tsa profeshinale. 
* Bakeng sa ho hlajwa kapa ho amana le letlalo le la motho ya nang le tshwaetso ya HIV, sebedisa thuso ya pele kapele. Ho hlajwa ho tshwanetse ho tlalehwa sepoleseng. 
* Diketsahalong tsena kaofela batho ba tshwanetse ho iswa sebakeng se tshwanetseng sa bongaka ho ya eletswa ka kotsi ya ho ka tshwara HIV, batswadi le bahlokomedi ba bona ba tshwanetse ho tsebiswa ka potlako. 
* Dithetefatsi di ya fumaneha ho bahwebi tse ka fokotsang kotsi ya motho ya senang HIV ho se tshware tshwaetso ho motho ya tshwaeditsweng ebang a reipilwe kapa a hlajuwe. Tshebetso ya dithefatsi maemong ana ha eso pakiwe. Ha di fumanehe dipetleleng tsa setjhaba. Mang kapa mang ya kotsing ya ho tshwarwa ke HIV mme a na le tjhelete ya dithetefatsi a ka ikgethela ho di sebedisa. Qeto ka tshebediso ya dithetefatsi tsena e tshwanetse ho nkuwa kapele hobane di nkuwa di sebetsa kapele kamora ho hlahiswa. 
Re thibela jwang phatlalatso ya HIV nakong tsa dipapadi?
* Dikotsi tsa ho ka phatlalatsa HIV kapele ke tsa nakong ya dipapadi moo batho ba thulanang le ho lematsana. Lemona kotsi e nnyane haholo ebang melao e latelang e ka latelwa. 
* Lebokosana la thuso ya pele le nang le di-gloves tsa rubber le tshawnetse ho bateng ka dinako tsohle ha ho bapalwa. 
* Ho se be le motho ya nkang karolo dipapading ka maqeba a sa kwalwang kapa ho lemala namemg. 
* Ebang motho a fumana ho ngapeha kapa a lemala nakong eo ho ntseng ho bapalwa, sebapadi se tswileng kotsi se tshwanetse ho ntshetswa kantle, se fumane thuso ya pele ebe se dumellwa ho kgutle ha feela leqeba le hlwekile ebile le kwahetswe. 
* Masela a tletseng madi a tshwanetse ho tloswa. 
* Barupelli le barutwana ba nang le HIV ba eletswa sa pele ho busana le ngaka ka kotsi ya maphelo a bonal le ho pahatlalatswa ho ka bang teng nakong ya dipapadi. 
Setswalle sa lerato dikolong
* Dikolong tse nang le di-hostele ho na le kgonahalo ya hore barutwana ba bang ba tla theha setswalle sa lerato kahara jarete ya sekolo, holekgahlanong kapa ho se kgahlanong le molao. 
* Dikeletso le counselling, di kenyeletsa dipuisano tsa dihlopha ho ka setswalle, ke tsa bohlokwa haholo boemong bona. 
* Di-condomo di tshwanetse ho tholahala ha bonolo ho barutwana ba ratang thobalano. 
* Barutwana ba tshwanetse ho eletswa hore hobaneng di sebediswa le hore di hlekwa ka mokgwa o jwang. 
Setswalle sa lerato pakeng tsa barupelli le barutwana ha se molaong
* Barupelli ha ba tshwanela ho ba le setswalle sa lerato le barutwana. Sena se kgahlanong le molao, leha ebe morutwana o dumetse. Ketsahalo eo e ke tlolo ya molao wa boitshwaro bakeng sa barupelli, ba leng boemong ba botshepuwa. 
* Mehato e matla e tla nkuwa kgahlanong le morupelli e emong le e mong ya ka robalang le morutwana. 
* Thobalano e batlwang ke morupelli ntle le tumello, ke rape, eo e leng molato o moholo, le hore morupelli a ka qoswa. Ebang morupelli a rbale le ngwanana kapa moshemane ya katlasa dilemo tse 16, yena o tlaqoswa ka statutory rape mme o tla fumantshwa kotlo kapa ho hlola tjhankaneng bophelo bohle. 
* Ebang o tseba mosebetsi -mmoho ya nange le setswalle sa lerato le morutwana o mo tlalehe ho mosuwe-hlooho kapa setho se ka hodimo sa lefapha la thuto, ebang moshemane kapa ngwanana a le katlasa dilemo tse 16, mo tlalehe sepoleseng. Ebang o sa etse jwale wena o ka na wa qoswa ka ho thusa ho ntshetsa ketsahalong eo. 
Re reng ka mahloko a mang? Nare keke ra a fumana bathong ba HIV?
* Kaha immune system ya bona e senyehile, batho ba bangata ba nang le HIV ba kotsing e kgolo ya ho tshwara mahloko a hao ho feta wena o tshwara a bona. 
* Ha ho jwalo ka TB. Mang kapa mang ya nang le TB o tshwanetse ho eletswa ho batla thuso ya bongaka le ho kgutle sekolong kapa sebakeng sa thupelo feela kamaora keletso ya ngaka. 
* Na ho nale boemo moo batho ba HIV ba ka tloswang sekolong?
* Ebang motho wa HIV a ba le ho dutla ho sa laoleheng kapa maqeba a sa folengho ka hlokahal hore a ntshiwe ho fihlela mathata a hae a rarollwa. 
* Ebang motho antsha mokgwa wa kgalefo ya matla le thobalano, ho tla tshwaneleha ho nka dikgato tse tshwanetseng ho ya ka keletso tsa bongaka, le molao wa taolo ya boitshwaro ho barutwana, tlhompho ya ditokelo tsa bohle ba amehang, le molao. 
5. HO HAHA BOEMO BA HO AMOHELA LE MOKGWA WA HO SE KGETHOLLE
HIV/AIDS e tla re tshwara kaofela
* Leha re leka ho qoba ho tshwarwa ke HIV, ke ba mmalwa feela bao e ke keng ya ba tshwara. 
* Bongata ba rona re ilo lahlehelwa ke batho ba bo rona le metshwalle ka lebaka la HIV. 
* Kaofela re ilo pata bafu ba bangata le ho batla hore basebetsi-mmoho ba utlwisise ha ho behwa mosebetsi o mong kahodima rona kapa re tshwanetse ho ya mahae ka lebaka la mafu. 
* Bao re ka tshwarwang ke HIV re tla lemoha hore qetellong re ya kula le ho hloka nako e telele ya sick leave. Basebetsi-mmoho ba rona ba phetseng hantle ba tla tshwanelwa ke ho utlwisisa le ho ntshtsa mosebetsi wa rona pele. 
* Re tla fumana hape hore re na le barutwana ba nang le HIV/AIDS ka diphaposing tsa rona mme ba tla hloka thuso e kgthehileng h ba kula. Ho tla ha bona sekolong ho ilo ameha, mme ba ilo lahlehelwa hape ke mamello le ho kgutla moraho dithutong tsa bona. Ba tshwanetse ho fumana thuso e itseng, ho kenyeletswa le monyetla wa ko etsetsa mosebetsi wa bona wa sekolo ko hae. Moo ho kgonehang teng sekolo se hlophise maeto a ho ya ba bona ba le hae. 
HO PHELA KA HIV/AIDS
* Barupelli le Barutwana ba nang le HIVba tshwanetse ho phela bophelo bo feletseng. 
* Ha ba tshwanela ho tingwa menyetla ya ho thola thuto kapa mosebetsi jwaloka barupelli ha fela ba kgona ho ka etsa jwalo. 
* Kaha tshwaetso ya bona ya HIV e sa ba behe ka kotsing hakalo le ho ba bang dikolong kapa dibakeng tsa thupelo, ha feela ho latelwa mehato ya thibelo e hlokahalang, ha ho lebaka la ho tima barupelli ba tshwaeditsweng le barutwana ditokelo tse tshwanang le tsa ba bang. 
Ho sebetsana le tlhoriso
* Kgato efeng kapa e feng e nkuwang mabapi le morutwana kapa morupelli ya nang le HIV e tshwanetse ho kgahlisa le ho bontshwa ke dintlha tsa bongaka, mabaka ao ho dumelanweng ka ona pakeng tsa sekolo le sebaka sa thupelo le thatong ya motho ya tshwerweng ke HIV le tsa ba bang. 
* Barupelli ba hloka ho dula ba butse mahlo bakeng sa mathat a ka bang teng a ho ba kgetholla dikolong ba tshwanetse ho nka mehato ho rarolla bothata bo ka bang teng, le ho sebetsana le bahlohleletsi. 
* Tlhoriso e itshetlhile hodima tshabo le ho se kgathallwe. Tsela ya kapele ho fokota ditshoso tse jwalo ke ka ho abelana tlhahiso-leseding e halhellang tokomaneng ena le barutwana hore ba tle ba utlwisisedintlha tsa bongaka ka HIV le hore e phatlalatswa jwang le hore ba tsebe hoka itshireletsa. 
Ho hana ho bala le motho ya nang le HIV/AIDS, kapa ho hana ho 
ruta kapa ho rutwa ke motho ya jwalo
* Barutwana kapa barupelli ba hanang ho ithuta le kapa ho ruta kap ho rutwa ke motho ya nang le HIV/AIDS o tshwanetse ho eletswa. 
* Bothata bo tshwanetse ho rarollwa ke mosuwe-hlooho, barupelli, ebang ho kganahala, school governing body kapa lekgotla la sebaka sa thupelo ho latela molao naha o hodima HIV/AIDS wa lefapha la Thuto. 
Dikgutsana
* Barutwana ba bangata e tla ba dikgutsana kapa ho lahlehelwa ke ba malapa a bona le ho hloka thuso ya maikutlo le tataiso ho tswa ho barupelli. 
* Barutwana bao e leng dikgutsana ba tla thulana le mathata a ditjhelete le ho ba le bothata ka tefo ya sekolo, uniforomo le dibuka. 
* Dikgautsana tse ding di hodisa masea a habo bona. Ba ka nna ba nka sebaka sa hoba hlooho ya lehae, leha ba le bannyane le ho hloka thuso. 
* Le bona ka bo bona e ka ya eba ba na le tshwaetso, kapa ba hlokomela ba bang ba tshwaeditsweng ebile ba kula. 
* Barupelli ba tshwanetse ho lemoha hore barutwana bao e leng dikgutsana ka lebaka la AIDS ba ka tobana le tlhoriso le ho nyhlatswa ke batho ba tshwanetseng ho ba bathusi ba bona. 
* Dikolo di tla hloka ho ntshetsapele melao ho tataisa diketso tsa barupelli ba belaelang diketso tseo, jwalokaha ba etsa ha ba lemoha mefuta e meng ya tlhekefetso ya bana. 
Diteko tsa HIV dikolong le ho tsebiswa ka boemo ba HIV
* Molao ha o dumele hore barutwana kapa barupelli (kapa mosebetsi ofe kapa ofe) ho qobellwa ho kenela diteko HIV. 
* Bonnete ke hore tsebiso ka ho ithaopa ha morutwana kapa morupelli ka boemo ba hae ba HIV e tshwanetse ho amohelwa. 
* Barupelli ba fuwang tlhahiso-leseding jwalo ba tshwanetse ho e etsa lekunutu le ho netefatsa hore ha hona kegthollo kamora seo. 
* Tlhahiso-leseding ka boemo ba HIV ba morutwana e ka tsebiswa feela ke morupelli ho motho e mong ka tumello e ngotsweng fatshe ya morutwana (ebang a le kahodima dilemo tse 14) kapa batswadi ba hae. 
Molao wa sekolo ka HIV/AIDS
* Dikolo le dibaka tsa thupelo di tshwanetse ho rala melao ya tsona ka HIV/AIDS, e le hore ba kenye tshebetsong tataiso tsena tsa naha. Molawana oo o tshwanetse ho tsamaisana le Constitution le molao. Molao wa sekolo ha wa tshwanela ho thulana le molao wa naha, kapa tataiso e bukaneng ena. 
* Sekolo se na le boikarabelo ba ho ba setsha sa tlhahiso-leseding le tshehetso ka HIV/AIDS setjhabeng seo se le ng ho sona. Dibapadi tse ka sehloohong ho tswa setjhabeng ka bophara, ho fana ka mohlala ke baetapele ba bodumedi kapa baetapele ba setso, basebeletsi ba bophelo bo botle sebakeng seo kapa dingaka tsa setso , ba tshwanetse ho mengwa ho tla nka karolo ho tla ntshetsapele molao wa sekolo. 
* Ebang ditlhoko kaofela di le teng, sekolo se ka rata ho theha Komiti ya boeletsi ya bophelo botle. Ena e tla ba komiti ya ya tsamaiso. Ditho tsa yona di tshwanetse ho kenya mesuwe, batswadi, barutwana le di-profeshinale bophelong bobotle. Modula setulo e tla ba motho ya nang le tsebo e tletseng ya bophelo bo botle. Komiti e tshwanetse ho eletsa governing body ka ho kenngwa tshebetsong ha tataiso ena. E tshwanetse ho theha malo wa sekolo wa HIV le ho disa ho kenngwa ha ona tshebetsong, haholo jwang thibelo ya HIV. 
* Molao wa sekolo o tshwanetse ho kgema le dinako tsa tlhahiso-leseding ya saense ha di qala ho ba teng, ho kenyeletswa keletso ho tswa ho batsamaisi ba provinsi le ba naha ba lefapha la thuot ya bophelo bo botle. 
Ho fokotsa kotsi ya ho phatlaetsa bohloko batho ba nang le HIV/AIDS
* Mahloko a nyatsehang ho motho ya phetseng hantle a ka ba kotsi ho batho ba bang le ho bolaya ebang a tshwara motho ya nang le AIDS. 
* Barutwana le barupelli ba nang le mahloko a tshwaetsanang ho kenyeletswa, measles, mumps, German measles, chicken poxle whooping cough ba tshanetse ho bona ngaka le ho dula hae ho fihlela ba fodile. 
* Dikolo di tshwanetse ho tsebisa batswadi ka molao ona le kgothalletsa hore bana bohle ba entilwe. 
Tshehetso ya barutwana ba kulang
* Barutwana le di-studente di tshwanetse ho kena diphaposing tsa ho rutela ho latela ditlhoko tsa molao ha fela ba ntse ba kgona ho sebetsa hantle le ho se kenye barutwana bang kotsing ya ho kula sekolong kapa sekakeng sa thupelo. 
* Sekolo ka seng se nang le di facilities se tshwanetse ho ba le sebaka moo barutwana le barupelli ba sa ikutlwing antle ba ka kgonang ho phomola ha nakwana. Sena se tla etsa hore barutwana ba kulang ba dule sekolong nako e telele. 
* Ebang nakong eo ba kulang ka yona ba kenya bana bang kotsi ya bohloko, ba tshwanetswe ho dumella ho ithuta ba le hae le mosebetsi wa ho ba rupella o tshwanetse o hlophiswe. Moo hokgonahalang, batswadi ba tshwanetsde ho ba ruta ba le hae. 
* Barutwana bang ba nang le HIV/AIDS ba ka ba le mathata a ho nahana le ho fapana hlooho. Barutwana bao ba tshwanetse hlahlobisiswa mme ha ho kgaonahala ba kenngwe dibakeng tsa thuto tse ikgethileng bakeng sa barutwana ba ditlhoko tse ikgethileng. 
* Mesebetsi ya tlatsetso lenaneng la tsamaiso ya dithuto tsa sekolo le ka ba boima haholo ho barutwana ba nang le HIV. Barupelli ba tshwanetse ho hlokomela sena le ho suthisa barutwana ebang ho kganahala. 
* Meriana hangata e tshwanetse ho nkuwa ka dinako tse behilweng hore e tle e sebetse hantle. Barupelli ba tshwanetse hoi tseba ka taba ena le ho dumela barutwana ba nang le HIV ho ya nwa meriano ya bona ha nako e fihlile. 
* Dikolo di tshwanetse ho thusa barutwana ba nang le HIV ho theha dihlopha tsa tshehetso kapa ho ikamahanya le tse setjhabeng. 
Tshehetso ho basebetsi-mmoho ba kulang
* Barupelli le basebetsi ba bang ba hlaselwang ke mahloko a tsamaelanang le AIDS ba hloka kutlwisiso ya basetsi-mmmoho le bona. 
* Ka bongata ba tla hloka matsatsi a ho phomola kapa ho fellwa ke matla nakong ya mosebetsi le ho batla ho ka botha hannyane. 
* Nakong tsena tsohle, basebetsi ba bang ba tla tshwanelwa ke ho ntshtsa mosebetsi wa bona pele mme sena se tla ama mosebetsi wa bona le maphelo a bona. 
* Sekgahla sa bohloko ba HIV se phahame haholo naheng, mme ho fihlela re latela metjha ya ho sireletsa thobalano, dintho tsena di ilo theha karolo ya nnete e ntjha eo ka yona re tshwanetsweng ho phela. 
* Barupelli hangata ba bona ba bolaiswa mosebetsi mme ho ba thata ho bona ho ka etsa mosebetsi o mong hape. Maikutlo a na a utlwala. Qomatsi ena e iketsetsa dikopo tsa yona ho Ma-Afrika Borwa ohle. Mohlomong re tshwanetse ho hopola hore ka lelng la matsatsi basebetsi-mmoho le rona baphetseng hantle ba tla tshwanelwa ke ho re etsetsa mosebetsi, ebang re itshireletse kgahlanong le tshwaetso. 
"Karolo ya bohlokwa mosebetsing waka ke ho ruta batho ho amohela, ho rata le ho tshehetsa bao ba nang le HIV, hore re se ke ra ipata kapa ho thola. Ha re ntse re ipata, ke moo re utlwang kgatello, ha rentse re kula re phakisa ho shwa." Valencia Mofokeng mohlolahadi ya HIV positive, mme le moetapele wa Orange Farm Anti-Aids Club's support group ya batho ba phelang ka HIV/AIDS, a le Reconstruct, 7 Pudungwana 1999
6. KGOELETSO YA TSHEBEDISANO-MMOHO KGAHLANONG LE AIDS
KA 
MO-PRESIDENTE THABO MBEKI
Kgoeletso
"HIV/AIDS e hara rona. E teng. E ya phatlalla. Re ka hlola feela kgahlanong le HIV/AIDS ha re ka kopanya matsoho ho pholosa setjhaba sa rona.
"Ke nako e telele re kwetse mahlo a rona re le setjhaba. Ke dilemo tse ngata, re tloheletse virus ena ho phatlalla naheng ya rona ka sekgahla se fetang sa lefatshe ka bophara. Letsatsi ka leng ke batho ba 1500 Afrika Borwa ba fumanang tshwaetso. Ho fihlela jwale, batho ba fetang dimillione tse tharo ba se ba tshwaeditswe. 
Kotsi e teng
"Ba bangata hape ba shebane le kotsi ya ho tshwaetswa ke HIV/AIDS. Kaha e buellwa le ho rwalwa ke batho ba bang, e na le rona dibakeng tsa mesebetsi, diphaposing tsa ho rutela le di-holong tsa borupelli. E teng le dikopanong tsa dikerekeng tsa rona le dibakeng tse ding tsa bodumedi. HIV/AIDS e tsamaisana le rona. E hahlaula le rona hohle moo re yang. E teng le ha re le dipapading. E teng ha re bina le ho tantsha.
"Bongata ba rona re ne re llela dikgutsana tse senang batho ba di hlokomelang. Re utlwile AIDS ka seboko maphelong a senyehang. Re ile ra e jara ka makase a mannyane le a maholo ho ya mabitleng a mangata. Nakong e nngwe re ne re sa tsebe hore re boloka batho ba bolailweng ke AIDS. Ka dinako tse ding re ne re tseba, empa re ikgethela ho thola.
"Empa ha ho fihla nako ya hore e mong le e mong wa rona inkele qeto ya ho itshireletsa, re fetoha diphofu tsa ho qeaqea le ho ba le dikgopolo tse fosahetseng. Re nahana hore HIV/AIDS ke bothata ba motho e mong.
Ho fetola tsela ya bophelo ba rona
"HIV/AIDS ha se bothata ba motho e mong, Ke bothata ba ka. Ke bothata ba hao. Ka ho e dumella ho phatlalla, re ipeha kotsing ya hore halofo ya batjha ba rona ha ena ho fihlela dilemo tsa boholo. Thuto ya bona e ilo senyeha. Moruo o tla phuhlama. Ho tla ba le palo e kgolo ya batho ba kulang, mme ba phetseng hantle ba tla hloleha ho ka ba hlokomela. Ditoro tsa rona jwaloka batho di tla fetoha lefeela.
"HIV/AIDS e phatlalatswa haholo ka thobalano. O na le ditokelo tsa ho phela bophelo ba hao kamoo o ratang. Empa ke ipiletsa ho lona batjha ba rona, ba emetseng bokamoso ba naha ya rona, ho ikgula mekgweng ya thobalano ho sa ntse ho kgonahala. Ha o nka qeto ya ho kena tshebetsong ya thobalano, sebedisa condom. Ka ona mokgwa ona ke, ke ipiletsa ho banna le basadi ho ba le botshepehi ho beng ka bona, ebang ho se jwalo ba sebedise di-condom.
Tshebedisano-mmoho
"Matla a ho hlola phatlalatso ya HIV/AIDS a mahetleng a tshebedisano-mmoho ya rona; jwaloka batjha, basadi le banna, batho ba kgwebo, badumedi, batswadi le mesuwe, boramapolasi le basebetsi ba mapolasing, ba sa sebetseng le diprofeshinale, barui le bahloki - e re ke re rona kaofela.
"Kajeno, re kopanya matsoho ka tshebedisano-mmoho e kgahlanong le HIV/AIDS, mmoho re itlama ho phatlatsa molaetsa!
"Letsatsi le letsatsi, bosiu le bosiu - hohle moo re leng teng - re tla etsa hore ba malapa, a rona, metswalle le beng ka rona ba tsebe hore ba ka ipholosa le ho pholosa setjhaba, ka ho fetola mokgwa o re phelang ka ona - le tsela eo re ratanang ka yona. Re tla sebedisa monyetla o mong le o mong ka bolokolohi ho buisana ka qaka ya HIV/AIDS. Jwaloka basebetsi-mmoho kgahlanong le AIDS hammoho re itlama ho kgathalla!
"Re tla sebetsa mmoho ho hlokomela bao ba phelang ka HIV/AIDS le bana ba fetohileng dikgutsana ka lebaka la AIDS. Ba se ke ba kgethollwa leha e le ka tsela e jwang. Ba ka phela bophelo bo tswetseng pele ka dilemo tse ngata. Ke batho jwaloka nna le wena.
"Ha re thusana, re haha botho ba rona, mme ha re ikgopotsa seo, jwaloka bona e mong le e mong wa rona a ka fumana tshwaetso.
"Jwaloka basebetsi-mmoho kgahlanong le AIDS, hammoho re itlama ho sebedisa tsohle tseo re nang le tsona le ho sebedisa dikelello ka matla!
"Ha hona pheko bakeng sa HIV le AIDS. Ha ho letho le ka fedisang tshwaetso ntle le mekgwa ya rona. Re tla sebetsa mmoho ho tshehetsa dibaka tsa bongaka ho fuputsa moriana le pheko. Re tla sebedisa mawala ohle a ka fumanenhang ho ka phatlalatsa moletsa wa thibelo, ho fana ka tshehetso ho ba tshwaeditsweng le ho thefuleha, ho hlola HIV le AIDS le ho tswela pele ho fuputsa tharollo ya bongaka.
"Leha kajeno re kopanya matsoho ka tshebedisano-mmoho, re etsa sena re tshepile hore kopano ya rona ke matla a rona. Kgato e re e nkang kajeno e bonolo, tshebetso ya yona ke Insuarance ya bokamoso ba naha ya rona.
"Ho le jwalo re itlama ka hore hohle moo re kopanang teng ho ithuta, ho sebetsa, ho bina, ho bapala le ho thabelana, re tla itshireletsa le balekane ba rona kgahlanong le HIV/AIDS. Mmoho re le balekane kgahlanong le HIV/AIDS re tla kgona ebile re tla hlola.
"...Ha ho na nako e nngwe, ntle le hona jwale ho nka dikgato. Ke leboha mamello ya lona le ho le kopa ho QALA HONA JWALE!"
Puo e lebisitsweng setjhabeng ka Motlatsa-President wa mehleng Thabo Mbeki, 9 October 1998, boemong ba Mo-Presidente wa mehleng Nelson Mandela.
 O R A H E A L T H Y N A T I O N
February 2002
Ho bebofatswa ha leano la
tlhwekiso ya motheo ya
matlwana malapeng
Ho bebofatswa ha leano la
tlhwekiso ya motheo ya
matlwana malapeng
Tlhwekiso ya matlwana ke eng, mme ke hobaneng e le ya bohlokwa?
Ke ma-Afrika Borwa a dimilione tse 18 (malapeng a dimilione tse 3) ao ha jwale a sa kgoneng ho fihlella tlhwekiso ya motheo ya matlwana.
Ho akangwa hore ke 15% tsa ditleleniki le 11.7% tsa dikolo tse se nang tlhwekiso ya matlwana. Dikolo tse ding tse ngata di sebedisa
matlwana a mekoti a sa lekanang, a ditshila le a sa bolokehang. Tsena kaofela di bopa kotsi ya tsa bophelo bo botle e ka nnang ya
qhoma neng kapa neng. Kahoo he, mmuso o tla tshehetsa baahi ka hore o be o fedisitse tshallo morao ena ya kgaello ya tlhwekiso ya
matlwana ha selemo sa 2010 se fihla.
Ebe 'tlhwekiso ya matlwana' e bolelang?
Tlhwekiso ya matlwana e bolela ho bokellwa le ho lahlwa - ka mokgwa wa tlhweko - ha tshila, ho kenyeletswa mantle a batho, tshila ya
ka lapeng, metsi le matlakala. Ha sena se sa etswe, sebaka se re potapotileng se a silafala mme batho ba a kula. Afrika Borwa e se e
na le diketsahalo tse milione le halofo tsa letshollo (ho mathiswa ke mala) selemo ka seng baneng ba ka tlasa dilemo tse 5, ekasita le
ho qhoma ha lefu la kholera. Sena se tshwanetse ho tsamaisana le ditlwaelo tse lokileng tsa boitshwaro bo nang le tlhweko.
Hobaneng re na le bothata?
Bothata ba Afrika Borwa ba tlhwekiso ya matlwana bo na le disosa tse pedi tse ka sehloohong:
 tlhweko e fokolang (batho ba bangata ha ba elellwe hore ho hlokahala hore ba hlape matsoho ka mora ho ithoma
kapa ho tjhentjha maleire, mme ba bangata ba nahana hore ho lokile ho ithoma thoteng).
 kgaello ya popeotheo (ha ho na matlwana mme ha ho na metsi bakeng sa ho hlapa matsoho).
Tharollo ke eng?
Ho fumantsha batho matlwana a ntlafetseng ke karolo e le nngwe ya tharollo. Ka nako e tshwanang, baahi ba tshwanetse ho ba le tsebo
e ntlafetseng ya ditaba tsa bophelo bo botle, tlhweko e ntlafetseng le seabo sa baahi mananeong a tlhwekiso ya matlwana.
Ebe ke maemo afe a motheo a amohelehang a tlhwekiso ya matlwana?
 Tlhweko e lokileng e jwalo ka ho boloka matlwana a hlwekile le ho hlapa matsoho ka mora ho sebetsa ka tshila kapa ha o hlaha
ntlwaneng
 Mokgwatshebetso wa ho lahla mantle a batho, tshila, metsi le matlakala, o theko e fihlellehang, o ka hlokomelwang ha bobebe, o
bolokehileng le o amohelehang ho tsa tikoloho
 Ntlwana e kgotsofatsang bakeng sa lelapa ka leng
Ebe ke eng e tla fihlellwang ke leano la tlhwekiso ya motheo ya matlwana malapeng?
Mmuso o na le boikarabelo ba molao wa motheo ba ho netefatsa hore ma-Afrika Borwa ohle a fihlella tlhwekiso e lekaneng ya matlwana.
Kahoo he, leano lena le tla tsepamisetsa ho faneng ka tlhwekiso e lekaneng ya matlwana bakeng sa malapa, dikolo le ditleleniki, ho
ntlafatsa pokello le ho lahlwa ha tshila ya malapeng, le ho ruta setjhaba ka tlhweko.
Mmuso o rerile ho tlisa phumantsho e ntlafaditsweng ya ditshebeletso ka ho tshehetsa baahi ka ho fana le ho sebedisa ditshebeletso
tsa tlhwekiso ya matlwana e ka bolokwang e tswela pele (tse theko e fihlellehang, tse tsamaiswang ke setjhaba). Dibaka tse ka sehloohong
tseo ho tla tsepamisetswa ho tsona di tla kenyeletsa dibaka tsa mahae, tse batlang e le tsa ditoropo le dibaka tsa mekhukhu, moo tlhoko
e leng kgolo ka ho fetisisa.
Tlhwekiso ya matlwana ke ntho ya bohlokwa-hlokwa ho bophelo bo botle ba setjhaba. Hore ho fihlellwe tlhwekiso e ntle ya matlwana,
ho hlokahala hore taba ena e be karolo ya letsholo le akaretsang la ntshetsopele. Kahoo he, leano lena ke le leng feela la mananeo a
mangata a ntshetsopele a kgothaletswang ke mmuso. Katleho hape e itshetlehile tshehetsong ya baahi. Bokgoni ba tlhwekiso ya
matlwana bo tshwanetse ho thehwa ho setjhaba hore baahi ba kgone ho matlafatswa ho ka ba le seabo lenaneong la naha la tlhwekiso
ya matlwana.
Mananeo a tlhwekiso ya matlwana a tla ntlafatsa mathata a kahisano le a semoya a tsamaisanang le tlhwekiso e fokolang ya matlwana.
Kgaello ya dibaka tsa matlwana, matlwana a hole le malapa, dibaka tsa bohle tse sa lekanang, ho lahlwa ho sa lekanang ha tshila le
ditlwaelo tse ding tsa tlhwekiso e fokolang ya matlwana di ba le sephetho sa hore batho ba lahlehelwe ke boinotshi le seriti, kgahlamelo
e mpe le dikotsi tse eketsehileng tse ka hlahang polokehong ya motho ka boyena.
Hobaneng ha tlhwekiso ya matlwana e le ya bohlokwa?
Tlhwekiso ya matlwana ke ntho ya bohlokwa-hlokwa bakeng sa bophelo bo botle. Mathata a bophelo bo botle a tsamaisanang le tlhwekiso
e fokolang ya matlwana a kenyeletsa letshollo, letshollo le lefubedu (dysentery), feberu ya mala (typhoid), kholera, malaria, bilhazia, ho
tshwaetswa ke manyowa, ditshwaetso tsa mahlo, mafu a letlalo le keketseho ya ditshwaetso ho batho ba nang le HIV. Tlhwekiso ya
matlwana e lokileng e lebisa tebellong ya bophelo bo bolelele.
Tlhwekiso ya matlwana e boetse ke ya bohlokwa-hlokwa bakeng sa kaho ya leruo. Melemo ya moruo ya tlhwekiso e ntlafetseng ya
matlwana e kenyeletsa dipaballo ho ditjeo tsa bophelo bo botle, tlhahiso e phahameng ka basebetsi, ho kena sekolo ho ntlafetseng,
bohahlaodi bo ntlafetseng le ditjeo tse fokotsehileng tsa ho sebetswa ha metsi. (Mohlodi: White Paper on Basic Household Sanitation)
Ke mang ya nang le boikarabelo ba tlhwekiso e betere ya matlwana?
Ntlafatso ya tlhwekiso ya matlwana ke morwalo wa e mong le e mong. Ba amehang ba kenyeletsa baahi le malapa (ke bona ba ka pele-pele),
boradikonteraka ba sebetsang ka hara setjhaba, mmuso wa bomasepala, wa diprofensi le wa naha, mokga wa poraevete le mekgatlo e seng ya mmuso
(NGOs).
Maikarabelo a semolaotheo:
 Bomasepala ba tshwanetse ho etsa hore ditshebeletso tsa motheo di fihlellehe, ho kenyeletswa le tlhwekiso ya matlwana
 Mmuso wa naha le wa diprofensi e tshwanetse ho tshehetsa bomasepala ka melao le mehato e meng
Seabo le maikarabelo
Malapa le baahi
Tlhwekiso e lokileng ya matlwana e qala ka lapeng. Malapa le baahi ba na le boikarabelo sa pele-pele bakeng sa bophelo ba bona bo botle, tikoloho e
hlwekileng le tlhwekiso e ntlafetseng ya matlwana. Ditlwaelo tse fosahetseng tsa tlhweko di ka bea ka mosing bophelo ba bona bo botle le bophelo bo
botle ba baahi le ba setjhaba. Mehato ena e latelang e ka nkuwa ho ntlafatsa ditlwaelo tsa tlhweko:
 Ho hlapa matsoho ka mora ho sebedisa ntlwana, pele o tshwarana le dijo le ka mora ho tjhentjha maleire a masea.
 Ho phatlalatsa molaetsa wa tlhweko e lokileng le bohlokwa ba tlhwekiso ya matlwana.
 Ho tlaleha mekgwa e fosahetseng ya tlhwekiso ya matlwana le dikotsi tse ka hlahang tsa tlhwekiso ya matlwana ho mmuso wa masepala.
 Ho netefatsa hore dibaka tsa matlwana di dula di hlwekile ka mehla mme di maemong a matle a tshebetso.
Baahi le mekgatlo e tswang hara baahi ba tshwanetse ho bea mmuso wa masepala leseding ka ditlhoko tsa bona tse amanang le tlhwekiso ya matlwana.
Ba boetse ba tshwanetse ho thusa mmuso wa masepala ho raleng, ho kenyeng tshebetsong le ho lekodisiseng diporojeke tsa tlhwekiso ya matlwana.
Matlwana a malapeng ke boikarabelo ba malapa. Mmuso wa masepala o tshwanetse ho tshehetsa baahi ho fihlella tikoloho e hlwekileng ho feta le e
nang le bophelo bo botle ho feta ka:
 Mananeo a itshetlehileng ho baahi, ao ho ona dihahi tsa selehae di rupellwang ho haha dibaka tsa matlwana tse bolokehileng le tse tletseng
bophelo bo botle. Dihahi tsena tsa selehae di tla thusa ba malapa ho haha dibaka tsa bona tsa matlwana. Sena se fana ka mesebetsi.
 Ho fana ka tlhahisoleseding ho thusa ba malapa le dihahi ho haha matlwana a bolokehileng, a thata le a hohelang.
 Ho fana ka tshehetso ya disebediswa tsa motheo tse hlokahalang ho netefatsa hore sebaka sa ntlwana ke se tletseng bophelo bo botle, se
bolokehileng le se fihlellehang.
Mekgeng e fapaneng ya mmuso
Thero ya mmuso wa bomasepala e phethwa ka Meralo ya Ntshetsopele e Hokahantsweng (Intergrated Development Plans) - eo Meralo ya Ntshetsopele
ya Ditshebeletso tsa Metsi (Water Services Development Plans) bakeng sa Metsi le Tlhwekiso ya Matlwna e leng karolo ya yona. Hore mananeo a
ntlafatso ya tlhwekiso ya matlwana a kengwe tshebetsong, mmuso wa bomasepala o tshwanetse ho a lekanyetsa kabo ya ditjhelete le ho a batlela
ditjhelete. Ditjhelete di tswa mehloding e fapafapaneng, ho kenyeletswa pokello ya kuno mmoho le mebuso ya diprofesni le wa naha. Ho kengweng
tshebetsong ha lenaneo la tlhwekiso ya matlwana, mmuso wa bomasepala o tshwanetse ho netefatsa hore tikoloho e a sireletswa. Mmuso wa bomasepala
o boetse o tshwanetse ho rera le ho lekanyetsa kabo ya tjhelete bakeng sa tshebetso le tlhokomelo ya mekgwa ya tlhwekiso ya matlwana e sebedisang
metsi. O boetse o ikarabela bakeng sa ho thusa ba malapa ho ntlafatsa mekgwa ya bona ya tlhwekiso ya matlwana. Maikarabelo a ikgethang a kenyeletsa:
 Ho hlwaya ditlhoko bakeng sa dibaka tsa matlwana, di hlophiswe ho ya ka tse tlang pele-pele mme ka tshebediso ya diporojeke tse ikgethang
e thuse ba malapa ho ntlafatsa dibaka tsa bona tsa matlwana.
 Ho hlokomedisa baahi ka bohlokwa ba tlhwekiso ya matlwana mabapi le bophelo bo botle.
 Hore ka kopanelo le baahi ba thakgole mananeo a ntshetsopele ya bophelo bo botle le tlhweko.
 Ho lebela bophelo bo botle ba baahi.
 Ho thusa ba malapa ho ntlafatsa, ho sebedisa le ho hlokomela dibaka tsa tlhwekiso ya matlwana.
Mmuso wa diprofensi
Mebuso ya diprofensi e tshwanetse ho fana ka ditjhelete, batho ba nang le bokgoni mmoho le tshehetso ya setekgeniki ho mmuso wa bomasepala. O
boetse o tshwanetse ho etsa bonnete ba hore leano la naha le a phethahatswa, o hlahise melao e dumellang, o kganne ho ralwa ha mabatowa le ho
beha leihlo hodima kgatelopele.
Mmuso wa naha
Mmuso wa naha o tshwanetse ho theha melao le maemo, o tataise, o kganne le ho beha leihlo hodima mananeo a naha, o fane ka tshehetso ho mekga
e meng ya puso, o laole phumantsho ya ditshebeletso le ho kenella moo ho nang le kgaello ya bokgoni.
Mafapha a ka sehloohong a mmuso
Lefapha la Merero ya Metsi le Meru ke mohlokomedi wa metsi a naha mme ke lefapha le ka sehloohong mokgeng wa tlhwekiso ya matlwana. Ka
tshebedisano ya tshwarisano le ba bang ba amehang ka hara naha, Lefapha la Merero ya Metsi le Meru le tshwanetse ho hlahisa maemo a tlhwekiso
ya matlwana, le tshehetse diprofensi le bomasepala ho hlahiseng ditshebeletso tsa tlhwekiso ya matlwana, le behe leihlo ho sephetho, le bope bokgoni,
le fane ka tshehetso ya ditjhelete, le thakgole diporojeke tsa teko phumantshong ya tlhwekiso ya matlwana e theko e tlase, mme le netefatse hore tlhwekiso
ya matlwana e kenngwa tshebetsong ka tsela e nyalahantsweng. Lefapha le fana ka tshehetso ho mmuso wa bomasepala ho hlahiseng Meralo ya wona
ya Ntshetsopele ya Ditshebeletso tsa Metsi (Water Services Development Plans), eo e leng karolo ya Meralo ya Ntshetsopele e Hokahantsweng (Intergrated
Development Plans).
Lefapha la Puso ya Diprofensi le ya Bomasepala le tla nka boikarabelo ba mantlha bakeng sa ho ntshetsa pele Meralo e Hokahantsweng ya Ntshetsopele
ya bomasepala, ho netefatsa hore mebuso ya diprofensi le ya bomasepala e na le bokgoni bo lekaneng, ho fana ka dithuso tsa Seabo se nang le
Tekatekano le tsa popeotheo ya bomasepala, mmoho le ho lebela.
Lefapha la Bophelo bo Botle le tla tsamaisa tlhahisoleseding e mabapi le bophelo bo botle ba setjhaba, le thehe tlhoko ya tlhwekiso ya matlwana ka
mananeo a tlhokomediso ka tlhweko, le hlophise melawana ya bophelo bo botle bakeng sa tlhwekiso ya matlwana, le tshehetse bomasepala, le fane ka
disebediswa tsa thupelo le ho ruta baahi ka tlhweko.
Poloko ya Matlotlo ya Naha e tshehetsa mmuso wa bomasepala ho rereng le ho tsamaiseng ditjhelete tsa wona.
Phumantsho ya Matlo ya Naha e hlahisa maemo bakeng sa ntshetsopele ya phumantsho ya matlo (maemo a mantlha bakeng sa tlhwekiso ya matlwana
ke ntlwana ya mokoti ya kenomoya e ntlafaditsweng (ventilation improved pit - VIP) bakeng sa lelapa ka leng, ntle feela le ha maemo a mobu a laela ka
mokgwa o sele). E boetse e tsamaisa tshehetso ya ditjhelete bakeng sa matlo e mahetleng a mafapha a phumantsho ya matlo a diprofensi.
Lefapha la Thuto la Naha le ikarabela ka ho hlahisa mamanethuto le maemo, ho netefatsa tshehetso ya ditjhelete, tlhahisoleseding le kaho ya bokgoni.
Mafapha a diprofensi a jere boikarabelo bakeng sa ntlafatso ya popeotheo ya dikolo, ho kenyeletswa tlhwekiso ya matlwana le bakeng sa ho kenya
tshebetsong Lenaeno la Dikolo tse Ntshetsang pele Bophelo bo Botle bakeng sa ho theha dikolo tse bolokehileng le tse nang le bophelo bo botle.
Lefapha la Mesebetsi ya Setjhaba le sebetsa jwalo ka moemedi ya kenyang dintho tshebetsong lebitsong la mmuso wa naha le wa diprofensi ha ho
ahwa dikolo le ditleleniki. Lefapha lena le na le boikarabelo ba ho netefatsa hore ho kengwa tlhwekiso ya matlwana e lekaneng meahong ya mmuso le
ya setjhaba. Lefapha lena le boetse le ikarabela ka ho kenya tshebetsong lenaneo la mesebetsi ya setjhaba e itshetlehileng ho baahi.
Lefapha la Merero ya Tikoloho le Bohahlaodi le ikarabela ka ho sireletsa tikoloho mme le tla hlahisa maemo a amanang le sekgahla sa mekgwa ya
tlhwekiso ya matlwana hodima tikoloho, le ho bea leihlo hodima dikgahla le ho latelwa ha mekgwatshebetso ya taolo ya tikoloho.
Ba bang ba amehang
Mokga wa poraevete
Mmuso o ka se sebetsane le tshallo morao ya tlhwekiso ya matlwana o le mong. Mokga wa poraevete, haholoholo dikgwebo, di ka
hlahisa le ho kenya mekgwa ya tlhwekiso ya matlwana, di sebedisane ka kopanelo le bomasepala phumantshong ya ditshebeletso le ho
fana ka ditjhelete.
Mekgatlo e seng ya mmuso
Mekgatlo ena e ka thusa ka mananeo a tlhokomediso ya tlhweko, ho tsamaisa ho ba le seabo ha setjhaba, ho hlahisa dihlopha tsa
boradikonteraka ba tswang hara baahi le ho kenya diporojeke tshebetsong le ho di bea leihlo.
Ebe sena sohle se tla nyalanyoa jwang?
 Maemong a selehae, Masepala wa Setereke kapa wa Motsemoholo kapa Masepala wa Selehae o tla ba le boikarabelo ba mantlha
bakeng sa ho kenya dintho tshebetsong ka tshebediso ya Moralo o Hokahantsweng wa Ntshetsopele (Integrated Development Plan
- IDP) oo Moralo wa Ntshetsopele ya Ditshebeletso tsa Metsi (Water Services Development Plan - WSDP) e leng karolo ya wona.
 Maemong a diprofensi, mmuso wa profensi o tla tshehetsa ka tshebediso ya Diforamo tsa Nyalanyo ya Tlhwekiso ya Matlwana
tsa Profensi..
 Maemong a naha, nyalanyo ya dintho e fihlellwa ka Sehlopha sa Naha sa Tshebetso sa Tlhwekiso ya Matlwana (National Sanitation
Task Team - NSTT), se tlang ho thehwa jwalo ka komiti e nyenyane ya Sehlopha sa Tshebetso sa Poeotheo ya Masepala (Municipal
Infrastructure Task Team - MITT). Lefapha la Merero ya Metsi le Meru le sebetsa jwalo ka lefapha le ka sehloohong.
Ke meedi efe e beilweng ya nako?
Tokomane ya White Paper e hodima Tlhwekiso ya Matlwana Malapeng e ile ya tjhaelwa monwana ke kabinete ka September 2001. Ka
nako e tshwanang, Moralo wa Leano la Naha la Tlhwekiso ya Matlwana le ona o ile wa tjhaelwa monwana. Ha jwale ho sa ntse ho
buisanwa ka Moralo ona le ba nang le seabo, ho kenyeletswa bomasepala ba setereke le ba selehae, mekgatlo e seng ya mmuso (NGOs),
dikemedi tsa ho kenya dintho tshebetsong, puso ya diprofensi le ditho dife kapa dife tsa setjhaba tse nang le kgahleho le tse amehang.
Tokomane ena e a fumaneha inthaneteng atereseng ya . Maano a diprofensi le a bomasepala a tla hlahiswa pele ho July 2002. Moralo
o kgothaletsa hore ho sebediswe ntlhakemo ya ntshetsopele ya setjhaba, ho e na le ntlhakemo e susumetswang ke boradikonteraka.
Sena se tla theha mesebetsi e eketsehileng, mme se rupele baahi ka botsebi ba tlhwekiso ya matlwana mmoho le tsamaiso ya diporojeke.
Ke mefuta efe ya matlwana e fumanehang?
Ha ho kgethwa matlwana kapa mekgwa ya tlhwekiso ya matlwana, baahi ba tshwanetse ho nahana ka theko e fihlellehang, bobebe ba
tshebediso le tlhokomelo, tshireletso ya tikoloho, bokgoni ba boradikonteraka ba tswang ka hara baahi ho kenya tshebetsong mekgwa
ya tlhwekiso ya matlwana le hore mekgwa ena e tla ntlafatsa bophelo bo botle hakaakang. Mokgwa ka mong o lenaneng o sebetsa feela
haeba basebedisi ba ona ba rutilwe ho o sebedisa ka nepo. Ho seng jwalo, matlwana a a robeha, a nkga hampe, a hohela dikokonyana
mme a atisa dikokwanahloko. Dikgetho tse tharo tsa ho qetela tse lenaneng le ka tlase ka mona ha di kgothaletswe bakeng sa hore di
sebediswe malapeng. Ditheko tse bontshitsweng ke dikakanyo mme di tla fapafapana ho ya ka maemo a selehae.
Ntlwana e sa ntlafatswang ya mokoti (ha e a hlweka mme ha e kgothaletswe): Moaho o entsweng hodima mokoti. Ditheko di a
fapafapana.
Ntlwana ya mokoti ya kenomoya e ntlafaditsweng (ventilation improved pit - VIP): Moaho o entsweng hodima mokoti, o kenyang
moya ka peipi e nang le sesireletsi kgahlanong le dintsintsi. Mokoti o ka ba le mabotana kapa wa se be le ona ho itshetlehile ho maemo
a mobu. Ditheko di qala ho R600 ho aha le R60 ka selemo bakeng sa ho qhala mantle haeba mantle ana a qhalwa hang ka mora dilemo
tse hlano.
Ntlwana ya mekoti e mmedi ya kenomoya e ntlafaditsweng (ventilation improved double pit - VIDP): Moaho o le mong o hodima
mekoti e mmedi e bapileng e sa tebang. Ho sebediswa mokoti o le mong feela ka nako mme o kenya moya ka peipi e nang le sesireletsi
kgahlanong le dintsintsi. Ka kakaretso, mekoti e na le mabotana mme lebotana le bohareng le kwetswe. Ditheko di qala ho R2 500
bakeng sa ho e kenya mmoho le R35 ka selemo bakeng sa ho e etsa e sebetse le ho e hlokomela.
Matlwana a ho etsa moitedi, ho kenyeletsa dikgelosi tsa moroto le mekgwa ya komiso: Moaho o le mong o hodima setshelo se
kwetsweng se fihlellehang bakeng sa ho tlosa mantle e entseng moitedi. Moroto o ka nna wa kgeloswa mme peipi ya moya e thusa ho
omisa mantle, haholoholo bakeng sa mekgwa ya komiso. Ditheko di qala ho R3 000 bakeng sa mekgwa ya kgwebo ekasita le ditjeo tsa
ho e etsa e sebetse le tsa tlhokomelo tse etsang R35 ka selemo.
Ntlwana ya tshela-o-hulele kapa ntlwana ya metsi: Ntlwana e nang le sekwahelo sa metsi. Mantle a hoholwa a tloswe ka peipi e
kgutshwane kapa ka motjha ho leba mokgweng wa pokello le ho qhalwa ha mantle ka ho a monyellisa. Ntlwana ena e amoheleha dinaheng
tsa matjhaba moo basebedisi ba kotamang mme ba sebedisa metsi bakeng sa ho itlhakola ka maraong. Ntlwana ena e a hloleha ha batho
ba akgela dintho tse sa dumellwang ka hara yona, kapa ha ho se na tshebeletso e theko e fihlellehang ya ho qhala mantle. Ditjeo tsa
ho e kenya di qala ho R2 000 mme ditjeo tsa ho qhala ke R150 ka selemo.
Tanka ya dikgwerekgwere mmoho le ho tlosa mantle ka ho a monyellisa: Ntlwana ya ka hare e hulelwang ka hohle-hohle, e
hoketsweng ka dipeipi ho sesidi se sa dutleng se ka tlasa lefatshe (tjhenbara ya tokiso), e dumellang mekedikedi ho monyela mobung.
Ditjeo tsa ho e kenya di qala ho R7 000 mmoho le R200 selemo le selemo, ho itshetlehile ka hore e qhalwa kgafetsa hakae.
Matlwana a hulelwang a nang le ditanka tsa poloko: Mantle a hulelwa ho leba tankeng eo ho yona a ka se phalleleng tikolohong e e
potapotileng, mme kahoo he, a tshwanetswe ho qhalwa. Ditheko di itshetlehile ho boholo ba tanka le hore e qhalwa kgafetsa hakae.
Sethothamantle sa lesoba le lenyenyane se sa duleng dithata: Ntlwana ya ka hare e hulelwang e qhallelang ho tanka ya dikgwerekgwere
eo ho yona dithata di dulang kantle. Mekedikedi e leba ho sethothamantle se senyenyane se lebang ho sethothi se bohareng kapa
sethothamantle se seng se le teng. Ditheko di itshetlehile ho boholo ba tanka le hore e qhalwa kgafetsa hakae.
Thothomantle ya metsi ka ho felletseng: Ntlwana ya ka hare e hulelwang e hoketsweng ho sethothamantle se phallelang ho polante
ya tshebetso ya mantle. Ditjeo tsa ho e kenya ke R6 000 mme ditjeo tsa ho e etsa e sebetse di ka etsa R400 ka selemo.
Sethothamantle se sa tebang: Ntlwana ya ka hare e hulelwang ka metsi a manyenyane ho feta a tlwaelehileng, mme a phalella dipeiping
tse nyenyane tse maemong a sa tebang, e na le ditjhembara tsa tlhahlobo. Maemong a matjhaba, ntlwana ena e boloka 50% tshebedisong
ya metsi, empa e sa ntse e le tlasa teko mona Afrika Borwa.
Matlwana a dikhemikhale: Diyuniti tse ikemelang di le ding tse sebedisang dikhemikhale ho fedisa tjhefo mantleng le ho a etsa a se
nkge. Matlwana ana a theko e phahameng mme ka kakaretso a sebediswa jwalo ka matlwana a nakwana. Bongata ba bolaodi bo leka
ho fedisa tshebediso ya ona.
Matlwana a mabakethe (ha a hlweka mme ha a kgothaletswe): Sebopeho se hodimo se nang le setulo hodima lebakethe. Lebakethe
le a tloswa ka mora nako e itseng mme dikahare di qhalwe. Ntlwana ena e sebediswa haholo empa e bea bophelo bo botle ba babokelli
kotsing. Bongata ba ditsha tsa bolaodi bo leka ho fedisa tshebediso ya ona - mme ho theko e phahameng ho a sebedisa le ho a hlokomela.
Matlwana a bohle (ha a kgothaletswe ho ka sebediswa malapeng): Ditsha tsa matlwana di ka sebedisa mokgwa wa metsi kapa wa
komiso. Matlwana ana a hloka ho hlwekiswa le ho hlokomelwa kgafetsa.
Bao e ka bang mehlodi ya phumantsho ya ditjhelete
Ho na le mehlodi e meraro e ka sehloohong ya phumantsho ya ditjhelete bakeng sa ntlafatso ya tlhwekiso ya matlwana: tshehetso ya
ditjhelete ya Seabo se nang le Tekatekano, dithuso tsa popeotheo mmoho le matlotlo a bomasepala ka bobona. Karolo ya tjhelete ya
tshehetso ya ho iphumanela matlo e ka sebediswa bakeng sa tlhwekiso ya matlwana.
Seabo se nang le Tekatekano (Equitable Share)
Tshehetso ena ya ditjhelete ho tswa ho mmuso wa naha ho leba ho mebuso ya bomasepala e akaretsa ditjeo tsa tshebetso tsa ditshebeletso
tsa mahala tsa motheo ho ba futsanehileng haholo.
Dithuso
Thuso ya Peeletso ya Popeotheo ya Masepala e tla tshehetsa dibaka tsa bodulo ka ditjhelete. Ha jwale Lefapha la Merero ya Metsi le
Meru le fana ka tshehetso ya hang feela ya tjhelete ya tlhwekiso ya matlwana e etsang R300 bakeng sa ntshetsopele ya setjhaba, le R900
bakeng sa moaho wa motheo wa ntlwana (pele ho ne ho na le R600 e tlang pele bakeng sa ntshetsopele ya setjhaba le R600 bakeng
sa popeotheo).
Matlotlo a bomasepala ka bobona
Mmuso o tsotelletse ho kgutliswa ha ditjeo ha ho fanwa ka ditshebeletso tsa tlhwekiso ya matlwana. Bomasepala ba ipehela ditefiso tsa
bona ka mora ho fana ka tshebeletso ya motheo ya mahala ho ba futsanehileng haholo.
Lenaneo le Lomahantsweng la Popeotheo ya Masepala (Consolidated Municipal Infrastructure Programme - CMIP)
Lenaneo la CMIP le fana ka ditjhelete bakeng sa tlhwekiso ya matlwana hona moo, mmoho le popeotheo ya mothamo o moholo le ya
dikgokelo dibakeng tsa ditoropong le tsa mahaeng.
Ditshehetso tsa ditjhelete tsa ho iphumanela matlo
Ha jwale, lelapa ka leng le ka fumana tshehetso ya hang feela ya tjhelete ya ho iphumanela ntlo e etsang R6 000 makeisheneng a molaong,
mme yona e sebediswa ho iphumanela lefatshe, ho aha matlo le ho fana ka popetheo e jwalo ka matlwana. Batho ba nang le ditokelo
tsa lefatshe tse seng molaong ho dibaka tseo ba dulang ho tsona le bona ba ka nna ba tshwaneleha ho ka fumantshwa tshehetso ena
ya ditjhelete. Thuso ya tjhelete ya ho ntlafatsa matlo dibakeng tsa mahaeng le yona e ntse e sisingwa.
Ebe phumantsho ya ditjhelete tsena tse fapafapaneng e tla nyalanyoa jwang?
Morero o Hokahantsweng wa Ntshetsopele (Integrated Development Plan -IDP) o tla sebediswa jwalo ka mokgwa wa nakwana wa ho
hokahanya phumantsho ya ditjhelete le ho netefatsa hore ha ho na phetapheto.
1. Tlhwekiso ya matlwana e tshwanetse ho arabela ditlhoko tsa baahi mme e tsamaisane le tlhokomediso
e ntlafetseng ya tlhweko. Hore batho ba fumane molemo dintlafatsong tsa tlhwekiso ya matlwana,
e mong le e mong o tshwanetse ho utlwisisa kamano pakeng tsa bophelo ba bona bo botle, tlhweko
e lokileng le dibaka tsa matlwana.
2. Baahi ba tshwanetse ho kenyeletswa ka hohle-hohle diporojekeng. Lefapha la Merero ya Metsi le
Meru ke lona feela molaodi. Baahi ba na le ditokelo empa hape ba na le maikarabelo a ho bea
bophelo ba bona bo botle tlasa taolo ya bona ka bobona.
3. Tlhwekiso ya matlwana e tshwanetse ho fumantshwa batho ka kopanelo le phepelo ya metsi le
ditshebeletso tse ding tsa masepala.
4. Tlhwekiso ya matlwana ke ntho e ka nnqane ho phumantsho ya matlwana feela; e tshwanetse ho
tsamaya mmoho le thuto ya tikoloho le bophelo bo botle.
5. Ho fihlella tlhwekiso ya motheo ya matlwana ke tokelo ya botho.
6. Puso ya bomasepala e na le morwalo wa semolaotheo wa ho fumantsha batho ditshebeletso tsa
tlhwekiso ya matlwana.
7. Matlotlo a haellang a setjhaba a tshwanetse ho hlophiswa ho ya ka tse tlang pele-pele ho thusa
bao ba kotsing e hodimo ka ho fetisisa.
8. Matlotlo a manyenyane a naha a tshwanetse ho abuwa ka ho nang le tekatekano ho phatlalla
le naha.
9. Metsi a na le boleng ba moruo mme a tshwanetse ho sireletswa ka tlhwekiso ya matlwana.
10. Basilafatsi ba tshwanetse ho lefa bakeng sa ho hlwekisa metsi le tikoloho tseo ba di silafaditseng.
11. Tlhwekiso ya matlwana e tshwanetse ho ba e ka bolokwang e tswela pele ka tjhelete e e
ntsheditsweng.
12. Tikoloho e tshwanetse ho sireletswa ha mekgwa ya tlhwekiso ya matlwana e kenngwa le ho etswa
e sebetse.
Metheo ya Leano la Tlhwekiso ya Motheo
ya Matlwana

Ho utlwisisa leano la
Afrika Borwa la
tlhwekiso ya matlwana
Ho utlwisisa leano la
Afrika Borwa la
tlhwekiso ya matlwana
Metheo ya Tokomane ya
Ditherisano ya White Paper
 Tlhwekiso ya matlwana e tshwanetse ho arabela ditlhoko tsa baahi mme
e tsamaisane le tlhokomediso e ntlafetseng ya tlhweko. Hore batho
ba fumane molemo dintlafatsong tsa tlhwekiso ya matlwana, e mong le
e mong o tshwanetse ho utlwisisa kamano pakeng tsa bophelo ba bona
bo botle, tlhweko e lokileng le dibaka tsa matlwana.
 Baahi ba tshwanetse ho kenyeletswa ka hohle-hohle diporojekeng.
Lefapha la Merero ya Metsi le Meru ke lona feela molaodi. Baahi ba
na le ditokelo empa hape ba na le maikarabelo a ho bea bophelo ba
bona bo botle tlasa taolo ya bona ka bobona.
 Tlhwekiso ya matlwana e tshwanetse ho fumantshwa batho ka kopanelo
le phepelo ya metsi le ditshebeletso tse ding tsa masepala.
 Tlhwekiso ya matlwana ke ntho e ka nqane ho phumantsho ya matlwana
feela; e tshwanetse ho tsamaya mmoho le thuto ya tikoloho le bophelo
bo botle.
 Ho fihlella tlhwekiso ya motheo ya matlwana ke tokelo ya botho.
 Puso ya bomasepala e na le morwalo wa semolaotheo wa ho fumantsha
batho ditshebeletso tsa tlhwekiso ya matlwana.
 Matlotlo a haellang a setjhaba a tshwanetse ho hlophiswa ho ya ka
tse tlang pele-pele ho thusa bao ba kotsing e hodimo ka ho fetisisa.
 Matlotlo a manyenyane a naha a tshwanetse ho abuwa ka ho nang
le tekatekano ho phatlalla le naha.
 Metsi a na le boleng ba moruo mme a tshwanetse ho sireletswa ka
tlhwekiso ya matlwana.
 Basilafatsi ba tshwanetse ho lefa bakeng sa ho hlwekisa metsi mmoho
le tikoloho tseo ba di silafaditseng.
 Tlhwekiso ya matlwana e tshwanetse ho ba e ka bolokwang e tswela
pele ka tjhelete e e ntsheditsweng.
 Tikoloho e tshwanetse ho sireletswa ha mekgwa ya tlhwekiso ya
matlwana e kenngwa le ho etswa e sebetse.
Hobaneng re na le bothata?
Bothata ba Afrika Borwa ba tlhwekiso ya matlwana bo na le disosa tse
pedi tse ka sehloohong:
tlhweko e fokolang (batho ba
bangata ha ba elellwe tlhokeho
ya ho hlapa matsoho ka mora ho
ithoma kapa ho tjhentjha maleire,
mme ba bangata ba nahana hore
ho lokile ho ithoma thoteng).
kgaello ya popeotheo (ha ho
matlwana mme ha ho na metsi
bakeng sa ho hlapa matsoho).
Ho fumantsha batho matlwana a ntlafetseng ke karolo e le nngwe ya tharollo. Ka nako
e tshwanang, baahi ba tshwanetse ho ba le tsebo e ntlafetseng ya ditaba tsa bophelo
bo botle, tlhweko e ntlafetseng le seabo sa baahi mananeong a tlhwekiso ya matlwana.
Tharollo ke eng?
Mmuso o na le boikarabelo ba molao wa motheo ba ho netefatsa hore ma-Afrika Borwa ohle
a fihlella tlhwekiso e lekaneng ya matlwana. Kahoo he, leano lena le tla tsepamisetsa ho faneng
ka ho fihlelleha ha tlhwekiso e lekaneng ya matlwana bakeng sa malapa, dikolo le ditleleniki,
ho ntlafatsa pokello le ho lahlwa ha tshila ya malapeng, le ho ruta setjhaba ka tlhweko.
Mmuso o rerile ho tlisa phumantsho e ntlafaditsweng ya ditshebeletso ka ho tshehetsa baahi
le ho fana le ho sebedisa ditshebeletso tsa tlhwekiso ya matlwana e ka bolokwang e tswela
pele (e theko e fihlellehang, e tsamaiswang ke setjhaba). Dibaka tse ka sehloohong tseo ho
tla tsepamisetswa ho tsona di tla kenyeletsa dibaka tsa mahae, tse batlang e le tsa ditoropo
le dibaka tsa mekhukhu, moo tlhoko e leng kgolo ka ho fetisisa.
Tlhwekiso ya matlwana ke ntho ya bohlokwa-hlokwa ho bophelo bo botle ba setjhaba.
Hore ho fihlellwe tlhwekiso e ntle ya matlwana, ho hlokahala hore e be karolo ya letsholo le
akaretsang la ntshetsopele. Kahoo he, tlhwekiso ya matlwana ke le leng feela la mananeo a
mangata a ntshetsopele a kgothaletswang ke mmuso. Katleho hape e itshetlehile tshehetsong
ya baahi. Bokgoni ba tlhwekiso ya matlwana bo tshwanetse ho thehwa ka potlako ho setjhaba
hore baahi ba kgone ho matlafatswa ho ka ba le seabo lenaneong la naha la tlhwekiso ya
matlwana.
Mananeo a tlhwekiso ya matlwana a tla ntlafatsa mathata a kahisano le a semoya a tsamaisanang
le tlhwekiso e fokolang ya matlwana. Matlwana a hole le malapa, dibaka tsa bohle tse sa
lekanang, ho lahlwa ho sa lekanang ha tshila le ditlwaelo tse ding tsa tlhweksio e fokolang ya
matlwana di ba le sephetho sa hore batho ba lahlehelwe ke boinotshi le seriti, kgahlamelo e
mpe le dikotsi tse eketsehileng tse ka hlahang polokehong ya motho ka boyena.
Ebe ke maemo afe a motheo a
amohelehang a tlhwekiso ya
matlwana?
 Tlhweko e loketseng, e jwalo ka ho boloka matlwana a hlwekile le
ho hlapa matsoho ka mora ho sebetsa ka tshila kapa ha o tswa
ntlwaneng
 Mokgwatshebetso wa ho lahla mantle a batho, tshila, metsi le
matlakala, o theko e fihlellehang, o ka hlokomelwang ha bobebe,
o bolokehileng le o amohelehang ho tsa tikoloho
 Ntlwana e kgotsofatsang bakeng sa lelapa ka leng
Ebe ke eng e tla fihlellwang ke leano la
tlhwekiso ya motheo ya matlwana malapeng?
Hobaneng ha tlhwekiso ya
matlwana e le ya bohlokwa?
Tlhwekiso ya matlwana ke ntho ya bohlokwa-hlokwa bakeng sa bophelo bo botle. Mathata
a bophelo bo botle a tsamaisanang le tlhwekiso e fokolang ya matlwana a kenyeletsa letshollo,
letshollo le lefubedu (dysentery), feberu ya mala (typhoid), kholera, malaria, bilhazia, ho
tshwaetswa ke manyowa, ditshwaetso tsa mahlo, mafu a letlalo le keketseho ya ditshwaetso
ho batho ba nang le HIV. Tlhwekiso ya matlwana e lokileng e lebisa tebellong ya bophelo bo
bolelele.
Tlhwekiso ya matlwana e boetse ke ya bohlokwa-hlokwa bakeng sa kaho ya leruo. Melemo
ya moruo ya tlhwekiso e ntlafetseng ya matlwana e kenyeletsa dipaballo ho ditjeo tsa bophelo
bo botle, tlhahiso e phahameng ka basebetsi, ho kena sekolo ho ntlafetseng, bohahlaodi bo
ntlafetseng le ditjeo tse fokotsehileng tsa ho sebetswa ha metsi.
Tshebetso ya mebuso ya
bomasepala ho kenya tlhwekiso
ya matlwana tshebetsong
1. 2.
3. 4.
5. 6. 7.
Ho
theha
tlhoko
8. 9.
Ho fana ka
tshehetso e
loketseng ho
netefatsa hore
ho ba le ho ka
kgona ho
tswela pele ho
sa kgaotseng
10.
Ho hlophiswa ka
ho tlang pele-pele
ho mathata ana
Ho tloha sethathong,
ho netefatsa ho ka
tswela pele ha nako e
telele maemong a ho
rala
Ho hlahiswa ha mathata a
mebuso ya bomasepala a
tlhwekiso ya matlwana
Morero wa ho sebetsana le mathata
ana ka hara Moralo o Hokahantsweng
wa Ntshetsopele (Integrated
Development Plan - IDP)/Moralo wa
Ntshetsopele ya Ditshebeletso tsa
Metsi (Water Services Development
Plan - WSDP)
Ho
tsepamiswa ha
ditekanyetsokabo
Ho netefatsa
hore hore ho
ba le basebetsi
ba lekaneng,
kapa ho etswe
ditlhophiso tsa
nakwana
Ho kenya
morero
tshebetsong,
ho qalwa
ka ...
Ho lebela
le ho
tlaleha
Ntlafatso ya tlhwekiso ya matlwana ke morwalo wa e mong le e mong. Ba amehang
ba kenyeletsa baahi le malapa (ke bona ba ka pele-pele), boradikonteraka ba sebetsang
ka hara setjhaba, mmuso wa bomasepala, wa diprofensi le wa naha, mokga wa poraevete
le mekgatlo e seng ya mmuso (NGOs).
Ke mang ya nang le boikarabelo ba
tlhwekiso e betere ya matlwana?
Maikarabelo a semolaotheo:
Malapa le baahi
 Bomasepala ba tshwanetse ho etsa hore ditshebeletso tsa motheo di
fihlellehe
 Mmuso wa naha le wa diprofensi e tshwanetse ho tshehetsa bomasepala
ka melao le mehato e meng
Tlhwekiso e lokileng ya matlwana e qala ka lapeng. Malapa le baahi ba na le boikarabelo
ba pele-pele bakeng sa bophelo ba bona bo botle, tikoloho e hlwekileng le tlhwekiso e
ntlafetseng ya matlwana. Ba na le boikarabelo ba ho ntlafatsa ditlwaelo tsa bona tsa
tlhwekiso ya matlwana kaha tlhweko e sa lekanang e ka bea ka mosing e seng feela
bophelo ba bona bo botle, empa le bophelo bo botle ba baahi le ba setjhaba. Ditlwaelo
tsa tlhweko di ka ntlafatswa ka mehato e mmalwa e bobebe - e jwalo ka ho hlapa
matsoho ka mora ho sebedisa ntlwana, pele o tshwarana le dijo le ka mora ho tjhentjha
maleire a masea. Baahi ba ka boela ba phatlalatsa molaetsa wa tlhweko e lokileng mme
ba elelliswe baahi ba bang ka bohlokwa ba tlhwekiso ya matlwana le ditlwaelo tse lokileng
tsa tlhweko.
Matlwana a malapeng ke boikarabelo ba malapa. Mmuso wa masepala o tshwanetse
ho tshehetsa baahi ho fihlella tikoloho e hlwekileng ho feta, le e nang le bophelo bo botle
ho feta ka:
 mananeo a itshetlehileng ho baahi, ao ho ona dihahi tsa selehae di rupellwang
ho haha dibaka tsa matlwana tse bolokehileng le tse tletseng bophelo bo
botle. Dihahi tsena tsa selehae di tla thusa ba malapa ho haha dibaka tsa
bona tsa matlwana. Sena se fana ka mesebetsi.
 ho fana ka ditataiso ho thusa ba malapa le dihahi ho phethahatsa maemo a
tlase ka ho fetisisa a beilweng bakeng sa ntlwana e bolokehileng le e tletseng
bophelo.
 ho fana ka tshehetso ya disebediswa tsa motheo tse hlokahalang ho netefatsa
hore sebaka sa ntlwana ke se tletseng bophelo bo botle, se bolokehileng le
se fihlellehang.
Ho feta moo, ba malapa ba ikarabela ho bea mmuso wa masepala leseding ka ditlhoko
tsa bona tse amanang le tlhwekiso ya matlwana. Baahi le mekgatlo e tswang hara baahi
ba tshwanetse ho thusa mmuso wa masepala ho raleng, ho kenyeng tshebetsong, ho
lebeleng le ho lekodisiseng diporojeke tsa tlhwekiso ya matlwana. Baahi hape ba
tshwanetse ho tlalehela mmuso wa masepala ka mekgwa efe kapa efe ya tlhwekiso ya
matlwana e nang le phoso mmoho le dikotsi tsa tlhwekiso ya matlwana tse ka hlahang
tikolohong. Ba malapa ba tshwanetse ho netefatsa hore dibaka tsa bona tsa matlwana
ka mehla di maemong a lokileng a tshebetso le hore di hlwekile.
Seabo le maikarabelo
Mekgeng e fapaneng ya mmuso
Mmuso wa diprofensi
Mebuso ya diprofensi e tshwanetse ho fana ka ditjhelete, batho ba nang le
bokgoni mmoho le tshehetso ya setekgeniki ho mmuso wa bomasepala. O
boetse o tshwanetse ho etsa bonnete ba hore leano la naha le a phethahatswa,
o hlahise melao e dumellang, o kganne ho ralwa ha mabatowa le ho beha
leihlo hodima kgatelopele.
Mmuso wa naha
Mmuso wa naha o tshwanetse ho theha melao le maemo, o tataise, o kganne
le ho beha leihlo hodima mananeo a naha, o fane ka tshehetso ho mekga
e meng ya puso, o laole phumantsho ya ditshebeletso le ho kenella moo ho
nang le kgaello ya bokgoni.
Mmuso wa bomasepala
Mmuso wa masepala o tshwanetse ho thusa malapa ho ntlafatsa tlhwekiso ya ona
ya matlwana. O tshwanetse ho sebedisana le baahi le malapa ho ntshetsa pele
bohlokwa ba tlhwekiso ya matlwana bakeng sa bophelo bo botle, mmoho le melemo
le boiketlo ba ntlwana e bolokehileng le e hohelang. O boetse o na le boikarabelo
ba ho thusa malapa ho iphumanela tlhwekiso ya ona ya matlwana. Jwalo ka karolo
ya tshebetso ena, o tshwanetse ho hlokomedisa baahi le malapa ka bohlokwa ba
tlhwekiso ya matlwana ekasita le seo e se bolelang bakeng sa bophelo bo botle. Ka
kopanelo le baahi, mmuso wa bomasepala o tshwanetse ho thakgola mananeo a
ntshetsopele ya bophelo bo botle le tlhweko, ba hlwaye tlhoko bakeng sa dibaka tsa
matlwana, ba hlophe ditlhoko tsena ho ya ka tse tlang pele-pele mme ka tshebediso
ya diporojeke tse ikgethang ba thuse malapa ho ikahela dibaka tsa ona tsa matlwana.
Thero ya mmuso wa bomasepala e kengwa tshebetsong ka Meralo ya Ntshetsopele
e Hokahantsweng (Intergrated Development Plans) - eo Meralo ya Ntshetsopele ya
Ditshebeletso tsa Metsi (Water Services Development Plans) bakeng sa Metsi le
Tlhwekiso ya Matlwna e leng karolo ya yona. Hore mananeo a ntlafatso ya tlhwekiso
ya matlwana a kengwe tshebetsong, mmuso wa bomasepala o tshwanetse ho a
lekanyetsa kabo ya ditjhelete le ho a batlela ditjhelete. Ditjhelete di tswa mehloding
e fapafapaneng, ho kenyeletswa pokello ya kuno mmoho le mebuso ya diprofensi le
wa naha. Ho kengweng tshebetsong ha lenaneo la tlhwekiso ya matlwana, mmuso
wa bomasepala o tshwanetse ho netefatsa hore tikoloho e a sireletswa. Ho tla hlahiswa
meralo e ikemetseng ya kgwebo bakeng sa porojeke ka nngwe, ka therisano le komiti
ya tsamaiso ya porojeke ya tlhwekiso ya matlwana, e kgethilweng ho baahi ke baahi.
Meralo ena ya kgwebo e tla hlalosa mekgwatshebetso e tla latelwang mmoho le
nyehelo e hlokehang ho tswa ho baahi, ho nahanelwa hape le ditlhoko tsa baahi ba
ikgethang. Mmuso wa bomasepala o tla thusa ka ho fana ka botsebi ba tsamaiso ho
netefatsa hore diporojeke tsena di a atleha. Melaetsa ya ntshetsopele ya bophelo bo
botle le tlhweko e tshwanetse ho matlafatswa le ho lebelwa ka ho tswelang pele.
Mafapha a ka sehloohong a mmuso
Lefapha la Merero ya Metsi le Meru ke mohlokomedi wa metsi a
naha mme ke lefapha le ka sehloohong mokgeng wa tlhwekiso ya
matlwana. Ka tshebedisano ya tshwarisano le ba bang ba amehang
ka hara naha, Lefapha la Merero ya Metsi le Meru le tshwanetse
ho hlahisa maemo a tlhwekiso ya matlwana, le tshehetse diprofensi
le bomasepala ho hlahiseng ditshebeletso tsa tlhwekiso ya matlwana,
le behe leihlo ho sephetho, le bope bokgoni, le fane ka tshehetso
ya ditjhelete, le thakgole diporojeke tsa teko phumantshong ya
tlhwekiso ya matlwana e theko e tlase, mme le netefatse hore
tlhwekiso ya matlwana e kenngwa tshebetsong ka tsela e
nyalahantsweng. Lefapha le fana ka tshehetso ho mebuso ya
bomasepala ho hlahiseng Meralo ya yona ya Ntshetsopele ya
Ditshebeletso tsa Metsi (Water Services Development Plans -
WSDPs) - eo e leng karolo ya Meralo e Hokahantsweng ya
Ntshetsopele (Intergrated Development Plans - IDPs).
Lefapha la Puso ya Diprofensi le ya Bomasepala le tla nka
boikarabelo ba mantlha bakeng sa ho ntshetsa pele Meralo e
Hokahantsweng ya Ntshetsopele ya bomasepala, ho netefatsa hore
mebuso ya diprofensi le ya bomasepala e na le bokgoni bo lekaneng,
ho fana ka dithuso tsa Seabo se nang le Tekatekano le tsa popeotheo
ya bomasepala, mmoho le ho lebela.
Lefapha la Bophelo bo Botle le tla tsamaisa tlhahisoleseding e
mabapi le bophelo bo botle ba setjhaba, le thehe tlhoko ya tlhwekiso
ya matlwana ka mananeo a tlhokomediso ka tlhweko, le hlophise
melawana ya bophelo bo botle bakeng sa tlhwekiso ya matlwana,
le tshehetse bomasepala, le fane ka disebediswa tsa thupelo le ho
ruta baahi ka tlhweko.
Poloko ya Matlotlo ya Naha e tla tshehetsa mebuso ya bomasepala
ho rereng le ho tsamaiseng ditjhelete tsa yona.
Phumantsho ya Matlo ya Naha e hlahisa maemo bakeng sa
ntshetsopele ya phumantsho ya matlo (maemo a mantlha bakeng
sa tlhwekiso ya matlwana ke ntlwana ya mokoti ya kenomoya e
ntlafaditsweng (ventilation improved pit - VIP) bakeng sa lelapa ka
leng, ntle feela le ha maemo a mobu a laela ka mokgwa o sele).
E boetse e tsamaisa tshehetso ya ditjhelete bakeng sa matlo e
mahetleng a mafapha a phumantsho ya matlo a diprofensi.
Ba bang ba amehang
Lefapha la Naha la Thuto le ikarabela ka ho hlahisa mamanethuto
le maemo, ho netefatsa tshehetso ya ditjhelete, tlhahisoleseding
le kaho ya bokgoni. Mafapha a diprofensi a jere boikarabelo
bakeng sa ntlafatso ya popeotheo ya dikolo, ho kenyeletswa
tlhwekiso ya matlwana le bakeng sa ho kenya tshebetsong Lenaeno
la Dikolo tse Ntshetsang pele Bophelo bo Botle bakeng sa ho
theha dikolo tse bolokehileng le tse nang le bophelo bo botle.
Lefapha la Mesebetsi ya Setjhaba le sebetsa jwalo ka moemedi
ya kenyang dintho tshebetsong lebitsong la mmuso wa naha le
wa diprofensi ha ho ahwa dikolo le ditleleniki. Lefapha lena le na
le boikarabelo ba ho netefatsa hore ho kengwa tlhwekiso ya
matlwana e lekaneng meahong ya mmuso le ya setjhaba. Lefapha
lena le boetse le ikarabela ka ho kenya tshebetsong lenaneo la
mesebetsi ya setjhaba e itshetlehileng ho baahi.
Lefapha la Merero ya Tikoloho le Bohahlaodi le ikarabela ka
ho sireletsa tikoloho mme le tla hlahisa maemo a amanang le
sekgahla sa mekgwa ya tlhwekiso ya matlwana hodima tikoloho,
le ho bena leihlo hodima dikgahla le ho latelwa ha
mekgwatshebetso ya taolo ya tikoloho.
Mokga wa poraevete
Mmuso o ka se sebetsane le tshallo morao ya tlhwekiso ya matlwana
o le mong. Mokga wa poraevete, haholoholo dikgwebo, di ka
hlahisa le ho kenya mekgwa ya tlhwekiso ya matlwana, di sebedisane
ka kopanelo le bomasepala phumantshong ya ditshebeletso le ho
fana ka ditjhelete. Mekgatlo e seng ya mmuso e ka thusa ka
mananeo a tlhokomediso ya tlhweko, ho tsamaisa ho ba le seabo
ha setjhaba, ho hlahisa dihlopha tsa boradikonteraka ba tswang
hara baahi le ho kenya diporojeke tshebetsong le ho di bea leihlo.
 Maemong a selehae, Masepala wa Setereke kapa wa Motsemoholo kapa Masepala wa Selehae
o tla ba le boikarabelo ba mantlha bakeng sa ho kenya dintho tshebetsong ka tshebediso ya
Moralo o Hokahantsweng wa Ntshetsopele (Integrated Development Plan - IDP) oo Moralo wa
Ntshetsopele ya Ditshebeletso tsa Metsi (Water Services Development Plan - WSDP) e leng
karolo ya wona.
 Maemong a diprofensi, mmuso wa profensi o tla fana ka tshehetso ka tshebediso ya Diforamo
tsa Nyalanyo ya Tlhwekiso ya Matlwana tsa Profensi.
 Maemong a naha, nyalanyo ya dintho e fihlellwa ka Sehlopha sa Naha sa Tshebetso sa Tlhwekiso
ya Matlwana (National Sanitation Task Team - NSTT), se tlang ho thehwa botjha jwalo ka komiti
e nyenyane ya Sehlopha sa Tshebetso sa Poeotheo ya Masepala (Municipal Infrastructure Task
Team - MITT). Lefapha la Merero ya Metsi le Meru le sebetsa jwalo ka lefapha le ka sehloohong.

Diteboho

ICASA e rata ho leboha diphehiso tsa batho le mekgatlo yohle e bileng le seabo tlhahisong ya Tokomane e Nonyang Maikutlo le Tokomane ya Leano le Melawana mabapi le Mananeo a Afrika Borwa Thelevisheneng le Radiong.

ICASA 
Mong Mandla Langa 		(Modulasetulo)
Mofh Libby Lloyd 		(Mokhanseliri)
Mong Michael Markovitz 	(Moeletsi ya Ikgethang wa Modulasetulo)
Mong Pfanani Lishivha 	(Moetapele wa Projeke)
Mofh Violet Letsiri 
Mong Zweli Mthembu
Mong Johan Koster 
Mong Baldwin Mpisi 
Mong Jannie van der Merwe 
Mong Stanley Mamaregane 
Mofh Marschelle Tillek 	(Moofisiri wa Tsamaiso)
Mofh Veronica Thale

LINK Centre
Mofh Alison Gilwald
Mofh Nadia Bulbulia
Mong Michael Milazi

Bohlophisi le ho Lokisa ho Ngowetsweng
Mofh Carol Steinberg 	(Tokomane e Nonyang Maikutlo)
Mofh Karen Martin	(Tokomane ya Leano le Melawana)

A.	SELELEKELA

1.	Sepheo sa Tokomane ya Leano le Melawana

Tokomane ena ya Leano le Melawana is the culmination of an inquiry ka ho ya ka karolo ya 28 ya Molao o Ikemetseng wa Bolaodi ba Kgaso ("the IBA Act") tekolong ya Dipersente tsa Mananeo a Afrika Borwa. Jwalo ka karolo ya dipatlisiso, mokgatlo wa Independent Communications Authority of South Africa ("ICASA") o ile wa hlahisa Tokomane e Nonyang Maikutlo ka Pudungwana 2000, mme ya ba le dikopano tsa ho fumana maikutlo a batho ka Motsheanong 2001.

Sepheo se seholo sa taolo ya Mananeo a Afrika Borwa ke:
* Ho ntshetsa pele, ho sireletsa le ho kgothaletsa tjhebahalo, setso le semelo sa Afrika Borwa, le
* ho bopa diindasteri tsa Afrika Borwa tse matla, hape tse nang le ditlhahiso tse ntlafetseng ikonoming.

Thelevishene le Radio tsa Afrika Borwa di lokela ho bontsha, le ho ba karolo ya boiphihlelo ba maphelo a batho, ditso le dipuo tsa Afrika Borwa. Ka mananeo a mmino le thelevishene a Afrika Borwa, radio le thelevishene di ka ba le kabelo ya bohlokwa demokerasing, kahong ya setjhaba le ntshetsopeleng ya Afrika Borwa. Sepheo sa ho kenya dipersente tse ngata tsa mananeo a Afrika Borwa ke ho sireletsa le ho ntshetsa pele ditso le tjhebahalo ya ditjhaba tsa naha ya rona le ho eketsa boikgethelo bakeng sa setjhaba. Mmino le mananeo a thelevishene a Afrika Borwa a lokelwa ho hlahiswa ke batho ba mekga e fapaneng ba Afrika Borwa, a hlahisetswa batho ba Afrika Borwa, ka dipuo tseo ba ikgethelang tsona.

Melawana e mabapi le mananeo a Afrika Borwa hape e ikemiseditse ho lokisa ho se lekalekane hwa nako e fetileng diindastering tsa setso le tsa kgaso. Ditshebeletso tsa kgaso ba kgothaletswa hore di fane ka mesebetsi dikhampaning tse ikemetseng tsa tlhahiso tse laolwang ke batho ba neng ba tingwa menyetla pejana. Le bona ba kgothaletswa ho sebedisa dikhampani tsa tlhahiso ho tswa diprovinsing tse fapaneng, le ho fana ka mesebetsi, le kgaso ya talente tse ntjha.

Diqeto tsena tsa leano tse mabapi le mananeo a Afrika Borwa di latela Molao wa Bolaodi bo Ikemetseng ba Kgaso, ba 1993, le Molao wa Kgaso, wa 1999. Diqeto tseo hape di tataiswa ke maikutlo a ngotsweng le a hlahisitsweng ka molomo ke bathahaselli ka nako ya ho nonya maikutlo a batho. 

ICASA e dumela hore dipersente tsa mananeo a matjha a Afrika Borwa le melawana e tla nolofatsa menyetla ya ikonomi bakeng sa batho ba bangata ba Afrika Borwa. Hona ho kenyelletsa diketekete tsa batho ba amehang indastering ya mmino le bao ba sebetsang tlhahisong tsa thelevishene ekasitana le diindastering tse amanang le hoo. Sepheo sa melawana ena ke ho fana ka dikgothaletso ho diindasteri tsa mmino le thelevishene. Maikemisetso a melawana ena hape ke ho kgothaletsa ditshebeletso tsa kgaso ho tsetela ntshetsopeleng ya mmino le thelevishene ya Afrika Borwa, ho hlahisa talente e ntjha ya Afrika Borwa, le ho ntlafatsa boleng le ho fapafapana ha mananeo a mmino le thelevishene ya Afrika Borwa.

2. 	Boitshetleho

Ka 1995, bolaodi bo neng bo sebetsa pele ho ICASA, e leng Independent Broadcasting Authority ("the IBA"), bo ile ba neha Palamente pehelo e neng e tsejwa ka Triple Inquiry Report. Triple Inquiry Report ena e tlile ka mora diphuputso tse entsweng setjhabeng moo ho ileng ha fumanwa maikutlo a ka bang ka hodimo ho a 120 tlasa dihlooho tse tharo, mme maikutlo a ka bang 38 a ne a lebisitswe ka ho toba mananeong a Afrika Borwa. Sephetho sa diphuputso tseo e bile sa ho hlongwa ha Melawana ya Mmino ya Afrika Borwa le Melawana ya Mananeo a Thelevishene a Afrika Borwa ka 1997. 

Melawana ya 1997 e hloka hore 30% ya mananeo a thelevishene tshebeletsong ya thelevishene e hasetsang setjhaba, mahareng a 05h00 (hora ya bohlano hoseng) le 23h00 (hora ya leshome le motso o le mong bosiu), ekasitabna le ka dinako tsa mananeo a tummeng (prime time), e be a Afrika Borwa le hore tshebeletso ka nngwe ya thelevishene e hasetsang setjhaba e be le mananeo a Afrika Borwa a seng ka tlase ho 25%. Ditjhanele tsa thelevishene ya kgwebo di lokela ho etsa bonnete ba hore bonyane ba 20% ba mananeo a tsona e ba a Afrika Borwa ha ditshebeletso tse lefellwang di tshwanela ho ba le 5% ya mananeo a Afrika Borwa. 

Melawana hape e boela e hloka hore 40% ya mananeo a Afrika Borwa e phethiswe ke bao ba fumanang dilaesense tsa kgaso, athe mosebetsi ona o tshwanela ho tswa ho bahlahisi ba ikemetseng. Ditshebeletso tsa kgaso hape ba boela ba kgothaletswa ho fana ka mesebetsi dikhampaning tse ikemetseng tsa tlhahiso tse laolwang ke dihlopha tse neng di tingwa menyetla pejana, dikhampani tse theilweng diprovinsing tse fapaneng le dibakeng tseo e seng tsa ditoropohadi, moo ho nang le talente e ntjha.

Mabapi le radio, melawana ya ha jwale e laela hore seteishene sefe kapa sefe sa radio se sebedisang 15% kapa ka hodimo ho moo ya nako ya kgaso mahareng a 05h00 le 23h00 bakeng sa mmino, se tshwanetse ho etsa bonnete ba hore bonyane 20% ya mosebetsi wa kgaso ya mmino e ba wa Afrika Borwa.

Ke yona melawana ena e lekotsweng botjha tshebetsong tsa ho fumana maikutlo a batho e hlalositsweng mona ka tlase.

3. 	Tshebetso e kenyelletsang Setjhaba

ICASA e hlahisitse Tokomane e Nonyang Maikutlo eo sehlooho sa yona e leng "The Review of Local Content Quotas" ka Pudungwana 2000. Sepheo se ka sehloohong sa Tokomane ena e Nonyang Maikutlo e ne e le ho neha bohle ba neng ba na le kgahleho monyetla wa ho hlahisa maikutlo a bona. 

Ditsebiso tsa setjhaba di ile tsa etswa radiong, thelevisheneng le ho web-site ya ICASA, ho mengwa bathahaselli le setjhaba ho araba dipotso, tsa ditlhahiso ka ho ngola fatshe ekasitana le ka molomo. Karabelo e bile e batsi haholo. ICASA e amohetse ditlhahiso tse ka bang mashome a mahlano a motso o mong tse ngotsweng fatshe tse ileng tsa etswa hore setjhaba se kgone ho di fumana laeboraring ya ICASA le diofising tsa yona tsa lebatowa. Ke bathahaselli ba ka bang mashome a mararo, le ba bang ba nang le kgahleho ba ileng ba romela ditlhahiso tsa bona ho tloha ka la 7 ho ya ho la 18 Motsheanong 2001 mane Cape Town, Durban, le Johannesburg.

B.	DIPHETHO TSA DIPHUPUTSO

Diphuputso tsa ICASA setjhabeng, e leng tse mabapi le mananeo a Afrika Borwa, di bontshitse hore ho na le maikemisetso a maholo hape a batsi a ho hlahisa le ho bona mananeo a Afrika Borwa thelevisheneng, ekasitana le ho mamela mmino wa Afrika Borwa radiong. Mosebetsi wa ICASA wa tekolo botjha ya ho bona hore na ho ntse ho kengwa mananeo a Afrika Borwa diteisheneng tsa thelevishene le radiong di bontsha hore, le ha ho ne ho ena le matshwenyeho ka nako eo ho neng ho qalwa lenaneo lena la ho kenya mananeo a Afrika Borwa, ditshebeletso tsa kgaso tsa Afrika Borwa di se di fetile dipalo ka dipersente tse ngata haholo.

Ho hlakile hore ho tswa diphuputsong le tebelong ya dilaesense hore ho hasa mananeo a Afrika Borwa ha ho nkuwe e le bothata bo boholo. Bonneteng, ditshebeletso tsa kgaso di bona mananeo a Afrika Borwa jwalo ka monyetla wa ho fihlela ditlhoko tse fetohang tsa bamamedi le ho hodisa indasteri ya Afrika Borwa, ho ntse ho le jwalo, ho ntse ho kengwa le letsoho setsong se ntseng se hlahella sa demokerasi ka hara naha.

THELEVISHENE

4.	Ditlhaloso

ICASA e tla romela Palamenteng ditshisinyo tsa hore tlhaloso ya "mananeo a thelevishene a Afrika Borwa", ka ho ya ka karolo ya 53(1)(a) ya Molao wa IBA, e tloswe melaong mme sebakeng sa ona ho kene melawana. Dikgothaletso tse ding tse entsweng ka diphetolo tsa ditlhaloso di tla kenyelletswa raporotong e yang Palamenteng. Hona ho tla etsa hore Palamente e kgone ho etsa qeto ya hore na ho a hlokeha ho fetola Molao bakeng sa ho kgothaletsa ntshetsopele ya mokga ona o matla. 

ICASA hape e tla etsa tshisinyo Palamenteng ya hore ho fetolwe tlhaloso ya "independent television production", jwalo ka ha e hlahella karolong ya 53(1)(b) ya Molao wa IBA. 

5.	Ho hlahiswang ka kopanelo

ICASA e tla etsa tshisinyo Palamenteng hore e fetole karolo ya 53(1)(a)(iv) ya Molao wa IBA bakeng sa ho fokotsa tlhoko ya 50% ya phaello ya ditjhelete ya ma-Afrika Borwa ho ya ho 20%, hore e tsamaelane le Athikele ya III(1) ya Audiovisual Co-production Agreement mahareng a mmuso wa Canada le mmuso wa Afrika Borwa. Athikele ya III(1) e dumella diphehiso tsa bahlahisi ba Afrika Borwa le ba Canada ho fapafapana ho tloha ho 20% ho ya ho 80% ya tekanyetso ya ho hong le ho hong ho hlahiswang ka kopanelo.

6.	Dipersente
Ditshebeletso tsa Thelevishene ya Setjhaba
Mofuta wa Lenaneo
Persente ya ha Jwale
A eketsehile ka
Persente e Ntjha
Terama ya Afrika Borwa
20%
15%
35%
Mananeo a Bana
50%
5%
55%
Mananeo a Didokumentari
50%
---
50%
Ho bopa Tsebo e sa Hlokeng Thuto ya Sekolong
50%
---
50%
Mananeo a Ditaba
80%
---
80%
Mananeo a Thuto
60%
---
60%

Ditshebeletso tsa Thelevishene tsa Kgwebo
Mofuta wa Lenaneo
Persente ya ha Jwale
A eketsehile ka
Persente e Ntjha
Terama ya Afrika Borwa
10%
10%
20%
Mananeo a Didokumentari
25%
5%
30%
Ho bopa Tsebo e sa Hlokeng Thuto ya Sekolong
25%
5%
30%
Mananeo a Bana
20%
5%
25%
Mananeo a Ditaba
50%
---
50%

Ditshebeletso tsa Thelevishene tse Lefellwang (Nako e buletsweng bohle e sa lefellweng) 
Mofuta wa Lenaneo
Persente ya ha Jwale
A eketsehile ka
Persente e Ntjha
Terama ya Afrika Borwa
20%
---
20%
Dihlopha tse ding tsa Mananeo
---
15%
15%

ICASA e entse qeto mabapi le nako e buletsweng bohle e sa lefellweng ya M-Net, e leng ya hore M-Net e tshwanela ho etsa bonnete ba hore palohare ya 35% ya beke le beke ya mananeo a yona e ba ya mananeo a thelevishene a Afrika Borwa. Persente ya terama ya Afrika Borwa yona e tla dula e ntse e le 20%. Le ha ho le jwalo, 15% e setseng yona e tla kenyelletsa mananeo a mang a Afrika Borwa. 

Dipersente tse Ntjha ka Kakaretso
Ditshebeletso tsa Kgaso ya Setjhaba
55%
Mananeo a Thelevishene a Commercial Free-to-air 
35%
Ditshebeletso tse Lefellwang tsa Lefatshe ka bophara
8%

Melawana e metjha mmoho le dipersente di tla kena tshebetsong ho tloha ka la 22 Phato 2003. 

7.	Dihlopha tsa Mananeo 

7.1	Terama ya Afrika Borwa 
Ka hodima dipersente tsa dihlopha tsa kgaso, ICASA e entse qeto ya ho qala mokgwa wa ho fana ka dintlha o tla tshehetsa mananeo a neng a sa natswe a jwalo ka a terama. Ka hoo, melawana e metjha e beha Dintlha tsa Terama tse lokelwang ho fumawa. Dintlha tsa Terama di tla balwa ka ho sebedisa Format Factor, e tla matlafatsa mefuta e fapaneng ya diterama tsa Afrika Borwa. 

Di-Format Factor bakeng sa Terama ya Afrika Borwa di la ba ka mokgwa o latelang:
* tse 4 bakeng sa difilimi tse bontshwang kaofela hang feela (ho kenyelletswa di-feature film, telemovies, le di mini-series);
* tse 3 bakeng sa di-series/di-serial tse hlahisitsweng ka tekanyetso ya hora e le nngwe kapa ka tlase ho moo ka beke; le
* tse 2 bakeng sa di-series/di-serial tse hlahisitsweng ka tekanyetso ya nako e ka hodimo ho hora e le nngwe ka beke. 

Fomula kapa tsela ya ho beha dintlha tsa terama e tla ba ena e latelang:
Dintlha tsa Terama = Format Factor (yuniti) x Nako (dihora ka beke). 

Jwalo ka tsela ya ho promouta dipuo tse neng di tingwa menyetla nakong e fetileng, ICASA e tlilo fana ka dintho tse kgothaletsang bakeng sa tlhahiso ya terama ka dipuo tsa batho ba batsho ka ho di neha dintlha tse eketsehileng. Ho nka terama e neng e le ka puo e nngwe e be e fetolelwa puong ya batho ba batsho (dubbing) ho ke ke ha ba le dikgothaletso. 

Format Factor bakeng sa terama ya puo tsa batho ba batsho e tla ba ena e latelang:
* tse 4 bakeng sa terama e leng ka efe kapa efe ya dipuo tsena tse latelang: isiNdebele, Sepedi, Sesotho, Setswana, Siswati, Tshivenda, Xitsonga, isiXhosa, le isiZulu.

Fomula kapa tsela ya ho beha dintlha bakeng sa terama ya puo tsa batho ba batsho e tla ba ena e latelang:
Dintlha tsa Terama ya Puo ya Batho ba Batsho = Format Factor (yuniti) x Nako (dihora ka beke).

7.2	 Mananeo a Bana
Jwalo ka karabo ya boipiletso ba ho nolofatswa ha tlhaloso ya mananeo a bana, ICASA e entse qeto ya ho qala tlhaloso e ntjha ya mananeo a bana e tla sheba haholoholo dilemo bakeng sa mananeo a bana (boholo ba dilemo tse pakeng tsa 0-6 le 7-12). 

Ntlheng ena, ICASA e ke ke ya beha ditlhoko bakeng sa kgaso ya terama ya bana. ICASA e tla fana ka dikgothaletso bakeng sa tlhahiso le kgaso ya terama ya bana, le bakeng sa mananeo a bana a ho bopa tsebo e sa hlokeng thuto ya sekolong, mme hona e ho etsa ka ho aba dintlha. ICASA e etsa boipiletso ho ditshebeletso tsa kgaso hore di fe bana mananaeo a mangata a fapaneng ao a fuwang le babohi ba batho ba baholo. 

Di-Format Factor bakeng sa mananeo a bana e tla ba tsena tse latelang:
* tse 3 bakeng sa terama ya bana ya Afrika Borwa; le
* tse 2 bakeng sa lenaneo la bana la ho bopa tsebo e sa hlokeng thuto ya sekolong. 

Fomula kapa tsela ya ho beha dintlha tsa mananeo a bana e tla ba e latelang:
Dintlha tsa Bana = Format Factor (yuniti) x Nako (dihora ka beke).

7.3	Mananeo a tsa bonono
ICASA e entse qeto ya ho fana ka dikgothaletso bakeng sa ditlhahiso le ho bontshwa ha mesebetsi ya bonono ka ho qala sehlopha se setjha sa mananeo a tla bitswa ka hore ke 

"Mananeo a tsa bonono". Ho ke ke ha ba le dipersente tse behwang bakeng sa sehlopha sena, empa ditshebeletso tsa kgaso tse nang le dilaesense di tla fuwa dintlha bakeng sa ho promouta bonono. Sehlopha sa mananeo a tsa bonono se tla hlwaya mananeo a bontshang botaki ba Afrika Borwa, dingolwa le mmino wa Afrika Borwa, empa se ke ke sa kenyelletsa mananeo a di-video ao e leng a mmino feela. Ditshebeletso tsa kgaso tse jwalo ka e.tv, tse nang le mananeo a tsa bonono mananeong a tsona a ditaba, di ka bala metsotso e fuwang tsa bonono mananeong ohle a ditaba e be ba ngola metsotso eo ka thoko tlasa mananeo a tsa bonono. 

Format Factor bakeng sa mananeo a tsa bonono e tla ba ena e latelang:
* tse 2 bakeng sa bonono ba dipapadi tsa kalaneng, bonono bo bohwang, dingolwa, botaki, bonono ba mesebetsi ya matsoho, boqapi ba ho ngola, bobetli ba majwe le mmino (ho sa kenyelletswe mananeo a di-video tseo e leng tsa mmino feela).

Fomula kapa tsela ya ho beha dintlha tsa mananeo a tsa bonono e tla ba ena e latelang:
Dintlha tsa Mananeo a tsa bonono = Format Factor (yuniti) x Nako (dihora ka beke).

7.4	Mananeo a bontshwang Kgetlo la Pele le a Phetwang
ICASA e entse qeto ya ho qala mokgwa wa tshebetso wa dintlha bakeng sa ho hlwaya boleng ba mananeo a phetwang. Melawana e kgetha mahareng a mananeo a matjha a sa tswa kengwa le a phetwang. 

Ke feela mananeo a bontshwang la ho qala a tla ba le seabo se felletseng phethahatsong ya tshebeletso e nang le laesense ditlhokong tsa mananeo a Afrika Borwa. Mananeo a phetwang kgetlo la pele, a lebisitsweng babohing ba fapaneng ho ba neng ba bona mananeo a pele, a tla tshwaneleha boemong ba 50% ya mananeo a bontshwang kgetlo la pele. Mananeo afe kapa afe a mang a phetwang a ke ke a nkuwa a tsamaelana le persente e hlokehang ya mananeo a Afrika Borwa. Ho phetwa ha lenaneo tjhaneleng e fapaneng hape le hona ho tla balwa jwalo ka halofo ya boleng ba pontsho ya ho qala ya lenanao. Hona ho ka hodimo ho tla sebetsa hape le mananeong a bana. ICASA e batla hore ditshebeletso tsa kgaso di fane ka mesebetsi ya ho hlahisa mananeo a matjha a bana a Afrika Borwa, mme ho se ke ha nna ho haswa hape mananeo a kgale feela. 

Di-Format Factor bakeng sa mananeo a phetwang e tla ba tsena tse latelang:
* 0.5 bakeng sa mananeo a phetwang kgetlo la pele a lebisitswe babohing ba fapaneng;

* 0.5 bakeng sa lenaneo le bontshitsweng la ho qala tjhaneleng e nngwe; le
* 0.5 bakeng sa ho haswa hape ha mananeo a beke. 

8.	Disebediswa tsa Ditshebeletso tsa kgaso tsa ho Bapatsa

Disebediswa tsa ditshebeletso tsa kgaso tsa papatso, e ka ba tsa ho promouta mananeo kapa tshebeletso ya kgaso ka boyona, ha di tshwanelehe ha ho balwa tsela eo tshebeletso e latelang dipersente tsa mananeo a thelevishene a Afrika Borwa. ICASA e ile ya kgodiswa ke dingangisano tse ileng tsa hlahiswa ka nako eo ho neng ho mametswe ditshwaelo tsa molomo moo ho neng ho thwe disebediswa tsa tshebeletso ya kgaso tsa papatso hangata di lokelwa ho kenyelletswa ditjeong tsa tlhahiso ya lenaneo kaofela ha lona. ICASA hape e ile ya kgodiswa le ke taba ya hore ditshebeletso tsa kgaso di ka hlahisa disebediswa tsena le ha melao le melawana e mabapi le mananeo a Afrika Borwa e se teng.

9.	Ho etsa mesebetsi ka ho Fapafapana, Dipehelo tsa Kgwebo le Tsela ya ho fana ka mesebetsi ya Tlhahiso ya Mananeo

ICASA e entse qeto ya ho hloma foramo e tla okamelwa ke mohlanka wa ICASA hore e batlisise hape haholwanyane ka taba ena. Foramo ena e tla kopanya tshebeletso tsa kgaso, baemedi ba bahlahisi ba ikemetseng, le bathahaselli ba bang bakeng sa ho fumana tharollo ya bothata ba tsela ya ho fana ka mesebetsi ya ho hlahisa mananeo. Foramo e tla sheba tse ding tsa ditshisinyo tse entsweng ka nako ya diphuputso, tse jwalo ka molawana o mabapi le tsela ya ho fana ka mosebetsi wa ho hlahisa mananeo. Hodima moo, ICASA hape e kenyelleditse ntho e hlokehang melawaneng ya hore ditshebeletso tsa kgaso di be le mekgwa ya tshebetso e se nang leeme hape e sebeletsang pepeneneng ha ho tliwa tabeng tsa ho fana ka mesebetsi ya ho hlahisa mananeo.

Mabapi le tlhokeho e hlwauweng ya ho etsa bonnete ba hore ho ba le ntshetsopele ya talente e ntjha le pontsho ya dipale tse hlahang diprovinseng tse fapaneng tsa Afrika Borwa, ICASA e entse qeto ya ho fana ka dikgothaletso bakeng sa tlhahiso ya mananeo a Afrika Borwa ke dikhampani tse ikemetseng tsa tlhahiso tse leng diprovinseng tse ding tse ka ntle ho Gauteng le Western Cape. Kgaso ya ditlhahiso tse entsweng ke dikhampani tse ikemetseng tsa tlhahiso mme di laolwa ke batho bao ba neng ba tingwa menyetla pejana le tsona di tla fumana meputso.

Di-Format Factor bakeng sa ho neha dikhampani tse ikemetseng tsa tlhahiso mesebetsi ya ho hlahisa mananeo tse leng diprovinseng tse ding tse ka ntle ho Gauteng le Western Cape e tla ba tsena tse latelang:
* tse 3 bakeng sa mananeo a hlahisitsweng ke dikhampani tse ikemetseng tsa tlhahiso tse leng Mpumalanga, Limpopo, North West, Northern Cape, Foreistata, le Eastern Cape;
* tse 2 bakeng sa dikhampani tse ikemetseng tsa tlhahiso tse leng Kwazulu-Natal;
* tse 3 bakeng sa dikhampani tse ikemetseng tsa tlhahiso tse laolwang ke batho ba neng ba tingwa menyetla pejana;

Fomula e tla ba:
Dintlha tsa Khampani ya Tlhahiso e Ikemetseng = Format Factor (yuniti) x Nako (dihora ka beke)

10.	Dipuo tse Qheletsweng Thoko di sa Fuwe Menyetla

Diphuputso tse entsweng ke Rhodes University le PANSALB ho ile ha etswa boipiletso ba hore ICASA e netefatse hore dipuo tsa semmuso tsa Afrika Borwa di tshwarwa ka ho lekana thelevisheneng. Di ile tsa bolela hore "ho se kenyelletswe ha dipuo tse neng di qhelletswe thoko di sa fuwe menyetla pejana (Tshivenda, Xitsonga, Siswati le isiNdebele) mananeong a thelevishene hoo ho bolela hore dipuo tseo ha di a tshwarwa ka ho lekana le tse ding tsa semmuso". Di ile tsa sisinya mehato ya ho tiisetsa hore kgaso ya setjhaba e kenyelletsa mananeo a leng ka dipuo tsohle tsa semmuso. 

ICASA e bona hore taba ena e tla rarollwa ka tshwanelo hape le ka ho phethahala ka nako eo ho hlophiswang botjha lekgotla la kgaso la Afrika Borwa, e leng SABC.

RADIO

11.	Tlhaloso ya Mmino wa Afrika Borwa 

Jwalo ka ditlhaloso tsa mananeo a thelevishene a Afrika Borwa le tlhahiso tse ikemetseng tsa thelevishene, ICASA e tla romela Palamenteng ditshisinyo tse entsweng ka nako ya diphuputso tsena tsa hore tlhaloso ya mmino wa Afrika Borwa e tloswe Molaong mme e kenyelletswe melawaneng ya ICASA. 

12.	Dipersente tsa Mmiso wa Afrika Borwa
Mofuta wa Kgaso
Persente ya ha Jwale
A eketsehile ka
Persente e Ntjha
Ditshebeletso tsa Diteishene tsa Radio tsa Setjhaba
20%
20%
40%
Diteishene tsa Radio tsa Metse
20%
20%
40%
Diteishene tsa Radio tsa Kgwebo
20%
5%
25%

Melawana e metjha mmoho le dipersente di tla kena tshebetsong ho tloha ka la 22 Phato 2003. 

13.		Katoloso ya Kelo Hloko ya Diphehiso tsa Ntshetsopele ya Mananeo a Afrika Borwa 

Karabelong ya dikopo tsa ho ka kgona ho fetofetoha haholwanyane le mabaka le ho ba le tshibollo taolong, ICASA e entse qeto ya ho qala tsela e tla ananela phehiso ya ntshetsopele le ho promoutiwa ha mmino wa Afrika Borwa ka mesebetsi e meng ntle le ho bapala di-track tsa mmino. Ka hoo, ditshebeletso tsa kgaso di tla dumellwa ho tlatsa dipersente ka diphehiso tse ding. 

Hona ho latelang ho tla tshwaneleha ho ba diphehiso, ntle le ho bapalwa moyeng ha di-track:
* kgaso ya mmino ka ho otloloha; 
* dipuisano le dibini tsa Afrika Borwa; le
* ho promoutiwa ha dibini tse ntjha.

Di-Format Factor tsa mmino wa Afrika Borwa e tla ba tsena tse latelang:
* tse 2 bakeng sa metsotso e meng le e meng e mehlano ya mmino o bapalwang ka ho otloloha;
* tse 2 bakeng sa puisano e nkang metsotso e mehlano kapa ka hodimo ho moo le sebini (dibini) sa Afrika Borwa kapa moqapi (baqapi); le
* e le 1 bakeng sa ho promouta dipina tsa dibini tse ntjha. 

Fomula kapa tsela ya ho aba dintlha tsa mmino e tla ba ena e latelang:
* mmino o bapalwang ka ho otloloha: Format Factor (yuniti) x Nako (mohlala, ho bapalwa ha mmino ka ho otloloha x metsotso e mehlano = dintlha tse 2);
* puisano le sebini (dibini) sa Afrika Borwa kapa moqapi (baqapi): Format Factor (puisano efe kapa efe e nkang metsotso e mehlano kapa ka hodimo ho moo le sebini (dibini) sa Afrika Borwa kapa moqapi (baqapi) e tla fumana dintlha tse 2); le 
* promoushene ya dipina tsa dibini tse ntjha: Format Factor x Palo ya Dipina (mohlala, sebini se setjha (ntlha e le 1) x dipina tse 2 (dintlha tse 2) = dintlha tse 2).

Dintlha tse leshome di tla lekana le 1% bakeng sa dipersente tsa mananeo a Afrika Borwa ka ho ya ka beke le beke. Dibini tse ntjha ke dibini tseo dipina tsa tsona tse ntjha e leng tse leng mmarakeng bakeng sa dikgwedi tse tsheletseng kapa ka tlase.

14.	Foramo ya Mmino wa Afrika Borwa (South African Music Forum - SAMF)

ICASA e entse qeto ya ho hloma foramo e tla tsejwa ka South African Music Forum (SAMF) bakeng sa ho thusa ka dikgokahano tsa maiteko a ho etsa bonnete ba hore mmuso ekasitana le mesebetsi ya indasteri e a atleha. Botho ba foramo ena bo tla hlwauwa ka tshebetso e tla etswa setjhabeng, mme yona e behilwe leihlo ke ICASA. Ditho tse ka thongwang ho ba foramong eo di tla hlaha indastering, mme e be ba tla hlaha ho National Association of Broadcasters, the National Community Radio Forum, South African Music Week, le ho di-NGO tse tshwanetseng, baemedi ba indasteri ya kgatiso ya Afrika Borwa, indasteri ya mmino le dihlopha tsa basebedisi. Foramo hape e tla boela e sebedisane le mafapha a mmuso le mekga e meng mabapi le ditaba tse sa weleng ka ho toba tlasa matla a yona empa di amana haholo le mokga wa kgaso ya radio, mohlala needletime, payola, le pokello ekasitana le kabo ya ditjhelete tsa tlhahiso.

Mosebetsi wa SAMF e tla ba:
* ho lebela ho hatiswa le tlhahiso tsa diindasteri tsa mmino, mmino le boqapi ba mmino wa Afrika Borwa;
* ho eketsa kgaso ya mmino ya Afrika Borwa diradiong tsa kgwebo; le
* ho hokahana le mekga e meng mabapi le merero e sa weleng ka ho toba tlasa ICASA. 

MANANEO A AFRIKA BORWA THELEVISHENENG LE RADIONG Hlakola 2002

2

15

16
Taolo ya Tsebo
Lefapha la Dikgokahano
DIPOTSO TSE BOTSWANG HANGATA: TAOLO YA TSEBO
 
Na Taolo ya Tsebo ke eng?
Taolo ya Tsebo ke mosebetsi o batsi wa mekgwa e mengata e fapaneng o etsang hore mekgatlo e ntlafatse tsela eo e bopang, e amohelang, e tiisetsang, e phatlalatsang, e bolokang hape e sebedisang tsebo bakeng sa ho fihlela maikemisetso a yona ka potlako hape le ka mokgwa o sebetsang hantle haholo.
Na ke efe melemo e meholo ya Taolo ya Tsebo?
Mokgatlo o fihlela maikemisetso a ona ka potlako hape ka mokgwa o sebetsang hantle haholo, ka ho ntlafatsa
* Tlhahiso, 
* Mokgwa wa ho sebetsa, 
* Tshibollo, 
* Tlhodisano. 
Melemo ya ba nang le seabo e kenyelletsa hona ho latelang:
* Kgwebo e eketsa dipoelo; 
* Mmuso o eketsa phumantsho ya ditshebeletso; 
* Saense e eketsa tshibollo; mme 
* Tsebo ya basebetsi e eketsa kgolo ya motho ka boyena hape e ba le tshusumetso. 
Hona ho ntlafatsa moruo, mme ho fokotse bofuma, athe hape ho eketsa le mesebetsi.
Na e ka ba Taolo ya Tsebo ke ntho e etswang ka potlako feela?
Taolo ya Tsebo ke mosebetsi o tswelang pele, mme ha se ntho e ka etswang ka potlako ya fela. Lefatsheng lohle, ho ntse ho inkelwa mesebetsi ya Taolo ya Tsebo, mme ha ho sa na boikgethelo bo bong. Taolo ya Tsebo ke yona tsela ya bokamoso.
Na Taolo ya Tsebo e amana jwang le Dilemo tsa Tsebiso?
Dikhomputa, Inthanete le theknoloji e ntseng e tswela pele ka potlako ha jwale lefatsheng lohle, haholoholo mane Amerika, ke dintho tse entseng hore ho be le hoo hangata re ho bitsang Dilemo tsa Tsebiso, empa tseo boholo ba tsona di bohehang e le phetoho e lebileng Dilemong tsa Tsebo. Jwalo ka ha setjhaba se sutha Dilemong tsa Diindasteri ho leba tshebetsong e tsejwang ka Dilemo tsa Tsebo, ha re sheba ka kakaretso, re bona hore Taolo ya Tsebo e tswetse pele le boemong bo bonyenyane mme ya ba ya kgona ho laola le diphetoho.
Na taolo ya Tsebo ke ntho e ntjha?
Metheo ya Taolo ya Tsebo ha e metjha, jwalo ka ha ho se ho bontshitswe ka tsebo e hlahisitsweng ke batho ba kgalekgale (mohlala, ka tshebediso ya mollo, methale le bronse), mme ba e fetisetsa melokong le melokong e latelang ya ba ya phatlalla. Hlohlomiso ya taolo ya tsebo jwalo ka mohlodi wa thuso ke ntho e ntjha e ntseng e hola, le ha ho le jwalo, yona e hlaha diphetohong tse potlakileng tsa ditheknoloji tsa tsebiso le dikgokahano ekasitana le kananelo e ntseng e eketseha ya boleng ba tsebo jwalo ka leano la mohlodi wa thuso.
Na tsebo ke eng?
TSEBO ke mohlodi wa thuso oo bonyane e leng wa bohlokwa jwalo ka mehlodi ya thuso ya tlwaelo ya mobu, basebetsi kapa tjhelete. Taolo ya tlhokeho, kabo le phallo ya tsebo e ntse e ba leano le leholo hape le molemong wa mekgatlo, athe le ka fihlelwa hantle haholo ka ho sebedisa Taolo ya Tsebo.
Na Taolo ya Tsebo e fapane le Theknoloji ya Tsebiso?
Le ha Theknoloji ya Tsebiso e tlisa Taolo ya Tsebo, Theknoloji ya Tsebiso e mpa e le e nngwe ya dithuto tse 60 tse amohelwang ke Taolo ya Tsebo, ho kenyeletswa Bokgoni ba Batho, Antropoloji le Saekholoji. Taolo ya Tsebo e bua haholo ka batho le setho jwalo feela ka Thekonoloji ya Tsebiso.
Na e ka ba Taolo ya Tsebo ke theknoloji kapa ke ntho e sebediswang?
Taolo ya Tsebo ha se theknoloji feela, athe hape ha se ntho e sebediswang feela, empa ke tshebetso hape ke sehlopha sa ditheknoliji tseo tsohle di tshehetsang leano la kabelano ya mehopolo ya mekga bakeng sa ho tlisa tshibollo.
Na Taolo ya Tsebo e amana jwang le batho?
Ho e leng hwa bohlokwa ka Taolo ya Tsebo ke Batho ba Sebetsang ka Tsebo, batho ba bang le seabo ba sebetsa mokgatlong, mme ba matlafaditswe ke tsebo, hape ba na le boikarabelo ba ho sebeletsa bareki ba mokgatlo.
* Taolo ya Tsebo e mabapi le batho ha ba bontsha ka moo ba itaolang ka teng, mme ho fapane le ho ba le tsamaiso e laolwang ke motho a le mong feela. 
* Ho fetola tsela eo dintho di neng di etswa ka yona, mme hona ho hloka ho fetola menahano kapa mosebetsi wa tlwaelo ho ya ho o nang le tshepo. 
* Ho abelana tsebiso ho tla etsa hore basebetsi ba mokgatlo ba kgone ho sebedisa tsebo e leng teng ho ena le ho qalla hape fatshe, ho ntshetswa pele tsebo. 
* Hona ho tla eketsa tshebediso e ntle ya nako, ke hore tlhahiso, le tshibollo, e leng tsona dihlahiswa tsa tsebo e ntjha. 
Na Taolo ya tsebo e amana jwang le leano la mokgatlo?
Ntlha e nngwe hape ya Taolo ya Tsamaiso ke bohlokwa ba ho amahanya leano la Taolo ya Tsebo le leano la kgwebo la mokgatlo le etsang hore mokgatlo o kgone ho ntshetsa pele monyetla wa ona wa tlhodisano le ho ba teng ha ona.
Na phapang ke efe mahareng a data, tsebiso le tsebo?
Data e emetse ho bonwang kapa dintlha tse sa tsamaelaneng le ntho, mme tseo qetellong di sa hlakang hantle. Tsebiso e tla ka ho hlakisa data, hangata ka mokgwa wa molaetsa. Tsebo ke seo re se kgolwang le boleng bo theilweng hodima pokello e hlophisitsweng hantle ya tsebiso (melaetsa) ka boiphihlelo, dikgokahano kapa ho fihlela sephetho. Tsebo e ka bonwa e le ntho e lokelwang ho bolokwa e be e sebediswa ka tsela eo o e batlang, mme hape e ka bonwa e le tshebetso ya ho tseba le ho etsa ntho ka nako e le nngwe - ke hore, ho sebedisa botsebi.
Na Tseko ya Tsebo ke eng?
Tseko ya Tsebo ke sehlopha sa melawana eo ho dumelwang hore ke nnete ke bonyane motho a le mong, e le ka mokgwa wa molaetsa o nang le tsebiso e lekaneng bakeng sa motho e mong hore a utlwisise e be o nka mohato o itseng ka hoo. Ho na le ditsela tse lokelwang ho sebediswa bakeng sa ho tiisetsa tseko ya tsebo pele e ka amohelwa e le tsebo.
Na boleng ba tsebo bo ka lekangwa?
Ee, ka bokgoni ba bona ba ho thusa mokgatlo kapa motho a fihlele maikemisetso a hae hantle haholo.
Na ho na le makeno kapa website ya Taolo ya Tsebo?
Ho se ho hlonngwe makeno a Taolo ya Tsebo bakeng sa ho qala motjha wa dikgokahano tse akaretsang le Lefapha la Dikgokahano. Hona ho tla sebetsa jwalo ka mohlodi wa thuso bakeng sa Taolo ya tsebo, ho fane ka tsebo e mabapi le Taolo ya tsebo, mme hape e be mokgwa oo ka ona o tla phehisa ka ona ditherisanong tsa Taolo ya Tsebo mona Afrika Borwa.
Inthanete URL: http://www.km-debate.co.za
-------2000-10-30
1[1] EknowledgeCenter, Arizona, U.S.A., c 2000, (bakeng sa ditlhaloso tseo ho fanweng ka tsona mona)
1[2] College of Business Administration, Northeastern University, Boston, MA; Sloan Management Review; Managing Codified Knowledge; Michael H. Zack; c. September, 1998
MOKGWA WA HO BAPALA LOTTO 

Ho kenela papadi e le nngwe ya Lotto kgetha dinomoro tse 6 pakeng tsa 1 le 49. E tla o qosa R2.50 (ho ballwa VAT) le ho o fa monyetla o le mong wa ho hapa matsebetsebe. 

Tshwaya dinomoro tsa hao tse 6 botong e le nngwe ho tse 6 tsa khupono ka mola o tshekalletseng o sebedisa pene e ntsho kapa potloloto. O ka kenela dipapadi tse 6 tsa Lotto khuponong e le nngwe, ho bolelang hore o na le menyetla e 6 ya hoba mohlodi. 

Boto e le nngwe e tlatsisweng e ja R2.50. Fana ka khupono le tjhelete ho mohwebi wa National Lottery. Yena o tla ngola dinomoro tsa hao ho computer ya National Lottery ebe o o fa tekete e ngotsweng dinomoro tsa hao. Tekete eo ke resiti ya hao. Hlokomela hore dinomoro le letsatsi la draw di nepahetse teketeng ya hao, ebe o e saena ka morao le ho e boloka hantle. O tshware tekete ena ha o ilo tseka moputso.

   Haeba o ka etsa phoso ha o 
   tlatsa khupono, tshwaya moo ho 
   ngotsweng CANCEL mane tlase, 
   ebe o qala botjha botong e 
   nngwe. Ha o lakatsa ho kenya 
   dinomoro tseo tsa hao makgetho 
   a 10 a di draw tse latelang, 
   tshwaya lebokose le le leng la 
   mantswe ana "Number of Draws"
   pela tshupo ya lerumo.

 
   Ho bona hore dinomoro tsa hao 
   ke tse hapang boha draw ya 
   Lotto ka kotloloho ho SABC 2 ka 
   8:30 ka phirimana ya letsatsi le 
   bontshitsweng teketeng ya hao.

   DIPHETHO TSA LOTTO DI TLA 
   HASWA HO TV, RADIO LE 
   DIKORANTENG. 

MOKGWA WA HO TSEKA MOPUTSO
Dinomoro tse hapileng tse hlahelletseng ho TV le boleng ba meputso mokgahlelong ka mong di tla phatlalatswa ka mora-draw. Hlahloba dinomoro tsa hao ho bona hore ho nyallana tse kae. Ha o hapile moputso o fihlang ho R500, o tla lefshwa hang hang lekaleng le haufi la National Lottery. Bahwebi ba ikgethang ba bitswang "Authorised Prize Payments Centres" ba lefa meputso e meholo e fihlang ho R50 000. Meputso ya Jackpot e lefshwa ke diofisi tsa National Lottery. 
   Ena e mpa e le kgutsufatso ka ho 
   kenela le ho hapa Lotto. Melao e 
   felletseng ya ho bapala e 
   fumaneha makaleng ohle a 
   National Lottery, kapa re ka o 
   romella kgatiso eo e leng ya hao. 
   Bakeng sa lesedi le fetang mona 
   le diphetho tsa-draw, letsetsa 
   mahala ho Player Thusong 
   nomorong ya 0800 40 30 40    Kapa o ngolle National Lottery ho: 

O TLAMEHA HOBA LEMO TSE 18 HO KENELA LOTTO KAPA HO TSEKA MOPUTSO 

   National Lottery 
   Private Bag X72
   Auckland Park 2006 
   Lesedi mabapi le Lottery 
   0800 40 30 40 

   Papadi ya pele ya National Lottery e teng jwale 
   mme e bitswa Lotto - papadi ya dinomoro moo 
   nomoro tsa hao tsa lehlohonolo di ka o hapelang 
   matsebetsebe a diranta beke le beke. Sheba 
   mabenkeleng moo ho nang le letshwao la National 
   Lottery mme o kenele Lotto kajeno.

   Lotto Draw Machine e ikgethang e na le dibolo tse 
   49 tse ngotsweng dinomoro. O ikgethela feela di 
   Nomoro tse 6 tse Hapang ka moo o ratang, mmoho    le bolo ya bosupa e nang le Bonus Number. Mona 
   o ka ikgapela meputso. Haeba dinomoro tsa hao 
   tse 6 di nyallana, o se o le ya hapileng 
   mekgahlelong e supileng ya meputso e latelang:

   Meputso e fapana beke le beke ho ya 
   ka palo ya ba hapileng mokgahlelong ka mong. 
   Tjhelete tse hapueng di phatlalatswa kamora-
   draw. Ka kakaretso, tekete e le nngwe ho tse 50 
   e tla hapa moputso, o qalang ka diranta di se kae 
   ho ya ho dimillione tse mmalwa. 
KGUTSUFATSO YA DINTLHA TSA BOHLOKWA
Histori ya media (diphatlalatsi tsa ditaba le tlhahiso-leseding) ya Afrika Borwa
e bontsha dikgeo le dikarohano tse ka hara setjhaba ekasitana le ho arolwa
ha matla. Phepetso ya mokgwa wa demokerasi wa ho tlisa diphetoho e ama
mekga yohle ya bophelo, ho kenyelletswa le dibopeho le ditlwaelo tsa media
(diphatlalatsi tsa ditaba le tlhahiso-leseding).
Mmuso o ikemiseditse ho bopa ejensi e tla etsa hore dihlopha tse neng di
qhelletswe thoko di sa natswe di kgone ho fihlela media le ho ntlafatsa
ditshebetso tse kenyelletsang dihlopha tse ngata tsa media. Hona ho tla
kamora qeto ya Kabinete e thehilweng hodima dikgothaletso tsa Comtask ka
1996. Hona ho latela Molaotheo, Molao wa Ditokelo le Lenaneo la Kaho
Botjha le Ntshetsopele, athe hape ho susumelletswa le ho feta ke Leano la
Naha la ho nka Mehato bakeng sa Ntshetsopele le Tshireletso ya Ditokelo tsa
Botho, tse tiisetsang bolokolohi ba ho ikutlwahatsa le ho fapafapana ha
media, le tlhokeho ya mekgwa ya ho etsa bonnete ba hore hona ho a
fihlelwa. Hona ho latela maiteko a sa kang a atleha a setjhaba a ho bopa
mokga o jwalo ka ona dilemong tsa ho qala tsa bo-1990.
Mabaka a ho ba le Ejensi ya Ntshetsopele le ho Fapafapana ha Media [Media
Development and Diversity Agency (MDDA)] e ikemetseng, e ka thoko hape e
kgonang ho fokotsa ditshenyehelo, a itshetlehile hodima tlhokeho ya mokga
wa ditsebi tse hlomphehang tsa media le ho batho ba bang ba hlomphehang
setjhabeng, bao ka dithuso tsa ditjhelete, mesebetsi ya ho nolofatsa dintho le
ka diphuputso, ba tla hlahisa botsebi bo boholo ntshetso peleng ya media le
ho fapafapana mme ba etse le bonnete ba hore hoo ho a fihlelwa. Yona e tla
sebetsa ka ho latela metheo ya taolo ya mokgatlo ka taetso le mehlodi ya
thuso e hlokehang. E tla sebetsa haufi le mmuso, intasteri ya media le
batshehetsi ba bang ba ditjhelete.
Jwalo ka ha lefatshe le lebile ka potlako seemong seo ho sona tlhahisoleseding
e leng yona ntho e ka sehloohong, ke ntho ya bohlokwa hore baahi
bohle ba naha ba fumane tlhahiso-leseding e ngata le mehopolo bakeng sa
hore ba tle ba kgone ho ba le seabo se sebetsang hantle haholo lefatsheng
ka kakaretso maemong a selehae, a naha le a matjhaba. Mmuso o se o ntse
o fana ka tlhahiso-leseding eo e leng ya bohlokwa lenaneong la ona la kaho
botjha le ntshetsopele.
MDDA, jwalo ka lenaneo la Ditsi tsa Setjhaba tsa Merero e Mengata e
fapaneng ya boithabiso (Multi-Purpose Community Centres), ke yona
tshibollo ya bohlokwa bakeng sa maikemisetso ana. E tla thusa ho fetola
tshebetso tsa dikgokahano ka tsela e tla haha popehotheo mme e
kgothaletse tlhahiso ya media e tla bontsha boiphihlelo le ponelopele ya bao
ba neng ba qheletswe thoko ba sa natswe. Ka mantswe a mang, le ha MDDA
ka boyona e ke ke ya tlisa diphetoho tse felletseng tsa media, ka dithuso tsa
yona tsa ditjhelete, nolofatso ya mosebetsi, tshehetso, le mesebetsi ya
diphuputso, e tla ba le seabo sa bohlokwa sa ho potlakisa diphetoho tsa
media ka ditsela tse akaretsang tse loketseng diphetoho ka bophara.
2
Tlhaloso ya ntshetsopele le ho fapafapana ha media:
Ntshetsopele ya media e kenyelletsa kgothaletso le ho kgona ho thusa ho
lokisa ho se akaretswe le ho qhellwa ka thoko ha dihlopha le ditabatabelo tsa
batho tsa ho fihlela media - jwalo ka ho ba beng, batsamaisi le bahlahisi ba
media. Media e fapafapaneng e mabapi le ho netefatsa hore ditabatabelo le
mekga yohle e kgona ho fihlela maikutlo le mehlodi e fapaneng ya tlhahisoleseding
ka tsela e akaretsang setjhaba sa rona ka bophara.
Katleho ya ho fihlela ho fapafapana hoo hape e nolofatswa ke ho ba teng ha
mekgwa ya kabo ya media e fapaneng, e nyenyane le e kgolo.
Media mona Afrika Borwa:
Le ha ho le hongata ho seng ho entswe haesale ho tloha ka nako ya ho kena
ha demokerasi bakeng sa ho rarolla mathata a amanang le ntshetsopele le
ho fapafapana ha media, mosebetsi ha o eso lekane. Boholo ba popehotheo
ya media bakeng sa motho ka mong bo ntse bo le tlase. Ho ba monga
tshebetso tsa media e ntse e le ntho e rarahaneng mme ha e fihlele ditlhoko
tsa dihlopha le ditabatabelo tsohle. Boemedi bo ntse bo sa lekana
tsamaisong, bohlophising le maemong a basebetsi ka kakaretso.
Boiphihlelo ba mona Afrika Borwa bo bontshitse hore mekgwa e sebediswang
mebarakeng, menyetla ya dilaesense le ho fetolwa ha ho ba monga ntho,
tsena ka botsona di ke ke tsa fihlela diphetoho tsena ka botlalo. Ho hlokeha
ejensi e jwalo ka MDDA.
Ho latela boiphihlelo:
Boiphihlelo ba matjhaba bo bontshitse hore dikema tsa tshehetso bakeng sa
ho ntshetsapele media le ho fapafapana ha yona ha se ntho e ntjha. Ke ntho
e kentsweng tshebetsong mane Yuropa ho tloha dilemong tsa bo-1950 ka
kutlwisiso ya hore mekgwa e sebediswang mebarakeng ka boyona feela e ke
ke ya fihlela ho fapafapana ho lekaneng. Le jwale, bopaki bo supa hore
mmaraka ka boona o na le ho ba le ho rarahana ho eketsehileng, e leng hona
ho ka sitisanang le bolokolohi ba ho ikutlwahatsa le ho ba le maikutlo a
fapaneng.
Maiteko a pejana a ho bopa mokgwa wa tshehetso wa boithaopo, e leng wa
Independent Media Diversity Trust, qetellong a ile a hloleha ka baka la
kgaello ya thuso tsa ditjhelete. Hona ho tiisetsa taba ya hore ke feela
mesebetsi e thehilweng tshebedisanong mmoho mahareng a mmuso le
media, mme e tshehetswa ke bolaodi bo hlonngweng ka ho ya ka molao, e ka
bang le sekgahla se tswellang pele.
Sebopeho sa MDDA le dikamano tsa yona le mekga e meng:
MDDA e tla ba mokga o ikemetseng, o hlonngweng ka ho ya ka molao mme
o latela dipholisi le ditataiso tsa mmuso. Leha ho le jwalo, o tla ba le
dikamano tse bontshang boikemelo bo itseng, tse holenyana le mmuso,
mekga ya poraefete le batshehetsi bafe kapa bafe ba ditjhelete. Taetso ya
yona e tla ba ho ntshetsapele ho fapafapana le tswelopele kgatisong,
kgasong le ho "media e ntjha".
3
MDDA e tla ba le Boto e tla thongwa ke Palamente ka tshebetso e tla etsuwa
setjhabeng, mme e be e kgethwa ke Mopresidente. Boto e tla kgetha Moofisiri
ya ka Sehloohong wa Phethahatso (CEO). Moofisiri enwa wa Phethahatso ya
ka Sehloohong wa Phethahatso, mmoho le Boto, ba tla kgetha sehlopha se
senyenyane se nang le botsebi bo itseng bo phahameng ekasitana le
sehlopha se lekaneng sa basebetsi.
E tla sebetsa mmoho le mekga e meng e sebetsang ka tsa dikgokahano, ho
fana ka dilaesense, difilimi le di-video, bakeng sa ho fihlela tshebedisano le
ho qoba ho phetaphetwa ha ntho e le nngwe. Ntle le seabo sa yona sa
bohlokwa sa tshehetso ya media, e tla laela hore ho be le diphuputso mme e
etse dikgothaletso ho mmuso, intastering ya media, le ho mekga e meng e
tshwanetseng.
MDDA e tla ikamahanya le mekga yohle e nang le ditabatabelo ka ho toba
ekasitana le tsela efe kapa efe e amanang le ntshetsopele le ho fapafapana
ha media, mme hara yona e tla ba Independent Communications Authority of
SA (Icasa). MDDA e tla tshwara Foramo ya Tekolo ya Selemo le Selemo moo
mekga e jwalo ka ena e tla ela hloko pehelo ya selemo ya MDDA.
Bao ba tla una molemo ekasitana le mofuta wa tshehetso:
Bao e tla ba bona ba ka sehloohong ba ho fumana tshehetso ka ho toba le ka
tsela efe kapa efe e tshwanetseng, e tla ba setjhaba le mekga e meng ya
media e sa etseng diprofiti, ekasitana le media e menyenyane ya kgwebo, ho
kenyelletswa le radio, thelevishene, ya kgatiso le media e ntjha. Ho tla ba le
tiisetso e itseng diprojekeng tse atametsang mekga le merabe e neng e
qhelletswe thoko - haholo-holo basadi, batho ba dibakeng tsa mahaeng,
batho ba nang le kgolofalo e itseng, batho ba sa fumanang monyetla wa
thuto, basebetsi ;e mafutsana - tlhahiso-leseding e tla etsa hore batho ba
tsebe se etsahalang mme ba kgone le ho sebedisa theknoloji ena ya
dikgokahano ho etsa hore ba utlwahale.
Tshehetso e tla ba ka mokgwa wa thuso ya ditjhelete le ya mofuta o sa
kenyelletseng ditjhelete, mme e tla kenyelletsa le disaposidi ka ho toba le ka
mokgwa o itseng; dithuso tsa ditjhelete tsa tshohanyetso; ntshetsopele ya
bokgoni; ho kgothaletsa tshehetso e nang le maikarabelo kgahisanong
mabapi le tsa kgaso, kgatiso, le mekga e meng e metjha ya media; thupelo;
tekolo ya diprojeke le ho di beha leihlo; le diphuputso ka media. Hape e tla
etsa dikgothaletso tse tshehetsang ho batla ha dikadimo tsa ditjhelete ke
media tshebetsong tsa yona tsa mekgwa ya tekolo.
Hodima moo, MDDA e tla sebeletsa ho hlahisa di-ejensi tsa kabo ya media
naheng ka bophara ekasitana le diprofensing, le/kapa ho kengwa
tshebetsong ha metheo ya di-ejensi tsa kabo ya media, intastering ya kgatiso,
bakeng sa ho etsa bonnete ba hore diphatlalatsi tse nyenyane le tsona di ba
le bokgoni bo lekanang ba ho fihlela tshebetso tsena, ekasitana le merabe e
sa fumaneng ditshebeletso ka botlalo.
4
Motheo wa tataiso wa MDDA ha e etsa diqeto tse mabapi le dithuso tsa
ditjhelete ekasitana le dikgothaletso tsa dikadimo, e tla ba kabelo eo diprojeke
di bang le yona ntshetsopeleng ya media le ho fapafapana. O tla kgothaletsa
hore ho be le bokgoni ba tswellopele, mme ho thuswe ka ditjhelete diprojeke
tse nang le taolo e sebetsang hantle haholo. Ho hong ho tla shejwa ho
kenyelletsa boemedi ba morabe le ho ba le seabo mererong ya tekatekano.
Bajete ya MDDA:
MDDA e tshwanela ho fuwa ditjhelete tse lekaneng bakeng sa ho shebana le
marangrang a media a setjhaba, thupelo, ditshenyehelo tsa bohlokwa le tsa
tshebetso, ekasitana le bakeng sa diphuputso tsa ho bona hore ntho e ka
etsahala bakeng sa diprojeke tse nyenyane tsa kgwebo ya media. E tla laela
hore ho etswe diphuputso ka ntshetsopele le ho fapafapana ha media,
ekasitana le tekolo ya kgafetsa ya mesebetsi ya diprojeke tse thuswang ka
ditjhelete. Ditlhoko tsa yona tsa tshebetso, ho kenyelletswa le tekolo ya
mesebetsi ya diprojeke, di tshwanela ho emela ditshenyehelo tsa sa feteng
paloyohle ya 12%.
Mehlodi ya thuso e hlokehang bakeng sa ho atleha ditshitisong tsa ha jwale
tsa ntshetsopele ya media le ho fapafapana e ka etsa paloyohle e ka ka
R500m, dilemong tse hlano. Ho lebelletswe hore MDDA e tla lefella
dipersente tse 60 bakeng sa ditlhoko tsena, e leng palo e fihlang ho R300m
dilemong tse hlano, kapa palohare ya R60m ka selemo.
Hona ho tla etswa ke R20m ka selemo ho tswa ho mmuso, intasteri ya media
le betshehetsi ba ditjhelete. Ho tshwanetswe hore ho elwe hloko hore kabelo
ya mmuso e tla kenyelletsa tshehetso ya ntshetsopele ya popehotheo ya
radio ya morabe e seng e ntse e fumanwa ho tswa ho Lefapha la
Dikgokahano, eo ha jwale e leng ho R7 million ka selemo.
MOLAO WA BOITSHWARO WA MASOLE A APERENG YUNIFOMO A LEBOTHO LA AFRICA BORWA LA SESOLE
Ke ikana ho sebeletsa le ho sireletsa naha ya heso le setjhaba sa heso ho ya ka molao wa motheo le molao ka tlhompho,seriti, sebete le nnete.
Ke sebelletsa lebotho la sesole la Africa Borwa ka botshepehi le ka motlotlo jwalo ka moahi le moithaopi.
Ke hlompha tsamaiso ya dipolitiki ya demokrasi le taolo ya setjhaba ya lebotho la Sesole la Africa Borwa.
Ha ke na ho ntshetsa pele kapa ho senya ditabatabelo tsa mokga ofe wa dipolitiki kapa mokgatlo ofe kapa ofe.
Ke itlama hore seo ke tla se etsa se boikarabellong ba ka.
Ke tla ikokobeletsa ditaelo tsohle tse molaong mme ke tla hlompha ba nkokametseng.
Ke tla hanana le taelo eo e seng ya molao.
Ke tla phetha thomo ya ka ka sebete mme ke thuse moifo wa heso le ha e ka ba moo ke tlamehang ho tela bophelo ba ka teng.
Ke tla sebedisana le batho hantle mme ke hlomphe ditokelo tsa bona le seriti sa bona ka dinako tsohle, ke sa kgathalle morabe, mofuta, bong, tumelo moetlo, puo kapa bong bosele.
Ke tla hlompha le ho tshehetsa ba ka tlase ho nna le ho sebetsa le bona ka toka.
Ha ke na ho sebedisa matla a ka a bookamedi hampe, maemo kapa tjhelete ya setjhaba hampe ho ithuisa, maikemisetso a dipolitiki kapa lebaka lefe kapa lefe.
Ke tla behela ba ka sehloohong ka bosenyi, bobodu le boitshwaro bo bobe.
Ke tla leka ho ntlafatsa bokgoni ba Lebotho la sesole sa Afrika Borwa ka ho ba le boitshwaro, ho hlokomela thepa, ho ntshetsa pele bokgoni le tsebo, le ho sebetsa ka bokgabane le ka seporofeshenale.
 
MOLAO YA NTWA
Ka nako ya ntwa ke tla ikamahanya le melawana ya melao ya botho ya matjhaba jwalo ka ha e ngotswe Dibokeng tsa Jeneva:
Ke tla lwantsha dira fela le ho hlasela disebediswa tsa sesole feela.
Ke tla sebedisa mekgwa ya ho hlasela ho fihlella sepheho sa sesole ke ntse ke leka ho se ntshe setjhaba kotsi le ho senya thepa.
Ha ke na ho hlasela kapa ho ntsha sesole sa direng kotsi se inehelang. Ke tla ba amoha dibetsa mme ke ba etse batshwaruwa ba ntwa.
Ha ke na ho bolaya, ho hlekefetsa kapa ho sotla batshwaruwa ba ntwa.
Ha ke na ho fapanya dibetsa tsa ntwa ka boomo ka sepheo sa ho hlorisa.
Ke tla bokella le ho hlokomela ba tswileng dikotsi, bao dikepe tsa bona di tjhwatlehileng le ba kulang, e ka ba metswalle kapa dira.
Ke tla tshwara baahi bohle hantle.
Ha ke na ho dumella ho ikamahanya le peto paka boshodu.
Ke tla hlompha dintho tsohle tsa botjhaba le dibaka tsa ho rapela.
Ke tla hlompha batho bohle le thepa e nang le Sefapano se Sefubedu, Red Crescent le mathswao a mang a ditshebeletso tsa botho.
Ke utlwisisa hore ha ke sa phethe melawana ena e tla ba ke tlotse molao. E hlompholla moifo wa sesole le naha ya bona mme e baka hore ke batlodi ba molao wa ntwa. Ke tla behela ba nkokametseng tlolo efe kapa efe ya melawana.
BOLAODI BA MANGOLO A THUTO AFRIKA BORWA (SAQA)
MORALO WA SETJHABA WA MANGOLO A THUTO (NQF): KAKARETSO
Letsatsi la Phatlalatso ke kgwedi ya Hlakola selemong sa dikete tse pedi

E tshehetswa ka ditjhelete ke Kopano ya Yuropo ka tsela ya Lenaneo la Yuropo la
Mokgatlo Tlasa lenaneo la Yuropa ka Tshebedisno le Tswelopele
TSE KA HARE
1. Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Boitsibiso eng? 
2. Ke ka lebaka lefe ha naha ya rona ya Afrika Borwa e kgethile Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Boitsibiso? 
3. Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Boitsibiso o qadile jwang? Nalane e kgutshwanyane 
4. Sepheo sa Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Boitsibiso ke sefe? 
5. Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a NQF e Boitsibiso o amana jwang le thuto e itshetlehileng hodima tlhahiso ya baithuti? 
6. Ke dihlahiso tsempe dife tse tswang? 
7. Mangolo a thuto a Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a NQF sebahala a jwang? 
8. NQF ya rona e sebahala jwang? 
9. Kaho ya SAQA ke eng? 
10. Dibopeho tsa bolaodi ba mangolo a thupelo le sepheo mangolo tsibi soa Afrika borwa di jwang mme sepheo sa tsona ke upelo Afrika Borwa di jwang mme sepheo sa tsona ke sefe? 
11. Ho ka hlahlojwa ka tsela e kgabane jwang? 
12. Bolaodi ba Mangolo a Boitsibiso Afrika Borwa bo netefatsa jwang hore ba nang le seabo a ananela maano a bona? 
13. Bolaodi ba Mangolo a Boitsibiso Afrika Borwa bo netefatsa jwang hore Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Boitsibiso o sebetsa ka bokgabane? 
14. Bolaodi ba Mangolo a Boitsibiso Afrika Borwa bo ananela tsebo e tlang pele ho thuto jwang? 
15. Ho etswa eng hape ofising ya Bolaodi ba Mangolo a Boitsibiso Afrika Borwa? 
16. Ditokomane tsa molao le di  tse ding tsa Bolaodi ba Mangolo a Boitsibiso Afrika Borwa 
17. Ditlhaloso tsa mantswe le dikgutsufatso tsa mantswe 
18. Dibuka tseo ho qotsitsweng ho tsona esita le dintlha tsa bohlokwa 
Re lokela ho tseba hore reka a ha jwang tsela yei tshebetso eo e sebaneng le tshebetso entle, eo e fumanoang ke bohle hape e hlahisetse pele tsweletsopele ya batsha ho badua I ba ka a hang naha. Le ha re le batho ba hlahang malapeng a fapaneng, ha ho na taba hobane kaofela ha rona re batho. Ha re ka tadima tseo re di ratang re ka kgona ho ntshetsa pele dineo tsa rona.
Mamphela Ramphele

SEPHEO SA BOLAODI BA MANGOLO A THUPELO AFRIKA BORWA
Sepheo sa Bolaodi ba Mangolo a Thupelo mona Afrika Borwa ke ho hlokomela hore ho sebediswe ho be ho ntshetswe pele Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thupelo mona Afrika Borwa. Lebaka ke hore Moralo ona wa setjhaba wa mangolo a thuto o thusa moithuti ka mong dithutong tsa hae. Moralo ona o bile o thusa bakeng sa tswelopele ya setjhaba le moruo wa sona ka kakaretso.

1. Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thupelo ke eng? (NQF)
Ke moralo; ke ho re, o theha meedi. Ke leano le tataiso e thusang hore batho ba be le kutlwisiso le tsebo e phethahetseng bakeng sa tlhophiso ya mangolo a thuto. Ntshetsopele ya thuto e phethahatswa ka hara meedi ena. Ke moralo wa naha hobane sesebediswa sa naha ya rona se bontshang boiteko ba ho kopanya thuto le thupelo hore e be ngatananngwe e kenyeletsang mangolo a thuto a ananelwang. Moralo ona o sa boetse e le moralo hobane o akaretsa mangolo a thuto; ke ho re, o boloka tsebo mabapi le tseo moithuti a di fihleletseng thutong ya hae.
Ka bokgutshwanyane re ka re Moralo wa Setjhaba wa mangolo a setjhaba ke lethathama la maano le tataiso moo dintlha tsa boiphihlelo ba moithuti di ngodisitsweng e le ho ananela tsebo e fumanweng ya ho etsa dintho tse itseng ke moithuti e le ho netefatsa hore ho ba le tsebo le thuto e tswellang bophelong bohle ba moithuti.

2. Ke ka lebaka lefe ha naha ya rona ya Afrika Borwa e kgethile Moralo wa Setjhaba wa Mangolo aThupelo?
Ka selemo sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e mene setjhaba se mose ho mawatle se ile sa thabela ho bona ho ba le demokrasi mona Afrika Borwa mme se amohela setho se setjha e leng Afrika Borwa. Bakeng sa ho amohela tlotla eo, naha ena ya rona e tadimane le ditlhaselo bakeng sa ho ntshetsa pele.
Dinaha tse ngata lefatsheng di batla tsela e ntle ya ho ruta setjhaba sa habo le ho hlophisa thuto le thupelo le ho tsosolosa takatso ya thuto ka lefatshe lohle. Ho feta mona, lefatshe ke sebaka se fetohang ka nako le nako. Lefatshe le fetofetoha mererong ya polotiki, tsa tlhaho le thekenoloji. Diphetoho tse potlakileng tsa thekenoloji tsa ngwahakgolo wa mashome a mabedi di tlisitse sekgahla se itseng thutong. Lebaka ke hore thuto e leka ho ikamahanya le diphetoho tsena e le ho theha setjhaba se nang le boiqapelo, boitshimollelo le bokgoni ba ho ikamanya le bophelo ba kajeno. Katleho kapa hona ho iphedisa lefatsheng la mofuta ona e batla hore ho be le thuto le thupelo e akaretsang mona Afrika Borwa. Ho hlokeha thuto e kgothaletsang tshebetso e matla ho baithuti mme e kgema le diphetoho tse hlahang tikolohong eo re iphumanang re le ho yona esitga le setjhaba se ikakgelang ka setotswana bakeng sa ho ithuta ka ho sa feleng.
Ha baithuti ba tseba hore thuto e ba betlela tsela ya tswelopele esita le hona ho fumana mesebetsi, ba tla kgothala ho sebetsa ka matla ho ntshetsa pele dithuto tsa bona tsa tsebo ya ho etsa mesebetsi e fapaneng mme ka hona ba ipetlele tsela ya ho amohelwa mesebetsing. Tsebo e eketsehileng ya mesebetsi e fapaneng e na le thuso e kgolo ka ho ntshetsa pele bokgoni ba tshebetso esita le dikelello tse tjhatsi mme ka hona ebe setjhaba sa heso se tswela pele ho ba le katleho ka kakaretso lefatsheng lena.
Sir Christopher Ball, selemong sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e tsheletseng, ha a hlalosa bophihlelo ba moithuti ngwahakgolong ona wa mashome a mabedi a motso o mong o bua ka bomakgonatsohle. Ka tsela e jwalo Ball o hlile o hatella ntlha ya hore batho ba lokela ho dula ba ntse ba ithuta mesebetsi e fapeng bophelong bohle ba bona mme hona ho tla etsa hore re be setjhaba se atlehileng le ka ngwahakgolo o tlang. 
Bomakgonatsohle ke batho ba rupeletsweng ho ba le tsebo, tsebo ya mesebetsi e fapaneng esita le hona ho tseba ho ikamahanya le mesebetsi e fapaneng ka boitsebelo ba bona ba botho. Hona ke nyehelo e kgolo bophelong ba rona naheng ena ya rona esita le lefatsheng lohle. Re fetola mehopolo le kutlwisiso ya bophelo ya hore thuto e sebedisetswa mosebetsi - re lokela ho aha boitsebelo ba ho etsa mesebetsi - ho ruta batho hore ba tsebe ho ka kena mesebetsing e fapaneng - ho kgona ho sebedisa tsebo e fumanweng bakeng sa mesebetsi e metjha e ntseng e hlaha. Thuto ena e ntjha le thupelo e lokela ho thusa setjhaba ho kgona ho kena ka tshwanelo mesebetsing e fapaneng.

3. Moralo wa Setjhaba Mangolo a Thupelo o qadile jwang? Nalane e kgutshwanyane
Moralo wa Setjhaba wa Mango a Thupelo o qala mererong ya mesebetsi dilemong tse qalang tsa dilemo tsa sekete, makgolo a robong, mashome a supileng. Ho tloha dilemong tseo tse qalang tsa selemo sa sekete, makgolo a robong, mashome a supileng, mekgatlo ya kgwebo ya batho ba batsho e ne e qhelelwa thoko ke boramesebetsi ha ba batla meputso e phahameng bakeng sa ho iphedisa ka kutlwisiso ya hore basebetsi bana ha ba na tsebo ya mesebetsi. Ka tsela e jwalo ho ne hothwe dillo tsa bona ha di na motheo. Hona ho ile ha etsa hore basebetsi ba batho ba batsho ba tsebe le ho utlwisisa hore thupelo le kwetliso mesebetsing e bolela bokgoni ba ho amohela meputso e eketsehileng. Boipelaetso ba hore boramesebetsi ba utlwe le ho amohela dillo tsa basebetsi bo ile ba tswela pele ho ya selemong sa sekete, makgolo a robong, mashome a robedi mme ka selemo sa sekete, makgolo a robong, mashome a robedi a metso e robong Mokgatlo wa Kopano wa Basebetsi ba Morafo wa Tshepe wa Afrika Borwa (NUMSA) o ile wa theha sehlopha sa bafuputsi se ileng sa etsa ditlhahiso bakeng sa thupelo.Ka lebaka la hobane basebetsi ba ne ba tseba jwale hore tsebo ya mesebetsi e etsa hore basebetsi ba fumane meputso e eketsehileng, ho ile ha etswa tlhahiso hape ya hore meputso e hlophiswe ho ya ka boitsebelo ba motho ya sebetsang. Tlhahiso ena e ne e sa bolele feela thuto ya motheo ka hobane basebetsi ba ne ba keke ba shejwa tlhahisong ena, empa e ne e bolela ho ananelwa ha thupelo e le hore mosebetsi a seke a ba mohaung wa ramosebetsi a le mong. Tlhahiso ena e ile ya ananelwa ka molao ka kgwedi ya Phupu selemong sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a motso o mong ke Lekgotla la Mekgatlo ya Basebetsi Afrika Borwa (COSATU) 
Bohareng ba dilemo tsa sekete, makgolo a robong, mashome a supileng ho ile ha ba le sello se matla sa hore ho etswe diphetoho thutong. Sello sena se ne se phephetswa ke lefapha la mekgatlo eo eseng ya mmuso. Ho ile ha ba le boipelaetso ba baithuti ba Soweto ka selemo sa sekete, makgolo a robong, mashome a supileng a metso e tsheletseng mme boipelaetso bona ba baka hore ho be le boipelaetso naha kaofela. Ka selemo sa sekete, makgolo a robong,
mashome a robedi setjhaba se ile sa hanana le mokgwa wa tsamaiso ya thuto mehleng eo ka hohlehohle. Boipelaetso bona ba mekgatlo eo eseng ya mmuso bo ile ba etsa hore ho thehwe Leano le letjha la Thuto. Leano lena le letjha la thuto le ile la sebediswa ho ho hlahloba ditshisinyo malebana le ntlafatso ya sebopeho sa thuto. Baetapele ba Leano lena le letjha la thuto ba ile ba buisana le mekgatlo e nang le thahasello ntlafatsong ya thuto le tlhokomelo ya ditokelo. Hona ho ile ha etsa hore dipehelo tsa Leano lena la thuto le phatlaladitsweng ka selemo sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e mmedi e be leano le sa kgetholleng mmala, le sa kgetholleng bong ba motho, leano la demokrasi esita le tharollo ya mathata esita le ho labalabela tsamaiso e sa yeng ka mmala ya thuto le thupelo. Lekgotla la Mekgatlo ya Basebetsi Afrika Borwa (COSATU) le ne le sebetsa hammoho le Leano lena le letjha la thuto. Tshebedisano ena haesale e tswela pele jwalo ho fihlela nakong ya dikgetho tsa demokrasi ka selemo sa 1994.
Le ha mmuso ka nako eo o ne o tsitlalletse ho hana ho amohela ditabatabelo tsa basebetgsi le baithuti, ona mmuso wa nako eo o ile wa tswela pele ho lemoha hore o a hloleha ho iphapanya dillo tsa basebetsi le baithuti. Mopredisente De Klerk o ile a phatlalatsa ka selemo sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong hore mmuso o ikemiseditse ho fedisa leano la kgethollo mme hona ho ile ha etsa hore basebetsi le baithuti ba tsohe molota hore jwale ditabatabelo tsa bona di tla ananelwa. Lefapha la Basebetsi le ile la sebedisa Lekgotla la Setjhaba la Boitjhoriso ba basebetsi (NTB) ho ikitlaetsa esale ho tloha kgale ka selemo sa sekete, makgolo a robong, mashome a robedi ho kgothaletsa thuto e theilweng ho bokgoni ba baithuti mme e le thuto e kgothaletswang ke makgotla a boitjhoriso. Le ha ho le jwalo, mekgatlo e fapaneng e ile ya nyatsa tsela ena ya tshebetso eseng hobane e ne e kgetholla basebetsi empa hobane e ne e sa ele hloko ditlhahiso tsa basebetsi tse malebana le thuto ya motheo. Kamora ngangisano ena pakeng tsa Lefapha lena la Basebetsi le la mekgatlo ya kgwebo ho ile ha ba le kopano ka selemo sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e mmedi bakeng sa ho tadima ditlhahiso tsena botjha.
Lefapha la Thuto le lona le ile la tswela pele ka dipuisano bakeng sa tlhabollo ya thuto mme la qetella ka ho theha Leano la Tsela ya Tshebetso la Ntjhafatso ya Thuto (ERS). Lemulwana la ba ntshetsang pele merero ya demokrasi lefapheng la thuto le ile la mengwa ho ba le seabo tlhabollong ena ya thuto. Lemulwana lena le ile la hana ka lebaka la hore morero ona ha o tsamaye ka molao. Leano la Tshebetso la Ntjhafatso ya Thuto le ile la tswela pele ka ho theha mekga e meraro bakeng sa ntlafatso ya thuto; e leng mokga wa tsa thuto, tsa mesebetsi le thuto e lebisang mosebetsing. Lemulwana la demokrasi ha le a ka la dumellana le mohato ona. Lefapha lena la thuto, haholoholo lehlakoreng la kamohelo ya basebetsi le ile la ba le seabo tshebetsong ena mme la kgothaletsa moralo o tshwanang le o sebediswang mane Scotland le New Zealand.
Kopano ya Lefapha la Basebetsi le mekgatlo ya kgwebo e ile ya etsa hore ho thehwe Lemulwana la boemedi. Lemulwana lena la boemedi le bile le dihlotshwana tse robedi tse nang le boikarabelo ba ho theha leano la naha la tshebetso. Dihlotshwana tsena tse filweng mesebetsi di ne di emetse mekgatlo ya kgwebo, boramesebetsi, mmuso, barupedi ba thuto le thupelo, Lefapha la Thuto la ANC esita le lemulwana la demokrasi. Sehlotshwana sa Bobedi se sebetsang se ile sa ba le tumellano malebana le moralo o motjha o akaretsang. Ka selemo sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e mene ho ile ha phatlalatswa ditokomane tse tharo tse ileng tsa thusa hore ho behwe Molao wa Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa (Molao wa Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa selemong sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e mehlano). Ho ile ha thehwa hape Moralo wa Leano la ANC bakeng sa Thuto le Thupelo ka selemo sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e mene; Tokomane ya Dipuisano ya Boikitlaetso malebana le Thupelo ya Setjhaba ka selemo sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e mene esita le Tlhophiso ya CEPD ya Thuto le Thupelo ka selemo sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e mene. Jwale ho ile ha latela Ditokomane tsa Diqeto tsa Mmuso malebana le Thuto le Thupelo ka selemo sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e mehlano esita le Ditokomane malebana le Kahobotjha le Tswelopele ka selemo sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e mene. Ditokomane tsena ka bobedi ba tsona di ile tsa kgothaletsa tshebediso le ntshetsopele ya Moralo wa Setjhaba wa Mangolo Thupelo.
Sehlopha sa Tshebetso se akaretsang Matona se ile sa thehwa bakeng sa ho ngola Molawana wa Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thuto. Molawana ona o ile wa fetolwa hore e be molao o phethahetseng wa Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa ka la 4 Mphalane selemo sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e mehlano (Molao wa nomoro ya mashome a mahlano a metso e robedi wa selemo sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e mehlano). 
Batho ba pele ba ileng ba sebetsa Bolaoding ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa ba ile ba amohelwa ka kgwedi ya Motsheanong selemong sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e tsheletseng. Kopano ya pele ya Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa yona e ile ya ba ka kgwedi ya Phato selemong sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e tsheletseng mme e eteletswe pele ke monghadi S B A Isaacs e le modulasetulo.

4. Sepheo sa Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thupelo ke sefe?
Sepheo sa Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thupelo jwalo ka ha se hlahella Molaong wa Bolaodi ba Mangolo a Thupelo Afrika Borwa ke sena se latelang:
* Ho etsa moralo wa setjhaba bakeng sa diphihlello tsa baithuti; 
* Ho etsa hore bohle ba be le seabo thutong, ho be le tswelopele thutong, thupelong esita le boitokisetsong ba mesebetsi; 
* Ho phahamisa boleng ba thuto le thupelo; 
* Ho potlakela tokiso ya tse ileng tsa senyeha ka lebaka la kgethollo thutong, thupelong le ho menyetla ya mesebetsi; 
* Ho thusa bakeng sa tswelopele ya moithuti ka mong esita le tswelopele ya setjhaba le moruo wa sona. 

5. Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thupelo o amana jwang le thuto e itshetlehileng hodima tlhahiso ya baithuti?
Mangolo a thuto esita le dihlopha tse ngodisitsweng ho Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thuto a hlaloswa ho latela seo moithuti a lokelang ho ithuta sona kapa seo a lokelang ho bontsha hore o ithutile sona. Ke ka lona lebaka lena ha ho na le tsamaiso ya thuto le thupelo e hlophisitsweng ho latela tseo baithuti ba lokelang ho ithuta tsona.
E nngwe ya dintho tse neng di nyatswa haholo malebana le mokgwa wa kgale wa thuto kwano Afrika Borwa e ne e le hore tse ding tsa ditsha tsa thuto di ne di na le menyetla e mengata ho feta tse ding mme di atlehile ho feta tse ding. Sena se ne se bakwa ke ho ajwa ha disebediswa ditsheng tsa thuto ka tsela e sa kgotsofatseng le hona ho ya ka mmala. Ka lebaka la kgethollo ena ya mofuta ona ho ile ha ba le maikutlo a hore dikolo tseo tse atlehileng di sebetsa ho feta tse ding. Hona ho bile ha baka hore baithuti ba tswang dikolong tsena ba fuwe menyetla ya thuto pele ho ba bang mme ba be ba fumane mesebetsi pele ho ba bang. Ka mantswe a mang ho ne ho tadingwa hore na moithuti o tswa sekolong sefe eseng hakaalo hore na o ithutile eng mme a ka etsa eng. Bothata ba kgethollo ha bo a fella moo feela. Ditsha tsa thuto le tsona di ne di tadima hore na moithuti o tswa fumana kgau kapa dikgau setsheng sefe sa thuto. Boramesebetsi le bona ba ne ba kgetha barutehi ho ya ka ditsha tsa thuto tseo ba tswang ho tsona mme ba ikgakanya ba tswang ditsheng tsa thuto tse itseng. Sekgahla sa ketso ena e mpe se totobetse setjhabeng le moruong wa setjhaba sa heso se totobetse. Ke ka lebaka lena ha ho ile ha hlokeha hore ho be le phetoho setjhabeng sa heso ho tadima seo moithuti a se tsebang le seo a ka se etsang eseng sebaka seo moithuti a tswa fumana dikgau tsa hae teng. Ho a hlokeha hore ho fediswe tshebediso e mpe ya mangolo a thuto eo bophelong ba rona e ileng ya ba ntho e tlwaelehileng.
Lebaka le leng la bohlokwa le ileng la qosa hore Moralo wa rona Mangolo a thupelo o thehwe ho tseo moithuti a di tsebang le tseo a ka di etsang ebile ho ipea maemong a ditlwaelo tsa lefatshe lohle. Puong ya Ronald Barnett ha a hlalosa boitsebelo thutong e phahameng re tseba haholwanyane ka diphetoho tse bileng teng tsamaisong ya thuto le thupelo lefatsheng lohle ka hore: 
"Tlotlontswe e ntjha thutong e phahameng e ne e le letshwao la hore phetoho e teng bophelong ba setjhaba sa kajeno mme phetoho ena e tlama hore ho be le tsebo le kutlwisiso e ntjha. Tshebediso ya mantswe a kang bokgni ba ho etsa mesebetsi e itseng, boitokisetso ba ho kena mosebetsing, phetoho, tsebo, boiphihlelo, thuto e theilweng ho tsebo e seng e le teng, e bontsha hore tsebo yane ya kgale ha e kgone e a haella ho rarolla mathata a setjhaba sa kajeno. Le hoja mantswe ao a kgale a ne a totobatsa boitsebelo ba puo, haholoholo ka tsela ya ho ngola le ho kgona ho buisana esita le mekgwa ya tlhompho, mantswe ana a matjha kgothaletsa hore thuto e thehwe ho seo moithuti a ka se etsang "(e qotsitswe ho Barnett, 1994:71). 
Haeba Afrika Borwa e batla ho ananelwa ke lefatshe lohle, e lokela hore e kenye tsebo le tlhahiso lenaneong la yona la thuto leo Barnett a buang ka lona. Dinaha tse kang naha ya Yuropo, Phasefiki, Ostralashia le Amerika-Leboya, ke dinaha tse seng di amohetse kapa ke dinaha tse bonahalang di le motjheng wa ho amohela thuto ena e itshetlehileng ka tlhahiso. Afrika Borwa le yona e sitwa ho iphapanya ntho ena ya bohlokwa. Moralo wa Setjhaba wa Mongolo a Thupelo o sebediswang mona Afrika Borwa jwalo ka ha o hatella tlhahiso thutong esita le ho sebedisa tlhahiso (ena e fumanweng ka ho fumana lengolo la thuto) ka nepo, ke ho re, sebakeng se tshwanelang; o se o ntse o ntshetsa pele dipuisano bakeng sa tswelopele thutong.
Erekaha ho na le kgopolo ya hore thuto e lokela ho hlaloswa botjha, taba ena e tsamaelana le kamohelo ya hore thuto e na le mekga e mengata mme e fapaneng. Tlhaloso ya kgale ya thuto e ne e beha ditsha tsa thuto e le tsona feela mehlodi ya thuto. Mohopolo ona o ile wa netefatswa ke hore moithuti o fumana lengolo la thuto setsheng sa thuto le pele moithuti eo a ithuta letho ka bophelo bo amang tikoloho eo a phelang ho yona. Ka mantswe a mang hona ho bolela hore ha motho a iphumanetse lengolo la thuto eba thuto jwale e fedile. Haeba moithuti eo a sa ingodisetse lengolo le leng la thuto, ho ithuta bophelong bohle ba hae ho keke ha hlola ho etsahala. Ho tadima bophelo ka leihlo le le leng hona ho beang lengolo la thuto ka pele, ho a belaetsa, ebile ho ntse ho le kgahlano le seo Diqeto tsa Mmuso malebana le Thuto le Thupelo (selemong sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e mehlano, leqephe ke la leshome le metso e mehlano) di se bolelang malebana le kamoo re tsebang ekonomi kapa moruo esita le setjhaba se atlehileng ka teng. 
Moruo le setjhaba se atlehileng di batla hore ho se etswe mekolokotwane ya maemo ka hare ho tlhophiso ya setjhaba, tlhophisong le tsamaisong ya mosebetsi le kamoo thuto e hlophiswang le ho ntsha mangolo a e tshwanelang ka teng. Hona ho batla baahi ba nang le thuto e matla ya motheo, ho ba le le thahasello le bokgoni ba ho ithuta ho tswela pele, ho itlwaetsa le ho tswela pele mesebetsing e metjha, ho ba le boikarabelo tshebetsong ya motho ka mong, ipehela meedi e phahameng tshebetsong esita le hona ho e fihlella ekasitana le ho sebedisana.
Haeba motho a dumela hore ho na le mekga e mengata ya thuto, mme ka lebaka leo thuto e qala pele mme ebile e ntse e tswela pele le ha motho a se a fumane lengolo la thuto, ke ka lebaka lona lena ho leng molemo haholo ho kgothaletsa bohlokwa ba tlhahiso dithutong.
Qetellong, Molao wa Bolaodi ba Mangolo a Thupelo Afrika Borwa (Molao wa nomoro ya mashome a mahlano a metso e robedi wa selemo sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e mehlano) o hlalosa hore o mong wa mesebetsi ya Bolaodi ba Mangolo a Thupelo Afrika Borwa ke ho etsa bonnete ba hore dihlopha le mangolo a thuto a ngodisitsweng ho Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thupelo (NQF) bo sebetsa ka tsela e batlang e tshwana le makgotla a mang a mose. Erekaha tlwaelo lefatshe ka bophara e le ho hlalosa mangolo a thuto ho ya ka seo baithuti ba ithutileng sona, ho sebediswa ha mangolo a thuto mona Afrika Borwa ho ntshetswa pele haeba mangolo a rona a thuto a fela a hlaloswa ho latela thuto eo baithuti ba e fumaneng qetellong ya lenaneo la thuto.
Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thupelo esita le kgothaletso ya tlhahiso qetellong ya lenaneo la thuto le thupelo ke yona tsela eo Afrika Borwa e ikgethetseng yona ho e sebedisa ho etsa hore ho be le diphetoho mokgweng wa thuto le thupelo. Mokgwa ona wa thuto le thupelo o thusa ho tlisa phetoho mabapi le tshebetso ya thuto le thupelo, kamoo e hlophisitsweng ka teng esita le sepheo seo ba nang le seabo thutong ba batlang ho se fihlella ha ba etsa mosebetsi wa bona wa thuto.

6. Ditlhahiso tsa bohlokwa ke eng?
Ditlhahiso tsa bohlokwa ke mokgwa o mong hape o ka sebediswang ho etsa hore ho be le moelelo le tomahano ka hare ho moralo ona wa mangolo a thuto. Ditlhahiso tsena tsa bohlokwa ke tsona tse bontshang seo Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thupelo o se lebellang ho moithuti malebana le thuto le thupelo. Hona ha ho bile ha ho kgathalle mokga wa thuto kapa mofuta wa thuto eo moithuti a sebetsanang le yona, ke ho re, thuto e lebeletsweng hore ke e kgothaletsang thuto e tswellang ka nako tsohle.
Ditlhahiso tsena tsa bohlokwa di reretswe ho thusa batho ba etsang maano a thuto, ba etsang le ho rala mananeo a thuto, ba ntshetsang mananeo a thuto pele esita le bona baithuti ka bobona ho ba le mehopolo e metjha.
Ke ntho ya bohlokwa hore ba ntshetsang pele maemo a thuto ba hlokomela ho sebedisa ditlhahiso tsena tsa bohlokwa hantle thutong le hore di sebediswe dihlopheng tse tshwanelang mangolong a thuto ao di reretsweng ho sebediswa ho ona.
Ditlhahiso tsa bohlokwa thutong tse amohetsweng ke Bolaodi ba Mangolo a thuto Afrika Borwa ke tsena tse latelang:
* Ho hlwaya le ho rarolla mathata ka tsela e bontshang hore ho entswe boikgathatso ba ho nahana ka tsela ya boitshimollelo le ho etsa diqeto tse nepahetseng; 
* Ho sebedisana hantle jwalo ka sehlopha, mokgatlo kapa setjhaba sohle; 
* Ho etsa mosebetsi ka makgethe le ka tsela ya boikarabelo; 
* Ho bokella, ho hlopholla, ho hlophisa le hona ho hlahloba tsebo ka tsela e hlwahlwa; 
* Ho kgokahana ka ho sebedisa tse ka bonwang, dipalo le/kapa tshebediso ya puo ka tsela ya ho bua kapa ho ngola; 
* Ho sebedisa boitsebelo ba saense kapa thekenoloji ka tshwanelo ka ho ba le boikarabelo tikolohong esita le ho batho bao re phelang le bona; 
* Ho totobatsa kutlwisiso ya bophelo ka ho lemoha hore bothata ha bo le teng bo lokela ho kopanelwa e le ho fumana tharollo ya bona. 
E le ho netefatsa hore moithuti e mong le e mong a tswele pele ka tshwanelo setjhabeng sa habo kapa moruong wa naha ya habo, lenaneo le leng le le leng la thuto le lokela ho aha moithuti hore a lemohe bohlokwa ba:
* ho sibolla mekgwa e mengata e metjha ya ho ithuta ka nepo; 
* ho ba setjhaba se nang le boikarabelo bophelo ba lehae, naha esita le bophelo ba tsohle lefatsheng; 
* ho ba le poulelo le bona boikarabelo malebana le moetlo le bokgabane ba botjhaba ba heno maemong a fapaneng a bophelo; 
* ho fuputsa ka ha menyetla ya thuto le thupelo, esita le 
* ho theha menyetla ya mesebetsi. 

7.  Mangolo a thuto a Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thupelo a jwang?
Lengolo la thuto le totobatsa letoto la dithuto tseo moithuti a tla ithuta tsona mme e le dithuto tse nang le sepheo se hlakisitsweng hantle mme di reretswe ho thusa baithuti ho ba le tsebo e phethahetseng mme ebile e le motheo wa ho ithuta ho tswela pele
Lekgotla la Setjhaba le ntshetsang pele maemo a thuto le hlalosa hore lengolo la thuto le:
* Totobatsa letoto la dithuto tseo moithuti a tla ithuta tsona mme e le dithuto tse nang le sepheo se hlakisitsweng hantle mme di reretswe ho thusa baithuti ho ba le tsebo e phethahetseng mme ebile e le motheo wa ho ithuta ho tswela pele; 
* Ho aha moithuti bothong ba hae ka ho mo fa seriti se itseng sa botho, tjhadimo e hlomphehang, mangolo a thuto, ho mo etsetsa monyetla bakeng sa ho fumana mosebetsi le ho mo etsetsa menyetla ya ho ithuta ho tswela pele thutong kapa thupelong; 
* Ho theha menyetla bakeng sa setjhaba le moruo wa sona ka kgodiso ya setjhaba, kgodiso ya dikamano tsa botho le ho ba le tlhahiso e kwenneng ya moruo, ho aha setjhaba sa batho ba nang le tsebo ya ho phetha mesebetsi e fapaneng ka botlalo le hona ho fedisa maikutlo a ho hloka tekano ho batho bohle. 
* Ho hlompha sepheo sa Moralo wa setjhaba wa Mangolo a Thupelo jwalo ka ha o hlahella karolong ya bobedi ya Molao; 
* Ho hlokomela dithuto tse ikgethileng le dithuto tsa bohlokwa tse ntshetsang pele thuto e tswellang, thuto ya bophelo bohle; 
* Ho ipapisa le bokgoni ba ditjhaba tsa dinaha tse ding tsohe tsa lefatshe, haeba ho kgoneha; 
* Ho sebedisa mokgwa o nepahetseng wa hlahlobo e le ho netefatsa hore sepheo sa lengolo leo la thuto se a fihlellwa. Mokgwa oo wa ho hlahloba o tla kenya mekgwa e meng e kang ya ho tadima bonketsisane, ho tadima sebaka sa tshebetso, tse ngotsweng esita le hlahlobo ka tsela ya tshebediso ya puo kapa ho bua; 
* Ho hlaloswa melaong e laolang kabo ya kgau bakeng sa lengolo le itseng la thuto hore lengolo leo la thuto le ka fumanwa ka botlalo kapa ka dikarolwana ho ntse ho tadingwa tsebo eo moithuti a seng a na le yona. Tsebo ena e ka ba e fumanweng sekolong ka ho rutwa, bophelong kapa mosebetsing, le hoja e se yona tsebo feela e lebeletsweng. 
Melawana ena e amohela melawanaya ngodiso ya mangolo thuto a thehilweng hodima ditokomane tsa tataiso thutong esita le ngodiso ya mangolo a thuto a phethahetseng mme a sa thehwa hodima ditokomane tsena tse sebediswang tataisong ya baithuti dikolong. Ka ditokomane tsena tsa tataiso ho bolelwa ditokomane tse ngodisitsweng bakeng sa thuto le thupelo hammoho le mekgwa ya ho hlahloba esita le bolaodi le tsebo e boletsweng hona melawaneng ena. Sebopeho sa mangolo a thuto se supa tseo moithuti a lokelang ho di tseba qetellong ya thuto esita le mekgwa eo thuto eo e hlahlojwang ka yona (le boemo boo thuto eo e hlahlojwang e le ho bona). 
Ho na le ngangisano e kgolo mabapi le kamohelo ya tseo e lokelang ho ba dithuto tseo moithuti a ithutileng tsona qetellong ya lenaneo la thuto. Ho ntse ho na le yona ngangisano eo mabapi le kamoo dithuto tseo di hlaloswang ka teng. Bolaodi ba Mangolo Afrika Borwa e sebedisa mokgwa wa ho ba le seabo ho ba nang le seabo bakeng sa mangolo a thuto a le dihlopha tse lokelang ho ngodiswa ke Moralo wa setjhaba wa mangolo a thuto - kananelo setjhabeng sohle e itshetlehile ho kananelo e tswang ho ba nang le seabo. Le ha ho le jwalo, ba hlophisitseng mangolo ana a thuto le ho hlophisa le tsona dihlopha tse amehang ba ka ikgethela hore na ba a tsitlalla kapa ba tadima mahlakore ohle mabapi le ho aha mangolo a thuto le dihlopha. 
Ke taba ya ho etsa kgetho kapa ho se etse kgetho. Taba e kgahlang malebana le Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thupelo ke hore bohle ba nang le seabo thutong, haholoholo thutong eo e itseng ba na le hona ho etsa diqeto.Ho feta mona, malebana le ho lekola kapa ho hlahloba mangolo ana a thuto esita le tsona dihlopha tsa thuto, ho lokela ho etswa kgafetsa e le ho netefatsa hore tse tshwanelehang malebana le thuto le tseo ho dumellanweng ka tsona di a fihlellwa, di a fumanwa. Haeba ho na le tumellano ya hore ho lokela ho etswe diphetoho thutong, ho sa na le nako e ngata bakeng sa ho phethahatsa le ho amohela tseo tseo ho dumellanweng ka tsona. 
Taba e batlang e le thatanyana ke taba ya dithuto tseo baithuti ba ithutang tsona esita le boemo ba tsebo. Batho ba bang ba hlahisa taba e batlang e le thata ya hore dithuto tse itseng tsa mangolo a itseng a thuto le dihlopha di ka hlaloswa ho ya ka tsebo e tshwanelang sehlopha se itseng. Ha re tea ka mohlala re ka fumana tsebo e tshwanelang mangolo a thuto bakeng sa Boenjenere. Le ha ho le jwalo, malebana le mangolo a mang a thuto bothata bo hlile bo boholo hobane dithuto tsa ona ke tse sa tlwaelehang kapa tse sa totobalang hantle.Haeba ho lebeletswe ho fihlellwa tumellano ya naha yohle, hona ho tla etsa hore ho be le tahlehelo ya boiqapelo le boitshimollelo; athe bona boiqapelo le boitshimollelo boo bo etsang hore mangolo ao a thuto a be le molemo o itseng. Bolaodi ba Mangolo a thupelo Afrika Borwa bo utlwisisa hore tlhaloso ya Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thuto e rarolla bothata bona. Hona ho bolela hore lengolo la thuto le bolela kopano ya thuto e fihlelletsweng qetellong ya lengolo leo la thuto mme e le thuto e nang le sepheo se itseng mme e bile e reretswe ho fa baithuti tsebo e itseng. Ka lehlakore le leng lengolo leo la thuto le lokela ho etsa kgothaletso ya ho ithuta ho tswela pele.
Bakeng sa ho hlalosa lengolo la thuto, ba nang le seabo sa ho hlophisa thuto ba tla lokela ho hlokomela hore ho be le sepheo sa lengolo leo la thuto mme hape ba hlokomele kamoo sepheo seo sa thuto se ntshetsang pele moithuti ka teng bakeng sa ho ithuta ho tswela pele.
Ho feta mona tsebo eo re buang ka yona ke tsebo e kgothaletsang molemo wa tshebediso ya tsebo e thehilweng ho seo moithuti ka mong a ithutang sona. 
Tsebo e sebediswang e bolela boitsebelo ba motheo, tsebo e sebediswang kamehla bakeng sa ho kgona ho phetha mosebetsi o itseng bophelong ba letsatsi le letsatsi. Ka boitsebelo kapa yona tsebo ya motheo ho bolelwa kutlwisiso ya se etswang le hore hobaneng ha se etswa. Tsebo e sebediswang yona ke tsebo e bonahatswang ha ho etswa mosebetsi o itseng. Tsebo e totobatswang yona ke tsebo e sebediswang ka tsela ya ho ithuta ka diketso esita le ho kgona ho itlwaetsa diphetoho esita le ona maemo a neng a sa lebellwa kapa a sa tlwaelehang.
Sepheo sa ba nang le boikarabelo mabapi le boemo ba thuto ke ho lekalekanya ditlhoko tsa setjhaba le ditlhoko tsa motho ka mong. Sepheo sena hape ke ho ntshetsa pele mananeo a thuto a totobatsang ka ho otloloha sepheo sa lengolo la thuto empa a bile a akaretsa ka ho dumella motho ho sebedisa maikutlo a hae, ho kgetha se lokelang ho rutwa, mokgwa wa hlahlobo, ho amanya ditlhoko tsa tshebediso ya tsebo le tshebediso ya tsebo e totobetseng: hona ho thusa kamohelong ya sebopeho sa lengolo la thuto, ka dithuto tsa tlatsetso tse ntshetsang pele boiqapelo,boitshimollelo le ho etsa diteko ka ho se thunthetse sepheo sa lengolo leo la thuto.
Mangolo ana a thuto a ngodiswa boemong bo itseng ba Moralo wa mangolo a thuto mme a amohelwa ho latela boleng ba ona. Baithuti ba nka nako e itseng ho bokella dintlha tse tla ba dumella ho fumana ho etsa lengolo le itseng.

8. Moralo wa rona wa Mangolo a Thupelo o jwang?
Bolaodi ba Mangolo a Thupelo Afrika Borwa bo amohetse ho sebedisa moralo wa thuto wa maemo a ka arolwa mekga e robedi. Mokga wa pele le wa borobedi e tsejwa e le mekga e 'bulehileng'. Boemo ba pele bo kenyeletsa mangolo a mararo e leng Thuto le Thupelo ya batho ba baholo. Ka lehlakore le leng mokga ona wa pele o ntse o bile o kenyeletsa le Thuto le Thupelo e akaretsang. 
Boemo ho NQF
Bente
Mofuta wa lengolo la Thuto dipatlisio tsa mangolo a dikgau
8 
7 
6 
5
Thuto le 
Thupelo e 
phahameng
* Lengolo le phahameng ho lengolo la bongaka 
* Mangolo a bongaka 
* Mangolo a masters 
* Mangolo a mesebetsi e fapaneng 
* Mongolo a honours 
* Mangolo a dikgau tssa setjhaba 
* Mangolo a phahameng a diploma 
* Mangolo a diploma tsa setjhaba 
* Mangolo a disetifikeiti tsa setjhaba 
Mangolo a tswellang a Thuto le Thupelo (FETC)
4 
3 
2
Thuto le 
Thupelo e 
tswellang pele
Mangolo a disetifikeiti tsa setjhaba
Mangolo a e akaretsang le thupelo (GETC)
1
Kgato ya Borobong

Mangolo a Setjhaba
a bopaki
Thuto ya Ba Baholo

9. Bolaodi ba Mangolo a Thupelo Afrika Borwa ke eng? (SAQA)?
Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa lekgotla le thehilweng ka ditho tse mashome a mabedi a metso e robong mme ba amohetswe ka molao ke Letona la Thuto esita le Letona la Mesebetsi. Ditho tsena di ile tsa thonngwa ke ditho tse ananelwang tsa thuto le thupelo. Mesebetsi ya Bolaodi ba Mangolo a Thuto le Thupelo Afrika Borwa e ka arolwa dikarolo tse pedi; e leng tsena tse latelang:
* Ho hlokomela hore ho sebediswe le ho ntshetswa pele Moralo wa Setjhaba wa thuto le thupelo. Lekgotla lena le theha le ho phatlalatsa maano le mekgwa ya ho ngodisa mekgatlo e nang le boikarabelo ba ho ntshetsa pele thuto le thupelo esita le dihlopha le mangolo a thuto. Le ananela mekgatlo e ikarabellang tlhokomelong ya dihlopha le mangolo a thuto;
  
* Ho hlokomela tshebediso ya Moralo wa setjhaba wa mangolo a Thupelo ka ho hlokomela hore ho ngodiswe, ho ananelwe le ho aba mesebetsi ho mekgatlo e boletsweng ka hodimo. Le bile le hlokomela ngodiso ya dihlopha tsa thuto ya setjhaba le ona mangolo a thuto ho Moralo wa setjhaba wa mangolo a thuto le thupelo. Bolaodi bona ba mangolo a thuto Afrika Borwa bo lokela ho hlokomela hore mekgwa ya kananelo e latetswe hantle ka tshwanelo esita le hore mangolo a thuto le dihlopha jwalo ka ha a ngodisitswe a ka bapiswa le mangolo a thuto a dinaha tse ding lefatshe ka bophara ba lona. 
Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo lokela ho eletsa Letona la Thuto le Letona la Mesebetsi. Bolaodi bona ba thuto Afrika Borwa bo lokela ho phetha mesebetsi ya bona kamora hoba bo ikopanye le mekgatlo yohle e amehang esita le ditsha tsa thuto le thupelo esita le dihlopha tse amanang le Moralo wa Setjhaba wa mangolo a thuto. Bolaodi bona bo lokela ho ikamahanya le ditokelo tsa mekgatlo e fapaneng ho latela Molao wa Motheo esita le Melawana ya Palamente. Ofisi ya Bolaodi ba Mangolo a Thupelo Afrika Borwa e na le boikarabelo ba ho phethahatsa maano le diqeto tsa Bolaodi.
Ka selemo sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e robedi, Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo ile ba tsebahatsa le hona ho phatlalatsa melawana ya Makgotla a Setjhaba a laolang maemo a thuto (NSB). Melawana ena e ne e fa Makgotla a Setjhaba a laolang maemo a thuto esita le Makgotla a kgothaletsang tlhophiso ya dihlopha tsa thuto monyetla wa ho ngodiswa. Makgotla ana a tla ba le boikarabelo ba ho hlahisa le ho kgothaletsa kamohelo ya mangolo a thuto le dihlopha tsa thuto ho Moralo wa setjhaba wa mangolo a thuto. Melawana ya Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto le yona e ile ya phatlalatswa ka selemo sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e robedi. Melawana ena e ne e kgothaletsa kananelo ya makgotla a Thuto le Thupelo a kgothaletsang makgabane thutong.
Makgotlana ana a tla ba le molemo wa ho ananela barupedi ba dihlopha le mangolo a thuto le thupelo a ngodisitsweng ho Moralo wa Setjhaba wa Thuto. Makgotla ana a tla be a hlokomele le ho hlahloba mekgwa ya dihlahlobo le ho thusa tshebetsong ya hlahlobiso le ngodiso ya batho ba hlahlobisang.

10. Dibopeho tsa Bolaodi (SAQA) ba Mangolo Boitsibiso a Thuto Afrika Borwa di jwang mme sepheo sa tsona ke sefe?
Mekgwa ya ho phahamisa maemo a tshebetso esita le ho kgothaletsa tshebetso e kgabane ya Moralo wa setjhaba wa mangolo a thuto e ka arolwa ka dintlha tsena tse pedi tsa bohlokwa:
* Tsebo e sebediswang bophelong ba kajeno e etswa ka tsela ya kopanelo pakeng tsa dihlopha tse fapaneng tsa batho setjhabeng seo ba leng ho sona. E ka ba barutehi kapa bafuputsi ho isa ho ba kgwebong. E ka ba basebetsi ho ya ho ditsebi; e ka ba mekgatlo ya mmuso le mekgatlo e teng ka hare ho setjhaba mme e be baithuti ka ho fapana ho isa ho ditsebihadi tsa diporofesa. Ka mantswe a mang tsebo ha e sa hlahiswa feela ke sehlotshwana se itseng sa batho ba neng ba tsejwa ka hore ke ditsebi;
  
* Leano la naha la tshebetso la lefapha la thuto le lokela ho tadima dintho ka mahlakore ohle mme le leke ho akaretsa e le ho hlokomela maemo a sa tshwaneng ao baithuti ba tobaneng le ona. Le lokela hape ho hlokomela hore ho be le tshebedisano le ho amana pakeng tsa setjhaba le motho e mong le e mong setjhabeng seo. Ka tsela ena le tla be le akaretsa dintlha tsa bohlokwa bakeng sa ho hlalosa se leng molemo bakeng sa thuto le mangolo a thuto. 
Ntlha ya pele e hlile e tobane le seo Bolaodi ba Mangolo Thuto Afrika Borwa bo hlileng bo sebetsanang le sona. Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo emetswe ke baemedi ba hlahang lefapheng la thuto le thupelo ka hare ho naha ya Afrika Borwa. Botho ba Makgotla a laolng maemo a thuto le bona bo totobatsa tlhahiso ya tsebo ka tsela ya dikamano tsena tse boletsweng. Makgotla a lalolang maemo a thuto a emetswe ke baemedi ba hlahang mekgatlong ya ba nang le thahasello le seabo mme ba emetse mafapha a kang: Mafapha a mmuso, mekgatlo ya kgwebo, mekgatlo ya mesebetsi, baemedi ba thuto lt thupelo, dihlopha tse nang le thahasello e ikgethileng esita le mekgatlo ya setjhaba kapa yona ya baithuti. Ha se mekgatlo e mengata ho ena e boletsweng e ileng ya buisana ka maemo a thuto le thupelo esita le ditlhoko tsa thuto le thupelo ka hare ho naha ya Afrika Borwa. Ho feta mona ditho tsa Lekgotla le kgothaletsang ntlafatso ya maemo a thuto di kgethilwe mafapheng a fapaneng e le ho netefatsa taba ya hore tlhahiso ya tsebo e itshetlehile ho dipuisano le tadimisano.
Ntlha ya bobedi ke hona ho ikakgela ka setotswana ha Moralo wa setjhaba wa mangolo a thuto thutong le thupelong e itshetlehileng ka seo moithuti a ithutang sona qetellong ya lenaneo la thuto e le ho tlisa diphetoho thutong le thupelo mona Afrika Borwa. Moralo wa setjhaba wa mangolo a thuto ka ho hlalosa mangolo a thuto ka ho sebedisa seo moithuti a tla ithuta sona qetellong ya lenaneo la thuto, moralo ona o ntshetsa pele ditlhoko tsa setjhaba le ho kgothaletsa thuto e kgabileng ka makgabane. Setjhaba se keke sa hlola se kgona ho amohela maemo ao ho ona baithuti ba bang le tsebo e batsi hoo monngwa mosebetsi a sa tsebeng hantle hore na tsebo ya bona ke eo motheo wa yona e leng ofe. Setjhaba se keke sa hlola se dumella bosawana ba hore ho be le kgethollo pakeng tsa baithuti ka lebaka la tsebo ya bona e fapaneng. Setjhaba se keke sa hlola se dumella hore se itebatse maemo a lekanang a tsebo malebana le mangolo a thuto. Ka bokgutshwanyane re ka hlalosa hore seo baithuti ba lokelang ho se tseba qetellong ya lenaneo la thuto, maemo a thuto esita le mangolo a thuto a lokela ho hlakiswa e le hore ho hlake hore ho lebeletswe eng ho baithuti.
Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo lemohile hore maemo esita le mangolo a thuto a etsa hore ho eketsehe barupedi esita le baithuti ba nang le boitsebelo bo tiileng thutong mme ka hona Bolaodi bona ba mangolo a thuto Afrika Borwa bo thehile Makgotla a Thuto le Thupelo a kgothaetsang thuto e nang le makgabane. Mefuta e fapaneng ya mangolo a thuto esita le dihlopha tsa thuto e tla tlisa thahasello e kgolo malebana le ntlafatso ya lenaneo le akaretsang la thuto. Taba e kgolo eo Bolaodi ba Mangolo a Thuto mona Afrika Borwa bo e hatellang ha se feela ho etsa bonnete ba hore barupedi bohle ba latela lenaneo la thuto ya setjhaba empa empa ke ho etsa bonnete ba hore baithuti ba fumaneng mangolo ho Moralo wa setjhaba wa mangolo a thuto ba kgona ho totobatsa thuto eo ba e fumaneng mangolong a bona a thuto ho latela mekgwa e tshwanelang ya hlahlobo. Ka lebaka lena, Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa ha se bona bo tla ngodisa mananeo a thuto ho Moralo wa Mangolo a Thuto. Makgotla a Thuto le Thupelo a hlokomelang makgabane thutong ke ona a tla hlahloba a barupedi ba fapaneng ka tsela ya kananelo, e le ho netefatsa hore moithuti e mong le e mong ya fumaneng monyetla mme a itshupa a sebeditse hantle, o bontshitse boitsebelo bo hlokehang bakeng sa lengolo kapa mangolo ao a thuto. Sehlopha se loketseng ho phetha mosebetsi ona hantle wa ho etsa bonnete bona, ke sehlopha sa baemedi ba ba nang le seabo, ke ho re, ba ikitlaetsang mangolong ao a thuto. Ka lebaka lena, Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto ke lona le hlileng le nang le boikarabelo tabeng ena. Ka lebaka leo, mabapi le kgothaletso ya makgabane thutong, Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto le lokela ho ba le ditho tsa baemedi ba ba nang le seabo bakeng sa ho etsa diqeto e leng se tla etsa hore ho be le boikarabelo le botshepehi thutong.
Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo na le mekga e mmedi. Mekga ena ke Lekgotla le laolang maemo a thuto esita le Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto. Makgotlanyana a welang karolong ya maemo a thuto ke Lekgotla le laolang makgotla a thuto le lekgotla le ntshetsang pele maemo a thuto. Makgotlanyana a welang tlasa lekgotla la kgothaletgso ya makgabane a thuto ke Lekgotla la Thuto le thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto (ETQA). Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo ka ikgethela ho fumana mekgatlo e hlahlobisang, haeba ho hlokeha jwalo. Mesebetsi ya Bolaodi ba Mangolo a Thuto e boletswe ho latela Molao wa Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa jwalo ka ha ho se ho boletswe ka hodimo. Mesebetsi ya Lekgotla le laolang maemo a thuto le lekgotla le ntshetsang pele maemo a thuto e beilwe Melawaneng ya Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa (Molao wa nomoro ya mashome a mahlano a metso e robedi wa selemo sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e mehlano), Lekgotla le laolang maemo a thuto, Lesedinyaneng la Ditsebiso tsa Mmuso la nomoro ya 18787 la la 28 Hlakubele 1998. Mekgwa ya kananelo esita le mesebetsi ya Lekgotla la thuto le thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto esita le barupedi e boletswe Melawaneng ya Molao wa Bolaodi ba Mangolo a Thuto (Molao wa nomoro ya mashome a mahlano a metso e robedi wa selemo sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e mehlano); Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto, Lehlasedi la Ditsebiso tsa Mmuso la nomoro ya 19231 la la 8 Loetse 1998).
Thuto ho Moralo wa setjhaba wa mangolo a thuto e arotswe ka mekga e leshome le metso e mmedi. Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo thehile Makgotla a Setjhaba a laolang maemo a thuto a leshome le metso e mmedi. Mokga o mong le o mong o emetse mokga o itseng. Mekga eo e leshome le metso e mmedi ke ena e latelang:
Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thuto o tla arolwa mekga e leshome le metso e mmedi mme yona ke ena e latelang:
NSB 01 
Temo le Paballo ya tlhaho 
NSB 02 
Moetlo le Bonono 
NSB 03 
Kgwebo le Dithuto tsa Bolaodi 
NSB 04 
Dithuto tsa Dikamano le Puo 
NSB 05 
Thuto, Thupelo le Ntshetsopele 
NSB 06 
Tlhahiso, Boenjenere le Thekenoloji 
NSB 07 
Botho le Dithuto tsa Botjhaba 
NSB 08 
Molao, Saense kapa Mahlale a sesole le Mesebetsi ya Sesole 
NSB 09 
Mahlale a Bophelo le Mahlale a Botjhaba. 
NSB 10 
Dipalo tsa hlaho komputara le bophelo ba bonono 
NSB 11 
Mesebetsi 
NSB 12 
Polame.... 
Re fumana mekga ena e leshome le metso e mmedi mme mokga o mong le o mong o emetse lekala le isteng la thuto.
Lekgotla le laolang
maemo a thuto
Lekgotla la Thuto
le Thupelo

Mesebetsi ya Makgotla a laolang maemo a thuto e akaretsa tsena tse latelang:
* Hlalosa le ho etsa kgothaletso ho Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa mokga wa thuto oo le thehilweng ka lebaka la ona. Le tla hlalosa molemo wa thuto eo, mosebetsi wa thuto eo esita le makala a mang a dithuto tse ding tse amanang le yona; 
* Ho hlwaya le ho theha Makgotla a laolang dikolo ho latela mekga e itseng ya mananeo a thuto. Ho hlokomela hore mesebetsi ya Makgotla ana a laolang dikolo a sebetse ho latela se lebeletsweng ke Bolaodi ba Mangolo a thuto Afrika Borwa; 
* Ho kgothaletsa hore ho ngodiswe mangolo a thuto ho Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa; 
* Ho hlahloba le ho ntjhafatsa mangolo a thuto le dihlopha tsa thuto; 
* Ho sebedisana le Makgotla a Thuto le Thupelo a kgothaletsang makgabane a thuto; 
* Ho hlalosa tse lebeletsweng esita le yona mekgwa ya bohlahlobi bakeng sa ho hlahlobisa mangolo a thuto le ona maemo a itseng thutong. 
Makgotla ana a laolang maemo a thuto ha a thehe maemo le mangolo a thuto empa a hlokomela mesebetsi ya thuto e etswang mekgeng e menyenyane ya mananeo a thuto.
Mesebetsi ya Makgotla a ntshetsang pele maemo a thuto ke ena e latelang:
* Ho theha dihlopha tsa thuto esita le mangolo a thuto ho latela ditlhoko le ditaelo tsa Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa mabapi le mekga e menyenyane le e meholo e tsebahaditsweng ya thuto; 
* Ho lekola le ho hlabolla maemo a dihlopha tsa thuto; 
* Ho kgothaletsa dihlopha le mangolo a thuto ho Makgotla a Setjhaba a laolang maemo a thuto; 
* Ho kgothaletsa hore ho sebediswe mekgwa e itseng bakeng sa ngodiso ya bahlahlobi le ba nang le tokelo ya ho hlahlobisa. 
Ho ka thehwa Lekgotla la Thuto le Thupelo le hlokomelang hore ho be le bokgabane thutong mafapheng a fapaneng a setjhaba, lefapha la moruo kapa ekonomi kapa lefapha la thuto le thupelo.Leano le thibelang phetapheto le a sebediswa ha ho thehwa makgotlana ana. Hona ho bolela hore lekgotla le hlokomelang makgabane le tla thehwa ho latela sesosa seo lekgotla leo le hlileng le se hatellang e le hore mosebetsi wa lekgotlana leo o seke wa thulana kapa wa ipheta ho mosebetsi o seng o ntse o etswa ke Lekgotla la thuto le thupelo le hlokomelang makgabane thutong. Jwale mesebetsi ya makgotlana ana a hlokomelang makgabane a thuto ke ena e latelang:
* Bahlahisi Ba Kananelo 
* Ntlafatso tiisetsong mabapi le maikutlo a bahlahisi 
* Ho hlahloba le ho hlahisong 
* Ho hlahloba mokgwa wa ho hlahloba le ho lekola mosebetsi wa barupedi hodima ntlha ena; 
* Boitsibisong ba baithuti 
* Ho fana ka mangolo a bopaki kapa mangolo a thuto ho baithuti; 
* Ho sebetsa hammoho le makgotlana a laolang dihlahlobo; 
* Ho kgothaletsa Makgotla a laolang maemo a thuto hore ho be le dihlopha le mangolo a matjha a thuto kapa ho etswe diphetoho tse itseng ho dihlopha le mangolo a thuto a seng a ntse a le teng; 
* Ho boloka pokello ya tsebo kapa ditokomane tse itseng tsa bohlokwa thutong; 
* Ho fana ka dipehelo ho Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa. 
Makgotla a Thuto le Thupelo a kgothaletsang makgabane a thuto ha a thehe maemo a itseng thutong empa a hlokomela hore mananeo a thuto a rutwe ka bokgabane mme a hlahlojwe le ka tshwanelo. Lekgotla la thuto le hlokomelang makgabane a thuto ha le ikarabele tabeng yahoruta empa kamoo thuto e rutwang ka teng le kamoo e hlahlojwang ka teng.
Barupedi ba lokela ho bale tsena tse latelang e le hore ba tle ba fumane kananelo ya Lekgotla la thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane thutong:
* Ngodiso jwalo ka mohlahisi wa tsebo ho latela melao e tshwanelehang; 
* Ho ba le botsamaisi bo hlwahlwa; 
* Ho ntshetsa pele, ho ruta le ho hlahloba mananeo a thuto mme qetellong re fumane mangolo le dihlopha tsa thuto tsa Moralo wa setjhaba wa mangolo a thuto; 
* Ho ba le tshebetso e tiileng bolaoding. 
* Eba le chelete e bohlokwa ya kamohelong ya hlahiso e kgotsofatsong. Ho amohela baithuti, ho ba tataisa le ho ba le tsela ya ho thusa moo ho hlokehang le ho hlahloba mekgwa ya ho hlahloba mananeo a thuto; 
* Ho ba le tshehetso digethang tsa basebetsing boithapeletsong le neshetsopele ho moithuti. 
* Ho ba le bokgoni ba ho fihlella tse lebeletsweng ho fihlellwa qetellong ya lenaneo la thuto ka ho sebedisa disebediswa tse tshwanelang le tsela ya tshebetso e nepahetseng. 
Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo hlokomela le ho amohela bohlokwa ba ho amohela barupedi le ha ba se na tse lebeletsweng ho latela melawana ya kananelo. Maemo a kang ana a ditaba, Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo tla amohela ho fa barupedi ba jwalo kananelo ya nakwana e le hore ha ba iphumane ba tle ba fumane kananelo e phethahetseng. Ho feta mona, kananelo ena ya nakwana e ka amohelwa feela haeba moithuti a hlokomelehile e le hore a tle a tsebe ho tswela pele thutong ya hae. 
Mekgwa e ikgethileng ya bohlahlobi ba mangolo a thuto e thusa hore ho be le kutlwisiso ya sehlopha kapa boemo bo lebeletsweng ditsheng tse fapaneng tsa thuto tse ngodisitsweng makgotleng a fapaneng a kgothaletso ya makgabane thutong.

 11. Ho ka hlahlojwa ka tsela e kgabane jwang?
Bolaodi ba Mangolo a Thupelo Afrika Borwa bo hlile ba hlakisa mekgwa e meng ya ho hlahloba e batlang e fapane le mekgwa e tlwaelehileng ya ho hlahloba hlahlobo e ngotsweng e le yona feela. Ha ho hlile ho hlahlojwa tseo mothuti a ithutang tsona lenaneng la thuto, ho a hlaka hore mokgwa ona wa hlahlobo ha o hlile ha o a loka. Mekgwa e meng ya ho hlahloba e etsa hore ho be le tlhokeho e kgolo tsamaisong ya thuto ya ho hlahloba ka tsela eo ho tla hlaka boemo ba thuto e hlahlojwang esita le dihlopha tsa thuto tse lebeletsweng e leng tse ngodisitsweng ho Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang maemo a thuto. 
Haeba ho sebediswa dihlopha le maemo a fapaneng thutong, thuto yohle e tla hloka ho kgahla le ho tshepeha ho baithuti. E le ho netefatsa hore sena ha se etsahale, Bolaodi ba Mangolo a Thupelo Afrika Borwa bo na le mekgwa e mengata ya ho hlahloba:
Sehlopha se seng le se seng esita le lengolo le leng le le leng la thuto le ngodisitsweng ho Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thupelo se lokela ho:
* ho sebedisa mekgwa ya ho hlahloba bakeng sa dithuto tse fumanwang mananeong a thuto; 
* Hlahisa mekgwa ya ho ngodisa bahlahlobi ba dithuto tse fumanwang mananeong a thuto; 
* Ho hlahisa mekgwa e meng ya ho hlahlobisa esita le makgotla a hlahlobisang; 
Ke ka lebaka lena ba kgothaletsang mangolo a Thupelo le dihlopha ba nang le seabo sa bohlokwa esita le mekgwa ya bohlokwa ya ho hlahloba.
Ho feta mona, mesebetsi e meng ya Lekgotla la Thuto Le Thupelo bohlokomeding ba makgabane a thuto ke ena e latelang:
* ho hlahloba me kgwa ya ho hlahloba e sebediswang esita le ho kgothaletsa hore e hlahlobiswe hantle; 
* ho ngodisa bahlahlobi ho latela tse hlokwan bakeng sa morero ona; 
* ho sebedisana le ho amana le mekgatlo e reretsweng ho hlahlobisa ho latela Lekgotla la Thuto le Thupelo le hlokomelang makgabane a Thupelong. 
Ke ka lona lebaka lena ha mosebetsing ona wa ho hlokomela hore ho be le makgabane thutong, ho kgothaletswang hore ho hlahlobiswe e le hore barupedi ba tsebe ho sebetsa ka tsela e tshwanang.
Ha re qetela re ka bolela feela hore Bolaodi ba Mangolo a Thupelo Afrika Borwa bo na le tokelo ya ho amohela lekgotla la bohlahlobi, haeba ho hlokeha jwalo. Lebaka ke ho etsa bonnete ba hore hlahlobo ya tse ithutilweng mangolong a thuto a laolwang ke Lekgotla le laolang maemo a thuto ke e lokileng mme e tshepehang mme e loketseng Makgotla a thuto le thupelo a hlokometseng makgabane thutong.

12. Bolaodi ba Mangolo a Thupelo Afrika Borwa bo netefatsa jwang hore ba nang le seabo ba ananela maano a bona?
Molao wa Bolaodi ba Mangolo a Thupelo Afrika Borwa o hlalosa hantle hore Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thupelo o lokela hore e be ona o ikamahanyang le mekgatlo e amanang le thuto, thupelo le kabo ya mangolo a thuto a amang Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thupelo.
Erekaha Molao wa Bolaodi ba Mangolo a Thupelo Afrika Borwa o hlile o totobatsa bohlokwa ba hore Bolaodi bona ba mangolo a thuto Afrika Borwa bo ikakgele ka setotswana ka ho ba le dipuisano, hona ho bontsha morero wa mmuso wa demokrasi mabapi le maano a boemedi le le ho ba teng ha ba nang le seabo ditsheng tsa setjhaba tsa thuto. Taba ena ya ho akaretsa bohle e qaleha morao nalaneng moo ba bangata ba neng ba se na monyetla wa ho etsa diqeto le ha di ba tlama, mabapi le thuto le thupelo. Ha re tea ka mohlala re fumana hore mesebetsinyana e neng e rutwa esita le tse teng mananeong a thuto, e ne e le dintho tse neng di etsa ke ditsebi feela. Ho ne ho sa kgathallwe ho buisana le basebedisi ba yona tsebonyana eo; e ka ba moruong, mesebetsing esita le ho baithuti ka bobona.
Hona ho bakile hore ho be le boipelaetso ba hore ha ho na kamano pakeng tsa se rutwang dikolong tsa thuto esita le se hlokwang bophelong kapa mesebetsing e fapaneng kapa hona ho ithuta ho tswela pele. Ho feta mona, ho ne ho se na kamano pakeng tsa bolaodi bo phahameng ba thuto esita le mafapha a mesebetsi; e ka ba dikgwebong tse fapaneng kapa mmusong, pakeng tsa barupedi ba thuto dikolong tsa thuto le thupelo. Hona ho bolela hore thuto e ne e sa bontshe kamano pakeng tsa mafapha a fapaneng a bophelo - mangolo a thuto a dula a itshekile, a tsejwa a fumanwa sebakeng se itseng feela kapa setsheng se itseng sa Thupelo mme a sa kopane le mekga e meng ya thuto ka letho.
Le ka ntle ho tlwaelo e teng mmusong ona o motjha wa Afrika Borwa e leng ya ho utlwa maikutlo a bohle, taba ya bohlokwa mabapi le maikutlo a batho ka mangolo a thuto ke hore na a na le molemo ofe setjhabeng. E le hore Afrika Borwa e tle e kgone ho ba le diphetoho, ke ntho ya bohlokwa hore mafapha a fapaneng a bophelo jwalo ka mmuso, barutehi, tsa kgwebo kapa moruo, mesebetsi le barupedi thutong le thupelong, ha re qolla a seng makae feela, a utlwane mme a sebeletsane. Ha re sebedisa mokgwa ona o kenyeletsang e mong le e mong a nang le seabo, Afrika Borwa e tla bona tswelopele le kananelo le mafatsheng a mose.
Bolaodi ba Mangolo a Thupelo Afrika Borwa bo ikakgetse ka setotswana mabapi le ho utlwa maikutlo a setjhaba e le ho theha leano. Ho hlokeha hore ho hlahlojwe mangolo a thuto esita le dihlopha tsa ona. Ba nang le seabo ba lokela ho ntsha maikutlo mabapi le mangolo aana a thuto le dihlopha tsena tsa thuto tse kgothaleditsweng. Ho feta mona, mangolo ana a thuto le dihlopha tse kgothaleditsweng a tla hlahiswa ho mekgatlo ya batho ba holofetseng kapa batho ba batlang ba kgeswa setjhabeng. Le baka ke hore le bona ba fumane monyetla wa ho hlahisa maikutlo a bona malebana le mangolo ana a thuto le dihlopha pele a ka ngodiswa. Ena e tla ba ntho ya bohlokwa e tiisang hore ha ho motho ya qheletsweng ka thoko; ke ho re, ke mohato o amang setjhaba kaofela.
Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto le lona le hloka boemedi ba mafapha ohle setjhabeng bakeng sa ho etsa bonnete ba hore le sebetsa hantle ka tshwanelo. Sepheo sa boemedi bona ke ho etsa bonnete ba hore le na le boikarabelo bo phethahetseng setjhabeng le hore le etsa ditaba tsa lona pepeneneng hore bohle ba be le tsebo. Ho feta mona, ditokomane tsohle tsa maano tsa Bolaodi ba Mangolo a Thupelo Afrika Borwa di etswa ka tshebedisano le baemedi bohle mme ebe di tla phatlatswa Lesedinyaneng la Ditsebiso tsa Mmuso e le hore setjhaba se ntsehe maikutlo a sona malebana le tsona. Mabitso ohle a thontsweng bakeng sa batho ba lokelang ho ba ditho tse laolwang ke Bolaodi ba Mangolo a Thupelo Afrika Borwa, le ha re bale ditho tsa Bolaodi ba Mangolo a Thupelo, a phatlalatswa Lesedinyaneng la Ditsebiso tsa Mmuso e le hore setjhaba se nne se be le monyetla wa ho hlahisa maikutlo a sona. Ho feta mona, ditokomane tsohle tseo setjhaba se lokelang ho hlahisa maikutlo a sona ka tsona esita le diphatlalatso tsa Bolaodi ba Mangolo a Thupelo Afrika Borwa Lesedinyaneng la Ditsebiso tsa Mmuso di hlophisitswe hore di hlahelle ho 'website' (http://www.saqa.org.za). Ka tsela ena Bolaodi ba Mangolo a Thupelo Afrika Borwa bo hlokomela hore mesebetsi ya bona e tsebisahale setjhabeng mme e ame motho e mong le e mong. 
Leano la tshebetso la Thuto le Thupelo le lona le sebetsa ka ho utlwa maikutlo le hona ho buisana le bohle ba nang le seabo e le ho ba le tshepo setjhabeng ya hore le a tshepeha mme le ama bohle. Ho feta mona Bolaodi ba Mangolo a Thupelo Afrika Borwa bona bo hlokomela tsohle; ke ho re, ha se lefapha la mmuso kapa lekala le itseng la mmuso. Bolaodi bona ha bo kgothaletse kgwebo kapa moruo,kapa mesebetsi kapa hona ho amana le thuto ka tsela e ikgethileng. Ka tsela ena, Bolaodi ba Mangolo a Thupelo Afrika Borwa bo ikemetse mme ke ka hona bo kgonang ho theha dikamano tse ntle pakeng tsa baemedi ba thuto le thupelo.
Molao wa Bolaodi ba Mangolo a Thupelo Afrika Borwa ke molao o thusang ka hona ho thusa Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thupelo hore o thuse setjhaba, mme o hlophiswe ke setjhaba bakeng sa setjhaba. Ke mohlodi wa kopano ya boitsebelo, mehopolo ya batho ba phelang Afrika Borwa ho latela merabe e fapaneng eo ba hlahang ho yona esita le tjhadimo e fapaneng ya bophelo. Mehlodi ya Bolaodi bona ke ho amohela maikutlo a motho e mong le e mong, ho amohela dikeletso le mehopolo esita le ho etsa hore ho be teng disebediswa. Tsena tsohle ke majwana a motheo a Bolaodi ba Mangolo a Thupelo Afrika Borwa esita le tswelopele le tshebediso ya Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thupelo.

13. Bolaodi ba Mangolo a Thupelo Afrika Borwa bo netefatsa jwang hore Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thupelo o sebetsa ka bokgabane?
Sepheo sa Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thupelo ke ho netefatsa hore mokgwa o motjha wa tshebetso ke o ipabolang ka makgabane. Ho feta mona Moralo wa setjhaba wa mangolo a Thupelo o thusa hore ho be le tshebetso e ntle e kgabane malebana le ho theha maemo a itseng thutong. Pele ho ka ngodiswa lengolo lefe kapa lefe la thuto kapa sona sehlopha se itseng, ho lokela ho tadingwe sepheo sa Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thupelo e le ho netefatsa hore lengolo la Thupelo le tshwanela le ho ntshetsa pele thuto ya kamehla. Ka ona mokgwa ona, katleho ya moralo naheng ya rona esita le dinaheng tse mose ho mawatle e itshetlehile ho kamoo e ikamahanyang le sepheo sa moralo ka teng.
Haeba ho latelwa sepheo sena sa Moralo wa Mangolo a Thupelo ka ho kenya motho e mong le e mong bakeng sa makgotla a kang lekgotla le laolang maemo a thuto le lekgotla le hlahsiang diphetoho maemong a thuto, a tla ba le tlhahiso e ntle ho ho shejwa leano la tshebetso la Lekgotla la thuto le thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto. Tshebetso ena e totobatsa hore ho na le tshebedisano le dikamano tse ntle. Tshebetso ya ho hlahisa makgabane a thuto e phethahala haeba dihlopha le tse fihlellwang thutong e le tse bonahalang ka makgabane. Phethahalo ya tshebetso ena e ba teng haeba ho na le ntlafatso mabpi le ho thehwa ha dihlopha le mangolo a Thupelo esita le kamoo ho rutwang ka teng le kamoo ho hlahlojwang ka teng. Ka mantswe a mang Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thupelo ke moralo o tiisang taba ho baithuti esita le batho ba nang le seabo thutong le thupelo hore di-credits, ho ajwa ha mangolo a bopaki kapa tsona disetifikeiti tse ileng tsa ajwa di boemong ba ananelwang ke ona Moralo ona wa Setjhaba wa Mangolo a Thuto. Bakeng sa ho kenyeletsa motho e mong le e mong tshebetsong ena le hona ho phahamisa maemo a tshebetso thutong le thupelo ke boikarabelo ba ba nang le seabo ya ho ba le seabo mesebetsing ya Bolaod i ba Mangolo a Thupelo Afrika Borwa.

14. Bolaodi ba Mangolo a Thupelo Afrika Borwa bo ananela tsebo e tlang pele ho thuto jwang?
Hara e meng ya merero ya Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thupelo ke hona ho ntshetsa pele thuto, thupelo le bokamoso mosebetsing esita le hona ho potlakela ho fedisa kgethollo e bileng teng thutong, thupelong le phumantsho ya menyetla ya mesebetsi. Bolaod i ba Mangolo a Thupelo Afrika Borwa bo phephetswa ho fumana tsela eo merero ena e mmedi e ka fihlellwang ka teng; e leng ho fumana tsela ya ho hlokomela kamoo thuto e bang teng ka ntle ho sebaka sa yona sa motheo. Bolaodi ba Mangolo a Thupelo Afrika Borwa bo se bo ile ba hlahisa boikemisetso ba bona ba ho ananela tsebo pele ho thuto e le hona ho etsa hore thuto e utlwahale hantle. 
Ho ka etswa jwang hlokomelong ya bohlahlubi ba nnete? 
Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo tsebahaditse bohlokwa ba tsebo pele ho thuto melawaneng ya Lekgotla le laolang maemo a thuto. Bolaodi bo bile ba hlalosa bohlokwa bona ba tsebo pele ho thuto melawaneng e malebana le Lekgotla le kgothaletsang makgabane a thuto. Melawaneng ya Lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto ho hlalositswe mekgwa ya ngodiso ya mangolo a thuto. E nngwe ya dintlha tsena ke hore mangolo a thuto a hlaloswe hore a amohelwe a feletse kapa ka karolo ka ho ananela tsebo e tlang pele ho thuto. Ho hlalositswe hore taba ya tsebo e bang teng pele ho thuto ha e a tadimana le se fihleletsweng thutong feela ka tsela ya ho rutwa kapa hona ho ba le boiphihlelo mosebetsing.
Melawaneng e laolang Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang maemo a thuto ho hlaloswa hore o mong wa melawana ya kananelo ke hore mesebetsi ya Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang maemo a thuto e lokela ho ntshetsa pele sepheo sa Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thuto. Ke ka lona lebaka lena ha tsebo e tlang pele ho thuto e tla lokela ho sebediswa Lekgotla la Thuto le Thupelo la makgabane a thuto bakeng sa kananelo.

15. Ho etswa eng hape ofising ya Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa?
Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo na le boikarabelo bakeng sa tswelopele ya Pokello ya Direkoto tsa Setjhaba tsa Baithuti (NLRD). Karolo ya pele ya pokello ena e ne e kgakolwe ka selemo sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e robong. Pokello ena ha e se e thehilwe mme e tsebahala e tla tsebisa setjhaba sena se latelang:
* Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa le dikarolwana tsa bona (Lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto, Lekgotla le kgothaletsang taolo ya maemo a thuto, esita le Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto) 
* Mangolo a thuto le dihlopha tse ngodisitsweng ho Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thuto; 
* Lekgotla le ananetsweng la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto; 
* Bahlahlobi ba ngodisitsweng; 
* Mekgatlo ya bohlahlobi; 
* Taolo ya botho itshupileng ka ho fitisisa ho phatlalla le bolaodi ba Mangolo a thupelo a Afrika Borwa. 
Pokello ya Direkoto tsa Setjhaba tsa Baithuti (NLRD) e tla kgona ho thusa ba etsang leano la thuto ka ho ba fa tsebo e tla ba thusa ho etsa diqeto.
Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo na le boikarabelo ba ho hlahloba mangolo a thuto. Mangolo a thuto ao hangata a hlahlojwang ke a batho ba tswang dinaheng tse ding mme ba rata ho kena dikolo tsa kwano Afrika Borwa kapa ba rata ho fumana mesebetsi kwano Afrika Borwa.
Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo na le Setsha sa Disebediswa se bolokang diphatlalatso tsa bona ekasitana le ditokomane tse amanang le Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa. Bo ntse bo bile bo boloka disebediswa tseo basebetsi ba Bolaodi ba ka di hlokang bakeng sa mesebetsi ya bona.
Lefapha la Dikgokahano le thusa Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa esita le dikomiti ka bongodi bo hlokehang bakeng sa ho phetha mesebetsi ya bona. Mehlala ya dikomiti e ka ba Lekgotlana la Phethahatso, Lekgotlana la Ditjhelete, jwalojwalo.

16. Ditokomane tsa molao le diphatlalatso tse ding tsa Bolaodi ba Mangolo a Thupelo Afrika Borwa
* Molao wa Bolaodi ba Mangolo a Thupelo Afrika Borwa wa nomoro ya mashome a mahlano a metso e robedi wa selemo sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e mehlano. 
* Melawana ya Lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto ya Lesedinyana la Ditsebiso tsa Mmuso, normo ya 18787 ka la 28 Hlakubele 1998 
* Melawana ya Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto ya Lesedinyana la Ditsebiso tsa Mmuso, nomoro ya 19231 ka la 8 Loetse 1998 
* Bukana ya Lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thupelo 
* Mekgwa ya Tlhahiso le Hlahlobo ya Mangolo a Thupelo le Dihlopha ka hare ho Moralo wa setjhaba wa mangolo a thuto 
* Mekgwa ya tataiso ya Lekgotla la thuto le thupelo le kgothaletsang makgabane a Thupelo 
* Mekgwa ya tataiso ya Thupelo 
* Tataiso ya bohlahlobi ba Moralo wa setjhaba wa mangolo a thuto, ditokomane tsa manane a thuto le mangolo a thuto 
Bolaodi ba Mangolo a Thupelo Afrika Borwa bo phatlalatsa diphatlalatso tsa bona nako le nako. Lesedinyana lena la botelele ba leqephe le le leng le fana ka tsebo ya hore Moralo wa setjhaba wa mangolo a thuto o thehilwe jwang mme o tswetse pele ho fihla kae.
Bolaodi ba Mangolo a Thupelo Afrika Borwa bo phatlalatsa lesedinyana la lona ka nako le nako. Lesedinyana lena le hlile le reretswe ho tsebisa setjhaba ka diqeto le tswelopele ya Bolaodi ba Mangolo a thupelo Afrika Borwa esita le ho totobatsa dipuisano tsa bohlokwa. Bolaodi bo bile bo fana ka monyetla bakeng sa ho tseba ka Moralo wa setjhaba wa mangolo a thuto esita le ditaba tse ding tse amanang le ona. Lesedinyana la nomoro ya pele la kgwedi ya Motsheanong selemong sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong ametso e supileng ke la bohlokwa ka ho bontsha diqeto tsa bohlokwa tsa Bolaodi ba mangolo a thuto Afrika Borwa mabapi le ho thehwa ha Moralo wa setjhaba wa mangolo a Thupelo.
Melao ya bohlokwa
* Molao wa Leano la Thuto ya Setjhaba - ya pokeletso ya botaki 
* Maemo a phahameng a thuto ya Maitshwano. 
* Tsebo le ntshetsopele ya molao. 
* Tsebo le ntshetsopel taelong ya maphelo 
* Thuto le thupelo tse ihlaelang taelong. 
* Molao wa Afrika Borwa wa Dikolo. 

17. Tlotlontswe (mabapi le melawana ya Lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto esita le Lekgotla la thuto le thupelo la makgabane a thuto)
Kananelo
e bolela ho ba le bopaki ba kamohelo. Hangata kananelo ena e ba ya nako e itseng, e ba ya motho ya itseng, e ba ya mokgatlo o itseng o nang le tokelo ya ho phetha mosebetsi o itseng ho latela se lebeletsweng ke Bolaodi ba Mangolo a Thupelo Afrika Borwa (Molao wa Bolaodi ba Mangolo a Thupelo Afrika Borwa)
Tsebo
e sebediswang ke tsebo e sebediswang mananeong a thuto mme e le tsebo e fumanweng thutong ya lengolo le itseng la thuto.
Mohlahlobi
ke motho ya ngodisitsweng ke Lekgotla la Thuto le Thupelo ho latela Lekgotla le ntshetsang pele maemo a thuto le hona ho lekanya tse fihleletsweng ho ya ka Moralo wa setjhaba wa mangolo a thuto le ona mangolo a thuto.
Diphihlello
ke se fihleletsweng thutong le thupelong
Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto
ke lekgotla le thehilweng ho latela karolo ya bohlano (nngwe)(a)(ii) ya molao wa Bolaodi ba Mangolo a Thupelo Afrika Borwa. Lekgotla leo le na le boikarabelo bo ho hlahloba tse latelwang ho latela mangolo a thuto ho latela karolo ya bohlano(nngwe)(b)(i) ya Molao wa Bolaodi ba Mangolo a thupelo Afrika Borwa.
Tsebo ya ho qetela lengolo la thuto
ke seo moithuti a se fihlellang ha a qetela lengolo la hae kapa thuto ya hae e lebisang lengolong le itseng la thuto.
Hlahlobo e tswakaneng
ke hlahlobo e dumellang moithuti ho totobatsa tsebo ya hae eo a e sebedisang esita le mekgwa e itseng ya bohlahlobi.
Mokgatlo wa bohlahlobi
ke mokgatlo o amohetsweng ke Bolaodi ba Mangolo a Thupelo Afrika Borwa bakeng sa ho phetha morero ona.
Lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto
ke lekgotla le ngodisitsweng ho latela karolo ya bohlano(nngwe)(a)(ii) ya Molao wa Bolaodi ba Mangolo a Thupelo Afrika Borwa. Lekgotla lena le na le boikarabelo ba ho laola maemo le mangolo a Thupelo ho latela melawana e boletsweng karolong ya bohlano(nngwe)(b)(i) ya Molao wa Bolaodi ba Mangolo a Thupelo Afrika Borwa.
Ka se ithutilweng
ho bolelwa seo moithuti a ithutileng sona qetellong ya lenaneo la Thupelo
Se kgothaletswang le ho hatellwa
ke seo mokgatlo o itseng o hlileng o thehilweng ka sepheo sa ho se ntshetsa pele.
Lekgotla le ntshetsang pele dihlopha le maemo a thuto
ke lekgotla le ngodisitsweng ho latela karolo ya bohlano(nngwe)(a)(i) ya Molao wa Bolaodi ba Mangolo a Thupelo Afrika Borwa. Lekgotla lena le na le boikarabelo ba ho theha dihlopha le mangolo a Thupelo ho latela kareolo ya bohlano(i)(b)(i) ya Bolaodi ba Mangolo a Thupelo Afrika Borwa.
Tokomane ya thuto
ke tokomane e sebediswang thutong le thupelo mme e na le mekgwa ya ho e hlahloba ekasitana le tsebo e nngwe e amanang le yona.
Dikgutsufatso tsa mantswe
NQF:
Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thupelo
SAQA:
Bolaodi ba Mangolo a Thupelo Afirka Borwa
ETQA:
Makgotla a Thuto le Thupelo a kgothaletsang makgabane a thuto
NLRD:
Rekoto ya Setjhaba malebana le tshebetso ya baithuti
NSB:
Lekgotla la Setjhaba le laolang maemo a thuto
SGB:
Lekgotla le hlokomelang dihlopha tsa thuto

18. Dibuka tseo ho qotsitsweng ho tsona le dintlha tse ding
Nalane ya Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thupelo e itshetlehile ho ditaba tse malebana le ho thehwa ha lekgotla lena jwalo ka ha di hlaloswa ke Adrienne Bird, eo e leng Molaodi e moholo wa Basebetsi le Mesebetsi ya Kamohelo ya Basebetsi lefapheng la Mesebetsi. Nalane ena e bile e itshetlehile hape ho ditaba tse neng di ngotswe mme di balwa ke monghadi S M Pityana eo e leng molaodi e moholo wa Lefapha la Mesebetsi mohla la Kopano ya Moralo wa setjhaba wa Mangolo a Thupelo ka la mashome a mabedi a metso e mmedi ho isa la mashome a mebdi a metso e mene kgweding ya Mmesa selemong sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e tsheletseng. Kopano ena e ne e tshwaretswe mane Thekenikonong ya Afrika Borwa motseng wa Lejweleputswa, Gauteng.
* Ball, Sir Christopher (selemong sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e tsheletseng): Thuto e tswellang ya nako tsohle bakeng sa nako ya ngwahaketekgolo wa mashome a mabedi a motso o mong. Puo ya sehlooho e entsweng Sebokeng sa Thuto Diyunivesithing se neng se tshwaretswe mane Yunivesithing ya Nottingham Trent, Nottingham ho la Boreneng bo Kopaneng (Ditshaba Kopano) 
* Barnett, Ronald (selemong sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e mene). 
* Meedi ya Tsebo e tiileng: Tsebo, Thuto e Phahameng le Setjhaba. Motseng wa Landane: 
* Mokgatlo wa Diphuputso mabapi le Thuto e Phahameng. 
* Rephaboliki ya Afrika Borwa (selemong sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e mehlano): Bolaodi ba Mangolo a Thupelo Afrika Borwa (Molao wa nomoro ya mashome a mahlano a metso e robedi wa selemo sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e mehlano): Lesedinyana la Ditsebiso tsa Mmuso la nomoro ya 1521 la la 4 Mphalane 
* Rephaboliki ya Afrika Borwa (selemong sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e robedi): Melawana ya Molao wa Bolaodi ba Mangolo a Thupelo Afrika Borwa (Molao wa nomoro ya mashome a mahlano a metso e robedi wa selemo sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e mehlano): Lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto, Lesedinyana la Ditsebiso tsa Mmuso la nomoro ya 18787 la la 28 Hlakubele 
* Rephaboliki ya Afrika Borwa (selemong sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e robedi): Melawana ya Molao wa Bolaodi ba Mangolo a Thupelo Afrika Borwa (Molao wa nomoro ya mashome a mahlano a metso e robedi wa selemo sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e mehlano): Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto, Lesedinyana la Ditsebiso tsa Mmuso la nomoro ya 19231 la la 8 Loetse 
* Bolaodi ba Mangolo a Thupelo Afrika Borwa (selemong sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e tsheletseng): Bolaodi ba Mangolo a Thupelo Afrika Borwa Kgatiso ya Pele, Bolaodi ba Mangolo a Thupelo Afrika Borwa 
* (Selemo sa sekete, makgolo a robong mashome a robong a metso e mene): Tokomane ya Dipuisano malebana le Mekgwa ya Thupelo ya Setjhaba, Lekgotla la Thupelo ya Setjhaba 
* (Selemo sa sekete, makgolo a robong mashome a robong a metso e 
* mene): Moralo wa Thuto le Thupelo wa Lekgotla la Maafrika (ANC) 
* (Selemo sa sekete, makgolo a robong mashome a robong a metso e mene):Leano la Tshebetso la Thuto le Thupelo, CEPD 
* (Selemo sa sekete, makgolo a robong mashome a robong a metso e mehlano): Mekgwa ya ya kananelo ya Moralo wa setjhaba wa mangolo a thuto, Lekgotla la Diphuputso tsa Saense. 
* (Selemo sa sekete, makgolo a robong mashome a robong a metso e mehlano): tokomane ya Diqeto tsa Thuto le Thupelo, Tsebiso ya lekgolo, mashome a robong a metso e tsheletseng ya selemo sa selemo sa sekete, makgolo a robong mashome a robong a metso e mehlano ka la leshome le metso e mehlano, kgweding ya Hlakubele, Lefapha la Thuto 
* (Selemo sa sekete, makgolo a robong mashome a robong a metso e robedi): Lesedinyana la 
* Star la la mashome a mabedi a metso e mene, kgweding ya Phupu. Qotso e tswa puong ya Mamphela Ramphele 
* Ditokomane tse sebediswang tse hlohisitsweng ke basebetsi ba Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa: Monghadi M Cosser, Mofumahadi G Elliot, Monghadi J Gunthorpe, Mofumahadi S Mokhobo-Nomvete le Monghadi J Samuels 
Re hloka hore ho be le phetoho ka botlalo. Ha re hloke phetoho feela mananeong a thuto empa phetoho tsamaisong ya thuto kakakaretso. Ha re hloke feela phetoho ya ho rala mananeo a thuto empa re lokela ho amohela hore ho na le ditaba tseo eseng tsa nnete mabapi le thuto ya rona tse ntseng di solla setjhabeng sa habo rona. Re lokela jwale ho batla le ho tseba hore nnete e teng mme e tla hlaha
Ngaka M Nkomo eo e leng Modulasetulo wa bolaodi ba Mangolo a Thupelo Afrika Borwa


Lesedinyana la Ditsebiso tsa Mmuso
Kgatiso e tswellang ya 393
mane Tshwane ka la 28 Hlakubele 1998
Nomoro ya 18787

-

Molawana wa Lesedinyana la Ditsebiso tsa Mmuso la nomoro ya 6140

-

LESEDINYANA LA DITSEBISO TSA MMUSO
BOLAODI BA MANGOLO A THUTO AFRIKA BORWA
LE-R 452
28 Hlakubele 1998

-

MELAWANA YA MOLAO WA BOLAODI BA MANGOLO A THUTO AFRIKA BORWA WA SELEMO SA 1995
(MOLAO WA NOMORO YA MASHOME A MAHLANO A METSO E ROBEDI WA SELEMO SA SEKETE, MAKGOLO A ROBONG, MASHOME A ROBONG A METSO E MEHLANO)
Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa ka tshebediso ya Molao wa Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa o hlahellang karolong ya leshome le metso e mene (Molao wa nomoro ya mashome a mahlano a metso e robedi wa selemo sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e mehlano) le ka tumello ya Letona la Thuto hammoho le Letona la Mesebetsi bo thehile melawana ena e hlahellang lenaneong lena.

LENANEO
KGAOLO YA PELE: DINTLHA TSA KAKARETSO
1. Ditlhaloso 
KGAOLO YA BOBEDI: MORALO WA SETJHABA WA MANGOLO A THUTO
2. Ho thehwa ha Moralo ona wa Setjhaba wa Mangolo a Thuto 
3. Sebopeho sa Moralo ona wa Setjhaba wa Mangolo a Thuto  
4. Ditshupo tse hlalosang boemo 
5. Kabo ya boemo bakeng sa dihlopha le mangolo a thuto 
6. Ngodiso ya dihlopha le mangolo a thuto ho Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thuto 
7. Tse tshwanetseng bakeng sa ngodiso ya ditokomane tsa tataiso ya dihlopha esita le dihlopha ka botsona 
8. Tse tshwanetseng bakeng sa ngodiso ya mangolo a thuto 
9. Tse ding tse tshwanetseng bakeng sa ngodiso ya mangolo a thuto boemong ba pele ho isa ba bone le bomeo ba bohlano ho isa boemo ba borobedi 
10. Tsela ya tshebetso bakeng sa ngodiso ya dihlopha le mangolo a thuto. 
11. Ngodiso ya nakwana bakeng sa mangolo a thuto 
KGAOLO YA BORARO: MEKGATLO YA SETJHABA E LAOLANG DIHLOPHA TSA THUTO
12. Ho thehwa ha mokgatlo 
13. Ngodiso ya Mekgatlo ya Setjhaba e laolang dihlopha tsa thuto 
14. Ho fediswa ha ngodiso mekgatlong ya setjhaba e laolang dihlopha tsa thuto 
15. Botho mekgatlong ya setjhaba e laolang dihlopha tsa thuto 
16. Ho thonngwa ha ditho tsa mekgatlo ya setjhaba e laolang dihlopha tsa thuto  
17. Diteko tse etswang ka dihlopha tsa thuto 
18. Ho tswa mosebetsing ha ditho tsa mekgatlo ya setjhaba e laolang dihlopha tsa thuto  
19. Mesebetsi ya mekgatlo ya setjhaba e laolang dihlopha tsa thuto  
KGAOLO YA BONE: MEKGATLO E HLOPHISANG LE HO HLAHISA DIHLOPHA TSA THUTO
20. Ho ananelwa le ho thehwa ha Mekgatlo e hlahisang dihlopha tsa thuto 
21. Ho fediswa ha mekgatlo e hlahisang dihlopha tsa thuto 
22. Botho kapa kamohelo ya ditho mokgatlong o hlahisang dihlopha tsa thuto. 
23. Ho thonngwa ha ditho bakeng sa ho kgethelwa ho ba ditho tse tletseng tsa Mekgatlo e hlahisang dihlopha tsa thuto. 
24. Mesebetsi ya Mekgatlo e hlahisang dihlopha tsa thuto. 
KGAOLO YA BOHLANO: MELAO BAKENG SA TSELA YA TSAMAISO ESITA LE DITEFELLO TSA MESEBETSI YA MEKGATLO YA SETJHABA E LAOLANG DIHLOPHA TSA THUTO LE MEKGATLO E HLOPHISANG LE HO HLAHISA DIHLOPHA TSA THUTO
25. Melawana ya tsamaiso 
26. Tefo ya ditjhelete bakeng sa ho tshehetsa Mekgatlo ya setjhaba a laolang dihlopha tsa thuto le Mekgatlo e hlophisang dihlopha tsa thuto. 
KGAOLO YA BOTSHELELA: KGUTSUFATSO YA LEBITSO
27. Kgutsufatso ya lebitso 
DITABA TSE DING
* Melawana ya tsamaiso bakeng sa Mekgatlo e laolang dihlopha tsa thuto 

KGAOLO YA PELE
DINTLHA TSA KAKARETSO
Ditlhaloso
1. Mantswe a latelang a tla hlaloswa ka tsela ena e latelang Molaong ona haese feela ha ditaba tseo a sebedisitsweng ho tsona di fetohile - 
Ka lentswe lena "Molao" ho bolelwa Molao wa Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa. Ona ke molao wa nomoro ya mashome a mahlano a metso e robedi wa selemo sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e mehlano;
Ka "boitsebelo" ho bolelwa boitsebelo ba ho sebedisa tsebo e fumanweng thutong e itseng ka tsela e tsotehang mme e nepahetseng;
"Mohlahlobi" ke motho ya ngodisitsweng ke Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane a thuto ka tsela ya bohlahlobi e reretsweng sepheo sena ke Lekgotla le hlahisang dihlopha. Sepheo ke ho fumana thuto e fihleletsweng ho latela Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thuto malebana le dihlopha le mangolo a thuto.
Lentswe lena la "mohlahlobi wa karolo e itseng" le lona le ntse le na le ona moelelo o tshwanang le ona.
"Modulasetulo" ke lentswe le tla sbediswa ho bolela modulasetulo wa Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa;
"Lekgotlana" kapa "Komiti" ke lekgotlana la Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa;
Ka "thuto ya motheo" ho bolelwa thuto e tlamang e hlokehang bakeng sa maemo a lokelang lengolo le itseng la thuto. Lentswe lena "motheo" le lona le ntse le na le moelelo ona oo.
Lentswe lena "credit" le sebediswa ho bolela palo ya dihora tse hlokehang bakeng sa thuto e itseng. Ke palo eo Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa le e sebedisang ho lekanya palo ya dihora tse leshome tsa ho ruta;
ka "sehlopha se thahaletsweng"ho bolelwa mokgatlo o itseng wa setjhaba mme e le mokgatlo wa bohlokwa bakeng sa tswelopele ya mesebetsi ya Lekgotla la setjhaba le laolang maemo a dihlopha tsa thuto;
"Diphetho tsa bohlokwa" ho bolelwa tse lokelang ho fihlellwa thutong e leng tse thusang mokgwa wa ho ruta le ho ithuta athe
 "diphetho tsa thuto le thupelo" le tsona di ntse di na le moelelo ona oo;
Ka "Lekgotla la Thuto le Thupelo le kgothaletsang makgabane thutong" ho bolelwa lekgotla le ananelwang ho latela karolo ya bohlano (nngwe)(a)(ii) ya Molao. Lekgotla lena le na le boikarabelo ba ho hlokomela le ho hlahloba tse fihleletswng ho latela maemo a dihlopha tsa thuto le mangolo a thuto mme lekgotla lena le abetswe mesebetsi ya ho hlokomela le hona ho hlahloba maemo a dihlopha tsa thuto esita le mangolo a thuto ho latela karolo ya bohlano (1)(b)(i) ya Molao;
"Thuto e kgethang" ke thuto e kgethang ditshupo tsa nako ya thuto ho latela Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a thuto mme ka tsela e jwalo ho ka etswa bonnete ba hore sepheo sa lengolo la thuto se a fihlellwa. Lentswe lena "e kgethang" le lona le ntse le na le ona moelelo oo.
Ka "lekgotla la phethahatso" ho bolelwa lekgotlana le thehilweng ho latela karolo ya bosupa(nngwe) ya Molao ho phetha mesebetsi e itseng e ikgethang bakeng sa Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa;
Ka "mohlanka wa lekgotla la phethahatso" ho bolelwa motho ya amohetsweng ho latela karolo ya bone(robedi) ya Molao;
Ka lentswe lena "qeto" ho bolelwa qeto ya Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa;
"Diphihlello tse ikgethang" ho bolelwa tsebo e totobaditsweng, bokgoni ba ho etsa mesebetsi e itseng, e leng tse thusang ho fihlella thuto e itseng qetellong ya lenane la thuto;
"Thuto e ikgethang" ke thuto e thehilweng ho boitsebelo ba menahano bo tshehetsang bokgoni ba ho etsa ho itseng ka ho qolleha. Ka ho "qolleha" re ntse re bolela ona moelelo ona;
"Lekgotla le hlahisang dihlopha tsa thuto" ke lekgotla le ngodisitsweng ho latela karolo ya bohlano(nngwe)(a)(ii) ya Molao. Lekgotla lena le na le boikarabelo ba ho theha dihlopha tsa thuto le thupelo esita le mangolo a thuto. Lekgotla lena le na le boikarabelo ba ho phetha mesebetsi e itseng e amanang le ho thehwa ha dihlopha tsa setjhaba le mangolo a thuto ho latela karolo ya bohlano(1)(b)(i) ya Molao; athe
"Unit standard" ke ditokomane tse ngodisitsweng tse hlokehang bakeng sa thuto le thupelo esita le mekgwa ya ho hlahloba esita le bolaodi kapa tsebo efe kapa efe e boletsweng ho latela melawana ena.

KGAOLO YA BOBEDI
MORALO WA SETJHABA WA MANGOLO A THUTO
Ho thehwa ha moralo
2. Moralo wa mangolo a thuto o thehilwe bakeng sa ho ngodisa dihlopha tsa setjhaba le mangolo a thuto. 
Sebopeho sa Moralo wa Setjhaba wa mangolo a thuto
3. (1) Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thuto o na le maemo a robedi. Maemo ana a qala boemong ba pele ho isa boemong ba borobedi. Boemo bo bong le bo bong bo hlaloswa ka sehlalosi se ikgethang sa boemo. 
(2) Boemo ba pele ba Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thuto bo tla amohela maemo a mang a manyenyane bakeng sa Thuto le Thupelo ya Batho ba Baholo. Ho tla nehelanwa ka mangolo a thuto kapa dikgau athe boemo ba borobedi le bona bo ntse bo tla amohela maemo a manyenyane.
(3) Maemo a robedi a Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thuto a tla arolwa ka mekgahlelo kapa dibente tse tharo. Mekgahlelo ena e tla hlaloswa tjena:
a. Boemo ba pele le ho ya tlase: Ke boemo ba Thuto e akaretsang le thupelo 
b. Maemo a bobedi ho isa a bone: Ke Thuto le Thupelo e tswelang pele 
c. Boemo ba bohlano ho isa ba borobedi: Ke Thuto le Thupelo e phahameng. 
(4) Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thuto o tla arolwa mekga e leshome le metso e mmedi mme yona ke ena e latelang:
a. Mokga wa pele: Temo le Paballo ya tlhaho 
b. Mokga wa bobedi: Moetlo le Bonono 
c. Mokga wa boraro: Kgwebo le Dithuto tsa Bolaodi 
d. Mokga wa bone: Dithuto tsa Dikamano le Puo 
e. Mokga wa bohlano: Thuto, Thupelo le Ntshetsopele 
f. Mokga wa botshelela: Tlhahiso, Boenjenere le Thekenoloji 
g. Mokga wa bosupa: Botho le Dithuto tsa Botjhaba 
h. Mokga wa borobedi: Molao, Saense kapa Mahlale a sesole le Mesebetsi ya Sesole 
i. Mokga wa borobong: Mahlale a Bophelo le Mahlale a Botjhaba 
j. Mokga wa leshome: Botho, Dipalo, Dikhomphutha le Dithuto tsa Mahlale a Bophelo 
k. Mokga wa leshome le motso o le mong: Mesebetsi 
l. Mokga wa leshome le metso e mmedi: Boitjhoriso ba Mmele le Tlhabollo 
(5) Bolaodi ba Mangolo a Thuto mona Afrika Borwa bo tla hlahisa bohlalosi ba mokga ka mong mme bo tla arola mokga o mong le o mong ka mekga e menyenyane mme ebe Bolaodi bo tla hlahisa ditlhaloso tse ikgethang bakeng sa mokga o mong le o mong o monyenyane.
Mantswe a sebediswang ho hlalosa boemo
4. Lekgotla le leng le le leng la setjhaba le hlahisang maemo a dihlopha tsa thuto le boletsweng ho latela molawana wa leshome le metso e mmedi le tla ikakgela ka setotswana hammoho le Makgotlana a hlahisang dihlopha tsa thuto a boletsweng molawaneng wa mashome a mabedi, mokgeng oo Lekgotla la Setjhaba le laolang maemo a thuto le theilweng, le tla hlahisa mekgwa ya tataiso bakeng sa ho fumana matswe a hlalosang maemo a boletsweng molawaneng wa boraro (tharo) ka tshebediso ya mehlala, mme e tla sebediswa ho hlalosa mokgwa wa ho hlalosa maemo a dihlopha, mekga e meng ya mangolo a thuto esita le mangolo a thuto ka boona. 
(2) Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo tla beha mahlalosi a maemo ka tshebedisano le Makgotla a Setjhaba a laolang dihlopha tsa thuto e le ho etsa bonnete ba hore bohle ba utlwana ka tshebediso ya mantswe ana. Mantswe ana a tla sebediswa mekgeng e fapaneng ho thusa hore ho tsebe ho netefatswa hore ho ba le setshwano tshebedisong ya mantswe ana bakeng sa dihlopha le mangolo a thuto.
Ho thehwa ha maemo bakeng sa dihlopha le mangolo a thuto
5. (1) Ho thehwa ha maemo bakeng sa dihlopha, mekga e meng ya mangolo a thuto esita le mangolo a thuto ho tla etswa ka tsela ena e latelang: 
a. Lekgotla le leng le le leng la setjhaba le laolang maemo a thuto mme le boletswe molawaneng wa leshome le letso e mmedi, hammoho le Lekgotla le leng le le leng le hlahisang dihlopha tsa thuto le boletsweng molawaneng wa mashome a mabedi, a tla dumellana mabapi le boemo ba tokomane e sebediswang le sehlopha seo e lokelang ho sebediswa ho sona. Tsena di tla etswa boemong ba maemo a robedi ka palo jwalo ka ha ho lebeletswe ho latela molawana wa boraro. Tsena tsohle di tla boela di etswa hape ho shebilwe boitsebelo bo batsi esita le yona tsebo ya ho phetha mesebetsi e itseng ho nepana le mekga e itseng e teng ka tsela ya thuto.
b. Batho ba thahasellang mangolo a thuto ao ho ona ho sebediswang mekgwa ya tataiso ya 'unit standard' ba tla theha mangolo a thuto ho latela melao e nepahetseng e amang tsona ditokomane tsena tsa tataiso tse ngodisitsweng ka maemo a fapaneng. Mangolo ana a thuto a tla fella ka dithuto tse molemong wa sehlopha ka seng esita le tsela ya ho kopanya dithuto tse fihleletsweng thutong e itseng e le mokgwa o supang kamoo moithuti a ithutileng ka teng mesebetsi e itseng esita le tsohle tsa bohlokwa tse amang mokga oo wa thuto. Tsebo ena e tla lekanngwa ka boemo ba pele ho isa boemong ba borobedi ho latela se boletsweng molawaneng wa boraro.
c. Batho ba thahasellang mangolo a thuto ao ho ona ho sa sebediswang mekgwa ya tataiso ya 'unit standard' ba tla theha mangolo a thuto ho latela melao e nepahetseng e amang tsona ditokomane tsena tsa tataiso tse ngodisitsweng ka maemo a fapaneng. Mangolo ana a thuto a tla fella ka dithuto tse molemong wa sehlopha ka seng esita le tsela ya ho kopanya dithuto tse fihleletsweng thutong e itseng e le mokgwa o supang kamoo moithuti a ithutileng ka teng mesebetsi e itseng esita le tsohle tsa bohlokwa tse amang mokga oo wa thuto. Tsebo ena e tla lekanngwa ka boemo ba pele ho isa boemong ba borobedi ho latela se boletsweng molawaneng wa boraro. 
Ngodiso ya dihlopha le mangolo a thuto ho Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thuto
6. Sehlopha se seng le se seng se tshwanelehang ho latela molawana wa bosupa le wa borobedi se tla ngodiswa ke Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa ho Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thuto mme se tla ba le tsela e ikgethang eo se tsejwang ka yona. 
Tse hlokehang bakeng sa ngodiso ya dingolwa tsa tataiso esita le ngodiso ya dihlopha
7. (1) Tokomane ena e bitswang 'unit standard' e leng tokomane ya tataiso e tla sebediswa e le tokomane ya hlahlobo, tokomane eo moithuti a e sebedisang dithutong tsa hae jwalo ka tataiso ekasitana le tataiso ya mosuwe ha a itokisetsa ho hlophisa thepa eo a e sebedisang bakeng sa thuto ya hae ya letsatsi le letsatsi. Tokomane ena e tla kenyeletsa tsena tse latelang: 
a. Sehlooho sa tokomane ena; 
b. Lepetjo le supang tumello ya Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa; 
c. Nomoro ya tokomane ena ya tataiso; 
d. Boemo boo tokomane ena e tla sebediswa ho bona ho Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thuto; 
e. Tekanyetso ya dihora tse tla sebediswa ho ruta thuto ka tshebediso ya tokomane ena; 
f. Mokga le mokganyana wa thuto oo ho ona ho tla sebediswa tokomane ena; 
g. Letsatsi e ntshitsweng ka lona; 
h. Letsatsi leo e hlaholotsweng ka lona; 
i. Sepheo sa tokomane ena; 
j. Thuto e lokelang ho rutwa pele ho ka sebediswa tokomane ena ya tataiso; 
k. Thuto e lebeletsweng ho hlahlojwa; 
l. Mekgwa ya hlahlobo esita le tsebo e lebeletsweng; 
m. Tshebetso ya kananelo e kenyeletsang hlahlobisiso bakeng sa tokomane ena ya tataiso; 
n. Dintlha tsa bohlokwa tse kenyeleditsweng tokomaneneng ena jwalo ka boholo ba mosebetsi, ditaba le boemo boo tokomane ena e lokelang ho sebediswa ho bona; esita le 
o. Mokga o thehilweng hodima dintlha tse boletsweng molawaneng wa bosupa (nne) mme o matlafatswa ka tshebediso ya tokomane ena, o lokela ho supa tsebo ya bohlokwa e amang mekgwa ya hlahlobo mme e ka boela ya kenyeletsa tsebo e nngwe ya tlatsetso tokomaneng ena. 
(2) Tsebo e nngwe ya bohlokwa e lokelang ho fihlellwa ho latela molawana wa bosupa (nne) e tla kenyeletswa sehlopheng jwalo ka ha ho boletswe melawaneng ya bosupa(nngwe): Ha feela shlopha seo e le karolo ya lengolo le itseng la thuto, tsebo eo ya bohlokwa e sa kenyeletswang sehlopheng sena e tla ba karolo ya lengolo la thuto.
(3) Tsebo ena ya bohlokwa e kenyeletsa dintlha tse latelang le hoja e se dintlha tsena feela:
a. Ho hlwaya le ho rarolla bothata ka tsela e bontshang hore ho entswe qeto ka tshebediso ya mehopolo e hlakileng mme e nang le boitshimollelo. 
b. Ho sebedisana hantle le batho ba bang le le ngatananngwe jwalo ka sehlopha, mokgatlo kapa setjhaba ka kakaretso. 
c. Ho itlhophisa hantle ka tshwanelo le ka boikarabelo bo tsotehang. 
d. Ho bokeletsa, ho hlahlobisa, ho hlophisa le ho hlahloba tsebo ka mahlakore ohle. 
e. Ho buisana ka nepo ka tsela ya tshebediso ya tse bonwang, dipalo, le mekgwa e nepahetseng ya ho sebedisa puo kapa hona ho ngola. 
f. Ho sebedisa saense kapa mahlale esita le thekenoloji ka tshwanelo mme o bontsha boikarabelo malebana le tlhaho esita le bophelo ba batho ba bang. 
g. Ho supa tsebo le kutlwisiso ya bophelo lefatsheng ka ho lemoha hore mathata ha a le teng a be a bakwa le ho amana le ho hong eseng hore a ikemele a le mang feela. 
h. Ho kgothaletsa hore moithuti a tswele pele ho latela bokgoni ba hae esita le tswelopele ya setjhaba le moruo wa sona ka kakaretso. Sena se tla etswa ka kutlwisiso ya hore motho e mong le e mong a lemohe bohlokwa ba: 
i. Ho sibolla le ho sebedisa mekgwa e fapaneng ya ho ithuta ka nepo; 
ii. Ho ikakgela ka setotswana jwalo ka moahi ya nang le boikarabelo ntshetsopeleng ya bophelo ba lehae, naha esita le lefatshe la heso ka kakaretso;. 
iii. Ho boulela moetlo le mokgabo wa botjhaba ba heno hara meetlo ya ditjhaba tse ding; 
iv. Ho fumana menyetla ya thuto le menyetla ya mesebetsi; esita le ho 
v. Sibolla le ho ntshetsa pele menyetla ya ho iketsetsa kgwebo. 
Dintlha tsa bohlokwa malebana le ngodiso ya mangolo a thuto
8. (1) Lengolo la thuto le tla 
a. Totobatsa letoto la dithuto tseo moithuti a tla ithuta tsona mme e le dithuto tse nang le sepheo se hlakisitsweng hantle mme di reretswe ho thusa baithuti ho ba le tsebo e phethahetseng mme ebile e le motheo wa ho ithuta ho tswela pele; 
b. Ho aha moithuti bothong ba hae ka ho mo fa seriti se itseng sa botho, tjhadimo e hlomphehang, mangolo a thuto, ho mo etsetsa monyetla bakeng sa ho fumana mosebetsi le ho mo etsetsa menyetla ya ho ithuta ho tswela pele thutong kapa thupelong; 
c. Ho theha menyetla bakeng sa setjhaba le moruo wa sona ka kgodiso ya setjhaba, kgodiso ya dikamano tsa botho le ho ba le tlhahiso e kwenneng ya moruo, ho aha setjhaba sa batho ba nang le tsebo ya ho phetha mesebetsi e fapaneng ka botlalo le hona ho fedisa maikutlo a ho hloka tekano ho batho bohle. 
d. Ho hlompha sepheo sa Moralo wa setjhaba wa Mangolo a Thuto jwalo ka ha o hlahella karolong ya bobedi ya Molao; 
e. Ho hlokomela dithuto tse ikgethileng le dithuto tsa bohlokwa tse ntshetsang pele thuto e tswellang, thuto ya bophelo bohle; 
f. Ho ipapisa le bokgoni ba ditjhaba tsa dinaha tse ding tsohe tsa lefatshe, haeba ho kgoneha; 
g. Ho sebedisa mokgwa o nepahetseng wa hlahlobo e le ho netefatsa hore sepheo sa lengolo leo la thuto se a fihlellwa. Mokgwa oo wa ho hlahloba o tla kenya mekgwa e meng e kang ya ho tadima bonketsisane, ho tadima sebaka sa tshebetso, tse ngotsweng esita le hlahlobo ka tsela ya tshebediso ya puo kapa ho bua; 
h. Ho hlalosa melaong e laolang kabo ya kgau bakeng sa lengolo le itseng la thuto hore lengolo leo la thuto le ka fumanwa ka botlalo kapa ka dikarolwana ho ntse ho tadingwa tsebo eo moithuti a seng a na le yona. Tsebo ena e ka ba e fumanweng sekolong ka ho rutwa, bophelong kapa mosebetsing, le hoja e se yona tsebo feela e lebeletsweng. 
(2) Ho lebeletswe palo yohle ya ditekanyetso tsa nako ya thuto kapa 'di-credits' e ka bang lekgolo le mashome a mabedi kapa ho feta moo bakeng sa ho ngodisa lengolo le itseng la thuto boemong ba pele ho isa ho ba borobedi. Palo e ka bang mashome a supileng a metso e mmedi ya ditekanyetso tsena tsa dihora tsa ho ruta di tla lokela ho tadingwa nakong ya ngodiso ya lengolo leo la thuto kapa boemong bo ka hodimo ho boo. Sena se tla etsahala ha feela palo e lebeletsweng ya ditekanyetso tsena tsa nako ya ho ruta di fihlellwa bakeng sa ngodiso ya lengolo la thuto ho latela molawana wa robedi(nngwe). Haeba ditekanyetso tsena di sa fihlellwe, molawana ona o tla fetolwa mme ebe lengolo leo le ngodiswa e le Lengolo la Setjhaba.
(3)The Authority shall register a qualification according to the type and level which shall be determined on the basis of the total number and levels of credits required in accordance with the following criteria:
a. The Authority shall register a qualification as a National Certificate at levels 1 to 8 where it has 120 (one hundred and twenty) or more credits with 72 (seventy-two) credits at or above the level at which the certificate is registered:
Provided that where the Authority has considered and found that a qualification consisting of less than the minimum number of credits has met the requirements in regulation 8(1), the foregoing requirement is waived and the qualification registered as a National Certificate.
b. Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo tla ngodisa lengolo la thuto e le Lengolo la Setjhaba la Diploma haeba lengolo leo le na le ditekanyetso tse ka bang makgolo a mabedi le mashome a mane mme mashome a supileng a metso e mmedi a ditekanyetso tsena tsa nako ya thuto di le boemong ba bohlano esita le ho feta moo. 
c. Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo tla ngodisa lengolo la thuto e le Kgau ya Pele ya Setjhaba haeba lengolo leo le na le ditekanyetso tsa nako tse ka bang makgolo a mararo le mashome a tsheletseng. Ditekanyetsong tsena ho tla ba le ditekanyetso tse mashome a supileng a metso e mmedi tse boemong ba botshelela le ho feta. 
(4) Bolaodi bo tla boela bo ngodisa mangolo a thuto a feletseng e leng mangolo a sa thehwang ho ditokomane tsa tataiso, mme a dumellana le tse lebeletsweng bakeng sa ngodiso eo jwalo ka ha di boletswe molawaneng wa leshome le motso o le mong (nngwe)(c) hodima tse boletsweng melawaneng ya robedi(nngwe), robedi(pedi) le robedi(tharo).
(5) Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa ha bo ngodisa lengolo le itseng la thuto bo tla hlalosa mofuta, boemo, palo ya ditekanyetso tsa nako ya ho ruta, esita le sehlooho se totobatsang sepheo sa lona se ikgethileng.
Tse ding tse lebeletsweng bakeng sa ngodiso ya mangolo a thuto boemong ba pele ho isa ba bone le boemo ba bohlano ho isa ba borobedi
9. (1) Bakeng sa ngodiso ya mangolo a thuto boemong ba pele ho isa ho boemo ba bone ho hlokeha dintlha tsena tse latelang: 
a. Palo e ka bang mashome a supileng a metso e mmedi ya ditekanyetso tsa nako ya lengolo le ngodiswang nakong eo lengolo le abelwang moithuti. Lengolo lena le tla totobatsa thuto ya motheo mme ditekanyetso tse mashome a mabedi di tla tswa Dithutong tsa Dikamano le Puo athe ditekanyetso tsa nako tse ka bang tse leshome le metso e tsheletseng tsona di tla tswa mokgeng wa Dipalo hammoho le ho fumana palo ya dintho malebana le mangolo a thuto a boemong ba pele. 
b. Palo e ka bang mashome a mararo a metso e tsheletseng ya ditekanyetso tsa nako ya lengolo la thuto boemong ba pele esita le palo e ka bang mashome a mahlano a metso e mmedi boemong ba bobedi le ba bone e tla arolwa pakeng tsa Dithuto tsa Motheo le Dithuto tsa Tlatsetso mme lengolo la thuto ka leng le tla hlalosa hore na ditekanyetso tsena di tla arolwa jwang ha feela ditekanyetso tsena tsa tlatsetso di dumella moithuti ho tswela pele ka dithuto tse ding tsa hae tse ka thoko. 
c. Ka selemo sa dikete tse pedi le metso e mmedi, palo e ka etsang ditekanyetso tse leshome le metso e tsheletseng ya tse mashome a mahlano a metso e mmedi bakeng sa mangolo a thuto a boemong ba bobedi ho isa ba bone a tla ba karolwaneng ya tsebo ya Dipalo. 
2. Bakeng sa ngodiso boemong ba bohlano ho isa boemo ba borobedi ho tla totobatswa palo ya ditekanyetso tse lebeletsweng tsa nako bakeng sa Thuto ya Motheo esita le Thuto ya Tlatsetso malebana le lengolo la thuto le lokelang ho ngodiswa: Sena se tla etsahala ha feela Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo fumana ho lokela hore ho hlahiswe mabaka bakeng sa palo ya ditekanyetso le ho arolwa ha tsona.
Tsela ya tshebetso bakeng sa ngodiso ya dihlopha le mangolo a thuto
10. (1) Ho ka tliswa ditokomane tsa tataiso ho baithuti kapa lenane la dihlopha tsa thuto esita le ona mangolo a thuto a tshwanelang ho ngodiswa ho Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa. Tsena tsohle di tliswa ho Bolaodi ke makgotla a ikarabellang ho tsona mme a fetisetswa ho Bolaodi ka ho feta ho Lekgotla le hlahisang dihlopha tsa thuto jwalo ka ha ho boletswe molawaneng wa leshome le metso e mmedi. 
(2) Bolaodi bo ka ngodisa le ho amohela tokomane ya tataiso, sehlopha kapa lengolo la thuto le tshwanetseng ho ngodiswa bakeng sa nako ya dilemo tse tharo mme kamora hoba nako ena e fele, ngodiso e ka boela ya ntjhafatswa.
(3) Kgweding ya pele ya selemo sa boraro sa ngodiso ya tokomane ya tataiso, sehlopha esita le lengolo la thuto, Bolaodi bo tla kopa hore Lekgotla le hlahisang dihlopha le mangolo a thuto le boletsweng molawaneng wa leshome le metso e mmedi ho boela le hlahloba maemo a tokomane, sehlopha le lengolo la thuto le ngodisitsweng hore na le tshwanela ho ngodiswa botjha na. Sena se ka etsahala feela haeba hlahlobiso eo e tsheheditswe ka mabaka a utlwahalang le kamoo melawana ya hlahlobiso eo e sebedisitsweng ka teng.
(4) Haeba tokomane ya tataiso, sehlopha le lengolo la thuto di ngodisitswe ho Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a Thuto, tsena tsohle e tla dula e le thepa ya setjhaba ka botlalo.
Ngodiso ya nakwana ya mangolo a thuto
11. (1) Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo ka dumela hore ho etswe ngodiso ya nakwana ya lengolo le leng le le leng la thuto le seng le ile la amohelwa ke boemedi bo ananelwang ke Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa. Tsena di ka etsahala haeba - 
a. Lengolo leo la thuto le rometswe pele ho letsatsi la la 1 Phupu 1998 ho Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa ka sebopeho seo Bolaodi bo kgotsofatswang ke sona; 
b. Haeba lengolo leo le rometsweng le fihlile ka nako e pakeng tsa letsatsi la 1 Phupu 1998 le la 30 Phupjane 2000 ka sebopeho se boletsweng molawaneng wa leshome le motso o mong (nngwe)(c) mme le rometswe ho le leng ka a mang a Makgotla a Setjhaba a laolang dihlopha tsa Thuto; 
c. Lengolo leo le tla akaretsa tsena tse latelang - 
i. Tlhaloso ya sepheo sa lengolo leo la thuto; 
ii. Thuto eo moithuti a seng a ntse a na le yona le pele a kena lenaneong lena le lebisang lengolong leo la thuto leo a le sebeletsang; 
iii. Dintlha tse hlalosang pheletso ya lengolo leo jwalo ka ha di hlalositswe molawaneng wa bohlano(nngwe)(b) le (c) esita le mekgwa ya ho hlahloba; 
iv. palo yohle ya ditekanyetso tsa nako ya mananeo ana a thuto; 
v. Palo ya ditekanyetso tsa nako ya mananeo a thuto eo bonyane e tshwanelehang bakeng sa boemo bo ikgethileng esita le palo yohle ya ditekanyetso tsena mme e le palo e fetang palo e boletsweng molawaneng wa borobedi kapa wa borobong; 
vi. Mokgwa wa hlahlobo o bopelletsweng lengolong lena la thuto e le ho etsa bonnete ba hore lengolo lena la thuto le a fihlellwa; 
vii. Phethahatso ya lengolo leo la thuto (e ka ba e ikgethileng kapa ya kakaretso); 
viii. Mekgwa ya ho ngodisa bahlahlobi;  
ix. Mekgwa ya hlahlobiso e kgothaletswang ke makgotlana a kgothaletsang hlahlobiso;  
x. Lengolo leo la thuto le ikamahanya le tse tshwanelehang mme di boletswe molawaneng wa borobedi le wa borobong;  
d. Ha ho na lengolo la thuto le tla amohelwa bakeng sa ngodiso ya nakwana kamora letsatsi la 30 Phupjane 2003 mme ngodiso ya mangolo a thuto ho latela molawana ona e tla fella hona letsatsing leo. 

KGAOLO YA BORARO 
MAKGOTLA A SETJHABA A LAOLANG DIHLOPHA TSA THUTO
Ho thehwa ha makgotla ana a laolang dihlopha tsa thuto 
12. (1) Makgotla ana a setjhaba a laolang dihlopha tsa thuto ke karolo ya Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa. A ikarabella ho Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa ka hore lekgotla ka leng la setjhaba le laolang dihlopha tsa thuto le thehilwe ho latela mokga o itseng wa thuto ho latela karolo ya bohlano ya Molao mme le ngodisitswe ho Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afika Borwa. 
(2) Haeba ho se na Lekgotla la Setjhaba le laolang dihlopha tsa thuto le thehilweng kapa le ngodisitsweng, kapa ka mohlomong haeba Lekgotla la Setjhaba le laolang maemo a thuto le fedisitswe, Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo tla etsa mesebetsi eo Lekgotla lena le neng le lokela ho e phetha.
(3) Lekgotla la Setjhaba le laolang maemo a thuto le tla thehwa bakeng sa mokga o mong le o mong wa thuto o boletsweng molawaneng wa boraro(nne). 
Ngodiso ya Makgotla a Setjhaba a laolang maemo a dihlopha tsa thuto
13. (1) Ha Lekgotla le leng le le leng la Setjhaba le laolang maemo a thuto le thehwa mme balatedi ba lona ba amohelwa, le tla fuwa lengolo la bopaki ke Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa. Lengolo lena le tla sebetsa nako ya dilemo tse tharo ho tloha ka letsatsi leo Lekgotla leo la Setjhaba le laolang maemo a thuto le neng le thehwa ka lona. 
(2) Ka kgwedi ya pele ya selemo sa boraro sa ngodiso ya Lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto, Lekgotla le leng le le leng la setjhaba le laolang maemo a thuto le tla etsa kopo ya ho ngodiswa hape. Le tla lokela ho fana ka mabaka bakeng sa ngodiso eo mme le be le bontshe hore na le fihleletse eng ka nako ya dilemo tse pedi tse fetileng le ntse le thehilwe.
Ho fediswa ha ngodiso ya Makgotla a Setjhaba a laolang maemo a thuto 
14. Ngodiso ya Lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto e ka fediswa haeba Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo fumana hore lekgotla leo le laolang maemo a thuto le hloleha ho phetha mosebetsi wa lona ka tshwanelo 
Botho le kamohelo ya ditho lekgotleng la setjhaba le laolang maemo a thuto
15. (1) Mekgatlo e nang le seabo mme ebile e na le thahasello ebile e le e meng ya mekgatlo e tsheletseng e boletsweng ho latela molawana wa leshome le metso e tsheletseng(pedi)(a), e tla kotjwa ho thonya ditho tse lokelang ho kgethelwa ho sebetsa Makgotleng a Setjhaba a laolang maemo a thuto. 
(2) Ditho tseo di tla amohelwa mosebetsing ona ke Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa ka tshebedisano le mekgatlo e meng e amehang. Ho tla tadingwa hape taelo ya Palamente esita le bolaodi ba porofense, bohlokwa ba boemedi le tekatekano, boitsebelo bo phethahetseng malebana le ona mosebetsi ona wa Makgotla a setjhaba a laolang maemo a thuto.
(3) Mabitso a ditho tseo tse kgethetsweng ho ba ditho tsa Makgotla ana a setjhaba a laolang maemo a thuto esita le makgotla a mang a setjhaba a nang le seabo a tla phatlalatswa Lesedinyaneng la Ditsebiso tsa mmuso. Ho tla lebellwa hore batho ba hlahise maikutlo a bona malebana le kgetho ya ditho tsena esita le boemedi boemong ba setjhaba le ho latela thahasello thutong e amehang.
(4) Ha ditho tsena di se di atlehile hore di ka amohelwa e le ditho tse phethahetseng tsa makgotla ana, Bolaodi ba Mangoloa Thuto mona Afrika Borwa bo tla ntsha mangolo a bopaki ho netefatsa hore ditho tsena efela di atlehile kgethong ena.
(5) Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo na le tokelo ya ho amohela ditho tse ding tsa tlatsetso ho etsa bonnete ba hore Makgotla ana a Setjhaba a laolang maemo a thuto a sebetsa ho ya ka ditaelo tse hlahellang molawaneng wa leshome le metso e tsheletseng(nngwe).
Ho thonngwa ha ditho bakeng sa ho kgethelwa ho ba ditho tsa Makgotla a setjhaba a laolang maemo a thuto
16. (1) Mekgatlo e batlang ho thonya batho ba itse ho ba ditho tsa Makgotla a Setjhaba a laolang maemo a thuto e lokela ho hlokomela bohlokwa ba tekatekano le ho phahamisa ba neng ba hateletswe ka nako tse fetileng. Ka lebaka lena mekgatlo ena e tla thonya batho ba 
a. Tla hlokomela hore ho be le tlhahiso e kwenneng, ho sebetswe ka toka, ho kgotsofatswe ditlhoko tsa setjhaba mme ho ipapiswe le maemo a dinaha tse ding ka bophara ba lefatshe jwao ka ha a amana le thuto; 
b. Tshetjwang ke boemedi ba bona. E be batho ba hlomphehang, ba nang le tsebo e batsi le boiphihlelo ditabeng tsena. E be batho ba kgonang ho sebedisa mekgwa le maano a mokgatlo oo ba o emetseng ka tshwanelo mme ba tshehetswa ka hohlehohle ke ona mokgatlo oo wa bona; 
c. Ba kgona ho phethahatsa ditlhoko tsa boemo bofe kapa bofe ba mokga wa thuto oo Lekgotla la Setjhaba le laolang maemo a thuto le ikarabelllang ho ona; 
d. Ba kgona ho tadima taba ka mahlakore ohle mme ba e tadima boemong bo phahameng; ebile 
e. Ba ikakgetse ka setotswana dipuisanong pakeng tsa Lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto le boemedi. 
(2) Mekgatlo e batlang ho emelwa Makgotleng a setjhaba a laolang maemo a thuto e tla tshehetswa ke dintlha tsena tse latelang:
a. Lekgotla le leng le le leng la setjhaba le laolang maemo a thuto le tla thehwa ka mekgatlo e tsheletseng e leng ena e latelang: Mafapha a mmuso, dikgwebo, mesebetsi, mesuwe ya thuto le thupelo, dihlopha tsa ba nang le thahasello, le mekgatlo ya setjhaba kapa ya baithuti. 
b. Mokga o mong le o mong wa mekgatlo ena o tla dumellwa ho ba le baemedi ba tsheletseng athe baemedi bohle ba ba thehang Lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto e tla ba palo ya baemedi ba ka bang mashome a mararo a metso e tsheletseng haese feela ha Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo sa dumellane le tlhophiso ena kapa bo bona ditaba ka lehlakore le leng. 
c. Ho latela dintlha tsa tataiso tse boletsweng molawaneng wa leshome le metso e tsheletseng (a) le (b) - 
i. Baemedi ba mmuso ba tla akaretsa Mafapha a Thuto le  Mesebetsi, mme haeba ho hlokeha, ho tla kena hape mafapha a  mang a mmuso, baemedi ba diporofense le dikolo; 
ii. Lefapha le leng le le leng ho lefapha la Kgwebo le lefapha la  Mesebetsi le tla ba le baemedi ba tsheletseng. Bamedi ba babedi ho bona ba tla sebetsana le leano le dihlahlobo. Baemedi ba bang bona ba tla tadimana le tse amanang le Lekgotla la Setjhaba  le laolang maemo a thuto. 
iii. mesuwe ya thuto le thupelo e lokela ho ba baemedi ba Thuto le Thupelo e akaretsang, Thuto le Thupelo e tswellang esita le Thuto le Thupelo e phahameng. 
iv. Modulasetulo wa Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika kapa setho se thontshweng sa Bolaodi ba Mangolo a thuto Afrika Borwa e tla ba setho sa moeti (ex-officio) lekgotleng la setjhaba le laolang maemo a thuto; 
v. Mohlanka wa lekgotla la phethahatso la Bolaodi ba Mangolo a Thuto  Afrika Borwa kapa setho se thontsweng le bona e mong wa bona e tla   ba setho sa lekgotla le leng le le leng la setjhaba le laolang maemo a   thuto. 
vi. Ditho tse ding tsa Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa di na le hona ho ba teng dikopanong tsa Lekgotla la Setjhaba le laolang maemo a thuto ka ho etsa ditlhlophiso le modulasetulo wa lekgotla le amehang la setjhaba le laolang maemo a thuto. 
Boemedi ba dihlopha 
17. (1) Boemedi ba dihlopha bakeng sa mekgatlo e amehang mesebetsing ya Lekgotla  la Setjhaba le laolang maemo a thuto le tla thehwa ho latela karolo ya bohlano  ya Molao. 
(2) Lekgotlana lena la boemedi ba dihlopha le tla -
a. Ba le ditho tsa lekgatlo e boletsweng molawaneng wa leshome le metso  e supileng (nngwe) e entseng kopo ho ba teng lenaneng; 
b. Hlwaya Makgotla a setjhaba a laolang maemo a thuto, maemo a thuto le  dihlopha esita le mangolo a thuto a ka amang mekgatlo ya mofuta ona  esita le dihlopha le mangolo a thuto ao mekgatlo eo e tla fuwa tlotla ya ho a laola 
c. Ho ka sebediswa poso ka ho sebedisa diaterese tsa mekgatlo e   boletsweng molawaneng wa leshome le metso e supileng (nngwe) e ikopetseng ho kena lenaneng. 
d. Ho ba le hona ho etsa ditlhahiso ka ho tshehetswa ke botho ba bona bo thehilweng molawaneng wa leshome le metso e supileng(tharo). Ditlhahiso tsena di lebiswa ho Makgotla a thehang dihlopha tsa thuto  le ona mangolo a thuto esita le ho hlokomela hore bohlokwa ba  mangolo ana bo a sebediswa bo a tsejwa. Ditlhahiso di boetse di  lebiswa ho Makgotla a Setjhaba a laolang maemo a thuto a ntse a  ikarabella bakeng sa dihlopha le mangolo a thuto esita le kamoo dintho tsena di sebediswang ka teng: Haeba feela ditlhahiso tseo di  rometswe nakong ya matsatsi a mashome a mararo nakong ya  thomello ya mangolo a kgopotso a bileng a kopang ditlhahiso le dinyehelo tsa kelello; 
e. Ho ba le hona ho etsa kopo ya hore ngodiso ya dihlopha e fediswe  haese feela ha dinyehelo tsa dihlopha tseo di amohetswe mme  dihlopha di fumane karabo ya taba ena ka molao. Sena se ka boela sa   etsahala feela ha ho se na sehlopha se ka ngodiswang ho sa tsebiswa boemedi bo tshwanelehang ba dihlopha ka lengolo; mme 
f. Hangata ha ho tshehetso ya ditjhelete e tswang ho Bolaodi ba Mangolo a Thuto   mona Afrika Borwa.  
(3) Boemo ba ditho tsa boemedi ba dihlopha e tla ba bona bo latelang: 
a. Setho se nang le ditokelo tsa ho ba setho sa boemedi ba dihlopha se tla dumellwa ho ba le kabelo ho dihlopha le mangolo a thuto a lekgotla le leng le le leng la setjhaba le laolang maemo a thuto. Sena se tla etsahala ha feela ditho tseo tse filweng tumello e jwalo e se ditho hape tsa lekgotla le leng la setjhaba le laolang maemo a thuto. Hona ho bile ho etsahala lehlakoreng la mekgatlo e nang le mekgatlo e ingodisitseng ho yona. Mabapi le taba ena ha ho na mokgatlo o amanamg le ona o tla dumellwa ho ba setho sa Lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto.  
b. Setho se nang le ditokelo tsa ho ba setho sa boemedi ba dihlopha se tla dumellwa ho ba le kabelo ho dihlopha le mangolo a thuto a lekgotla le leng le le leng la setjhaba le laolang maemo a thuto leo e seng setho sa lona. Sena se tla etsahala ha feela ditho tseo tse filweng tumello e jwalo e se ditho hape tsa lekgotla le leng la setjhaba le laolang maemo a thuto. Mabapi le mekgatlo e nang le eo e amanang le yona, o mong kapa e meng e le ditho tsa Makgotla a Setjhaba a laolang maemo a thuto, mokgatlo o amehang o tla lokela hore o kgethe - 
i. Ho tlohela ho ba setho sa Lekgotla la Setjhaba le laolang maemo a thuto e le hore mokgatlo oo o tle o fumane tumello ya ho sebetsana le dihlopha le mangolo a thuto a lona Lekgotla leo la setjhaba le laolang maemo a thuto, kapa 
ii. ho etsa tlhahiso lebitsong la mokgatlo o amehang e le tsela ya ho phetha mesebetsi ya Lekgotla le tshwanelehang la setjhaba le laolang maemo a thuto. 
(4) Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo tla ba le lenane kapa rejisetara ya mabitso a boemedi ba dihlopha mme yona e tla ba le lebitgso le aterese ya setho se seng le se seng.
Ho tloha ditulong ha ditho tsa Makgotla a Setjhaba a laolang maemo a thuto esita le ho tlatswa ha dikgeo tsona tseo
18. (1) Modulasetulo kapa setho sefe kapa sefe sa Lekgotla la Setjhaba le laolang maemo a thuto se boletsweng ho latela molawana wa leshome le metso e tsheletseng se tla tloha setulong sa sona kapa mosebetsing wa sona haeba - 
a. Haeba leruo la sona le jewa;  
b. Haeba a fumanwa e le motho eo ho latela molao a nang le bofokodi bo itseng ba kelello; 
c. Haeba a sa be teng dikopanong tsa Lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto ka makgetlo a mararo a latelanang ka ntle le ho fuwa matsatsi ao a phomolo ke Lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto;  
d. A beha meja fatshe kapa a tlohela mosebetsi ka ho etsa tsebiso e jwalo ka lengolo ho Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa; kapa 
e. ha a fumanwa a le molato lekgotleng la dinyewe qosong e itseng mme a kwallwa tjhankaneng ka ntle le ho fuwa monyetla wa ho lefa bakeng sa kahlolo ya hae.  
(2) Dikgeo tsa mosebetsi tse bakilweng ke ho itokolla ha se seng sa ditho tsa Lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto se tla tlatswa ho latela molawana wa leshome le metso e mehlano le molawana wa leshome le metso e tsheletseng.
Mesebetsi ya Makgotla a Setjhaba a laolang maemo a thuto
19. (1) Lekgotla la Setjhaba le laolang maemo a thuto le tla - 
a. Hlalosa le ho etsa kgothaletso ho Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa mokga wa thuto oo le thehilweng ka lebaka la ona. Le tla hlalosa molemo wa thuto eo, mosebetsi wa thuto eo esita le makala a mang a dithuto tse ding tse amanang le yona; 
b. Hlalosa le ho etsa kgothaletso ho Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa malebana le makala a mang a dithuto a tla sebediswa e le motheo wa Makgotla a hlahisang le ho ntshetsa pele dihlopha tsa thuto; 
c. Amohela le ho theha makgotla a hlahisang dihlopha tsa thuto ho latela lekala le itseng la thuto kapa hona ho fedisa kananelo kapa kamohelo eo ya lekgotlana leo; 
d. Ho netefatsa hore mosebetsi wa makgotlana ana a shebaneng le dihlopha tsa thuto o phethwa ka tshwanelo ho ya ka taelo ya Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa; 
e. Ho etsa kgothaletso bakeng sa ngodiso ya dihlopha ho Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a thuto ho ya ho Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa; 
f. Ho kgothaletsa hore ho ngodiswe mangolo a thuto ho Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa; 
g. Ntlafatsa le ho tadima botjha mangolo a thuto; 
h. Sebedisana le Makgotla a Thuto le Thupelo a kgothaletsang makgabane thutong mabapi le tsela ya tshebetso ha ho amohelwa dihlopha tse ntjha le mangolo a thuto a matjha kapa ho etswa dihlomathiso ngodisong ya dihlopha le mangolo a thuto; 
i. Hlalosa tse lokelang ho etswa bakeng sa hlahlobiso e lokelang ho etswa ke makgotla a Thuto le Thupelo a kgothaletsang makgabane a thuto; 
j. Ho amohela ba sebetsang diofising, dikomiti esita le ditho tsa dikomiti tse lokelang ho phetha mosebetsi oo ba o filweng ka ho sebedisana le Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa; esita le 
k. Ho etsa mesebetsi e meng eo ka nako le nako e ka hlahiswang ke Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa. 
(2) Bakeng sa ho phetha mesebetsi e boletsweng ho latela molawana wa leshome le metso e robong(nngwe), Lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto le tla
a. Hlompha diqeto tse entsweng ke Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bakeng sa tshebediso le ntshetsopele ya Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a thuto; 
b. Ho ikopanya le ditsebi lekaleng leo la thuto mabapi le ho nepahala le hona ho amohelwa ha diphetho tsa mesebetsi e fihleletsweng ha ho hlahlobisiswa hantle; 
c. Ho phatlalatsa sephetho sa mesebetsi eo Lesedinyaneng la Ditsebiso tsa Mmuso e le hore batho ba hlahise maikutlo a bona haeba ba rata ho etsa jwalo; esita le ho 
d. Etsa bonnete sephetho sa mesebetsi eo se ile sa hlahiswa ho boemedi ba dihlopha bo boletsweng molawaneng wa leshome le metso e supileng pele sephetho sena se ka hlahiswa ka pele ho Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa. 

KGAOLO YA BONE 
MAKGOTLA A HLAHISANG MAEMO A DIHLOPHA TSA THUTO (SGB) 
Ho thehwa le ho ananelwa ha Makgotlana a hlahisang maemo a itseng thutong 
20. (1) Lekgotla le leng le le leng la setjhaba le laolang maemo a thuto le ka theha le ho ananela Makgotlana a hlahisang maemo a itseng thutong. Sena se ka etsahala ho latela lekala le itseng la thuto kamoo moralo o ka batlang ka teng mme ebe ho etswa kgothaletso ho le yona tumello ho Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa.  
(2) Bakeng sa ho theha le ho ananela Makgotlana ana a tadmaneng le maemo a itseng thutong, Lekgotla le laolang maemo a thuto le tla tadimana le sebopeho sa lona esita le mesebetsi ya lona mme ebe le tla sebedisa molawana wa mashome a mabedi(tharo) kapa tsela efe kapa efe eo Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo ka e amohelang bakeng sa ho amohela lekgotlana le leng le le leng le batlang ho thehwa: Sena se etsahala feela haeba - 
a. Le hlalosa sepheo sa lekala leo la thuto mme ebile le manolla tseo thuto eo e ithehileng ka tsona; 
b. Hlalosa meedi ya thuto eo, ke ho re, boholo ba thuto esita le molemo wa yona, tseo baithuti ba tla ithuta tsona esita le makala a mang a thuto a amehang; 
c. Hlwaya dikarolo tsa thuto ena tse thehilweng bophelong ba mehla ya kgale esita le ba mehla ena, menyetla ya mesebetsi, thekenoloji esita le mofuta wa tikoloho e tshwanelang thuto ena; 
d. Ho lepa hore na kamano ke efe pakeng tsa thuto ena le moruo wa naha dilemong tse ka bang tse tharo, hlano ho isa ho tse leshome. Ho ka bontshwa le hore na thuto ena e tla tswela pele, e tla nne e fokotsehe kapa e be e fellwe ke sekgahla sa yona kapa thahasello. Molemo wa thuto ena e tla ba ofe moruong le hore na ke ka tsela efe ho lebeletsweng hore e ka fetoha mme e ka fetoha ka mokgwa ofe?  
e. Ho iketsetsa qeto hore na thuto ena e ka hlaloswa e phethahetse na;  
f. Ho hlwaya makala a mang a manenyane a thuto ena ho shebilwe molemo wa lekala ka leng; 
g. Ho ikamahanya le molao oa sebediswang malebana le dithuto le makala a tsona esita le boemo boo dithuto tsena di leng ho bona le hona ho itlhophisa ka tshwanelo; esita le 
h. Ho hlophisa lenaneo la tshebetso bakeng sa ho theha Lekgotla le laolang maemo a thuto kapa lekgotlana le hlahisang maemo a itseng thutong. Maemo ana a ka kenyeletsa dintlha tse kang tse fihlellwang qetellong ya thuto e itseng, dikamano le mekgwa ya papatso, ho hlopha bajete esita yona nako ya thuto ena. 
(3) Lekgotla le hlahisang le ho ntshetsapele maemo a thuto ha le etsa kopa ya ho ingodisa jwalo ka Lekgotla le ntshetsang pele maemo a thuto le tla lokela ho -
a. Hlalosa hore na le entse mekutu efe ho ikopanya le batho ba tshwanetseng bakeng sa ho botsisisa tsela ya ho etsa kopo ya mofuta oo le ho etsa hore baikopedi ba bang le bona ba bile le seabo le hore ba tshehetsa kopo ena ya bona kapa ba batla ho ananelwa ba hlile ba amana le bona kopong ena ya bona. 
b. Ho hlahisa ditokomane tse kgothaletsang kopo ena esita le tlhaloso e feletseng malebana le lekala la thuto leo kopo ena e etswang ka lebaka la lona; mme 
c. Ho totobatsa hore Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo fela bo dumetse kopo ena kamora hoba Bolaodi bona ba Mangolo a Thuto bo hlahlobe kopo ena hantle. 
(4) Lekgotla le leng le le leng le ntshetsang pele maemo a thuto le tla fuwa lengolo la bopaki nakong eo le hlomamiswang mme e le bopaki ka kananelo ya lona. Lengolo lena le tla sebetsa jwalo nako e sa feteng dilemo tse tharo ho tloha letsatsing la mohla lekgotla lena le neng le thehwa le bile le ananelwa. Le tla be le hlalose dihlopha esita le mangolo a thuto ao le sebetsanang le ona.
(5) Lekgotla le ntshetsang pele dihlopha tsa thuto hangata le a fela, ke ho re, ha le sa tswella ka mosebetsi wa lona ha le se le phethile mosebetsi wa lona ohle ka botlalo.
(6) Lekgotla lena le hlahisang maemo a thuto le ka kopa ho ekeletswa nako ya tshebetso ya lona, e leng nako e boletsweng lengolong la bopaki leo le le fumantshweng. Kopo e jwalo e lebiswa ho Lekgotla le laolang maemo a thuto. Kopo e jwalo e tla romelwa ka lengolo ho Lekgotla le laolang maemo a thuto matsatsi a ka bang a mashome a mararo pele nako e boletsweng lengolo la bopaki e fela.
Ho fediswa ha lengolo la bopaki ha Lekgotla le hlahisang maemo a thuto le se le qetile mosebetsi wa lona ohle
21. (1) Ngodiso ya Lekgotla le hlahisang maemo a thuto e ka fediswa haeba Lekgotla le laolang maemo a thuto le fumana hore (le bile le tlatswa ke Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa) lekgotla leo le hlahisang maemo a thuto ha le phethe mosebetsi wa lona hantle. 
(2) Lekgotla le hlahisang maemo a thuto le tla fediswa ha lengolo la bopaki le fellwa ke nako ya lona le ha lekgotla lena le se le phethile mosebetsi wa lona ohle jwalo ka ha ho boletswe lengolong la bopaki la ngodiso ya lekgotla lena.
Boingodiso makgotleng a hlahisang maemo a thuto
22. (1) Mekgatlo e nang le seabo mererong ya thuto le thupelo e tla kotjwa ho etsa kgetho ya ditho tse tswang ho yona mekgatlo ena e nang le thahasello esita le ditsebi ho ba ditho tsa Lekgotla le hlahisang maemo a thuto. Ditho tsena di tla amohelwa ka molao ke Lekgotla le laolang maemo a thuto le ikarabellang lekaleng leo la thuto. Sena se etswa ha lekgotla lena le laolang maemo a thuto le se le ile la ikopanya le mekgatlo e amehang. Dintlha tse ding tse lokelang ho hlokomelwa eba tsena tse latelang; boikarabelo ka lekgotleng la Palamente le porofense, bohlokwa ba boemedi le yona tekatekano, boitsebelo malebana le mosebetsi wa Makgotla a hlahisang maemo a itseng a thuto. 
(2) Mabitso a batho ba thontshweng ho ba ditho tsa Makgotla a hlahisang maemo a thuto le batho ba nang le seabo ho tsa thuto le thupelo a tla phatlalatswa Lesedinyaneng la Ditsebiso tsa setjhaba. Ho tla lebellwa hore batho ba hlahise maikutlo a bona malebana le kamohelo ya bonkgetheng bana esita le boemedi ba bona ho tsa thuto le thupelo.
(3) Motho e mong le e mong ya thontsweng o tla fuwa lengolo la bopaki ba kamohelo ke Lekgotla le laolang maemo a thuto, haeba a atlehile.
(4) Mekgatlo e batlang ho emelwa Lekgotleng le hlahisang maemo a thuto e tla thuswa kopong eo ya yona ke dintlha tsena tse latelang:
a. Lekgotla le leng le le leng le hlahisang maemo a thuto le tla ba le batho ba nang le thahasello mererong ya thuto le thupelo haholoholo lekaleng la thuto leo lekgotla leo le le latelang. Ho tla ba le ditsebi tse hlahang tsona dihlopheng tsena tsa batho ba nang le thahasello ho latela dintlha tse lebeletsweng ke Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa. 
b. Palo yohle ya ditho kapa baemedi ba thehang Lekgotla le ntshetsang pele maemo a thuto e tla behwa ho latela Lekgotla le laolang maemo a thuto empa e keke ya feta palo ya ditho tse mashome a mabedi a metso e mehlano. Palo ena e ka feta mona feela ha Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bo laola jwalo. 
c. Modulasetulo wa lekgotla la boemedi ba Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa le thontsweng e tla ba setho sa Lekgotla le ntshetsang pele maemo a thuto. 
(5) Mokgatlo kapa mekgatlo e batlang ho ananelwa e le Makgotla a ntshetsang pele maemo a thuto e lokela ho etsa bonnete ba hore mangolong a ona a dikopo a totobaditse hore a na le sehlopha se tla sebetsa jwalo ka Lekgotla le ntshetsang pele maemo a thuto. Mekgatlo ena e lokela ho hlokomela hore ditho tsena di tla kgotsofatsa melawana ya mashome a mabedi a metso e mmedi(nne) le molawana wa mashome a mabedi a metso e meraro. Kopo eo ya mokgatlo bakeng sa ho ananelwa e tla lokela ho tadingwa ke setjhaba sohle ho latela molawana wa mashome a mabedi a metso e mmedi(pedi).
Ho thonngwa ha batho bakeng sa ho ba ditho tsa Makgotla a ntshetsang pele maemo a thuto 
23. (1) Mekgatlo e thonyang batho hore e be ditho tsa Makgotla a ntshetsang pele maemo a thuto e lokela ho hlokomela tekatekano le hlabollo ya bophelo, mme e tla thonya batho ba tla - 
a. hlokomela hore ho be le tlhahiso e kwenneng, ho sebetswe ka toka, ho kgotsofatswe ditlhoko tsa setjhaba mme ho ipapiswe le maemo a dinaha tse ding ka bophara ba lefatshe jwao ka ha a amana le thuto; 
b. Tshetjwang ke boemedi ba bona. E be batho ba hlomphehang, ba nang le tsebo e batsi le boiphihlelo ditabeng tsena. E be batho ba kgonang ho sebedisa mekgwa le maano a mokgatlo oo ba o emetseng ka tshwanelo mme ba tshehetswa ka hohlehohle ke ona mokgatlo oo wa bona; 
c. Ba kgona ho phethahatsa ditlhoko tsa boemo bofe kapa bofe ba mokga wa thuto oo Lekgotla le ntshetsang pele maemo a thuto le ikarabellang ho ona;  
d. Ba kgona ho tadima taba ka mahlakore ohle mme ba e tadima boemong bo phahameng; ebile  
e. Ba ikakgetse ka setotswana dipuisanong pakeng tsa Lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto le boemedi ba lona. 
Mesebetsi ya Makgotla a ntshetsang pele maemo a thuto
24. (1) Lekgotla le ntshetsang pele maemo a thuto le tla - 
a. Etsa hore ho be teng dihlopha le mangolo a thutoho latela dintlha tse hlokwang ke Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa makaleng a hlwailweng a thuto esita le maemong a itseng;  
b. Ntjhafatsa le ho tadima dihlopha botjha;  
c. Ho kgothaletsa hore Makgotla a laolang maemo a thuto a amohele dihlopha tse itseng le mangolo a thuto;  
d. Ho kgothaletsa hore ho sebediswe mekgwa e itseng bakeng sa ho fumana bahlahlobi le bahlahlobisi kapa lekgotla la bohlahlobisi; esita le ho  
e. Etsa mesebetsi e meng eo ka nako le nako e ka kgothaletswang ke Lekgotla le laolang maemo a thuto. 
(2) Bakeng sa ho phetha mesebetsi e boletsweng ho latela molawana wa mashome a mabedi a metso e mene(nngwe), Lekgotla le ntshetsang pele maemo a thuto le tla
a. Hlompha diqeto tse entsweng ke Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bakeng sa tshebediso le ntshetsopele ya Moralo wa Setjhaba wa Mangolo a thuto;  
b. Ho ikopanya le ditsebi lekaleng leo la thuto mabapi le ho nepahala le hona ho amohelwa ha diphetho tsa mesebetsi e fihleletsweng ha ho hlahlobisiswa hantle;  
c. Ho phatlalatsa sephetho sa mesebetsi eo Lesedinyaneng la Ditsebiso tsa Mmuso e le hore batho ba hlahise maikutlo a bona haeba ba rata ho etsa jwalo; esita le ho  
d. Etsa bonnete sephetho sa mesebetsi eo se ile sa hlahiswa ho boemedi ba dihlopha bo boletsweng molawaneng wa leshome le metso e supileng pele sephetho sena se ka hlahiswa ka pele ho Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa. 

KGAOLO YA BOHLANO 
MELAO BAKENG SA TSELA YA TSAMAISO ESITA LE DITEFELLO TSA MESEBETSI YA MEKGATLO YA SETJHABA E LAOLANG DIHLOPHA TSA THUTO LE MEKGATLO E HLOPHISANG LE HO HLAHISA DIHLOPHA TSA THUTO
Melao bakeng sa tsela ya tshebetso
25. Mesebetsi ya Lekgotla le laolang maemo a thuto e tla laolwa ka tshebediso ya Melao ya tshebetso. 
Tefello ya mesebetsi ya Makgotla a setjhaba a laolang maemo a thuto esita le Makgotlana a hlophisang maemo a thuto
26. (1) Lekgotla le leng le le leng la setjhaba le laolang maemo a thuto le tla hlahisa lenane la tshebetso hang ha le qeta ho thehwa mme le hlahise pehelo selemo le selemo ho latela tshebetso ya tsa ditjhelete ya Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa. Lenane lena la tshebetso le tla totobatsa tse lebeletsweng ho fihlellwa nakong ya tshebetso ya lekgotla. Nako ya tshebetso e ka ba dilemo tse tharo mme dilemong tsena ho tla lebellwa bajete mabapi le tshebediso ya tjhelete. 
(2) Bajete ena e totobatsang tshebediso ya tjhelete e tla etswa ho latela ditaelo tsa Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa mme ho tla nehelanwa ka yona ho Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa bakeng sa tumello.
(3) Ditho tsa Makgotla a Setjhaba a laolang maemo a thuto di tla fumana moputso bakeng sa mesebetsi ya tsona. Moputso ona o tla leshwa ho ipapisitswe le melawana e amanang le Mosebetsi wa Setjhaba o beilweng ke Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa. Mouptso ona o kenyeletsa tefello ya ho ba teng dikopanong tsa lekgotla, tjhelete ya marobalo le ya dipalangwang esita le ditefello tse ding tse hlokehang.
(4) Ditho tsa dikomiti (kapa makgotlana) mme e se ditho tsa Makgotla a Setjhaba a laolang maemo a thuto, e leng a amohetsweng ke Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa, di tla fumana ona moputso o tshwanang le wa ditho tsa Makgotla a Setjhaba a laolang maemo a thuto: Sena se tla etsahala ha feela ditho tseo tsa dikomiti di fumane tumello e tswang Bolaoding ba mangolo a thuto Afrika Borwa.
(5) Bolaodi bo tla lefella mesebetsi e dumelletsweng ya Makgotla a hlahisang maemo a thuto haeba ho tshwaneleha kapa ho na le ditjhelete tse lekaneng le mokgwa wa tefello o hlophisitsweng ka tshebedisano le lekgotla le amehang.

KGAOLO YA BOTSHELELA
KGUTSUFATSO YA LEBITSO
Kgutsufatso ya lebitso
27. Melawana ena e tla bitswa Melawana ya Lekgotla la setjhaba ya selemo sa sekete, makgolo a robong, mashome a robong a metso e robedi. 

DINTLHA TSE DING 
MELAWANA YA TSHEBETSO BAKENG SA MAKGOTLA A SETJHABA A LAOLANG MAEMO A THUTO 
DITLHALOSO 
1. Mantswe a latelang a tla ba le meelelo e latelang haese feela ha a sebediswa ka tsela e nngwe e fapaneng - 
Ka "Modulasetulo" ho bolelwa modulasetulo wa Lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto;
Ka "komiti" ho bolelwa komiti ya Lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto;
Ka "komiti ya lekgotla la phethahatso" ho bolelwa komiti e reretsweng ho phetha mesebetsi eo e e baletsweng lebitsong la Lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto;
Ka lentswe lena "setho" ho bolelwa setho sa Lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto;
Ka "LSM" ho bolelwa Lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto;
Ka qeto ho bolelwa qeto ya Lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto;
Mongodi ke motho ya phethang mosebetsi ona bakeng sa Lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto;
DITHO TSA LEKGOTLA LA SETJHABA LE LAOLANG MAEMO A THUTO
2. Ho latela dintlha tse hlahellang Molaong, Lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto le na le Modulasetulo, Motlatsi wa Modulasetulo, Mongodi esita le ditho tse ding tse amohetsweng ke Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa ho latela Melawana ya Makgotla a Setjhaba a laolang maemo a thuto. Modulasetulo o tla kgethwa ke Lekgotla la Setjhaba le laolang maemo a thuto ka ho kgetha hara ditho tsa lona kapa ho kgetha makaleng a mang. 
BALAODI BA BAHOLO 
3. Modulasetulo wa Lekgotla la Setjhaba le laolang maemo a thuto kapa modulasetulo wa komiti o tla etela Lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto kapa yona komiti ho ya kamoo ho ka hlokehang. Haeba modulasetulo a le siyo kopanong efe kapa efe, motlatsi wa modulasetulo e tla ba yena ya okamelang kopano eo. Haeba modulasetulo le motlatsi wa hae ba le siyo, ditho di ka ikgethela setho se seng feela hara tsona hore a okamele kopano eo. 
DIKOPANO TSA LEKGOTLA LA SETJHABA LE LAOLANG MAEMO A THUTO
4. Lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto le tla kopanela hohle mme ka nako tsohle tseo ka nako le nako ho etswang qeto hore ho kopanelwe moo. 
  
5. Modulasetulo o na le tokelo ya ho bitsa dikopano tse sa tlwaelehang kapa tse ikgethileng. Kopano e ka ba teng le ha ditho tse seng ka tlase ho palo ya nngwe-borarong e kopa hore ho be le kopano. Mongodi o tla laela hore kopano eo e tshwarelwe kae hang ha a se a fumane kopo e jwalo. 
  
6. Haeba modulasetulo a fumana hore ditaba tse lenaneng la tsamaiso ha di hloke kopano, o na le tokelo ya ho fedisa kopano kapa ho e fetisetsa nakong e tlang. Ditho di tla tsebiswa ka nako e ka etsang veke e le nngwe pele ho kopano eo ya Lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto e ba teng. Dikopano di keke tsa fetisetswa nakong e tlang haeba ditaba tsa kopano e le tse tlamang hore kopano e be teng; haese feela ha palo ya ditho e kana ka pedi-borarong e kopa hore kopano eo e thise.
  
7. Motho mang kapa mang ya lokelang ho ba teng kopanong o tla fumana memo e tswang Lekgotleng la Setjhaba le laolang maemo a thuto hore a tle kopanong.
  
8. Mangolo ohle a romellwang ditho a tla lokela hore a tshwauwe ho latela ditaba tsa ona. Sena se etswa ka kutlwisiso ya hore ditho di tla lokela ho sebetsa mangolo ao ho latela kamoo a tshwauweng ka teng. 
TSEBISO YA DIKOPANO 
9. Tsebiso ya kopano efe kapa efe ya Lekgotla la Setjhaba le laolang maemo a thuto e tla romellwa setho se seng le se seng se lokelang ho ba teng kopanong. Mongodi o tla romella ditho tsebiso ena mme a hokele lenane la ditaba tsa mohla monene. Mongodi o tla hlokomela ho romela mangolo ana matsatsi a ka bang a leshome le metso e mene pele ho letsatsi la kopano. O tla sebedisa aterese eo setho se ngodisitseng lekgotleng lena ka yona. Sena se etsahala dikopanong tsohle haese dikopano tsa tshohanyetso tse bitswang ke modulasetulo. Dikopano tsena le tsona di ka bitswa nakong e seng ka tlase ho matsatsi a mararo a tshebetso.
  
10. Haeba setho se sa fumana lengolo le rometsweng atereseng eo se faneng ka yona, taba ena ha e na sitisa kopano ho tswela pele ka letho. 
BUKANA YA MABITSO A BA LENG TENG KOPANONG KAPA REJISETARA
11. Setho se seng le se seng se teng kopanong ya Lekgotla la Setjhaba le laolang maemo a thuto se tla saena bukana ena ya mabitso a ba leng teng kopanong. 
PALO YA DITHO TSE LOKELANG HO BA TENG PELE KOPANO E QALA
12. Halofo ya ditho tsohle tsa lekgotla, re sa balelle modulasetulo, e lokela ho ba teng pele kopano e qala dikopanong tsohle tse tlwaelehileng tsa Lekgotla la Setjhaba le laolang maemo a thuto. Ha e se kopano e tlwaelehileng, ho lebellwa hore bonyane ho be le palo ya nngwe-borarong ya ditho tsohle tsa Lekgotla la Setjha le laolang maemo a thuto mme re sa balelle ho ba teng ha modulasetulo. 
  
13. Haeba ho se na palo e lekaneng ya ditho pele kopano e qala, kopano e tla nne e tswele pele empa ho tla lokela hore ho nkuwe diqeto tse etswang moo e le tse tla lokela ho tadingwa ke Lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto bakeng sa dipuisano sa lona nakong ya kopano e latelang, pele ho ka etswa diqeto tse feletseng. 
DITSEBISO TSA MASEDINYANA 
14. Modulasetulo wa Lekgotla la Setjhaba le laolang maemo a thuto ka tumelano le Modulasetulo wa Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa o tla phatlalatsa ditaba tse amang mesebetsi esita le dikopano tsa Lekgotla la Setjhaba le laolang maemo a thuto, haeba ho fela ho hlokeha hore a etse jwalo.  
METSOTSO 
15. Metsotso ya kopano e nngwe le e nngwe ya Lekgotla la Setjhaba le laolang maemo a thuto e tla ngolwa mme ebe mongodi o nehelana ka yona kopanong e latelang e le hore lekgotla le e hlahlobe hore na le a e amohela na. Mongodi ha a ngolla ditho mme a di tsebisa ka kopano e latelang, o tla be a se a ba romella le metsotso ena ya kopano e fetileng. 
  
16. Metsotso ha e na ngolwa ka tsela eo lentswe ka leng le builweng kopanong e fetileng le tla hlahella metsotsong empa ho tla kgutsifatswa ditaba mme ho be ho ngolweng dintlha tsa bohlokwa tse hlahisitsweng le hore na qeto e bile efe bakeng sa ntlha e nngwe le e nngwe e hlahisitsweng. Ka tsela ena, setho se seng le se seng se batlang hore maikutlo a sona e be a hlahisitswe metsotsong se na le tokelo ya ho hlahisa boipiletso bo jwalo.  
DIPUISANO TSA LEKGOTLA LA SETJHABA LE LAOLANG MAEMO A THUTO ESITA LE DIVOUTU TSA LONA 
17. Ho tla sebediswa melao le melawana e laolang dikopano bakeng sa tsamaiso ya kopano e nngwe le e nngwe ya Lekgotla la Setjhaba le laolang maemo a thuto. 
  
18. Ha ho tla etswa qeto bakeng sa ntlha e itseng, ho lokela hore bohle ba dumellane ka qeto eo. Haeba bohle ba sa utlwane ka maikutlo mabapi le qeto, ho lokela hore ho voutwe kapa yona lotho. Haeba ho lokela hore ho voutwe, ho tla voutwa jwalo ka ho phahamisa matsoho. Haeba ho na le setho se kopang hore ho ngolwe dipampitshana tsa divoutu, eba lekgotla le tla qeta ka hore ho etswe jwalo mme lotho ya mofuta oo e etswe ka sephiri.
  
19. Modulasetulo, ka lebaka la hobane a tsamaisa kopano, ha a na fuwa matla le tokelo ya ho vouta jwalo ka ba bang empa yena o tla etsa voutu ya makgaolakgang haeba divoutu di lekane.
  
20. Haeba modulasetulo a le siyo, ya dutseng setulo mokobobo kapa motlatsi wa hae yena o tla nne a voute jwalo ka setho se seng le se seng.
  
21. Ha ho na setho se ka itokollang qetong e entswe ke Lekgotla lena la Setjhaba le laolang maemo a thuto haeba qeto eo e entswe a le teng. A ka itokolla feela ha a ka ikopela pele taba e buuwa hore a seke a ba teng ha ho buuwa taba ena.
  
22. Jwalo ka ha ho boletswe melaong le melawaneng ena ya lekgotla, qeto e fihlellwang ke bongata ba ditho tsa lekgotla e tlama setho se seng le se seng sa lekgotla lena. Ke ho re, ke qeto ya Lekgotla lena la setjhaba le laolang maemo a thuto. Maikutlo a ditho tse mmalwa a ka ngolwa feela mme a bolokwa kaekae. Sena se ka etsahala feela ha tsona ditho tse mmalwa tsena di kopa jwalo.
  
23. Ho latela melao ya lekgotla lena la setjhaba le laolang maemo a thuto, haeba ho lokela hore ho etswe qeto ya bohlokwa pele kopano e latelang ya lekgotla lena e ba teng, modulasetulo o na le tokelo ya ho laela mongodi hore a ngolle setho se seng le se seng mme a se kope hore se hlahise maikutlo a sona hodima ntlha eo ho lokelang hore ho nkuwe qeto ka yona. Tsebisong ena ho tla bolelwa hore na maikutlo ana a ditho a tla tla hlahlojwa neng e le ho etsa qeto e feletseng. Le ha ho le jwalo, nako e lokelang hore sena se etsahale ka yona e keke ya ba nako e ka tlase ho matsatsi a leshome ho tloha ka letsatsi leo mangolo a neng a romellwa ditho. Qeto ya bongata ba ditho e tla ba yona qeto ya lekgotla lena la setjhaba le laolang maemo a thuto. Ditho di tsa tsebiswa ka qeto ena mohla letsatsi la kopano e latelang. 
HO THEHWA HA MAKGOTLANA KAPA DIKOMITI
24. Ho latela melawana ya Lekgotla la Setjhaba le laolang maemo a thuto, lekgotla lena la setjhaba le laolang maemo a thuto le na le tokelo ya ho theha dikomiti mme re kenyeletsa le Lekgotlana la Phethahatso. 
LEKGOTLANA LA PHETHAHATSO
25. Lekgotlana la phethahatso le theilweng ho latela Melawana ya Lekgotla la Setjhaba le laolang maemo a thuto le tla ba le ditho tseo e leng ditho tsa Lekgotla la Setjhaba le laolang maemo a thuto. Lekgotla lena la setjhaba le laolang maemo a thuto ebile ke lona le tla amohela Lekgotlana la Phethahatso ka molao. Le tla ba le modulasetulo esita le ditho tse ding tse thontsweng le ho kgethwa ka molao ke lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto. Sena se tla etsahala feela haeba: 
25.1 lekgotlana leo la phethahatso le tla sebetsana le ditaba tsa lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto, dikopano tsa lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto le hore diqeto tsohle tseo lekgotlana lena le di nkang di lokela ho hlahlojwa le ho dumellwa ke Lekgotla la Setjhaba le laolang maemo a thuto;
25.2 Modulasetulo, kapa haeba a le siyo motlatsi wa modulasetulo athe ha motlatsi wa modulasetulo le yena a le siyo motshwaredi wa modulasetulo bakeng sa nakwana e leng ya kgethilweng ke tsona ditho o tla tsamaisa dikopano tsohle tsa Lekgotlana la Phethahatso.
25.3 Modulasetulo wa Lekgotlana lena la phethahatso o tla etsa pehelo malebana le ditaba tsa Lekgotlana la Phethahatso kopanong e tlwaelehileng ya Lekgotla la Setjhaba le laolang maemo a thuto, mme
25.4 palo ya batho ba lokelang ho ba teng kopanong ya Lekgotlana la Phethahatso e tla ba Modulasetulo le halofo ya ditho tsohle tsa lekgotlana leo.
MAKGOTLANA A MANG 
26. Lekgotlana le le leng le le leng le ka ba le palo e itseng ya ditho tsa lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto kapa batho feela le ha e se ba lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto. Le ka nna la ba le ditho tsa lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto hammoho le ditho tseo eseng ditho tsa lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto ho latela kamoo lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto le ka laolang ka teng. Lekgotlana lena le ka nka nako eo le e baletsweng ke lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto bakeng sa tshebetso ya lona. Dintlha tse ding ke tsena tse latelang: 
26.1 Lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto le ka kgetha motho ofe kapa ofe eo e leng setho sa lekgotlana ho ba modulasetulo wa lekgotlana leo.
26.2 Lekgotlana le ka kgetha dihlotshwana ka hare ho lona ka tumello ya Lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto ho phetha mesebetsi e itseng ya lekgotlana lena ho ya kamoo Lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto le ka laolang ka teng. Sehlotshwana sena se ka etsa le dipatlisiso mabapi le ditaba tse amang lekgotlana lena ekasitana le meedi ya boikarabelo ba lekgotla hore e fella kae.
 26.3 Lekgotlana le leng le le leng, ka ntle ho Lekgotlana la phethahatso, le na le hona ho ikeketsa ka setho se le seng kapa ditho tse mmalwa e le ditho tsa tsa lekgotlana lena empa ka tumello ya Lekgotlana la Phethahatso. Le ka etsa sena bakeng a nako e itseng le bakeng sa morero o itseng.
 26.4 Lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto le ka sebedisa matla ao le afilweng ho latela molao bakeng sa ho laela lekgotlana le itseng ho phetha mosebetsi o itseng kapa matla le tokelo ya ho etsa ntho e itseng.
 26.5 Lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto le na le hona ho fetola ditaelo tsa lona ho lekgotlana empa bakeng sa ho etsa jwalo eba le tla tsebisa lekgotlana leo bakeng sa ho utlwa maikutlo a lona pele le etsa qeto.
 26.6 Setho sefe kapa sefe sa lekgotlana se sa beng teng dikopanong tsa lekgotlana ka makgetlo a mararo a latelanang mme ebile se sa fane ka mabaka, se tla hlakolwa dibukeng ho ba setho sa lekgotlana leo.
 26.7 Haeba setho sa lekgotlana se batla ho itokolla lekgotlaneng leo, se lokela ho etsa jwalo ka lengolo.
 26.8 Haeba ho na le sekgeo se lokelang ho tlatswa lekgotlaneng, modulasetulo wa lekgotlana o tla tsebisa Lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto ka lengolo kopanong ya pele ya lekgotla la setjhaba le laolang maemo kamora hoba sekgeo seo se hlahe.
 DIPEHELO TSA MAKGOTLANA
27. Modulasetulo wa lekgotlana le leng le le leng o tla hlahisa pehelo ya tshebetso ya lekgotlana la hae kopanong e tlwaelehileng ya lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto. 
DIKOPANO TSA MAKGOTLANA
28. Se bolelwang diratswaneng tsa bosupa ho isa seratswaneng sa mashome a mabedi se tla sebediswa bakeng sa ho hlalosa lekgotlana le leng le le leng. Bakeng sa molawana ona, tshebediso ya mantswe a kang "Modulasetulo" kapa "Mongodi" ke mantswe a tla lokela ho tsejwa a bolela Modulasetulo wa lekgotlana kapa mongodi wa lekgotlana. 
DITHO TSE DING TSA TLATSETSO
29. Ho latela molao, ditho tse ding tsa tlatsetso bakeng sa makgotlana di tla ba le ditokelo tse amang setho ka seng ka hara kopano. Ditokelo tsena di akaretsa tokelo ya ho vouta. 
MOSEBETSI WA MONGODI
30. Mosebetsi wa bongodi bakeng sa mesebetsi ya Lekgotla la Setjhaba le laolang maemo a thuto o tla etswa ke mongodi ka tataiso ya modulasetulo wa lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto. 
31. Mosebetsi wa mongodi ke ho thusa lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto ka ho: 
31.1 etsa mosebetsi wa bongodi 
31.2 fana ka keletso mererong ya tsamaiso 
31.3 ho etsa mosebetsi o hlwahlwa bakeng sa tsamaiso 
31.4 ho ba le thuso mererong ya bolaodi 
31.5 ho etsa e meng ya mesebetsi eo ka nako le nako lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto le ka kopang hore e etswe.
HO ETSA DIHLOMATHISO MELAONG 
32. Botho ba tlileng kopanong ya lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto ba ka eketsa melao kapa ba etsa dihlomathiso tse itseng ho yona kopanong efe kapa efe ya lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto. Sena se etswa ka tumellano le Bolaodi ba Mangolo a Thuto Afrika Borwa. Sena se boetse se ka etswa haeba e le karolo ya lenane la tsamaiso ya mohla kopano (ditho di romeletswe lenane lena la tsamaiso) mme ditho tse tlileng kopanong eo di feta halofo ya ditho tsohle tsa lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto. 
HO HLAHLOBISA KAPA HO TADIMA BOTJHA DIQETO TSA LEKGOTLA LA SETJHABA LE LAOLANG MAEMO A THUTO 
33. Qeto e nngwe le e nngwe e entsweng kopanong ya lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto e tla fuwa nomoro ya lekgotla lena la setjhaba le laolang maemo a thuto. Ena e tla ba nomoro e ikgethang mme e tla netefatsa hore eo ke qeto ya lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto. Setho sefe kapa sefe se batlang hore qeto e itseng e boele e tadingwe botjha se lokela ho ngola lengolo mme se etse kopo e jwalo. Lengolo la mofuta oo le lokela ho fihla matsohong a mongodi matsatsi a ka bang a leshome le metso e mene pele ho letsatsi la kopano ya lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto. Haeba Lekgotla la setjhaba le laolang maemo a thuto le etsa dihlomathiso qetong e fihleletsweng, sehlomathiso kapa dihlomathiso tseo di tla ngolwa metsotsong ya kopano. Ho tla ngolwa ditaba tsa bohlokwa tsa dihlomathiso tseo 



Sesotho
Pono ya bokamoso:
Ketso ya diqeto, ho rera le phumantsho ya ditshebeletso e hlohlelletswang ka tsebiso
ya tsa popeo ya lefatshe, bakeng sa boleng bo ntlafetseng ba bophelo bakeng sa
bohle Afrika Borwa.
Lepetjo:
Ho matlafatsa ho etswa ha diqeto Afrika Borwa ka tsebiso ya tsa popeo ya lefatshe.
Polelo ya maikemisetso:
Maikemisetso a rona ke ho fana ka meedi bakeng sa Popeotheo e
hokahantsweng ya Dintlha tsa Dibaka Lefatsheng (Spatial Data
Infrastructure-SDI), e bonahalang ka:
??ho fumaneha ha tsebiso ya dibaka lefatsheng e loketseng le e tshepahalang,
bakeng sa ho rera, phumantsho ya ditshebeletso mmoho le kabo e
phethahetseng ya mehlodi;
??kabelano, tshebediso le tshebediso hape ya tsebiso ka dibaka lefatsheng,
ditshebetso le ho ithuta ka tlhophiso, ntle le phetapheto e sa hlokeheng le e
theko e phahameng ya tshebetso;
  KA...
??ho matlafatsa tlhompho ya tsebiso ka dibaka lefatsheng jwalo ka leruo, le
tshwanetseng ho tsamaiswa ka ho phethahetseng;
??ho ngolwa fatshe le ho phatlalatswa ha dintlha tse mabapi le dibaka lefatsheng
??ho bewa ha maemo bakeng sa ho kgothaletsa phapanyetsano ya tsebiso ya
dibaka lefatsheng mmoho le tshebetso ya ka hare ya mekgwatshebetso e nang le
karolo ya dibaka lefatsheng ka hara yona
??ntshetsopele le tlhokomelo ya mekgwatshebetso e bobebe ho basebedisi, e tlang
ho nolofatsa ho fumanwa le ho hulwa ha dintlha tsa dibaka lefatsheng ...
??ho kenngwa tshebetsong ha popeotheo ya leano e tlang ho netefatsa hore ho
fumaneha tsebiso ya dibaka lefatsheng e nepahetseng le e hlokometsweng
hantle, e hlokehang bakeng sa puso e bonahalang le e sebetsang hantle
??ho ralwa ha ditlhophiso tsa ka hara mokgatlo tse hlalosang ka ho hlaka
maikarabelo a bodisa a hlokehang bakeng sa ho hlokomela le ho phatlalatsa
tsebiso ya bohlokwa

1
Na SAHRC ke eng?
South African Human Rights Commission (SAHRC)
e bopilwe ka Khomishene le Secretariat.
Khomishene
Modulasetulo ke Reverend Dr Barney Pityana mme motlatsi wa hae yena ke Ms
Shirley Mabusela. Khomishene e na le bakomishenara ba leshome le motso o le
mong, ho kenyelletsa le modulasetulo mmoho le motlatsi wa hae.
Secretariat
Secretariat e etelletswe pele ke moofisiri ya ka sehloohong wa phethahatso.
Yona e na le mafapha a mane e leng:
???Lefapha la Thuto, Thupelo le Tlhahiso-leseding
???Lefapha la Ditshebeletso tsa Semolao
???Lefapha la Diphuputso le Pokello ya Tsebo
???Lefapha la Ditjhelete le Tsamaiso
SAHRC e na le dikomiti tse bopilweng ka bakomishenara, basebetsi ba
khomishene le ditho tse ding ho tswa kantle. Bona ba phetha mesebetsi ena e
latelang:
???Tlhahiso ya Leano le Thero;
???Dikgokahano le Mmuso ekasitana le Palamente;
???Merero ya Semolao le ya Molaotheo;
???Dikgokahano le mekgatlo e seng tlasa mmuso e leng di
???NGO, mmoho le Mokga o fetisang Melao;
???Dikgokahano le Dinaha tsa Matjhaba;
???Ho shebana le merero ya batho ba holofetseng;
???Ho shebana le merero ya bana.
Hodima moo, mokomishenara ka mong o na le maikarabelo a ikgethang ho
profensi e le nngwe kapa tse ka hodimo ho moo. Ba etela diprofensi ho ya bopa
dikamano le dibopeho tsa moo, ba hlopholle diketsahalo tsa moo, e be ba nka
mehato e tshwanetsng mabapi le ditletlebo.
Na ekaba SAHRC e etsa eng?
SAHRC e theilwe ke Molaotheo bakeng sa ho etsa hona ho latelang:
???ho ntshetsapele hlompho ya ditokelo tsa botho mona Afrika Borwa;
???ho ruta batho ba Afrika Borwa ka ditokelo tsa botho;
???ho etsa dipatlisiso ka tlolo ya ditokelo tsa botho le ho batla ditsela tsa ho
lokisa ditlolo tseo (ho kenyelletswa le ho isa dinyewe kgotla, ha ho
hlokeha);
2
???ho etsa diphuputso ka ditokelo tsa botho mona Afrika Borwa le dinaheng
tsa matjhaba;
???ho eletsa mmuso ka ditokelo tsa botho, e be e lekola kamoo mmuso o
kgothaletsang le ho sireletsa ditokelo tsa botho;
???ho lebela melao e ngotsweng maemong ohle a puso (pusong ya selehae,
ya diprofensi le ya naha) bakeng sa ho netefatsa hore ho latelwa ditokelo
tsa botho; le
???ho lebela hore ke eng seo mmuso o se etsang bakeng sa ho etsa bonnete
ba hore batho ba kgonaho fihlela ditokelo tse amanang le tsa kgahisano le
ikonomi (tikoloho, matlo, tlhokomelo ya maphelo, dijo, metsi, polokeho ya
setjhaba le thuto).
Ho tlaleha tlolo tsa ditokelo tsa botho
Tlolo ya ditokelo tsa botho ke ha ditokelo tse ho Bili ya Ditokelo di tshwerwe
hampe kapa di sa latelwa. leha ho le jwalo, SAHRC ha e tshwarahane le ditlolo
tsohle tsa ditokelo. Nyewe tsa ditlolo tse ding di lebiswa mekgatlong e meng le
dibopehong tse hlonngweng ka morero wa ho tshwarahana le mefuta e jwalo ya
ditlolo tsa ditokelo. Yona e kenyelletsa ena e latelang:
Khomishene ya Tekatekano ya Bong
(nyewe tse mabapi le kgethollo ka ho ya ka bong, kapa kgethollo ya bonna kapa
bosadi); Tel: 011-403 7182
Mosireletsi wa Setjhaba (ditletlebo tse kgahlanong le basebeletsi ba mmuso)
Tel: 012-322 2915/6
Khomishene ya Poelano, Bonamodi le ho etsa Diqeto tsa Tharollo
(dinyewe tse mabapi le ho tshwarwa ka tsela e se nang toka mosebetsing)
Tel: 011-377 6894
Lefapha le Ikemetseng la Ditletlebo (ditletlebo tse kgahlanong le maponesa);
Tel: 012-428 5700
Haebe le wena o na le tletlebo e tshwanang le e nngwe ya tsena, o ka iteanya le
mekgatlo ena ka ho toba. O ka fumana keletso le thuso ka tletlebo ya hao hape
ho di-Legal Aid Board (tse leng Makgotleng a Dinyewe a Bommagistrata), kapa
ho tswa ho di-Legal Aid Clinic (tse leng diyunivesithing tse ngata). Hape ho na le
mekgatlo e seng ka tlasa mmuso e leng di-NGO (tse jwalo ka Lawyers for
Human Rights, Legal Resources Centre le Black Sash) eo le yona e ka ho
thusang.
3
Kamoo o ka tlalehang ditlolo tsa ditokelo tsa botho ho SAHRC
Haebe tletlebo ya hao e le e nngwe ya ditokelo tse leng ho Bili ya Ditokelo, mme
ha se tlelebo ya mofuta o ka shejwang ke mokgatlo o mong o itseng, o ka romela
tlaleho ya hao ho SAHRC ka:
Ho letsetsa mohala ofising ya SAHRC. Mosebeletsi wa moo o tla nka
setatemente, a ho romele foromo ya ditletlebo kapa a ho behele letsatsi leo o ka
itlisang ka bowena ka lona ofising.
Kapa
O romele fekese kapa lengolo ho Lefapha la Ditshebeletso tsa Semolao la
SAHRC ka puo eo o e batlang.
Kapa
O fumane foromo ya ditletlebo ho tswa ho SAHRC, o e tlatse e be o e romela
ho SAHRC.
Diaterese tsa SAHRC
Johannesburg - Private Bag 2700, Houghton 2041
Tel: 011- 484 8300 Fax: 011 - 484 1360
Eastern Cape - P O Box 1854, Port Elizabeth 6001
Tel: 041- 582 4094/2611 Fax: 041- 582 2204
KwaZulu Natal - P O Box 1456, Durban 4000
Tel/Fax: 031 - 304 7323/4/5
Northern Province - P O Box 55796, Pietersburg 0700
Tel: 015 - 291 3500/3504 Fax: 015 - 291 3505
Western Cape - P O Box 3563, Cape Town 8001
Tel: 021 - 426 2277 Fax: 021 - 426 2875
Bili ya Ditikelo
Bakeng sa ho kgothaletsa hlompho ya ditokelo tsa botho, ke ntho ya bohlokwa
hore moahi e mong le e mong wa naha a tsebe ka ditokelo tsa hae mme a be le
kutlwisiso ya maikaraelo ao a nang le ona. SAHRC e sireletsa le ho ntshetsapele
ditokelo tsa botho bakeng sa batho bohle ba Afrika Borwa. Hona ho latelang ke
4
polelo tse kgutsufaditsweng tsa Bili ya Ditokelo. Ha o batla polelo tse felletseng,
o kopjwa hore o bale Kgaolo 2 ya Molaotheo.
Tekatekano: O ke ke wa kgethollwa. Empa ho fana ka menyetla ho bao ba neng
ba sa e fuwe (affirmative action) le ho kgetholla ka tsela e tshwanetseng ho
dumelletswe.
Seriti sa botho: Seriti sa hao se tshwanelwa ho hlomphuwa le ho sireletswa.
Bophelo: O na le tokelo ya ho phela.
Tokoloho le polokeho ya motho: O ke ke wa kwallwa ntle le ho hlahella kgotla,
wa hlokofatswa kapa wa otlwa ka tsela e sehloho. Dikgoka ka malapeng ha di a
dumellwa.
Bokgoba mmoho le ho sebediswa ka qobello: Bokgoba le ho qobellwa ho
sebetsa ha di a dumellwa.
Ho ba le sephiri: Maposena a ke ke a ho setjha, kapa a setjha ntlo kapa thepa
ya hao, ntle le ho latela ditsela tse tshwanetseng.
Bolokolohi ba borapedi, bodumedi le ho hlahisa mohopolo wa hao: O ka
dumela wa ba wa nahana ka eng kapa eng eo o e batlang, mme hape wa kenela
borapedi boo o ikgethelang bona.
Bolokolohi ba ho hlahisa maikutlo: Batho bohle (ho kenyelletswa le ba
dikoranta) ba ka bolela eng kapa eng eo ba e batlang.
Dikopano, ditshupiso tsa boipelaetso, diphikete le diphethishene: O ka ba
le ditshupiso tsa boipelaetso, wa phiketa kapa wa fana ka phethishene. Empa
hona o tshwanela ho ho etsa ka tsela ya kgotso.
Bolokolohi ba dikamano: O ka ba le dikamano le mang kapa mang eo o
mmatlang.
Ditokelo tsa Sepolotiki: O ka tshehetsa mokgatlo wa dipolotiki oo o o ratang.
Ha o le moahi wa naha mme o le dilemo tse 18 kapa ka hodimo ho moo, o ka
vouta.
Boahi ba naha: O ke ke wa nkelwa boahi ba hao ba naha.
Bolokolohi ba ho tsamaya le dula moo o batlang: O ka ya dula kae kapa kae
mona Afrika Borwa.
5
Bolokolohi ba kgwebo, tshebetso le porofeshene: O ka etsa mosebetsi ofe le
ofe oo o ratang.
Dikamano tsa tshebetso: O ka ba setho sa yunione mme wa kenela seteraeke.
Tikoloho: O na le tokelo ya ho ba le tikoloho e hlokometsweng hantle.
Thepa: Thepa ya hao e ka nkuwa ho wena feela ha ho latetswe melawana e
nepahetseng.
Matlo: Mmuso o tshwanela ho etsa bonnete ba hore batho ba fumana matlo a
tshwanetseng.
Tlhokomelo ya bophelo, dijo, metsi le polokeho ya batho: Mmuso o
tshwanela ho etsa bonnete ba hore le fumana dijo le metsi; tlhokomelo ya
bophelo le tshireletso.
Bana: Bana ba ka tlase ho dilemo tse 18 ba na le ditokelo tse ikgethang.
Thuto: O na le tokelo ya ho fumana thuto ya motheo, ho kenyelletswa le thuto ya
batho ba seng ba hodile, ka puo ya hao (ha ho kgoneha).
Puo le setho: O ka sebedisa puo eo o e batlang mme wa latela le setho seo o
ikgethelang sona.
Setso, bodumedi le puo ya morabe: Merabe e ka natefelwa ke setho sa yona;
ya ba le bodumedi boo e bo batlang; ya sebedisa le puo eo e e ratang.
Ho fumana tlhahiso-leseding: O na le tokelo ya ho fumana tlhahiso-leseding
efe kapa efe eo mmuso o nang le yona.
Tsamaiso e nang le toka: Ketsahalo efe kapa efe ya mmuso ha e a tshwanela
ho ba e nang le leeme.
Ho fihlela makgotla a dinyewe: Bothata ba hao ba semolao bo ka rarollwa ke
lekgotla la dinyewe kapa sebopeho sefe kapa sefe se tshwanang le lona
Batho ba tshwerweng, ba kwalletsweng le ba qosuwang: Ditokelo tsena di
sireletsa batho ba tshwerweng, ba kwalletsweng tjhankaneng kapa ba qoswang
ka tlolo ya molao.
6
ELA HLOKO: Ditokelo tsena tsohle di ka behelwa meedi haebe ho
tshwanetswe hore ho etsuwe jwalo. Bakeng sa tlhahiso-leseding e
eketsehileng, sheba Kgaolo 2 ya Molaotheo.

LEKGOTLA LA DIPUO TSOHLE TSA AFRIKA BORWA
Pale Ya Moo Lekgotla Le Tswang Teng
Lekgotla La Dipuo Tsohle Tsa Afrika Borwa le thehilwe ho latela molao waLekgotla La Dipuo Tsohle Tsa Afrika Borwa o ileng wa fetolwa ho ba Molao o Fetotsweng wa PANSALB wa selemo sa 1999. Lekgotla le thehilwe ho latela Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa (Molao wa 108 wa selemo sa 1996) mme mosebetsi wa lona ke ho: 
a. kgothaletsa, le ho theha menyetla ya ntshetso pele le tshebediso ya 
* dipuo tsa mmuso 
* dipuo tsa khoe le San 
* puo ya batho ba sa utlweng ditsebeng 
b. kgothaletsa le ho tiisa hore ho na le tlhompho ya 
* ya dipuo tsohle tse sebediswang haholo ke batho ba Afrika Borwa, ho kenyeleditswe le 
Sejeremane, Sekgerike, Gujarati, Hindi, Sepotoketsi, Tamil, Telegu, le Urdu hammoho le: 
* Searabiya, Seheberu, Sanskrit, le dipuo tse ding tse sebedisetswang merero ya tumelo Afrika Borwa 
LEKGOTLA LA DIPUO TSOHLE TSA AFRIKA BORWA
QAQISO YA MAIKEMISETSO
Sepheo sa LEKGOTLA LA DIPUO TSOHLE TSA AFRIKA BORWA ke ho kgothaletsa tshebediso ya dipuo tse fapaneng Afrika Borwa ka :
* Ho theha menyetla ya ntshetso pele le tshebediso e lekanang ya dipuo tsohle tsa mmuso; 
* Ho kgothaletsa tlhompho le tshebediso ya dipuo tse ding tsa naha: 
Ho kgothaletsa tshebediso e hlwahlwa ya mehlodi ya naha ya dipuo, ka sepheo sa ho etsa hore baahi ba Afrika Borwa ba itokolle bokgobeng ba kgethollo ya mefuta yohle ya puo, kgatello le karohanyo hape ho etsa hore ba be le boikgethelo bo tshwanelehileng ba puo molemong wa bona le wa ntshetsopele ya naha.
LEKGOTLA LA DIPUO TSOHLE TSA AFRIKA BORWA
LEKGOTLA LE BONA DINTHO JWANG
Ho fana ka kananelo, phethahatso le ntshetso pele ya dipuo tse fapaneng ho la Rephaboliki ya Afrika Borwa ka mokgwa wa ntshetsopele ya dipuo tse neng di ntse di behilwe ka mosing nakong e fetileng
PANSLAB (LEKGOTLA LA DIPUO TSOHLE TSA AFRIKA BORWA) le utlwisisa boikarabelo ba lona e le ho sebedisana hantle le mekgatlo ya setjhaba ka morero wa ntshetso pele ya :
 
* Setjhaba le tsehebeletso e thehilweng botoloking le phetholelong; 
* Theepa e sebedisetswang Thuto le dingolwa dipuong tsa batho ba batsho; 
* Dibuka tsa mantswe eleng ntho e tla thusa hore ho phahamiswe kutlwisiso ya dipuo tse welang mekgeng ya dipuo; 
* Marangrang dipakeng tsa dinaha tsa boahisani ditabeng tse amanang le puo; 
* Hore ho be le mohlodi o kopotsang ka dinako tsohle wa mananeo a thupelo a beng ba puo le basebedisi ba dipuo tsa batho ba batsho, thupelong ya puo le tshebetsong ya ntshetso pele; 
* Mananeo a utullang tsebo e batsi ya batho ba Afrika Borwa. 
LEKGOTLA LA DIPUO TSOHLE TSA AFRIKA BORWA
SEBOPEHO SA LEKGOTLA
Lekgotla hore le tle le kgone ho finyella merero ya lona, le dikoto di tharo:
* Dikomiti tsa Puo tsa diprovense, 
* Mekgatlo ya Naha ya Puo 
* le Dikarolo tsa Naha tsa tlhophiso ya dibuka tsa mantswe. 
Dikomiti tsa Puo tsa diprovense provenseng e nngwe le e nngwe di na le boikarabelo ba ho fana ka keletso ho Lekgotla ditabeng tse amanang le puo provenseng efe kapa efe. Mekgatlo ya Naha ya Puo le ha esoka e thehwa, boikarabelo ba yona e tla ba ho eletsa Lekgotla ka puong efe kapa efe e ikgethang, puong ya batho ba sa utlweng kapa ka mokgwa wa tlatsetso wa kgokahano kapa o mong wa puisano. Seabo sa Dikarolo tsa Naha tsa tlhophiso ya dibuka tsa mantswe ke ho etella pele mosebetsi wa ho hlophisa dibuka tsa mantswe tsa dipuo tsohle tsa mmuso jwalo ka karolo ya ho kgothaletsa metheo ya ntshetsopele ya puo.
LEKGOTLA LA DIPUO TSOHLE TSA AFRIKA BORWA
Karolo tseo PANSALB e di shebileng ka leihlo le ntjhontjho
  
Ke ntlha ya bohlokwa ho totobatsa hore Lekgotla le sebetsa mawa a lona a ntshetsopele ya puo ka dikarolo tsena tse latelang eleng tse shebilweng haholo:
* Boemo ba Moralo wa Puo 
* Puo Thutong 
* Phetholelo le botoloki 
* Tlhophiso ya dibuka tsa mantswe, pokello ya mareo le mabitso a dibaka 
* Ntshetsopele ya Dingolwa le Dipuo tse neng di ntse di behilwe ka mosing nakong e fetileng 
* Ditokelo tsa Puo le Bonamodi 
* Diphuputso  

[[PART IS MISSING!!!]]

Contact Details
Telephone: +27-12-341 9638 or 341 9651
Fax: +27-12-341 5938 
Enquiries: Mr. Nkosana Sibuyi
Postal address: Private Bag X08, Arcadia, 0007

Physical address: MBA Building 3rd Floor,  527 Church Street, Pretoria
E-mail: communication@pansalb.org.za
www.pansalb.org.za

KGAOLO YA M
MOLAWANA WA BOITSHWARO WA TSHEBELETSO YA SETJHABA
M1 TLHALOSO
Kgaolong ena lentswe lefe kapa lefe kapa polelwana efe kapa efe e nang le tlhaloso eo e e filweng Molaong, e tlamehile ho ba le tlhaloso eo, mme 'Molao ona' o bolela Molao wa Tshebeletso wa Setjhaba, 1994, le melawana e hlahisitsweng ka dipehelo tseo.
M2 SEPHEO
M2.1 Hore ho tle ho be le matla a tshebetso ho dipehelo tse nepahetseng tsa molao wa motheo tse mabapi le Tshebeletso ya Setjhaba, basebetsi bohle ba lebelletswe ho dumellana le Molawana wa Boitshwaro o hlahisitsweng Kgaolong ena.
M2.2 Molawana o tlamehile ho sebetsa e le tataiso ya basebetsi e le hore ho lebeletsweng ho bona ho yaka tjhadimo ya boitshwaro, ha mmoho le boitshwaro ba motho ka mong le kamano tsa bona le ba bang. Ho dumellana le Molawana ho ka lebellwa ho matlafatsa botsebi le ho hlokomela ho itshepa Tshebeletsong ya Setjhaba.
M3 SELELEKELA
M3.1 Ho a hlokeha hore basebetsi ba fumane ditataiso ho ya ka kamano tsa bona le molao o entsweng, ditho tsa lekgotla la phethahatso le ba dipolotiki, basebetsi ba bang le setjhaba mme ho bontshwe moya oo basebetsi ba ka phethang ditswanelo tsa bona ka teng, ho ka etswang ho thibela dikgohlano le hore ho lebeletsweng ho bona ho ya ka boitshwaro ba bona setjhabeng le bophelong ba bona.
M3.2 Le ha Molawana wa Boitshwaro o ile wa ralwa ho akaretsa ka moo ho ka kgonwang ka teng, ha o fane ka maemo a qaqileng a boitshwaro. Dihlooho tsa mafapha, ho ya ka dipehelo tsa karolo ya 7(3)(b) ya Molao, hara tse ding, o hlokometse taolo e atlehileng le bolaodi ba mafapha a tsona le poloko ya boitshwaro. Le ha ho le jwalo , di ka, ka mora hoba taba e tshohlwe Phaposing e nepahetseng ya Lekgotla la Dipuisano la Tshebeletso la Setjhaba, mme ho sa tlohwe ho yona, e tlatsetsa Molawana wa Boitshwaro oo ho fanweng ka ona Kgaolong ena e le ho fana ka thuso maemong a ikgethileng. Dihlooho tsa mafapha le tsona di hlokomele hore moifo wa tsona o tlwaetse mehato ena, le hore o a e amohela le ho dumellana le ona.
M3.3 Maikemisetso a ka sehloohong a Khoutu ke a matle, e leng, ho ntshetsa pele boitshwaro bo fanang ka mohlala. Le ha ho le jwalo, mosebeletsi o tla ba molato ka boitshwaro bo bobe ho ya ka Karolo ya 20(t) ya Molao wa Tshebeletso wa Setjhaba, wa 1994, mme a ka sebetswa ho ya ka karolo e hlokehang ya Molao haeba mosebeletsi o tlola pehelo ya Khoutu ya Boitshwaro kapa a hloleha ho ikamahanya le pehelo efe kapa efe e jwalo.
M4 MOLAWANA WA BOITSHWARO
M4.1 KAMANO LE LEKGOTLA LE ETSANG MOLAO LE LA PHETHAHATSO
Mosebetsi -
M4.1.1 o tshepahala Rephaboloking mme o hlompha Molao wa Motheo ebile o phethisa ka moo o batlang ka teng ha a phetha mesebetsi ya hae ya ka mehla;
M4.1.2 o itella setjhaba ha a phetha ditshwanelo tsa hae;
M4.1.3 o phetha mosebetsi wa leano wa Mmuso o busang ka botshepehi ka ho phetha dithswanelo tsa mmuso jwalo ka ha di fuperwe melaong ya palamente le melaong e meng;
M4.1.4 o tsekella ho tseba le ho dumellana le melao yohle ya palamente le ditaelo tse ding tse ka sebedisetswang boitshwaro le ditshwanelo tsa hae; le
M4.1.5 o sebedisana le mekgatlo ya setjhaba e thehilweng ka tlasa molao o entsweng le Molao wa Motheo ka ho kgothaletsa ditabatabelo tsa setjhaba.
M4.2 KAMANO LE SETJHABA
Mosebetsi -
M4.2.1 o kgothaletsa kopano le boleng ba setjhaba sa Afrika Borwa ka ho phetha ditswanelo tsa hae tsa molao;
M4.2.2 o tla sebeletsa setjhaba ka ntle ho leeme le ka tsela e sa sekamelang lehlakoreng lefe kapa lefe e le ho kgothaletsa sebete Tshebeletsong ya Setjhaba;
M4.2.4 o mosa, o a thusa ebile o ka buisana le yena ha bobebe ha a sebedisana le setjhaba, ka dinako tsohle o tshwara setjhaba e le batho bao a tlamehileng ho ba thusa ka thuso ya maemo a hodimo;
M4.2.5 o itella h fana ka tshebetso e sa dieheng ho ntshetseng pele le ho hodiseng Maafrika Borwa ohle;
M4.2.6 ha a kgetholle ka boomo motho ofe kapa ofe setjhabeng ho ya ka mofuta, bong, morabe kapa bophelo ba hae, mmala, tshekamelo ya bong, dilemo, ho holofala, tumelo, tshekamelo ya dipolotiki, kutlwisiso ya motho, kgolo, setho kapa puo;
M4.2.7 ha a sebedise maemo a hae hampe Tshebeletsong ya Setjhaba ho kgothaletsa kapa ho nahanela ditabatabelo tsa mokga ofe kapa ofe wa dipolotiki kapa sehlopha seo a se ratang;
M4.2.8 o hlompha le ho sireletsa seriti sa motho e mong lee mong le ditokelo tsa hae jwalo ka ha di fuperwe Molaong wa Motheo; le
M4.2.9 o amohela tokelo ya setjhaba ho fumana tsebo, ka ntle ho tsebo e sireleditsweng ka ho ikgetha ke molao.
M4.3 DIKAMANO TSA BASEBETSI
Mosebetsi -
M4.3.1 o sebedisana ka botlalo le basebetsi ba bang ho ntshetsa pele ditabatabelo tsa setjhaba;
M4.3.2 o phetha ditaelo tsohle tsa molao tse tswang bathong ba tlamehileng ho mo fa tsona, empa di se ke tsa eba kgahlanong le dipehelo tsa Molao wa Motheo le/kapa molao ofe kapa ofe o mong;
M4.3.3 ha a thuse pele bao a tswalanang le bona le metswalle ka tsa mesebetsi mme ha a sebedise matla a hae hampe kapa ho kgothaletsa mosebetsi e mong ho sebetsa hampe, kapa a tlamehe ho sebedisa matla a hae hampe;
M4.3.4 o sebedisa metjha e nepahetseng ho hlahisa ditletlebo tsa hae kapa ho hlahisa maikutlo a hae;
M4.3.5 o itelletse tswelopele ya maemo, tshusumetso le tshebediso ya moifo wa hae le kgothaletso ya dikamano tse lokileng tsa mosebetsi le tsa botho;
M4.3.6 o sebetsa hantle, ka botsebi le ka ho lekana le basebetsi ba bang, ho sa kgathallwe mofuta, bong, setso sa morabe kapa sa bophelo, mmala, bong bo itseng, dilemo, ho holofala, tumelo, tshekamelo ya dipolotiki, kutlwisiso, kgolo, setso kapa puo; le
M4.3.7 ha a ikamahanye le mesebetsi ya mekga ya dipolotiki mosebetsing
M4.4 HO PHETHWA HA DITSHWANELO
Mosebetsi -
M4.4.1 o tsekella ho fihlella maikemisetso a moo a sebetsang teng ka tsela e sa senyeng tjhelete le ka ho rata setjhaba;
M4.4.2 o na le malebaleba ebile o nahana ka tsela ya ho phetha ditshwanelo tsa hae, o batla ditsela tse ntjha tsa ho rarolla qaka le ho kgothaletsa tshebetso e sebetsehang le e matla molaong;
M4.4.3 o fihla ka nako ho phethiseng ditshwanelo tsa hae;
M4.4.4 o phetha ditshwanelo tsa hae ka botsebi le ka bokgoni;
M4.4.5 ha a sebedisane le kgwebo kapa mosebetsi ofe kapa ofe o kgahlanong le kapa o sitisang ho phethwa ha ditshwanelo tsa mmuso;
M4.4.6 o tla ikopela ho se be teng hohle moo ebang ho etswa qeto ha eba a elelllwa hore o tla una molemo ka boyena, mme hona ho hlahiswe ka ntle ho qeaqeo ke mosebetsi.
M4.4.7 o amohela boikarabelo ba ho ba teng thupelong le ho intshetseng pele ka dinako tsohle tsa mosebetsi wa hae;
M4.4.8 o a tshepahala mme o ikarabella ho sebetseng le matlole a setjhaba mme o sebedisa thepa ya tshebeletso ya Setjhaba le mehlodi e meng ka tshwanelo, ka bokgabane, mme o e sebedisetsa feela sepheong sa semmuso;
M4.4.9 o kgothaletsa taolo e lokileng, e tla sebetsa, e kgabane, e sebeletsang pepeneneng le e nang le boikarabelo;
M4.4.10 ka nako eo a sebetsang ka yona ka semmuso, o tla tlalehela balaodi ba loketseng ka bothetsi, bobodu, ho lebisa ho beng, taolo e bohlaswa le ketso efe kapa efe eo e seng molaong, kapa e ka sitisang ditabatabelo tsa setjhaba;
M4.4.11 o fana ka keletso ya nnete le e sa yeng ka leeme, mme e itshetlehile hodima tsebo ya nnete ho bolaodi bo phahameng ha a kotjwa ho thusa ka tsela e jwalo; mme
M4.4.12 o hlompha ditaba tsa lekunutu, ditokomane le dipuisano, tse hlwailweng kapa tse sutjwang e le tsa lekunutu kapa sephiri.
M4.5 BOITSHWARO LE DITABATABELO TSA MOTHO KA MONG
Mosebetsi -
M4.5.1 ka nako ya mosebetsi ya mmuso, o apara le ho itshwara ka tsela e phahamisang botumo ba Tshebeletso ya Setjhaba;
M4.5.2 o itshwara hantle a bontsha boikarabelo haholoholo tabeng ya tahi kapa eng kapa eng feela e tahisang;
M4.5.3 ha a sebedise maemo a hae ho iphumanela dimpho kapa tjotjo ha a sebetsa kapa a amohele dimpho kapa tjotjo ha a di fuwa ka ha di ka bonwa e le ho rekwa;
M4.5.4 ha a nye matsete kapa ho bua ka ditaba tsa semmuso ho iphumanela ho hong kapa ho batlela ba bang; mme
M4.5.5 ha a, ka ntle ho tumello, sebetse mosebetsi o mong o lefang ka thoko ho mosebetsi wa hae kapa a sebedise thepa ya mosebetsing.

Direktoraat Kommunikasie
National Department of Agriculture

MAHLOKO A TSAMAISWANG KE MOKGASA DIPHOOFOLONG TSE BUSULOSANG DIJO
Jenny Turton

Mahloko a tsamaiswang ke mokgasa ke afe? 
 Mahloko a tsamaiswang ke mokgasa ke mahloko a tsamaiswang hara diphoofolo ke kgofa e nang le tshwaetso e lomang diphoofolo 
 Kgofa e fumana tshwaetso ka ho nyanya madi mmeleng ya diphoofolo tse kulang kapa tse nang le tshwaetso, kapa diphoofolo tse phelang hantle empa di na le dinwamadi tsena tsa bohloko bona mading a tsona 
 Dikgofa di fetisetsa tshwaetso ena diphoofolong ka ho anya madi a tsona, mme e be di siya mathe a tsona a nang le tshwaetso 
 Kgofa e le nngwe e nang le tshwaetso e ka tshwaetsa phoofolo 

Mahloko a bohlokwa diphoofolong tse busulosang dijo a tliswang ke dikgofa 
 Kwatsi ya Heartwater dikgomong, dipuding le dinkung 

 Bohloko ba morotwana dikgomong 

 Nyooko dikgomong 

Ke mefuta efe ya dikgofa e tsamaisang mahloko a fapaneng? 
* Kwatsi ya Heartwater: Kgofa e mebalabala 

E tona 

 E tshehadi 
* Morotwana: Kgofa e bolou 

E tona 

E tshehadi 
* Nyooko: Kgofa tse putsua, le tse ding tsa bohlokwa (tse kang kgofa e kgubedu e nang le maotwana a robedi) 

Kgofa e kgubedu e tona e nang le maotwana a robedi 
  
Nyooko e ka tsaetsoa ho tloha phoofolong e nngwe ho ea ho e nngwe ke diboba tse lomang mme e ka boela ya tsaetsoa hape ka madi, ka tshebediso ya disebediswa tsa bongaka le dinale/mamau (mohlala; nakong ya ha di hlabuwa sepeiti, ente, ha di pongwa dinaka le ha di faolwa)

Mahloko a tsamaiswang ke mokgasa a fumaneha kae? 
 Mahloko ana a fumaneha hohle moo ho nang le dikgofa 

Bohloko bona ba kwatsi ya heartwater o ikadile diprovenseng kaofela tsa Afrika Borwa 

Bohloko ba Nyooko bo diprovenseng tse latelang 

Nyooko

Mahloko a tliswang ke mokgasa a bohlokwa ho le hokae? 
 Mahloko a tliswang ke mokgasa a ka hlahisa tahlehelo e kgolo ya diphoofolo 
 Mahloko ana a ka thibela hore ho kenngwe diphoofolo tse ntlafahi-tsweng bakeng sa ntlafatso kapa hona ho fetola diphoofolo tse teng 
Ke diphoofolo dife tse kabang tsietsing ya mahloko a tsamaiswang ke mokgasa kapa dikgofa mme sewa sa bohloko bona se ba neng? 
* Diphoofolo tsa lesika tse tswang Yuropa, le tsa lesika la Bokone, hammoho le la Brahman di batla di kgona ho mamella mahloko ana. 

* Diphoofolo tse kgolo 
* Dipudi le dinku di batla di bewa tsietsing haholo ke kwatsi ya heartwater ho feta dikgomo 
* Diphoofolo tse tlositsweng dibakeng tse hlokang mahloko ho leba dibakeng tse nang le mahloko 
* Diphoofolo tse tswetsweng nakong ya mariha (tse sa fumanang dinwamadi tsena di sa le nyenyane) 

* Bohloko ba mofuta ona bo atisa ho ba teng ka mora dipula tse ntle, hobane nakong ena dikgofa di ngata haholo 
             

Matshwao diphoofolong tse kulang le tse shweleng 
* Bohloko bona bo qala butlebutle ho fihlela bo tota, ho latela maemo a fapaneng a kang mefuta e fapaneng, dilemo, tshireletso e teng, taolo ya dikgofa, maemo a sebaka, nako ya selemo le matla a sewa sena sa (parasaete) dinwamabi 
* Matshwao a qalang a mahloko ana kaofela hangata a atisa hore e be tahlehelo ya takatso ya dijo, ho nyebella le ho fokola, le tlhahiso e fokolang ya lebese diphoofolong tse fanang ke lebese 
* Diphoofolo tse emereng di ka folotsa 
Kwatsi ya Heartwater 
Diphoofolo tse kulang 
* Feberu e etsang (40 oC kapa e fetang moo) 
* Matshwao a bontshang tshabo 
- Matshwao a bontshang tshabo a totobetse haholo feta dikgomong ho feta dinkung le dipuding
- Bothata ba ho tsamaya 
- Diphoofolo tsa mofuta ona di hatela hodimo 
- Boitshwaro bo sa tlwaelehang bo kang ba ho thula diterata, ho dikoloha, ho itihela fatshe, ho dula e hlafuna (jwalo la ka ha e ka phoofolo e kenwe ke bohlanya ba diphoofolo) 
- Ha o sebedisa monwana ho kokota phoofolo ena phatleng e a panya 
- Ho rutleha ha mesifa ha bohloko le motsamao oo e kang ke o bontshang ho palama 
* Lefu 
                                 
Diphoofolo tse shweleng 
* Diphoofolo tsa mofuta o jwalo di ba le metsi a mangata ka mpeng le sefubeng ekasitana le lera le potapotileng pelo (haholoholo dinkung le dipuding) 
* Ho ruruha ha booko hammoho le lero 
* Matshwafo a tlala metsi le metjha ya moya e a thibana ka lebaka la metsi ana 

Morotwana 
Diphoofolo tse kulang 
 Ho na le mefuta e mmedi ya morotwana eleng morotwana wa Asia le morotwana wa Afrika 
 Morotwana wa Asia ke bohloko bo kotsi haholo, le hoja morotwana wa Afrika e le bohloko ba bohlokwa hobane bo hasana ka tsela e batsi ho feta. Matshwao a tshwana, le matshwao a morotwana wa Asiatic le ona e ntse e le matshwao a letshoho 
 Feberu (molheso ou 40 oC-41,5 oC) 
 Mahlo a mmala o sa hlakang hantle o isang bosehleng le mareneneng 
 Moroto o mofubedu 
 Bohloko ba morotwana ba Asia bo etsa hore phoofolo e bontshe matshwao a ho tshoha le bothata ba motsamao ekasitana le ho thothomela (e shebahala jwalo ka ha e ka e na le bohloko ba kwatsi ya heartwater) 
 Diphoofolo di a shwa 
 Manamane a kgona ho tshwarella dikgwedi tse 6 ho isa ho tse 9 

Diphoofolo tse shweleng 
* Setopo sa teng se na le mmala o sa hlakang mme se batla se le sesehla 
* Madi a teng a metsi mme a masesanyane 
* Lebete le ba leholo 
* Nyooko e ba kgolo 
* Moroto o mofubedu 
* Booko bo pinki ka mmala moo sesosa e neng e le moru twana wa Asia 

Nyooko 
Diphoofolo tse kulang 
 Phoofolo e ba le feberu
 Mahlo hammoho le marenene a mmala o sa hlakang ho isa ho o mosehlanyana
 Phoofolo ya teng e na le bothata ba ho tsamaya
 Ho hema ka boima
 E a pipitlelwa (hobane e kgaoditse ho busulosa)
 E qetella e shwele
 Manamane a tshwarellwa feela dikgwedi tse 6 ho isa ho tse 9

Diphoofolo tse shweleng 
 Ditopo tsa diphoofolo tsena di mmala o mosehla
 Lebete le ba leholo
 Nyooko ya teng e ba kgolo mme e tlala e le tala bo isang bosoothong  

O ka tseba jwang ha diphoofolo tsa hao di na le bohloko bona? 
O ka belaela hore phoofolo e na le bohloko bona tjena:
 Matshwao a diphoofolo tse kulang
 Tjhebahalo ya diphoofolo tse shweleng 
Ngaka ya diphoofolo kapa ya bophelo bo botle ba diphoofolo e tla fela e tiise taba ena ka ho hlahloba dinwamadi tsena:
 Mading ka morero wa ho hlahloba bohloko ba morotwana kapa ba nyooko
 Bokong ka morero wa ho hlahloba kwatsi ya heartwater kapa morotwana wa Asia 
Ke mafu afe a mang a ka ferekanngwang habonolo le ana a mokgasa? 
* Mahloko afe kapa afe a bontshang matshwao a tshwanang 
* Mohlala, letshoho le iponahatsang ho bohloko ba morotwana wa Asia le ba kwatsi ya heartwater a tshwana, mme hona ho boetse ho tshwana le bohloko ba bohlanya ba diphoofolo 
* Lero le fumanehang matshwafong moo phoofolo e tshwerweng ke kwatsi ya heartwater le tshwana le la phoofolo e jeleng tjhefu /chefu kapa e nang le bohloko bo bong bo kang ba phiyo e seng e le bonolo haholo le leleme le bolou 
* Nyooko le morotwana di batla di tshwana 

Mokgwa o le mong wa ho tiisa taba ya bohloko ke hore taba ena e tjhaelwe monwana ke diteko tse etswang (mading) diphoofolong tsena tse kulang kapa tse shweleng 

Mahloko ana a mokgasa a ka phekolwa jwang? 
* Hang ha mahloko ana a ipontshahatsa diphoofolong tsena di lokela ho phekolwa ka potlako kapa di tla shwa 
* Latela hantle ditaelo tse ngotsweng merianeng, hobane ha o sa etse jwalo moriana o keke wa sebetsa kapa o ka qetella o ntshitse phoofolo kotsi 
* Ha o sa tsebe hantle hore phoofolo e tshwerwe ke eng, o lokela ho batla keletso 
* E meng ya meriana e kgothaleditsweng ho phekola diphoofolo ke eo diphoofolo di ka e fuwang feela ngakeng ya diphoofolo 
* Ha o batla o sa tsebe hantle mme o sa kgone ho fumana thuso ka potlako ngakeng ya diphoofolo, mohlomong o ka sebedisa motswako wa `tetracyline' le `diminazene aceturate 
Kwatsi ya Heartwater 
* Di-Tetracycline di ngata mme di fapane 
Morotwana 
* O ka sebedisa `Imidocarb diproprionate' (mohlala ke Imizol kapa Forray 65) kapa o sebedise `diminazene aceturate' (mohlala ke Babazene, Berenil, Veriben) 
* Boloka phoofolo ena e phomotse mme e seke ya tsamaya maeto a matelele 
Nyooko 
* Bakeng sa nyooko o ka sebedisa di-Tetracycline (mefuta e fapafapaneng) kapa `imidocarb diproprionate' (mohlala Imizol kapa Forray 65) 
* Boloka phoofolo ena e kgutsitse e se tsamae maeto a matelele

Mahloko a mokgasa a ka thibelwa kapa a laolwa ka mokgwa o jwang? 
* Mahloko a mokgasa a ka thibelwa le ho laolwa ka tsela e boima haholo mme ebile a fapana ho latela dibaka tse fapaneng. Kopa ngaka ya hao ya diphoofolo kapa mohlanka wa bophelo ba diphoofolo keletso ka mekgwa e nepahetseng ya sebakeng sa heno 
* Diphoofolo di lokela hore di hle di behellwe dinwamadi tsena di sa ntsane di le nyane e le hore di tle di tsebe ho ba le mokgwa wa tlhaho wa boikemelo bohlokong bona dibakeng tseo bohloko bona bo atisang ho qhoma ho tsona 
* Taolo ya dikgofa ka mokgwa wa ho kenya diphoofolo tiping kapa ho di fafatsa ka moriana e ka fokotsa bothata bona. Mokgwa wa taolo e tsamayang ka bohlale o lokile, hobane ke boemo bona ba taolo bo thibelang mokgasa ona hore o seke wa tshwenya, empa mokgwa ona o etsa hore ho nne ho be le dikgofa tse salang tse kgonang ho tlisa tshwaetso diphoofolo tsena di sa ntsane di le nyane e le hore di tle di kgone ho ba le boitshireletso mahlokong ana 
* Leka ho boloka diphoofolo tsa lesika la borwa tse kang tsa Bokone kapa Brahmans eleng diphoofolo borwa tse batlang di kgona ho tiisetsa mahloko ana a mokgasa  
* Ho na le meriana e entelang bohloko ba kwatsi ya heartwater le ba morotwana ekasitana le nyooko. Meriana ena e entelang bohloko bona ba kwatsi ya heartwater ka ho ikgetha e lokela ho sebediswa ka tsela e hlokolosi haholo hobane meriana ena e na le dikokwana tsa dinwamadi tse phelang mme dikokwana tsena di ka baka mahloko le ho bolaya diphoofolo tse sa fuwang phekolo esale nako. Diphoofolo tse emereng ha di a lokela ho entwa hobane di ka folotsa

Ha o hloka lesedi le leng ka tsa taolo, ho kgona ho tseba le ho phekola mahloko ana, ikopanye le mohlanka wa tsa bophelo ba diphoofolo kapa ngaka ya mmuso ya diphoofolo 
KAPA 
Animal Health for Developing Farmers
at the ARC-Onderstepoort Veterinary Institute
Private Bag X05, Onderstepoort 0110 
Tel (012) 529 9158 

2000 
MEMO YA HO RUPELLWA HO BA MOFETOLEDI KAPA TOLOKO 
  
Lekgotla la Dipuo Tsohle tsa Afrika Borwa (Pan South African Language Board - PANSALB) le hlonngwe ho ya ka Molao wa Palamente (Molao 59 wa 1995 jwalo ka ha o fetotswe ka Molao 10 wa 1999), haholoholo bakeng sa ho kgothaletsa tshebediso ya dipuo tse ngata tsa Afrika Borwa le ho ntshetsa pele dipuo tse leshome le motso o mong (11) tsa semmuso tsa Afrika Borwa ekasitana le Puo ya Ditholo le Dimumu ya Afrika Borwa. A mang a maikemisetso a PANSALB ho latela Molao wa Phetolo wa 1999, ke ho fana ka ditshebeletso tsa ho fetolela le ho toloka. 
  PANSALB e batla ho theha sehlopha tsa bafetoledi le ditoloko tse rupelletsweng tseo e ka di sebedisang. Dikopo di ka romellwa ke batho bohle ba nang le tjhesehelo mererong ya ho fetolela le ho toloka, mme ba tla rupellwa ke ba Unit for Language Facilitation and Empowerment Yunivesithing ya Free State, Bloemfontein. Mokopi ya loketseng o tshwanela ho ba le lengolo la dikri kapa lengolo le leng la boemo boo. Memo e ikgethang e lebiswa hape ho batho ba lakatsang ho rupellwa ho ba ditoloko tsa Puo ya Ditholo le Dimumu. 
 Bakopi ba tla kgethwa ho latela ditsela tsa kgetho tse beuweng ke ba Yunivesithi. PANSALB e tla lefella ditshenyehelo tsohle tsa thupello ena, mme ba atlehileng ba tla tlangwa ke selekane sa tshebedisano le PANSALB. 
 Romella lengolo la hao la kopo le hoketseng tokomane e kgutshwanyane ya dintlha ka ha wena (CV), hammoho le dintlha tse sa feteng leqephe moo o hlahisang mabaka a tla etsang hore o kgethwe ho kenela thupelo ena, ka fekse kapa ka e-mail, mme dikopo di lebiswe ho Chief Executive Officer (Professor CN Marivate) pele ho Labohlano la 29 Tshitwe 2000. Nomoro ya fekse ke (012) 341 5938, athe e-mail ke Edward@Pansalb.org.za 
 
Dipotso: di ka lebiswa ho Monghadi SSE Sambo, nomorong ya mohala ya (012) 341 9638, dihoreng tsa mosebetsi. 



TATAISO E KGUTSHWANE YA TOKOMANE YA
DITSHISINYO KA MMUSO WA SELEHAE

Tataiso ena ke selelekela se sekgutshwane mabapi le Pampiri e Tshweu ya Mmuso wa Selehae e phatlaladitsweng ka Hlakubele 1998. Pampiri e Tshweu e emere ponelopele ya mmuso le tsamaiso ya mmuso o motjha wa selehae wa Afrika Borwa le ka moo ponelopele ena e ka fihlellwang ka teng. 
Tataiso ena ha e ame dintlha tsohle tse fumanwang Pampiring e Tshweu. E kgutsufatsa feela dintlha tsa bohlokwa. 
Ditlhaloso tsa mantswe a bohlokwa 
If you click on an underlined word in the text, a short explanation of the word will be displayed. 
Contents 
1. Selelekela 
2. Karolo ya A: Se etsahalang nakong ena 
3. Karolo ya B: Ntshetsopele ya mmuso wa selehae 
4. Karolo ya C: Mmuso wa tshebedisano 
5. Karolo ya D: Ditsamaiso tsa mafapha 
6. Karolo ya E: Ditsamaiso tsa dipolotiki 
7. Karolo ya F: Ditsamaiso tsa taolo 
8. Karolo ya G: Ditjhelete tsa masepala 
9. Karolo ya H: Tshebetso ya phetolo 




SELELEKELA:
TOKOMANE YA DITSHISINYO KA MMUSO WA SELEHAE KE ENG?

Tsamaiso e sebetsang nakong ena ya mmuso wa selehae ke ya nakwana (e fetang). E reretswe ho re tlosa tsamaisong ya kgale ya aparteite ho ya tsamaisong e ntjha, tsamaiso ya puso ya setjhaba ka setjhaba. Mmuso o tlamehile ho hlokomela hore tsamaiso e ntjha e a sebetsa ha nako ya dikgetho tse tlang tsa mmuso wa selehae di e ba teng ka 1999. 
Tokomane ya Ditshisinyo ke moralo wa tsamaiso e ntjha ya mmuso wa selehae. E ile ya qatjwa ke Letona la tsa Diprovense le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo ka mora dikgwedi tsa diphuputso le dipuisano le motho e mong le e mong ya amehang. E hlalosa mofuta wa mmuso wa selehae oo re o batlang, le ka moo re ka o fihlellang ka teng. 
Ke nnete, ha ho a lekana ho ba le moralo feela. Ho tla tlameha hore ho etswe matsapa a mang hape ho sebedisa moralo oo. Melao e tla tlameha ho hlohonolofatswa, meedi e metjha e tla lokela ho sehuwa, mananeo a matjha a tla lokela ho qatjwa, mme batho ba tla lokela ho rupelwa ka mekgwa e metjha ya ho sebetsa ya mmuso wa selehae. 
Tokomane ya Ditshisinyo e re fa tataiso eo re ka e latelang ho re re fihlele moo re batlang ho ya teng - tsamaiso e ntjha ya puso ya setjhaba ka setjhaba ya mmuso wa selehae e tla re isa selemong sa lekgolo sa mashome a mabedi a motso o le mong. 

Mmuso wa selehae ke eng? 
Mmuso wa selehae ke boemo ba mm mmuso bo haufi le batho. Sebaka sa mmuso wa selehae kemasepala. Baahi ba masepala ba kgetha Lekgotla la Masepala ho emela ditabatabelo tsa bona. Lekgotla la masepela le na le boikarabelo ba ho hlokomela ka ho thusa ka ditshebeletso tseo baahi ba ka kgonang ho di lefella le ho phahamisa tswelopele ya moruo le phedisano. 





KAROLO YA A:
SE ETSAHALANG HONA JWALE

Karolo ya A ya Tokomane ya Ditshisinyo e hlahloba hore re hokae kajeno - bothata le boiteko boo re tobaneng le bona. Boholo ba mathata ana a tswa nalaneng ya rona. Aparteite e arohantse motho e mong le e mong ho ya ka dibaka tsa merabe. Boholo ba moruo bo ne bo le matsohong a dibaka tsa Makgowa, ha boholo ba batho bo ne bo dula dibakeng tse nang le menyetla e mmalwa, ditshebeletso tse mmalwa kapa disebediswa tse seng kae, mme ho se tsela ya ho iphumanela tjhelete ho phahamisa maemo a bophelo. Ka dilemo tsa bo1980, batho ba ile ba hanana le tsamaiso ena e sa lokang mme boitseko ba bona bo ile ba thusa ho fedisa aparteite. 
Tsamaiso ya rona ya phetoho ya kajeno ya mmuso wa selehae e thehilwe hodima ditumellano tse ileng tsa etswa nakong ya dipuisano. Tsamaiso ya phetoho e tlositse ditshitiso tsa kgale tsa merabe - jwale re na le bomasepala ba le bang, ba sa arolwang ka merabe. Le ha ho le jwalo, ho sa na le mathata a ntseng a le teng. Ho tea mohlala: 
o Mathata ba kgale ba ho se lekane bo sa le teng: dibaka tse ding disa ruile, ha tse ding tsona di sa ntse di hloka ditshebeletso tsa bohlokwa. 
o Ho na le palo e lekanang ya ditulo tsa mabatowa dibakeng tsa masepala tsa kgale tsa makgowa le batho ba batsho. Hona ha ho a loka hobane dibaka tsa kgale tsa ba batshodi na le setjhaba se seholoholo. 
o Ho na le setjhaba se sengata se behilweng se batlelwa ho kgetha ka diqeto tsa ditekanyetso tsa ditjhelete le moralo. 
o Makgotla a mang a sebetsa hantle, empa a mangata a na le mathata, mme ha a tsebe ho thusa setjhaba sa ona ka ditshebeletso. Tsamaiso e ntjha e lokela ho lekola mefuta le palo ya Makgotla ho hlokomela hore a phetha ka botlalo mesebetsi ya mmuso wa selehae. 
DIBAKA TSA APARTEITE 
Re sa salletswe hape ke bothata ba dibaka tsa aparteite tse neng di sa rerelwa ho tswelapele, empa e le tsa karohano le taolo.Ho na le phapang e kgolo mahareng a metse ya ditoropong le ya mahaeng. Metse e meholo le ditoropo tsa rona di radilwe hampe - batho ba futsanahileng ba dula hole le mesebetsi le ditshebeletso le disebediswa. Mahaeng, dimilione tsa batho tse dulang mahaeng a kgethollo ka merabe ha e na ho ka fihlella menyetla ya moruo kapa ditshebeletso le tse tlasetlase. Metsana e menyenyane ya mahaeng ha e thuse batho ba bangata ba dulang naheng e ba potapotileng ka seo ba se hlokang. 
Tsamaiso e ntjha ya mmuso wa selehaee lokela ho tadimana le mathata ana a dibaka tsa aparteite. E lokela ho hlokomela hore dibaka tsohle di tliswa moo setsi sa tswelopele se leng teng - haholoholo dibaka tse neng di qheletswe thoko. 
Ka bokgutshwane... 
Tsamaiso e ntjha ya mmuso wa selehae e lokela ho tadimana le ho se lekane le ho salla morao ho bileng teng le ho hlokomela hore e mong le e mong a ka fihlella ditshebeletso tsa motheo, ho menyetla le bophelo bo tswetsweng pele ba maemo a hodimo. Batho ba rona ba batla ho phela tjena, mme Molao wa rona wa Motheo o hlahisa kopo ena kgafetsa. Re lokela ho ba le mmuso wa selehae wa ntshetsopele. 





KAROLO YA B:
NTSHETSOPELE YA MMUSO WA SELEHAE

Karolo ya B ya Pampiri e Tshweu e lekola seo ntshetsopele e se bolelang. E hlalosa mofuta wa boetapele boo Makgotla a lokelang ho fana ka ona le dikamano tseo bomasepala ba lokelang ho a theha le setjhaba, mekgatlo, kgwebo le ba bang ba ka phehisang ho tselelng pele ha sebaka. E hlalosa moralo o kopantsweng wa tswelopele - mokgwa o motjha wa ho sebetsa wa ho rala o tla thusa bomasepala ho phetha mosebetsi wa bona wa tswelopele. 
MMUSO WA SELEHAE WA NTSHETSOPELE KE ENG? 
Molao wa rona wa Motheo o hlalosa ka botlalo seo mmuso wa selehae se ka o etsang Afrika Borweng ya puso ya setjhaba ka setjhaba. Mmuso wa selehae o lokela ho ntshetswa pele. Ena ke taba e ntjha e lokelwang ho hlanakwa mabapi le mmuso wa selehae. 
Mehleng e fetileng, mmuso wa selehae o ne o shebane feela le ho fa makgowa ditshebeletso jwalo ka taolo ya sephethephethe, ho fana ka dilaesense le ho hlokomela pakale dibaka tsa boikgathollo. 
Jwale mmuso wa selehae o lokela ho hlokomela hore ditjhabana tsohle di na le ho ka fihlela ditshebeletso le tse tlase, e le hore e mong le e mong a tle a tsebe ho kenya letsoho ho laoleng le ho raleng, e le hore moruo wa selehae o tle o hole, e le hore menyetla ya mesebetsi e tle e eketsehe, le hore mehlodi ya selehae e sebediswa ka bohlale ho ntshetsa pele maemo a bophelo ba e mong le e mong, kaleno le ka moso. 
MESEBETSI YA BOHLOKWA YA NTSHETSOPELE YA MASEPELA 
Mmuso wa selehae wa ntshetsopele ke mmuso o sebetsang le setjhaba le bohle ba ka kenyang letsoho ho phahamiseng moruo o ka itshwarellang le ntshetsopele ya phedisano. Hona ho bolela hore mmuso wa selehae o lokela ho: 
Fana ka boetapele ba setjhaba 
Masepela o lokela ho sebetsa le dikarolo tsohle tsa setjhaba ho aha ponelopele e tla amohelwa ke bohle le ho ipeela sepheo se ka fihlelwang sa ntshetsopele. Hang feela ha ho na le ponelopele le maikemisetso a amohelehang, masepala o lokela ho sebedisana le setjhaba ho fihlella ponelopele le maikemisetso. 
Ho ntshesapaele phedisano le moruo 
Masepala o lokela ho hlokomela hore meralo yohle, maano, mananeo le diketso tsa hae di tle di lebise ntshetso peleng ya moruo le phedisano le maemo a boemo bo hodimo a bophelo a batho bohle - haholoholo batho ba neng ba qheletswe thoko. 
Hokahanya le ho kopanya boiteko bohle ho ntshetsa pele sebaka 
Mehlodi yohle e ka bang teng - ya batho le disebediswa - e tla hlokwa ho fihlella sepheo sa ntshetsopele. Masepala ya ntshetswang pele o lokela hore makala a mang a mmuso a ka buisana le yena, mme a bope tshebedisano le mekgatlo ya baahi, ya poraevete le ya setjhaba. E lokela ho hlokomela hore boiteko le diphehiso di a sebeletsana ho fihlella ntshetsopele e tshwanang. 
Ho phahamisa le ho haha puso ya setjhaba ka setjhaba ya selehae 
Lekgotla la masepele le emela ditabatabelo tsa setjhaba. Le lokela ho mema baahi ba selehae le dihlopha ha ho etswa diqeto le ditsamaiso tse ba amang. Le lokela ho etsa matsapa a ho hlokomela hore batho ba yeng ba siuwe - basadi ba dulang lapeng, dihole le batjha - le bona ba kenya letsoho. 
MMUSO WA NTSHETSOPELE WA SELEHAE O LOKELA HO FIHLELLA ENG? 
A mang a maikemisetso a bohlokwa a mmuso wa ntshetsopele ke ana: 
Ho fana ka motheo wa tsa lelapa le ditshebeletso 
E mong le e mong sebakeng o lokela ho ba le ditshebeletso tsa motheo tse ka lefellwang ha bobebe - dintho tse kang ho ka ba le metsi a hlwekileng, ho thota ditoti le ho tsamaisa dikgwerekgwere. Matlafatso ya Mananeo a Motheo a Masepala (MMMM) ke tjhelete ya setjhaba e thusang ho thusa bomasepala ho haha motheo o hlokehang wa ditshebeletso tsena - dintho tse jwalo ka dipeipe, matamo le dibaka tsa dikgwerekgwere. 
Ho rerela metse e meholo ditoropo le mahaeng a kopantsweng
Aparteite e arohantse dibaka tsa rona ka merabe. Bomasepala ba lokela ho rera ho tlosa ho arolwa hona. Ho kopanya dibaka tsa rona ho tla fokotsa ditefello tsa transeporoto le ditshebeletso, mme di ntlafatse ho ka fumana menyetla ya mesebetsi le boithapollo. Ho tla etsa hore metse e meholo, ditoropo le mahae e be dibaka tseo ho ka phelwang ho tsona, mme ho tla etsa hore dibaka tsa rona tse neng di arohane di be mmoho. 
Ho phahamisa ntshetsopele ya moruo ya selehae
Bomasepala ka bobona ba ke ke ba fana ka mesebetsi kapa ho tlisa leruo. Le ha ho le jwalo, ba ka rera hore ba hlokomele matla a moruo ka botlalo a sebaka a a hodiswa. Hona ho tla hlokomela hore ho na le mesebetsi e mengata, menyetla e mengata le leruo le leholo. 
Ho tea mohlala, bomasepala ba ka hlokomela hore ha ba reka dintho le ho batla disebediswa ba reke dikgwebong tsa selehae tse sa ntseng di hola. Ha ba haha makala a motheo, ba ka sebedisa batho ho na le metjhine moo ho hlokehang teng. Ba ka fana ka tshehetso le thuso ya tsebo dikgwebong tse nyenyane kapa ba hlokomele hore dikgwebo tsa selehae di ka buisana le mekgatlo le mananeo ao a ka ba thusang. Ka ho thusa ka boetapele bo hlwahlwa le ho tataisa setjhaba hore se sebeletse maikemisetso a tshwanang, ba ka etsa sebaka hore se kgahle ho ka tsetelwa matsete le ho phahamisa ho hola ha moruo. 
BOMASEPALA BA KA TSWELA PELE JWANG HO FETA 
Disebediswa tse pedi tsa ntshetsopele ya mmuso wa selehae: 
1. Kopanelo ya morero wa ntshetsopele
Ho rera ho lokileng ke taba ya bohlokwa mabapi le ntshetsopele. Kopantsho ya morero wa ntshstopele ke mosebetsi wa morero o radilweng ka tsela e ikgethileng ho thusa bomasepala ho rera ka ho phethahala mabapi le ntshetsopele sebakeng sa ona. E kenyeletsa: 
* Ho sebetsa le setjhaba ho lekola ditlhoko tsa setjhaba. 
* Ho qapa ponelopele e tshwanang le ho beha dintlha tsa bohlokwa pele le maikemisetso. 
* Ho batlisisa hore ebe ke mehlodi efe e ka sebediswang. 
* Ho rala mananeo le merero. 
* Ho hlokomela hore mananeo a masepala a sebetsa ha mmoho le mananeo a bomasepala le a provense le a setjhaba. 
* Ho hlokomela hore merero ya mafapha a fapaneng (jwalo ka metsi, matlo, dikgwerekgwere, transeporoto) a sebetsa hantle ha mmoho. 
* Thero ya tjhelete e nepahetseng. 
* Merero ya ho e sebedisa. 
* Ho tswela pele ka ho hlahloba le ho lekola mananeo ho hlokomela hore a ntse a sebetsa hantle. 
2. Taolo e sebetsang
Bomasepala ba lokela ho lekola mosebetsi wa bona ho hlokomela hore ba fihlela sepheo sa bona. Hore ba tle ba phethe mosebetsi jwalo, ba lokela ho theha Matshwao a Phethahatso a Bohlokwa (MPB). Ana ke maikemisetso a ka sebediswang ho hlahloba hore mananeo a a sebetsa le hore mehlodi e teng e sebediswa ka ho phethahala. Dihlopha tsa setjhaba di lokela ho tkenya letsoho ho thehweng ha MPB - hona ho tla thusa ho kgothaletsa boitelo setjhabeng ho sebeletsa maikemisetso a tshwanang. 
Dilemong tse mmalwa tse tlang, tsamaiso ya taolo e sebetsang ya setjhaba e tla thehwa e thehilwe hodima tsebo ya bomasepala. Hona ho tla thusa ho elellwa mathata le ho a rarolla pele e eba tlokotsi. 

Setjhaba se kenya letsoho 
Bomasepala ba lokela ho sebedisana le baahi ba selehae ka ditaba tsa masepala le ho bopa puso ya setjhaba ka setjhaba ya selehae. Baahi ba be teng ha ho rerwa le ha ho etswa leano e le basebedisani mananeong a ntshetsopele. 

Ka bokgutshwane... 
Ntshstopele ya mmuso wa selehae e bolela boetapele bo matla, ponelopele e hlakileng, hore setjhaba se itahlele ka setotswana, kgwebo le bathahaselli bohle ho phethisa ditlhoko tsohle le ho thehah motheo o tiileng wa kgolo le katleho e tla tswellang pele. 





KAROLO YA C:
MMUSO WA TSHEBEDISANO

Karolo ya C ya Tokomane ya Ditshisinyo e shebane le tshebedisano mahareng a mmo wa setjhaba, wa provense le wa selehae. Ho ya ka Molao wa Motheo wa rona o motjha, mafapha ana ka bomong a mmuso a lokela ho sebetsa mmohoka moya wa tshebedisano le ho tshehetsana. 

Diphepetso tsa ntshetsopele tse tobaneng le mmuso wa selehae di kgolo. Empa bomasepala ha ba ikemela ka bobona feela. Mmuso wa selehae ke karolo ya tsamaiso le tshebedisano e ntjha ya mmuso wa Afrika Borwa. Bomasepala ba a tshehetswa mosebetsing wa bona ke mmuso wa naha le wa provense. Mme, ka lehlakoreng la bona, bomasepala ba tshehetsa mmuso wa provense le wa naha. Ka ho sebetsa mmoho, mafapha ana a mararo a mmuso a ka fihlela maikemisetso a ntshetsopele. 

Dintlha tsa bohlokwa tse tharo tse ka sebediswang tsa mafapha a mmuso Ntshetsopele ya morero
O ikarabella ntshetsopeleng ya moralo kaofela ha ona mabapi le ntshetsopele ya phedisano le moruo naheng
O ikarabella ho ntshetseng pele moralo o sebetsang wa provense ka nngwe - o bitswang Mokgwa wa Ntshetsopele le Ho Hola ha Provense
Bomasepala ba na le boikarabelo ba ho ntshetsa pele merero ya ntshetsopele dibakeng tsa bona - tse bitswang merero e kopanetsweng ya ntshetsopele. DiKMN tsenadi lokela ho sebetsa mmoho le Mokgwa w aTshebetso wa Kgolo le Ntshetsopele ya Provense. 
Melao le melawana
O ikarabella ho ntshetseng pele moralo kaofela ha ona wa molao (melao) mabapi le mmuso wa selehae. Pampiri e Tshweu ke karolo ya tshebetso ena ya ho etsa molao. 
Melao ya ya dipasa le melawana ya mmuso wa selehae - e ipapisitseng le melao ya setjhaba - ho sebetsa ho ya ka ditlhoko tsa provense le tsa lehae. 
Ho etsa melawana ya selehae le ho laola tshebediso ya naha, lekgetho la selehae, kgwebo ya diterata le mehato e meng. 
Kaho ya matla a tshebetso
O ikarabella ho aheng matla aa bomasepala e le hore ba tle ba tsebe ho laola ditaba tsa bona le ho phetha mesebetsi ya bona ka botlalo. 
Ho fa bomasepala thupelo le matla a ho aha bokgoni. Ba tla sebetsa ho ya ka makala a thupelo a provense le mmuso o hlophisitsweng. Ba tla fana le ka thuso ya thekeniki mabapi le dintho tse jwalo ka ho ntshetsa pele diKMN
Makgotla a Masepala a na a na le mosebetsi wa ho ntshetsa pele moifo wa bona ka thupelo le mehato e meng.
Ditjhelete
Ho laola tsamaiso ya dikamano tsa lekgetho tsa tshebedisano ya mebuso. E tla etsa melao ka ditaba tsa ditekanyetso tsa masepala le "dikabelo tse lekanang" tsa lekgetho la naha hore le ye ho bomasepala.
Ho hlahloba tsamaiso e ntle ya bomasepala, le ho itshunya ha ditjhelete di sa loke.
Makgotla a Masepala a na le boikarabelo ba ho hlahisa morero wa dilemo tse hlano wa ditjhelete le ditekanyetso tsa selemo, ho theha makgetho, ho hlahloba ditshebeletso, ho laola matla a ho reka, ho bokella lekgetho, ho shebana le "dikabelo tse lekanang" tse yang ho bafutsana, jj.
Tlhokomelo
Ho hlahisa tsamaiso e akaretsang ya mmuso wa selehae ho hlokomela hore tsebiso e nepahetse le hore ha hona ho phethwa phethwa.
Ho hlokomela bomasepala, ho ya ka tsamaiso ya tlhokomelo ya setjhaba. Hona ke ho hlokomela hore ho na le maemo a hodimo a mmuso le tshebeletso ya setjhaba.
Ho ba le dipontsho tsa bohlokwa tsa phethahatso ya mosebetsi le ho beha ditaba ka mehla ka tsona.
Ho thusa
O ka fana ka ditataiso tsa ho thusa ha bomasepala ba eba le mathata, mme le ona o ka itshunya e le mokgwa wa ho qetela.
O ka thusa ha masepala a hloleha ho phetha ditshwanelo tsa molao wa motheo. Ha eba mmuso wa provense o nka mosebetsi wa masepala, o tlameha ho hlokomela hore Lekgotla le ka qala boikarabelo ba mosebetsi oo ka potlako ka moo o ka kgonang ka teng.
Ho lokisa ho ya ka dikgothaletso tsa Setho sa Lekgotla la Phethahatso kapa ditaelo.

MANANEO A NAHA LE A PROVENSE 
Mebuso ya naha le ya provense e na le mananeo a amang bomasepala ka ho otloloha. Ho tea mohlala, Lefapha la tsa metsi le Metsi a Meru a Setjhaba le Mananeo a Tlhwekiso, le Lefapha la tsa thuso ya merero ya Naha a thuse bomasepala ho phetha mesebetsi ya bona ya ntshetsopele ya naha/merero ya kopanelo ya ntshetsopele. 
Bomasepala ba ka thusa ka ho sebetsa ka mananeo ana. Hapehape, mananeo ana a ka aha matla mmuso wa selehae le ho ba karolo ya mananeo a ntshetsopele ya masepala ka boyena. 
Hapehape, mafapha a naha le a provense a mang a bopa makala ka mesebetsi e meng mmusong wa selehae. Hona ho bolela hore bomasepala ba tla ba le mesebetsi e metjha. 
Hore mmuso wa naha, wa provense le wa selehae o sebedisane hantle ka ho thusa ka mananeo. 
o Mafapha a naha a lokela ho sebetsa le mmuso wa selehae. 
o Mananeo a naha le a provense a lokela ho ahellwa Kopanelong ya morero wa ntshetsopele ya masepala. 
o Kopano ya Letona le Ditho tsa Lekgotla la Phethahatso tsa Mmuso wa selehae e lokela ho hokahanya taolo ya makala a mafapha le mesebetsi mmusong wa selehae - hona ho tla hlokomela hore ho na le ho fana ka tjhelete e lekaneng ya mmuso wa selehae ho ntshetsa pele mesebetsi e meng. 
TSHEBEDISANO MAHARENG A BOMASEPALA 
Bomasepala ba ka una molemo o moholo ha ba ka sebedisana. Ho tea mohlala, ba ka: 
o Ho fapanyetsana tsebo ya ho ithuta. 
o Arolelanang moifo le theknoloji. 
o Phethang merero e kopanetsweng ya ho tsetela. 
o Rekang mmoho dintho tse jwalo ka thepa, ditshebeletso tse ngata le ditshebeletso tsa keletso. 
o Fanang ka ditshebeletso. 
Mmuso wa selehae o hlophisitsweng
Mokgatlo wa Afrika Borwa wa Mmuso wa Selehae (MABMS) ke mokgatlo wa naha o emetseng mmuso wa selehae. O na le mekgatlo e robong ya provense. Mekgatlo ena e ka kgothaletsa tshebedisano mahareng a bomasepala. Ba ka hlahisa lentswe ka mmuso wa selehae ka boemedi ba bona ka Lekgotla la Naha la Diprovense le Lekghotla la mmuso wa Selehae wa. 
< ntle. tse dikanano kgothaletsa a mme masepala mesebetsi makgotla le ahang dikamano bopang ka o boramesebetsi wa mokgatlo ke MABMS> 
Ka bokgutshwane... 
Ka ho sebetsa mmoho mmuso wa naha, wa provense le wa selehae e ka phahamisa ka ho phethahala ntshetsopele ya setjhaba, e ka sebedisa mehlodi e teng , mme e hlokomele mmuso o lokileng le maemo a hodimo a tshebeletso ya setjhaba. 





KAROLO YA D:
DITSAMAISO TSA MAFAPHA

Karolo ya D ya Pampiri e Tshweu e shebana le dikarolo tse tharo tse fapaneng tsa masepala le mefuta e dikarolong tsa masepala karolong ka nngwe. 
Dikarolo tsa masepala
Molao wa Motheo o hlalosa dikarolo tse tharo tsa masepala. 

Karolo ya (A)
Masepala ya nang le matla a phethahatso le a molao a felletseng tikolohong ya hae.
Karolo ya (B) 
Masepala ya arolelanang matla a phathahatso ya masepala le a molao tikolohong ya ona le ya Karolo ya (C) ya masepala moo e welang tikolonong ya hae.
Karolo ya (C)
Masepala ya nang le matla a phethahatso a masepla le a molao tikolohong eo a lengho yona e kenyeletsang bomasepala ba bangata.

Mmuso wa Naha o tla beha mokgwa wa ho lekola hore tikoloho e tla ba le karolo ya (A) ya masepala kapa ya bomasepala ba (B) le (C) ha mmoho. 
Mefuta ya bomasepala
Dikarolong tsena ka bomong ho ka ba le mefuta e fapaneng ya masepala. Mmuso wa naha o ka etsa qeto ya hore mefuta ena e fapaneng e tla ba efe. Mmuso wa Provense o tla inahana hore ke mefuta efe ya masepala e ka sebediswang provenseng. 
DITIKOLOHO TSA METSE E MEHOLO 
Ditikoloho tsa metse e meholo ke dibaka tsa metsana e meholo e nang le batho ba bangata. Ho na le ditikoloho tsa metse e meholo tse tsheletseng Afrika Borwa. Johannesburg e Kgolo, Tshwane e Kgolo Motsekapa e Kgolo Thekong e Kgolo Lekoa-Vaal le Kayalami. 
Dibaka tsena di hloka ditokisetso tsa bohlokwa tsa mmuso. Ditikoloho tsa metse e meholo tsa mmuso di ka fana ka taolo e akaretsang ya bohlokwa ya dibaka tsena tse kgolo. Sena se hlokeha ho ntshetsa pele moruo le tswelopele ya tikoloho ka ofela ha yona - bomasepela ba arohaneng ba na le tlwaelo ya ho kgathalla feela dibaka tsa bona ho e na le tikoloho ya metse e meholo kaofela ha yona. E ka hlokomela le hore leruo la tikoloho ka ofela ha yona le tswela e meong le e mong molemo - haholoholo ba neng ba qhelelwa thoko mehleng e fetileng. 
Pampiri e Tshweu e sisisnya mefuta e mmedi e fapaneng ya mebuso ya tikoloho ya metse e meholo: 
1. Mmuso wa tikoloho ya metse e meholo ka Dikomiti tsa Lebatowa. 
2. Mmuso wa tikoloho ya metse e meholo ka Makalana a Tikoloho ya metse e meholo. 
Mmuso wa Provense o tla etsa qeto hore ke mofuta ofe ho e mmedi o tla sebetsa provenseng. 
MEFUTA E MMEDI YA MMUSO TIKOLOHO YA METSE E MEHOLO 
1. Mmuso wa Tikoloho ya Metse e Meholo le Dikomiti tsa Lebatowa
Mofuteng ona wa mmuso wa tikoloho ya metse e meholo, Lekgotla la Tikoloho ya Metse e Meholo e tla ba le matla ohle hodima mesebetsi ya masepala. Le ka nahana ho laola mesebetsi yohle ka bolona kapa e ka arola ho ya ka makala mesebetsi e meng ho mafpaha a mang a selehae. Le ka nahana ka moo le ka hlophisang matla a lona a taolo ka teng. 
Dikomiti tsa Lebatowa di tla thehwa maemong a lebatowa ho hlokomela hore baahi ba ka fihlela mmuso wa tikoloho ya metse e meholo. Mabatowa a Metse e Meholo a tlameha ho matlafatsa boikarabelo ditjhabaneng tsa selehae. Lekgotla la Tikoloho la Metse e Meholo le tla nahana hore le matla afe le mesebetsi efe eo Dikomiti tsa Lebatowa di ka bang le yona. Dikomiti tsa Lebatowa di tlameha ho sebetsa ka matla ho batlisisa ditlhoko tsa selehae le dintlha tsa bohlokwa - karolo ya bohlokwa ya diKMN. Di lokela hore ho buisanwe le tsona ka ditba tse amang sebaka sa lehae. 
2. Mmuso wa Tikoloho ya Motse o Meholo le Makala a Tikoloho ya Motse o Moholo
Lekgotla la Tikoloho ya Motse o Moholo le tla hlophisa hore bolaodi ba taolo bo iswe makaleng a mangka Makalana a Tikoloho ya Motse o Moholo. Makalana ke dikomitjana tsa Lekgotla la sebaka se itseng. Di hlophisitswe ka mabatowa le ho lekalekana ha boemedi ba Makgotla a sebaka seo. Lekgotla la Tikoloho ya Motse o Moholo le tla nahana hore ke matla afe le mesbetsi efe e lokelang ho iswa makaleng a Makalna ana. Hona ho ka kenyeletsa ho sebeletsa setjhaba ho ka botlalo jwalo ka ho bokella ditoti le dikgwerekgwere, le diqeto tsa merero ya selehae. Lekgotla le ka nahana ho boloka ditshebeletso tse ding jwalo ka metsi kapa motlakase - kapa, le ka arolelana mesebetsi ena le Makalana. 
MSEBETSI EO MMUSO WA TIKOLOHO YA MOTSE O MOHOLO E KA O ETSANG 
Mmuso wa Tikoloho ya Motse o Moholo o tlameha ho: 
o Ho phahamisa tekatekano le toka setjhabeng. 
o Ho hlokomela hore menyetla e tswalwang ke lekgetho e thusa e mong le e mong sebakeng sa tikoloho ya motse o moholo. 
o Ho rerela tikoloho ya motse o moholo kaofela ha ona e le hore ho arolwa nakong ya aparteite ho a kgaotswa, ho kgothaletswa mosebetsi o phethahatseng wa moruo le phedisano e a kgothaletswa. 
o Ho ntshetsa pele puso ya setjhaba ka setjhaba ka ho lokisetsa ho sebdisana ha baahi mmusong wa bona dibaka tsa selehae le motse o moholo kaofela - Dikomiti tsa Lebatowa le Makalana a na le mosebetsi wa bohlokwa wa ho aha puso ya setjhaba ka setjhaba. 
o Ho thusa ka ditshebeletso tse phethahetseng le tse nangble thuso - jwalo ka taba ya bohlokwa, ditshebeletso tsa motheo di tlameha ho ba teng ho ba so kang ba di fumana. 
MMUSO WA LEBATOWA 
Dibaka tsohle tse ka ntle ho tikoloho ya motse o moholo di tla ba le mmuso wa Lebatowa (karolo ya (C)) le bomasepala ba selehae (karolo ya (B)). Molao wa Naha o tla beha ka moo matla le mesebetsi e tla arolwang ka teng mahareng a Lekgotla la Lebatowa le masepala wa selehae. 
Dibaka tseo e seng tsa tikoloho ya motse o moholo di na le mefuta e batsi e meholo ya moo ho hahilweng teng - ho tloha metseng e e mholo ya mohato wa bobedi lho ya dibakeng tsa mahae tse qhalakaneng. Mmuso wa lebatowa o a hlokeha ho hlokomela ho rala le ntshetso pele mabapi le lebatowa kaofela, le ho thusa bomasepala bao ba selehae ba se nang matla kapa mohlodi wa lekgetho o moholo ebile o lekane ho ka thusa ka mesebetsi yohle ya masepala. 
MESEBETSI YA MMUSO WA LEBATOWA 
o Rala ntshetsopele e kopanetsweng ya lebatowa kaofela - Makgotla a Lebatowa a lokela ho ba le KMN ya lebatowa kaofela. Hona ho tla thusa ho hlokomela hore KMN tsa masepala di sebetsa mmoho le mananeo a naha le a masepala ho ntshetsa pele lebatowa kaofela. 
o Ho fana ka moralo wa motheo o moholo - Makgotla a Lebatowa a tla ba le hona ho ka bokela matlotlomabapi le hona ka ho lefisa lekgetho (Mekgwa ya kgale ya RSC ya lekgetho). 
o Ho thusa ka theknolojiho bomasepala ba banyenyane. 
o Ho thusa ka ditshebeletso dibakeng tseo ho tsona bomasepala ba sa kgoneng ho phetha mosebetsi ka lebaka la mehlodi ya lekgetho kapa ho se kotjwe ha ditshebeletso haholo. 
KAROLO YA (B) YA MAKGOTLA YA MASEPALA (MAKGOTLA YA SELEHAE) 
Dibakeng tsa mmuso tsa Lebatowa ho tla ba le dikarolo tse tharo tsa (B) tsa masepala. 
1. Bomasepala ba ditoropo. 
2. Bomasepala ba kopaneng ba toropo le mahae. 
3. Bomasepala ba mahae. 
4. Bomasepala ba ditoropo
Boholo ba ditoropo le metse e meholo e tla ba le bomasepala ba ditoropo ka boikarabelo ba ho thusa ka ditshebeletso tsohle. Bodulo boo e seng ba molao le bodulo bo bong ka mathoko a ditoropo tsena bo tla tliswa dibakeng tsa masepala. 
5. Bomasepala ba kopaneng ba toropo le mahae
Mabakeng a mang, meedi ya bomasepala e teng e tla eketswa ho kenyeletsa sebaka se potapotileng. Hona ho bolela hore ho tla kopanngwa masepala wa toropo le wa mahae. Hona ho tla eketsa mohlodi wa lekgetho, mme ho dumelle hore ho ka ralwa le ho sebetsa ka ho phethahala. 
6. Bomasepala ba mahae
Ho na le bodulo bo fapaneng bo bongata ba mahae naheng. Matla a bomasepala dibakeng tsena a a fapana, ekaba a matle kapa a mabemabe. Pampiri e Tshweu e kgothaletsa hore bomasepala ba mahae ba qale ka motheo wa matla le mesebetsi. Matla a setseng le mesebetsi e tla phethwa ke mmuso wa Lebatowa. Ha matla a masepala a mahae a eketseha, ho tla hlokeha matla a mng hape le mesebetsi e meng. Bomasepala ba matla ba mahae ba ka kgona ho sebetsa ka matla a batsi le mesebetsi ka pele. Ba bang ba tla phetha mesebetsi ha nako e ntse e eya, ha matla a bona a ntse a hola. 
Dibakeng tse mmalwa tse nang le setjhaba se mmalwa se qhalantsweng sebakeng se seholo, karolo ya (B) ya masepala e ke keng ya phethahala. Mabakeng a tjena a ikgethileng, ho tla hlophiswa ka tsela e ikgethileng ho hlokomela hore baahi ba emetswe ke Lekgotla la Lebatowa. 
BOETAPELE BA MARENA 
Pampiri e Tshweu e hlalosa ka kamano e teng mahareng a mmuso wa selehae le marena - e seng dintlha tse ding tsa marena. Pampiri e Tshweu e kgothaletsa tshebedisano mahareng a bomasepala le marena. Marena a tla ba le boemedi Makgotleng a selehae le a Lebatowa, ho eletsa ka ditlhoko le ditabatabelo tsa setjhaba sa bona. Mosebetsi ona o fapane le wa ho kgetha ha Makgotla. Mmuso wa provense o tla sebetsa haholwanyane ho nahaneng ka mesebetsi efe ya bohlokwa e lokelang ho abelwa marena. 
Pampiri e Tshweu ka Ditaba tsa Marena e sa ntse e lokiswa, mme mafapha a mmuso a sa ntse a buisana ka ditaba tsa marena. 
Ha jwale ho na le bomasepala ba 843 le Ditho tsa lekgotla tse 11 300 Afrika Borwa. Palo ya bomasepala le Ditho tsa lekgotla di tlameha ho fokotswa e le hore bomasepala ba tle ba tsebe ho sebetsa ka ditshenyehelo tsa tlase. 
HO AROLWA HA MEEDI 
Lekgotla la Ho Arola la Masepala le tla lekola meedi ya masepala le sebetsa mmoho le Ditho tsa Lekgotla la Phethahatso ho thusa mmuso wa selehae le bomasepala. Mmuso wa naha o tla theha dilekanyo tsa ho arola. Ho tla hlokomelwa hore meedi ya masepala e tla thusa bomasepala ho phetha mesebetsi ya bona ya molao wa motheo. 





KAROLO YA E:
DITSAMAISO TSA DIPOLOTIKI

Karolo ya E ya Pampiri e Tshweu e hlalosa matla le mesebetsi ya Makgotla. Hona ho kenyeletsa msebetsi ya bomaramotse, dikomiti tsa phathahatso le dikomiti tse ding. 
DIQETO DI ETSWA JWANG 
Masepala e mong le e mong o na le Lekgotla le shebaneng le ho etsa diqeto tsa dipolotiki, le taolo e tlamehang ho phetha diqeto tse entsweng ke Lekgotla. Molao wa Motheo o re diqeto tsohle tse amanang le matla le mesebetsi ya masepala e lokela ho nkuwa ke Makgotla. Le ha ho le jwalo, ha e ke e phethahala ka mehla - haholoholo Makgotleng a maholo - hore Lekgotla kaofela ha lona le etse qeto. Ka lebaka lena, melao ya naha e tla dumella Lekgotla ho aba matla a phethahatso ho Ramotse wa Phethahatso kapa Komiti ya Phethahatso. Matla a ke keng ajwa ke: 
o Ho etsa melawana. 
o Ho amohela ditekanyetso tsa ditjhelete. 
o Ho batla dirente, makgetho, ditefello le di tshwanelo tse ding. 
o Ho bokella dikadimo tsa tjhelete. 
Dintho tsena di tlameha ho etswa ke Lekgotla kaofela ha lona. 
Moo e e leng hore Lekgotla le abela Ramotse matla kapa Komiti ya Phethahatso, Lekgotla le tla tseba ho lebela mosebetsi wa Ramotse kapa Komiti ya Phethahatso, mme le ba bone ba na le boikarabelo ka seo ba se etsang. 
Ramotse wa Phethahatso
Ramotse wa Phethahatso o kgethwa ke le ho tswa Lekgotleng la masepala. Lekgotla le etsa qetoo ya hore ke matla afe a tla abelwa Ramotse. Lekgotla le ka boela la dumella Ramotse ho thonya khabinete ya Ditho tsa Legotla tse mmalwa ho mo thusa. Le ha ho le jwalo, ke Ramotse ya nang le matla, e seng khabinete. Molemo wa Ramotse wa Phethahatso ke hore o etsa hore ho be le motho mmusong wa selehae mme e dumella boetapele bo matla le ba maikemisetso. Ho bobebe hore setjhaba se ikamahanye le motho ho na le komiti. 
Komiti ya Phethahatso
Komiti ya Phethahatso ke sehlopha sa Ditho tsa Lekgotla tse kgethilweng ke Lekgotla la masepala. Ramotse ke Modulasetulo wa Komiti ya Phethahatso. Le ha ho le jwalo, Ramotse ha se Ramotse wa Phethahatso - matla a matsohong a Komiti ya Phathahatso kaofela ha yona, e seng ho Ramotse. Lekgotla le etsa qeto ya hore ke matla a fe ao le ka a abelang Komiti ya Phethahatso. 
Mmuso wa provense o tla nahana hore ke mofuta ofe wa tsamaiso wa ho etsa diqeto o tla sebetsa provenseng. 
Dikomiti tse ding
Makgotla a ka theha dikomiti tse ding ho di thusa. Tsena ke: 
o Dikomiti tsa taolo le tsa tlhokomelo - ho hlokomela mesebetsi e jwalo ka fana ka metsi kapa taolo ya dikgwerekgwere. 
o Dikomiti tsa sebaka - ho hlokomela mesebetsi sebakeng se itseng. 
o Dikomiti tsa leano - ho rala leano ka taba e itseng ka nako eo ho fanweng ka yona. 
Bomasepala ba baholo ba lokela ho theha Komiti ya Oditi (ho hlokomela ho hlahloba dibuka tsa ditjhelete tsa masepala) le Komiti ya Dithendra (ho laola tsamaiso ya ho thendara). 
BOETAPELE BO FETOFETOHANG 
Boetapele bo fetofetohang, bo nang le bokgoni ebile bo itetse bo a hlokeha ho thusa bomasepala ho thusa ka ntshetsopele le ho hlokomela maemo a hodimo a tshebeletso ya setjhaba. Ditho tsa Lekgotla di lokela ho thusa ka boetapele ba setjhaba bo akaretsang le ponelopele. Di lokela ho bopa tshebedisano le kgwebo, mekgatlo ya setjhaba le dihlopha tse ding tse ka phehisang ka ntshetsopele. Di lokela ho ka etsa qeto ka leano le boima le ho eketsa boikarabelo le ho sebeletsa pepeneneng. 
Le ha ho le jwalo, boholo ba Ditho tsa Lekgotla tse 11 300 Afrika Borwa ke batho ba nakwana feela moo. Ba na le bothata ba ho laola mosebetsi wa bona le boikarabelo ba Lekgotla. Pampiri e Tshweu e sisinya hore ho fokotswe palo kakaretso ya Ditho tsa Lekgotla, mme ho eketswe palohare ya Ditho tsa Lekgotla tse sebetsang nako tsohle, mme di kgothaletse mosebetsi wa Lekgotla. 
DIKGETHO TSA MASEPALA 
Makgotla a Masepala a tla kgethwa ka tsela e latelang: 
o Ho tla ba le kgetho ya mokga ho ya ka boemedi ba palohare. 
o Ho tla ba le kgetho ya lebatowa ho ya ka hore e be wa pele wa ho hlola. 
Mokga wa kgetho ke ona o tla etsang qeto ka palo ya ditulo kaofela ha tsona eo mokga o lokelng ho e fumana. 
Palo ena kaofela ha yona e kenyeletsa ditulo tsa lebatowa le tsa mokga ha mmoho. 
Palo ya ditulo tsa mokga e lekanyetswa ke ha ho tloswa palo ya ditulo tsa lebatowa le hlotseng ka kgetho ya lebatowa ya palo kaofela ya ditulo tse hlotseng kgethong ya mokga. 
Mohlala wa ho kgetha 

Ho na le ditulo tse 20 Lekgotleng. 
KGETHONG YA MOKGA: Mokga wa Z o hlotse 70% ya kgetho ya mokga. Hona ho bolela hore Mokga wa Z o na le ditulo tse 14 (70% ya 20) = Palo kaofela ya ditulo tse 14. 
KGETHONG YA LEBATOWA: Mokga wa Z o hlola ditulo tsa lebatowa tse 6. 
PALO YA DITULO TSA MOKGA: Mokga wa Z o tshwanelwa ke kekeletso ya ditulo tse 8 tsa mokga hore ho be le palo kaofela ya 14 (14 - 6 ditulo tsa lebatowa = 8). 
MOKGA WA Z ka mantswe a mang o na le ditulo tse 6 le ditulo tse 8. 


Bakgethwa ba basadi
Mekga ya dipolotiki e kgothaletsa hore ho be le tsamaiso ya palo ya bong. Hona ho tla hlokomela hore basadi ba bangata ba bakgethwa ba ka emelang dikgetho tsa Makgotla a masepala. 

Ka bokgutshwane... 
Mmuso wa selehae wa ntshetsopele o batla ponelopele e matla, e kgonang ho sebetsa ya boetapele. Ditsamaiso tsa ho etsa diqeto tse sisintsweng ke Pampiri e Tshweu di ikemiseditse ho matlafatsa Ditho tsa Lekgtola le ho fokotsa ho etsa qeto, hore ho be le mmuso wa masepala o phethahetseng mme o sebetsa ka tshwanelo. 





KAROLO YA F:
DITSAMAISO TSA TAOLO

Ditaolo tsa masepala di keneyeletsa taolo le basebetsi ba mafapha a masepala ho ka phatha maano le mananeo a Lekgotla. Mosebetsi wa taolo ke ho thusa ka ditshebeletso tsa maemo baahing. Karolo ya E ya Pampiri e Tshweu e sisinya hore mekgwa ya ho sebetsa ya boiqapelo ya ho eketsa ditshebeletso tsa sethato ho batho bohle le ho ntshetsa pele ho sebeletsa setjhaba ka kakaretso. 
MEKGWA E FAPANENG YA HO SEBELETSA SETJHABA 
Bomasepala ba tlameha ho batla mekgwa e phethahetseng ya ho sebeletsa baahi ka tsela e ka kgonehang, ya maemo - haholoholo ho bao ba so kang ba eba le ditshebeletso tsa motheo. Pampiri e Tshweu e sisinya hore ho be le mekgwa e fapaneng ya ho phetha hona. Bomasepala ba tla tlameha ho kgetha mekgwa e fapaneng ya ho ka tseba ho sebeletsa setjhaba le maikemisetso a ntshetsopele. 
Kaho ya bokgoni
Bomasepala ba bangata ba lokela ho ntlafatsa ditsamaiso tsa bona tsa taolo le ho rupela le ho fa basebetsi ba bona matla. Hona ho ka kenyeletsa mehato e jwalo ka: 

Ntjhafatso ya taolo
Matlafatso ya basebetsi
Dikonteraka tsa ho phetha mosebetsi tsa moifo o hodimo 
Matlafatsa basebetsi ba ka pele ho fana ka tsebiso le keletso setjahbeng 
Melawana ya boitshwaro 
Thupelo le ntshtsopele ya basebetsi 
Monyetla wa bohle ho fumaneng mosebetsi 
Ho aba ka makala taolo ya tshebetso ya boikarabelo 
Mehato e qaqileng ya ho sebetsa 
Boiphihlelo ba ho sebetsa ka matsoho le tsebo ya basebetsi ba ka pele mosebetsing bo lokela ho sebdiswa ho ntlafatsa tshebeletso 

Ho sebedisana
Hona ho kenyeletsa ho thehwa ha makala a tshebeletso ya setjhaba, a tsamaiswang ho ya ka taolo ya kgwebo, e fapaneng le ya taolo empa e na le boikarabelo Lekgotleng. 
Tshebedisano ya setjhaba le setjhaba
Ena ke tshebedisano e mahareng a masepala le makgotla a mng a setjhaba. Mohlala ke tshebedisano mahareng a masepala le Poso e dumellang setjhaba ho lefa melato ya bona Posong. Hona ho thusa hore baahi ho lefa ha bobebe, mme e tlosa mathata a ho bokella tjhelete a taolo. 
Tshebedisano le Mekgatlo ya Setjhaba le Mekgatlo eo e Seng ya Mmuso
Mekgatlo ya Setjhaba le Mekgatlo eo e Seng ya Mmuso e na le bokgoni le bophihlelo boo e ka bang ba bohlokwa taolong - ho tea mohlala, thupelong, mererong ya ntshetsopele le ntshetsopeleng ya kgwebo e nyenyane. 
Kabo ya mosebetsi ka konteraka
Mona ho bolelwa hore masepala o tla abela khampane ya poraevete mosebetsi ka konteraka ho fana ka tshebeletso e itseng. Dikonteraka tse jwalo di tla fokotsa ditshenyehelo, mme di ntlafatse tshebetso. Lekgotla le lekole tshebetso le ho kgothaletsa maemo le boemo bo hodimo. 
Dikhiro le ditumello
Tsena di tshwana le ho aba mosebetsi ka konteraka empa di kenyeletsa ho tsetelwa ha matsete a mangata motheong wa sethato. ka lebaka lena, nako ya konteraka e telele ( ka nako e nngwe e ka ba dilemo tse 20 ho ya ho tse 30) mme ya etsang konteraka o lebeletswe ho laola motheo wa sethato le ho tsetelwa moo. ya etsang konteraka o ikarabella ho bokelleng lekgetho. Qetellong ya konteraka, motheo wa sethato o kgutlela ho masepala. 
Ho lebiswa ha thuo sebakeng se seng
Ho etswa hore kgwebo e se be ya mmuso ho kenyeletsa maruo a setjhaba khampaneng e praevete eo jwale e nang le boikarabelo ba ho sebeletsa setjhaba. Ka nako ena, ditshebeletso tsa motheo - jwalo ka metsi, dikgwerekgwere, motlakase le dithole - di se ke tsa rekiswa ho hang feela. Le ha ho le jwalo, Makgotla a ka qalella ho ba le dikgwebo tseo e seng tsa mmuso tsa ditshebeletso tseo e seng tsa bohlokwa. 
ELA HLOKO: Molao wa naha o tla fana ka moralo wa bomasepala moo ba dumellanang ho ba le tshebedisano le kgwebo eo e seng ya mmuso. 
Shebana le ya batlang thuso
Moifo o sebetsang le ba batlang thuso letsatsi le leng le le leng. Ba a sebetsa hantlentle. Ba lokela ho ka tsebisa le ho eletsa setjhaba. Ho a hlokeha hore ditsamaiso tsa ho ka sebediswa di phethahetse, mme di loketse ho ka sebediswa ke setjhaba. 
Dikamano tsa mosebetsi
Mekgatlo ya kgwebo ya masepala le mmuso wa selehae o hlophisitsweng e na le mosebetsi wa bohlokwa oo e ka o phethang ho hlokomela dikamano tse ntle mahareng a ramosebetsi le mohirwa le tsamaiso e hlwahlwa ya tshebedisano. Lekgotla la Ditherisano la Mmuso wa Selehae wa Afrika Borwa (LDMSAB) le tla kenya letsoho ho ntshetseng pele tshebdisano mahareng a mekgatlo ya kgwebo ya masepala, taolo le Makgotla le moralo wa ho rarolla mathata. taba ya bohlokwa e tla ba ho rerisana ka mabaka a tshwanang a mosebetsi a moifo wa masepala le tsamaiso ya hlahlobo ya mosebetsi wa masepala, ho ntlafatsa mosebetsi le ho theha motheo o matla wa phetoho. 
THUPELO YA MMUSO WA SELHAE 
Kopano ya moifo
Makgotla a teng a Thupelo ha aso kgone ho sebedisana le mathata a lebaneng le mmuso wa selehae wa ntshetsopele. Tsamaiso ya thupelo e tla hlophiswa hape. Boemedi ba Thupelo le Thuto ba Mokga wa mmuso wa Selehae wa naha o tla lekola thupelo ya mmuso wa selehae le ho laola letlole la Thuto le Thupelo. Makala a thupelo a provense - le baemedi ba tswang lefapheng la mesebetsi le la provense le la mmuso wa selehae - a tla lekola ditlhoko tsa provense, hoisa dithendra mekgatlong ya thupelo, mme ho hlokomelwe thupelo. Bathusi ba mosebetsi ba tla kenyeletsa diyunivesiti, ditheknikhono, Mekgatloeo e Seng ya Mmuso, mafapaha a thupelo a amsepala, mekgatlo ya profeshene le ba fanang ka thupelo kgwebo. 
MABMS e tla sebetsa e le ya boklokwa ho rupelleng Molekgotla. Lenaneo la thupelo la Molekgotla le tla ntshetswa pele hore le tsamaelane le dikgetho tsa masepala. 
Ka bokgutshwane... 
Ho kgotsofatsa maikemisetso a ntshtsopele, ditlhoko tsa ditaolo tsa masepala ho ntshetsa pele taolo, ho fa basebetsi matla le ho batla mekgwa e metjha, ya boiqapelo ya ho sebeletsa setjhaba. 





KAROLO YA G:
DITJHELETE TSA MASEPALA

Karolo ena ya Pampiri e Tshweu e bua ka mokgwa oo ka ona ho ka hlophiswang hape ditsamaiso tsa ditjhelete tsa masepala e le hore bomasepala ba tle ba kgone ho lekanya ditekanyetso tsa bona le ho sebetsa ka maemo a hodimo. E shebana le dikarolo tse nne tsa bohlokwa tsa ditjhelete tsa masepala: 
o Lekgetho. 
o Diphetiso tse ka hare tsa masepala. 
o Ho tsetela ha kgwebo ya praevete. 
o Ho lekalekanya ditjhelete, taolo ya matlotlo le ho beha ditaba. 

LEKGETHO 
Bomasepala ba hloka mehlodi eo ba ka e tshepang ya lekgetho. Ka palohare feela bomasepala ba fana ka tjhelete e kaalo ka 90% ya ditshenyehelo tsa bona tsa letsatsi ka letsatsi ho tswa makgethong a bona, e seng ho tswa mmusong wa naha. Le ha ho le jwalo, bomasepala ba bang - haholoholo bomasepala ba mahaeng - ha ba na lekgetho le lekaneng la ho ithusa ka tjhelete ya bona. Bomasepala bana ba tla fumana karolo e kgolo ya lekgetho la naha le boloketsweng mmuso wa selehae. Mekgwa e meng ya ho eketsa lekgetho la bomasepala ba futsanehileng - jwalo ka ka lekgetho la leruo la dibaka tsa mahaeng - le tla fuputswa. 
Le bomasepala bao ba ba nang le ho ka etsa tjhelete, ho a hlokeha hore ba ka ntlafatsa tsamaiso ya tjhelete ho hlokomela mokgwa o lokileng ka ho fetisisa wa ho sebedisa mehlodi, ho rarolla mathata a ditaba tse saletseng morao le ho se lekane le ho kgothaletsa boikarabelo. Pampiri e Tshweu e kgothaletsa tse latelang: 
o Ho lefellwa ha lekgetho la leruo
Ho tlameha ho ba le tsamaiso ya ho lekanyetsa ya leruo e tshwanang naheng kaofela. Taba ena e kenyeletsa dintho tse tshwanang le ka moo leruo le ka hlahlojwang ka teng, nako ya ho le hlahloba le mekgwa ya ho thusa bao ba ke keng ba kgona ho lefella ditefello tse felletseng. 
o Lekgetho
Tikoloho ya metse e meholo le mebuso ya Mabatowa di batla makgetho a RSC le a JSB. Ana ke makgetho a kgwebo ka palo ya basebetsi. Ke mohlodi o motle wa ho fumana lekgetho mme o tlamehile ho dula o le jwalo. Empa ho na le kotsi ya hore ba nyahamisa ho fumanwa ha mesebetsi le hore ha eba makgetho a masepala a le hodimo haholo, kgwebo e tla fallela dibakeng tse ding. Mmuso wa naha o tla etsa ho hong ho shebana le mathata ana. 
o Lekgetho la peterolo
Karolo ya lekgetho la peterolo e ka nna ya fuwa mmuso wa selehae ho lokisa ditsela. 
o Ditefello tsa ditshebeletso
Ditefello tsa ditshebeletso - jwalo ka metsi, motlakase le dikgwerekgwere - ke tsona tse tlisang tjhelete e ngata ya bomasepala ba bangata. Ke taba ya bohlokwa hore bareki ba lefelle ditshebeletso tsena ka botlalo. Ho be le mokgwa wa dithuso tsa ditjhelete ho hlokomela hore ba hlolwang ke ho lefa ka botlalo ditshenyehelo bonyane ba na le ditshebeletso tsa motheo. Hore na ttsamaiso ya thuso ya tjhelete e sebetsa jwang e lokela ho hlalosetswa baahi ka botlalo. 
Ho hlokomela hore ditshenyehelo di a fumanwa hape, bomasepala ba tlameha ho ba le dimitara tse phethahatseng, tse sebetsang ka mehla le tse fanang ka ditefiso tse nepahetseng le dikotlo tse thata ho bao ba ka lefang empa ba sa lefe. 
HO TSAMAISWA HA TJHELETE MEBUSONG
Ena ke tjhelete e tlohang mmusong wa naha ho leba mmusong wa selehae. Ho na le mefuta e mene ya ho tsamaisa tjhelete: 
o Ditefello tsa moetsetsi. 
o Tsamaiso ya tjhelete. 
o Ditsamaiso ditshenyehelong tse sebetsang. 
o Ditshenyehelo tsa moetsetsi
Tsena ke ditefello ho bomasepala ha ba sebeletsa mmuso wa provense. Bomasepala ba lokela ho hlokomela hore ba lefellwa ka botlalo mosebetsi oo ba ba o etsetsang provense. 
o Tsamaiso ya tjhelete
Ana ke matlole a ho aha motheo. Ho tloha ka 1997, ditsamaiso tsena di entswe ho ya ka Lenaneo le Kopantsweng la Motheo la Masepala. Hona ho thusitse ho tjhorisa ditefello tse lebang ho bomasepala. Ho tla nkuwa matsapa a ho ntlafatsa tsamaiso ya tefello bomasepaleng ba mahae. 
o Tsamaiso ya ditshenyehelo tsa mosebetsi
Molao wa motheo (Karolo ya 214) o hlalosa hore bomasepala ba na le tokelo "dikabong tse lekanang" tsa lekgetho la setjhaba. Kabo ena e tla ba matlole a iswang ho bomasepala mabapi le ditshenyehelo tsa mosebetsi - ditshenyehelo tsa letsatsi le leng le le leng tsa masepala. Bothata nakong ena ke hore bomasepala ha ba na bonnete ba hore ba tla fumana tjhelete e kae, kapa ba tla e fumana neng. Taba ena e bakela bomasepala mathata a hore ba ka rera mosebetsi pele ho nako. 
Ho hlola mathata ana, "dikabo tse lekaneng" (palo kaofela ha yona e teng mmusong wa selehae mabapi le ho sebetsa) ho tla sebetswa dilemo tse 5 pele ho nako, ho ya ka moralo wa ditshenyehelo wa nakwana wa mmuso (moralo wa dilemo tse hlano wa tekanyetso). Kabo e lekanang e tla abelwa bomasepala ho ya ka fomula. Fomula e tla itshetleha ka ho ya ka ho lekana - ho hlokomelwa hore bomasepala ba ka thusa ka ditshebeletso tsa boemo ba motheo o tlase ho batho ba sa fumaneng tjhelete e ngata ka ho lefa ka moo ba ka kgonang ka teng. Karolo e kgolo ya "kabo e lekanang" e tla iswa ho bomasepala bao ba hlokang thuso ya setjhaba, haholoholo bomasepala ba mahaeng. 
Tjhelete e tla iswa ho bomasepala ka ho otloloha. Bomasepala ba tla tlameha ho hlokomela hore batho ba amohelang tjhelete e tlase ba fumana ditshebeletso tsa motheo. 
MATSETE E KGWEBO
Bomasepala ba hloka matsete a kgwebo ho shebana le disaletseng le hore e mong le e mong a fumane ditshebeletso tsa motheo. Pampiri e Tshweu e sisinya mekgwa e mengata ya ho kgothaletsa matsete a kgwebo motheo wa sethato. 
Ho adima
Mmuso o bohareng o shebane le mekgwa ya ho bebofaletsa bomasepala hore ba tsebe ho adima tjhelete mekgatlong ya porevete ya ditjhelete. Hona ho ka etswa ka ho fokotsa dikotsi tse ka bang teng tsa baadimi le mmuso wa setjhaba le wa provense. Hona ho bolela hore: 
o Tekanyetso e lekanyeditseng le taolo ya tjhelete e etswang ke masepala. 
o Taolo e lokileng ya ho ka reka ho hlokomela hore basebedisi ba lefella ditshebeletso. 
o Melawana e hlakileng e behilweng ke mmuso wa naha. 
o Mehato e hlakileng e ka latelwang ha masepala a ka hloleha ho lefa dikadimo. 
o Tsamaiso ya ho hlokomela ditjhelete e bontshang ka ho hlaka maemo a lokileng a ditjhelete tsa masepala. 
Ditjhelete tsa kadimo tse dumelletsweng
Bomasepala ba lokela ho ka adima tjhelete kgwebong moo ba ratang teng. Le ha ho le jwalo, bomasepala ba bang ha ba tsebe ho phetha hona. Jwalo ka mohato oo ba ka qalang ka ona ho adimeng kgwebong, mekgatlo ya kgwebo e ikgethileng e ka thusa bomasepala ho ntshetsa pele melao tjhelete eo kgwebo ee hlokang ha ho adingwa tjhelete. 
Banka ya Ntshstsopele ya Afrika Borwa, le Yuniti ya Matsete ya Sebopeho sa Motheo ya Masepala e ka thusa bomasepala ho lokisetsa merero le ho ka fumana dikadimo mabapi le mesebetsi ya tjhelete. 
HO LEKANNGWA HA TJHELETE, TSHUPALETLOTLO LE HO BEHA DITABA 
Tshebetso ya tshupaletlotlo e amohelehileng ka kakaretso e a thehhwa ho bomasepala, mme ho se ho bonahala katleho. Tshebetso ya tshupaletlotlo e amohelehileng ka kakaretso e kenyeletsa tse latelang: 
Masepala o laola tjhelete
Ho tlamehile hore ho be le tshebetso e bobebe ya ho boloka direkoto tsa ditjhelete tsa masepala le matlotlo. Hona ho tla dumella Lekgotla le setjhaba ho ba le kutlwisiso e hlakileng ya maemo a nnete a tjhelete ya masepala. Ho tea mohlala, ho tlamehile hore ho be le diakhaonte tse mmalwa le mekgwa e bobebe ya ho ngodisa hore tjhelete ya masepala e sebediswa jwang ka matlotlo a tsitsitseng. Bomasepala ba lokela ho lekanya tjhelete. Hona ho bolela hore ba ka ba le ho lefuwa ho tlase ho na le ka moo ho lebeletsweng ka teng. 
Tshupamatlotlo ya matlotlo a tsitsitseng
Matlotlo a tsitsitseng - jwalo ka dipeipi tsa metsi, diteishene tse nyenyane tsa motlakase - di lefellwa tjhelete e itseng ha di rekwa lekgetlo la pele. Empa ka mora nako e itseng ha di sa na molemo. Ha eba bomasepala ba sa nahane ka taba ena ditekanyetsong tsa bona, ha ba na ho tseba ditefello tsa nnete tsa ho tsamaisa ditshebeletso. Ha ba na ho lefisa bareki ditefello tsa nnete tsa tshebeletso. Melemo ya e teng ya matlotlo a tsitsitseng e tla thusa Lekgotla ho ntlafatsa morero wa ditjhelete le tekanyetso. 
Ho behela Lekgotla ditaba
Ditho tsa Lekgotla di lokela ho tseba le ho ba le taolo. Melawana e tlameha ho ba teng mabapi le tsamaiso ya maemo a ho behwa ha ditaba ka ditjhelete. Hona ho tla thusa hore Ditho tsa Lekgotla le balaodi ba tsebiswe ka mehla ka ditjhelete ka tsela e bobebe hore ba ka e utlwisisa. 
Ho behela ditaba ka ntle
Mmuso wa naha le wa provense o na le boikarabelo ba ho hlokomela maemo a ditjhelete tsa bomasepala. Hona ho ka fihlelwa ha bobebe ka dipehelo tsa ditjhelete tsa selemo tsa bomasepala tse nehelwang Mohlahlobikakaretso wa Dibuka. Bomasepala ba lokela ho ngola dipehelo tsa ditjhelete tse nepahetseng le tse utlwahalang mme di tsebiswe setjhaba. 
Ka bokgutshwane... 
Ditjhelete tsa masepala di tlameha ho laolwa ka nepo ho fana ka mesebetsi, ho bitsa matsete a poraevete le ho sebedisa mahlodi e teng ka botlalo. Ho se ho etswa ho hong ho ba le mekgwa ya ho sebetsa ya maemo a hodimo a bomasepala. Tsena tsohle di tla thusa ba etsang diqeto ho ba le diqeto tse nepahetseng le hore setjhaba se tsebe ka moo matltlo a setjhaba a laolwang ka teng. 





KAROLO YA H:
TSHEBETSO YA PHETOLO

Karolo ya ho qetela ya Pampiri e Tshweu e shebana le matsapa a tla nkuwa ho sebedisa tsamaiso e ntjha ya mmuso wa selehae wa ntshetsopele. 
Mmedi ya ho arola Mohato wa bohlokwa wa ho sebedisa tsamaiso ya mmuso wa selehae e ntjha e tla ba e aparetseng naha ya dikgetho tsa masepala ka 1999-2000. Mmuso o bohareng o lokisetsa dikgetho tsena ka ho theha Lekgotla la Ho Arola la Masepala le tla rala meedi ya masepala le mabatowa a masepala bomasepaleng. 
Melao le melawana Diphetoho tse teng melaong le melawaneng e meng, le melaong le emelwaneng e metjha, e a hlokeha ho dumella Pampiri e Tshweu hore e sebediswe. Mmuso wa naha le wa provense le yona e netse e lokisetsa melao le melawana e tla thusa tsamaiso e ntjha hore e sebediswe. Melao le melawana e tla tsamaiswa ho ya ka tshebetso ya Palamente pele e ka ba molao. 

TSHEHETSA LENANEO LA PHETOLO 
Hapehape, mmuso wa naha le wa provense e theha mananeo a tshehetso mabapi le mmuso wa selehae o kenyeletsang: 
o Lenaneo le hokahanyang la ho aha bokgoni ba ho ntshetsa pele basebetsi ba mmuso wa selehae le makala. 
o Thupelo ya taolo le bokgoni ba ntshetsopele. 
o Thuso ya thekeniki ya ho ntlafatsa ditsamaiso tsa ho sebetsa. 
o Tshehetso ya morero wa ntshetsopele e kopanetsweng le ntshetsopele ya moruo wa selehae. 
o Ho thehwa ha tsamaiso ya taolo ya tshebetso. 
o Phokotso ya ditsamaiso tsa ditjhelete e le hore bomasepala ba tsebe ka botlalo pele ho nako hore ke tjhelete efe eo ba tla e amohela ho tswa mmusong wa naha. 
o Ho fana ka tjhelete mabapi le dintlha tsa bohlokwa tsa phetolo. 
o Ho sebetsa le Lekgotla la Mmuso wa Selehae wa Afrika Borwa ho tshehetsa Ditho tsa Lekgotla le basebetsi ba Lekgotla mesebetsing ya bona e metjha. 
Le ha ho le jwalo, katleho ya phetolo e mahetleng a setho se seng le se seng sa lekgotla, mohlanka wa mmuso le moahi. E mong le e mong wa rona o lokela ho phehisa ntshetsopeleng le pusong ya setjhaba ka setjhaba dibakeng tseo re phelang ho tsona. 

